Mosadi a tlotsa maoto a Jesu Evangeding



First published on the 5th of October 2017 — Last updated on the 5th of October 2017

Evangeding ka nngwe, ho nale mosadi ya tlotsang Jesu. Ho tse ding diEvangedi, o tlotsa hlooho kapa maoto. Tlhaloso ya sena ebatla efapana ho Bakreste. Bakreste baetsa phoso kaho batla ho kopanya ntho tsena tse pedi baiphapanya kapa hose elellwe motsuburu o moo. Ebe jwale mehopolo eya thulana ka taba eo. Ka hlakoreng le leng bo reatseba, thulano kapa ho lwantshana ho ka hare ho Bibele.

Ho itshetleha feela mohopolong wa batho; hoka sere thusi hohang feela. Hobane Bibele ke buka emohlolo esenang diphoso. Hare nahana feela hore taba ena efeela ele taba ele nngwe feela nnete, re lokela hore re susumetswe ke ntho ele nngwe eleng tshenolo, re lebelle hantle feela ha Modimo A itshenola ka Lentswe la Hae.

Evangedi tsena tse nne diphontsha maphelo a fapanengt kapa hoba dibakeng tse fapaneng tsa Jesu Kreste hobane ke Ona Moya oo o Halalelang oneng o kgothaletsa bangodi bao. Bangodi bane basa fane feela ka mehopolo ya bona, bane ba susumetswa ke bohlale ba Modimo. Ke tsela eo Modimo Are bontsha dibaka tse fapaneng.

II Peterose 1:21 Hobane boporofeta bohle ha boyatla ka kakanyo ya motho: empa ka Moya o Halalelang ho banna ba ile ba budulelwa ke ona.

II Timothea 3:16 Mangolo ohle a buduletswe ke Modimo, mme a ya laya leho kgalema, ho lokisa, bea ditaba ka maemo, ho lebisa ho lokeng:

Hobaneng hose sebaka sele seng feela, Evangedi e beilwe ho ya ka maemo a Yona hantle feela? Haoka latellisa hantle feela Evangedi eka tsela enngwe hantle feela ele ho shebisisa. Na sena sene sekeke sa fedisa menahano emengata ena hojane rene re nale Evangedi ele nngwe feela? Ho nale, leha ekaba, Bibele, botleng ba nako ya yona, hoka senola sebopeho sa Jesu Kreste hoya ka Evangedi. Monahano wa motho o monyane haholo haho tlowa tabeng ya Monahano wa Modimo. Moya o Halalelang o susumeditse batho hoka ngola Bibele. Leha ele hore Moya o Halalelang o nka sebaka se setelele hoka etsa seo, Rona batho mehopolo ya rona eya fokola kamehla hore reka lekanya Modimo. Ka tsela ejwalo Modimo O itshenola ka Evangedi tsena tse nne.

I Timothea 3:16 Ruri sephiri sa Bomodimo seseholo: Modimo O bonahaditswe nameng,

Mattheu o hlalosa Jesu jwalo ka Morena “Tau ya Leloko la Jude” kamehla Jesu kamehla tlhaho e mobonahatsa ka ele morena wa 1 wa Israele, Morena Davida. Mareka, Poho kapa Namane, ohlalosa Jesu jwalo ka ya hulang ka thata Mosebeletsi. Luka wa ngaka, o bona Jesu jwalo ka Monna wa sebele, botho ba Modimo. Qetellong, Johanne, ka pono ya ntsu,o fana ka mohopolo o moholo wa semoya ka Jesu jwalo ka Modimo. Jwale mona morethethong ona o monate wa simphoni wa Evangedi, ka Yena Jesu Enwa oya bapalwa. Ka tsela tse fapaneng tsa Tshebeletso tsa Jesu ka medumo efapaneng. Evangedi tsena tse nne dihlaloswa jwalo ka dibata, tse potapotileng terone ya Modimo, ka hare ho Buka ya Tshenolo. Hake re batlalatse sena.

Jwalo kaha moporofeta Daniele a ile a bona bokamoso ka toro ya hae. Ka tsela ejwalo ka hare ho Mangolo, sebata sehlalosa matla. Matla a Daniele a ileng a wa bona lefatsheng mona. Dihlalosa matla a dipolotiki a nyolohang lefatsheng ao hoseng motho yaka a utlwisisang. Bala ka sena ho leqephe lena: https://churchages.net/st/study/setshwantsho-sa-daniele-ka-bokamoso-le-nako-e-fetileng-ya-baditjhaba

Bobedi Ezekiele le Johanne ba bone terone Lehodimong matla ana asemoya (Tau, Poho, Monna, le Ntsu). Dibata tsena tse nne disireleditse terone ao ke Matla A Jesu kreste.

Tshenolo 4:4 Mme hodima terone hone hole ditulo tse mashome a mabedi le metso emene: mme hodima ditulo hole badutseng hodima tsona, baapere diaparo tse tshweu;me barwetse meqhaka ya gauda.

