William Branham o lokisitse phoso tse ngata tsa tumelo ya Clarence Larken



First published on the 18th of April 2019 — Last updated on the 18th of April 2019

Bongata bodula bo itshetlehile ho dikakanyo tsa kgale.

Clarence Larkin dikakanyo tse hlokang hoka lokiswa ka baka la diphoso tse ngata tsa teng. Dipuo diitshetlehile ho dikakanyo tsa buka ya Larkin "Nnete tsa karolo tsa mengwaha". Karolo ka nngwe eneng elokelwa keho lokiswa diphoso ke thuto tsa William Branham.

Larkin one a sebedisa mahlale a nakong ya hae hoka hlalosa Nebular Hypothesis.

Mohopolo ona wa ho robatsa leho sebedisa Matla A Lefifi hoka etsa ntho tsa Lefifi.

Haho molao oka hlalosang sena. Molao le mahlale dia kgathala, hangata ditlisa pherekano.

Hoka hlalosa sena ka Mahlale. Larkin one asa lokela ho kena tabeng tsena.

GENESE 1:2 Lefatshe lene lehloka sebopeho, mme lele feela;

Ho hlalosa Genese 1:2 “Ka botlalo hantle feela, lefatshe lene le sena sebopeho lele feela”.

Larkin ofetotse "ntle le sebopeho" hore "le sena maemo".

“Hoka ahlola Satane lefatshe lene le sena botsitso … haeba hone hole batho Barehileng hanyane lefatsheng, bane ba nale pelaelo ka howa ha Satane leho ahlolwa ha hae”.

Ke lona lebaka leo Larkin are tlhaho pele ho Adama e ileng ya fediswa. Yaba Modimo O fedisa seo, mme aqala ho aha lefatshe le letjha.

Sena sebolela hore Modimo O ile A hlwekisa lefatshe ntle ho Madi a Jesu.

GENESE 1:2 Mme lefatshe lene lesena sebopeho.

Lefatshe lapele lene le kwahetswe ke metsi. Modimo wa tlosa “bolo ya lehlwa” a etlisa pela letsatsi hore eqhebidihe. Sena ene ele ntho ya pele ya lehwa. Lefatshe lene le kwahetswe ke metsi hohle, hose dithaba le bodiba. Phufudi ene ekwahetse lefatshe mme esira letsatsi. Ho bolelang hore metsi ane ale lefifing.

GENESE 1:3 Modimo ware, Lesedi ha lebe teng:

Larkin obolela hore lesedi ene ese kganya ya letsatsi. Ene ele lesedi la cosmic (leha ekaba seo sebitswang).

Empa ha Lentswe le Builweng le otla tsatsi lapele, eleng sona sebitswang Sontaha. Hare tswalwa meya ya rona ekwahetswe ke leru la dibe. Hare pholoswa Modimo O bua Lentswe la Hae hoka re etsa hore re tswalwe labobedi.

Larkin obolela hore maru aneng a sirile lefatshe atlohile tsatsing labone.

Tjhe. Meroho ka tsatsi laboraro ene ebatla mahlasedi a letsatsi.

Matsatsi a mane a pele ene taba ya pusetso mmoho ya ntho enngwe le enngwe.

Letsatsi lapele lene leontsha kganya, pholoso jwalo kaha ene erutwa ke Martin Luther. Tsatsi labobedi ene ele kaho, kgalalelo ka John Wesley. Tsatsi laboraro hatla bophelo, neo tsa Pentecostal ka matla hotswa mane Amerika Seterateng sa Asuza hola Los Angeles.

Ebe ele hore hotla peo ya bana ba Modimo ka Bibele.

Tsatsi labone le bonahatsa ha Modimo Abeha ntho enngwe le enngwe ka tsela ya Hae hoba le lesedi bosiu le motsheare. Modimo ha Akaba A etsa bosiu le motsheare ka tsatsi leo. One Ase A entse letsatsi le kgwedi. Tsatsing labone ene ese ele ntho tse seng dile teng tseo, ene ele ho beha ntho enngwe le enngwe hoya ka maemo a yona.

Larkin obolela hore Genese Kgaolo 1 le Genese Kgaolo 2 ebolela ntho ele nngwe.

“Genese Kgaolo 1 ke popo ha Genese Kgaolo 2 ke tsela ya popo”.

Genese Kgaolo 1 ke popo ya Adama wa semoya, sebopehong sa Modimo eleng Moya.

Karolo ya bosadi ene ele ka hare ho monna. Eneng ele moya, hone hose letho seo motho aka seetsang. Haho bolelwe ka sefate. Genese Kgaolo 2 ebona moya wa motho o hema ka ho yena. Jwale ha Modimo Ase A buduletse Moya wa Hae kaho motho, ntho dikanna tsa setsamaye hantle.

 

 

Larkin ha aya hlokomela hore Sefate sa Bophelo haele Moya wa Kreste mme sefate sa Tsebo ya botle le bobe ele moya wa Satane.

O hlolehile hoka hlalosa sebe sa pele hore seneng sel mahareng a sepente, ene ele mahareng a tshwene le phoofolo le motho, le Eva.

Ha lesira la borwetsana le taboha le tabotswe ke sepente madi atswa. Phoofolo ke yona ehlotseng sebe sa pele.

 

 

“Ho nnile le bana ba bangata, bara le baradi, batswetsweng maharenga Kaine le Abele”.

Sepente e ile ya imisa Eva hobane Modimo O ile A moahlola pelehing.

GENESE 3:16 Ho mosadi are, ketla o atisetsa mahloko pelehing ya hao;

Yaba Adama otseba Eva mme baba le bana ba babedi, Kaine le Abele, batswetswe ele mafahla.

