Tshebeletso ya Jesu enkile nako ekae?
We update studies as the Lord Jesus leads us. You can find the latest update of this study at ChurchAges.net
Ena ke puo etlisitseng dipuo puo.
Qalo ya tshebeletso ya Jesu
Hare qale kaho botsa "Tshebeletso ya Jesu eqadile neng?"
Luka 3:1 Jwale ka lemo sa metso emehlano sa puso ya Sesare Tiberiuse ...
23 Yaba Jesu ka Boyena Ale lemo tse kabang mashome amararo
Tshebeletso ya Jesu eqadile lemong sa leshome le metso emehlano ya Tiberiuse Sesare.
Augustus ene ele setloholo sa kgaitsedi ya Julius Caesar. Ka bohanyapetsi anka puso ho senate sa Roma sa modumella. Ahlekefetsa Rome ha antse anyoloha matleng. Senate sene setshaba ho moneha puso. Kaho etsajwalo, o ile a inkela matla a puso. Empa pele a fumana seo aneng a batla hose tiisa, mme ba ile baetsa kamoo aneng a laela ka teng. O ile a beha mora wa mothoduwa wa Tiberius jwalo ka mmusi ka lemo sa AD 12. Seo ha seaka sa etsa hore hang feela mmusi haeba Tiberius ha Augustus a eshwa ka lemo sa AD 14. Hoya ka molao wa Roma senate sene selokela ho dumellana le seo.
Sena sene sele tshopodi haholo.
- Ntho ya pele, Augustus ebile mmusi wa pele wa Rome, mme ka tsela ejwalo hone hose mohlahlami.
- Ya bobedi, Augustus le Tiberius bane ba ikgakanya jwalo ka marena. Ke morena feela yaka fitisetsang matla ho mora wa hae. Mmusi ha akgone. MaRoma ane ahloile marena. Julius Caesar ya ile athola Augustus jwalo ka mora, o ile a fenethwa hobane setjhaba sene setshaba hore otla iketsa morena. One ase a ikentse mmusa notshi.
Hoya ka molao wa Roman, mora ya hlahlamang one a lokela hoka dumelwa ke senate kamora (mothoduwa) ntatae ashwe. Ka tsela eo mmusi, ya laolang jwalo ka morena, one a bapala karolo eseng ya borena. Ka tsela ejwalo leha Tiberius ane a busa mmoho ha aka aba morena hang feela. - Ntho ya boraro, Augustus one anale setloholo sa mora Agrippa Posthumus ya neng aqoswa ka mmori kgahlano le yena. Augustus o ile a kwallwa sehlekehlekeng pela Corsica, sebitswang Planasia. Ka lemo sa AD 13 Augustus amoetela. Ka baka la hobane Agrippa ene ele leloko la nnete la Augustus, mme ese mothoduwa jwalo ka Tiberius, bongata badumela hore Agrippa ebe mmusise.
Ka tsela ejwalo Augustus ha ashwa ka AD 14, Agrippa hang feela aleba Tiberius. Tiberius ahlahisa mmolai ho senate hore Augustus oshwele. Mme batswella pele kaho mmeha mmusise, nako etelele. Pheletsong a etsa eka o amohela taba eo. Ka tsela ejwalo ka selemo sa AD 14 hang senate sa dumella puso ya Tiberius.
Lemong sa leshome le metso emehlano, eleng ka 14 + 15 = 29 AD.
Ena ke nako eo Johanne Mokolobetsi a ileng a bonahala ka yona. Thero ya hae enkile karolo ya AD 29 hobane ha Jesu Ane Atlilo kolobetswa ka lemo sa 29 AD ha Jesu ale lemo tse 30.
Luka 3:21 Yare ha batho bantse ba kolobetswa, ha isaisa, Jesu a kolobetswa, mme a rapela, lehodimo la bulwa,
22 Mme Moya o Halalelang wa theoha jwalo ka leeba, mme lentswe la theoha Lehodimong, lereng, Enwa ke Mora waKa; eo ke kgahliswang ke Yena.
23 Mme Jesu ka Boyena Ale lemo tse kabang mashome a mararo
Ka tsela ejwalo Jesu o ile a kolobetswa lemong tsabo AD 29.