5 Mme hotswa teroneng hole diaduma le mahadima: mme hone hole dikandelatse supileng tse neng dituka mollo, tseo eleng meya ya Modimo.

6 Mme kapele ho terone hone hole lewatle la kristale: mme hodima terone, leho epotoloha, hjole dibata tse nne.

7 Sa pele sene eka Tau, sa bobedi eka Namane, sa boraro eka sefahleho sa Monna, sa bone eka Ntsu efofang.

Baholo bao ba mashome a mabedi le metso emene baemetse bahalaledi ba meloko e leshome le metso emmedi ya Israele le baapostola ba leshome le metso mmedi ba Selekane Sesetjha. Meya ena esupileng e emetse tshebeletso tse supilengt tseo Modimo A tlilong ho disebedisa lemong tse 2 000 pale ya kereke ene esotleha ephela kotsing. Ka tsela ejwalo bata tsena tse nne dihlahella nakong ya Bajude Selekaneng Sakgale nakong ya Kereke ha jwale. Sebopeho sa Modimo hase fetohe hohang feela. O dutse Ale ka tsela ele nngwe feela. Ke yona tsela eo A sebetsang ka Yona feela.

Malakia 3:6 Ke nna Jehova hake fetohe;

Baheberu 13:8 Jesu Kreste ke Yena maobane, kajeno, le kahosa feleng.

Ezekiele 1:5 Mahareng hone hole teng dibata tse nne. Mme dine dile sebopehong; sa monna.

6 Mme se seng le seseng sene se nale mahlo a mane, le dipheo tse nne.

10 Hoya ka tshobotsi ya tsona, dine di nale difahleho tsa banna, le sefahleho sa tau, ka letsohong le letona: ka lehlakoreng le letsheadi ele sefahleho sa poho; dibile di nale difahleho sa ntsu.

Ho Bajude, Ezekiele o bone difahleho tsa dibata tsena. Ke yona tsela eo Modimo A ileng a Iponahatsa ho bana ba Israele nakong ya bona. Sena sebile bobebe ka nako eo, sebakeng seseng ka nako ele nngwe. Selekane se Setjha ka yona tsela eo, dine ditletse lefatshe lena, leano la Modimo ho fihlela sebaka ka nngwe lemong tse kabang 2 000 tsa pale, ka tsela ejwalo hoya ka nako. Tau ene e emetse moporofeta ho Israele hoya ka Lentswe la Modimo ho pale ya Bajude. Empa ho kereke,ebe Tau ho Selekane se Setjha sa Kereke ebolela tsela ya Baapostola. Eleng se emetseng baapostola ka nako tsohle. Kamora Buka ya Tshenolo, haho Buka enngwe e ileng ya kenyeletswa bakeng sa Kereke. Jwalo kaha baetapele ba ile batloha Lentsweng yaba barutana meetlo ya bona.

Poho ehlalosa ho setleha ha Bakreste ka nako ya Mengwaha e Lefifi.

Ka tsela ejwalo Johanne o bone dibata tse fapaneng hoka hlalosa Jesu kapa pale ya kereke.

Sena sene se emetse nako ena ya tsela ya Kereke eneng ele tekong ematla ya Satane.

Hoka bala hofeta mona oka fumana sena ho qephe lena: https://churchages.net/en/study/the-four-bodyguards-around-gods-throne/

Ezekiele 1:15 Jwale ka bona, bonang hone hole teng dibupuwa tse nne, ka difahleho tse nne.

16 Yaba ho hlaha sekang mabidi a koloi ya berile: mme ka bone dile fahleho: mme mesebetsi ya tsona ene eka mabidi.

Ezekiele o hlalosa sena ka semoya“mesebetsi” ene etshwana leha lebidi le potoloha. Dibata tsena tse nne dine ditshwana hantle ka tsela eo'ene ele ho sebetsa jwalo ka Jesu Kreste ho rona ha jwale. Ka tsela ejwalo ra qala ho utlwisisa seo. Jesu Kreste A aha Kereke ya Hae hoya ka Matt 16: 13 – 20. Seo ke Nnete ya Bibele, seo keha tshenolo entse etswella pele.Morena o nale leano le leholo (ka lebidi le kantle) re lokela hore re dule re fadimehile. Ha feela re ntse re hopola leano la Hae, ka mokgwa o jwalo (lebidi mahareng a lebidi) ke ho senola leano le leholo. Tshenolo hodima tshenolo. Leano lea fetoha. Kreste O sebedisa Meya ena e mene hoka hlola Satane. Kreste Otla tlosa Monyaduwa wa Hae pele ho Matshwenyeho a Maholo ho hlola Satane ka lemo tsena tse tharo tsa puso ya Hae. Evangedi etla kgutlela ho Bajude bakeng sa ntwa ya Armageddone ho lwantsha dira tsa Israele hoka tiisa sena ka lemo tse 1 000 tsa puso ya Bahalaledi. Sena ke sebitswang Lemokete.

