Kgaolo 40-66 ya Isaia ebonahala ele kakaretso ya Selekane Sesetjha



First published on the 20th of October 2017 — Last updated on the 1st of November 2017

Dithutong tse fetileng re ile ra sheba Selekane se Setjha Mattheu hoisa ho Bagalate, le tsela eo ho bonahalang ka Isaia.

Bakreste ba mmalwa haba elellwe tsela eo Diabolosi a fetolang tlhaselo ya hae le mano a hae a ho hlasela manqosa a Modimo mongwaheng ona.

Buka tse latelang tse Supileng tsa Mongwahakgolo wa Kereke.

Ena ke nako emahlonoko haholo lemong tse 2 000 pale ya kereke.

Omong le omong o emetswe ke Buka ka hare ho Bibele.

 

 

Buka 49 Baefese.

Sena selebisa mongwaheng wa kereke wa pele. Paulose o beha motheo oo kereke e lokelang ho tsamaiswa ka teng mengwaheng etlang.

Baefese 2:7 Hore mengwaheng etlang …

Baefese 2:20 O ahilweng hodima motheo wa baapostola le baporofeta.

Baefese 2:21 Eleng moo le tlang ho aha teng bakeng sa Morena ya Halalelang

ISAIA 49:6 O fana ka kganya bakeng sa Baditjhaba

Kereke ya pele ya mengwaha ene e ahilwe ke baapostola Selekaneng Sesetjha. Sena ke yona Kganya ya Semoya eo Bajuda batlang ho e latola mme e amohelwe ke Baditjhaba. Mongwaha ona wa pele o qadile ka 33 AD ha Jesu ane a thakgiswa mme Moya o Halalelang o theoha kamora matsatsi a mashome a mahlano ka Tsatsi la Pentakonta. Mongwaha ona o ile wa fela pele ho lemo sa 200 AD ha kereke dine ditswa Lentsweng kaho kgetha bobishopo hoka baetella pele ho nale Mangolo. Baetapele ba batho baetellapele. Mongwaha wa bobedi ene ele mongwaha wa twantshano. Marcus Aurelius o ile a fetoha mmusi 160 AD mme a qala dikahlolo tse robedi. Kae kae seo seneng sebolelwa ke baapostola sa fetolwa yaeba seneng sebolelwa ke bobishopo, seo eleng sephoso haholo. Tsela ena esiko ka hare ho Mangolo ya nka sebaka.

Phoso ena ya batho e ile ya tswelella jwalo kamora ho hoshwa ha mopostola wa ho qetela. Baapostola bane ba tseba nnete. Ka tsela ejwalo re lokela ho latela seo le rona. Empa seo sene sekeke sa etsa hore rebe le moaho o moholo, eleng moo tjhelete eleng teng. Ka tsela ejwalo batloha tseleng ya Mangolo.

ISAIA 49:9 okare ho motshwaruwa, Ikele.

Baditjhaba bane ele batshwaruwa ba pagane ka diphiri tsa Babylona, leka mekgatlo etlamang ya bahedene ya Baegepta. Evangedi eruta Baditjhaba hotswa ditlamong tsa pagane leho sebeletsa Modimo le Lentswe.

ISAIA 49:22 Ketla phahamisa letsoho laKa ho Baditjhaba.

Isaia one a porofeta hore Modimo O tla furalla Bajude ho leba ho Baditjhaba. Tshimolohong, bongata ba Bakreste ene ele Bajude empa ha nako entse eya, bongata ba Baditjhaba ba amohela Kreste ya feleletsa ele ntho ya Baditjhaba.

 

 

Buka 50 Bafilipi.

Mongwaha kgolo wa bobedi wa kereke.

Ona ebile mongwaha oo Bakreste baneng ba qoswa haholo. Sena se ile sa qala ka mmusisi Marcus Aurelius ka lemo sa 160 – 181 AD ya ileng a lokolla qoso ho fihlela ka lemo sa 312 AD.

Mona re ithuta nnete emahlonoko. Haho yaka ha nka nako etelele hoka mamela baetapele ba kereke mona. Hanyane hanyane sena sa nna sa ritsa jwalo. Ka tsela ejwalo leano la Satane ke ho susumetsa kereke yohle hoka itshetleha hodima bobishopo, emong le emong toropong ka nngwe. Ka mehopolo efapaneng ka thuto tse fapaneng. Ele ho romela qoso ho batho ka tsela ejwalo. Bakreste bane ba baleha. Baka fetang millione ba ile ba bolawa ke mmuso wa Roma. Hoba thata hoka fumana pelo e nepahetseng.

