Kereke ya Mengwaha - Laodesia karolo ya 2 - Matsatsi a Tshebeletso ya lengeloi la bosupa afelletse ka 1965



First published on the 9th of August 2020 — Last updated on the 9th of August 2020

https://churchages.net/st/study/kereke-ya-mengwaha-laodesia-karolo-ya-1-mongwaha-wa-bosupa-1906

 

Mengwaha ya kereke tse supileng mongwaha wa Laodisea. Lentswe lena lebolela "ditokolo tsa batho kapa tokafatso". Sena sehlalosa nako eo re phelang ho yona. Emong le emong obatla ditokelo tsa hae. Empa haho boikarabelo bo boholo ho seo. Wa rona ke mongwaha wa hoqetela jwale, oqadileng ka lemo sa 1906 ka tsholoho ya Moya o Halalelang mane Azusa Street hola Los Angeles, California. Ka lemo sa 1917 motsamao wa Tsholello. Nnete eile ya bonahala ho batho kapa hona ho senoha.

Ntho eo eneng ele yona ya bohlokwa ene ele ho dula ho Bibele.

DANIELE 12:9 Mme are, ikele, Daniele: hobane mantswe ao akwahetswe hofihlela nako ya teng.

Nako ya pheletso, Modimo O lebeletse hore Bakreste ba mamele Bibele. Peo etlang ho kotulwa kerekeng ya bosupa elokela hore etshwanang le ya kereke ya pele. Oo ke molao wa tlhaho. Modimo ha Asoka Aba le kereke etlang tshwana le kereke ya pele. Ke lona lebaka le etsang hore re bolokehe. Modimo Obatla hore neha leihlo letshwanang lela ntsu hoka bona ditebileng, jwalo kaha A ile A senola ho kereke ya pele, mme seo salahleha Mongwaheng eLefifi. Jwale nnete eya hlahella hape.

Re lokela ho hlokomela nnete ya Mangolo, kapa mohopolo wa sehlopha sa pagane ekabang 45,000 ka kereke tse fapaneng. Ona ke moferefere oo re lokelang ho oqoba, jwalo ka kereke edumelang Bibele leho iphapanya yona, phapang ya maikutlo, leho thulana ha mantswe.

61-1119 TOKAFATSO YA MATLA A NEPAHETSENG KA BOFOKODI BONEPAHETSENG

Oho, hlena, obua ka sekwahelo sa ketlele: mademona a mathang hohle mona, matla amademona tlasa lebitso la Bokreste, dithuto le ditaelo tsa batho, dithuto tsa theologi mane diseminaring, re lesa thuto ya Bibele.

Ntwa ya Pele ya Lefatshe ene ele tlasa bobusa notshi ba Russia le Europe.

Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe ene ele tlasa bobusa notsi ba Hitler alokolla mademo a ntwa hodima Israele, jwalo kaha re bone ka Holocaust e ileng ya bolaya millione tse tsheletseng tsa Bajude. Ha polao e emisa, yaba mademona ana akena ka hare ho kereke. A ile a bolaya bana hore ba seke bakgutlela ho tumelo ya Bibele ya bontata bona ba baapostola ba Lekane Sesetjha. Hose dumele lefu leo le sehlooho.

61-1119 TOKAFATSO YA MATLA KA BOFOKODI BONEPAHETSENG
Mme, moena, sekgurumetso sa dihele sebulehile (Hantle feela.) phallo ya mademona esa reising kae feela. Ehapa setjhaba. Ehapa dipolotiki tse bodileng. Ehapa ditokelo tsa kereke hofihlela re sena letho.

Ntweng ya Pele ya Lefatshe eqadileng ka 1914-1918, basadi Europebane basebetsa difektring bakuta meriri ya bona jwalo ka banna. Hobaneng bane basa kenye dinete hloohong tsa bona ho nale ho kuta? Ntweng ya Bobedi ya Lefatshe bane bakenya dinete dihlooho tsa bona jwalo ka sireletso ya moriri. Ka tsela ejwalo diabolosi a thetsa banna le basadi, kaho tlisa maemo, hore baseke ba mamela Mangolo.

I BAKORINTHE 11:14 Na tlhaho ha eleruti, hore, ha monna ahodisa moriri, ke dihlong ho yena?

Mosadi ha asa kuti moriri ke ponahatso ya tlhompho ho ntatae, mme hamorao ho monna wa hae ha anyalwa.

I BAKORINTHE 11:15 Empa ha mosadi a hodisa moriri wa hae, ke kgalalelo ho yena: hobane moriri ke kgalalelo ho yena.

5 Empa ha mosadi aporofeta kapa a rapela asa rwala ke dihlong seo: hobane ho tshwana leha aka beola hlooho ya hae.

6 Hobane mosadi ya sa rwalang, ha a bonahatse: haeba ele dihlong ho mosadi, ha arwale hloohong ya hae.

Haeba mosadi akuta ke dihlong, ho monna wa hae.

BAEFESE 5:23 Hobane monna ke hlooho ya mosadi, leha jwalo Kreste ele Hlooho ya kereke: ...

24 Hahole jwalo kerek e ikokobeletsa Kreste, le mosadi a ikokobeletse monna wa hae dinthong tsohle.

Kereke ke Monyaduwa wa Kreste. Ka tsela eo mosadi ha akuta hlooho ya hae o nyatsa monna wa hae, mme jwalo kaha Kreste ele hlooho, Eo eleng Lentswe. Kereke haesa kgahlwa ke Mangolo. Hlooho elaola mmele. Empa kereke ya jwale hae batle ho laolwa ke Bibele. Lemong tse mahareng a Ntwa ya Pele ya Lefatshe le Ntwa ya Bobedi ya lefatshe, ebile thuto hara batho. Mohlala, William Temple, bishopo wa Manchester mme alatelwa ke Arekabishopo wa Canterbury, ya ileng akgetha dipolotiki ka hodima boevangedi.

Ka lemo tsabo 1920 ho ile haeba le moferefere otshosang haholo Ntweng ya Pele ya Lefatshe. Rasaekholoji Freud aruta ka thobalano. Sena ene ele sebe setshosang haholo, eleng se ileng saetsa hore Eva afumane kahlolo pelehing. Modimo O dumella thobalano lenyalong feela. Eleng seo batho basa setsebfng hore thobalano ke sebe.

I BAKORINTHE 6:18 Qobang bofebe.

Bofebe ke thobalano ntle ho lenyalo.

MAREKA 10:11 Mme are ho bona, leha ekaba mang ya hlalang mosadi wa hae, mme anyala emong, oya feba.

12 Mme ha mosadi a hlala monna wa hae, mme anyalana le emong, oya feba.

Haeba lenyalane ka molao mme le hlalana, ha lesa hloka ho nyala hape. Haeba le etsa seo, lea feba. Kereke tse ngata ha jwale diahladisa. Ona ke mongwaha wa thobalano ka bolokolohi, eleng setlang ho tswelella jwalo ho Ntweng ya Bobedi ya Lefatshe. Phatlalatso ya thobalano lemong tsabo 1960 ka pilisi ya ho thibela pelehi, mme ya tswella jwalo leka mmino wa Rock and Roll. Bongata ba dibini tse tsebahalang tsa tswella jwalo, mme baeshwa bale lemo tse kabang 27.

Mmino wa Beat, lerato le lokolohileng, dithetefatsi, mme sena sa mathela ho bente ya Beatles hotswa England, se ileng sa hlahella ka 1963. Hoeketsa sena, 1963 ene ele nako ya dimini skethe, eleng sebontshang ho tsola. Ka 1963, basadi ba bangata baqala ho etsisa banna ka marikgwe. Satane one aleka kamatla ho bolaya batjha kaho semamele Bibele.

Hobaneng? Hobane hotswa keho iphapanya Bibele hang feela Moena Branham asenola Ditiiso tse tsheletse diphiri tsa tsona.

65-0123 NKGO TSE SENYEHILENG

Mme kea ipotsa hore ebe America e ipitsa setjhaba sa Bakreste na, mme boteng ba Modimo; mme selemo ka seng, basadi barona, batswella ho tsola. Mme olokela ho apara. Mme jwalo kaha leapere Kreste, ka maemo ohle. Ka nako enngwe ke bona seterateng, kebe ke ipotse hore ebe motho enwa ofelletse mohopolong na. Ekare ha baya fella ka seo, seo baseetsang, baiketsa bodiabolosi, kaho rekisa meya ya bona diheleng. Hantle feela

I TIMOTHEA 2:9 Ka yona tsela eo, basadi le bona baapare ka tshwanelo,

DEUTERONOMi 22:5 Monna aseke a apara aparo tse etseditsweng monna, monna le yena aseke a apara tse etseditsweng mosadi: Hobane ke manyala pela Morena.

Kereke tsa sejwale jwale dibona seo ese sabohlokwa diaparo dile molemo ho bona. Baiphapanya Mangolo. Leha hole jwalo, Bibele ka trinity esenang bomodimo ere isang Armageddon.

TSHENOLO 16:13 Mme ka bona meya emeraro etswa molomong wa dragone, le molomong wa sebata, le molomong wa moporofeta wa bohata.

Dragone ke Satane. Sebat5a ke kereke ya Roman Catholic eo eleng mme wa tsohle tse seng Mangolong. Moporofeta wabohata ke tumelo ya Catholic, eo eleng Pope. Ena ekgopo Trinity kea Satane.

TSHENOLO 16:14 Hobane ke meya, eetsang mehlolo, etswelang lefatshe lohle bakeng sa marena a lefatshe, eba lokisetsang ho lwana le Modimo Omatla Ohle.

Ho nale meloko ekabang 1,200,000 ya bainehelang ho Roman Catholic. Ke kereke ekgolohadi. Trinity wna ya Diabolosi eetsahatsa mehlolo ka lefatshe lohle, ekopa bao eleng maloko akereke ya-Catholic le maloko a kereke ya Protestant ka mekgatlo elekanang. Akabang 600,000 hoa 800,000 a Protestanta lefatsheng lena kajeno (in 2018). Mokgatlo ona wa tumelo ya Protestant esetshwantsho sa sebata eleng Roman Catholic. Mohlolo wa hoqetela ke wa moruo wa setshwantso sa Protestanta ekopanya sebata, kereke ya Roma. Jwalo kaha trinity ta Satane ehatella batho hoya Armageddone, Jesu ohlokomedisitse seo. Ha abolele hore re seke ra pholoswa. Ha abolele hore re halalele. Ha Abolele hore rebe le kolobetso ya Moya o Halalelang. Sena ke taba ya dikereke nakong ya hoqetela. Tsena ke taba tsa bohlokwa.

Empa Jesu Ohlokomedisa ka bodemona. Ha leqhubu la tsunami lene le kenella, batho bane bahlokomediswa ho baleha. Ha baya lokela ho pheisana. Ka moya wa tsunami efielang dikereke, keletso ho rona ke hore re balehe. Ebe ke tlhokomediso ya hoqetela, Jesu Ore, "Hlokomelang tsela eo le aparang ka yona". Mahlong a Modimo ho apara ke ntho ya bohlokwa. Hao apere diaparo hadi lokela ho hlahisa karolo e itseng ya mmele.

TSHENOLO 16:15 Bonang, Ketla jwalo ka leshodu. Ho lehlohonolo ya lebellang, mme a ikapesa, aseke atsamaya ale feela, mme ba bona bofeela ba hae.

Ke hobaneng hole bohlokwa ho apara oseke wa hlahisa mmele wa hao?

Monna kapa motho ya neng a tsotse pela Jesu keha ane A bona 'Legione', ya neng a nale mademona.

Ka tsela ejwalo mademona a aparo tse bontshang karolo ya mmele. Mme ahlahisa mmele, ka nako eo abonaletsang.

LUKA 8:26 Mme bafihla naheng ebitswang Gadarenes, oleng haufi le Galilea.

27 Mme ha Akena hara motse, ke moo akopanang le monna, ya hlasetsweng ke mademona ka nako etelele, mme asa apara mmeleng, mme asa dule leka tlung, empa adula mabitleng.

LUKA 8:35 Yaba batswela ntle hoya bona seetswang; mme batla ho Jesu, yaba bafumana monna, ya neng anale mademona atswile ho yena, adutse maotong a Jesu, a apere, mme ale mohopolong wa hae, mme baile batshaba.

Nakong eo akgutlelang mohopolong wa hae hape, ntle leho bolellwa ke motho, yaba oya ikapesa. Ka tsela ya Bibele ho apesa mmele wa hae. Kotsi mongwaheng ona ke moaparo. Taba ke mademona aba hlobodisang.

61-1119 MATLA A SEBELE BOFOKODING BASEBELE

Ke mang ya nang le matla asebele, ke mang ya bohlale bolekaneng? Ke mang ya nang le matla aho hlobodisa basadi lebitsong la bareri, Methodist, Baptist, esita le Pentecostal? Ho penta difahleho tsa bona jwalo ka Jezebele, kaho boba meriri ya bona, ho apara marikgwe jwalo ka banna, bareri ba rona, basena sebete sa ho babolella: ba nale mademona ... Ene ele legione ya neng a tabola diaparo tsa bona. Ke mang ya rurang jwalo ka ledimona?