Ka tsela ejwalo hoka sebedisa tshenolo ya Modimo ho bolela leano le leholo. Hake re shebe tshebetso ya mosadi nakong ena.

Kgahlano le sebolelwang ke iternet, ho tsela tse tharo tse hlalosang sena Jesu ha a bonahatswa. Hoya ka Mattheu le Mareka ke ntho ele nngwe feela eo, moo mosadi a totsang Jesu hlooho tlung ya Simone molepera"Lefu la Hae". Sena seetsahala ho Luka moo mosadi a tlotsang maoto a Jesu. Kgetlo la boraro sena seetsahala ho Johanne, moo Maria wa Bethania a tlotsang maoto a Jesu. Ho kopanya sena retla bona ha ntse re tswellapele ka thuto ena.

Hake re shebe se etsahalang ho Mattheu le Mareka:

Mattheu 26:6 Jwale ha Jesu Ale Bethania, tlung ya Simone molepera,

7 Hatla ho Yena mosadi ya tshwere albasta etshetseng setlolo se monko o monate, mme asetshela hloohong ya Jesu, ha badutse dijong.

8 Empa ha barutuwa ba Hae ba bona sena, banyatsa seo, bare, na ena ke tshenyo ekakang?

9 Hobane setlolo seo sekabe se ile sa rekiswa ka theko ehodimo, mme tjhelete ya fuwa bafutsana.

10 Ha Jesu a utlwile seo, are ho bona, Sekeng la kgathatsa mosadi? hobane a etsa selokileng ho nna.

11 Hobane le dula le nale bafutsana ka mehla yohle; empa nna eseng kamehla yophle.

12 Eleng lona lebaka le etsang a tshele mmele waka ka oli, o entse sena bakeng sa lepato laka.

13 Ka nnete nete kere ho lona, Ya tlang ho rera lefatsheng lena, hotla nne ho dule hole jwalo, seo mosadi enwa ase entseng, etla dula ele sehopotso ho yena.

Ebe ho Mareka:

Mareka 14:3 Yare ha Ale Bethania ntlong ya Simone molepera, ha a dutse dijong, hatla ho yena mosadi a tshwere alabastere etshetseng setlolo sa bohlokwa; mme yaba o tshwatla sena, o tshela hlooho ya Jesu ka sona.

4 Mme haba belaetse mahareng a bona, mme are, Hobang ha o seenya seo na?

5 Seo ekabe se rekisitswe ka tjheletse tharo, mme ya neuwa bafutsana. Mme bakorotla hara bona.

6 Mme Jesu are, Moleseng; le mokgathaletsang? O nale maokemisetso a lokileng bakeng sa ho Ntshebeletsa.

7 Hobane bafutsana le nale bona ka nako tsohle, leha ekaba eng se lokileng: empa Nna le keke laeba le nna ka nako tsohle.

8 O entse seo seneng sehlokahala: o tlotsitse hlooho yaka bakeng sa lebato laKa.

9 Ka nnete nete kere ho lona, hohle moo Evangedi ererwang lefatsheng lena lohle, etla rerwa ka yena.

Sena ka ho hlaka efela ele ntho ele nngwe, ka batho baleng teng. Sena kaofela ha sona se etsahetse matsatsi amabedi pele ho tsatsi la Paseka Mattheu 26:2 le Mareka 14:1. Bibele ebolela feela ka mosadi, ka tsela ejwalo hare tsebe hore ke mang. Ka hare ho Bibele mosadi o bolela kereke:

2 Bakorinthe 11:2 Hobane ke leboulella ka lerato la Modimo: hobane ketle ke lehlahise ho monna ale mong, hore letle lehlahe jwalo ka morwetsana.

Baefese 5:23 Hobane hlooho ya mosadi ke monna, esita le hlooho ya monna ke Kreste: mme ke mopholosi wa mmele.