GENESE 4:1 Yaba Adama otseba mosadi wa hae Eva; mme a emola, mme atswala Kaine, mme are ke itswalletse monna ka thuso ya Modimo.

2 Mme aboela atswala Abele.

Ketso ele nngwe ya Adama mme bana babedi batswalwa. Empa hoimeng ha Eva ho ile ha etsa Modimo Atlise kahlolo. Hoo eneng ese ho Adama hobane mosadi o dumelletswe hoka ima eseng monna.

Honale sesa utlwahaleng moo. Sekgeo mahareng a motho le tshwene. Mahlale a lekile ho batla sena ka lemo tse 150 mme ha baya fumana letho. Larkin ha a bolele letho ka taba ena.

Sepente ene ele phofolo, seantshi. Ha jwale ke sehahabi. Sena sefetola sohle. Masapo a yona afetoha. Eleng lona lebaka le etsang hore masapo a sepente abe asa fumanehe. Eleng sekgeo mahareng a tshwene le motho.

Ke hokae moo Modimo A dumellang Diabolosi hoka bua ka phoofolo? Larkin ha abolele letho ka sena. Satane ha ana matla a ho bopa.

Lusifera o ile a rohakuwa yaeba Satane. Seseng sehlolang mathata a maholo thohakong. Hobaneng ha Modimo A ile are “Hobane o entse sena..” ho sepente haeba ene ele phoofolo ene ekeke ya utlwa letho?

Hobaneng ha Modimo Asaka Are, “Hobane …” ho Eva. Eva one asa utlwisisi hore o entse phoso. Esale Modimo A etsa bophelo, one a bua ka Kaine atlile ka thato ya Modimo. Empa ka bohlale o ile a pata ntata Kaine. Maemo asa tlwaleheng hohang feela.

Ha Abua le sepente Modimo Are:

GENESE 3:15 Ketla beha hloyano mahareng a hao le mosadi, le peo ya hao le peo ya hae; mme etla okgoba hlooho, mme otla eloma serete.

The woman had a seed, the Man Jesus Who has no human father.

Sepente ene enale peo. Monna ya senang ntate. Ke mang enwa? Larkin ha ana tlhaloso. Larkin ohloleha ho hlalosa hore hobaneng ha Eva asare Adama ke ntate wa Kaine le hore hobaneng ha Buka ya Dikoronike esena lebitso la Kaine baneng ba Adama jwalo kaha bongata bobolela hore ke ntatae.

 

 

GENESE 6:2 Ha bara ba Modimo ba bona hore bana ba batho ba batle; mme ba inkela basadi ho bona.

Larkin obolela hore mangeloi a ile a etsa thobalano le batho. Ore ene ele kerebume tsa robala le baradi ba batho. Larkin obolela hore ene ele dikerebume tse weleng.

Empa dikerebume ke mangeloi a ikgethang. Empa ho tse nne feela dikerebume (tau, poho, motho, ntsu) eleng tse sireleditseng terone ya Modimo.

Empa dikerebume hase bara ba Modimo.

BAHEBERU 1:5 Ke Ho lefeng Lengeloi leo Akileng Are, O Mora waKa, ka letsatsi lena Keo tswetswe?

Modimo ha Ana kamano ya Mora le Ntate le mangeloi.

JOBO 1:6 Jwale hone hole nako eo bara ba Modimo bane ba tlilo itlhahisa ho Modimo, mme Satane one ale teng hara bona.

Haeba sena ene hoitlhahisa ha mangeloi, hobaneng ha Satane ane ale hara bara Jobo?

DEUTERONOMA 16:16 Ka makgetlo a mararo ba batona bohle bane ba itlhahisa kapela Modimo;

JOSHUA 24:1 Yaba Joshua okopanya Israele yohle Sikeme, mme abitsa baholo bohle ba Israele, bakeng sa dihlooho tsa bona, mme bakeng sa bahlodi, le baetapele ba mabotho; mme ba itlhahisa kapele ho Jehova.

Modimo O rata ha banna ba itlhahisa kapele ho Yena.

Modimo O bolella Jobo hore bara ba Modimo, baneng bale mohopolong wa Modimo, bahoeletsa ka thabo. Jwalo ka Levi ha ane a thabela ntatamoholo wa hae Abrahama ha ane antsha boshome.

JOBO 38:6 Ke moo metheo e ahilweng na? kapa dikgutlo na [tsa lefatshe];

7 Ha naledi tsa meso dibina, mme bara ba Modimo bahoeletsa ke thabo?

Ho bua le Abrahama Modimo Ore bara ba hae batla lekana le dinaledi.

GENESE 22:17 Ketla o hlohonolofatsa, peo ya hao etla ngatafala jwalo ka dinaledi,

JOHANNE 1:12 Empa bohle ba leamohetseng, le baneile matla a hoba bana ba Modimo,

Balokileng ke bara ba Modimo. Letsibolo la Modimo ke Adama.

LUKA 3:38 … eo eneng ele mora wa Adama, eleng mora wa Modimo.

Ka tsela bara ba Modimo ene ele leloko la Setha. Baradi ba batho ene ele leloko la Kaine.

Kaine ene ele peo ya motho leloko la sepente. Methapo ena emmedi ya kopana. Ke lona lebaka leo Modimo A ile Atlisa Morwallo.

 

 

Larkin obua ka “Modimo Mora le Modimo Moya o Halalelang ”.

Bobedi puo tsena ha dio Mangolong.