Mme jwale rea bona hore Jesu O kolobeditswe neng.
Lemo tsa tshebeletso ya Hae
Evangedi ya Johanne ebua ka mokete wa Paseka ka makgetlo a mararo. Sena sehlalosa hore ho bile le mekete emmedi.
Empa hone hole teng o mong mahareng. Sena seetsa hore tshebeletso ya Jesu ebe lemo tse tharo le mekete emmedi.
30 AD
Johanna 2:13 Ha paseka ya Bajude ese efihlile, mme Jesu A leba Jerusalema,
Ena ke Paseka ya pele elokela hoba mahareng a Hlakubele AD 30.
Ebe hamorao nakong ya Jesu hae fitile mane Sychar mane Samaria.
Abua le Basamaria aba bolella hore kotulo ya bona ekgweding tse tsheletseng.
Johanne 4:5 Yaba bakena Samaria, eneng ebitswa Sychare,
Johanne 4:35 Le sere, ke kgwedi tse nne, hotla kotulo?
Jwale sena seetsahetse neng?
Selemo sa Bajudo sekarolo tse pedi. Karolo ka nngwe efella mahareng a kgwedi.
Nako ya Peo | Mariha | Selemo | Hwetla | Hlabula | Motjheso o Moholo |
Mphalane, Pudungwane | Tshitwe, Pherekgong | Hlakola Hlakubele | Mmesa, Motshehanong | Phupjan, Phupu | Phato, Lwetse |
Jesu Obuile ka Basamaria mane Sychare mme a bua ka kotulo ya bona Mmesa.
Kgwedi tse nne pele ho Mmesa, etlaba mahareng a Tshitwe. Ke nako eo Jesu Ane Ale Sychare.
31 AD
Mokete o senang ditomoso wa Paseka ya Bajude eqala ka Motshehanong.
Mokete wa mangata wa Bajude oka Motsheanong le Pentekosta, eleng matsatsi a 50 kamora mekete ya Hlakubele, ka tsela ejwalo eba ka Mmesa.
Tsatsi la Tlotsuo, mokete wa Diterompeta, le mokete wa mangata oka Pudungwane.
Ka tsela ejwalo Johanne Kgaolo 4, Jesu One Ale Sychare ka Tshitwe. Mane ho Johanne Kgaolo 5 O ile A keteka Paseka. Mokete wa Paseka kamehla otla pele. Ebe ena emeng etla mahareng a Hlakubele le Pudungwana.
Johanne 5:1 Kamora tsena ene ele mokete wa Bajude; yaba Jesu Onyolohela Jerusalema.
Mokete ona, otlileng kamora ketelo ya Sychare, ekanna yaba mokete wa Paseka kapa omong wa mekete eo. Haeba ene ele mokete omong eseng wa Paseka ho keteka oo. Ka tsela eo o lokela hore ebe ene ele mokete wa Paseka, oo Aneng Ao etetse. Ka tsela eo Johanne 5:1 ekaba mokete wa Paseka ya lemo sa 31 AD, kapa omong wa mekete elatelang Paseka mahareng a lemo sa 31 AD. Kapa tsela enngwe feela, sena ekanna yaba Paseka ya 31 AD, kapa omong kamora Paseka ya 31 AD.
32 AD
Jwale retla Pasekeng ya 32 AD.
Johanne 6:4 Mme ha Paseka, mokete wa Bajude, ose o atametse.
33 AD
Ebe retla moketeng wa Paseka ka 33 AD.
Johanne 11:55 Mme yare ha mokete wa Paseka ya Bajude ose ofihlile: mme bongata batswa hoya Jerusalema pele ho Paseka, hoya itlhwekisa.
Lemo tse tharo le halofo
Ke seo Paseka e ileng ya etsahala hoya ka Johanne: 30 AD, 31 AD, 32 A kapa 33 AD.
Paseka ka nngwe selemong e arohane. Honale dikgeo tse nne tsa Paseka lemong tse nne. Ho bolelang hore tshebeletso ya Jesu etsheheditswe ke lemo tse tharo. Matsatsi amararo a lefu le tsoho ya hae mmoho le matsatsi 43 hao lebella ke kgwedi le halofo. Boporofeta bosebetsa ka matsatsi a 30 a kgwedi.