Mademona ohle aneng ale ntweng tse pedi tsa lefatshe akena ka hare ho kereke ha jwale, atsodisitse basadi. Lebella basadi ka hare ho dikereke kamoo baaparang ka teng.

Ana mademona a lokolotswe ke mmusa notsi Hitler. Kaho nyatsa batho. Tsela eo basadi baaparang ka yona, hang feela haba mamele. Mmusa notsi wa mademona wa basadi.

I PETEROSE 3:1 Leka tsela eo, basadi le bona, ikokobeletseng banna ba lona;

Empa batho ba kereke baapara kamoo ba batlang. Seo ke tokelo ya bona, ba bolela jwalo. hlokomela phapang 'tokelo' le 'boikarabelo'.

TSHENOLO 16:16 Mme aba bokella mmoho ka leleme la Seheberu Armageddone.

Ka tsela ejwalo kereke ya sejwale jwale elebile Matshwenyehong, bathetsitswe ke mademona. Ho bolokeha keho qoba dihele. Ho bolekeha ke ho qoba Matshwenyeho. Pholoso hoqoba dihele hase ka mesebetsi, keka pako feela. Empa re hloka nnete ya Bibele hoka etsa seo.

BAFILIPI 2:12 ... sebeletsa poloko ya hao ka boikokobetso.

Ha kereke entse etsa diphoso, re lokela ho batla nnete hofihlela pheletsong.

MATTHEU 10:22 ... empa ya mamellang ho fihlela qetellong otla bolokeha.

Ke Bibele eka re thusang nakong ya tsoho ya bafu, leho fetoleng mmele wa Monyaduwa ya phelang.

BAROMA 8:23 Mme eseng bona feela, empa le rona hape, banang le matsibulo a Moya, esita le rona re llela ka hare, re emetse kamohelo eo, ya rona, poloko ya mmele ya rona.

Re lokela ho ithuta haholo.

II TIMOTHEA 2:15 Ithute hoka rua tsebo,

BAFILIPI 3:11 Haeba nka fihlela tsoho.

Sena ke tsoho ya bafu bakeng sa Monyadu mongwaheng wa kereke. Paulose one asa nke poloko hanyane, leha ene ele monna wa semoya. Lebaka leo tshebeletso ya Moena Branham eneng esenola diphiri tsa Bibele hore retle re tsebe hoba Monyaduwa. Kereke e entse mosebetsi omotle wa hoisa batho diheleng. Hobane haba rute Lentswe. Bamamela motho emong, ho nale Jesu eleng Lentswe, ho bolelang hore bakeke banyalana le Jesu. Mosadi wa Hae olokela ho ikokobeletsa Lentswe, eleng Bibele.

Ka 1963, William Branham o ile a senola Tiiso tse Supileng tsa Tshenolo 6. Sena ene ele senotlolo sa ho senola Nnete. Sena se ile sa senola tsoho ya Roman Catholic eleng antikreste mongwaheng wa tumelo ya ho kereke tsa Protestant. Lentswe le senotsweng hoka sireletsa Bajude, leho kgutle ho Bajude pele ho Matshwenyeho. Kganya etima lefifi. Pope John 23 ashwa ka 1963, le John Kennedy, mopresidente eo eneng ele wa Catholic wa America, o ile a fenethwa ka 1963. Lentswe la qala ho senoha ka matla ho kereke tsa Pentacost.

 

 

Ntwa ya Pele ya Lefatshe ene ele o laolwang ke bobusa notsi.

Polao esehloho ya Ntwa ya Pele ya Lefatshe 1914-1918 ene ehlokeha hoka kgetha batho bana. Sehloho sa moya wa bobusa notsi ka polao Europe.

Sehloho sa Feberu ya Spanish ka polao ya batho ba 65 million, habasa fete moo, ka lemo sa 1918-1919. Sena se ile sa siya batho batshohile haholo. Modimo One A halefetse mokgatlo wa Pentecostal hoo o ileng wa arohana ka 1917. Lentswe "mokgatlo" ha leo ka hare ho Bibele.

Ka tsela eo batjha ba lokela hoshwa. Ka tsela eo kehotswa hoo.

Kamora hore Napoleon ahlolwe ka 1815 Europe ya rua, mme batjha ba hae baneng batshwerwe hantle ka 1914. Bane bahlekefetsa, ka dimillione tsa bona, kaho hloka kelello ka dithunya tse kotsi. Ho hola ha moruo, leho hola ha setjhaba. Setjhaba sene sehola ka matla. Polao esehlopho ya setjhaba, ene ele seo sehlokwang bakeng sa naha, kaho dumella batho hoka rua. Moya wa bobusa notsi wa Ntwa ya Lefatshe ya Pele mahareng a (1914-1918). Mmuso one o nale matla ho batho, mme one o laola setjhaba.

 

 

Ka 1906 Pentecost ya qalella ka motsamao wa Moya o Halalelang. Ka bomadimabe, ka 1917 Pentecost ya fetoha mokgatlo, jwalo kaha batho baile ba batla ho laola Moya. Ho leka ho laola Moya ha kereke tsa Pentecostal. Sena ene ele setshwantsho sa sebata kereke ya Roman Catholic, moo Pope aneng a laola kereke ya Roman Catholic jwalo ka mmusa nosi. Modimo A halefa haholo, moo ka 1917 Atsosa sebetsa se senang Bomodimo Russia, ele hoahlola America. Hopola Modimo nakong efetileng O ile A sebedisa pagane Babylon Selekaneng Sakgale hoka kgalema Bajude baneng basa utlwe.

Ka 1917, Lenin o ile aropmelwa ho Russia ke Germany hoka qala motsamao wa Russia ntweng. Sena ene ele mohlolohadi wa makomonisi a Russia hoka qala ntwa kgahlano le Germany ntweng elatelang. President Wilson wa America le ma- Allies baetsa eka batlisa kgotso ho Germany seo eneng ele moferefere. Maemong ana asa tsitsang a banna ba mmuso. Pele ele ho hapa matla, eleng ho tsebahala, ene ele Lenin mane Russia. Lenin one ahloile bodumedi, mme atshaba tshusumetso ya bakreste. Tumelo ya hae kaofele ene ele ho bokomonisi. Meharo ya matla, ho batla matla ka diphaka, o ile a bolaya ka sehloho. Atlisa matla a metjhini ebolayang ka sehlooho, kaho tsebahala Ntweng ya Lefatshe. Ka 1924, Lenin ashwa mme Stalin anka marapo, mme haisa isa Russia ya bolaya dimillione.

Ka 1922, Mussolini anyoloha ka matla mane Italy, hoka tiisa taba ya ho rata basadi ka nyatsi tse 169. Pope athibela moprista hoka nka karolo kgethong kgahlano le Mussolini. Sena saetsa hore Mussolini ahlole dikgetho. Bofokodi ba monna ka makgetlo a mararo: botumo, basadi, le tjhelete.

Lenin one anale botumo, Mussolini basadi. Tjhelete Kgethong ka lemo sa 1929, ha putlamo ya moruo ka Hitler ha ahapa Germany. Ka 1929, Mussolini aba kgahlano le Vatican City. Ke motse omonyane kahofetisa lefatsheng hoya ka pono ya Daniel jwalo ka "enaka le lenyane". Kereke ya Roman Catholic obolela mosadi, sehlola, ho Tshenolo 17. Ebolela ele sehlola, selaolang lefatshe, hantle feela hoya ka Bibele. Howa ha moruo ka baka la Mussolini.

TSHENOLO 17:1 Yare ha mangeloi a supileng atla ka dinkgo tse supileng, mme a bua le nna, are ho nna, Nyolohela kwano; ketla obontsha kahlolo ya bofelo ya mosadi ya dutseng hodima metsi amangata:

3 Yaba onkukela lehwatateng: mme ka bona mosadi a dutse hodima sebata se mmala wa sekareletsa, ka mabitso a nyefolang, se nang lehlooho tse supileng le dinaka tse supileng.

9 Mme ke ona mohopolo onang le bohlale. Dihlooho tse supileng ke dithaba tse supileng, tseo mosadi a dutseng hodima tsona.

18 Mme mosadi eo o mmoneng, olaola lefatshe lena lohle.

Sena sebonahala jwalo ka Rome, Motse o Hodima Thaba tse Supileng. Tlasa Republic ya bona, hoya mane 500 BC, MaRoma a ile a aha lebota (o mmala omotala balehodimo) ho potopoloha thaba tse supileng. Lebota lepotoloha Motse. Ke ona otsebahalang ka thaba tse Supileng. Lehlakoreng le leng obitswa Vatican. Ka 324 AD Constantine o ile a aha kereke Vatican sebakeng sena mme seo senkile dilemo.

 

 

Empa totoma hase thaba. Ka tsela eo ho teng sephiri tabeng eo.

Mme motse wa Rome hao buse lefatshe. Ka 2018 hobile le 48 ya babusi ba Italy kamora Mussolini ya shweleng ka 1945. Mmusi ka mong selemo le selemo. Ebolelang "thaba" hoya ka seporofeto? Nebuchadnezzare, morena wa Babylon, obile le toro ka mmuso wa Baditjhaba: Babylon, Ba-Mede le Persia, Magerike, le Baroma.

 

 

Moporofeta Daniele obone lejwe le otla Seemahaleng sa Baditjhaba.

 

 

Seemahale sa heleha mme majwe afeta Thaba.

 

 

DANIELE 2:36 Yare ha lejwe leotla maotong la fetoha thaba, mme la tlala lefatshe.

 

 

Mme sena seetsaha hotleng laboraro ha Morena Armageddon.

DANIELEE 2:44 Matsatsing a marena ana Modimo wa Lehodimo Otla wa beha, ao akekeng a senyeha: mme haho mmuso otlang ho sala, empa etla kgaoha dikotokoto, mme etla ema kaho safeleng.

Thaba ehlalosa mebuso.

Lemo tse 1000 tsa kgotso, ha Jesu Abusa lefatshe kamora Armageddone, dibitswa Lemokete. Ona ke Mmuso Otlang behwa ke Modimo. Mattheu 13 otletse ka ditshwantsho "mmuso wa Mahodimo". Sena ke lemo tse 2000. Ho bolelang hore Mattheu 13 ehlalosa kereke tse supileng tsa mengwaha. Kereke ka nngwe ehlalosa thaba eo Modimo le Satane ba lwanang teng.

 

 

Ka 852 AD Pope Leo 4 a aha lebota la pele Vatican.

Hoka epotoloha, Vatican ya fetoha Motse wa Vatican. Ka 1870 Pope o ile abewa semmuso Motseng wa Vatican. Haho sana lebota ho potoloha Rome. Rome hase sera sa nnete – ke motse opotilweng ke lebota Vatican.

TSHENOLO 17:9 Mme ke ona mohopolo onang le bohlale. Dihlooho tse supileng ke dithaba, tseo mosadi a dutseng hodima tsona.

Kereke ya Roman Catholic ke seta sa Modimo hobane edutsse hodima thaba tse supileng, tseo eleng setshwantsho sa sera. Yaba, ka 1929, mmusa notsi Mussolini akgutlisetsa motse wa Vatican jwalo ka motse omonyane lefatsheng. Sena saetsa hore motse wa Vatican "omonyane" lenaka la seporofeto sa Daniele.

DANIELE 7:8 Ka bona dinaka, mme, bonang, ha hlaha lenaka le lenyane, moo apele aneng ale teng: mme, bonang, hodima lona ha hlaha mahlo ekang a motho, mme ka molomo sebua ntho tse kgolo.

Merabe eleshome ya Barbariane ya thusa bakeng sa qhalo ya puso ya Roman, mme ya thusa hohlahisa Pope jwalo ka moetapele wa Europe. Meloko emeraro ya barbariane tsena ene ese-Matrintasi. Motrintasi Pope o ile apholoswa ka 533 - 554 AD, ha mmusi Constantinople afenetha bao eseng Matrintasi Roman Catholics mane Italy mmoho le North Africa. Meloko ena emeraro ene ele Vandals mane North Africa, le Heruli le Ostrogoths mane Italy. Ka tsela eo, jwalo kaha Europe e ileng ya wela Mengwaheng eLefifi ka lemo tse makgolo kgolo, hone hose bao baleng kgahlano le thuto ya Trinity. Ka tsela eo, ha Reformation eqala, batho banka Trinity hanyane. Ene ele seo baneng base rutuwe.Yaba, boporofeta ba Daniele boya fetoha ho MaGereke, jwalo kaha puso ya Alexander Great earohana koto tse nne. Alexander ohlaloswa ele lenaka leo, kapa ya moholo, ka kgapo.

DANIELE 8:8 Ka tsela eo podi ya hola: yare haese ele matla, lenaka le leholo la robeha; ha hlaha meya emene hotswa Lehodimong.