Mora wa Modimo ke, Jesu. Modimo hase nama, ka tsela ejwalo Modimo ekasebe motho. Moya wa Modimo Otsamaya ka hare ho Monna, Jesu. Haho moo ho bolelwang ka Ntate Selekaneng Sakgale. Modimo One Akeke Aba Ntate hobane Mora one A soka Atswalwa. Ke lona lebaka le etsang hore Selekaneng Sakgale, Aseke Abitswa “Modimo Ntate”.

Sheba Mangolo. Ahlahisa karolo tse fapaneng tsa Modimo.

BAEFESE 5:20 Rentse re isa tlhompho ho Modimo leho Morena Jesu Kreste;

Ke lona lebaka leo Larkin ene ele le Trintasi. Empa lentswe “Trinity” ha leo ka hare ho Bibele.

Ntate le Mora hase batho ba babedi. Mora wa Modimo ke Motho Jesu. Ya phelang ka hare ho Monna Enwa ke Botlalo bohle ba Modimo.

BAKOLOSE 2:9 Hobane Bomodimo bohle bodutse ho Yena ka Nama.

“Modimo Ale Mong bathong ba Bararo” hase taba eteng Mangolong. Hase le taba eka fumanehang. Modimo Ona entse ele ntho ethata hoka utlwisiswa ke batho. Lebitso la Ntate, Mora, le Moya o Halalelang entse ele sephiri le kajeno. Batho ba bararo bakeke baeba le Lebitso.

Ka tsela eo, hoya ka thuto ya Trinity, Modimo wa Bakreste ha Ana Lebitso, ke maemedi a mararo.

Ka tsela eo Larkin ha ahlalose sephiri sa Bomodimo.

Ha ahlokomela hore Jesu Kreste ke Lebitso la Ntate, Mora, le Moya o Halalelang.

TSHENOLO 10:7 Empa mehleng ya lentswe la lengeloi la bosupa, ha le utlwahala, diphiri tsohle tsa Modimo ditlabe difedile,

Larkin le Matrintasi haba kgone ho hlalosa temana ena.

Sephiri sa Trinity sekeke sa feela. Edutse ele sephiri.

 

 

Larkin ohlalosa ha Sontaha ele “Letsatsi la Morena”.

Letsatsi la Morena ke tsatsi la Matshwenyeho a Maholo.

ISAIAH 13:6 Ha jwang; hobane letsatsi la Morena lefihlile; letlatla jwalo ka kahlolo eleng tshenyo ya Modimo.

 

 

“Letsatsi la Sabbatha ke la Bajude feela”.

Tjhe. Sabbatha Selekaneng Sakgale ene ele tsatsi la phomolo mesebetsing eleng Moqebelo.

Sabbatha Selekaneng Sesetjha ke phomolo nakong eo motho afumanang Moya o Halalelang.

Sabbatha ebolela phomolo.

ISAIAH 28:11 Ka maleme a korokotletsang leka puo disele Ketla bua le batho bana.

12 Bao Ketlang hoba neha phomolo, phomolo ka hare ho phomolo; mme sena keho ntjhafatsa: leha hole jwalo bakeke bautlwa.

Sena sehlalosa kolobetso ya Moya o Halalelang ka Tsatsi la Pentakonta. Sena ene ele kolobetso ya Moya o Halalelang bakeng sa dibe tsa rona. Ke sona seo eneng ele ponahatso ya Sabbatha sa Bajude.

Larkin obolela hore melao eleshome ene ele teng Selekaneng Sesetjha ntle feela le letsatsi la Sabbatha.

Empa Larkin one asa tsebe ka kolobetso ya Pentakonta ya Moya o Halalelang. Ka tsela ejwalo ofositse Sabbatha.

Selekaneng Sesetjha Sabbatha ke phomolo hotswa dibeng, eseng mesebetsi. Ke kolobetso ya Moya o Halalelang.

BAHEBERU 4:10 Hobane ya keneng phomolong, ebile o phomola le mesebetsing ya hae, jwalo kaha Modimo A boletse.

Modimo Oya sebetsa A phomole. Kamora moo ha Aka Ahlola A boela mosebetsing wa popo. Haeba ho phomola hole ka tsela ejwalo o phomola o boele mosebetsing. Hase sa nnate Sabbatha. Empa ha Moya o Halalelang O olokolla mesebetsing ya ho tsuba, botawa, ho bapatseng, ho rohakaneng, ho utsweng jwalo jwalo. Ke sona sa sebele Sabbatha, ho phomola dibeng.

 

 

Larkin obua ka “Mengwaha ya Bosafeleng”. “Sena setsamaelana hantle feela le seboletsweng ke moapostola Paulosi ho Baefese ‘Mengwaha etlang’"

Haho mengwaha esafeleng ka hare ho Mangolo.

BAEFESE 2:7 Mengwaha etlang ebontsha katleho ya Hae.

Paulosi ongolla kereke ya Efese mme mona oba bolella ka kereke ya mengwaha etlang. Larkin o fositse hofosa mona.

 

 

William Branham ha aka anka mantswe a mantswe a Clarence Larkin ya thuto ya Kereke Tse Supileng Tsa Mengwaha.

MaPlagiarime a etsa eka mehopolo ya Clarence Larkin ya ho qala enkuwe ke WilliamBranhama eetsa ya hae.

Empa emmalwa mehopolo ya Clarence Larkin ka hare ho buka ya hae. Tlosa selemo sa 1750 AD, le tlhaloso ya kereke tse tharo (Efese, Pergame le Sarda) odikopanye le mehopolo ya Larkin ka thuto kereke tsa mengwaha o ekopanye le bangodi ba bang.