Hore seo seka lekanywa le rona Bakreste. Ha re nale nako ethata, hang feela re leka hoka sebeletsa Modimo.

Bothata leho hlolwa ke sona sebontshang boka hare ba Mokreste.

Baefese 1:29 … empa leha ele ho tshwenyeha ka sena.

Bafilipi 2:8 Kreste Jesu … o ile a ikokobetsa hofihlela lefung.

Bafilipi 3:8 eleng eo ke lahlehetswe ke tsohle.

Mme kajeno ho shebilwe ntho tse bonahalang. E nahana hore ho nale selahlehileng ho rona kajeno.

Bafilipi 4:11 Ke ithutile, leha ele maemong a feng, hoka phella.

Keletso entle haholo qosong ya paganemmusong wa Roma kaho bolaya dimillione tsa Bakreste. Manollo ya kereke tse supileng tsa mongwaha ke hantle feela tiiso ya botho. Setshwantsho se seholo sa taba ena kaho qala ka sesenyane.

Sena ene ele nako eo puso ya motho eqala ho okamela metse. Bakreste bohle bane ba lokela hoka latela taelo ya mobishopo.

ISAIA 50:6 Ke furalletse banyefodi, mme marama aka ho bao ba nkotlang: Ka pata sefahleho saka ho bao bantshwelang ka mathe.

Ka kereke ha entse etswelapele e ahlolwa, Isaia ore hopotswa tshotlo ya Jesu.

ISAIA 50:7 Hobane MORENA otla nsireleta; ka tsela ejwalo nkeke ka swaba: ke tadimile pele,

Ho nka Mokreste ya matla hoka mamella tshotleho.

Bafilpi 1:1 ... ho bahalaledi bohle ba bitswang ka Jesu Kreste baleng Filipi, le bobishopo (bongata) le mateakone.

Hone hole bobishopo ba bangata mane Filipi. Hone hose monna ale mong ya busang.

Bafilipi 2:7 Kreste Jesu … o ifitiseditse kaho nka sebopeho sa Mohlanka.

Honale hoba mohlanka, bobishopo ba bile batho ba hodimo "baletsa katara".

ISAIA 50:11 Bonang, kaofela bahotetsang mollo, ba inkelang ditlhase: ba tsamaya mollong, Letla okga mashala ao. Batlaba le letsoho laka; letla robala mahlomoleng.

Bobishopo bane ba iketsetsa dithuto tsa bona le melao ya bona. Mahlale ahoka hlalosa Mangolo. Bobishopo ba apara diaparo tse perese le dikatiba hloohong.

Dintho dine ditswa haholo Mangolong.

 

21341303

 

 

Buka 51 Bakolose.

Ehlalosa mongwaha wa kereke ya boraro.

Mongwaha wa kereke ya boraro o qadile mane lemong sa 312 to 600 AD. O kopantse le dipolotiki ka puso ya mmusisi Constantine a nka taolo ya kereke, a etswa Bishopo wa Roma hlooho ya mmuso. Constantine one ale matla haholo haho tluwa tabeng ya Sekreste, mme a etsa hore badumele filasofi ya pagane le mekete ya pagane. Ka lemo sa 350 AD tswalo ya modingwana wa letsatsi 25 Tshitwe ya fetoha hoba tswalo ya Mora wa Modimo, Jesu Kreste. Mekete ya Roman Catholic ebitswa ka mmisa (mass). Sena ha nako entse etswela pele sa bitswa Keresemese. Diphiri tse ding tsa Babylona yaeba tlwaelo kapa meetlo ya Bakreste. Trinity ya batho ba bararo Bomodimong, eleng se siko ka hare ho Bibele, ho hatella batho ho seo.

ISAIA 51:12 Nna, esita nna, ke nna ya lekgothatsang: o mang wena, ya tshabang hore motho otla shwa,

Constantine one ale matla haholo. Bongata bo ile ba amohela Bishopo wa Roma hobane bane batshaba Constantine. Ka 325 AD, bongata bo ile ba hatelleha hoka amohela moetlo wa Nicene ka taba ya Trinity, eleng sesa ngolwang ka hare ho Mangolo. Empa seo ebile phoso ekgolo.

Kereke e ile ya etsa phoso ekgolo. Ka hobane a ile a emisa hoba qosa, Bakreste ba dumella monna ya matla jwalo ka Constantine hoka laola kereke le ho ebusa. Sena se ile sa hlola mathata hofeta nakong eo baneng baqoswa ka yona. Thuto ya Boraro (Trinity), hoya ka diphiri tsa Babylona, seo ha seo ka hare ho Bibele mme sena sa hlahisa bothata hobane se ile sa tswala mekgwa emengata esiko ka hare ho Bibele. Kereke ya sutha hohang feela Mangolong. Bokreste ba nkelwa sebaka ke ho kena kereke. Meetlo le mehopolo ya nka sebaka sa Bibele.