Sena selebisa tshimolohong ya tshebeletso ya Hae, ho tloha ho 1 Pherekgong hoisa ho 14 Hlakubele wa 30 ka selemo, sena se reneha kgwedi tse pedi le halofo.
2½ + 1½ = 4 dikgwedi.
Ka tsela eo haeba Jesu A ile A kolobetswa kgwedi tse nne pele ho 29 AD, sena sebolela hore ene ele Phato, ebe ele hore tshebeletso ya Hae ke lemo tse tharo le halofo.
Hofeta moo
Na ebe ho teng Mangolo a mang a pakang sena na?
Letsatsi hoya ka seporofeto ke selemo.
Labane o bua le Jakobo mme o mmolella hore a sebetse lemo tse 7 haeba Jakobo abatla ho nyala Ragele.
Genese 29:27 Aqeta beke, mme retla o neha le sena bakeng sa lemo tse supileng tseo.
Daniele 9:27 Mme otla tiisa beke: mme otla etsa sehlabelo mahareng a beke bakeng sa kgotso, mme bakeng sa ho tlosa thohako, ho fihlela sena sephethahala, mme sena sebolela boikokobetso.
“Mme otla hlaba selekane le ba bangata ka beke ele nngwe”: Jesu one A lokela hoetsa selekane le Bajude. Ebe One Atla baetsetsa hore ba buse Israele. Empa ba Molatola mane Golgotha.
“mme mahareng a beke otla hlomamisa selekane”: Mahareng a lemo sa bosupa, ka mantswe amang ke lemo tse 3½, Yaba Oshwa mane Golgotha. Modimo A tabola ka lehare lesira la Tempele eleng sebolelang tshebeletso ya Tempele efedile. Kreste O ile A thakgiswa bakeng sa sebe, mme sehlabelo sa Hae sa nka sebaka sa diphoofolo Tempeleng. Mahlabelo a diphoofolo ane a sena thuso. Madi A Kreste ke ona aneng a hlatswitse dibe.
“mme bakeng sa mahlabelo hangata o ile Aetsa seo hang feela”: Roma e ile ya heletsa Tempele le Jerusalema ka AD 70. Yaba ka lemo sa AD 135 Roma hape ya heletsa motse, ya o lesa o helehile mme yaba eleleka Bajude Jerusalema. Maroma a aha tempele ya pagane maneo Jupiter Capitolina hlakoreng la Tempele, eleng manyala a mokgatlo wa paganism eeme hlakoreng la Tempele. Manyala ana atswella hlakoreng la Tempele, moo eneng ele Sebaka Sehalalelang ka baka la seileng sa etsahala mane Calvare. Yaba ka lemo sa 691 yaba Dome ya Rock e ahuwa ke Mamuslime hodima hantle feela Thabeng ya Tempele, yaba Al-Aqsa Mosque efela ka 705 AD. Sena sabolela hore manyala anna a tswellapele.
“esita ho fihlela pheletsong, mme sena sa bontsha pheletso”: Meaho ya Mamuslim etla ema hofihlela qetellong. Eeme moo ka lemo tse 1300.
Nakong ena Bajude bane baqoswa, balelekwa fatsheng la tshepiso, mme bane bafetoha baphaphathei ka lemo tse 2000, nakong eo lehlakoreng la Tempele lentse letswella ka tumelo ya leshano. Ha Bajude bakgutlela Israel ka 1948 hang feela ntwa tse nne tsa qala. Yaeba tlhaselano esa feleng. Lehloyo la MaArabs ho MaPalestina la hloka moedi. Golda Meir, Mopresidente wa Bajude, aqosa MaArabs ka hore bahloile Bajude hofeta kamoo baratang bana ba bona, mme seo sakgothaletsa boradibomo. Bophelo baeba boima ho Bajude ba mane Holocaust, moo hoileng haeshwa millione tse 6 Bajude matsohong a MaNazi ntweng ya bobedi ya lefatshe. Empa hotswa sehlohong sena sa lemo tse 2000 sa qosa ha hlaha mabotho a matla haholo. Ditjhaba tsa hlasela Bajude.