[Ditaba tse tswang ho Moena Ken O'Dwyer, moo a bontshang ha Larkin abile a fumane le letsatsi la 170 AD hotswa ho bangodi ba bang --

Haele hantle, Larkin o adimmele tsatsi la 170 AD hotswa bukeng ya William Mitchell Ramsay "Kereke mane Pusong ya Roma pele ho A.D. 170" e ileng ya phatlalatswa ka 1892. Larkin haele hantle one a tseba ka buka eo hobane ephatlaladitswe lemo tse 27 pele ho ya hae "Buka ya Tshenolo" ka 1919.

Ramsay okgetha 170 ADhobane, jwalo kaha a bolela, ntho tsohle tsa kereke diile tsa phethahala ka AD 170 haholo holo ho kereke ka nngwe "ebuswa ke bo bishopo le baetapele" mme "le lekgotla la mehopolo ekopaneng" (p363).]

Haeba oka nka tsena tsa mehopolo ya ho qala ya Larkin ka kereke ya mengwaha , okeke waeba le ditaba tse ngata. Hoba le Trintasi o ile a haellwa ke ho bona lekgotla le fosahetseng la Nicaean Council ka 325 AD ha Trinity ene ekenywa ka hare ho kereke, le dibishopo tsa Roma hane dibewa ke kereke ya bophirima. Ha dikereke tse ding tse kgolo mane Botjhabela Bomahareng Leboya la Afrika dine dile pusong ya Muslims kamorao ho hotswa ho Arabia ka 632 AD, yaba kereke ya Roman eba le moetapele hotswa bophirima ya nang matla a tlhodisano ekgolo mmoho le kereke ya Greek Orthodox ya Constantinople. Ka tsela ejwalo Pope aba le matla.

Larkin osebedisitse 1900 jwalo ka qaleho ya mongwaha wa kereke ya Laodisea.

Larkin one asena tsebo hohang feela hore kereke ya mongwaha wa Laodisea eqadile ka 1906. One a sena tsebo ya letho ka Laodisea. Ongotse feela ka 1900. Empa hose letho le etsahalang hohang feela.

Larkin o ile a fetwa ke poelano ya semoya ya Pentecostal le dineo tsa moya.

Leha hole jwalo Larkin o ile a ngola tse ding ka thabo ekgolo. Batho ba bangata bane base bafumane nnete ka Larkin, moithuti emotle haholo, akopantse ntho tse ngata ka thuto ya hae, mme abile akenya le karolo ya hae moo. Sena setlwaelehile haholo ho batho.

Mohla, hare shebeng temana tsa Larkin (1920) leka C. I. Scofield (1907):

LARKIN

“Kgaolo ya bobedi lea boraro, ke taba ya seporofeto "Pale ya Semoya" ya kereke hotloha ka nako eo Johanne angodileng Bukaka A. D. 96, ho theoha jwalo ho fihlela ho nkuwa kereke, kapa ha rena letho "ponong ya seporofeto" ya kereke ka nako eo, hobane o ile anyamela kgaolong ya bobedi lea boraro, mme aboele ahlahelle kgaolong ya leshome le metso erobong.”

SCOFIELD

“ Molaetsa ho kereke tse supileng ke taba ya seporofeto se karolo dinne: … ya bone ke seporofeto, jwalo kaha ho kwalwapale ya kereke ya semoya, ho tloha, harere, A.D. 96 hoisa pheletsong. Ke ntho ekgolo hore kereke eka tshwasa ntho ekang eohose ponelo pele. Molaetsa onaka manqosa aponelo pele haeba efeela ele ka hare ho Buka, hobane kereke hae hlahelle Kgaolong ya 3:22”.

Scofield one a qadile hantle haho tsebahale hobaneng ha Larkin ane asa sebedise tsebo ya nnete ya Scofield. Larkin o ile abatla feela tse tshwarehang, eleng se setle haholo ka hoya ka sekolo, empa bofokodi bona bo ile ba bewa ele rekoto. Larkino tsebile mosebetsi o motle hoo aneng alokela ho "qetela diphiri" moo ba bang baqadileng teng.

Ho tlatsa dikgeo tsa dikereke. Ho senola leho hlokomela diphoso tseo tsa hae tse hole le mengwaha ya Hoaha ka nako etelele hoisa Selekaneng Sesetjha. Larkin one a bona phoso tseo kaofela ha tsona.

Larkin o lekile ka matla ho fumana tsohle.

William Branham o qadile ka tsebo ya Clarence Larkin mme yaba, otseba seo eleng sa bohlokwa, atltsa dikgeo tse ileng tsa siuwa ke Larkin le bangodi ba bang batlileng pele ho yena.

Eleng hore, re leboha William Branham, jwale "diphiri difedile" hoya ka tsebo ya rona.

TSHENOLO 10:7 Empa mehleng ya lentswe la lengeloi la bosupa, hale utlwahala, diphiri tsohle tsa Modimo ditlabe difedile, jwalo kaha a boleletse bahlanka ba hae baporofeta.

William Branhamo nkile nako engata abatlana le nnete.

Ka tsela ejwalo taba ya Larkin, one anka puo tsa batho ba bang, empa dintlha kaofela ha tsona.

Ke hona moo diphiri tsa kereke dileng ha diile tsa hlola bangodi ba pele.

Teko ya kapele ya mohopolo:

Arekabishopo R C Trench (1807 – 1886) oboletse "mabitso a dikereke a bolela seseng. Ka tsela ejwalo hobaneng ha Pergame enale pheletso ya Segerike eleng – os ho enale Pergamum? Haho le nngwe ya dikereke enang le pheletso ya Segerike."

Ena ke poptso entle. O ile adumela hore ha a tsebe. Empa aka lakatsa ho tseba, hobane sena ke fupe.

Haeba osa kgone ho araba Arekabishopo jwale eba ohloka ngeloi la bosupa.

