Kgaolo ya 40-66 ya Isaia ebonahala ele kakaretso ya Selekane Sesetjha, kgaolo 3



First published on the 28th of October 2017 — Last updated on the 28th of October 2017

Dithutong tse mmalwa tse fetileng re ile ra sheba buka ya Isaia ho tloha kgaolong 40 re elekanya le Selekane Sesetjha.

Buka tse dupileng pele ho Baheberu dihlalosa kereke tse supileng tsa mongwahakgolo. Qaleho ya Buka ya Baefese e metse kereke ya pele. Buka ya bosupa ya Filimone ehlalosa makgoba a ileng a baleha mme a ithuta Evangedi hotswa ho moapostola Paulose. Ka tsela ejwalo mongwaheng kgolo wa kereke wa bosupa, thuto ka nngwe ka hare ho kereke ya Laodisea mme ekgutlele thutong ya Paulose le baapostola.

Mongwaha ona wa bosupa o fella Hotleng ha Morena Jesu bakeng sa hoka bona Kereke ya Hae ya Sebele. Ebe Bakreste bana ba bang ba tla Lebella ha Evangedi e leba ho Bajude ebe Matshwenyeho a Maholo.

Ka tsela ejwalo Buka e latelang ke ya Baheberu.

Ponahatse ekgolo keha Modimo A dumeletse Bajuda ho boela hae ho leta Messia.

 

 

Buka 58 Baheberu

Kamora kereke ya mengwahakgolo, Evangedi eboela ho Bajude.

ISAIA 58:1 Ahoa ka modumo o phahameng, oseke wa qenehela letho, phahamisa mohoo wa terompeta, mme o bontshe tswelopele ya bona, le ntlo dibe tsa ntlo ya Jakobo.

Baporofeta ba babedi, Moshe le Elia, batla etsa hore Bajude ba amohele Jesu ka nako ya Matshwenyeho a maholo, ka baka leo ho thakgisa ha bona Kreste batshwaretswe ka nako eo.

ISAIA 58:12 Mme bao eleng ba hao batla aha dibaka tsa kgale: otla ema hotloha ka mengwahangwaha; mme otla bitswa ka dinako tsohle, Molokisi wa didiba.

Ka nako ya Matshwenyeho a maholo ha Bajude ba amohela Messia wa bona lemo tse 2000 etlaba borokgo mahareng a bhona le Jesu, botla lokiswa ke Matshwenyeho a maholo. Ebe Bajuda ba aha didiba tsa kgale tsa baapostola, jwalo ka motheo wa wa kereke ka nako tse fetileng Selekaneng Sesetjha. Tsela ya Bokreste bakeng sa bona etla lokiswa ke hotla ha Messia.

ISAIA 58:14 Ebe wena otla thabela Moreneng; mme ketla etsa hore o kalle baka tse phahamileng, mme wena jwalo ka lefa la Jakobo ntatao: hobane ho buile Jehova.

Pheletsong ya mongwahakgolo wa bosupa Bajuda batla palama Evangedi. Meloko e leshome le metso e mmedi ya Israele (eleng seboko sa Jakobo), ba bitswang ka bana ba Jakobo, bafumana moputso wa bona.

ISAIA 44:5 … mme ba ipitsa ka boko sa Israele.

Buka tse tharo tse latelang dire ruta hore re phele jwang:

Jakobo, Peterose le Johanne.

Baapostola bana ba ile ba leba Thabeng ya Phetoho mme ba bona hotla ha Morena. Moshe o emetse ho tsoha ha Bahalaledi. Elia o emetse bahalaledi ba hlwibilwang.

Jwale baapostpla bana ba bararo ba bona Hotla ha Jesu Labobedi.

Ka baka la sebe, ha re kgone ho bona leano la Modimo. Ka tsela ejwalo re hloka tsena tse tharo:

  1. Tumele eo eleng motheo.
  2. Tshepo eo ere isang ho bokamoso.
  3. Lerato (Charity) eleng tsela eo tumelo ya rona esebetsang ka teng.

I Bakorinthe 13:12 Ka tsela ejwalo re bona ka galase lefifing …

I Bakorinthe 13:13 Mme jwale hlolang tumelong, tshepong le leratong …
BAGALATA 5:6 Hobane Jesu leha ele lebollo kapa mahlomola, leha ese lebollo; empa tumelo esebetsa ka lerato.

Leano la Modimo bakeng sa rona – tlhaloso etebile haholo. Re iphumana re phaila naha thote. Mme rea shwa kapa ho tswalwa? Mme edula ele kamona kapa kamane.

Buka tse tharo tse latelang dire bontsha tswelopele.

  1. Buka ya Jakobo ephehella tumelo.
  2. Buka tse pedi tsa Peterose dihatella taba ya tshepo.
  3. Buka tse tharo tsa Johanne dibua haholo ka lerato.

I Bakorinthe 13:13 Mme dulang leratong, tshepo, lerato, tsena tse tharo; empa ekgolo ho tsona ke lerato.

Boithaopo ke lerato. Lerato le leba ho bahloki, ntle ho tebello ya letho.

Empa ekgolo ho tsona tsohle ke lerato (eseng tshabo ya kahlolo). Ke lona lebaka le etsang hore buka tsena tse tharo disebetse ka lerato.