Bakolose bahlalosa Bomodimo ba Jesu.

Bakolose 1:15 Kreste … ke setshwantsho sa Modimo Osa bonahaleng.

Moya osa bonahaleng wa Modimo kaho Kreste, a iponahatsa ka sebopeho sa motho Motho Jesu eo eleng ya kantle “mmele wa nama” seo re sebonang.

Bakolose 2:8 Hlokomelang le seke la hulwa ke motho ka bohlale ba hae (Bohlale ba SeGerike ba boraro, bonngwe borarong, Ntate le Mora ba ya tshwana. Tsohle tsena ha diyo ka hare ho Lengolo.)

Bakolose 2:9 Hobane ka ho Yena (Kreste) Bomodimo Bohle bodutse ho Yena ka nama.

Jesu ke bokantle “nama ya motho” ya Modimo Osa bonweng.

Haho moo Bibele ereng Jesu ke Motho wa bobedi Bomodimong

Bakolose 3:17 Etsang tsohle Lebitsong la Morena Jesus.

Etsang tsohle – sena sekenyeletsa le kolobetso ya metsi ka Lebitso la Jesu.

Hase hangata kereke ekolobetsang ka tsela ejwalo.

Mahareng a lemo sa 250 – 500 AD kereke ya Catholic e ile ya ntlafatsa thuto ya Boraro (Trinity). Ha thuto ya Boraro (Trinity) eba moetlo Roman Catholic ka lemo sa 325 AD, bane basa fumane Lebitso la batho ba bararo Ntate, Mora le Moya. Hanyane hanyane batho baqalella ho dumela hore maemedi ana ke Lebitso.

Jesu A lahlehelwa ke Bomodimo ba Hae hoba ya Matla ohle A fetoha motho wa bobedi.

TSHENOLO 1:8 Ke Nna Alfa le Omega, qalo le qetelo, ho bolela Morena, eleng Ya leng teng, le Ya neng Ale teng, Ya tlang, ya Matla Ohle.

Jesu ke Lebitso la Modimo.

Catholic ebolela ha Peterose ebile yena Pope wa pele.

Peterose o kolobeditse ka Lebitso la Jesu Kreste (Diketso 2:38).

Ho bolelang hahole ka tsela eo Bo-Pope haba latele mohlala wa Pope Peterose, ya neng a bile a nale mosadi.

Kolobetso ke letshwao la lefu, lepato la Jesu Kreste. Haeba Ntate le Mora ele batho ba babedi bafapaneng, ho bolelang hore ha baka batloha bashwele, habaka bapatwa baba batsoha hape. Ho bolelang hore kolobetso hae thusi letho.

ISAIA 51:10 (Morena) ya entseng lewatle le ho o tshedisa ho lona?

Jwalo ka Jehova, Modimo O ile A tshedisa Baiseraele Lewatle le Lefubedu. Leho feta moo, jwalo ka Jesu, Modimo O ile wa etsa hore Peterose a tsamaye hodima metsi a halefileng. Ka tsela ejwalo Jesu ke Morena.

Enngwe ya tseo Bakreste ba dietsang ke ho batla matjhaba.

Bakolose 3:25 Haho tlhompho ho Yena (Modimo).

Modimo ha akgathale hore o kgetha bobishopo ba nkang taolo tsa metse.

Bakolose 4:15 Dumedisa … Nymphase, le kereke eleng ka tlung ya hae.

Badumedi bakgale ene ele sehlotshwana se kenelang ka tlung. Sena se ile sa emisa ka baka la motho ale mong. Hobane mokgwa wa taba ena, hone hose motho ya neng aka nka ketapele jwalo ka bishopo.

ISAIA 51:16 Mme ke kentse mantswe molomong waka

Modimo O batla hore re bue Lentswe la Hae feela, eseng mehopolo le menahano ya borameetlo.

Haufinyana tlena, kereke e ipatileng mane China ene elokela hoka kenela matlong. Sena se ile sa tsosa Mokgatlo o Matla wa Bakreste mane China oneng osa laolwe ke moetapele.

ISAIA 51:2 Shebang ntata lona Abrahama, le Sara ya letswetsweng: hobane ke mmitsitse ale mong, mme ka mohlohonolofatsa, le ho moatisetsa tse ngata.

Modimo O sebetsa ka motho ka bonngwe. Lebaka ke hore ha batho bale bangata seo hase bolele hore ba nepile.