Mmuso wa Alexander Great, kamora lemo tse 20 tsa ntwa, wa arohana koto tse nne. Greece (ebonahalang ka botala), Asia (ka bosehla), Egypt (perese), le Thrace ene ele mebuso emmedi (ka mmala omofubedu). "Meya emene ya Lehodimo" ehlalosa hore ho nale kamano ya Lehodimo. Sena ene ese feela ntwa. Taba ya semoya ya Pontiff kapa moprista ya kgopo, empa kgahleho, diphiri tsa Babylona tse neng dikgutlela Babylona ho motse wa Pergame. Pergame, jwalo ka puso ya SeGereke, hoka fetoha setulo sa Satane.

 

 

TSHENOLO 2:12 Ngolla lengeloi la Pergame ore;

13 Ke tseba mesebetsi ya hao, le moo otsamayang teng, eleng setulo sa Satane

DANIELE 8:9 Mme ho yona ha hlaha lenaka le lenyane, le ileng la tswella pele, ho leba bophirima, hoisa botjhabela, leho leba hara naha.

Nimrod ene ele ntate wa basadumele nakong ya Morwallo wa Noahe. O ile a aha Tora ya Babele mane Babylona. Ho bolelang pagane Babylona esale ele sera sa Modimo ka mengwaha. Daniele o batlisisa taba ena ya diphiri tsa Babylona hotswa ho Pergame ya Segerike (koporo setshwantshong sa Baditjhaba) ho pagane Mmusong wa Roma (tlhafu tsa tshepe tsa setshwantsho sa Baditjhaba). Yaba tshepe eya fetoha ho pshatleha ha mmuso wa Roma, yaba Pope onka sebaka sa Pontiff ya diphiri tsa Babylona. Boporofeteng bona ba naka tse nyane (diphiri tsa pagane Babylona) tsatswa mebusong ya BaGereke. Lysimachus, mogenerale wa Alexander Great, alaola mobuso wa Thrace (ka mmala o mofubedu). Pergame ene ele karolo ya mmuso oo. Ke hona moo Babylonian Pontiff aneng a dula teng.

Ha mmuso wa Lysimachus owa hamorao, ho ile ha hlaha ntwa Pergame mahareng a 281-133 BC, oneng otshwere motse wa Pergame (kapa Pergamum) jwalo ka motse moholo.

 

 

Ene ele moo motse wa Pontiff ya diphiri tsa Babylonian trinity diileng tsa balehela teng Cyrus ha Persia ehapa Babylona. Morena wa bapriesta Attalus III afana ka mmuso wa Pergame ho Rome ha ashwa ka lemo sa 133 BC. Diphiri tseo tsa Babylona diile tsa neuwa Rome, mme ka lemo sa 63 BC Julius Caesar antsha tjotjo hore ebe yena Pontiff ya diphiri tsa Babylona. Babusi bohle ba Roma baile banka setulo sa Pontiff.

 

 

Ka 378 AD, Theodosius afetoha mmusi wa Roma, mme ahana ho nka setulo sa Pontiff. Ka 400 AD Pope o ile a ipitsa Pontiff. Ho bolelang diphiri tsa Babylona tsa kena ka hare ho kereke ya Roma mme ya fetoha hoba Sephiri Babylona, ka sephiri seseng Mangolong sa thuto ya Trinity haho motho yaka hlalosang seo. Puo tse ngata tse leng siko Mangolong tsa tlhaloso ya Trinity.

Mantswe a latelang ha ayo ka hare ho Bibele:

Leha hole jwalo "Modimo Ntate" Oya hlaloswa Selekaneng Sesetjha. Haho moo ho buwang ka "Modimo Ntate" Selekaneng Sakgale. MaTrinitasi ha akgone ho hlalosa seo. Sena sea makatsa ruri, "Modimo Mora" le "Modimo Moya o Halalelang" bateng ka hare ho Lentswe. Ebe Modimo ha Ana Lebitso. Batho ba bararo ha bana Lebitso. Botsa Mokreste ka seo, "Lebitso la Modimo ke Mang?" Hlokomela tsilatsilo eo. Haho lea mpong hara kereke tsa Trinity yaka oarabang.

Matrintasi baphethapheta taba, "Lebitso la Ntate, Mora le Moya o Halalelang", empa haho Lebitso moo. Maemedi a mararo. Ke yona pherekano ya mohopolo wa Trinity oleng teng oqadileng mane Lekgotleng la Nicene ka 325 AD, mme wa hatela pele ka Constantine. Odutse oferekanya ka nako tsohle. Empa mehleng ya lengeloi la bosupa diphiri tsohle tsa Modimo ditlabe difedile.

TSHENOLO 10:7 Empa mehleng ya lentswe la lengeloi la bosupa, ha leutlwahatsa lentswe la loma, diphiri tsohle tsa Modimo ditlabe difedile, jwalo kaha Alaetse bahlanka ba Hae baporofeta.

Ka tsela eo Moena Branham, jwalo ka lengeloi la bosupa, o lokela ho senola Jesu kantle jwalo ka Motho, empa kaho Yena Botlalo bohle ba Modimo.

BAKOLOSE 2:9 Hobane botlalo bohle ba Modimo bodutse ho Yena ka nama.

Ka tsela ejwalo Modimo ya neng Atsama ho Bajuda ka Nama Oka ho rona jwale. Jesu O ile Ashwa Aromela Moya wa Hae kaho rona. Modimo Oya halalela ka tlhaho. Moya ke karolo ya Modimo. Ka tsela eo Modimo ke Moya o Halalelang.

MATTHEU 1:20 Yare asa nahana sena, bonang, lengeloi la Morena la hlaha ho yena ka toro, lare, Josefa, mora Davida, setshabe ho nka Maria mosadi wa hap: hobane seemotsweng ke yena kesa Moya o Halalelang.

Moya o Halalelang okentse peo kaho Maria. Mang kapa mang ya kenyang peo kaho mosadi ke ntata ngwana. Ka tsela eo Moya o Halalelang ke Ntata Jesu. Ho bolelang hore Moya o Halalelang ke Oona Ntate.

Modimo Afetoha Motho, mme wa nka sebaka sa hoba Jesu Kreste.

Ho latola nnete ya Jesu hore ke Modimo O Matla ohle, ho bolela honka karolo ho diphiri tsa trinity tsa pagane tsa kereke ya Catholic tsa Babylona. Trinity ya pagane ebentshitswe ke mohopolo wa SeGereke nakong ya Pergame. Bahlahisitse mohopolo wa boraro bonngweng le bonngwe borarong, empa sena se ile sa ama lefatshe. Mohoplo wa SeGereke ohlahisitse mohopolo wa karolo ya Ntate le Mora. Hoka tsebahatsa mohopolo wa pagane Babylona wa trinity ka hare ho kereke bongata ba mehopolo wa Trinity hohle. Ho bolelang hore Trinity ke thuto ekgolo hoka kopanya dikereke tsa Catholic le Protestant. Moradi kereke tsa Protestant baithuta hotswa ho mme kereke ya Catholic.

DANIELE 8:9 Mme hotswa ho tsona hatswa lenaka, leo leneng lentse le hola, hoya borwa, le botjhabela, lehokenella ka hare ho naha.

Motse wa Vatican ke hlooho ya kereke ya Roman Catholic, mme wa hola hoya botjhabela moo eleng naha ya bademona.

GENESE 4:16 Yaba Kaine otloha boteng ba Modimo, mme aleba naheng ya Node, botjhabela ba Edene.

Kaine a leba botjhabela, le mademona ahae a polao.

TSHENOLO 17:5 Mme phatlemh ya hae hongodilwe, SEPHIRI, BABYLONA EMOHOLO, MME WA DIOTSA LE MANYALA OHLE A LEFATSHE.

Kereke ya Roman Catholic, jwalo ka mme wa diotswa, ehlahisa baradi ba yona ba kereke tsa Protestanta hotswa ho mma tsona Reformara. Qalong kereke tsa Protestant dine dihlwekile, empa ha nako entse eya bahlahisa taba tse seng Mangolong, jwalo ka Roman Catholicism eentse. Kaho amohela thuto ya batho, kereke tsa Protestanta tsa fetoha diotswa – jwalo ka mma tsona.

MONGWAHA WA KEREKE YA EFESE

Ha Luther atswa ho Catholicism, batho badula ba lokolohile. Empa kamora hore ashwe, batho baqala kopano ya bona, mme badula ka mekgwa ya bona, mekgwa ya nka sebaka leho senya seo. Bakgutlela ho Catholicism, ka tsela enngwe. Mme hantle kajeno Ma-Luthere bakgutlela morao.

Pope olaola dikereke jwalo ka mmusa notsi.

Ma-Protestanta bankile mokgwa oo lebona. Moya wa bobusa notsi, oqadile ho esathabiseng kereke ya mongwaha wa Laodisea, enang le karolo ya bone ho seo. Borwa botsejwa ka mofumahatsana wa borwa, mofumahadi wa Sheba, ho buuwa hantle ka yena Mangolong.

MATTHEU 12:42 Mofumahadi wa borwa otlahlaha, mme otla ahlola sena: otla hlaha karolong tsohle tsa lefatshe hotla boha bohlale ba Solomone; mme, bonang, Ya moholo hofeta Solomone Otlile.

Mosadi otshwantsha kereke. Kereke ebitswang Monyaduwa wa Kreste. Ke lona lebaka leetsang hore thuto tsa Bo-Catholicism jwalo ka Trinity, le kolonetso ya maemedi bakeng sa Jesu Kreste, jwalo ka Keresemese le mahe a Easter le mmutlanyana ya Easter, le kolobetso ya hofafatsa ka metsi, eleng sekgahlano le bao eseng Ma-Catholic ka bophara ba lefatshe. (Mebutla ene ele nama ehlwekileng ho Bajude). Lefatshe la thabo la Daniele 8:9 ke Israele. Eleng moo Vatican enang le borui bakgauda le majwe atheko ehodimo, mme batlang ho batla seo ho Bajude bakeng sa moruo wa Stock Exchange. Tsena ke temana tseo ho bolelwang ka tsona "lenaka le lenyane" lehlalosa ho tsoha ha Pope ho lefatshe la motse wa Vatican, elaolang lefatsheng kereke tse ruileng haholo, kereke ya Roman Catholic. Ka matla adipolotiki lefatsheng lohle, hobane Catholic etletse lefatshe lena lohle.

Vatican ke motse omonyane haholo, empa moo holeng teng Pope onale tshusumetso ekgolo dipolotiking. Lebato la Pope John Paul II ene ele kopano ekgolo nakong ya jwale. Kereke ya Roman Catholic ke ypona feela eo ekang ho thola pale ya teng. Ka tsela eo kereke ya Roma enale mokgwa waho phonyoha. Ke lona lebaka leo merabe ya dibarbariane eile ya lokoloha ho Mmuso wa Roma kaho amohela Di-Pope.

Kereke ya Catholic esale ele sera sa nnete ka mademona a supileng "mebuso" kapa mengwaha ya kereke, jwalo ka mme wa dikereke ka nako ena yohle. Pope Leo 12 ka 1825 one anale lengolo la meriana lengotsweng kereke ya Roman Catholic mosadi ya dutseng hodima matla.

 

 

 

Atshwere kopi ya dithuto tsa lefatshe, jwalo ka Tshenolo 17 ehlalosa.

TSHENOLO 17:4 Mme mosadi eo adutse hodima sekareleta, mme adutsi hodima majwe a kgauda, atshwere kopi ya manyala ana ohle:

Purgatory, penance, seitjheso, kolobetso efosahetseng, ditshwantsho, rosary, ka setshwantsho sa sefapano, bapriesta habaya lokela ho nyala – kaofela mehopolo eo eseng yona. Ke mokgwa wa Roman Catholicism eemetsweng ke karolwana ya maoto a setshwantsho sa Baditjhaba sa Daniele. Letso ke Monyaduwa. Tsela ya mongwaha wa kereke, ofella Matshwenyehong a maholo ka menwana eleshome, eleng taolo ya sebata eleng Pope.

TSHENOLO 17:12 Mme naka tse leshome tseo odiboneng, tse ileng tsa amohela sebata; empa tsa fumana matla hotswa ho sebata.

13 Ka mohopolo ole mong, mme ditla fumana matla hotswa ho sona.

Bafumana matla jwalo ka marena. Sena sebolela taolo, empa ha baya bewa ka semolao. Ka tsela eo ke baema notsi. Lenin ya neng atsebahala ka bokomonisi. Yena le Stalin, ka moferefere wa thuto ya hae, alokolla moya wa bobusa notsi ha a aha Russia hoba naha. Jwale lefatshe la Russia, ke Bere ekgolo, kapa leboya, hore Modimo atla a lokolle bohale bakeng sa Bophirima ka tsatsi le leng ele kahlolo bakeng sa kopano ya Pentecostal hodima mokgatlo.