 

 

Buka 59 Jakobo

  1. FAITH. Jakobo ha a bue ka tumelo ya ho balala kapa ho ithuta ka Bibele (leha ele ntho entle) empa ebonahala a mesebetsi. Mesebetsi ena hase ho thusa ba bang feela, empa hoba mohlala tabeng ya meaparo jwalo, le maitshwaro le tumelo.

Seo re setsebang ka hare ho rona (letshwao phatleng tsa rona) a lokela ho hlahisa ditholana ka tsela ya Bibele (letshwao letsohong). Re leba moo lefatshe le tlilong ho fumana letshwao diphatleng, eleng tsela ya ho hlakola seo seleng mehopolong ya rona ebe taba ya ho mamela mekgatlo feela. Mehopolo ena ebe etlisa menahano kelellong tsa rona, moo re tlilong ho sebeletsa dikereke feela.

Mehlala emeng ke ena bakeng sa Bakreste.

Haeba ka mesebetsi re etsa sena sesa ngolwang ka hare ho Lengolo, sena sebontsha hore re lahlehetswe ke tumelo. Haeba seo re se etsang sesa ngolwa, hare lokele hoka etsa seo.

Jakobo 2:17 Leha hole jwalo tumelo, hae sena mesebetsi, eshwele, yona feela.

Jakobo 2:22 … ka mesebetsi tumolo elokile.

ISAIA 59:2 Empa bokgopo ba lona bole arohantse le Modimo, le dibe tsa lona dipatile sefahleho sa Hae, hore a seke ale utlwa.

Bokgopo ke ho etsa ntho o tseba hore haeya loka empa onne o tswelle ho e etsa leha hole jwalo. Jakobo ha abatle rebe le tumelo ho Modimo mme rebe re ntse re tswella ka bokgopo. Ntho tsena tse phoso dibolaya tumelo ya rona.

ISAIA 59:3 Hobane matsoho a lona a kganathetse madi, le menwana ya lona etletse bokgopo; melomo ya lona etletse leshano, maleme a lona aya thetsa.

Haeba, lebolokehile jwalo ka Bakreste, mesebetsi ya lona haeya loka, mme haeba seo re sebolelang sesatsweka hare ho Mangolo, mme etlaba hare bue nnete, etlaba re tseleng elahlehileng elebisang Matshwenyehong a Maholo.

ISAIA 59:6 Difi (thetso) dikeke tsa fetoha kobo, leha ele ho ipata ka mesebetsi: mesebetsi ya bona ke bokgopo

Ho latela melao ya dikereke hase ntho eteng ka hare ho Mangolo. Bakreste batshwasehile ho batshabang leho ema le Bibele. Bakgetha ho ema le seo base serutilweng. Meetlo ena eka tsela ejwalo. Bokgopo bo bolela hoetsa ntho eo oe tsebang hore haeya loka, ka tsela ejwalo baetsa seo.

ISAIA 59:9 Ka tsela ejwalo kahlolo ehole le rona, leha ele toka etla re feta: re emela kganya, empa lepato; bakeng sa ho kganya, empa re tsamaya lefifing.

Hare ahlole taba ka Sengotsweng. Re nahana hore ho leba kerekeng hoya re kgantshetsa. Empa Bakreste ba iphapanya Mangolo, leho etsa ntho tse ngata tse kgahlano le Lengolo. Ka mantswe amang re qeta nako engata re lahlehile. Ho lokela hoba ka tsela ejwalo hobane Jesus ke Kganya, mme O eme kantle hoya ka Tshenolo kgaolo ya 3.

TSHENOLO 3:14 Ho lengeloi la Laodisea ngola taba tsena ore;
TSHENOLO 3:20 Bona, Ke eme monyako, mme kea kokota: haeba motho a utlwa lentswe laka, mme a mpulela, ketla kena mme ke hlole le yena, mme ketla ja le yena, le yena le nna.

Ha kganya ele kantle, bokahare bo lefifi. Ka tsela ejwalo Kganya esirelehile. Modimo ha a bolella Eva hore a bake. Hobaneng? Modimo O boleletse noha le Adama hore seo base entseng sephoso "Hobane o nale ....". Empa Modimo ha a hlalosetsa Eva hore o phoso. Hobaneng? Mattheu le Mareka ba bonahatsa lengeloi le leleng lebitleng la Jesu. Luka le Johanne ba bone mangeloi a mabedi. Ba leka hore bolellang? Lebitso la Ntate ke Mang, la Mora le Moya o Halalelang ke Mang? Lebitso la Modimo ke Mang? Ka tsela ejwalo kajeno Bakreste ba tsamaya lefifing. Re tseba Nnete empa re tshaba ho bolela seo.

Lebaka ke hore bareri bona haba tsebe Mangolo. Botsa moreri hore ke hobaneng ha Jesu A ile a ngola ka monwana fatshe ha ane a ngola mosadi wa sehlola ale teng, mme otla bona haba baleha taba eo. Bakeke batseba karabo ya seo, empa haba amohele baya iphapanya. Haba amohele molemo wa seo, ka tsela ejwalo baleka ho lokisa ntho tse ngata ka nako ele nngwe. Keng haba sa kgathalle hore Mangolo areng? Ke hobane Lentswe le eme kantle.

 

 

Buka ya 60 Peterose wa pele.

