Na karolo tse pedi tsa tshebeletso ya Elisha dibolelang?



First published on the 9th of December 2017 — Last updated on the 9th of December 2017

Elijah was sent by God to find Elisha and anoint him.

I MARENA 19:19 Yaba o tloha, mme a fumana Elisha mora Shafata, ya neng a lema ka joko,yena le ba leshome le metso emmedi: yaba Elia oya mofeta, mme a lahlela kobo ya hae ho yena.

Elia one a batla monna ya sebetsang, eseng ya botswa ya phomotseng. Dijoko tse 12 tsa dipholo dibolela meloko e 12 ya Israele. Dijoko tse 12 tsa dipholo diemetse meloko e 12 ya Israel, eo eneng mora wa ho feela, Benjamine. Ha ane a tswalwa, mme wa hae Rakgele o ile ashwa. Ha Bajude ba 144 000 batswalwa hape Matshwenyehong a maholo, leloko la Bajude lea shwa ka baka la Antikreste nakong ya Armageddone. Ka tsela ejwalo Benjamine o emetse 144 000 ya Bajude batlang ho tsoha ka nako ya Matshwenyeho a maholo. Kobo e ileng ya epesa Elisha ehlalosa kapeso ya moya ho Elisha.

I MARENA 19:20 Mme a siya dipholo, mme a matha kamora Elia, mme are, ntumelle,kea o rapela, ho ya dumedisa mme waka le ntate waka, mme ketla o latela. Mme are ho yena, Kgutlela morao: ke o entseng?

Elisha hang feela a qeta le maikutlo hore o latela Elia. Yaba o dumedisa bana ba habo. Bajuda ba kenang Matshwenyehong a maholo ke ba latelang bontata bona le baholo ba bona. Moporofeta wa ho qetela Elia ho Bajude le Moshe batla ntsha Bajude meetlong ya bontata bona hore ba amohele Kreste.

I MARENA 19:21 Mme a mofuralla, mme a nka joko ho pholo, mme a dihlaba, mme a dipheha mmoho, mme a dinehela setjhaba, mme yaba baja. Yaba baya ema hape, mme balatela Elia, mme ba mosebeletsa.

Sena selahlela kwana tse fetileng, a kapa patsi mme a hlaba dipholo. Ke lona lebaka le ileng la etsa hore a lahle setopo sa dipholo.

Empa haela Bajude ba 144 000, baemetse Benjamine, batla bolawa pheletsong ya Matshwenyeho amaholo. Ke lona lebaka leo Elisha a bolaileng pholo ele nngwe. Joko ka boyona, eleng ho etsa patsi, ho pheha nama. Sena sebolela qoso Matshwenyehong a maholo, eleng ho hlakola joko ya bokgoba. Eleng hosa kgone ho tlosa seo ho Antikreste, leha ele hore ba nale mabotho,Bajude batla dula kamehla ba nale matla. Ho fetohela ho Kreste hotla ba neha matla. Bajude ba 144 000 pheletsong baya bolawa, mme qetellong baya tsoha 'balebedi' ba sireletsang Monyaduwa.

TSHENOLO 14:1 Yaba kea sheba, mme, bona, Konyana edutse Thabeng ya Sione, mmoho le Yona hole ba dikete tse lekgolo le mashome a mane a nang le metso e mene, enale Lebitso la Ntata Yona phatleng.

4 Bana ke ba sakang ba itshilafatsa ka basadi; bona ke bahlankana. [Mosadi o tshwantsha kereke eo eleng Monyaduwa wa Kreste. Bajuda bana ke ba sakang ba latela diphoso tsa mekgatlo]. Bana ke ba latelang Konyana hohle moo e lebang teng. Bana ke banna ba lopolotsweng, eleng tholwana tsa pele tsa Mdimo.

Tholwana tsa pele dibolela tsoho.

I BAKORINTHE 15:20 Empa jwale haeba Kreste a tsohile bafung, mme A fetohile thaka ngwaha.

Ho nale tsoho e akaretsang ya lemo tse 1000 eleng ebitswa Ngwahakete ha Jesu A busa ka kgotso. Empa haela Bajude ba 144 000 batsoha Matshwenyehong a maholo pele ho Lemokete. Eleng lona lebaka le etsang hore sena se etsahale Monyaduwa ase ale Lehodimong. Eleng bona thaka ngwaha tsa tsoho ya pele ho Ngwahakete. Thakangwaha ke koro ya pele ha nako ya kotulo efihla, mme ka tsela eo sena sebontsha hore ke ba bohlokwa haholo.

TSHENOLO 6:9 Mme yare ha a bula tiiso ya bohlano, ka bona tlasa aletare ele meya ya ba bolailweng, ka baka la bopaki ba bona:

Dibata tse phelang tse nne. Kereke ya sebele ke Mmele wa Kreste.

BAEFESE 5:23 Hobane monna ke hlooho ya mosadi, jwalo kaha Kreste ele hlooho ya kereke: mme ke Mmoloki wa mmele.

Ka tsela ejwalo dibata tse nne disireletsa pale ya kereke ka lemo tse 2000. Empa haho sebopuwa sebuang puong ya Tiiso. Ka tsela ejwalo nako ya mengwha ya kereke efetile. Mona re shebane le Bajude ba ileng ba bolawa lemong tse 2000 tsa pale ya kereke. Bajude bana ba shwetse tumelo Selekaneng sa Kgale. Bakreste ba tshwere bopaki ba Jesu mme haba pake ka seo. Barorisa Morena Jesu.

TSHENOLO 6:10 Mme ba hoa ka mantswe a phahameng, bare, Hofihlela neng, Oho Morena, wa nnete le Ya Halalelang, osa phetse madi a bana na?

Mengwaha wa kereke wa Monyaduwa o se ale Lehodimong. Bajude badumela ho boiphetetso, ke lona lebaka leo ba batlang boiphetetso. Baile ba bolwa ka nako eo. Jwale ba batla ho iphetetsa ho Diabolosi. Nakong ena Monyaduwa o Lehodimong, ka tsela ejwalo haba bone lebaka la hore ba seke bakgutlela morao hoya hatikela Antikreste. Haho Bakreste ka nako eo. Bakreste barapella tshwarelo bakeng sa dira tsa bona.

TSHENOLO 6:11 Mme ba newa aparo tse tshweu; mme hathwe ho bona, ba phomole hanyane, ho fihlela basebetsi mmoho le baena, hore ba bolawe jwalo ka bona, hoka phethahatsa sena.