24 Ka tsela ejwalo kereke e ikokobeletsa Kreste, basadi le bona ka tsela ejwalo ho banna ba bona.

Simone onale le emedi le itseng; “Simone molepera”. Sena sebonahala semakatsa Jesu, mofodisi, one a tjhakela Simone molepera eseng ho mofodisa.Haele hantle ntle hola Jesu One A ile a mofodisa ka nako eo ekabe asaka aba le leemedi. Hobaneng ha Jesu a saka a mofodisa? Ka phoso, Simone ebolela ya mamelang “momamedi”. Kereke kapa mosadi o lokela hoka mamela. Mamela seo Moya osebolelang. Mattheu le Mareka baemetse ke Tau le Poho hoya ka Tshenolo le Ezekiele. Tseo ene ele dibata tse pedi tsa bona. Kereke ya pele ya Diketso ka Evangedi eneng e sireleditswe ke Tau. Yaba Badumedi baqala ho sutha ho thuto ya Bibele haba ntse baqoswa ka tsela ejwalo. Banna ba sutha nneteng, ho qusuwa haho ntse ho tswella pele ka kereke ya Roman Catholic ebolaya mashome a dimilione a badumedi ka Mengwaha eLefifi. Nakong eo etshosang haholo, Morena A sireletsa badumedi ka moya wa Poho-eleng Matla A Semoya. Poho haese e qetile mosebetsi wa yona eya bolawa ejuwe bakeng sa nama. Ka tsela ejwalo badumedi ba sebele baile ba bolawa bakeng sa tumelo ya bona. Ka tsela eo ho kula ha Simone, lepera leja dinama tsa mmele wa motho. Sena ke maemo a kereke nakong ya Buka ya Diketso hofihlela nakong ya Mengwaha eLefifi. Puso ya Roma e ile ya bolaya milione tse 3 tsa Bakreste mahareng a 64 AD le 312 AD. Yaba kereke ya Catholic eqala ho rupella baradi ba yona “baheretike” badumelang feela seo Bibele ese rerang.

Ho bala hofeta moo Hlooho ya Jesu hofihlela moo maoto a Hae A tlotsuwang ho Luka le Johanne. Taba enngwe hape ka taba ena ke ena , ke hoya ka meetlo. Empa Bibele enepahetse ka taba ena. Ho tlotsa ka Oli ho bolela Moya o Halalelang. Selekaneng sa Kgale marena (Bala ka Saule le Davida tlotsuong ya bona). Ka tsela ejwalo mosadi enwa (kapa Kereke)etlotsa Jesu jwalo ka Morena. Buka ya Mattheu ebonahatsa Jesu jwalo ka Morena. (Tau hape etsebahala jwalo ka Morena wa hlathe, ka sebete, ka matla a makatsang). Sena hape ene ele seporofeto sa hore hape Kreste Otla latolwa jwalo ka Morena ke baetapele leho latela thuto tsa kereke ya Roman Catholic. Bobedi Mattheu le Mareka, Jesu o bua ka sebete “Mmele”oya tlotsuwa bakeng sa “lepato”ha hlooho entse etlotsuwa. Mmele o hlalosa Kereke:

Bakolose 1:18 Mme Yena eo eleng hlooho ya mmele, kereke: eo eleng qalo, Letsibulo la bafu; hore ntho tsohle dibe ka tsela eo.

Mmele one o kena Mengwaheng e Lefifi, empa hlooho ekeke yaeshwa. Dikereke tsa mekgatlo dika etsa tsohle, haele Kreste Otla dula a phela ka hare ho Kereke ya sebele.

Ketsahalo ya bobedi ho Luka moo mosadi a tlotsang maoto a Jesu. Ntho ena e etsahala haoka lebella ka tsatsi le etellang pele Paseka Luka kgaolo 22. Ho feta moo, lebaka ke hore Luka ene ele ngaka, hone hose kamoo aka sebone molepera Simone. Ho tlatseletsa moo, mosadi ho Mattheu le Mareka ba tlotsa hlooho ya Jesu eseng maoto. Tsena leha ditshwana seseng se etsahala ha Simone. Simone molepera o bua ka Mattheu le Mareka, Simone Mofarasi mane ho Luka, mme ebe Simone ntate wa Maria le Maretha wa Bethania ho Johanne. Judase ene eboetse ele ntate wa Simone.

Luka 7:36 Mme Mofarasi a kopa hoya dijong le yena. Mme a kena ha Mofarasi, le ho dula dijong le yenat.

37 Mme, bonang, mosadi motseng, eo eneng ele mosinyi, ha a tsebile hore Jesu o dutse ha Mofarasi, atla ka lebokose le tshetseng alabastere enang le setlolo setheko e hodimo,

38 Mme a kgumama maotong a hae a lla, mme a hlatswa maoto a hae ka dikeledi tsa hae, mme a mophumula ka moriri wa hae, mme a aka maoto a hae, mme a Motshasa ka setlolo seo.

39 Mme ha Bafarasi ba neng bale teng moo ba bona sena, a buela ka pelong, are, Monna enwa, haene ele moporofeta, ekabe asaka a dumella hore mosadi eo a moame: hobane ke moetsadibe.

40 Mme Jesu a moaraba are, Simone, ke nale taba eo ke batlang ho o bolella yona. Mme are, Monghadi, are.

41 Hone hole teng morui emong ya neng a nametswe ke batho ba babedi: ya neng a molato wa dinare tse makgolo a mahlano, mme emong tse mashome a mahlano.

42 Mme ene ere ha bahloleha ho lefa, yaba oya batshwarela. Mpolelle ke ofeng ya tlang ho morata ka hofetisisa, ke ofeng hara bona ya tlang ho morata haholo na?