“sena salaola”: Modimo O tseba lehloyo le qoso ya Israele. Jwalo ka mathata a Jobo, Satane aka etsa tshenyo feela empa o lokela ho kgutlela morao.
Ha tsohle difedile, Modimo wa rona Obontsha hore O matla hofeta Satane. Kae kae Jesu Otla hula Bajude ba 144,000 Aba tlise ho Yena Matshwenyehong a Maholo, leha Bajude ba ile bahlokofatswa.
Daniele 9:27 “Mme otla lokisa sena ka beke ele nngwe”:
Hlokomela selekane hase soka seetswa – empa sese setiisitswe.
Jwale seile sa etswa neng, mme satiiswa neng?
Baroma 15:8 Jwale kere Jesu Kreste ene mosebeletsi wa lebollo, ho tiisa selekane se ileng saetswa le bontata rona:
Kreste O tiisitse seo Modimo A ileng A setshepisa Bajude.
Bagalate 3:17 Mme ke bolela sena, hore selekane, seileng sa tiiswa ke Modimo ka Kreste, eleng molao, lemong tse makgolo a mane le mashome a mararo kamora moo, sekeke sa phumula, mme seka etsa hore tshepiso ebe lefeela.
Exoda, ha Moshe ane a fumana Molao, seetsahetseng lemo sa 1500 BC. Lemong tse makgolo a mane sere isa ho Abrahama.
Modimo O ile A etsa selekane le Abrahama moo Modimo Atshepisitseng Israele lefatshe leo ka Abrahama, ya ileng aqala tlhatsuwo ya dibe ka madi a diphoofolo. Selekane sena se ile sa tiiswa ke Kreste, jwalo ka Konyana, a lefile mane Calvare.
Genese 15:18 Tsatsing leo Modimo Aneng Aetsa selekane le Abrame, Are, ho peo ya hao ke baneile lefatshe, ho tloha Egepeta hofihla kanqane, ho noka ya Eufrate:
Genese 15:9 Mme are ho yena, nka namane ya lemo tse tharo, le podi ya lemo tse tharo, le pheleu ya lemo tse tharo, le maeba kgorwane, le leeba le lenyane.
10 Mme A nkila tsena tsohle, mme a diarola ka lehare, mme arobatsa enngwe hodima enngwe: empa dinonyana aseke a diarola.
Genese 17:19 Yaba Modimo Ore, Sara mosadi wa hao otlaba le mora; mme otla morea Isaka: mme otlala aelekane ka yena bakeng sa selekane sesa feleng, le peo ya hae.
Ekare selekane sena sene seetsetswa naha ya Bajude, ditloholo tsa Isaka.
Empa seo ene ele sa nakwana.
Bagalata 3:16 Jwale Abrahama le peo ya hae ho ile haeba le tshepiso. Ha Aka are, leho dipeo, jwalo kaha ba bangata; empa ale mong, Leho peo ya hao, eleng Kreste.
Isaka ene ele peo ya Abrahama.
Jesu ene ele Peo ya tumelo ya Abrahama. Jesu mane Calvare ene ele seo eleng selekane sa Abrahama le Modimo. Ntle le Calvare, tshepiso ya Abrahama promises could never see fulfillment.
Genese 15:9 Yaba Ore h yena, ntshwarele namane elemo tse tharo, le thotolo, le pheleu ya lemo tse tharo, le leebakgorwane, le leeba le lenyane.
10 Mme yaba onka tsena tsohle, mme adiarola ka lehare, mme abeha enngwe hodima enngwe: empa dinonyana aseke a diarola.
Dinonyana dibolela pholoso. Ha dikeke tsa arolwa. Haoka fumana pholoso hotswa Calvare oka fumana hape le phodiso. Diphoofolo dinnile tsa arolwa ka lehare. Mona ene ele Selekane sa Kgale le Selekane Sesetjha. Tshebeletso ya Kreste eba mahareng a Evangedi tse nne.
Genese 15:12 Mme ha tsatsi le dikela, boroko bo boholo bafihlela Abrame; mme, bona, lefifi letshabehang la mowela hodimo.