Banewa diaparo tse tshweu. Bane basa lokelwe ke poloko empa baya e newa. Maemong afeng na?

MATTHEU 27:25 Yaba ba araba batho bohle, mme bare, Madi a hae a matsohong a rona, le bana ba rona.

Bajude badumetse hore batla lefella sebe ka madi a bona le bana ba bona. Ka tsela ejwalo Modimo O ba neile seo eleng takatso ya bona. Nakong ya kereke tse supileng tsa mengwahakgolo, esale Bajude ba phela ka Selekane Sakgale hoya kamoo baka kgonang, mme ba nnile ba bolawa hobane ele Bajude, baile ba nkelwa Lehodimong. Bane basa lokelwe ke pholoso. Empa jwale, le rona Baditjhaba rene resa lokelwe ke poloko. Empa ebile mohau hore re fumane sena.

Ka tsela ejwalo Bajude bohle lemong tse kabang 2000 baile babolellwa hore baeme hanyane. Ha Monyaduwa ale Lehodimong bakeng sa lemo tse tharo le halofo, nakong ya baporofeta ba babedi ba Bajude, 144 000, bao Modimo Aba kgethileng jwalo ka basireletsi hore ba sireletse kereke ya Monyaduwa. Bana ke bona feela Bajude ba nang le karolo ho Kereke ya Monyaduwa e pholositsweng. Empa Bajude le bona ba lokela hore bashwe. Ebe Modimo Oya ba pholosa. Mme kamora mona ebe ke ekgopo Armageddone.

Bakreste ke bara le baradi ba Modimo. Bajude ke bahlanka ba Modimo.

Taba ena ya ho sireletsa basadi ba bangata ba morena hoya meetlo. Bao eleng 144 000 ke ba Semoya. Haba amohela Jesu ba tseba bokamoso ba bona hore ba ilo sebetsang.

MATTHEU 19:12 Hobane maqhalaha, batswetsweng jwalo hotswa popelong: ho nale maqhalaha a mang, baentsweng maqhalaha: mme ho boele hobe le maqhalaha, baikentseng maqhalaha bakeng sa Mmuso wa Lehodimo. Ya amohelang sena, ae amohele.

Jwale re bona Elisha a latela Elia.

Karolong ena, Elia o emela Jesu mme Elisha o emela kereke ya sebele.

II MARENA 2:1 Mme haisa isa, ha Morena A tsosa Elia Lehodimo ka setsokotsane, yaba Elia o leba ho Elisha hotswa Gilgale.

Kereke ya mengwahakgolo efella ka Tlhwibilo, ho nkuwa ha Kereke. Elisha o ile a dula pela Elia jwalo kaha Elia a etsa leano la ho tsamaya.

Elia o lekile ho moleleka Elisha empa a nna a molatela.

II MARENA 2:2 Yaba Elija ore ho Elisha, Sala mona, kea o kopa; hobane Modimo o nthomile Bethele. Mme Elisha are ho yena, jwalo kaha Morena A phela, kapa moya o phelang, nkeke kao lesa. Yaba batheohela Bethele.

Bethele ebolela ntlo ya Modimo. Okeke wa kena ka tlung ya Modimo osa bolokeha. Ka tsela ejwalo sena sehlalosa Luther ka tokafatso ka tumelo. Bongata ba Bakreste ba emisa haba qeta ho pholoswa.

II MARENA 2:4 Yaba Elia ore ho yena, Elisha, sala mona, kea o kopa; hobane Morena O nthomile Jeriko. Mme are, ka Jehova ya phelang, le moya wa hao o phelang, nkeke ka o lesa. Yaba ba fihla Jeriko.

Jeriko ehlalosa “monko wa hae o monate”. Calvare ene ele monko o monate nkong tsa Modimo.

BAEFESE 5:2 Mme a tsamaya ka lerato, jwalo kaha Kreste Are ratile, mme A Inehela jwalo ka monko o monate.

Mabota a Jeriko awa. John Wesley o rerile kgalalelo mme mabota a mekgatloo a pshatleha. Dimissionari diile tsa nka Evangedi tsa e lebisa ho bahedene mosebetsi o motle wa dimissinari. Bakreste ba bangata baemisa mona.

BAEFESE 5:6 Mme Elia are ho yena, sala mona, kea o rapela, mona; hobane Modimo O nthomile Jordane. Mme are, jwalo ka Jehova ya utlwang, leka moya wa hao o phelang, nkeke ka o lesa. Mme bobedi ba tsamaya mmoho.

Elisha o nnile a latela jwalo. Re lokela hoka itshwarella ho Jesu ha antse a tswella jwalo. Jordane ehlalosa lefu, lefu ka bolona. Kolobetso ya Moya o Halalelang ehlalosa hoshwa wena. Kereke ya sebele etsamaya le Pentekonta mme efihlela ba bangata ebe e emisa moo.

BAEFESE 5:7 Banna ba mashome a mahlano bao eleng bara ba baporofeta, mme baema ba lebella: mme bobedi baeme lebopong la Jordane.

Mekgatlo le Badumedi ba Molaetsa ba amohela Moya o Halalelang ebe baemisa moo (Elia) hobane Jesu o eme kantle ho dikereke tsa Laodisea kajeno. Ele hore ke hobane basa latele Mangolo.

II MARENA 2:8 Yaba Elia o nka kobo ya hae, a emena, mme a phutla metsi, mme a arohana ka lehare, yaba bobedi ba tsamaya mobung o omileng.

Elia o lokela hoka itshetleha ka kobo ya hae, e emetseng Lentswe le tlotsitsweng la Modimo. Jesu O ile A Itshwella mane Calvare mme A tsamaya ka hare ho metsi ho hlola Satane, A rerela meya e teronkong e ileng ya sedumele Selekaneng sa Kgale. Hare shwa ka borona re kgona ho phetha Mangolo. Ebe ke hona re ka fumanang leano la Modimo.

II MARENA 2:9 Mme ha etsahala, haba se bafihlile mose ola, hore Elia are ho Elisha, kopa ntho enngwe le enngwe, pele ke sutha pela hao. Yaba Elisha ore, kea o rapela, ke kopa karolo tse pedi tsa moya wa hao.

Karolo tse pedi dibolela lemo tse 2000 tsa kereke eleng moo Jesu A ileng a qala tshebeletso ya Hae.