2. Tshepo. Buka ena e bua ka tshepo. Tshepo ke sebetsa seseholo sa ho nahana, empa ho nka tumelo ho hlokomela tshepo.

1 Peterose 1:3 … sena sere tliseditse hape tshepo ya tsoho ya Jesu Kreste bafung

Peterose wa pele o bua ka taba ya hotla ha Kreste Jesu lapele eleng Tsoho ya bafu.

Lebaka leo Jesu la hore Otla tsosa bafu nakong etlang.

Esita leha re ka shwa, rea tseba hore Jesu otla re tsosa. O ile A tiisa sena ha ane are tsosa.

ISAIA 60:1 Tsoha, kganya; hobane kganya ya hao efihlile, mme Kganya ya Modimo e hodima hao.

Ha Jesu Ane A tsoha bafung seo ebile Kganya ya Evangedi. “O tsohile” ke Evangedi. Monna enwa Jesu O hlotse lefu, ele hore bohle badumelang ho Yena babe le tshepo.

ISAIA 60:2 Hobane, bona, lefifi letlaba hodima lefatshe, leho batho: empa Morena Otla tsoha, mme kganya ya Hae etlaba hodima bona.

Isaia one a porofeta ka lefifi leo letlang ho aparela lefatshe,eleng “Morena Otla tsoha” bafung. Jesu ebile Monna wa pele wa ho hlola lefu eleng hore a tsoha ka Mmele osa shweng.

ISAIA 60:3 Mme Baditjhaba batla tla kganyeng, mme marena atla tsoha.

Tsoho ya Jesu bafung. Sena etlaba ntho ekgoo ho Baditjhaba. Hoka tseba hore tshepo eteng ya tsoho ya bafu.

 

 

Buka ya 61 Peterose wa bobedi

1 Peterose ore hopotsa hore Jesu, hotleng ha Hae la pele, o bontshitse matla a ho hlola lefu.

II Peterose o shebana leho tsoha ha Hae. Sena etlaba hotla ha Hae kgetlo Labobedi.

Tshepo ya rona ekgolo ya hotla ha Hae.

Sera se seholo sa rona lefu. Lefu leka re hlola bophelong. Empa tsoho ekwahela lefu.

II Peterose 3:8 Empa letsatsi la Morena letla jwalo ka leshodu

ISAIA 61:2 Hotla amohela selemo sa hotla ha Morena, (Hotla ha hae kgetlo la pele hotswa bafung) le letsatsi la bohale ba Hae; (Hotla ha Hae hotla tsosa bafu)

Tshepo e etsa hore re bone mose ola.

II Peterose 3:12 Re lebeletse hotla ha Morena

Hotla ha Morena hotla nyala Monyaduwa wa Hae.

ISAIA 61:10 Ketla ithabela Moreneng, moya waka otla tlala thabo; hobane o nkapesitse ka kobo ya poloko, o nkapesitse ka pholoso, jwalo kaha monyadi a apara kobo ya lenyalo, mme monyaduwa ka mokgabiso wa hae.

Jesu le Monyaduwa wa Hae.

II Peterose 3:13 Leha hole jwalo, hoya ka tshepiso, re lebeletse lehodimo le lefatshe le letjha.

Pheletso ya tshepo yohle ke Lehodimo. Ebe re leba bosafeleng.

 

 

Buka ya 62  1 Johanne

3. Love: Mona o bonahatsa lerato. Lerato leka sebetsa ka tsela tse ngata haholo.

ISAIA 62:5 Hobane mohlankana o nyala morwetsana, ha jwalo feela le bara ba lona batla nyallana le lona: ka tsela eo le monyadi otla thabela monyaduwa, ka tsela ejwalo le lona letla thaba ka tsela eo.

Lenyalo ke tlhaloso ya lerato.

I Johanne 4:8 Hobane Modimo ke lerato

I Johanne 4:11 Baratuwa, haeba Modimo A re ratile, le rona re lokela ho rata ba bang

I Johanne 5:3 Hobane seo eleng lerato la Modimo, ke hore re boloke melao ya Hae

Ho thata hoka phetha melao ya Bibele, hoo ho bolela hore Modimo ha a re rate.

 

 

Buka 63  2 Johanne

II Johanne 1:1 Baholo ho mosadi ya kgethilweng yena le bana ba hae, eo ke moratang ka nnete (Mosadi ya kgethilweng ke kereke ekgwthilweng).

Mohopolo wa taba ena “lerato nneteng”. Hoya lokela hore re rate nnete – Lentswe la Modimo.

Re lokela hoka rata Modimo (ha jwalo feela). Re lokela hoka rata batho (haho bobebe). Re lokela hoka rata Nnete (Ho thata haholo).

II Johanne 1:4 Ke thaba haholo hake fumana bana ba tsamaya nneteng

Re keke ra tsamaya nneteng haho sena motho ya re etellang pele. Isaia o bua ka Moshe ha etella Bajude ho tshela Lewatle le Lefubedu. Isaia ebe o porofeta ka Moya wa Modimo le kolobetso. Ebe Moya o Halalelang ore etella pele, mme ore etse hore re rate nnete.

ISAIA 63:12 O ile aba etella pele ka Moshe ka letsoho la hae le tshepehang, a arola metsi mahlong a bona, hoka iketsetsa Lebitso?

ISAIA 63:13 Hoba etella pele, jwalo ka katola lefelleng, hore ba seke bakgotjwa?