Bakeng sa sena, dikereke ttsa America tsa latola tshenolo ya nnete ya Bibele eneng etlile ka William Branham. Bao baneng bahlokomela hore ke moporofeta wa ba ile bathetseha le bona, kaho sebedisa dikhoutu le bona hoka hlalosa Mangolo. Lentswe la lengeloi le lona la tswella pele jwalo ka "Lentswe la Modimo".

Seo ke phoso ekgolo. Mangolo aka hodima dikhoutu.

1965 MONGWAHA WA KEREKE YA LAODISEA

... moporofeta wa sebele o etella pele hoisa batho ho Jesu Kreste asa babolella hore batle ho yena, empa ele hotshaba Modimo.

Hlokola batho baratang tjhelete jwalo ka Judase asena tjhelete.

Baruti ba Molaetsa baruwa haholo. Molaetsa ke kgwebo ha jwale. Sena ke ho latela tsela ya Roman Catholic mme wa dikereke, eleng mokgatlo omoholo. Kereke ya Protestant baruti bateng ba batla ho hapa. Haho Lengolo lereng moruti ke modisa wa mehlape. Leha ele ntho esa ngolwang, baruti ba bolela hore ke badisa, ke mohlape wa bona. Badumela hore ke mosebetsi wa bona hoka kuta mohlape. Hao hlokomela matlo a bona, dikoloi, le maemo a diakhaonte tsa dibankeng bakeng sa bona. Roman Catholics ba nale Bo-Pope, bakgethilweng ke motho, ho aha mebuso. Baruti ba Protestant le bona bafetohile ho nka sebaka seo ka meaho ya bona, empa jwalo ka kgwebo ya lelapa, hobane eba taba ya ntate le mora (kapa bara) jwalo ka moloko olatelang wa baruti. Sena, seama, Modimo Olokela hore bue hore Okgetha mang. Sena le sona sea makatsa, esale Jesu a eme kantle. Seetsahalang ka hare keng.

TSHENOLO 3:14 Ngolla lengeloi la Laodisea ore;

20 Bona, Ke eme monyako, kea kokota:

Kaho kopanya tse fapaneng dikhoutu, balatedi ba Moena Branham baentse enngwe ka lehlakoreng tumelo ya Molaetsa. Thuto tse fapaneng. Sena senkgopotsa maoto a mabedi a setshwantsho sa Baditjhaba sa Daniele searohanang menwaneng. Badumedi ba Molaetsa batlositswe Mangolong, jwalo ka mekgatlo. Haba botswa ka dithuto, bao lebisa khoutung tse itseng, but have to ignore other quotes which contradict their viewpoint. Their critical diphoso dia etsahala ka mokgwa ojwalo. Leha Moena Branham atlile hore kgutlisetsa Mangolo.

65-0725M BATLOTSITSWENG NAKONG YA HOQETELA

Ka tsela ejwalo, hoka tiisa sena, pele le morao, ka lentswe; eseng ka mehopolo e itseng, bohlale boitseng.
Hake kgathale hore ke mang; leha ekaba mang feela, kapa emong, "Ha asa bue hoya ka melao ya baporofeta, haho kganya kaho ena." Lea bona? Ke sebolelwang Bibele. "Ha mantswe amotho ebe leshano, mme aka ebe nnete," hosa kgathatsehe hore keng.

Makomonisi a entse seo. Baile banka Lenin jwalo ka "moporofeta" wa tsoseletso ya makomonisi. Empa kamora lefu la Lenin, balatedi ba hae Stalin. Tlasa boetapele ba Stalin makomonisi a tloha thutong tsa Lenin. Hao phehisana le Stalin, one o bolawa kapa o lelekwa. Hone ho mamelwa feela Stalin ene ele eya morena. Empa baile batloha hoseo baneng base rutilwe ke Lenin, tsela eo baneng ba motlotla ka yona , ho mophafa, ele ho bonahatsa Lenin. Bongata ba badumedi ba molaetsa bodumela seo. Batlohile Mangolong mme badumela dikhoutu, mme baqetella kaho phahamisa Moena Branham. Mussolini, serata basadi, oqadile mme wa diotswa kereke ya Roman Catholic Vatican boikemelong ba City State. O ile anehelana ka tjhelete engata ho Vatican. Mussolini one aphela le dihlola. Sena saetsa hore Vatican ebe le matla amaholo, jwalo kaha ho bolelwa. Vatican ka tsela eo ya kenella haholo dipolotiking. Ona ke mokgwa wa kereke ya Satane le antikreste hoisa ho Pope Matshwenyehong a Maholo. Ka tsela tsohle dimalala a laotswe.

DANIELE 11:21 Mme otla ema motseng wa hae, moo akekng anewa borena mmusong wa hae: empa otla itlela ka kgotso, mme a hape mmuso.

Ho bonahala ele pheletso ya antikreste Pope akeke akgethwa, jwalo kamehla, ke lekgotla labo kadinale. Empa otla nne atswelle pele jwalo. Kae kae, ntle lekganyetso lefatshe lohle. Ebe ke moo Bajude le bona. Baentse hantle haholo ka nako ena. Baile batlala lefatshe lena la Israele le Jerusalema. Bajude ba laola Stock Exchange mme bahloilwe haholo, haholo lebotho la bona kgahlano le setjhaba sa Muslim. Ka tsela ejwalo Modimo Aka babusetsa jwang ho Israele? Modimo One Ahloka Hitler hoka tlisa Matshwenyeho a maholo, ka tsohle tse tshosang. Hitler o ile abokelletsa sena "amanyane Matshwenyeho", abitswang Holocaust, moo millione tse tsheletseng tsa Bajude diileng tsa bolawa Ntweng ya 2 ya Lefatshe ke Ma-Nazi a Germany. Ka sehlooho seo Modimo Ane Aka lokisa Israele. Ka molato, setjhaba karolo ekabang 15% ya naha ya Palestina ya kgutlela ho Bajude. Ena enngwe kaofela ya sala le Ma-Palestina a Arabia. Karolo ekabang 28% pheletsong ya ntwa ya 1967.

Mathata a moruo ka 1929 Gatello Ekgolo. Hitler ahlaha kaho dia Germany. Germany ene ele tlasa kgatello Ntwa ya Lefatshe, yaba Hitler oya halefa obatla eo aka mojarisang molato, eleng Bajude. Karolo enngwe ya Bajude, jwalo ka Trotsky, o ile abapala karolo ekgolo qalong ya makomonisi a Russia. Tshabo ya bokomonisi ya qalella ho Bajude mane Germany. Bajude ba laola Stock Markets hoya pele kgahlano le bao eseng Bajude.

Kgatello, eqadile ka 1939, ya senya demokrasi, ya hlahisa bobusanotsi, ka matla amaholo. Mengwaheng Elefifi ya MaReformara eileng ya fella ka 1648, kereke ya Roman Catholic ya bolaya mashome shome a dimillione tsa bahanyetsi ba yona. Polao eo esehloho eqadile motsamao wa yona wa polayano. Kaofela mademona ao a ile atlangwa mme a lahlelwa diheleng, jwalo kaha John Wesley le dimisionari tse ding dine diruta batho hore ba bake. Hitler jwalo ka mmusa notsi a tlamolla mademona hotswa diheleng, moo aneng a tlamilwe ke dikereke diheleng. Karolo etshosang ya Ntwa ya pele ya Lefatshe. Ane asa dumellwa hoka itaola, ka nako tsohle. Mademona ana a ile a lokollwa hodima Israele, Bajude, nakong ya Ntwa ya 2 ya Lefatshe.

Sekaleng sa indasteri, Hitler ola bolaya 6 millione ya Europe nakong ya Ntwa ya 2 Lefatshe. Ka lemo sa 1945, polao ya setjhaba Allied ene etshosa haholo ka baka la seo Hitler ase entseng. Mademona ana akena ka hare ho kereke tse neng dileka ho kopana. Motsamao ona o ile wa qala tjhankaneng ya German ka batshwarua ba ntwa. Mme waeba wa nnete ka 1948. Kereke ka nngwe ene etla buswa ke motho, jwalo ka setshwantsho sa Pope, ya laolang kereke ya Roman Catholic mmusa notshi.

Ka 1933, Modimo le Satane ba ile batlamelana.

Ka 1933, Hitler afetoha mokanselara wa Germany.

Ka 1933, Roosevelt o ile akgethwa hoba mopresidente wa America. O ile nka karolo bakeng sa hoba mopresidente.

Ka lemo tsabo 1920 le tsabo 1930 ene ele mongwaha wa babusa notsi. Roosevelt o I;e a tshela oli maqebeng a Japane, mme seo saetsa hore ahlasele America mane Pearl Harbour. Ho bolelang hore nsena sa tlhaselo ya America ho kena Ntweng ya bobedi ya Lefatshe. Roosevelt alaela hore ho etswe bomo tsa atomic. Sephiri sa bomo ya atomic sa romelwa Russia hotswa ho America esa lekolwa. Ho bolelang hore America le Russia baka nna basokelana ha Ntwa ya bobedi ya Lefatshe ese efedile. Nuclere ho leba Armageddon jwale etshosa lefatshe.

54-0509 TLHASELO YA AMERIKA

Empa ere keo bolelle, ha Mong. Roosevelt (Monna eo oshwele. Ha iphomolele; ke tshepa jwalo.) kena, mme a tsamaya ka makgetlo a mane, anka sebaka, ke bobusa notsi bole bong feela boo.

60-1204M TSHENOLO YA JESU

"President Roosevelt etlaba sekebekwa sefetisisang." Mme seo ke nnete. One ale jwalo.

60-1208 MONGWAHA WA KEREKE YA THIATIRE

Mme jwale, kaha ke qala sekolo sa Sontaha ke ikutlwe ke tshwareha. Rene rele mana lapeng laha Masonic, Ha Charlie Kurn, sehlotshwana sesenyane sa rona. Mme ke ile ka bona President Roosevelt ahlola Ntwa ya Lefatshe.

Roosevelt o ile ahlola dikgetho ka 1940 hotswa ntweng, empa aqhekanyetsa ho hapa America ho leba ntweng ka 1941. Sena sahlola hore hobe le moaho o moholo wa-industrial ya sesole mane America hoka etsa dihlomo bakeng sa Western Allies le Russia. Dihlomo tsa ntwa tsa fetoha kgwebo ekgolo. moaho o moholo wa industrial oo oile wa thusa Ntweng ya Korea le Ntweng ya Vietnam, hobane sena se ile sa tswela molemo thekisong ya tsona kgwebong. Dibetsa tse ding hape thekisong ya dibetsa Middle East e ileng ya bonahala 13 la qabang ya Arab-Israeli le ntwa, le ntwa ya sehlopha sa Muslim-Muslim. Ho tloha ka 1945-2001 hone hole teng tse kgolo diqabang tse 194 lefatshe ka bophara. Esale ho putlameng ha Communism mane Eastern Europe ka 1991, batho bafetang millione tse pedi le halofo baile baeshwa. Ho teng bongata ba dintwa tse ileng tsa bakwa ke seo.

Ka 1933, Hitler afetoha Chancellara wa Germany mme bakopanya matsoho le Mussolini wa Italy, hore aqale ntwa ya lefatshe e ileng ya hlola polao 60 million ya batho. Millione tse tsheletseng tsa seo ene ele Bajude. Tlala, dithohako, le bofutsana baata. Roosevelt, Hitler, le Mussolini kaofela baeshwa ka Mmesa 1945.

ZAKHARIA 11:7 Mme ketla nehela mohlape waka ho hlabuwa, esita le wena, Oho mohlape o futsanehileng. Mme ke nkwe tse pedi dikotelo; le leng lebitswa Botle, mme le leng ke Boikgabiso; mme ke fepe mohlape.

8 Badisa babararo batla tloswa ka kgwedi; mme moya waka otla apeswa, mme meya ya bona entshebeletse.

Bajude ba ile bafetoha mahlatsipa a Holocaust, e ileng ya emisa kamora lefu la Hitler.

Empa Modimo One Ale leetong.

Ka 1933, Kganya ya hlaha ho Moena Branham ha ane a kolobetsa mane Nokeng ya Ohio Lebitsong la Jesu Kreste.

64-0427 QOSO

Mme Lentswe la theoha lare, "Jwalo kaha Johanne Mokolobetsi ane a romilwe, ho etella pele Jesu lapele, Molaetsa wa hao otla Moetella pele labobedi."

Ena ene ele taelo eboima.

Taelo ena hae laele Moena Branham jwalo ka motho kapa moporofeta. Haeba obala hantle, taelo eho Molaetsa oo atlang ho orera. Molaetsa wa hae ene ele ho senola diphiri tsa Mangolo. Diphiri tsena dine dibolela hore re kgutlele Lentsweng. Lebaka leo tshebeletso ya Moena Branham eneng ele ka teng ene ele hore kgutlisetsa ho Bibele.

63-0318 TIISO YA PELE
Nka Buka ena ya Ditiiso o bontshe lengeloi la mongwaha wa kereke ya bosupa, hobane sena, sena ke sephiri sa Modimo, ke selokelwang hoetswa ke Molaetsa wa lengeloi la bosupa.