II MARENA 2:10 Mme are, o nkopile ntho ethata: leha hole jwalo, haoka mpona hake nkuwa, seo setla etsahala; empa hoseng jwalo, hokeke ha kgonahala.

Empa ho atamela haholo ka Moya hotla re thusa.

JOHANNE 4:24 Moya ke Modimo: mme ba Mosebeletsang ba Mosebeletse ka Nnete leka Moya.

II MARENA 2:11 Mme ha etsahala, ha bantse batswella jwalo, mme ba bua, yaba, ba bona, ho hlaha koloi ya mollo, le dipere tsa mollo, mme bobedi ba lebella seo; yaba Elia o nkelwa Lehodimong ke setsokotsane seo.

Elia a nyolohela Lehodimong eleng ponahatso ya setlang ho etsahala hamorao.

Sefefo sebolela ho hloka kgotso.

Lebella ketso tse sa tlwaelehang ha dietsahala.

Sena sehlalosa hape Tlhwibilo: Modimo O nka emong a siye emong. Sena sebolela hore ba babang batla sala.

LUKA 17:32 Hopola mosadi wa Lota.

33 Leha ele mang ya qenehelang bophelo ba hae; otla lahlehelwa ke bona.

Ntho dikeke tsa eba ka tsela eo re nahanang ka yona.

34 Kea le bolella, bosiung boo babedi batlabeng bale masimung; emong otla nkwa emong a siuwe, mme emong a siuwe.

35 Babedi batlabeng ba sila lelwaleng; emong otla nkuwa, emong a sale.

II MARENA 2:12 Mme Elisha a ebona, mme a hweletsa, Ntate waka, natate waka, koloi ya Israele, le bakalli ba yona. Yaba ha asa mmona: mme a nka diaparo tsa hae, mme a dihahola koto tse pedi.

Jwale ntho diba ka tsela enngwe ha re lebella karolo tse pedi tsa Elisha tseo a difumaneng.

Sena ka mantswe a mang sebolela ho hong mona, re lokela ho tadima seo Elisha elng motho, moporofeta.

Ke tshebeletso ematla haholo ebonahalang ya Elisha e emetse ha Manyaduwa a nkelwa Lehodimong? Ho tsela ele nngwe feela, moporofeta wa ho qetela wa Bajude Elia atla ho ba 144 000.

Re sheba jwalo karolo tse pedi tse fumanweng ke Elisha:

O ile a hahola kobo ya hae ka lehare. Sena sebolela ntho tse pedi. Ya pele, otlilo etsa mesebetsi emmedi.

Jwale tshebeletso ya pele ya Moya wa Elia ke efeng? Retla kgutlela pherekanong ena.

Enngwe ya tshebeletso ka sena.

Kaifase moprista emoholo o ile a fedisa Molao ona ha ane a hahola kobo ya hae hare a ahlola Kreste.

EXODA 28:2 Mme otla etsetsa Aarone moena wa hao kobo entle ya semoya.

Aarone ene ele moprista emoholo.

EXODA 28:31 Mme o etse hore ebe botala ba lehodimo.

32 Mme hobe le lesoba ka hodimo ho yona, mahareng a yona: mme etla rokwa ho potoloha, jwalo a lesoba la habageone, hore eseke ya taboha.

Habergeone ke hempe e entsweng ka diketane ho potoloha. Lesoba molaleng.

Nyeweng ya hae moahlodi Kaifase,

MATTHEU 26:64 Jesu Are ho yena, O buile teng: leha hole jwalo kere ho wena, Kamora mona otla bona Mora motho A dutse letsohong le letona, mme otlatla a kalletse maro.

65 Yaba moprista emoholo o hahola diaparo tsa hae, are, O nyefotse;

Ka ho tabola kobo ya hae ka lehare, moprista one a hlakola Molao.

Yaba Jesu O fedisa Molao kaho tabola lesela la tempele ka lehare.

MATTHEU 27:50 Jesus, when he had cried again with a loud voice, yielded up the ghost.

51 Mme, bonang, lesela la tempele la taboha ka lehare ho tloha hodimo hoya tlase;

Ka tsela eo Elisha one a re hlokomedisa ka ho rapela ka hare ho Tempele.

Elisha one a nale karolo tse pedi. Otla disebedisa nakong etlang.

MATTHEU 17:11 Yaba Jesu oyaba araba ore ho bona, Elia olokela hotla, ho busetsa dintho maemong a tsona.

Paulose le baapostola ba bang ba beile motheo wa kereke. Nnete boholo elahlehile Mengwaheng eLefifi. Nnete ya banna ba kang Luther le Wesley le Pentecostal. Empa qetellong Elia wa Baditjhaba o lokela ho lokisa tseo tsohle.

Monna enwa ene ele William Branham. One a nale tshebeletso emakatsang haholo jwalo ka baapostola. Haho Moditjhaba ya kileng a hlahisa seo. Haho Moditjhaba ya bileng le tshebeletso ejwalo.

Haeba William Branham a busetsa dintho maemong, etlaba haho letho le lokelang hore leka busetswa madulong. Haho mohlahlami wa hae, hobane seo setlabe sesa thusi letho.

Empa William Branham o tlile pele ho Matshwenyeho a Maholo.

Jwale ka tsela efeng tshebeletso ya hae eka amahangwa le Matshwenyeho a Maholo?

Ka mantswe amang, seo Elisha tshebeletso e habedi ese etsang katsela efeng?

Ha jwang karolo enngwe eka amahangwa le William Branham le karolo ya Elia kapa Moshe ho Bajude le Matshwenyeho a Maholo?

Ho amahanya sena le tshebeletso ya Elia retla ithuta diphiri tsa Lentswe ka William Branham thutong tsa hae, mme sena sekopana le Bajude ba 144 000 ho Kreste. One ale matla haholo hoka emelana le Antikreste.

Elisha one a sebediswa ke Modimo hoka lokisetsa Elia wa Bajude ba 144 000 ho utlwa Evangedi ya Selekane Sesetjha. Empa monna enwa o lokela hoka ithuta diphiri tsa Bibele tse senotsweng ke William Branham. Ho bolelang hore tshebeletso ya William Branham ha efapane le wa Bajuda Elia.