Moshe o ile a lebisa Bajude moo ho bolokehileng.

Jwale Isaia hore Modimo O tla etsa sona seo ka Moya o Halalelang.

ISAIA 63:14 Jwalo ka phoofolo hae bodibeng, Moya wa Modimo o etsa hore a phomole: o eteletse pele jwalo setjhaba sa hae, hoka iketsetsa Lebitso.

Modimo O etellapele Badumedi jwale leha baka tsamaya kgohlong ya lefu. Bakeke batshaba bobe. Lefu le bula mamati a Lehodimo.

 

 

Modimo o laola Bakreste jwalo hore atle a iketsetse Lebitso. Eseng ho etsetsa Bakreste Lebitso.

Modimo O lebella hore re bolokehe eseng ho iketsetsa lebitso. Empa seo ele fela ntho tse nyane. Seo ModimO asebatlang maphelong a rona ke ho bolokeha, leho etsa hore nnete e tsebahale – eseng meetlo ya dikereke.

Johanne 4:24 Modimo ke Moya mme bohle ba Morapela balokela hoka Morapela ka Moya le Nnete.

Ha re sena Nnete, ho rapela ha rona hahona thuso.

 

 

Buka 64  3 Johanne.

Hoka rata ke moepa: Hotla etsa hore re bone phoso tsa baetapele.

Ebe, reka rata Nnete hoo reka emang kgahlano le baetapele le baruti, leha reka tebekwa ka hare ho kereke. Kapa rea dula na"etlwaelehile haholo", mme edula ele phoso.

Johanne o bua ka Gaiuse hore a tsamaye nneteng.

Empa hoba Nneteng re hlokomela diphoso.

Johanne o nale nako feela ya ho bua ka diphoso.

Ka tsela ejwalo o hlokomedisa ka diphoso tseo mongwaheng kgolo ona wa kereke : baetapele ba kereke ba laolwa ke moruti. Ntho ena empe ekene ka hare ho kereke- Moetapele ya laolang Diotrefese ya ratang maemo a hae. Baruti ba bolela ha bona ele dihlooho tsa kereke. Haeba moruti lebitso la hae Jim, o lokela ho mmitsa Moruti Jim. Leemedi “moruti” le moneha maemo amang a itseng. Basebetsi mmoho le yena haesale letho ho yena. Leha ele hore lentswe “moruti” lehlaha hang feela Selekaneng Sesetjha. Ka hare ho Bibele, lentswe "moruti"lene lesa behelwa motho ya itseng. Ka tsela ejwalo haho tsela ya ho laola. Empa rona Ma-Protestanta re nkile ntho tsa Catholic, mme Pope wa Catholic o laola kereke ya Catholic jwalo ka mmusa notsi.

III JOHANNE 1:9 Ke ngolla kereke: empa Diotrefese, ya ratang hoka laola hara bona, ha aka are amohela.

Baapostola ba ngotse Selekane Sesetjha ntle le Diotrefese, kajeno badisa ba bangata ba latola Mangolo hobane asa dumellane le bona. Haba batle ho amohela Nnete.

Diotrefese olatotse moapostola Johanne ya ngodileng Mangolo. (Kajeno badisa ba latola Mangolo hobane ba batla ho khouta puo ya motho emong). Jwalo ka kereke e ikgethileng, Diotrefese one a busa kereke. Ke badisa feela ba laolang kereke.

III Johanne 1:9 Diotrefese, ya tlisang karohano hara bona, ha aka are amohela.

10 … ya buileng le rona k mantswe a bohale: mme a boloka seo ka hare, asaka a etsa seo mahareng a baena, mme asaka aba dumella ho etsa seo, mme aba lelekela kantle ho kereke.

ISAIA 64:6 Empa jwalo kaha bohle resa hlweka, rele jwalo ka kobo e ditshila; mme rele jwalo ka lekala; mme ka baka la makgopo a rona, rele jwalo ka moya, ore tlositse.

Isaia ore kgalema bohle. Ka tsela ejwalo re kgelohile bohle. Ka tsela ejwalo baetapele ba batho, ba hatellang hore batho ba bone dintho ka tsela ya bona, ba lokela hoka kgannela kereke tseleng ya nnete. Ketelopele ya batho e isa batho Matshwenyehong a Maholo ha basa rute nnete.

Tsela eo re aparang ka yona etheohile, mme re tshwana le kobo editshila.

Hoya ka moapostola Johanne, mathata a maholo ka hare ho kereke ke baetapele.

Seo Johanne Mokolobetsi ase boletseng ka Bajude.

Mattheu 3:7 Empa yare ha a bona Baprista le Basadusi ba tlilo kolobetswa, are ho bona, Moloko wa marabe, le tshositswe keng ho balehela bohale botlang?

Haele hantle one a bua ka sehlopha sa baetapele ba bodumedi hore ke dinoha tse nang le tjhefu hanong la bona (ntho tseo ba direrang dile siko ka hare ho Lengolo ke tjhefu).

Ka tsela ejwalo haesale baetapele bahloile nnete, ho qala ka Nimrode ya ileng a qala diphiri tsa Babylona.

ISAIA 64: 7 Haho ya bitsang lebitso la hao, ya lekang ho fihlela:o ipatile bakeng sa rona, mme wa re tjhesa, ka baka la makgopo a rona.