Ene ele moporofeta ya moholo, empa Modimo One Asa bue ka monna eo – One A bua ka nnete eo aneng aerera. Ntho ekgolo mona ke peo. Ena ke karolo ya sephiri sa Modimo, hobane kereke ya lengeloi la bosupa ehodisa Monyaduwa eleng Mmele. Ntho ya bohlokwa – Taelo ena ene enewa Moena Branham ka tsela eo. One asa neuwe jwalo ka motho. Sabohlokwa seka hare ho Bibele ke diphiri tse neng disenolwa.

TSHENOLO 10:7 Empa mehleng ya lentswe la lengeloi la bosupa, ha leutlwahatsa lentswe la loma, diphiri tsohle ditlabe disenotswe, jwalo kaha a laetse bahlanka ba Hae baporofeta.

Hlokomela hape hore sena hase bue ka Moena Branham lengeloi la bosupa. Sena sebolela ka lentswe. Moena Branham oqadile ho hatisa molaetsa wa hae mahareng a 1947 le 1965. Yaba otloha sebakeng. Nako ena ehlalosa "matsatsi a lengeloi la bosupa" ale mosebetsing wa hae. Ho tloha 1966 hoya pele "ke matsatsi a lentswe la lengeloi la bosupa", jwalo kaha re rutilwe ke Bibele diphiri dihatisitswe. Hanga hape hase motho, empa molaetsa o hatisitsweng.

Ha ane arera "matsatsi a lengeloi" ho tloha 1947-1965, bongata ba balatedi bane basa utlwisise. Bongata ba Monyaduwa ha boyaka ba pholoswa ka 1965, mme ba bang bane ba soka batswalwa leka nako eo. Ka tsela eo hareka "matsatsi a lengeloi la bosupa", ka tsela eo re lokela hoka itshireletsa ka 1965. Bongata ba rona reka hlolwa ke tlhatlhobo eo. Empa hose hofetile lemo tse 50 esale 1965 moo re balang dibuka leho mamela dikgatiso. Re hodile haholo. Hanyane hanyane re ithutile thuto ya baapostola. Lemo tsena le hofeta 50+ esale lentswe la lengeloi". O ile a tsamaya, empa lentswe la hae la sala lere ruta diphiri tsa Mangolo.

"diphiri tsa Modimo dibe difedile, jwalo kaha abolelletse bahlanka ba Hae baporofeta".

Karolo ena hae bolele ka Moena Branham. Ehlalosa ka yena, ebe ehlalosa hore ha aya senola diphiri tsohle. Empa rea tseba seo aneng a bolela ka sona, mme osenotse diphiri tsa Bibele leho hlalosa ka matla a maholo. Ka tsela ejwalo "olokela" ehlalosa ka Monyaduwa. Re lokela ho hlalosa diphiri tseo, tsa Eo eleng Lentswe. Re lokela hoka tseba hore Jesu Kreste ke Modimo. Re lokela ho tseba hore Jesu ke Hlooho ya Kereke, eseng moetapele wa motho. Re lokela hoka tseba hore kereke ke Mmele, hore pheletsong kereke elokela ho loka.

DIKETSO 17:10 Baena hang baromela Paulose le Silase bosiu Berea: baleba senagogeng sa Bajude.

11 Bana bane tshepahala Thessalonika, mme baamohetse le lentswe, mme ba batlisisa Mangolo letsatsi ka leng, hore ntho tseo ene ele tsona na.

Kereke ya pele ene esetjha Mangolo hore Paulose seo aneng a serera sene sedumellana le Lentswe na. one atseba seo a bolelang ka sona, empa one atla tsamaya ese kgale. Keng seo eneng ele sabohlokwa Berea baneng balokela hose utlwisisa bona, hotswa Mangolong, seneng serutwa ke Paulosi.

Hlokomela, bane ba batlisisa Lengolong!

TSHENOLO 2:2 Ke tseba mesebets ya hao, le boiteko ba hao, le mamello ya hao, mme osa mamelle bobe: mme o lekile bao ba ipitsang ba apostola, mme ofumane hore hase bona, le hore ba bua leshano:

MONGWAHA WA KEREKE YA EFESE

fumane hore baleshano. Bane batseba jwang seo? Bane basa latele Lentswe.

Hahp moapostola kajeno yaka buang ntho efapaneng le ya pele ya baapostola baneng ba ebolela. Ntho tsohle dilokela hoya ka Mangolo.

Jwale hoka lebella Molaetsa wa William Branham one osa bolele ka bohlokwa ba motho. One olebella Lentswe, Moena Branham one a bolela ka seo.

63-1110 YA LENG KA HO LONA

Dumela Molaetsa ohle. Dumela soe.

Ha sesa ngolwa ka hare ho Bibele, oseke wa sedumela.

Empa ha sele ka hare ho Bibele, ebe Moya o Halalelang o dumella seo. Na ho jwalo? Kea tseba seo sethata. Lea bona, haho ntho etlang ha bobebe.

Haoka latela thuto tsa Bibele wa kopanya ditemana, mme otla utlwisisa Molaetsa. Ha re utlwe barutuwa ba Johanne Mokolobetsi ba mamela ha Johanne abua.

JOHANNE 1:35 Tsatsi le latelang ha Johanne aeme, le barutuwa ba hae ba babedi;

36 Mme abona Jesu aetla, are, Bonang Ke Konyana ya Modimo!

37 Mme barutuwa ba hae ba babedi ba moutlwa, yaba ba latela Jesu.

Barutuwa ba ile ba utlwa lentswe la Johanne batseba hore one asa bue ka yena empa ka Jesu. Dikhoutu tsa Johanne dilebile ho Jesu. Mme barutuwa ha baka banna batswella ho phetha dikhoutu tsa Johanne, jwalo kaha bane bakgona ho latela Lentswe.

Ho tloha ho dikhoutu tsa Moena Branham re ithuta ho bala leho bapisa Mangolo. Ebe reka bala temana tsa Bibele ka borona hoka ithuta ebe re kae kajeno. Sekolong oithuta ho balal leho ngola, ebe wena ka bowena oya ipallaHo Tshenolo kgaolo ya 4, moapostola Johanne ore bontsha botle ba Lehodimo. Modimo Odutse teroneng ka 'balebedi' bakeng sa Kereke ya Hae eleng Mmele wa Hae.

TSHENOLO 4:6 Mme kapela terone hone hole lewatle la Kristale: mme mahareng a terone, leho epotoloha, hole dibata tsenne tse nang le mahlo kapele le kamorao.

7 Mme sapele eka tau, sabobedi eka namane, mme sabone eka motho, mme sabone eka ntsu.

 

 

Tau ene e emetse nnete ya baapostola ba Selekane Sesetjha. Mme namane emetse tshotleho ya Bakreste Mengwaheng eLefifi diatleng tsa kereke ya Roman Catholic. Monna a emetse ho sebetsa ka thata ha Reformera tse jwalo ka Martin Luther, ya ileng a rera pholoho ka thata, le John Wesley ya ileng a rera kgalalelo. Pentecost eile ya tsamaya ka motsamao wa Moya o Halalelang, eneng e emetswe ke ntsu efofang. Moena Branham one a rometswe hoka hlalosa diphiri tseo, hoka fana ka botebo ba seo. Sena seemetswe ke mahlo a ntsu. Ka tsela eo tshebeletso ya Moena Branham eile ya qala ka kgatiso ka 1947 ya ditheipe hoka etsa hore Bibele eutlwisisehe.Hang feela, kgetlo lapele kamora baapostola, Bakreste baqala ho fumana pale ya Mangolo.

Lefatsheng, bora mahlale ba bararo ka 1947 baqala botoloki.

Sena sahlola hore hobe le tshebeletso ya kgatiso ka motlakase. Electronics e ile ya hlola internet. Re toloka leho utlwisisa Mangolo jwale. Ka 1947, America ya laola sefaufau ka difofane. Sena sa bonahala ka nonyana ya bona, ntsu esebete. America ya qala ho laola sebakeng sa moyeng. Moena Branham aqala ho senola diphiri tsa Mangolo. Ka 1958, Moena Branham arera ka peo ya sepente kapa noha, eileng ya senola sephiri sa Tshimo ya Edene. Jwale kgaolo tse mmalwa tse qalang tsa Genese tsa kopana, tsa utluswiseha, tsa kopana le Bibele yohle, honale ho nahana feela. Ka 1958, ramahlala ekenella ho hlahisa seo le yena. Electronics ke karolo enyane ematla haholo, ho sebitswang serkete. Bakreste bao baneng ba sebedisa dikhoutu tsa Moena Branham hoka senola Mangolo etlaba karolo enyane haholo, empa batlaba matla haholo hoka hlalosa Bibele. Kganya ena yaeba matla haholo leho hlola matla a Pope Pius 12 ya ileng ashwa ka 1958.

Ka 1960 Khrushchev, hlooho ya Russia, arola seeta sa hae mme ase otlanya ho podiumo mane ho Matjhaba a Kopaneng. Sena sene semakatsa maitshwaro ao a hae. Hoka matla hore batho ba bone seo haholo lefatshe. Ho otla podium ka seeta sa hae ka baka la kgalefo. Sena sene sebontsha kgalefo ya Russia ho ho tlisa kahlolo ho America.

 

 

Ho rola seeta le leoto seo sebolelang semoyeng?

Seemahaleng sa Baditjhaba sa Daniele maoto a letsopa le tshepe aemetse kereke tse supileng tsa mengwaha. Hao ntsha seeta ho bonahala leoto. Sena ke tshenolo ya kereke tse supileng tsa mongwaha. Ka tsela eo, hape ka 1960, Moena Branham o ile a rera ka kereke tse supileng tsa mongwaha, hore ho ile haetsahalang lemong tse 2000 tsapale ya kereke.

Yaba 1963, Moena Branham asenola diphiri tsa Ditiiso tse supileng tsa Tshenolo kgaolo 6.

Tiiso tsena dine dibolela marapo a dieta. Ha sena sese sephethehile, sa hlahisa leoto. Ditiiso dine dibolela seetsahalang ka hare ho kereke. Ditiiso dihlalosa selokelang hoetsahala ka hare ho kereke, leho leka ho fokotsa Bajude. Thsenolo ena ya Ditiiso tse tsheletseng dileka hoka hlalosa Bibele, ka tsela eo keho utlwisisa Mangolo. Ha marapo ase atlamilwe, Pentecost ya sheba lerapo la seeta, mme yaeba taba ya ho tlamolla seeta. Ka tsela eo Pentecost ya hlahisa taba ya diteme, mme ba nale tsebo enyane ya pale ya kereke. Eleng lona lebaka le ileng la etsa qalo ya Trinity ya Roman Catholic, Eva ojele apole, Keresemese, le kolobetso ka maemedi Ntate, Mora, le Moya o Halalelang. Leha hole jwalo haho lebitso moo. Johanne Mokolobetsi one atseba hore yena ke lenqosa feela la Jesu. One akgona ho supa Jesu jwalo ka Monna hara banna.

MAREKA 1:7 Mme a rera, are, ho teng Yatlang kamorao ho nna, eo ke senang tokelo ya ho rola seeta sa Hae.

Empa Johanne otsebile hore Jesu ke Mang. Sena sa senola maoto, eleng seemetseng kereke tsa mongwaha. Tshenolo eo ene etlatla nakong ya lentswe la lengeloi la bosupa. Lengeloi la bosupa lene letla senola antikreste wa lemo tse 2000 tsa pale ya kereke.Tlhatsuo ya maoto ehlalosa kereke tse supileng tseo dineng dihlahisa Lentswe.

Daniele o ile a bona letsopa – Letsopa le Metsi.

DANIELE 2:43 Moo e ileng ya kopana le metsi

Monyaduwa ahlatsuwa mane Calvary, ha lerumo la Roma lehlaba Jesu lehlakoreng.

JOHANNE 19:34 Empa le leng la masole la mohlaba lehlakoreng, mme hatswa madi le metsi.

Seena hale sa Baditjhaba sene seentswe ka tshepe mme hose bophelo ho sona. Sena ene ele Mebuso e Mene, hotswa Babylona, ho Merde le Persia, ho Magerike, le Roma. Ka tsela ejwalo mola wa omofubedu wa madi Setjhabeng sa Bajude, bao eneng ese karolo ya Seemahale.

 

 

Yaba mane Sefapanong, pholoso ya sutha ho Bajude, ya leba maotong a tshepe, eleng seemetseng tshepe. Ke letsopa feela leka thusang bophelo. Peo eya mela letsopeng. Letsopa lea bopuwa, ha lele metsi, ka matsoho a Mmopi. Letsopa le thola metsi. (Semoyeng, Monyaduwa ofumana mongobo). Metale kapa tshepe hae fumane metsi. Tshepe ya kereke ya Roman Catholic ehanana le Lentswe.

Monyaduwa o amohela Lentswe la nako ya hae.

DANIELE 2:43 Mme tsela eo oboneng letsopa le kopana le tshepe, batla ikopanya le peo ya motho: empa batla tshwarana, empa esita le nakong ya tshepe.