Ka tsela ejwalo Elisha,ka karolo tse pedi tsa tshebeletso ya hae, otlilo etsa kapa ho betla tsela bakeng sa tshebeletso ya Elia wa pele eleng William Branham ho hlophisa Monyaduwa, mme le wa bobedi moporofeta ya nang le Moshe hoka lokisa Bajude ba 144 000.

Karolo tse pedi dibolela ho lokisa. Pele, le Monyaduwa wa thuto ya William Branham, ke ho kgutlisetsa thutong ya baapostola. Tukiso ya bobedi keya Elia hoka busetsa dintho ho Messia, Jesu, Eo Bajude ba Molatotseng pele.

Karolo tse pedi hape dibolela William Branham le Elia wa Bajude ka tshebeletso tse matla haholo.

Ka tsela eo ha re lateleng pale ya Elisha.

Haeba re nahana hore Elia hoya ha hae Lehodimong ho bonahatsa ho nkelwa Lehodimong ha Kereke, jwale ebe maemo a tshebeletso ya hae, kamorao hore a tsamaye, Elisha ene ele mohlala wa moporofeta Elia wa Bajude.

II MARENA 2:13 Anka kobo ya Elia e ileng ya wa ho yena, mme a kgutlela morao, mme a ema lebopong la noka ya Jordane;

Kobo ke ho ikgahla. Re ikgahla ka Lentswe la Modimo le tlotsitsweng.

Lentswe le tlotsitsweng le senotsweng ke Moena Branham le kgethuwe ke moporofeta wa Mojude hoisa bana ba Iseraele lefatsheng la tshepiso. Le Mohlahisa Yena Kreste ho Israele eo eleng kgale ba Moletile.

II MARENA 2:14 Mme a nka kobo ya Elia e ileng ya wela fatshe, mme a otla metsi ka yona, mme are, Okae Modimo wa Elia? Mme yare ha a otla metsi,mme a arohana ka lehare: yaba Elisha oya tshela.

Moporofeta wa Bajude Moshe le Elija batla latela mohlala wa William Branham jwalo kaha a ile a senola Jesu ka hare ho Bibele.

Sheba seo Moshe a sererang ha a bua ka Matshwenyeho a maholo.

TSHENOLO 15:3 Mme ba bina pina ya Moshe mohlanka wa Modim, le pina ya Konyana, bare, O Moholo le mesebetsi ya Hao, Morena ya Matla ohle; tsela tsa hao dilokile, Morena wa Bahalaledi.

4 Ke mang ya kekeng a O tshaba, Oho Morena, re rorisa Lebitso la Hao? Hobane oya Halalela

Pina ya Konyana e Mobonahatsa ele Modimo O Matla ohle. Ke Konyana feela e Halalelang. Haeba hole teng batho ba babedi ho Bomodimo, hahole jwalo haho le emong wa bona ya Halalelang. Sena sebolela hore Moshe one asa rere Boraro.

II MARENA 2:15 Mme yare ha bara ba baporofeta ba bona Jeriko ba mmona, bare, Moya wa Elia o dutse ho Elisha. Mme batla ba kopana le yena, mme ba inama ka difahleho.

II MARENA 2:19 Mme banna ba motse bare ho Elisha, Bona, kea o rapela, maemo a motse ona a lokile, jwalo kaha le wena morena o bona: empa metsi ha ayo, mme mobu le ona hao na dijo.

Jeriko ene ele sebaka sa pele sa Joshua seo a ileng a sehapa. Mabota a teng a thata (a bonahatsa tumelo ya pagane) a ile a wela fatshe.

Elisha,one a emetse moporofeta wa hoqetela wa Bajude Elia, ha a qala ho rera ka Kreste etlawa “mabota” tumelo ya Bajude.

“Jeriko” ebolela “monko o monate”. Lefu la Kreste ebile monko o monate dinkong tsa Modimo. Moporofeta wa Bajude mane Calvare.

BAEFESE 5:2 Tsamayang ka lerato, jwalo kaha Kreste are ratile, mme a inehela ele sehlabelo se monate nkong tsa Modimo.

Bajude ba amohela moporofeta wa bona.Empa tumelo ya bona ya latola hobane ha bana Messia. Metsi a bophelo ane ale siko ho Bajude.

II MARENA 2:20 Mme are, ntlisetseng lefiswana le letjha, mme le letshele letswai. Mme ba letlisa ho yena.

Letswai le thibela tshenyeho. Letswai le hlola lenyora. Sena sebonahatsa Kreste.

21 Mme atswela ntle a tshela metsi a molatswana, mme a letshela ka hare moo, mme are, Hoitswe ke Morena, ke fodisitse metsi ana; hokeke ha hlola hoba le tlala ya mobu ha jwale.

22 Ka tsela ejwalo metsi a fola ho tloha mohlang oo, hoya ka polelo ya Elisha a e buileng.

Mohlodi wa metsi a Bajude ke Selekane sa Kgale. Mekete ya Bajude e etswa hoya ka Selekane sa Kgale. Boporofeta bontsha Kreste, o bonahatsa letswai, hoya ka Selekane sa Kgale, Yatlang ho fetoha Messia hore bapholohe. Ho tseba Kreste Selekaneng sa Kgale ho neha bophelo se seng.

II MARENA 2:23 Mme a leba thabeng ya Bethele: mme yare ha ale tseleng, ha hlaha bana hotswa motseng, mme ba motloka bare, ho yena, nyoloha, lefahla towe; nyoloha, lefahla towe.

24 Mme a hetla, mme aba lebella, mme aba rohaka ka Morena. Mme hatswa dibere hara motse, mme tsa harola bana ba mashome amane le metso emmedi.

Bethele e bolela ntlo ya Modimo. Okeke wa kena ntlong ya Modimo ntle leho pholoswa ka Madi a Jesu. Bethele e emetse pholoso, bohato ba pele keka Luther ha kereke ene etswa Mengwaheng e Lefifi.

Wa Baditjhaba Elia, Moena Branham, o busetswa bana ho bontate ba Selekane se Setjha ho baapostola.

MALAKIA 4:5 Bona, ketla romela Elia moporofeta ho sotle letsatsi le tshabehang la Jehova:

6 Mme otla busetsa dipelo tsa bontate ho bana ba bona, le dipelo tsa bana ho bontate, ho sotle letsatsi le tshabehang la Jehova.

Bao ba sentseng seo Moena Branham a sererileng batla shebana le thohako.