43 Simone a araba are, ke nahana ya, ya motshwaretseng haholo. Mme are ho yena, O ahlotse ka nepo.

44 Mme a retolohela ho mosadi, mme are ho Simone, Oya mmona mosadi enwa? Ke kene ntlong ya hao, ha oyaka wa mpha metsi bakeng sa maoto aka: empa o hlatswitse maoto aka ka dikeledi tsa hae, mme a phumula ka moriri wa hae.

45 Hao yaka wa nkaka: empa mosadi enwa o bile le nako ya ho aka maoto aKa.

46 Hao ya tlotsa maoto aka ka oli: empa mosadi enwa o entse seo.

47 Ka tsela eo kere ho wena, dibe tsa Hae, tse ngata, ditshwaretswe; hobane anale lerato le leholo: empa ya tshwaretsweng hanyane, le yena o rata hanyane.

48 Mme are ho yena, dibe tsa hao ditshwaretswe.

49 Mme badula dijong baja, Ke mang ya tshwaretsweng?

50 Mme are ho mosadi, Tumelo ya hao e o pholositse; eya ka kgotso.

Ho Setshwantsho sa Daniele o bua ka tshepe ekopaneng le tshepe, Monyaduwa wa Kreste ha kopane le Roman Catholicism. Ho tloha ho hlatsweng, rea tseba hore re bua ka Mongwaha wa Kereke. Hoka fumana batsi ka taba ena leba ho: https://churchages.net/st/study/setshwantsho-sa-daniele-ka-bokamoso-le-nako-e-fetileng-ya-baditjhaba

Kamorao hore Kereke ya Roman Catholic ebalehe nnete, Modimo O ile A phahamisa monna ka lebitso la Martin Luther mane Germany. Ka ketelopele ya Moya o Halalelang Martin Luther ka sebete o ile a laola Europe eneng e nale matla a dipolotiki le Kereke ya Catholic eneng e hana molaetsa wa nnete:

Baroma 1:17 Hobane hoka tumelo: jwalo kaha ho ngodilwe, balokileng batla phela ka tumelo.

Sena se ile sa qala kaRenaissance e ileng ya lebisa mokgatlong wa Protestant se ileng sa lebisa lemong tsa bo makgolo a mahlano moo ba ileng latola taba eo ya kereke ba mpa ba mamela nnete ya Bibele mme ya qala ya hlaka ho batho.

Empa hlatsuo ehlakileng emane ho Luka le Johanne. Luka o hlahisa taba ya monna eleng banna ba kang Luther le John Wesley mane England ba neng ba bala Bibele mme batlisa batho nneteng ya Bibele. Eleng hore ka Moya o Halalelang ba lokela ho latela nnete eseng mohopolo wa kereke ya Roman Catholic. Moya wa Motho ho (Luka) ene ele tiiso ya kereke. Kereke ya sebele e ile ya tswella pele ka Moya o Halalelang. Nakong ena Simone o teng hape, empa ke emong enwa Simone. Simone wa Mofarasi. Mona sena sehlalosa tshenyeho ya kereke ka puso ya dikereke ka Protestant e nkileng kgopolo ya kereke ya Roman Catholic. Sena sene se emetswe ke maoto setshwantshong sa Daniele ho Baditjhaba. Mona Jesu ha A hlalose tlotsuo le lepato. Empa O bua ka dibe tsa mosadi tse tshwaretsweng. Sena setsamaelana hantle le tshenolo ya Luther, eleng eo Wesley a ileng a etlatsa lefatshe lohle. Mahlo a bona ane ale hodima thuto ya Roman Catholic ya pholoso ka mesebetsi.

Simone wa Mofarasi one a hlalosa seo. Bafarasi ene ele baetapele ba bohlokwa ba Bajude. Empa Jesu le Johanne Mokolobetsi, moporofeta wa sebele, haho moo ba ileng ba bua se setle ka Bafarasi.

Mattheu 3:7 Epa ha a [Johane Mokolobetsi] a bona Bafarasi le Basadusi ba tlile ho kolobetswa, are ho bona, madinyane a marabe, le tshositswe keng ho balehela bohale botlang?

Johanne, nakong ya hotla Lapele ha Jesu, o ile a bitsa baetapele ba Bajude “peo ya noha”, eleng seneng se emetse Kaine. Re hloka kgalemo. Na saena setla etsahala hotleng ha Jesu Labobedi? Raleshano ke motho ya buang seseng sefapaneng le sebolelwang ke Bibele ka taba tse senang bopaki ba Mangolo. Mme Jesu ke Nnete.

Taba ya boraro eo ebileng ele ya bohlokwa e etsahetse matsatsi a tsheletseng pele ho Paseka, Maria wa Bethania, ka bonngwe, sena ke notsebo boikgethileng. Leha ele molepera Simone kapa Mofarasi ha bao ketsahalong ena.

Johanne 12:1 Yabe Jesus matsatsi a tsheletseng pele ho Paseka o leba Bethania, moo Lazaru ya neng a shwele, ya ileng a motsosa bafung.