Lebitso la Modimo le lebetswe le kenetswe ke Ntate, Mora le Moya o Halalelang. Batho ba bararo ba arohaneng ba Bomodimo. Haholo holo haele mona Moya o Halalelang o sena lebitso.

Moruti o bolela hore ke hlooho ya kereke. Haho motho ya ka bang le hlooho tse pedi. Ke lona lebaka le etsang hore Jesu a eme kantle ha moruti ale ka hare ho kereke. Hoba kantle ho kereke, sefahleho sa Hae seipatetse rona. Johanne o boletse ka bokgopo ka makgetlo a mabedi. Sena sebolela hore rea tseba hore re etsa phoso empa re iphapantse seo. Rea tseba hore re etsa phoso hare khouta seboletsweng ke motho emong.

 

 

Buka 65 Jude

Jwale buka e latelang e qetelang, pele Tshenolo ekwala Bibele.

Mona Jude ore neha hlokomediso ya ho qetela ka baetapele.

Jude ke lengolo la hoqetela le ngolwetseng Bakreste. O ahile hodima se ngodilweng ke Jakobo, Peterose le Johanne takatsong ya ho boloka nnete. Seo re lokelang ho seetsa ke hore re fadimehe? Karolo ebohloko ya lengolo la Jude ha akgone ho re ngolla taba tse monate ntle le karolo ebohloko ya bokgopo bo keneng ka hare ho kereke.

Bothata bo boholo ka hare ho dikereke ke baetapele ba batho.

Bokgopo ba ba baetapele Selekaneng Sesetjha ke ntho eneng entse ele teng le Selekaneng Sakgale. Tlhaho ya motho hae fetohe hohang feela. Thato ya ho etella pele esale eyona taba. Ho Tshenolo, Johanne o bona mosadi (kereke) e dutse hodima matla a laolang. Kereke edutse hodima matla amoya o mobe. Jwale sena sere bolellang?

ISAIA 65:1 Ke maketse ha basa batle nna; Ke fumanwa ke basa Mpatleng

Baetapele ba dikereke batlositse Bakreste ho Bibele. Re bolokeha, mme ebe re matha ka meetlo ya kereke eseng ya Lentswe. Ebe Modimo rona rea Molahla, rona bao reseng karolo ya sena, hoka dumela ho tokisetsa ya Lenyalo la Hae. Jesu O ile a rera ka tsatsi le leng ka morena ya ileng a memela batho moketeng wa lenyalo. Yaba o bolella batho ka taba eo. Bakreste ba bolokehileng "bakereki", eseng bao Bibele eba hlalosetsang ka tokisetso ya lenyalo. Ka tsela ejwalo Modimo O fumana bothata ka batho ba balang Bibele, le hore batla ya moketeng wa lenyalo la Konyana. Bakreste ba bolokehileng bakeke ba kena Matshwenyehong a Maholo mme batla ja tholwana tsa bophelo.

ISAIA 65:2 Ke phahameseditse ka nako tsohle letsoho laka ho setjhaba semanganga, se tsamayang tseleng esa lokang, hoya ka mehopolo ya bona;

Bakreste ba rata meetlo ya batho. Ba lakatsa ntho tsa lefqatshe lena. Bathabela meetlo ya lona. Bathabela kereke ho nale Kreste.

Jude 1:18 Mehleng ya ho qetela hotla hlaha basomi, ba tsamayang ka mora takatso tsa bona.

Maemo a theoha kamehla yohle. Jwalo ka matsatsing a Sodoma, ho tlaba jwalo le mehleng ya Mora Motho.

ISAIA 65:3 Ke batho ba nkgalefisang haholo;

Re etsa "bokereki", ho nale bohalaledi, mme re apara jwalo ka lefatshe. Re emela mekgwa esa lokang ya kereke, empa ebe ke seo sesa lokelang Bokreste, eleng se senyehang hofeta. Re hanana le Bibele re qholotsa Modimo.

Jude 1:23 Re lokela hore ebe re hloile kobo enngwe le enngwe e ditshila ya mmele.

Basadi ba Bakreste ba apara mese emelelele. Ka 1963 eha miniskirt efihla. E ile ya tlala lefatshe lena lohle, empa Bakreste bane bale kgahlano le seo. Yaba basadi ba Bakreste baqala ho amohela miniskirt, mme qetellong Bakreste ba latola mese e melelele.

Hape ho tshwana le dihaehile eta tse phahameng. Diqadile hanyane ho fihlela dianela lefatshe lena lohle.

Mmapa wa Italy o tshwana le seeta sa highheel boot.

 

Italy

 

Mosadi ya rwalang high diheel o tshwaeditswe ke Rome ka kereke ya bona. Sheba mosadi wa Pentecostal ka hare ho kereke ka Sontaha. O kenya jeane e botala ba lehodimo le dihigh heels. Ke hantle feela setshwantsho sa Rome. Mme hopola hape hore, mosadi o emetse kereke. Haeba Rome ele sebata, mme ebe setshwantsho sa yona se ka hare ho Protestanta.

Empa hlokomela. Sehleke hleke sa Sicily setshwana hantle feela setshwantsho seo Daniele a seboneng ka maotong.

Hlokomela hape le hore seo ke boot. Eo mokalli wa pere a e rwalang ha a palame pere ya hae. Sena ke seo Tshenolo Kgaolo 6 ese bolelang ka antikreste mokalli wa pere.