Abrahama a robala. Ka tsela ejwalo selekane ha sena kamano le seo.
Selekane ene ele sa lefatshe la tshepiso, empa hape ntho tse tebileng –poloko ya moya wa motho.
Boroko bo boholo bo bolela lefu. Ntho etshabehang bakeng sa rona batho ke dihele. Ke sebaka selefifi setshabehang haholo moo hoseng Modimo. Haho kamoo oka phonyohang dihele ka teng. Seo se retshwara ka letswalo, mme re fella re lla jwalo ka masea. Tholwana tsa motho ke hore ha nako efedile, re tfeta dihele, mme dihele dika re lahlela Letsheng la Mollo ka tsatsi la Kahlolo.
Tshenolo 20:14 Mme lefu le dihele tsa lahlelwa seboping sa mollo. Lena ke lefu labobedi.
Haeba re tswetswe hang, re shwa habedi. Pele re leba lebitleng, hamorao Seboping sa Mollo.
Ke lona lebaka leetsang hore re hloke Mopholosi.
Genese 15:17 Mme haisa isa, hore, ha tsatsi le dikela, mme hole lefifi, bonang mosi wa mollo, mme ofeta hara dibano.
Letsatsi le ilela dikela ha Kreste Ashwa. Moo holeng mosi hoteng mollo. Mosi one otswa diheleng moo A ileng A tsholla dibe tsa rona ho Diabolosi.
Mosi o emetse dithuto tsohle tsa batho ka hare ho Bibele. Keresemese, Trinity, Mokgatlo, lemo sa bosupa sa Matshwenyeho, jwalo jwalo. Haho bobebe hoka bona mosi. Dithuto tsohle ha dile siko ka hare ho Bibele.
Dikereke dihlolehile hoka utlwisisa tsela tsa ditshwantsho tsa Bibele. Haba utlwisise dikahare tsa Bibele. Batho jwale ba iphapanya tsela ya nnete. Hoka beha lesedi lefifing. Bakreste haba tsebe sebe sa hoqala ke sefeng. Haba tsebe ditshwantsho dibolelang "tholwana" mane ho Genese. Banahana hore Eva ojele tholwana etlwaelehileng, empa haba utlwisise hore hobaneng ha ditholwana tsohle hoitswe dilokile.
Genese 1:12 Mme lefatshe lahlahisa bophelo, dimela ka peo ya tsona, le difate hoya ka tholwana tsa tsona, le tholwana hoya ka mefuta ya tsona, hoya ka mofuta tsona: mme Modimo A bona hore dilokile.
Ke lona lebaka leo Jesu hao senywe ke seo osejeleng. Haho tholwana ya sebele eneng eka senya Eva. Oje tholwana ebe o ahlolwa kemarong – sena hase fane ka kelello. Hobaneng ha Modimo Asaka Are abake ? Nna le wena re bolelletswe hore re bake, mme re entse tse fetang ditholwana.
Jesu o ile akgalema tholwana ena ya dithuto, ka mantswe amang ho hloka tsebo.
Mareka 7:18 Mme are ho bona, na le lona ha lena kutlwisiso? Na hale tsebe, hore sekenang ka mpeng seleba mohlabeng, hase silafatse motho;
19 Hobane hase kene ka hare ho pelo, empa ka maleng, mme selebe mohlabeng, mme setswele kantle?
Mosadio bolela kereke. Kereke ya sebele eleng Monyaduwa wa Kreste. Barwetsana ba leshome ba bolelwang ke Mattheu Kgaolo 25 ebolela ka ba bolokehileng. Hosa natse hore ke ba bohlale, kaofela ha bona ba ile barobala.
Ka tsela ejwalo kajeno kereke etshwana le Abrahama. Kereke ya hoqetela, Laodisea, ehlaloswa efoufetse, mme etla tshwelwa Lentsweng la Modimo. Kereke efetoha Bibele jwalo kaha efumana thuto kamora thuto. Jwalo kaha ho bile nakong ya Lota ha Ane A tsamaya Sodoma. Empa haho tshepo hohang feela, Lebone le tukang. Moya o Halalelang otsamaya hara Selekane Sesetjha le Sakgale. Jesu Atshwere dibe tsa rona A dilahlela hp Diabolosi diheleng, mme sena ke boipolelo ba sebele. Satane o lokela hoikarabela ho tsona. Sena sebonahatswa ele koporo.