Larkin o hlolehile ho araba dintlha ka “setulo sa Satane” le “hora ya meleko” mme ahloleha ho hlalosa hore kereke ya hoqetela ene ele ka eng.

One asena karabo ya hore mangeloi a supileng ke eng.

Larkin one asa tsebe Nnete eo esaleng epatwa ka Mengwaha e Lefifi ya Tokafatso ya Luther, Kgalalelo ya Wesley, Kolobetso ya Moya o Halalelang ka Pentecost lewa nako ya hoqetela Elia ya tlang ho busetsa dintho maemong a kereke ya pele ya Selekane Sesetjha.

O ile a hloleha ho bona hape thuto ya bohetene ya Trinity, o ile a leka ho poletjha kgopolo eo ka bohlale ba Segerike bonngwe borarong le boraro bonngweng jwalo jwalo, eleng se ileng sa hatellwa ho mongwaha wa kereke ya boraro eleng Pergame(mongwaha wa sephiri ofellang ka lentswe la Segerike eleng-os) mane Lekgotleng la Nicaean ka 325 AD ka tumelo ya mahlale (jwalo ka mmisa wa Roman Catholic, purgatori, Keresemese, le tsebo ya sebe jwalo jwalo) eileng ya atleha ho romela kereke Mengwaheng e Lefifi.

Larkin oentse phoso tse pedi tse neng dilokela ho lokiswa :

Pope Boniface III one asaka a tlotswa ka lemo sa 606 AD.

(Pope Nicholas I, mane kabo 860 AD, o bonahala ele Pope ya rwetseng moqhaka wa hlooho.)

Attalus III ene ese moprista wa bahedene wa Babylona ka 538 BC.

Attalus III ene ele morena moprista mmuso wa Pergame mmusong wa Roma ka 133 AD.

Tsena ke phoso tse nyane tse entsweng ke morutehi enwa.

Haeba okile wa bala kereke tse supileng tsa mengwaha tse ngotsweng ke bangodi batlileng pele ho Larkin o kentse mehopolo emmalwa ya hae moo.

Larkin o ile a bala ka ntho tse mmalwa moo, empa bonneteng ke hore pale ya kereke tse supileng tseo okentse mohopolo wa hae moo.

Larkin tsela ya hae ya thuto ka kereke tse supileng tsa mengwaha ebile ntho eka thoko.

Ohlokometse tsela eo phetoho ya Luther ha ane arera ka Tokafatso. Ebe o lahlehelwa metsotsong ya hoqetela. Moo ke hona moo a ileng a teba haholo, haholo ka mongwaha wa kereke ya Laodisea jwalo kaha aqadile maqalong a ona one a lokela hoka tseba haholwanyane ka seo.

Mathata a maholo a Larkin ene ele hosa kgone ho hlalosa, ke lona lebaka le ileng la etsa hore re kene Mengwaheng e Lefifi. Seileng sa etsa hore kereke etsamaye hole le Lentswe?

Bothata ba Larkin ene ele hore ke le Trintasi mme leha ane abatla ho fumana seo ka thuto ya Trinity ka hare ho kereke.

Phoso enngwe hape ka Larkin:

“Hora ya Matshwenyeho a Maholo” eo kereke ya Filadelfia eo ekekeng ya leba Matshwenyehong a Maholo, eleng sebolelwang ke Larkin.

Matshwenyeho atla nakong ya pheletso ya mongwaha wa Laodisea. Kaofela mengwaha ena etsheletseng ene eka pbonyoha Matshwenyeho hoja sena ene ele nnete. Empa ese efetile ha kereke ya bosupa eqala. Ke Monyaduwa ale mong feela ya nketsweng sebakeng ho Kreste ya tlang ho phonyoha.

Ha "hora ya meleko eqala” ke nako eo kereke dikopanang, ditjhelete dipolotiki ke ntho tsa mongwaha wa Laodisea jwalo ka pere tse tharo tsa Tshenolo Kgaolo ya 6 kopano (pere etshweu thetso ya Evangedi, pere etshomo matla a dipolotiki le pere entsho eleng mademona alapisang batho semoyeng kaho hlahisa dikhoutu le mehopolo ya batho). Ho mokalli ale mong wa sephiri. Ho nale Diabolosi ale mong (ka bomadimatle. Nahana ka tshenyeho eo atlang ho e etsa.)

Ha sena seetsahala ho hlaha pere eputswa kopanong eo ekalletswe ke Matshwenyeho a Maholo, ebe mokalli wa antikreste (matla kamora kereke ya Laodisea) eya senoha eleng Lefu.

Lefu ke hlakore le leng la Bophelo. Lefu le kena feela mongwaheng wa Laodisea hobane Jesu, Bophelo, okantle ho kereke.

TSHENOLO 3:14 Ngolla lengeloi la kereke ya Laodisea ...
TSHENOLO 3:20 Bona, Ke eme monyako, kea kokota: ha motho a utlwa lentswe laKa, mme a bula monyako, ketla kena le yena, mme keje le yena, le yena le Nna.

 

 

Phoso enngwe ya Larkin ore mongwaha wa botshelela o matha le wa bosupa, ka nako ele nngwe.

Batho ba lokileng babe ba bolela hore Filadelfia, ebe batho basa lokang ke ba Laodisea. Hlokomela sena. Mengwaha e 5 elatellana hantle ntle le mongwaha wa 6 le wa 7 ematha mmoho.

Larkin le bangodi baqalang bafositse taba ya Filadelfia le wa Laodisea.

Tsela eo a kgannang mongwaha wa dimishinare tsa Filadelfia ke ntho emakatsang.