Karolo eo e emetse kereke ya Roman Catholic, ke yona feela nako ya kereke ya Roma eo, jwalo ka sera sa diphoso tsa kereke tse supileng tsa mongwaha.

Roman Catholicism le Monyaduwa ba lwanne ka mengwaha. Monyaduwa kaho dumela Lentswe. Kereke kaho latela baetapele, leho dumela thuto tse seng ka hare ho Bibele.

BAEFESE 5:25 Banna, ratang basadi ba lona, jwalo kaha Kreste Aratile kereke, mme Ainehela ho yona;

26 Hore Aehlwekise ka metsi a Lentswe,

Letsopa la Monyaduwa ke la bohlokwa, lehlatsuwa ka Lentswe.

JOHANNE 7:38 Ya dumelang ho Nna, Jwalo kaha Lengolo lebolela, hotswa kaho yena hotla kolla metsi.

39 (Empa sena One Asebolela ka Moya, oo badumelang ho Yena baneng batla o thola: hobane Moya o Halalelang One Osoka Ofihla; hobane Jesu One Asoka A Halaletswa.)

Metsi Abua ka Moya o Halalelang wa nnete. Re sebeleditse Modimo ka Nnete.

JOHONNE 16:13 Ha jwang hokathwet Yena, Moya wa Nnete, Oyatla, Otla le lebisa nneteng:

Bophelo ba Moya o Halalelang boka hare ho Monyaduwa ke bona bore etsang hore re utlwisise temana tsa Bibele tsela ya ho sebeletsa Modimo kerekeng tse supileng tsa mongwaha.

JOHANNE 14:6 Jesu Are ho yena, Ke Nna tsela, le Nnete, le Bophelo:

Tshilafatso hae bolele letho, eferekane le ho silafala.

PESALEMA 40:2 Ontshitse sekotong se ditshila, moo hole seretse , mme A mpeha lefikeng, mme a ntshenolela tse kgolo.

Sena sere hopotsa hore re silafetse, re mpa rele baetsadibe, mme re hloka Moya wa Nnete wa Mangolo. Thuto ka nngwe efosahetse. Lefifi hale kgone ho hlalosa Mangolo.

JOHANNE 16:13 Hoka thweng, Moya wa Nnete, hao tlile, otla le isa Nneteng: hobane Atlabe Asa bolele tsa Hae; empa leha ele mang ya tlang ho Moutlwa, Abua: mme Otla lebontsha tse tlang hotla.

Lebaka la kolobetso ya Moya o Halalelang "keho lekgannela nneteng".

Haeba onale Moya o Halalelang, mme o mamela tshenolo tsa Moena Branham, ebe otla kgona ho bala Bibele leho eutlwisisa, ho nale hore molebe ore, "Hake tsebe" hao botswa potso tse kang ena – jwalo ka hobaneng ha Jesu a ile angola fatshe ka monwana wa Hae.

"Hobane Akeke A bua tsa Hae". Sena kesa bohlokwa. Kajeno bareri ba ikela feela kerekeng, mme ba bue mantswe a bohlale, kapa kamoo baleng bohlale ka teng, kapa kamoo ba nehilweng ka teng, kapa mesebetsi e meholo eo bae etsang. Leha hole jwalo haho motho lea mong ya phelang abuang ka Bibele, mme haho motho ya bohlokwa ho efeta. Lengeloi la bosupa ke lona feela le hlalosang Bibele nakong ya hoqetela. Ho tloha moo tsohle ketsa Modimo. Jwalo kaha batho baitlhalosa, ebe jwale ba se bafositse ditaba. Bibele ere bolela hore rebe mafolofolo. Eseng re bue ka rona.

Ho kereke ya hoqetela ya mongwa, Modimo Ore:

TSHENOLO 3:19 Jwalo ka ba bangata bao ke baratang, Kea bakgalema: jwale fadimehae, mme obake.

Ntlha eo bohle resa ehlokomeleng ke Jesu. Otsamaya hara dikandelara tse supileng. Hone hose ya tsamayang le Yena. Moena Branham le Paulose ene ele feela dinaledi letsohong la Hae. Rene rele kae nna le wena?

Hoele hantle feela Johanne ha aya re bona, kapa ho hlokomela pono eo.

JOHANNE 16:14 Otla ntlotlisa:

Moya o Halalelang otla tlotlisa Jesu ka hohle. Leha ekaba eng feela. Mahlo arona abe ho Jesu. Ho tlotlisa motho ke Bonikola, seo eleng hore Modimo Osehloile.

TSHENOLO 2:6 Empa o nale sena, ohloile thuto ya Banikola, eo ke ehloileng.

Haho motho yaka itekanyang le Jesu.

JOHANNE 13:16 Kannete nnete, Kere ho lona, Mosebeletsi ha afete monga hae; leha ele ya romilweng.

ISAIAH 42:8 Ke Nna Morena: ke lona lebitso laKa leo: mme haKe arolelane le motho kgalalelo yaKa,

Ho phafa motho hofosaetse.

Tshenolo ya Tiiso ya botshelela ka 1963 ebile matla haho hoo Lesedi le ileng la phatlola tsohle. Pope John 23 jwalo ka moetapele wa badumedi oshwele ka 1963 eneng ele yena feela mopresidente wa Roman Catholic eo a ileng a etella pele America, John Kennedy, jwalo ka radipolotiki o ile athunywa leho bolawa ka 1963. Bana ba babedi ene ele bona baleng lefifing haholo. Leha ele sebata se ileng sa lahlelwa letsheng la mollo. Lemo sehlahlamang, ka 1964, Khrushchev o ile aphamolwa matla mane Russia. Sena sahlalosa Russia, morena wa Leboya, ahlolwa mane ntsweng ya Armageddone.Terompeta tse supileng tsa Tshenolo 8 le 9 dihlalosa mokete wa di Terompeta tse neng dibitsa Israele Matshwenyehong. Kgaolo tseo tse pedi ha dihlaloswe ke kereke.

Empa Ntwa ya pele le ya Bobedi tsa lefatshe ene ele feela hore utlwisa setlang ho etsahala Mahlomoleng a maholo. Sekoti sa dihele sebuleha ho metsa mabusa mong. Mademona ohle akeke atswa. Aboloketswe Matshwenyeho. Amang a ona atswa ka nako eo. Babusa notsi bakang Hitler balokolla mademona a ileng a hlasela Israele le the Holocaust. Sena ene ele nakong ya ntwa ya bobedi. Empa ene ese lona feela lebaka. Mabaka amang ene ele ho hlasela, kamorao hore polao e emise, moya oo kene ka hare Israele ya semoya.

Jwale yaeba nako ya ho bolaya Bakreste ba semoya hoya ka Bibele. Morwallo ona wa fihla mane Nicene Council ka 325 AD wa hatella kereke ho dumela Trinity hoya ka bishopo ya Roma. Tlasa morwallo wa mademona, kereke tsa emisa ho dumela Bibele tsa dumela mohopolo wa mmusa notsi eleng Pope. Jwale ka kopo hlokomela seo, ha ohlodisa hanyane. Bona feela mahlomola ao a Matshwenyeho. Kereke ya Roman Catholic hoya ka seo seseng Mangolong ho nale ho dumela ho Bibele hoya ka tumnelo ya kereke ya bapostola ba Selekane Sesetjha. Hlokomela kajeno baprista ba Roman Catholic le baetapele ba ban. Sena ke tahleho ekgolo.

TSHENOLO 9:1 Mme ha lengeloi la bohlano le utlwahatsa lentswe la lona, mme ka bona dinaledi diwa hotswa Lehodimong: mme la newa matla le dinotlolo tsa Lehodimo.

Dinotlolo tsa Lehodimo ke pako le kolobetso ka Lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe leho fumana neo ya Moya o Halalelang. Peterose o ile a sebedisa senotlolo sena. Jesu Kreste ke Monyako.

Jesu are ho Peterose:
MATTHEU 16:19 Mme Ketla o neha dinotlolo tsa Lehodimo: mme seo otlang ho sekwala lefatsheng: leha ekaba eng feela.

Peterose atlamahanya kolobetso ya Johanne Mokolobetsi hore haesa sebetsa.

Ebe Peterose o lokola pako le kolobetso la Lebitso la Jesu Kreste abula ka senotlolo Lehodimo.

DIKETSO 2:38 Yaba Peterose ore ho bona, Bakang, mme le kolobetswe emong le emong wa lona Lebitsong la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme letla fumana emong le emong wa lona Moya o Halalelang jwalo ka mpho.

39 Hobane tshepiso eo, etseditswe bana ba lona, le baleng hole kwana, batlang ho bitswa ke Modimo.

 

 

Ka tsela ejwalo senotlolo sa Lehodimo sebulwa Lebitso la Jesu mme seetsa bonnete ba hore re mamela thuto ya baapostola, ka taba ya kolobetso ya metsi ka Lebitso la Jesu Kreste. Satane one anale dinotlolo tsa dihele. Hang feela hao tloha Mangolong o leba sekoting sa dihele se senang bofeelo. Mehopolo eya fetoha.

Haeba ojaefa le Diabolosi otla fetoha moplebe.

TSHENOLO 9:2 Mme abula sekoti se senang ho lekanya; yaba hotswa mosi, ojwalo ka wa setjheso; mme letsatsi le dinaledi ntsa fifala.

Letsatsi ke kganya. Sena sebolela Lentswe.

Batsamayi ba dikereke haba tiisa taba ka Bibele.

Sebaka sa fifala. Sena sehlalosa mehopolo kapa ngangisano. Ngangisano le motsamai wa kereke ka Mangolo. Baya halefa kapa haba batle seo. Baya tloha ho wena kapa ho oqwaya. Haba kgathalle ditebileng tsa Mangolo. Seo basehlokang ke mehopolo ya bona ho nale Bibele haba batle hae basenola.

Mademona aya phela ntle ho Bibele. Diabolosi oya otlosa ho Bibele hobane otseba Bibele aka kgona ho otlosa ho Bibele.

TSHENOLO 9:3 Ka hare ho mosi hatswa ditsie: me tsa newa matla, akang a diphepheng hodima lefatshe.

Ditsie ke ho ferekanya. Tsa tlala sebaka. Ho thata haholo hoka phehisana le mademona. Mademona aneilwe matla bakeng sa ho phehisana le tumelo ya Bibele "bohlale" ke nahana jwalo mohlomong. Ebe alokela hoba kgahlano le seo. Monahano wa sehlpha sa kereke, eseng sa Bibele.

64-0719M MOKETE WA DITEROMPETA

Hora eo re phelang hp yona, kopano, ya semoya ka dikgopolo ke polao esehloho, hoka thibela seo. Hose ho ngodilwe mona, setjhabeng sena, kereke tsena dilokelwa ho kwalwa ntle leha ole mokgatlong. Ke kopano, keho boikotha, jwalo ka letshwao la sebata. Na jwale oya hlokomela hore sebata keng, haho jwalo? Ke matla.

Mme matla, akopano, Jesu oboletse, "Ho tlaba jwalo qetellong, sena setla thetsa le Bakgethwa hoja hone hoetsahala." Empa otshepisitse ho etsa seseng tsatsing leo, seo etlabang thetso, mme seo ke Lentswe, ha Kreste Are hlahisa. Ba nale matla a maholo, diabolosi, ya sokang a bonahala ka mahlo, empa baetsa sebonwang. Oya bona?

TSHENOLO 9:4 Mme diile tsa laelwa ho hlokofatsa batho, eseng eng kapa eng etala leha ele jwang, eseng difate; empa batho ba senang letshwao la Modimo diphatleng.

Ditsie dija meroho. Johanne ohlalosa mademona jwalo ka ditsie. Haho tsela eo reka hlalosang mademona hobane ke meya Johanne one a lokela hoka lekanya jwalo. One a tshositswe ke mademona ana. Tekanya ya tumelo ya Bibele eka hlokofatsa batho ba bangata. Matla abona a mehopolo elekanywa le ditsie. Babolaya sohla sesa itukisang. Letshwao la kolobetso ya Moya o Halalelang leka thusa haholo ho motho .

BAEFESE 4:30 Leseke la swabisa Moya oo letshwauweng ka ona, hofihlela nako ya poloko.

Moya o Halalelang osenola dinnete.

JOHANNE 16:13 Hoka thweng na ha Yena, Moya wa Nnete, Ase Atlile, Otla le isa nneteng yohle:

Moya o Halalelang Ore neha nnete ya Mangolo.

Jesu kamehla One Aema kgahlano le Diabolosi, "Ho ngodilwe ...".

Diabolosi oetsa re dumele seseng eseng Mangolo. Empa mademona a emetswe ke ditsie. Morena o rwala moqhaka. Mane lefatsheng la bophirima ke Pope. Onale emeraro. Nakong eo Pope Paul 6 ane ahlomamiswa ka 1963 ka meqhaka emeraro, o ile anka qeto ya hoetlosa hosre a seke ahlola ae rwala hape. Ka tsela eo diPope dirwala seo ho tloha ho Pope Nicholas 1 lemong tsabo 860 AD hoisa Pope Paul 6 ka 1963. Kenello ya lemo tse 1103. Sena seetsa moetapele ya nkileng nako etelele lefatsheng.