ISAIA 65:5 Ereng, Ikemele, atamelang ho nna; hobane kea halalela.

Kopano ya Bakreste. Mokgatlo ka mong o nahanela o mong. Ke lona lebaka le etsang hore Bakreste ba rate mekgatlo. Ho bolokeha, baemetse feela hotla ha Morena. Ka tsela ejwalo ba amohela ntho enngwe le enngwe.

Jude 1:19 baikarotse, ka bo bona, ha bana Moya.

Sena sebolela hore baya itaola. Seo base nahanang seloketse bona, jwalo ka makeup, ho apara ditshila, basadi ba kuta meriri ya bona, le mmino e lerata bare barorisa Morena. Bibele hae bolele hohang ka dikupu. Empa haesale mmino wa rock and roll o qala ka lemo tsa bo 1950 one o ruta hotswa taolong, ka tsela ejwalo o ile wa nka kereke ka setotswana, jwao ha kereke entse ekenella lefatshe ka lehare. Mokgatlo ka mong o thabela ho thusa o mong. Mmino wa Disco, ka Lebitso la Jesu, o thabisa batho. Batho baya tantsha ba phahamisitse matsoho a bona ka hare ho kereke, jwalo kaha baetsa ka disco. Ebe baemisa ha mmino o emisa. Sena sebitswa bubble dancing.

Bakreste ba kopanela nthong ena ya bona ebitswang mokgatlo. Okaba karolo ya bona feela hao dumellana le bona.

ISAIA 65:7 Bokgopo ba lona, le makgopo abo ntata lona, ho bolela Morena,

Re ithuta ntho tse mpe meetlong ya rona. Baetapele ba rona ba nkile ntho tsa Egepeta (matshwao a bolokeho) empa bashwele mane lehwatateng. Kamora ho bolokeha. Kora le Dathane ene ele baetapele ba Bajuda ba ileng bashwa ka bongata mane lefelleng. Kamehla yohle baetapele ba badumedi. Ke hona moo mathata aleng teng.

Jude ore bolella ka ba bang ba baetapele bakgopo ba badumedi. Bakreste ba nkile mokgwa o mobe wa Sodoma le Gomorrah le Kaine ya ileng a latola nnete.

Jude ore hlokomedisa ka moetapele eo eleng Kore (Korah) ya ileng aba kgahlano le Moshe moporofeta wa Modimo, le Balaame, moreri ya neng a rerela tjhelete, hantle feela jwalo ka Judase.

ISAIA 65:11 Empa haele lona bafuralletseng Modimo (Lentswe le ngodilweng), balebetseng thaba ehalalelang, ba lokisang mabotho, (baetapele ba bodumedi bakgelosang ditjhaba) mme le fana ka mahlabelo (re etsa selallo, ntle le tlhatsuo ya maoto, hoseng hobane re sena tsebo. Jesu ore bontshitse hore selallo se etswa ka phirimane le tlhatsuo ya maoto, empa seo hase utlwahale, mme re batla ho dula boiketlong ba kereke tsa rona).

ISAIA 65:12 Ka tsela ejwalo ke tla le balla lerumo, mme letla kgumamela lerumo: hobane hake bitsa, ha lea araba; hake bua ha leaka la mamela; empa le entse bobe mahlong, mme la thabela kgahleho.

Maloko a mekgatlo, leha ba bolokehile hotswa diheleng, bantse ba leba Matshwenyehong a Maholo ha Jesu a eme kantle ho kereke, mme hare mamele Kreste. Kaofela Bakreste basa Mosebeletseng batla bolawa ka nako ya Matshwenyeho a Maholo.

Tshenolo 13:15 Mme senale matla a hoka neha sebata bophelo, le hore setshwantsho sa sona sephele le ho bua, le ho etsa ba bangata barapele sebata.

ISAIA 65:15 Mme otla sea lebitso la hao la thohako ho bakgethwa baka: hobane Morena O tlilo o fenetha, mme a bitse bahlanka baka ka lebitso le leng:

Mekgatlo ya rona e nale mabitso a thohako. Re ipitsa Catholics, Lutherans, Baptists j.j.

Re lokela hoka bitswa Bakreste.

Re bile re lahlehetswe ke Lebitso la Modimo re bitsa maemedi. Lebitso Ntate, Mora le Moya o Halalelang hase Lebitso.

Haresa kolobetsa ka Lebitso la Jesu Kreste jwalo ka baapostola baentse.

Jude 1:25 Mmoloki Ale Mong ya hlalefileng Modimo, ha a bokwe, taolo le matla, bobedi ka hosa feleng.

Modimo Otla busa nakong etlang, bobedi Lemong kete, le Mahodimong a matjha.

ISAIA 65:17 Hobane, bona, ke etsa Mahodimo le lefatshe le letjha: hobane tsa kgale hadisa hopolwa, hadisa hopolwa.

Ka tsela ejwalo.

ISAIA 65:18 Empa thabelang tsela eo ke le entseng ka yona: hobane, bonang, ke entse Jerusalema thabo, le batho ba yona thabo.

Baratang baetapele ba bona banka baapostola jwalo ka baetapele ba sebele. Badumedi bana batla latolwa ke baetapele, leho nka Lebitso la Jesu Kreste. Empa qetellong batla putswa. Reka latolwa ka baka la nnete ha jwale, empa retla thaba qetellong.