 

 

Buka ya 52 Bapele Bathesalonike.

Bobedi mangolo a Bathesalonike a bolela ka mongwaha wa kereke ya bone. Kereke ena ya mongwaha wa bone e mahareng a a kereke tse supileng tsa mongwaha. Mengwaha ena e mahareng e bolela kapa ho hlalosa Mengwaha e Lefifi. Lemo tse 900 tsa lefifi la Mengwaha e Lefif eqadile ka lemo sa 600 AD hoisa 1500 AD. Sena ke botsho botshosang ba mehopolo ya pagane e nkilwe kerekeng ya Roman Catholic. Sena ebile habe polao ya dimillione tsa batho bao eneng ese karolo ya Roman Catholic. Bakreste ba ile bafuma ha tshepo ya bona efela lefatsheng baemetse Jesu, Ya tlang jwalo ka leshodu bosiu.

1 Bathesalonike 1:10 Leho emela Mora wa Hae hotswa Lehodimong

1 Bathesalonike 5:2 letsatsi la Morena letla jwalo ka leshodu

ISAIA 52:8 Badisa batla hoa ka mantswe a bona; batla bina mmoho ka mantswe a bona: hobane batla bona, ha Morena A kgutlisa Sione.

Taba eneng ele ya bohlwa ka nako ya Mengwaha e Lefifi ene ele hotla ha Morena. Sione etlisa tshepo. Sione e emetse phethahalo ya Modimo. Leha ekaba keng se sotlang Bakreste lefatsheng lena, Sione emetse setlisang mathata a lefatshe lena “kganya ya tshepo”.

ISAIA 52:14 Bongata bone bo makatswa ke taba ena; pono ya hae ene efapane le ya motho ofeng kapa ofeng, mme one asa tshwane le bara ba batho:

Jesu o ile a utlwiswa bohloko mane Calvare mme kereke le yona ya utlwiswa bohloko ka nako ya Mengwaha e Lefifi, Mengwaha e Lefifi pusong ya MaReformara ha bongata bo kabang 68 millione ya batho ba bolawa ke kereke ya Roman Catholic,

ISAIA 52:4 Hobane ho itswe ke Morena, Setjhaba saka se ile pele Egepeta ho jaka teng; mme Ba-Assyria ba bahatella.

Bajude ba ile ba hatellwa ke Assyria. Lemong tse Lefifi tsa kgatello ya Bakreste ke kereke ya Roman Catholicka matla a dipolotiki mane Europe.

ISAIA 52:5 … Ho itswe ke Morena; mme Lebitso laKa letla dula le nyefolwa kamehla.

Lebitso la botho la Modimo ke Jesu Kreste, mme le latotswe mme la emelwa ke: Ntate, Mora le Moya o Halalelang.

 

 

Buka 53 Babobedi Bathesalonike.

II Bathesalonike 2:3 Hobane letsatsi leatla , empa ho lokela hore hobe le ho kgutlela morao pele, mme monna eo wa sebe atle a bonahatswe.

Phirimana ya Mengwaha e Lefifi e lokela hotla pele Jesu A kgutle. Ketapele ya kereke ya Roman Catholic, Pope, ene ele monna ya matla haholo mane Europe . O ile a hatella batho bohle hoka kgumama tlasa thuto ya Catholic, e ileng ya mosenola ele monna wa sebe. Sebe ke hose dumele. Ho dumela seo sesa bolelweng ke Bibele ke hose dumele.

II Bathesalonike 2:7 Hobane sephiri sa bokgopo (hoka tseba hore sena ke phoso empa ontse o tswella pele hose etsa) hase sebetse.

Morao mongwaheng wa pele wa kereke batho bane bantse ba sa kgolwe ha Bibele ba kgolwa ntho tsa batho. Mengwaheng e Lefifi BoPope bane ba feela ba kgannela batho hole le Bibele. Ba nale matla aho etsa hore batho baba mamele.

Batho bane batseba hantle hore seo ke phoso hoya ka Bibele, empa bane ba dumellana le Bokatoliki bongata, ka tsela ejwalo bane ba hatellwa ke seo. Tsela enngwe ene ele lefu.

II Bathesaloniki 2:11 Ka baka leo Modimo Otla ba romella Moya wa thetso, hore badumele leshano.

Kgatello ya sehlopha se seng ho seseng.

"Bokereke" e ile ya boela. Badumela hore seo sejwalo, eseng sebolelwang ke Bibele are.