Haeba re itjarela dibe tsa rona ho leba diheleng ntle ho mollo. Mollo wa Ma-India wa mashala oo batho barutilweng ho tsamaya hodima ona, hore batle bashwe ba itjaretse dibe tsa bona ho leba diheleng. Empa mollo oo eseng papadi oba emetse pele moo bayang. Haho leamong wa Ma-India yaka tsamayang hodima mollo otjhesang wa moru wa California. Leha seo ese letho ho lebana le mollo wa Modimo.
Tshenolo 1:15 Mme maoto a hae ene eka lelakabe la mollo, jwalo ka koporo ehlenneng ya mollo;
Ke Jesu feela yaka phomyohang seo mane diheleng.
Lebne lekganyang la dihele, le tlositsweng Mmeleng ka lefu – le bonahatsa karolo tse pedi tsa selekane. Mmele wa Hae mane sefapanong o ile wa lefa theko ya dibe, mme Moya o Halalelang wa theohela diheleng mme wa hlola. Moya wa sethotsela ke moya wa motho ya shweleng. Ke dithotsela feela tse kayang diheleng, eseng moya wa motho ya phelang. Ka Mmele wa semoya Kreste O ile A leba diheleng, moo A ileng A hlola Satane le mademona a hae ho nka dinotlolo tsa dihele. Satane ohlotswe ka mokokotlo o robehileng. Satane onste a loma empa ohlotswe. Nako ya hae elekantswe. Ena ke ntwa eo eleng ya Selekane Sakgale le Selekane Sesetjha. Evangeding tsena tse nne Jesu one atseba setlang hoetsahala. Kereke elokela ho dula feela bophelong ba baena ba Buka ya Diketso. Ebe jwale ba bonahatsa kereke ya Selekane Sesetjha.
Empa ho etsahalang ka lemo tse 3½ tseo Bajude ba sakang ba dithola?
Daniele 9:25 Tseba mme o utlwisise, ho tloha jwale ke tsosolotso ya Jerusalema ho leba ho Messiah Kgosana ke beke tse mashome a supileng, le beke tse tharo habedi: diterata ditla ahuwa hape, le mabota, esita le nako tse thata.
Ka 459 BC, lemong sa bosupa sa puso ya morena Artaxerxes, Esare afumana taelo ereng a kgutlisetse letlotlo ka hare ho Tempele kapa kahare ho ntlo eseng e ahilwe ya Modimo.
Artaxerxes yaeba morena ka 465 BC. Ka tsela ejwalo 465 ene ele lemo sa hae sa pele 459.
Esare 6:15 Mme ntlo ena eile ya qetwa ka kgwedi ya boraro ya Adare, eleng selemo sa botshelela sa ho busa ha morena Dariuse.
Tempele e ahilwe botjha ka lemo sa 515 BC, pele hore Esare aye Jerusalema.
Esare 7:27 Ho bokwe Modimo wa bontata rona, ya beileng ntho tsena pelong tsa ronat, ntlo entle ya Modimo wa rona Jerusalema:
Esare one anale kakanyo ya mafa a Tempele aneng atla e etsa hore ebe ntle.
Sena ene ese ho aha mabota a diterata. Moo bohle bakopanelang teng, o bopa heke.
Empa 446 BC Nehemia o ile a thola taelo, ka lemo sa mashome a mabedi aho busa ha Artaxerxes, ka lengolo leneng le modumella hodia mabota a Jerusalema.
Haeba ka 465 BC ene ele lemo sa hoqala sa puso ya morena, ebe ka 446 BC etlaba selemo sa mashome amabedi a puso ya morena.
Nehemia 2:13 Mme ka tswela ntle dikgorong tsa motse bosiu, esita le bodibeng ba drakone, le karolong ya boloko, mme ka lebella mabota a Jerusalema, aneng a robehile, le dikgoro tse ileng tsa tjheswa ke mollo.