“Ke bopile Jerusalema jwalo ka thabo” ho bolelang hore pheletsong Bajude batla fumana seo eleng Nnete.

ISAIA 65:20 Hahosa tlaba le matsatsi a tswalo, haho leqheku moo kapa matsatsi a tswalo: hobane ngwana otla shwa ha a nale lemo tse lekgolo; empa moetsadibe otla rohakuwa ka lemo tse lekgolo.

Ka Lemokete, Bajude batla phonyohang Matshwenyeho a Maholo le Armageddone ka baka la hobane basaka ba utlwa Evangedi, batla phela hape lemo tse 1 000, jwalo feela kapele ho morwallo.

Re phela bonyane lemo tse 70 mme re nkuwa jwalo ka ngwana ya nang le lemo tse 7, eleng karolo ya boshome bophelong. Ka tsela ejwalo ngwana wa lemo tse 100 o phela feela boshome ba dilemo tse 1 000. Empa emong le emong ya mathelang ho Jesu otla busa ka lere la tshepe. Moetsadibe wa lemo tse 100 akeke aba le maitatolo a hore ha aka atseba hohang feela, leha a phela feela karolo ya boshome ya bophelo.

ISAIA 65:25 Phiri etla phela le konyana, mme tau ephele le poho: mme lerole etlaba dijo tsa noha. Dikeke tsa senya leho heletsa dithaba, hoitswe ke Morena.

Lemokete etlaba ntho entle haholo ya lemo tse 1 000 tsa kgotso. Sena etlaba feela ho lebisa Bophelong Bosafeleng.

 

 

Buka 66 Tshenolo

Sena ke setshwantsho sa hoqetela, mme ka bomadimabe sena ke karolo eseng monate bakeng sa baetsadibe.

Ka tsela ejwalo tse ding tsa diphoso hadi lokisehe ha bobebe.

ISAIA 66:1 Hoitswe ke Morena, Lehodimo ke terone yaka, mme lefatshe ke bonamelo ba maoto aka: ekae ntlo eo leka nkgaelang yona? Mme sekae sebaka saka sa phomolo?

Lefsthe ke bonamelo ba maoto. Re lokela hoka mamela kapa ho phethisa tsohle. Empa Kereke ekae e latolang Lentswe la Modimo?

Modimo ha jwale o tadima motho ka bonngwe. Eseng morui ya meharo ya pelo empe.

ISAIA 66:2 … empa ketla sheba motho enwa, esita le moo oo o fokolang, ya thothomelang ke Lentswe laka.

ISAIA 66:3 Leha hole jwalo, bakgethile tsela ya bona, mme meya ya bona ethabela tahlehong.

(Trinity, kereke tse kgolo, mmino wa rock-n-roll, difate tsa Keresemese, Mahe a Easter, mekgatlo, taolo ya baruti, baetapele bakereke ba keneng dipolotiking, Bokreste bofetotswe “Kgwebo eKgolo”, dimini skirts, “jwalo ka mehleng ya Sodoma, ho tlaba jwalo le hotleng ha Morena”, manyalo, tlhalo, lenyalo kamora tlhalo)

ISAIA 66:4 Ketla boele ke kgethe tahleho, mme ke tlise letswalo ho bona; hobane ha ke bitsa, haho ya nkarabang; hake bua, Ha baka ba nkutlwa (hare sa dumela sengodilweng ka hare ho Bibele. Ke lona lebaka leo Jesu a eme kantle ho kereke): empa basntse bobe kapela mahlo aka, mme bathabela seo kesa sethabeleng (Kereke tsa rona tsa sejwale jwale dithabela seo. Kereke esuthetse tahlehong ya sejwale jwale, eeng sona sesa thabiseng Modimo A bile A eme kantle ho kereke).

ISAIA 66:5 Utlwa Lentswe la Morena, lona bathothomelang ke Lentswe; (tiyang ho Bibele) Baena ba lona ba lehloileng, ba lelahletseng ntle ka baka la Lebitso laKa, (balatola kolobetso ka Lebitso la Jesu Kreste) bare, Ha Modimo A roriswe: empa otla hlaha ka thabo, (ona ke mongwaha waho qetela pele ho tlhwibilo) mme batla swaba (haba setse kamorao bakeng sa Matshwenyeho a Maholo).

ISAIA 66:6 Lentswe hotswa motseng, lentswe hotswa tempeleng, (Evangedi eboela ho Bajude) lentswe hoka hlola dira tsa hao (Israele eya hlaselwa hotswa Matshwenyehong a Maholo, ka baporofeta ba babedi ka nako ya matshwenyeho a maholo.)

ISAIA 66:7 Pele ho mahloko a pelehi, a hlahisa; pele mahloko a qala, o tswetse ngwana emotona. (Israel o hlokofaditswe ka lemo tse 2 000 pele ha Messia A tswalwa leho bolawa. Nakong ya jwale o hlahile feela ho Bajude. Bajude bakgutletse hae bakeng sa Messia Otla kgutlela ho Bajude.)

ISAIA 66:8 Ke mang ya utlwileng ntho ekang eo? Ke mang ya boneng ntho ekang eo? Na lefatshe letla etswa hore le tlise seo ka tsatsi le leng? Kapa na setjhaba seka tswalwa feela na? (144 000 ya Bajuda etswalwa botjha) jwalo kaha Sione ele mahlokong a pelehi, A tswala bana.