2 Yare ha badutse dijong; moo Maretha aba tsholela: empa Lazaru ene ele emong wa bona.

3 Yaba Maria o motshela ka oli, etheko ehodimo, mme atlotsa maoto a Jesu, mme awa phumula ka moriri wa hae: mme phapusi yohle ya tlala monko o monate.

4 Yaba emong wa barutuwa ba hae ya bitswang, Judas Iscariote, mora wa Simone, ya ileng a moeka,

5 Hobaneng ha setlolo seo sesaka sa rekiswa ka tjhelete tse tharo, mme tjhelete e ya sebediswa bakeng sa bafutsana?

6 Sena one asa sebui, esaeng hobane ane a hlokomela bafutsana; empa hobane ene ele leshodu, mme one a jere mokotlana, mme a utswa setswang ka hare moo.

7 Yaba Jesu ore, molese: otla boloka sena mohla lefu laka.

8 Empa bafutsana badula ba nale lona kamehla; empahaele nna nkeke kaba le lona kamehla.

Johanne oqonolla batho bakang Maria, Maretha, Lazaru, Judas Iscariot, le ntatae Simone.

Haho Mofarasi moo, eo eleng moetapele wa kereke, hoka paka taba ena.

Sena oka setshwantsha le Kereke ya Bosupa moo Jesu a emeng monyako wa kereke a kokota.

Johanne 10:14 Ke nna Modisa ya molemo, mme ke tseba nku tsaka,

Jesu O tseba nku tsa Hae. O dibitsa ka mabitso, O ile Aba A bitsa Lazaru ka lebitso. Ke lona lebaka le etsang hore A dibitse ka mabitso, ho nale lentswe la baetapele.

Tshenolo 3:14 Ho lengeloi la kereke ya Laodisea ngola taba tsena

Tshenolo 3:20 Bona, ke eme monyako, mme kea kokota: ha motho a utlwa lentswe laka, mme a bula, Ketla kena, mme ke je le yena, le yena le nna.

Jesu ha asa sebetsana le sehlopha sa kereke. Kereke ya ho qetela elatotse Lengolo. Jwale Jesu o kopa motho ka bonngwe.

Judase o emetse kereke ya tshiu tsa ho qetela ka baka la ho rata tjhelete. One ale kwetisong ya hoba moapostle, moetapele wa kereke. Empa, ponahatso ya matsatsing ana, one a le kgahlano le mosadi ya nang le tjhebelo pele hofeta yena. One a bile a batla boetapele bakeng sa tjhelete. Baetapele ba kereke barata tjhelete hofeta tsohle ba bile barata le bophelo bomanofonofo.

Nako feela eo Jesu a kileng a halefa ke bakeng sa tjhelete mane Tempeleng moo badumedi ba baholo baneng ba bapatsa ka tjhelete.

Hoka utlwisisa taba ena ya hlatsuo re lokela ho kgutlela morao pele ho Lazaru.

Johanne 11:1 Jwale hone hole teng monna emong ya neng a kula, ya neng a bitswa Lazaru, wa Bethania, toropong ya habo Maria le kgaitsedi ya hae Maretha.

2 (Ene ele yena Maria eo ya ileng a tlotsa Morena ka oli, mme a bile a hlakola ka moriri wa hae, eo moena wa hae eneng ele Lazaru ya neng a kula.)

Johanne ka botlalo o hlalosa sena, tabeng ena ka mahlakoreng, eo Maria ebile sena semoarola ho mosadi mane ho Mattheu, Mareka le Luka.

Johanne o bontsha sena ka botlalo.

Johanne 11:20 Yaba Maretha, hang feela ha a utlwa hore Jesu oyatla, a leba ho Yena: empa Maria one antse ale ka tlung.

Martha represents the Jewish nation which is Christ’s servant.

Pesalema 136:22 Esita le sehopotso ho Israele mohlanka wa Hae: hobane mohau wa Hae o hlola kamehla.

Isaia 41:8 Empa wena, Israele, o mohlanka waka, Jakoba eo ke mokgethileng, peong yaAbrahama motswalle waka.

Luka 1:54 O thusitse Israele mohlanka wa hae, ho hopola mohau wa hae;

Maria wa Bethania o emetse Monyaduwa wa Kreste ya tlang ho hlwibilwa ka sephiri.

Johanne 11:21 Yaba Maretha ore ho Jesu, Morena, hoja o bile teng mona, moena waka akabe a saka ashwa.