Nehemia 4:17 Tseng diahilwe maboteng, mme dijere bothata, ba baimetsweng, emong le emong a sebetsa ka matsoho a hae, letsoho le leng letshwere sebetsa
18 Hobane baahi, emong le emong atshwere sabole, mme a aha.
Tsena ene ele dinako tse thata.
Ka tsela eo Nehemia o ile a nehwa tokelo ya ho bona seo sebonweng ke Daniele seporofetong.
Daniele 9:25 “ka tsela eo ho tloha jwale hotla ahuwa Jerusalema bakeng sa Messia Kgosana ka beke tse mashome a supileng, le mashome a mararo ka beke:”
Nako tse tharo tseo ho bolelwang ka tsona.
Beke tse mashome a supileng dibolela lemo tse 7 x 7 = 49
446 – 49 = 397 BC . Sena ke nako ya boporofeta ba Malakia hoya ka Bibele ya moithuti Scofield. Malakia ke moporofeta ya makatsang hoya ka nako tseo. Phapang keho beha batho bakeng tse fapaneng. Ena ke nako eo hantle eleng lemo tse 49 tse boletsweng ke Daniele. Lemo tse 49 hadi kopane le nako ya kakgo ya Tempele hobane ese e ahilwe ka 515 BC, pele hoba Nehemia afumane taelo.
Nako elatelang ke lemo tse kabang 400 pele ho tswao ya Kreste mme ebe lemo tse 30 pele ho tshebeletso ya Hae.
Tshebeletso ya Kreste ho leba mafelong a yona 29 AD ha Ane Anale bonyane lemo tse 30.
Daniele 9:26 Mme kamora dibeke tse mashome a tsheletseng le metso emmedi Messia atloswa, empa eseng bakeng sa Hae: mme batho batla heletsa sehalalediso; mme pheletso yaeba ka dikgohola, mme hoisa pheletsong dintwa tsa tswella.
“Mme kamora beke tse mashome a tsheletseng le metso emmedi Messia otla tloswa, empa eseng bakeng sa hae”: Kreste Otloswa mahareng a beke, lemo tse supileng tsa hoqetela.
Tshebeletso ya Hae ebile lemo tse tharo le halofo. Ha Akaba Ashwela yena, Oshwetse rona.
“mme batho ba Kgosana batlatla heletsa sehalalediso;”
Baroma ba ile baheletsa Jerusalema le Tempele. Ho bolelang hore qetellong antikreste oya bonahala, otlatswa Roma.
- Pagane Roma ya fenetha Bajude.
- Roman Catholicism etla fedisa kereke hore eseke ya dumela Lentswe.
“mme pheletso etla jwalo ka sekgohola, mme pheletsoya ntwa ke moo”.
Roman Catholicism etlaba le matjhaba. Batla tsholoha jwalo ka sekgohola. Ho nale hofeta billione tsa Roman Catholics mona lefatsheng kajeno. Mme wa dikerek jwalo ka baradi ba hae (MaProtestanta) ba arohaneng le Roma. Ditumelo ha disa lekwa ka Mangolo. Bakreste base ba itshetlehile hodima dikhoutu.
Bafillipi 2:12 Moo, baratuwa, jwalo kaha le ile la phethisa, eseng feela boteng baka, empa haholo hosebe teng haka, le sebeletsa pholoso ya lona ka tshabo.
Temana ena hae bue ka dihele. Re fumana seo ka mohau feela. Pholoso ebolela ho dumela nnete ya Bibele hoka phonyoha mahlomola a Matshwenyeho a Maholo. Ho pholoswa mahlomoleng a Maholo.
Ho nahana ka semoya, sena sehlalosa ka setshwantsho sa Daniele sa Baditjhaba. Tshepe emaotong atlhaho ya pagane Roma, esebetsang ha jwale ka kereke ya Roman Catholic, mme ho baradi ba hae eleng dikereke tsa Protestanta.
Ho dumela mehopolo esiko ekang tsatsi la Keresemese, 25 Tshitwe, Mahe a Paseka le mmutlanyana ya teng, Mekgatlo, kereke elaolwang ke modisa, Trinity, leho dumela hore Ntate le Mora le Moya o Halalelang ke Lebitso la Modimo, ho bolela hore otseba diphiri tsa Diaduma tse 7, Tiiso ya Bosupa, le Lebitso le letjha la Jesu.