TSHENOLO 9:11 Mme baenale morena, eleng lengeloi letswa sekoting se senang ho lekanywa, eo ka puo ya Seheberu eleng Abaddone, empa ka puo ya Segerike ke Apollyone.

Pope, ke mmusa notsi, ha a sana moqhaka, empa ontse abusa hodima kereke ya Roman Catholic. Lengeloi ke lenqosa. Pope ke lenqosa la sekoting – lengeloi la lefifi. Sireletso ya rona keho nka tshenolo tsa Moena Branham re dibusetse Mangolong. Haeba dike siko Mangolong, dinale moya wa bodemona hotswa kampong ya Pope.

62-0318 LENTSWE LE BUILWENG PEO YA SEBELE 2
Jwale, ntho tsena kaofela, haebe disa kopane le Bibele, kapa Lentswe, hase tsona, diphoso,

Abaddone ehlalosa pherekano. Mohopolo wa Satane kajeno keho ferekanya Molaetsa wa Moena Branham ka botoloki boseng Mangolong. Ebe Molaetsa oferekanya bathoya Mahlomoleng a Maholo. Abaddone ke lengeloi kapa morena – wa piyi ya lefu ho bolaya lefatshe. Mefuta efapaneng ya pherekano ya Satane (etsebahalang ka Abaddone) ka balated ba molaetsa wa hae.

Mekgatlo ehanana le tshenolo tsa Moena Branham. Ekgaohane ka mehopolo ediketekete. Satane le mangeloi a hae atlisa pherekano ekgolo lefatsheng. Ho iphapanya Bibele hoba ho ngata hara batho.

64-0719M MOKETE WA DITEROMPETA

Ke amatlahadi, mademona, asokang a bonwa ka mahlo, empa oka bona seo a seetsang.

Hlokomela, ha sehlopha sena sepalame, ahatakela bohle basa dumellaneng le ona,

1965 ke nako eo Moena Branham ane a siya lefatshe. Tshebeletso ya hae ya thero eqadile ka 1947-1965 ene ele e atlehileng haholo ekonoming ya America. Lemong tsa bo 1950 ene ele matsatsi a mangata. Modoimo Ahlohonolofatsa America, empa One Asa bolele hore Ma-America batla kgutlela ho Modimo ka nnete ena. Empa yaba, hoya ka histori, America ya leka ho ipolaya mahareng a 1965-1980. Sena ene ele theko eo America e ileng ya elefa bakeng sa ho latola molaetsa wa Moena Branham le tshenolo tsa Bibele.

Taba ena yohle emahlonoko ka 1965 ha presidente Johnson ka bohlaswa a hlaselantweng ya Vietnam, eileng ya fetoha mahlomola. Presidente Nixon ka bohlale ahlola America ntweng, empa boraditaba ba America Press le Mass Media bamofenetha ka maswabisa a Watergate. MaDemocrat alaola Congress basiya South Vietnam, eleng seileng sa swabisa dihlong ho hlolweng ha America. Sesole sa America seneng sele matla sa hlolwa ke Vietnam, empa jwalo ka Seemahale sa Daniele sa Baditjhaba, sene senale maoto a letsopa sa hlola American Press le dipopl;otiki tsa America. Hobane batho ba Vietnam le Cambodia etsebahalang ha jwale ka Kampuchea), America yatswa moo ka 1975. Hofeta millione baile ba bolawa ka 1980. Ka nako eo moferefere wa qala diuniversiting tsa America, mme moferefere wa qala metseng ya America, e ileng ya tlisa moferefere.

Ka nako eo MaArab alahlehelwa ntweng ka 1973 kgahlano le Israele, baeketse theko ya oli. Naha ya futsaneha. Malnutrition abolaya dimillione tsa Africa le Asia. Sena ene ele ditla morao tsa Ntwa ya Lefatshe. Presidente Carter one a sebedisa ditokelo tsa batho bakeng sa Shah le Iran. Ka baka leo Iran ya nkuwa kapa ho hapuwa ke bao eseng baferekanyi eseng Ma-America ba busa, bao ba ileng banka matla ka 1979 kaho thabisa dimillione tsa batho. Baile batshwara America ele batshwarua bantwa mane Iran, leteko ya Carter ya ho lokoloha eile ya hloleha ya fihla hara lerole ha ane aleka ho fofisa difofane. America ya hloleha ene efihlela hodima lerole. Ka 1965, Pope Paul VI le Greek Orthodox Patriarch Athenagoras I batlisa kgohlang hara dikereke tsa Catholic le Greek Orthodox ka 1054. Bona ene ele bohato bo boholo kgahlano leho tlisa kgutso hara dikereke. Ho leka ho kopanya dikereke hona ene ele ntho ekgolo haholo.

Setshwantsho sa peo le mofoka. Mofoka o lokela ho tlangwa pele, moo lerato le kopanyang thuto tsa batho dia arohanya. Kereke didumela seo disebatlang, ha feea bakopane ka dikarohano. Motsamao ona oqadile ka 1948, jwalo kaha Satane ale kgahlano le tshenolo tsa moporofeta ka 1947.

MATTHEU 13:30 Dilese dihole mmoho ditla bonwa mohla kotulo: mme mohla kotulo ketlare ho bakotudi, bokellang lehola pele, mme le letlame le letjhese: empa koro le ekenye mosikong.

Kamora 1965 lefatshe la kereke la ata haholo. Ena ele teko ya ho lokolla 600 million ya 800 million ya Bakreste ba Protestant. Sena ene ele feela ho kopanya diphapang tsa kereke. Ha isa isa kereke tsa arohana hape, ho fihlela ka 2018 bane bafeta 45,000 diphapang tsa dikereke ka mehopolo. Hose le enngwe esebeletsang Modimo ho tsona.

Moena Branham jwalo ka motho one akenella Mangolong, mme one atseba hantle seo aneng a sebolela ka 1965. Empa seo ene ese lebaka. Moena Branham one asatla feela hore lokisetsa hotla ha Morena. One atlilo senolo le diphiri tsa Bibele hore Monyaduwa a itukisetse hotla ha Morena.

TSHENOLO 19:7 Hare thabeng, re nehe tlotla: hobane Lenyalo la Konyana lese le fihlile, mme mosadi wa hae o itukisitse.

Taba taba ke hore Monyaduwa a itukisetse thuto ya sebele, mme a dumele tumelo ya Selekane Sesetjha. Ho fihlela seo seetsahala, tshebeletso ya Moena Branham haesoka efihlela seo.

MATTHEU 17:11 Yaba Jesu O araba Are ho bona, Elia olokela hotla pele, ho busetsa dinto madulong.

Bothata ba rona ke hore re bokella jwang mofoka mmoho? Re ithuta jwang ho bala Bibele ka Mangolo hore re itukisetse hotla ha Hae?

Moena Branham obone pono ya matsatsi a hoqetela.

60-1113 KAHLOLO KA KGALEMO

Ha basadi bana bathusa ho kgetha, ebe re bona ho phahama ha mosadi United States, a apere hantle, empa akgohlahetse pelong ya hae. Otla busa ka thata. (Ke nale botswadi ka ho nna "mohlomong kereke ya Catholic.")

Hape, mahlale atla tswela pele, hantle ntle hlakoreng la bokheniki. Kolopi ditlaba le sebopeho sa lehe. Qetellong dikereke tsaeba le lebidi la ho kganna. (Dinale seo.) Ditla laolwa ke matla.

Yaba ke bone United States ele sebaka setjhang. Etlaba hoisa pheletsong. (Yaba keba le sena: "Ke nahana hore etlaba hoisa pheletsong." Jwale, hopola, Ke seo Modimo Aneng a mpontsha sona, empa "ke nahana etlaba pele1977.") Hodima ho nahana hona, ke itshetlehile ho seo, hobane ke bona tlhaselo eo etlang, epotlakile haholo, hotla nka nako ekae bakeng sa sena.

Kereke ya Catholic ekgahla batho ba kabang 1.2 billione. Mosadi o emela kereke, jwalo ka Monyaduwa wa sebele wa Jesu Kreste. Ho bolelang hore kereke ya Catholic ehlaloswa jwalo ka mosadi ya motle, hobane ekgahla batho. Hobane sena sehlalosa Roman Catholicism mosadi ya motle. Khoutu ena ebaka moferefere ka 2016, ha bareri ba Molaetsa bane ba lekanya hore Hillary Clinton otla hlola dikgetho tsa bopresidente tsa America. Moena Branham ha aka a bolela seo. Kamoo bareri ba Molaetsa baneng ba bolela ka teng. Empa Hillary odfula atenne borikgwe, mme Moena Branham one akeke a bolela hore o apara hantle "hantle". Hoka eketsa sena, haho motho ya hlalosang hore Hillary omotle. Sena sehlalosa diphoso tsa badumedi ba Molaetsa. Bafetola dikhoutu kae kae, mme bafumane karabo tse fosahetseng. Barata hoeketsa ditaba. Bane bafositse hobane ho ile ha hlola Trump.

Ka tsela ejwalo re ithuta haholo moo. Bareri ba Molaetsa bane ba nahana hore Hillary otla hlola, bane basa tsebe hore Modimo leano la Hae tshiung tsa hoqetela ke lefeng. Barata ho etellapele. Hobane moputso omotle haholo. Ka tsela eo ke mang ya kgathallang nnete? Haba kgathalle seo. Hobane ba bakile moferefere? Hobane ba beile tshepo yohle ho dikhoutu, ho nale Bibele. Ka tsela eo hobaneng ha bongata ba dikereke tsa Molaetsa dile phoso? Hobane ba beile tshepo ya bona ho dikhoutu eseng temana tsa Bibele.

61-1119 MATLA SEBELE BOFOKODING

Oho, hlena, obua ka sekgurumetso sa ketlele: mademona apotoloha, matla a diabolosi bitsong la Bokreste, thuto tsa batho, thuto ya theoloji ya diseminare, balesa Bibele.

Seminari ke sehlopha sa batho bakopana ka mehopolo ya bona.

Ntle le Mangolo ke bohlanya feela. Ha re sena Mangolo ke mohopolo wa Satane.

61-1217 BOKRESTE KGAHLANO LE DITSHWANTSHO

Na onale temana edumellang seo ose etsang, kapa oka nka moya osa tsebe. Ha feela seo sele kgahlano le Lentswe, oseke wa dumela seo. Dula le Lentswe.

Ba bang ba bareri ba Molaetsa bane badumela hore Hillary otla hlola ka 2016, bane badumela ka tsela eo ka 1977 ka khoutu ya America etlang hofela ka 1977. Khoutu ena ene efosahetse. Ka tsela ejwalo kamora lemo tse 40, bantse bafositse hape. Mme kopano ya bona ene esena motheo, empa basa hlokomele. Empa 1977 ene ele tlhokomediso ekgolo ya Modimo. Oseke wa dumela feela khoutu tsa Moena Branham. Tse ding tsa tsona difosahetse. Batahanya khoutu le Bibele. Ebe ele hona oka fumanang nnete.

64-0823 DIPOTSO LE KARABO 1

Empa bao badumelang Lentswe ka botlalo, eseng nna ke rera, empa hobane ho bolela Bibele. Bao ba amohelang seo, hobane bale—lefatshe lea baahlola.

Dumela dikhoutu ka Bibele.

Phoso enngwe ekgolo ka bareri ba Molaetsa "okeke wa lokisa diphoso tsa Moporofeta". Sena ka 1977 bane basa khouti Bibele hoka dumellana le seo. Sena se supa ntlha. Haeba o nale khoutu elokela ho dumellana le Mangolo, hahose jwalo lesa seo. Leha re rata Moena Branham re lokela hoka hopola hore ene ele motho oner a nale diphoso le yena. Ka tsela eo one anale diphoso, mme re dumele feela sebolelwang ke Mangolo. Pono tsa hae dine dimakatsa. Mme Moena Branham ore rutile ho fihlela mona, ka Bibele ho nale motho. Empa jwalo ka Johanne Mokolobetso hofihlela abona Jesu jwalo ka Messiah, ha jwalo le Moena Branham one a nale diphoso hangata.

Phoso eo a ileng a etsa ka 1963, ka Leru la Flagstaff ka 28 Hlakola 1963, ebile le tshusumetso empe ho batho. One asa tsebe letho ka Leru, o ile atseba seo kamorao. Atseba ka mangeloi a supileng a 8 Hlaubele mane Sunset Peak, o ile a nahana hore a ile aetsa leru ha atloha ho yena. ka tsela eo o ile a nahana ka tsela ejwalo hore ke leru la 1963 mane Sunset Peak borwa ba Arizona jwalo ka mangeloi aneng atloha ho yena. Hona moo, ka bomadimabe, o ile a etsa diphoso. Leru le bile moo matsatsi a 8 pele mangeloi a fihla ho yena mane Sunset Peak. Leru le ile la bonwa maele tse 200 leboya la Sunset Peak hodima motse wa Flagstaff.