22 Empa, kea tseba, tsohle tseo o dikopang ho Modimo, Modimo Oya o neha.

23 Jesu Are ho yena, kgaitsedi ya hao etla tsoha.

24 Maretha are ho yena, kea tseba otla tsoha ka tsatsi la tsoho.

25 Jesu are ho yena, ke nna tsoho, le bophelo: ya dumelang ho nna, leha a shwele otla tsoha, otla phela hape:

26 Mme ya phelang leha a shwele otla tsoha. Na o dumela seo na?

27 Are ho Yena, ho feela hole jwalo, Morena: Kea dumela hore o Kreste, Mora wa Modimo, ya lokelang hotla lefatsheng.

28 Mme ha a boletse seo, atsamaya, mme aya bitsa Maria kgaitsedi ya hae sephiring, are, Morena Otlile, mme oya o bitsa.

29 Hang feela ha a utlwa seo, a ema ka potlako, mme atla ho yena.

Sena sehlalosa hotla labobedi ha Jesu Kreste. Tsoho ya Lazaru ebontsha tsoho ya bobedi pele ho tlhwibilo ha bafu batsoha ka lentswe la Jesu.

Monyaduwa wa sebele wa Kreste o ya tseba hore Bajude ke batsamaisi ba nako ba Modimo. Bala sena mona: https://churchages.net/en/study/israel-is-gods-stopwatch/Iseraele – batsamaise nako ba Modimo

Ka tsela ejwalo Bajude batla tsebisa Baditjhaba hore ke nako ya ho itukisa.

Ke kereke feela ya mongwaha wa ho qetela, Laodisea, eboneng ha Bajude ba boela hae Israel. Batsebahaditswe ele setjhaba ka 1948 mme ba hapa boholo ba naha ya habo bona ka 1967. Mme baphomola ka tsatsi la bosupa jwalo kaha Modimo A boletse ho Genese. Hahona naha e kileng ya hapa ntwa ka tsatsi la botshelela naheng tse tharo ntle ho bona. Sena sene sebontsha hore Modimo One A kgutlela ho Israel.

Re hlokomela hore temaneng ya 26 lea 27 e emetse Setjhaba sa Bajude, hantle feela 144 000 eo ho buuang ka yona ho Tshenolo 7: 3-4, bahlokomelang hantle feela hore Jesu ke Mora wa Modimo mme batla Moamohela.

Tshenolo7:3 Lare, Leseke lahlokofatsa lefatshe, leha ele lewatle, kapa difate, ho fihlela re tshwaya bahlanka ba Modimo diphatleng.

4 Mme ka utlwa palo ya batshwailweng: ene ele dikete tse lekgolo le mashome a mane a nang le metso e mmedi ya bana ba Israele.

Maretha "sephiring" a tsebisa Maria hore Jesu oyatla temaneng ya 28. Sena sebolela hore ho ho nale seseng se etsahalang ka Bajuda ha Jesu a etla bakeng sa tsoho. Sena sebile sebolela ha tlhwibilo etla nka sebaka. Kereke ya sebele elokela ho nka sebaka sa Israele.

Hezbollah o ile a etsa lebotho le matla haholo mane Lebanon le ileng la hloya Bajude haholo. Syria enale lebotho le matla haholo la Ma-Muslim le hloileng Bajude. Ha jwang Israele ephonyoha hara mabotho ana a mabedi a matla? Seo ekeke yaeba ntho e bobebe, esita le lebotho la Jewish Defence Force. Ka 2011, naha ya Arab Spring e ile ya dikanyetsa baetapele ba bona mane Syria. Ntwa ena ya bana ba thari Syria e ile ya kopa Hezbollah hoka bathusa. Ka lemo tse tsheletseng naha tsa Syria, tsa hlola moferefere o moholo ho Hezbollah le lebotho la Syria. Ele hore, ka mohau wa Modimo, Israele e ile ya leselwa ka dilemo. Hang hape Modimo wa sireletsa Israele.

Jwalo kaha Modimo A atamela ho Israele, sena ke ponahatso ya Kereke ya nnete.

I Bathesalonike 4:16 Hobane Modimo ka boyena otla theoha Lehodimong ka lerato le leholo, ka lentswe la arekangeloi, ka tlholo ya Modimo: mme bafu bashwetseng ho Kreste batla tsoha pele:

Na sena ke ponahatso ya nako ya ho qetela? Lentswe “tlholo” le bolela pele ho tsoho ya bafu.

Trump (Tlholo) o ile a kgethwa pele ka lemo sa 2016 hoba mopresidente wa Amerika sena se ile sa beha lebitso la hae haholo dipampiring ka nako e telele. Lebitso lena la hae le ile la makatsa haholo “Trump” ditabeng. Na Modimo O sebedisa tsela ena ya dipolotiki hoka re hlokomedisa ka tsoho ya bafu?

Ha morao, Jesu a fihla lebitleng la Lazaru:

Johanne 11:39 Jesu are, Tlosang lejwe leo moo. Maretha, kgaitsedi ya mofu, are ho yena, Morena, ose a nkga: hobane o se a nale matsatsi a mane lebitleng.

40 Jesus saith unto her, Said I not unto thee, that, if thou wouldest believe, thou shouldest see the glory of God?

John 11:43 And when he thus had spoken, he cried with a loud voice, Lazarus, come forth.