Empa tshepe ke ntho ethata haholo. Tumelo tsena ha dibobebe hoka leswa.
Roma eqadile ele motse hodima thaba tse supileng.
Tshenolo 17:9 Mme mohopolo ohlalefileng ke ona. Hlooho tse supileng ke metse, tseo mosadi a dutseng hodima tsona.
Pagane Roman ke mahareng a mmuso mane thabeng ya Capitol. Mona ke hona moo melao ya bona eneng edumella teng ka ntsweleng. Ebe hang feela dibarbariane ka sabole tsa bona bahlasela ba babusi ba Roma, mane thabeng ya Capitol ba busi bafumana leqeba ebe balahlehelwa ke matla a dipolotiki.
Tshenolo 13:3 Mme ka bona leqeba lekang lea bolaya le leng hloohong; mme lefola: mme lefatshe lohle la makatswa ke sebata.
Ebe Pope ophahama ka matla. Ka 313 AD mmusi emotjha Constantine o aha kereke ya Lateran thabeng ya Caelian (enngwe ya thaba tsa sebele ya tse supileng) mme a enehela bishopo wa Roma. Eleng yona eo eleng mme wa kereke ya Roman Catholicism. Ke yona terone ya Pope, mme ke hona moo melao ya lefatshe etjhaelwang monwana ke kereke ya Roman Catholic. Jwalo ka babusi wa Roma balahlehelwa ke matla a lefatshe, ka tsela ejwalo leqeba le bolayang la fola, mme Pope jwale o tshwere lefatshe lohle. Hang hape, monna ya dutseng thabeng ya Roma, adutse thabeng ya Nohalaledi Peterose mane kerekeng ya Lateran thabeng ya Caelian, alaola lefatshe ka ditaba ka dibillione tsa balatedi.
Bongata ba baetapele ba lefatshe bobile teng lefung la Pope John Paul II.
Empa maoto a setshwantsho sa Daniele sa Baditjhaba sekopane le letsopa. Letsopa lehlahisa bophelo. Dimela dihlaha mobung o letsopa. Eo eleng Monyaduwa wa Kreste, kereke etheohetse tlase haholo ka lemo tse 2000 tsa pale ya kereke. Ebe kereke eya tsamaya ka mongwaha wa kereke ya bosupa ya hoqetela hoya Moketeng wa lenyalo le Kreste.
Daniele 2:41 Seo o boneng maotong, karolo ya letsopa, le karolo ya tshepe, ke mmuso o arohaneng; empa hara ona hotlaba le mmuso wa letsopa, hoya kamoo o boneng kopanong eo.
Letsopa la Seloko le mongobo, le bonolo, mme le bopeha ha bobebe. Modimo O batla hore kereke ya Hae ebopehe ka Bibele.
Bakreste bathabeka ho ahuwa hodima matla a dikhoutu tse seng ka hare ho Bibele.
Ebe Matshwenyeho a Maholo aya qala. Barwetsana ba mawatla, Bakreste ba bolokehileng bakgethang "mokgwa wa kereke" osa ngolwang ka hare ho Bibele, ba kena ka hare ho Matshwenyeho ebe baya shwa.
Empa baporofeta bana ba babedi, Moshe le Elia, batla hula Bajude ba 144,000 ho bantsha Mahlomoleng a Maholo, hoba tlisa ho Kreste ka lemo tse 3½ of tsa Mahlomola a Maholo. Atlang hoqeta setshwantsho sa Daniele.
Tshenolo 11:2 Empa lehlakore le senang tempele, oseke wa le lekanya; hobane le neilwe Baditjhaba: mme motse o halalelang otlaba maoto a mashome a mane le kgwedi tse pedi.
Tshenolo 11:3 Mme ketla fana ka matla ho dipaki tsaka tse pedi, mme batla porofeta ka matsatsi a sekete le makgolo a mararo, baapere diaparo tsa mokotla.
Matsatsi a 1260 ke lemo tse 3½, eleng hantle feela kgwedi tse 42 tse nang le matsatsi a 30 kgwedi ka nngwe.