 

 

Ho tiisa sena, hone hole maru a mabedi.

Setshwantsho sena hotswa Winslow.

 

 

Leru lena le lenyane le neng letswa ho rokete enyane maele tse 20 ka bophirima leru le makatsang metsotso e 28 kamora ho dikela ha letsatsi mane Flagstaff jwalo kaha le lebile Winslow. Haho leru le leneng le lebile Sunset Peak. Moena Branham o fihlile Sunset Peak hoya tsoma dikolobe tsa javelina ka 6 Hlakubele 1963 hoya ka moradi wa hae Becky bukeng eleng "Kgutlela Sunset". Ho tsoma haho soka ho bulelwa batho ka 28 Hlakola 1963. Dikolobe tse hlaha tsa javelina ditsongwa ho tloha ka 1 Hlakubele hoisa ka 1o Hlakubele 1963. Ka tsela eo Moena Branham one ale siko moo ka 28 Hlakola.

Leru leo ene ele ponahatso hotswa Lehodimong ya Mora Motho. Ehlahile pele Moena Branham aleba moo, mme lene lele maele tse 200 leboya la moo aneng ale teng. Otsebile ka lona nakong eo. Ka tsela ejwalo Modimo One Alekanyetsa Moena Branham jwalo ka motho.

Ene ele ponahatso ya ho hohela.

Mangeloi atlile ho yena matsatsi a robedi hamorao hore aye Jeffersonville hore a senole Tiiso tse tsheletseng tsa Tshenolo Kgaolo 6. Ka tsela eo Modimo One A mobolella ka Tiiso tseo tse tsheletseng le sekgeo sa tsona. Sephiri sena sene se tsamaelana le thero tsa sekgeo seo. Tshenolo tse tsa Moena Branham hoka bula diphiri tsa Bibele, leho busetsa badumedi ho Selekane Sesetjha Moena Branham jwalo ka motho akeke are lokisetsa ho kopana le Jesu. Empa Molaetsa oo aneng ao rera one otsamaelana le Bibele ho hlahisa nnete. Empa thuto tse fosahetseng dine dikenella ka taba ya Leru. Hotswa mona re bona seo.Taba ena ere bolella hore Moena Branham hase Modimo. Jwalo kaha ane aetsa diphoso akeke a bitswa Lentswe la Modimo. Modimo ha Aetse diphoso. Khoutu tsa Moena Branham hase tsohle tse phethahetseng.

62-1007 SENOTLOLO SA MONYAKO

Seo, bare baena bare ke barometse hodimo moo, mme barera thuto tsa batho, mme ba bolela hore hake etse diphoso. Ele hore haho letho ... Mme, oho, ntho enngwe etshabehang eo o kileng wa e utlwa.

Ha batho bane bare ha a etse diphoso, ore ke ntho empe eo akileng a eutlwa. Ke ntho empe jwalo kaho siya mosadi wa hao ho nyala emong. Empa Moena Branham one arometswe hore kgutlisetsa ho tumelo ya Bibele ya pele. Hareke re lebelleng setshwantsho sa Leru:

(Leru ka tlhaku ekgolo ya C na ebe Leru le kgethehile haholo jwale seke wa letshwantsha le mosi wa rokete). Leru la 28 Hlakola 1963, le ileng la nkuwa setshwantsho Arizona madikelong a motse wa Flagstaff, lene lehlaloswa jwalo ka "Hotla ha Morena" mane Sunset Peak – moo eleng hantle maele tse 200 borwa ba Flagstaff.

 

 

Leru le , le neng le etswa ke mangeloi a supileng, lene lele siko Sunset Peak ka 28 Hlakola 1963. Ene ele maele tse 200 leboya, mane motseng wa Flagstaff.

Mangeloi a supileng ane asa bonahale Sunset Peak ka hora ya 8 hoseng ka 8 Hlakubele 1963 ho kopana le Moena Branham. Yaba ha asa bonahala, hose leru. Mangeloi a supileng a Leru ene ele aneng a tlile ho Moena Branham ene ele ketso tse pedi tse fapaneng, a arotswe ke maele tse 200, mme ka karohano ya matsatsi a robedi. Leha hole jwalo balatedi ba Molaetsa baha bone seo. Ba bapatsa Leru "Kreste Sunset Peak". Seo hase nnete. Mangeloi aneng asa bonahale atlilo kopana le Moena Branham mane Sunset Peak hape ekeke yaeba hotla ha Morena, hobane ka 1965, lemo sa hoqetela sa bophelo ba, Moena Branham one antse a emetse hotla ha Morena.

65-0725E KENG SEKGAHLANG THABENG

Re romela ditumediso mane dithabeng moo holeng ba bang , Prescott, Arizona, ho Moena Leo Mercier le sehlopha sa hae ba emetseng hotla ha Morena. Re romela ditumediso Tucson, moo kopanong, baemetseng hotla ha Morena. Tlase mane Houston, Texas, ho bao baemetseng Hotla ha Morena. Hodimo mane Chicago, ho bao ba emetseng Hotla ha Morena. Mane East Coast, New York le Connecticut, le sehlopha se moo, bao baemetseng Hotla ha Morena. Ha rena sebaka mona sa hoba amohela, ka tsela ejwalo ba mametseng Lentswe ka mohala. Re romela ditumediso ho Moena Junior Jackson phirimaneng ena, le sehlopha sa hae tlase mane Clarksville. Moena Ruddell, mane mashomeng a tsheletseng le metso emmedi, mmoho le sehlopha sa hae, baemetseng Hotla ha Morena. Mme rekopane mmoho, kahare ho tabernakele, re emetse Hotla ha Morena.

Empa badumedi ba Molaetsa badumela ane atlo manolla Ditiiso ka Hlakola 24 1963, sena sene setlisitse Hotla ha Morena. Empa haele Tiiso ya bosupa ha akaba a emanolla. Edutsi ele sephiri.

63-1110 MEYA ETERONKONG HA JWALE
Tiiso ya Bosupa eMokgutlisetsa lefatseng hape.

Empa tiiso ya bosupa hae yaka ya bulwa.

Hopola, Ore patetse Tiiso ya Bosupa. Ha aka aebula.

64-0719M MOKETEWA DITEROMPETA

Leha hole jwalo, oya tseba. Seo ke Hotla ha Hae.

Bang baetsa phoso ka ho kopanya mohodi le Hotla ha Hae. Ba bolela hore "hotla" ha Morena elokela hoba "boteng ba sephiri" (kapa parousia) mane Sunset Peak hola lehwatata la Sonoran, pela Tucson. Lentswe la Segerike la parousia le bolela "boteng", kapa "hotla". Baithuti ba King James Bible bakgethile ho hlalosa parousia jwalo ka "hotla". Bane bale mongwaheng wa boraro wa terone, motho – ho bonahatsang motho. Bane ba nale bohlale ba botho. Re nale ntsu ka hare ho rona. Ka tsela eo re thotofetse ha re leka ho fetolela sena. Ebe re nale Bibele ka bojohle.

63-1124 MEKGA EMERARO YA BADUMEDI
Antikreste o hanana le Lentswe. Eseng jwalo. Ore oya Ledumela, empa eseng kamoo le ngodilweng ka teng mona.

 

 

Ofetola Lentswe ka hare ho Bibele mme okena ka hare ho kampo ya antikreste. Bang bare hotla ha Morena keka ho motho ka bonngwe. Seo ke kolobetso ya Moya o Halalelang. Sena seetsahetse ka tsela tse ngata hoya ka mongwaha wa kereke, sena sene sesa amane le hotla ha Morena. Lengeloi lare Jesu otla kgutla ka tsela eo ya Mmele Anyolohetseng Lehodimong. Hoya Lehodimong

DIKETSO 1:11 Lare hape, lona banna ba Galilea, keng leletse Lehodimong? Jesu eo ya nyolohetseng, onketswe Lehodimong, Otla kgutla ka tsela eo Anyolohetseng ka yona Lehodimong.

Empa Morena Akeke atla pele ho tsoho ya bafu, mme baphelang mmele ya bona esoka efetoha. Ka tsela eo hahona hotla pele mmele efetoha.

I BAKORINTHE 15:52 Hang feela, kaho panya ha leihlo ha terompeta ella: hobane terompeta etla lla, mme bafu batla tsoha, mme retla fetoha.

I BATHESALONIKE 4:16 ... mme bashweletseng ho Kreste:

17 Mme rona baphelang retla kopana le bona sebakeng, ho kopana le Morena:

Jwale re lobokanya ditaba. Eba pherekano efetang Leru la Tshenolo 10 ha letheoha. Jwale Leru, leile la hlaha metsotso ekabang 28 le eme moo sebakeng sa kilomitara tse 42, hang feela lese lefetoha Lengeloi la Tshenolo 10.

64-0119 SHALOM

Empa, hopola, haleka wela fatshe laeshwa, "Ke Nna tsoho le Bophelo; Ketla Motsosa hape." Ha mmusa notsi emoholo a theohela fase, ebe, "nako efedile." Ha lengeloi leo, la Tshenolo 10, lebeha leoto lewatleng, ka mmokodi hodima hlooho, A ikana, "nako efedile." Ha seo seetsahala, otla tsoha hape. Ha bohle bale moo, letla kena.

Empa mona ene ele ka 1964, selemo kamora Leru, mme Moena Branham ha antse a emetse Lengeloi. Babang bare lese letlile (haba tsebe hore ke neneng), mme hape haba tsebe seo ke lemo 55 leho feta. Leru la nnete ka 1963, mane Tucson Observatory le ileng la nkuwa senepe, le ile lahlola pherekano. Jwale Leru le ile lahlaloswa ke Moena Branham, kgwedi tse nne pele ho lefu la hae, jwalo ka letswao la Mora motho. Haho phofodi sebakeng sa kilomitara tse 20 hokaq etsa Leru.

65-0718M HO LEKA HOETSETSA MODIMO TSHEBELETSO ESE MORERO WA HAE

Mme ponahatso ekgolo, eo lefatshe lekekeng lae lebala, baya ipotsa hoetsahalang. Mane Tucson, ponahatso ya senepe; hoetsahalang. Keng seo? Baile bahatisa seo dipampiring, "Na honale ya tsebang k a seo, hoetsahetsen g?" Haho phofodi hodimo moo, haho moya bakeng seo, haho phoka; maele tse mashome a mararo sebakeng. Oho, hlena! "Ho tlaba le diponahatso sebakeng. Mme ntho tsena diaetsahala, tshisinyeho tsa lefatsehohle, hobe le diponahatso sebakeng, tsa Mora Motho." "Tsatsing leo," ho Luka, "Mora Motho otla iponahatsa hape; abonahalang, kabo Yena." Mme lefatshe letla tshwana le Sodoma le Gomorra. Oho, hlena!

MATTHEU 24:30 Mme hotla bonahala ponahatso ya Mora Motho sebakeng:

Ntho tsena tsohle dihlahella ka semoya. Ntho emakatsang hone hole Maru a mabedi. Le leng leentswe ke mangeoi, le leng ke mosi kilomitara tse 42. Badumedi ba Molaetsa ba Leru haba kgone ho hlalosa seo.

Hobaneng mohlolo ona oetsa Leru?

Hang feela pherekano ena ya Leru, ehlaha ka bohlale, batho ba Molaetsa bafapana le Mangolo. Lsedi la Lentswe le lokela hore etella pele, ho bolelang hore thuto ya Leru ke tsela elebisang lefifing. Hanana le bona ka Leru hlokomela kgalefo, haholo hao tsebaphapang ka Leru. Moruti wa Molaetsa o ile a laelwa ho itokolla mosebetsing kaho ho botsa "ka Mohopolo wa Leru".

Jwalo kaha lehlokometse kahodimo, thuto ya Leru ke sethunya setswang mosi. Haho temana ka hare ho Bibele ka seo. Ke mehopolo feela. Hoka leka ho hlalosa taba ya Leru ho tshwana le ho tshwara phofudi. Haho Lengolo bakeng sa seo.

Thuto ena ehlalosa kereke ya Laodisea eqadileng ka 1906-1965, enka nako ya Moena Branham tshebeletso ya hae. Ka tsela ejwalo sena sejwalo: "Matsatsing a Lengeloi la bosupa" – hobane ene ele moreri ebile aphea. Yaba ore siela dithero. Ho tloha ka 1966 hoya pele, jwale re nale tokelo ya ho nka dikhoutu re dibapanye le Mangolo, hore re kgone ho bapahanya Mangolo le Bibele ka borona. Re feela re utlwile ka taba ya Moena Branham kajeno lentswe la hae le ditheiping. Ka tsela ejwalo ho tloha 1966 hoya pele, re bolela hore ke mongwaha wa kereke ya Laodisea, "Mehleng ya LENTSWE La lengeloi la bosupa".

“Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona!” — 1 BaKorinthe 16:23