Peo ya mokgatlo ene ejetswe. Bane ele maloko a kereke, eseng kereke. Ka1302 Pope Boniface 8 a qala “Unam Sanctam” (One Holy Church) eleng sebolelang hore haho kereke ntle le kereke ya Roman Catholic. Poloko ene e fumaneha feela ho Pope. Ena ene ele puo ematla hotswa ho papal Mengwaheng o lefifi.

Monna wa sebe a senolwa.

Hase sebe haosa dumele pholoso empa sebe ke hose dumele Jesu Kreste, moo o ipolelang dibe, mme a fetoha Mopholosi wa bophelo ba hao. Bona ke boitsebelo maharenga a hao le Jesu.

Mengwaheng e Lefifi kereke e ile ya sotleha haholo, lemo tse ka bang 900, ho tloha 600 AD hoisa 1500 AD.

Ka tsela ejwalo Isaia o bontsha temana ena ele ho tshwenyeha ha Kreste ka Mengwaha e Lefifi. Batshwenyeha ke sekang mpa ya bosiu Jesu O ile A tshwenyeha hofeta eng kapa eng feela. Ka tsela ejwalo bane badumela feela hore Modimo o nale leano leo A lepatileng.

ISAIA 53:1 Ke mang ya dumetseng taba ya rona? Ke ho mang eo letsoho la Modimo le bonahetseng?

Sephaka kapa letsoho ke ponahatso ya matla. Sabole ya Modimo ke Lentswe la Hae. Ke mang ya Ledumetseng kamoo le ngodilweng. Hase ha bobebe batho baka fetolang Bibele.

Kereke ya Roman Catholic esuthile hohang feela Lengolong. Badumedi ba sebele ba mmalwa feela.

ISAIA 53:2 One A sena sebopeho; mme ha re Mmona, hose botle boo reka bo bonang ho yena.

Ona ene ele mongwaha wa matshwenyeho. Hone hole nakwana ya mahlomola.

ISAIA 53:3 O nyatsitswe leho hlouwa ke batho; ke monna wa mahlomola, le wa mathata: mme ra ipata eka ke sefahleho sa rona; o ile a nyatsuwa, mme ra mokgella fatshe.

Bakreste ba ile banyatsuwa, ba latolwa, mme batsongwa ba bolawa.

ISAIA 53:4 Ruri o ipelesitse malwetse a rona, mme ajara mahloko a rona: leha hole jwalo ra nahana hore oya lawa, o otlwa ke Modimo, oya qoswa.

Leha ekaba keng feela eo Bakreste ba ileng bakena ho yona Mengwaheng e Lefifi, Jesu o ile a kena ho tse fetang tseo.

Kereke ya pele ene ele peo ya Bophelo Bosafeleng. Peo ene e lokela hoka jalwa, mme eshwe tlasa mobu. Mengwaha e Lefifi ene ele nako eo nnete eneng e epelwa, mme eshwa tlasa maemo a ditshila haholo.

ISAIA 53:12 Ka tsela ejwalo ketla arola se seng ho bona, mme otla arola ka matla; hobane o tsholotse moya wa Hae lefung:

Mahlomola a Kreste a ile a Motlisetsa Lehodimo le Lefatshe. Ka tsela ejwalo mahlomola a Bakreste ka nako ya Mengwaha e Lefifi ane a molokisetsa nako etlang. Ba ile ba sotleha haholo, empa bokamoso bone bokganya. Yare nako etelele kamora mahlomola Kahobotjha ya qalella ka Martin Luther mane Germany.

 

 

Buka 54 wa Pele Timothea.

Ho qala ha Kaho botjha ha Luther hwa qala.

Bobedi mangolo a Timothy a bolela ka Kahobotjha ya Martin Luther mane Germany.

ISAIA 54:2 Atisa tente ya hao, mme o atolle dikgaretene tsa moaho wa hao: oseke wa boloka letho, atolla dithapo tsa hao, mme o atolle karolo ya hao;

Motheo wa kahobotjha ke hore ya lokileng otla phela ka tumelo. Mohau wa Modimo Otla bonahala.

ISAIA 54:9 Hobane sena sejwalo ka metsi a Noahe ho nna: hobane jwalo kaha ke ile ka ikana ka metsi ho Noahe hore akeke atswa fatshe;

Morwallo wa Noahe o ile wa fedisa bophelo. Yaba metsi aya emiswa. Ha jwalo feela dipolao le botshabeho ba Mengwaha e Lefifi mane Europe mme jwale Modimo O sebedisa baahibotjha hoka tanola Pope.

I Timothea 2:5 Hobane Modimo O Mong ya tshwarelang le Monna Kreste Jesu.