Larkin one asa hlokomele hore dikereke ditlilo lahleha ka hara Mengwaha e Lefifi. Lekgotla la Nicene ka 325 AD le ileng la sutumetsa thuto ya Trinity, le ile la kgothomeletsa kereke ho diphoso tsa Papal Mengwaheng e Lefifi kantle ho Bibele le ile la lahlela thuto tsa kereke hole kwana.

Ebe ho tloha moo Mengwaheng e Lefifi ke tshitiso feela:

Tsosoloso ya Sarda ene etla tsosa Tokafalo tlasa batsosolotsi ba matla jwalo ka, Martin Luther. Tsosolotso ya Filadelfia ene etla lebisa tshebeletsong tsa kantle ka banna ba kang John Wesley (ya sebeleditseng Modimo ka tsela eo rekekeng ra enahana, hobane ane akgona ho laola matla ahae). Ono ene ele mongwaha o matla haholo wa evangedi.

Laodisea ene etla tswella pele ka tsela ya kolobetso yaPentecostal ya Moya o Halalelang ka neo tsa Moya ka 1906 leka taba ya tsoseletso ya Seterata sa Asuza. Eleng ho beha banna baetellang pele. Ka bomadimabe, ka 1917 baqala hoba mokgatlo. Yaba Elia oba teng sebakeng hore akgutlisetse tsohle tumelong ya Mohalaledi Paulosi eleng mongodi wa Selekane Sesetjha.

Kereke tsa mekgatlo dine ditla iphapanya Elia mme ba seke bafumana kganya ya Lentswe. Mme baqala ka lefifi la Trinity le kolobetso ya maemedi ho nale ka Lebitso la Jesu Kreste.

 

 

Beke tse mashome a supileng tsa Daniele.

Larkin ore qetelo ya tshebeletso ya Jesu ka 30 AD ho nale 33 AD.

Haho bopaki ba Bibele boreng Jesu one Asa tswalwa ka lemo sa 0. Augustus, mmusi ya tsebahalang, oshwele ka lemo sa 14 AD.

Tiberius, leha ene ele mmusi mmoho le yena ka 12 AD, one akeke aba mmusi ntle le tsebo ya Senate ka lemo sa 14 AD.

Johanne Mokolobetsi oqadile mosebetsi wa hae wa ho rera ka lemo sa sa Tiberius eneng etlaba 29 AD.

Jesu one atswetswe ka lemo sa 30 ha Ane A kolobetswa. Ka tsela ejwalo ka 29 AD.

Seo hase aka sa fella ka 30 AD jwalo kaha Larkin abolela.

LUKA 3:1 Jwalo ka lemo sa leshome le metso emehlano sa ho busa ha Sesare Tiberiuse,

LUKA 3:2 … Lentswe la Modimo latla ho Johanne mora Sakaria lefelleng.

LUKA 3:23 Yaba Jesu Aqala Ale lemo tse mashome amararo,

Larkin ofofsitse seo.

 

 

DANIELE 9:25 Tseba sena mme o utlwisise, hoya pele ka taelo ya ho aha Jerusalema bakeng sa Messiah Kgosana etlaba veke tse mashome a supileng, ha mshome atsheletseng le metso emmedi:

Larkin ore Jesu otlile Jerusalema jwalo ka Morena hoka tiisa boporofeta bona.

Boporofeta ene ele “bakeng sa Messiah Kgosana”. Ena ke kolobetso ya metsi ya Jesu. Moya o Halalelang wa theoha jwalo ka Leeba ware’ “Enwa ke Mora waKa ya ratwang”. Sena sebolela Jesu jwalo ka Mora wa Morena. Sena se Moetsa Kgosana.

Moya o Halalelang o Motlotsa jwalo ka Kgosana. Sena sa Moetsa Messiah, Motlotsuwa.

 

 

JOHANNE 1:33 …, Yena ya itseng ho nna, Eo otlang ho bona Moya o Halalelang ole hodima Hae, mme O hlola ho Yena,

Moya o Halalelang hao yaka wa kena ka hare ho Jesu. O ile wa dula hodima Hae.

MATTHEU 1:20 Empa yare asa nahana seo, bona, Lengeloi la Morena la motlela ka toro, lare, Josefa, mora Davida, setshabe ho inkela Maria mosadi wa hao: hobane Seemotsweng ke yena kesa Moya o Halalelang.

Monna ya kenyang peo ka hare ho mosadi ke yena ntata ngwana.

Moya o Halalelang o ile wa kenya Peo Jesu ka hare ho popelo ya Maria. Ho bolelang hore Moya o Halalelang ke Ntate wa Morena Jesu.

“Veke tse 69 tsa Daniel difella ka Aril 2, AD 30, letsatsi leo Jesu Akalletse ka tlholo Akena Jerusalem”.

Empa ha nako ena efela “Messiah le Kgosana” eleng sefellang ka kolobetso ya metsi. Ha kalletse ka Tsatsi la Dipalema One A beuwa Morena.

ZEKARIA 9:9 Thabang le nyakalle, wena Morasi wa Sione; hoeletsa, wena Moradi wa Jerusalema: bona, Morena wa hao O fihlile: O lokile, mme Onale pholoso; o ikokobeditse, mme Okalletse esele, Opalame pokola petsana ya esele.

Sena ke phethahalo ya boporofeta ba Messiah le Kgosana.

Larkin ofositse taba ena.

 

 

Phoso ekgolo eo Larkin a ileng a eetsa keha anahana hore lemo sa bosupa ke sona sa Matshwenyeho a Maholo.

DANIELE 9:27 Mme Otla tiisa selekane ka veke ele nngwe: mme mahareng a beke Otla tswellapele,

Selekane sa lemo tse supileng ha sehlahelle. Selekane sa lemo tse supileng sea tiiswa. Ho bolelang hore selekane seetswa ka lemo tse supileng.