Bana bana bane ele bapholoswa ba Baditjhaba, ba bitswang barwetsana ba robetseng, ba latotseng kapa ho senya molaetsa wa Moena William Branham. Basetse morao mme ba halefile haholo, leha ele maloko a kereke a lokileng, hore banyefole Elia ha baka ba leba Lehodimong.

Ntsu e lefahla ya Amerika ebonahatsa moporofeta wa Baditjhaba (kapa ntsu) etyswa Amerika ka mahlo a ntjhotjho a kenellang Mangolong, hlooho e lefahla ya moporofeta wa Amerika William Branham.

“Lefahla” ka senyesemane sa kgale ene ele tshweu. Ntsu esootho ka hlooho etshweu. Ka tsela eo bana ba soma moporofeta. Ba lekanya hore ke ntsu ehlooho etshweu (kapa moporofeta), keng ha asaka a ema jwalo ka Elia?

Empa lefahla le bolela kahlolo ebohloko “karabo esebete hae qeke, ebua nnete feela”.

Bana, barwetsana ba robetseng, banyefola kapa ho nyatsa molaetsa wa Moena Branham batla fetwa ke tlhwibilo. Jwale ba nahana hore baka nyefola leElia wa Bajude. Empa ba lebala hore mane Matshwenyehong a maholo haho Moya o Halalelang bakeng sa Baditjhaba, ke feela ho Bajude. Ka tsela ejwalo Elisha, jwalo ka wa Bajude Elia, oba neha “lefahla” karabo, ebohloko etshabehang. “Lona banyatsang moporofeta morwetsana ya robetseng itlhokomele. Kreste ka nako eo o tlohile ho Baditjhaba O ho Bajude. Ka tsela eo haho sale mohau ho Baditjhaba. Le rohaketswe tumelo ya lona. Ka tsela eo shwang.”

Modimo O ile A furalla Bajude bakeng sa Baditjhaba ka lemo tse 2000. Yaba Bajude ba lokela hoswa. Ka tsela eo le Baditjhaba ka nako eo, jwale Baditjhaba basa dumelang batla teana le Matshwenyeho a Maholo.

TSHENOLO 13:15 Mme o ile a neha sebata bophelo, hore sebata sebue,hore ba bangata ba satlong ho dumela ho sebata ba bolawe.

Kaofela Bakreste ba pholositsweng.

Palo ya bana ke mashome a mane le metso emmedi. Sena ke kgokahanyo le bana bao kgwedi tse 42 tsa Matshwenyeho a Maholo.

TSHENOLO 11:2 Empa bokantle bo senang tempele bosale, mme le seke la metha sebaka seo; hobane se neilwe Baditjhaba: mme motse o halalelang otla methwa ka kgwedi tse mashome amane le metso e mmedi.

Russia ena bere bakeng sa ponahatso ya yona ho matjhaba.

Bamede le Baperesia ba nale sebaka sa bona maneTurkey ho Afghanistan (kajeno moo ba bitsang Mamuslime) kaofela re lekanya bere le boporofeta ba Daniele.

Bere tse pedi tse tshehadi.

Mosadi o lekanya kereke.

Marasia a Orthodox le Mamuslime ke batho ba nang le tumelo etebileng haholo, empa ba nale tumelo efosahetseng. Mamuslime a hloile Israele le Amerika. Re sebeletsa Modimo ka lerato, eseng ka lehloyo.

Bana Matshwenyehong a Maholo ba bolela Bakreste le mekgatlo esakang ya dumela nnete ya Bibele, le ba bolokehileng Badumedi ba Molaetsa ba neng ba rera ka dikhoutu feela. Sena sebolela hore Badumedi bana ha baka badumela seo baapostola baneng ba serera. (“Mekgatlo” le “Badumedi ba Molaetsa” bobedi haba Mangolong. Kereke ya Bakreste ba pele bane badumela ho tsela ya baapostola. Re lokela ho latela mohlala wa bona. Lentswe“modisa” bolelwa hang feela Selekaneng Sesetjha ha a lokele hoka laolakereke.) Hobane dihlopha tsa kajeno tsa badumedi ba nale monyetla wa ho ithuta, empa ba latola Mangolo, batla ranthanywa mane Matshwenyehong a maholo ke Marussiale Muslime batsohileng ba nka taba ena. Batla halefela barwetsana bao ba mawatle ba neng ba nale monyetla wa ho ithuta empa ba saka baetsa seo, empa ba lahla monyetla oo. Marussia le Mamuslime basa itshwareletse tumelong ya bona le kajeno.

II MARENA 2:25 Yaba o leba Karamele, ho tloha moo a kgutlela Samaria.

Thabeng ya Karamele ke Elia o ile a theola mollo ho baporofeta ba 450 ba Baale. Sena sebontsha matla a Modimo ka nako ya Matshwenyeho a Maholo. Bongata botla utlwa sabole ya Elia wa Bajude ha a tsoka Sabole Lentswe la Modimo.

Yare ha marena a Moabe a hlasela, Elisha a etsa hore baepe mesima ao a ileng a tlala ka metsi a makatsang. Metsi a emetse bofubedu ba mahlasedi a letsatsi. Ka tumelo ya hore Bajude ba bolaile BaMoabe ba mathela kampong tsa bona hoya inkela dintho jwalo ka bahlokang taolo baema Bajude ho hlasela Bamoabe.

Mohlala ona o bontsha matla a maholo a ileng a thusa Elia wa Bajude ho hlasela.

Jwale ona ke mofuta wa mohlolo.

Mehlolo e entsweng ke wa pele Elia wa Bajuda mme Matshwenyehong a Maholo.

Mehlolo elatelang eka hlalosa tshebeletso ya William Branham le Elia Bajude. Sena sebolela hore Elia wa Bajude otla ithuta nnete ho dithuto tsa William Branham bakeng sa Bajude batlang ho bolokeha.

Elisha a thusa mosadi ho ngatafatsa dinkgo. Sena sebolela hore Elia wa Bajude otla busetsa dintho madulong hore bafumane Moya o Halalelang. Moya o Halalelang otla bakgannela Nneteng, Moya o bontsha Monyaduwa tsela feela.

JOHANNE 16:13 Keka hoo a ngodileng, Moya wa Nnete, hao tlile, otla le isa nneteng:

Elisha o ile a porofeta hore mosadi wa nyopa otla ba le mora mme ha morao otla shwa, one a lokela hoka motsosa. Sena sebolela Elia otla tlisa seo hape. Sena sebontha ha tshebeletso ya Moena Branham ese etsang ho Monyaduwa wa Baditjhaba.