Ena ene ele karabo emakatsang le hoba monate ya Lutherho Roman Catholic ka taba ya “Unam Sanctam” eo Pope areng o eme mahareng a Modimo le motho. Ke Motho Jesu ya emeng mahareng a Modimo le motho. Jesu Motho, ke “nama ya motho” Moya oo Osa bonahaleng wa Modimo Ntate Oka ho Motho Jesu, Eo Eleng Mora wa Modimo.

I Timothea 3:16 … ruri sephiri sa Bomodimo seseholo: Modimo O bonahatse nameng

Haho moo Pope afanang ka pholoso. Kereke hae hloke monna ale mong hoba moetapele.

I Timothea 5:17 Ha baetapele ba kereke ba bebe bang.

Sehlopha ka seng sa Bakreste, se seke sa laolwa ke motho ale mong.

Monna ale mong ha a laola kereke ebile kakanyo ya Roman Catholic kgahlano le motsamao wa Protestant.

I Timothea 4:1 Thuto ya Diabolosi … Ho hanela lenyalo …

Sena ke kgalemo ehlakileng ho molao wa baprista ba Catholic, bobishopo le BoPope ha banyale. Kajeno ho nale nyewe tse ngata kgahlano le baprista ba Catholic tse ntseng difuputswa.

ISAIA 54:5 Hobane mmopi wa hao ke Monna wa hao; Lebitso la Hae ke Jehova

Lenyalo ke la bohle. Modimo O sebedisa lenyalo hoka hlalosa kamano ya Hae le motho. Bapriesta, bobishopo le boPope hokaba molemo ha baka nyala.

 

 

Buka 55 wa bobedi Timothea.

Protestant Reformation e ile ya etsa hantle haholo empa ya etsa phoso ka ho aha mokgatlo. Sehlopha ka seng se ile sa etsa mokgatlo. Mekgatlo e ile ya shwa hobane bane basa batla ho tswela pele le thuto ya John Wesley, eo ebileng moetapela ya matla ka nako eo.

II Timothea 1:15 … hore bohle baleng Asia ba mphuralle

II Timothea 4:4 Mme batla iphapanya nnete

Balatedi ba kahobotjha, ba ile ba furalla Mangolo (a ngodilweng ke Paulose) ka baka la meetlo ya bona jwalo jwalo. Kahobotjha ya qalella ka sehlopha sa Protestant se lwantshana, leho lwana kgahlano le Rome. Moahibotjha Calvin one a bile a nale Servetus etjheleng hoka lwantshana le thuto ya Boraro ya kolobetso. Ka seng sehlopha sa Protestant bane ba nahana hore ba nale nnete ho fihlela enngwe ehlahella hape. Ma-Protestant ba wetse ho Anabaptists ya neng a dumela ho inelweng bakeng sa kolobetso.

ISAIA 55:2 Hobaneng ha le senya tjhelete ho tseseng molemo ho nale ho bohobe? (ba lefa boshome empa baruti ba rera mehopolo ya batho) mme le sebeletsa sesenang thuso? (basebeletsa mekgatlo ya bona ethusang moo hosenang Mangolo) nkutlweng, mme ejang se lokileng, mme meya ya lona ethabele nnete. (MaProtestanta a hloka Lengolo la nnete).

Ma-Protestanta ha aka a hlokomela hoyeng ha nako.

Kahobotjha ene ele feela mahlaku.

Setsokotsane sene sehlokahala hore sefefole bakeng sa Evangedi.

Makala a Pentecostal a hlaha, a tshwanang hantle feela le peo.

Hang feela peo ya hlaha kamorao ho Mengwaha e Lefifi, pele bophelo bo bonahala ba kaho botjha.

ISAIA 55:10 Hobane jwalo kaha pula etheoha lehodimong, le lehlwa lehodimong, mme le kgutlele teng, empa le nesetsa lefatshe, mme lehlahisa makala, hore atle a hlase peo, le bohobe bakeng sa hoja:

Makala aya hlaha, ebe kutu eya hlaha. Isaia o hlalose karolo efapaneng ya semela.

II Timothea 2:6 Mojadi (rapolase) oya sebetsa (hoka etsa hore mela tsa hae dimele) o lokela ho nka karolo peong.

Rapolasi o lokela ho nka peo engata bakeng sa hae, monontsha le metsi a mangata haholo. Eleng lona lebaka leo Jesu A ileng A sebetsa ka thata bakeng sa hore kereke ya Hae ehole.

ISAIA 55:8 Hobane mohopolo waka hase wa lona, leha ele tsela tsa ka, sho bolela MORENA.

ISAIA 55:9 Hobane jwalo kaha Lehodimo le phahame, jwalo feela le tsela tsaka, le mehopolo yaka feela.