44 Mme mofu atswa ka lebitleng, a tlanngwe matsoho le lesela le mophuthetseng: le sefahleho sephuthetswe ka masela. Jesu are ho bona, molokolleng, mme le molese a ikele.

Lazaru o bile o bolela hape tsoho ya bashwetseng ho Kreste le Kereke ya Mongwaha wa hoqetela (One a hlokahetse ka matsatsi a 4). Hopola, pejana Martin Luther o ile a qala qaba ya marefomara.

Jwale kaha re se re nale kutlwisiso entle ka taba ena hare kgutleleng ho Maria wa Bethania ha a tlotsa maoto a Jesu.

Maria, o emetse Monyaduwa wa Kreste, kereke ya sebele, e iphumana kamehla maotong a Jesu.

Maria o fumaneha kamehla maotong a Jesu( Maria a wela maotong a Jesu (Johanne 11:32), a dula maotong a hae (Luka 10:39), a tlotsa maoto a hae (Johanne 12:3).

Sena sebolela kereke ya sebele, leha ele hore hanyane ho ngodilwe, etla dumela feela sebolelwang ke Lengolo. Maria o tsebile hore Jesu O tla tsosa ngwanabo . Hlokomela Maria ha aka a tsamaya le mosadi emong, ha aka a tsamaya le basadi ba bang ba babedi Maria ke lona leo hobane haesale a dumela ho Jesu le hore Jesu Otla tsosa bafu. Tlotsuo ebolela tsoho ya bafu.

Hopola maoto a setshwantsho sa Baditjhaba sa Daniele se emetse Kereke ya Mengwaha. Maria a tlotsa maoto a Jesu sena selebane le nako ya Kereke ya Mengwaha ya ho qetela le tsoho ya bafu.

Bahalaledi ba tsohileng bafung batla tsamaya ka maoto a bona ka tsatsi labofelo. Moena wa hae Lazaru one a nale yena, ho bontsha ho tsoha ha tumelo ka nako ya Martin Lutherefedile. Ho Johanne 12:7 Jesu o boleletse Maria ha aka boloka “ho beha” oli ena ebontsha Monyaduwa “boloka” Moya o Halalelang Otla boloka Monyaduwa ho fihlela tsatsi la hoqetela.

Mattheu 10:22 Mme letla hloua ka baka la Lebitso laka: empa sena setla nne sebe teng ka hosafeleng.

Mattheu 25:4 Empa ba bohlale batshela lampi tsa bona oli.

Ka tsela eo ba bang bakeke ba bona sena, re bona mohlolo ona wa tshenolo. Re nakong ya pheletso ya tshenolo ena. Hose hose hokae etlaba tsoho ya bafu hoya ka kereke e dumelang Bibele. Monyaduwa ya robetseng (eboloile mekgatlo) lefatshe letla menahanywa jwalo ka mmata, eleng nako ya mathata. Re lokela hoka kolobetswa ka Moya o Halalelang hoka utlwisisa Bibele. Haeba re nale oli ka hare ho lampi tsa rona, retla gona ho utlwisisa diphiri tsa Bibele. Haeba resa utlwisisi sephiri sena sa dibata tsena le Ntsu, ka tsela ejwalo eba taba ya hore ha rena tshenolo. Ho iphapanya tsena tsohle ke papadi.

Baefese 5:14 Moo areng, Tsoha morobadi, tsoha bafung, mme Kreste otla fana ka lesedi.

15 Lefadimehe le seke la tsamaya ka tsela esele, eseng jwalo ka mawatle, empa lebe bohlale,

16 Le lopolle dinako, hobane matsatsi a mabe haholo.

17 Hahole jwalo le seke la tshwana le basadumeleng, empa le utlwisise Morena.

18 Mme le seke la tawa ke veine, moo hole lesedi; empa le tlatswe ka Lentswe;

Mattheu 23:13 Ho madimabe lona, bangodi le bafarasi, ba baikaketsi! hobane le kwala lehodimo le hanela bathjo: hobane haho leamong wa lona ya kenang, mme etswe lesa badumelle ho kena.

Hola lene leka lekanya sena le matsatsing ana ao re phelang ho ona, ene etlaba taba ya hore baetapele bakereke ba keke bakena.

Baetapele ba kereke baentse phoso tse ngata hoo kajeno re nang le mekgatlo e 45 000 efapaneng. Phoso dihodima kereke, ke mang yaka fumanang nnete ya Bibele kajeno?

Bongata ba Bakreste kajeno, batshepahala ho baetapele ba kereke, batla latela baetapele ba bona ho lena Mahlomoleng a maholo.

Kereke, elaolwa ke moruti, haeya ngolwa ha eyo Lengolong. Lentswe “modisa” le hlaha hanngwe feela Selekaneng se Setjha. Sena sebolela hore modisa ha ana sebaka ka hare ho kereke.

“Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona!” — 1 BaKorinthe 16:23