II MARENA 4:38 Mme Elisha a kgutlela hape Gilgale: mme hole lefu naheng eo; mme bara ba baporofeta badutse le yena: mme are ho mohlanka wa hae, Dula hodima pitsa eo ekgolo, mme o kope dijo ho bara ba baporofeta.

39 Mme emong a leba masimong hoya kga moroho, mme a fumana maraka a hlaha, mme ao tlatsa ka hare ho setshelo, mme a kopanya le moroho: hobane bane basa tsebe.

40 Yaba o ngathela banna bao asa tsebe. Mme ha etsahala, haba ntse baja moroho, yaba baya lla, bare, Oho mohlanka wa Modimo, lefu ka pitseng. Mme ba seke bakgona hoja.

Bajude bana basa tsebeng ba mathela ntho tse seng ka hare ho Bibele.Ntho enngwe le enngwe ekantle ho Bibele etlisa lefu.

Ka tsela ejwalo Bajude Matshwenyehong a maholo, jwalo lekajeno ho Baditjhaba ho mekgatlo, banale meetlo emengata ntle ho Bibele. Sena seka basenya hang feela. "Modisa emoholo", "Boraro", "Mahe a Paseka", "Mmutlanyana ya Paseka", "Arekabishopo", "Mokardinale", "Pope", "Lente", "Ash Wednesday", "Rosari", "Letshwao la sefapano" -- Dintho tse ngata feela tse sa ngolwang ka hare ho Bibele. Mehopolo ke hore"bohlaha" jwalo kaha ese ntho tse ngotsweng.

II MARENA 4:41 Empa are, Tlisang dijo. Mme adi kgutlisetsa ka pitseng; mme are, Tsholelang batho, baje nama. Mme hone hose letho le bolaya ka hare ho pitsa.

Kreste ke bohobe ba Bophelo. Bohobe bo entswe ka phofo.Ho kgutlisisetsa dijo ka pitseng ho bolela ho kgutlela ho Kreste, mme a tshela Kreste ho meetlo ya bona. Otla ba bontsha Mangolo.

Hantle feela se etsahalang Baditjhaba ha Moena Branham aba bontsha Jesu A tsamaya ka hare ho maqephe a Bibele hore ba utlwisise sebolelwang ke Bibele. Hao etsa Kreste moo o shebang teng ka hare ho Bibele, ebe haho phoso ho lona. Ka tsela ejwalo Elia wa Bajude oba kgutlisetsa tumelong ya Monyaduwa.

Elisha yaba onale mahobe a 20 hotswa korong. O ile a a eketsa hoka nehela banna ba 100. Matla a maholohadi hokafepa Bajude.

Mohlolo ole mong wa Evangedi ya Selekane se Setjha keha ho fepuwa banna ba 5000 le ba bang ba 4000. Ha Jesu aba fepa ka nama le bohobe (eleng sebontshang mohlolo) hoba 5000, hone hole ditshelo tse 12 dijo tse setseng.

Ha a fepile ba 4000 one hole tse 7 tse setseng tsa dijo. Sena sebolela meloko e 12 ya Israele etlang hotswa kereke tsa mengwaha tse 7. Monyaduwa le 144 000 baqetella badumela nthong ele nngwe.

Naamane wa Mosyria (Moditjhaba) one a nale lepera Moditjhaba one a lokela hoya itlhatswa Jordane makgetlo a supileng. Sena sebolela hore Baditjhaba ba lokela hoya itlhatswa Kerekeng tse 7 tsa Mongwahakgolo hore bahlweke. Ena ke emeng ya mehlolo etliswang ke Elia ho Bajuda jwalo kaha William Branham a etlisitse ele diphiri ho Kereke tse 7 tsa Mongwaha kgolo wa Kereke tsa Mongwaha ho Baditjhaba, tshenolo ya Ditiiso tse 7 ebe dia senolwa ho basa kang badumela.

Mohlanka wa Elisha Gehazi yaba o hlalefela Naamane hore a monehe tjhelete ya hae, eo Elisha a hanneng ho enka.

Setshosang ke hore bathusi ba William Branham, jwalo ka Gehazi, baba pelo etelele bakeng sa tjhelete le bona. Gehazi o ile a qetella a nale lepera.

Seo ke pelo ya karolo tse pedi tsa tshebeletso yaElisha. O sebeleditse kantle ho tshebeletso ya bo Elia babedi batlang ho molatela.

Tshebeletso ya hae ene ehlahisa oli (Moya O Halalelang) le bohobe (nnete) etlisa tswalo ho mosadi ya sa tswaleng tumelo ya Baditjhaba ka William Branham. Ho kenyeletsa sena, esita le tumelo enyane Modimo O sebtsa ka yona. Esa bonweng ke batho, ka tse mmalwa dintho, ho kaba le dintho tse kgolo. Ha diphoso dihlaha Bibele ere sena setlisa lefu la semoya, ebe hoka etsa hore batho bashebe ho Kreste eba bothata. Ho boelana le diphiri tsa tshebeletso ya William Branham.

Mehlolo ena ebonahatsa seo Elia wa Bajude Atlang hose etsa tshebeletsong ya William Branham ho Bajude.

Mohlolo wa selepe se neng se wetse mme sa phaphamala ka hodima metsi ke tshebeletso ya William Branham le Elia wa Bajude. Empa sena seqala hoka supa ho Elia wa Bajude. Mehlolo elatelang e lebile ka kotloloho ho Elia wa Bajude, hang feela ha a tlisitse Bajude ba 144 000 tsebong le tshenolong ya Bibele.

II MARENA 6:1 Mme bara ba baporofeta bare ho Elisha, Bona, tulo eo re tsamayang ho yona le wena epatisane haholo.

Balatedi ba moporofeta ba atisa hose tsamaye ka tsela eo a batlang ka yona. "Melao emengata, o thata haholo", ke seo ba llang ka sona ka dinako tsohle. Ekare letswalo la rekere"bokereki". “Mokreste” haho lekana. Re rata ho bitswa “Badumedi ba Molaetsa” esita sena ekare ke letshwao.

“Modisa wa hao ke mang?” ke potso esakang ya botswa ka hare ho Bibele. Empa re fumana hore ke ya bohlokwa. Ka tsela eo re tswile Mangolong.