The great Tribulation is only three and a half years long. So the Jewish remnant accept Jesus as Saviour and are born again in a short frame of time.

ISAIA 66:12 Hobane hoitswe ke Morena, Bona, ketla eketsa noka, mme thabo ya Baditjhaba etlaka noka:

Bajude baya tshwarelwa mme bakgutlela ho Jesu ka pholoso eo e ileng ya pholosa Baditjhaba.

ISAIAH 66:15 For, behold, the LORD will come with fire, and with his chariots like a whirlwind, to render his anger with fury, and his rebuke with flames of fire.

ISAIAH 66:16 For by fire and by his sword will the LORD plead with all flesh: and the slain of the LORD shall be many.

The Lord returns after the Tribulation to destroy the world systems at Armageddon.

ISAIA 66:18 Mme hotla etsahala, hore ke kopanye ditjhaba tsohle; mme batlatla, mme ba bone kganya yaka. (Armageddone iekopanya ditjhaba. Boholo botlang ho phonyoha Armageddone.)

ISAIA 66:19 Mme Ketla romela hara bona, mme ketla romela hara bona (bapholohi ba Armageddon) ditjhabeng … dihleke hlekeng tse hole, ba sakang ba latswa botumo, kapa ba bona nna; mme batla phahamisa kgalalelo yaka hara Baditjhaba (Bahedene ba utlwileng Evangedi).

ISAIA 66:20 Mme batla tlisa baena ba bona hodima dikatola, le ka makoloi a dipere, leho lahla, le hodima dipokola, le hodima dibata, thabeng yaka Jerusalema, (Jesu O tsosa entjha Tempele bakeng sa lemokete. Bahedene haba kaba ba utlwa Evangedi) ho bolela Morena, jwalo ka bana ba Israele batlisa nkgo tsa mahlabelo ho Jehova (Bajude ba phonyohileng Matshwenyeho a maholo).

ISAIA 66:21 Mme ketla banka bakeng sa baprista ba Balevi, ho bolela Morena. (Bajuda ba pholohang Matshwenyehong a Maholo.)

ISAIA 66:22 Hobane jwalo ka mahodimo a matjha le lefatshe le letjha, ao ketlang ho a etsa, atla dula kapela ka, ho bolela Morena, ka tsela ejwalo le peo etla sala.

Lemokete hase mahodimo a matjha le lefatshe le letjha. Ke “jwalo ka” mahodimo a matjha keha Kreste A busa. Ke “lapele” lehodimo, tatso ya lona le lefatshe.

Empa ka baka la sebe Modimo O etsa bonnete ba hore haho ya kekeng a bona kotlo ya sebe ho Mongwahakete.

ISAIA 66:24 Mme batla hlahella, mme ba bone ditopo tse bileng kgahlano le nna:

Lemong kete, Morena Jesu le Monyaduwa wa Hae (kereke ya sebele) otla busa kaho loka, mme Bajude batla busa lefatshe.

Isaia o kwala ka taba emonate. Qetellong ba lokileng batla ja moputso wa bona.

 

 

Ho qetella taba ena, ake re shebeng Isaiah Kgaolo 39.

Buka ya 39 ka hare ho Bibele ke Malakia, eleng buka ekwalang Selekane sa Kgale.

Isaia, ho Kgaolo 39, ebua ka morena ya lokileng Tsedekia ya ileng a fumana mpho hotswa Babylona, mme a memela Babylona hotla bona mafa a hae. Babylona bane ba ruile haholo, mme Tsedekia one a batla ho thabisa Babylona, mme a bontsha tjhaba sa Babylonia hore le yena o ruile.

Sena ebile phoso ekgolo. Sena se ile sa etsahala lemong tse 700 BC. Leha ele hore Isaia o ile a sebedisa nako ena hoka kgaola Selekane sa Kgale.

Bajude bao ba ileng bakgaolwa ka lemo tse 120 hamorao ha Babylona efihla eba hapa leho baetsa makgoba.

Malakia o ngotse ka seo lemong sa 400 BC. Ka tsela ejwalo Isaia o ile a emisa lemong tse 300 pele ho Malakia.

Moo Modimo O leka hore ruta eng na?

Ha ba lokileng ba kopana le Babylona (tsela tsa mekgatlo) ebe Modimo O thala mola. Kgaolo ya sebele eba teng ha nako entse eya pele, empa phoso ekgolo keha re batla ho itekanya le bona Babylona. Kamora hore tshenyeho ya bona ele kgale efetile. Lemo tse ngata difetile, empa eba nako ya diqeto. Hang ha balokileng ba fihla ba mema Babylona, sena sebontsha hore nako ese etjhaile, mme kamora dilemo mathata aya hlaha.

Ha balokileng ba ikopanya le diphoso tsa Babylona, eleng ho bonahatsa mokgatlo, eba ele hore ho fedile ka seo. Tsela ya ho leba Matshwenyehong a Maholo eqalwa ke Bakreste kaho amohela mekgatlo. Mekgatlo keho dumela seo sebuilweng ke motho kapa ho amohela mantswe a hae, ntle leho lekola ka hare ho Bibele ho tiisa taba ena ka Mangolo.

“Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona!” — 1 BaKorinthe 16:23