Larkin ha aya hlokomela lentswe “ho tiisa”.

Yena, jwalo kaha kereke tsohle dietsa, onahana hore “otla tiisa selekane” ho bolelang hore antikreste "aetsa" selekane sa lemo tse supileng sa Bajude ka nako ya Matshwenyeho a Maholo.

Larkin ha ana karabo ya hore selekane seo seqala neng.

O entse phoso kaho nka Lengolo lere selekane sa lemo tse supileng.

Ke Selekane sele seng sebolelwang ke Bibele.

BAGALATE 3:17 Mme ke bolela sena, selekane seo, seileng sa etswa ke Modimo pele ho Kreste,

DANIELE 9:27 … mme hara veke otla tiisa selekane

Mahareng a veke. Matsatsi a mararo le halofo ke lemo tse tharo le halofo tsa nako ya tshebeletso ya Jesu. Lefu la Hae le ile la qeta selekane seo sa Bajude ha lesela laTempele lene le kgakgoha ka lehare.

Larkin one a fositse hohang feela.

Modimo One A entse selekane le Abrahama mane ho Genese Kgaolo ya 15 selekane sa sehlabelo. Atiisa selekane seo ka Lefu la Kreste.

DIKETSO 3:25 Lebana ba baporofeta, ba selekane seo Modimo A ileng A seetsa le bontata lona kgale kwana, ho bolelwang Abrahama ele emong wa bona, A bolela hore peo ya hao etla hlohonolofatsa lefatshe.

GENESE 15:9 Mme Are ho yena, ntlisetse namane elemo tse tharo le halofo, le podi elemo tse tharo le halofo, le pheleu elemo tse tharo le halofo, le maebana kgorwana, le maeba amanyane.

18 Ka lopna tsatsi leo Modimo wa etsa selekane le Abram, Ware, Ke tlilo neha peo ya hao naha ena, ho tloha nokeng ya Egepeta ho leba nokeng ekgolo, eleng noka ya Eufrate:

 

 

“Tsela ya Papal hase ya Antikreste le Mangolo apaka seo.”

Bokreste ba mekgatlo, erutang tsela ya batho kapa thuto tsa batho, ene eqadilwe ke kereke ya Roman Catholic mme ya kopitswa ke dikereke tsa Protestant. Tumelo ena ya Antikreste enkuwe ke bakreste, eleng ya Pope wa hoqetela. Larkin one a nepile ha are Antikreste ke motho nakong etlang. Empa a hloleha hoka hlalosa hore ke tsela ya Roman Papal etlang ka lemo tse 2000 etla aha tsela ya Antikreste ya mekgatlo ya monna ya bitswang Antikreste hoka nka ho tloha ho Pope hoka etsa mokgatlo.

Larkin ohlalositse tsela ya mokgwa wa oseng ona wa Syria.

Hoya ka mahlale kajeno re tseba hore morena wa Leboya la Russia ke mang.

Larkin a boela akopanya Tsheno Kgaolo 13 le 17 Matshwenyehong a Maholo.

Obile a bolela ha Judas Iscariot atla tsoswa ka nako ya Matshwenyeho a Maholo.

O bolela hape haele hore Antikreste atla bolawa mme a tsoswe hape.

Kgaolo 13 le 17 dikopane dihlaloso ya tsosoloso ya kereke. Larkin o fositse haholo moo. Kgaolo ya 13 ehlalosa ka tsoho ya kereke ya Roman Catholic hoba bodumedi bomatla ba Antikreste botlang laola lefatshe lena lohle. Bohare kapa tlhaloso ya puso ya Roma ene ele tempele ya Jupiter ho thaba ya Capitoline. Hlooho e ileng ya heletswa ke mabarbariane. Empa leqeba le bolayang la Roman Pope ho paleisi ya Lateran thabeng ya Caelian, hlooho ya kereke ya Roma, etsoha ka matla a maholo.

Mahareng a karolo ya bobedi ya Kgaolo 13 ehlalosa tsoho ya Amerika etlang ho tsoha ka matla a mabotho leka tsela ya Protestant eo eseng karolo ya kereke tsa Catholic hoka inehela ho Rome. Sena hase etsahala etlaba nakong eo Antikreste ankang sebaka sa Pope. Kgaolo 17 ehlalosa tshenyeho ya repabliki ya Roman ka Julius Caesar le maloko a mahlano a lapa la hae pele babe ba inehela ho Galba, molaodi wa sesole, anka sebaka sa bookamedi.

Sena se ile saetsa motheo wa kereke ya Roman Catholic ha mmuso wa Roman oputlama. Qetellong, haeba le babusa notsi ba matla haholo (ka marena a rwetseng meqhaka dihloohong tsa ona) atla nka sebaka sa Pope.

Ho bolelang hore puso ya Roman etla tsoseletswa ke kereke ya Roman Catholic ka matla a ditjhelete.

Matla a sesolo atla hlaha ka mmuso wa Putin mane Russia, otla etsang eka odumella matla a tekano, empa Putin otla laola boraditaba ba Russian Russia bao batlang ho jesa tjhefu boraditaba ba ban.

Larkin, ongodilwe hore mahareng a 1900 le 1924 one asena lesedi la setlang hoetsahala le thuto ya Trinity etlang ho kopana le Roman Catholic diphosong tseo.

Larkin o ile a beha Tiiso tse Supileng nakong ya Matshwenyeho a Maholo.

Larkin one asa tsebe hore Tiiso ya bohlano emaelana le polao ya Bajude.

One Asa tsebe hape le hore Tiiso ya bosupa ke hotla ha Kreste Labobedi.