“Modisa ke hlooho ya kereke” ke taba e siko ka hare ho Mangolo. Ka tsela ejwalo hoba le Modisa jwalo ka hlooho ya kereke ho phoso.

“Modisa ke modisa” le seo hase ka hare ho Mangolo.

Mokgwa oo re ratang dintho hore dibe ka teng, seo hase kene ka hare ho temana tsa Bibele.

Hare fumane le 25 Tshitwe ka keresemese ka hare ho Bibele. Bibele ebolela ka sefate se kgabisitswe ho Jeremia Kgaolo ya 10, empa ere ke tlwaelo ya bahedene Haho sefate sa Keresemese? Empa"barati ba Kereke" baentse seo ka dilemo.

Letsatsi la tswalo le bolelwa habedi, ka Faro le Heroda. Bobedi ene ele ba bolayi. O latela ofeng wa banna bana eo eleng oka itshwantsha le yena?

Ka tsela ejwalo ho leka hoka tiisa taba ena. "Barati ba Kereke"ba lokela ho tloha ho Bibele mme ba kene tumelong tsa bona. Bahloka sebaka moo baka ipatang teng. Bahloka "bohlaha" ntho tse siko ka hare ho Mangolo. Ke tsela eo Bokretse ba sejwale jwale boleng ka teng. "Ho ngdilwe ..." haesale sa bohlokwa so.

Ka tsela ejwalo ha bohlokwa keho fapana le Bibele. Lentswe la Modimo, Jesu, a eme kantle ho kereke ya Laodisea.

MATTHEU 7:14 Hobane monyako o patisane, kgoro epatisane, e isang bophelong, mme haba bakae ba efumanang.

II MARENA 6:2 Ha re yeng, re ya lerapela, Jordane, monna emong le emong a nke palo sefate, hare iketsetseng sebaka, moo retla dula teng. Mme a bua are, Eyang.

3 Mme are, le ikemsetse, kea lerapela, mme le tsamaye le bahlanka ba lona. Mme a araba are, ketla ya.

4 Ka tsela eo a tsamaya le bona. Mme ha ba fihla Jordan, baratha difate.

Ka tsela ejwalo balatedi ba moporofeta ba molatelang ba batla hore a etse seo ba sebatlang le hore a bue seo base batlang. Eseng seo Bibele ese bolelang.

5 Empa emong one a kgaola dikutu,selepe sa wela ka metsing: mme a hoeletsa, are, jo, monghadi selepe se wetse! Etswe sene se adimilwe.

Seepe se adimilweng. Ene ele sa motho emong. Batho ha basa dumela. Batshwana le popogai ba bua puo e adimilweng. Lerato la tjhelete le tshosa batho hoka reka. Ka tsela ejwalo o adima ya motho emong. Badumedi ba Molaetsa ba adima mantswe a batho babang.

Kreste ke hlooho ya kereke. Sena sebonahatsa karolohano ho Kreste (Hlooho ya selepe) mme kereke yaLaodisea (mofeng). Ba latela seo ba sedumelang mehopolo ya bona, kereke elahlehetswe ke Kreste. Ho lahlehelwa ke hlooho ya selepe. Bakreste ba tsaba ho ipolela melato ya bona.Haba bue ka ho tsebahala. Haba kgaleme diphoso tse ka hare ho kereke. Batho ka hare ho kereke batshaba hoka kgalema moruti. Johanne Mokolobetsi o ile aba bitsa dinoha baetapele ba Bajuda. Badumedi ba Molaetsa batshaba ho amohela hore baetapele ba bona ba phoso, baruti, hababe phoso. Johanne Mokolobetsi o ne anale selepe se bohale. Kajeno re tshwere mofeng feela.

Badumedi ba Molaetsa ba nahana hore batswela pele hathe ba eme nqa ele nngwe feela. Baya ngatafala empa eseng ka kutlwisiso ya Mangolo. Baetsa ponahatso tse ntle empa eseng ka Mangolo. Ntho enngwe le enngwe ebatla Mangolo, ntle le boshome.

Ntho tse ntle tsa bona hadi bonahatse Modimo.

Johanne Mokolobetsi o beile selepe mahareng a difate. O fihla motsong. One aba bolella hore ba phoso. Selepe sa hae sene seratha. Mme one a lokisa akgalemela sebe ka nako eo. Ha ane a rera batho bane ba thothomela,empa bantse ba baka hape. One a ba bolella hore seo base buang hase Mangolong.

MATTHEU 3:10 Selepe se beilwe metsong ya difate: mme lekala lesa beheng sea lekgaola, mme le lahlelwe mollong.

Johanne Mokolobetsi onea etella pele. One a bontsha batho Jesu eo eleng Monna.

William Branham one a etella pele Hotla Labobedi. One a bontsha batho Jesu eleng Lentswe la Modimo. One a batla hore re tsebe. One a kgalema ntho e siko ka hare ho Mangolo (mofeng) one ose ole siko ho selepe (Lentswe) eleng dithuto, meetlo, le mehopolo.

Moena Branham o ile a bonahatsa mehlolo ya Modimo ha Jesu Kreste a tiisa taba ya hae ka Bibele. Empa ha a tsamaya batho bafetola dintho jwalo ka Leru le neng lele kilomitara tse 43 hoya hodimo ba bolela ha ene ele Lengeloi le tlileng lefatsheng. Ka tsela eo batswa ho Bibele. Mofeng o lahlehetswe ke hlooho.

Hang hape kereke ya tswa ho Bibele.

Balatedi ba Molaetsa ba tseba Lebitso le Letjha la Jesu. Empa Bibele ere haho ya letsebang.
TSHENOLO 19:12 Mahlo a Hae eka sebopi sa mollo, mme hlooho ya hae enale meqhaka e mengata; mme anale lebitso le ngodilweng, leo hoseng motho ya letsebang, haese yena feela.

Ena ke kgetho eo o shebaneng le yona. Okaba feela "ka hare ho Molaetsa" (oseng ka hare ho Mangolo) o kgahlano le Bibele.

II MARENA 6:6 Mme monna wa Modimo are, Se wetse kae? Mme a mmontsha sebaka. Mme a kgaolo lekala, ale lahlela ka hare; mme tshepe ya phaphalla ka hodima metsi.

7 Yaba ore sentshe, sehule. Mme a isa letsoho, ase hula.

Hobaneng ha moporofeta a ile a etsa mohlolo oo wa selepe?

Hobane one a bonahatsa tshebeletso ya hae.