Mongwaha ka mong o bontsha karolo e itseng ya Bophelo.

Reye re tshwarwe ke mabaka ka nako tse ding. Re hlolehe hoka bona seo Modimo A seentseng. Eleng lona lebaka le etsang hore re nahane ka ho fapana.

I Timothea 2:15 Ithuteng kamehla hoya ho Modimo …. hoka kgona ho hlalohanya Lentswe la Modimo.

Re lokela hoka tseba ho hola ka taba ya Modimo hoya ka Mangolo. Re lokela hoka hlokomela tsela tsa Modimo.

Eseng hoya ka tsela tsa mekgatlo le menahano ya bona le meetlo.

Eleng lona lebaka le entseng hore Modimo A qale mosebetsi wa dimissinare ka mohopolo wa bohalaledi wa John Wesley.

 

 

Buka 56 ya Tite.

Mongwaha wa bohalaledi wa Wesley mongwaha wa missionari.

ISAIA 56:8 Modimo O bokeleditseng Israele o boletse, Leha hole jwalo otla kopanya Iseraele hape, ntle le bao baleng ho Yena.

Ona ene ele mongwaha wa kgauda ho baleng ho Yena eleng Bakreste, ntle le Baahibotjha baleng mane Europe.

ISAIA 56:1 Hoitswe ke Morena, Bolokang kahlolo ya lona, mme le etse ka toka: hobane pholoso yaka eyatla, le holoka hoyatla.

Mongwaha wa dimissinari o qadile lemong tsa 1800 AD. Europe e ile ya sebedisa mawatle a yona le dikepe le dikanono hoka hapa mafatshe a mang. Jwale dimissinare hotswa Europe le Amerika bane bakgona ho hasa Lentswe.

Pele, dimissinari dine diruta kaho amohela Jesu jwalo ka Morena le Mopholosi.

Ebe baruta ho loka.

Ho loka ha Modimo le botshepehi bohalaledi. Ntho efeng kapa efeng feela esa lokang hae kgone ho halalela.

ISAIA 56:2 Ho lehlohonolo motho ya etsang sena, mme mora a eme hodima sona; hoka boloka sabbatha ho nale ho sesenya, mme a boloka matsoho a hae a hlwekile hobebe.

Ho phela bophelo ba kgalalelo ke ntho ya bohlokwa. Bohalaledi ke tsela ya ho baleha hose hlweke.

Tite 2:11 Hobane mohau wa Modimo O tlisa kgalalelo ho bohle.

Dimissionari diile tsa isa molaetsa wa pholoso lefatsheng lohle.

Tite 2:14 … hoka hlwekisa batho, poulelo ya Modimo

Ho sebetsa ka thata ha dimissionari ene ele mollo o hlwekisang.

 

 

Buka 57 Filemone.

Mongwaha wa kereke ya Laodisea.

Mongwaha wa kereke ya ho qetela. Mongwaha wa lekgoba Onesimus, monna ka bonngwe, o ile a baleha mme a fihla a dumela Paulosi. Kajeno re lokela hoka bona seo, borui habo kgotsofatse Kereke. Kreste o fetohile lekgoba la mengwaha ya kereke.

Nakong eo Jesu (Lentswe) o eme kantle ho moaho.

Jesu O kopa ho kereke, eo A ekgalemang, empa motho ka bonngwe a mamelang Mangolo.

Tshenolo 3:14 Ere ho Lengeloi la kereke ya Laodisea ngola taba ena: ….

20 Bona ke eme monyako (monyako wa kereke, eseng pelong ya moetsadibe): haeba motho a utlwa a mpulela ...

 

24581286

 

Paulose o ile apholosa Onesimus lefung. Re lokela ho kgutlela tseleng tsa thuto ya Paulose le baapostola haebe re batla ho qoba matshwenyeho a maholo.

ISAIA 57:1 Balokileng baya fela, mme haho motho ya beang pelo ya hae ho seo:

Bakreste ba sebele ba lahlehelwa ke nnete ka baka la dikereke. Bophelo ba lefatshe lena. Badumedi ba sebele ba Bibele haba batlehe. Polao ya maemo kapa ya botho ho badumedi ba Bibele ba hanwang kapa ho latolwa ke dikereke kapa baruti ba bona ba babusa notsi.

ISAIA 57:2 mme banna ba mohau baya tloswa, mme haho ya batlang ho tloha ho seo.

Ho bolelang hore Isaia one a porofeta ka nako ya matshwenyeho a maholo.

ISAIA 57:3 Empa atamelang, lona bara ba banyefodi, peo ya bohlola le bofebe.