Bongata bo boholo ba Tshenolo 9:9-17 keko nkuwa ha Bakreste ka nako ya Matshwenyeho a Maholo.

Ena ke phoso ekgolo hobane Kreste O siya setulo sa mohau ho lata Monyaduwa wa Hae. Kamora moo haho mohau hohang feela.

Bakreste ba lokela hoka pholoswa pele ho Matshwenyeho. Palo ena ebontsha bongata ba Bakreste botlang ho leba Matshwenyehong.

Thuto ya Larkin edumela ha Bakreste bohle batla phonyoha Matshwenyeho a Maholo.

Empa setshwantsho sa barwetsana ba leshome (maloko amatle a kereke ahlwekileng) barwetsana ba mawatla, ka tsela ya poloko, bakena Matshwenyeho. Mme ba memelwa Moketeng wa Lenyalo la Konyana.

BAFILIPI 2:12 Kahoo, baratuwa, jwalo kaha le nnile la mamela, eseng jwalo kaha bongata bonnile baetsa, jwale haholo ka taba ya poloko, sebeletsang poloko ya lona ka tshabo.

Re lokela ho lokiswa bakeng sa ho tshwana le Monyaduwa ya loketseng Kreste.

Larkin ha ana tsebo ka manqosa a kereke tse supileng.

Larkin one adumela “mmele, pelo, moya” bakeng sa “mmele, moya, pelo”.

Hake re lebelle sena.

 

 

Larkin obeha pelo pele ho moya.

Ka tsela ejwalo obolela hore mohopolo, monahano, mabaka, maikutlo, le maikutlo kaofela dibokane moyeng.

Empa moya ke karolo ya bohlokwa haholo ya motho.

MATTHEU 16:26 Hoka thusang ha motho, aka rua lefatshe lohle, mme a lahlehelwa ke moya wa hae? kapa motho aka boloka moya wa hae na?

Diphoofolo dinale pelo.

MOEKELESIA 3:21 Ke mang ya tsebang kgolo ya motho na, le moya wa diphoofolo ho theoha na?

Moya wa motho o leba Setulong sa Kahlolo sa Modimo.

 

 

BAROMA 8:10 Empa moya ke bophelo

I SAMUELE 25:29 empa Moya wa Mongaka Otla bolokwa ka hosafeleng

JOBO 14:22 Empa nama ya Hae etlaba mahlokong, mme moya wa Hae otla ila.

“Yena” elokela hoba moya mahareng a nama.

 

 

Thuto ya Moena Branham ebatla efapane hobane ekenya moya ka hare ho nama. Ka tsela ejwalo obolela monahano, mohopolo, mabaka, maikutlo, le letswalo dimmoho. Diphoofolo dinale moya wa bophoofolo. Diphoofolo dinale maikutlo. Dikgona ho beha mabaka jwalo ka hara mohlape wa ditau. Maamerika a ile aropmela tshwene Kama ka hare ho orbit mme ene elokela ho hatella dikonopo tsa capsule sepaka pakeng.

 

 

Larkin one abeile moya wa motho ka hare ho nama kantle ho Moya o Halalelang. Ene ele sebaka sa moya “Thato”.

Ebe o sebedisa mantswe a mahlano a bohlalo hoka hlalosa pelo.

 

 

Empa mantswe ana amahlano aka emelwa ke a nnete.

 

 

Ka tsela ejwalo mantswe na a bolela ka bohlale setlang hoetsahala.

Sena se maemong a Lentswe la Modimo.

JOHANNE 16:13 Empa mohlang, Moya wa Nnete, otlile, otla leetella nneteng yohle:

Ka tselaejwalo pono ya William Branham efapane hole lea hae.

 

 

Pelo ke motho wa kahare. Motho wa kahare onale Peo ya Modimo.

Tsela ya ho kena ka hare ho motho waka hare ke maitekolo.

Rekaba le tumelo bakeng sa Mangolo. Sena sere etsa hore rebe fofo.

Leha hole jwalo, hang feela hare tswalwa labobedi, Moya o Halalelang onka sebaka. Rea inehela borona.

 

 

Ebe meya ya rona edumela ho Yena. Tumelo ya sebele eboloka meya ya rona ho Lentswe la Modimo.

JEREMIA 31:12 … mme meya ya bona etlaka tshimo enoseditsweng

LUKA 8:11 Jwale tlhaloso ya setshwantsho ke ena: Peo ke Lentswe la Modimo.

 

 

Peo ya Lentswe la Modimo ehola ka hare ho rona, enosetswa ke Moya o Halalelang.

JOHANNE 7:38 Ya dumelang ho Nna, jwalo kaha Lengolo lebolela, hotla kolla metsi a bophelo kaho yena.

39 (Empa sena sebolela hore ke tsela ya bophelo, …)

Ka tsela ejwalo Moya ke hore kgodisa, ebe moya o bolella pelo. Peo ya Lentswe la Modimo.

 

 

I BAKORINTHE 15:38 Empa Modimo Ofana hoya ka thato ya Hae, leho peo ka nngwe mmeleng.

 

 

Methapo ya rona elokela hoka mediswa ke Lentswe bakeng sa Jesu Kreste mothapo o moholo, eleng ho sheba ka hare ho Bibele.

Reka hola feela ka Yena.

I BATHESSALONIKE 5:23 Mme Modimo wa kgotso O lehlwekisa ka hohle; mme ke rapela ho Modimo hore mmele ya lona ehlweke leho lokiswa ho Jesu Kreste.

Larkin one a nahana hore sena ke mohopolo.

William Branham o lokisitse seo hore seo ke taelo ya Modimo.

“Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona!” — 1 BaKorinthe 16:23