Jwalo kaha noha e ile ya thetsa Eva, ka tsela ejwalo Satane o thetsitse kereke ya jwale. Mekgatlo ya rona enkile taba ya meetlo ka tsela enngwe. Kereke tsa rona dilahlehile haholo.

TSHENOLO 3:17 Hobane ore, ke morui, mme ke atetswe ke dintho, mme hake hloke letho: hathe hao tsebe hore o madimabe, o soto, mme o mofutsana, ebile o sefofu, mme o feela:

ISAIA 57:8 Kamorao ho mamati a dikgoro (meaho ya dikereke) le beile sehopotso: hore le fumane emong eseng nna,

Kereke erata ketelopele ya motho. Baruti barata ho busa, eleng lona lebaka leo Jesu A emeng kantle. Jesu O lokela hoba hlooho. Haho motho ya lokelang hoba le hlooho tse pedi.

ISAIA 57:20 Empa bakgopo ba jwalo ka maqhubu a lewatle a kgenneng, Lesa kgoneng ho kgutsa, metsi a lona a lwanang nako le nako.

Sebata se seholo eleng matla a satane ka matla a teng hoya ka Tshenolo 17 e nale matla a mosadi. Mosadi o emetse kereke. Ha dikereke dintse dilesa hoba ka hare ho Mangolo, dinyoloha hoba matla haholo empa ntle ho phomolo. Maemo aya theoha, tlhalo le lenyalo, dikereke di kenella dipolotiking tsa lefatshe. Maemo a tshwana le matsatsing a Sodoma le Gomorrah.

ISAIA 57:21 Haho kgotso, ho bolela Morena, ho bakgopo.

Ha Jesu Ale kantle ho kereke ke mang ya ka hare ho kereke, leha ba bolokehile, ba lebile Matshwenyehong a maholo. Hokeke haeba le kgotso moo.

Filemone 1:2 le Archippuse lesole le rona, ho kereke eka ntlong ya hao:

Paulose hore kereke dikenele ka hare ho matlo. Kereke tse kgolo ditaolong ya batho, twantshano ya matla, le taolo ya baruti. Ena ke tshenyeho ya Mongwaha o Lefifi.

Na dintho disenyehile hakalo?

Luka 18:8 Ana ha Mora Motho atla, otla fumana tumelo?

Sena hase utlwahale eka dimillione tsa Bakreste ditlabe dilokile bakeng sa hotla ha Morena.

Mattheu 22:2 Mmuso wa Mahodimo o tshwana le morena ya itseng, ya ileng a etsa lenyalo bakeng sa mora wa hae

3 mme a romela bahlanka ba hae hoya mema setjhaba: mme ba seke batla …

5 empa bao haba saka batla ba ikela mabakeng a bona, mme ba bang batshwara bahlanka ba bolaya ...

6 Mme ha a utlwa seo a romela makgotla ahae, mme aba bolaya

8 Yaba ore ho bahlanka ba hae, Mokete wa lenyalo ose o loketse ho qala, empa hone hole teng baneng basa dumellwa.

Ka tsela ejwalo Bakreste ba kajeno batla tshwaseha mekgatlong mme bakeke ba kgona ho kena Moketeng wa Lenyalo la Konyana. Bane basa thabele hoka na keletso ya Bibele, mme ba latola bao baneng ba latela Mangolo. Ba ile ba nka mabaka a Bibele le ho nka dipotso, mme ba bolela hore sena hase bolele letho. Ho iphapanya Bibele ke mathata. "Jwale hotla etsahalang?", bare, "Haho bohlokwa hakalo". Badula hodima mabaka. Empa kereke ya bona ke yona e etsang hore ba iphapanye Bibele.

Sheba setshwantsho sa barwetsana ba leshome. Mosadi o bonahatsa kereke. Bana ke basadi bahlwekileng re sebetsana le batho ba pholositsweng mona ka hare ho dikereke tsena. Empa baetsang pele Monyadi a fihla? Kaofela ha bona baya robala. Sena hase kopane hohang feela. Kereke tsa rona dihlokahala hore ditsohe.

Mattheu 25:5 Haba sa lebeletse Monyadi barobala.

Sena ke pheletso ya mongwahakgolo ona wa kereke eleng wa Laodisea sebolelang Ditokelo tsa Batho.

Barwetsana ba bohlale ba ile ba leba Lehodimong. Barobetseng ba ile Matshwenyehong aMaholo. Evangedi ekgutlela hape ho Bajude. Ka tsela ejwalo Buka e latelang ke "Baheberu".

Selatelang Re tlilo sheba Baheberu hoisa ho Tshenolo.

“Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona!” — 1 BaKorinthe 16:23