Moena Branham one a busetsa Monyaduwa ho Lentswe eseng meetlong y Bajude le pagane.

Bajude ba 144 000 ba busetswa ho hlooho ya selepe Jesu, Messia eo ba ileng ba molatola. Hobaneng ha selepe se phaphalla?

Jesus ke Monna wa Mantswe a Hae. Ke Yena feela yaka tsamayang metsing.

Jesu ke Yena ya rathang ntle le tshabo ya letho. O bolela dintho kamoo dileng ka teng, eseng kamoo re batlang hodi utlwa. Ore boleletse "ho ngodilwe...." mme ntle leho latela mehopolo ya batho empa Bibele. Mofeng hloohong ya selepe Bibele. Ka tsela eo ya nang le tokelo ya selepe ke Elisha. Ha moporofeta anka selepe oya ratha. Otla etsa seo “afe batho lekala” kaho kgalema diphoso ka Bibele.

Kgalemo ethata ya moporofeta e etsa hore batho base utlwe monate. Ke lona lebaka le neng le etsa hore hlooho ya selepe ephaphalle hodima metsi. Ka tsela ejwalo Lentswe (hlooho ya selepe) letla ho moporofeta ya sa tshabeng letho.

PESALEMA 38:1 Pesalema ya Davida, hore hopotsa. Oho Morena, kgalema tsela tsaka: kapa nkise dikgalemong tsaka.

2 Hobane metsu ya hao edula ho nna, mme o hatella nnete ho nna.

Nnete ethata edula mohopolong. Bareri ba leka ka tsela tsohle ho kgotsofatsa phutheo. Ke lona lebaka le etsang hore batsebe hanyane ka Bibele matsatsing ana.

Jesu, Hlooho ya selepe, otsamaile hodima metsi a meetlo ya pagane leBojuda. Barutwa Peterose le Johanne le bona ene ele baporofeta ba baholo. Peterose o tsamaile hodima metsi le Hlooho ya selepe. O ile a atleha a tsamaya le Yena (Jesu) mme a shebile Jesu, eseng maemo le mabaka.

JOBO 9:8 Ale mong atswa lehodimong, ile a tsamaya hodima lewatle.

Ke Modimo feela yaka etsang seo.

Metsi a bua ka dithuto.

BAEFESE 5:26 Bahlatsue ka metsi a Lentswe.

Lentswe la Modimo lea sea, empa kajeno bareri ba leka hole nolofatsa, mme sena sehlahisa maiketsiso, bofosu “barati ba kereke” ba mpa ba itjhebile. Ha moporofeta a fihla sebakeng, eba ke nako eo selepe sesesang ka yona eo, ntle leho tshwenyeha hanyane.

Ka nako ya Matshwenyeho a maholo meloko e 12 ya Israele hore etle ebe Mmuso ole mong ka nako ya Lemokete, eseng mebuso emmedi Israele le Juda hore bane bale moo. Modimo O tshwantsha sena le moporofeta wa Ezekiele kaho kopanya melamo e mmedi.

EZEKIELE 37:16 Haholo holo, mora motho, nka molamu wa hao, mme o ngole ho ona, hobane Juda, le bakeng sa bana ba Israele tjhaba sa Hae: ebe onka melamu emmedi, mme o ngole, Bakeng sa Josefa, le molamu bakeng sa Ephraime, le bakeng sa ntlo yohle ya Israele tjhaba sa Hae:

17 Mme o dikopanye hoba molamu ole mong feela; mme ditla fetoha letsoho le leng.

Letsohng le letona la moporofeta Ezekiele, Juda le Israel eba ntho ele nngwe. Sena ene ele ntho ya nako etlang ya Elia, moporofeta wa Bajuda, ke mang ya nang le matla a ho kopanya meloko emmedi ya meloko a 12 ka nako ya Matshenyeho a Maholo. Moporofeta Elisha o ile a lahlela lekala ka hare ho metsi. Seo sene sbonahatsa tshebeletso ya Elia wa Bajude ka nako ya Matshwenyeho ya tlang ho kopanya meloko emmedi ya Israele re leboha sena. O kopanya Bajuda hoka emela Hlooho ya selepe, Jesu.

TSHENOLO 17:15 Mme are ho nna, Metsi ao o a boneng, sehlola sedutseng hodima ona, ke batho, bongata, le ditjhaba, le badipuo tsohle.

Metsi a hlalosa matshwele a batho. Jwale ha ditjhaba dihlasela Israele ka Antikreste nakong ya Matshwenyeho ekare tshepo efedile, ebe selepe“Hlooho ya selepe” Jesu ohlaha atsamaya hodima metsi ho bontsha hore o hlotse. Boteng ba nama ba moporofeta wa Bajuda Elia botla bonahala ho Israele. Ka meloko e 12 ka kolobetso ya Moya o Halalelang, Jesu Otla hlaha “a tsamaya” a busa ka hodima Antikreste ho Israele. Ho kgutlela ho Israele bakeng sa 144 000 batswetsweng labobedi.

Qalong, Peterose, Jakobo, le Johanne ba bone Jesu, Moshe, le Elia Thabeng ya Phetoho. Hantle feela pheletsong ya 144 000 batla bona Jesu, Moshe, le Elia mmoho. Sena setla phethahatsa leano la Modimo.

Hotla etsahalang ka mora wa moporofeta ya ileng a lahlehelwa ke selepe? Sena sebolelang?

One ale bohlaswa. One a etsa mosebetsi osa fellang. A kgothatswa ke thato ya hae, o tlohile ho Modimo, mme a bile a etsa hore le moporofeta Elisha a dumellane le seo. Kamoo tshusumetso ya motho eleng ka teng.

Bareri ba bang ba nako ya Elisha, jwalo ka kajeno, bane ba inehela ho basadi (hantle jwalo ka kereke tsa kajeno), tjhelete, le botumo. Ba rata bophelo ba maemo. Bane ba thabelaho kena sehlopheng se itseng bakeng sa ho tsebahala. Bane ba batla tsa bona, mme ba rahela Lentswe ka ntle ba sena takatso ya Lentswe, ka tsela ejwalo batho barata mehopolo ya bona.

Jesu o kantle ho kereke ya Laodisea – Hlooho ya selepe e lesitse mofeng.

Ka tsela ejwalo ho tlaba le puseletso habedi (karolo tse pedi). William Branham otla busetsa morao mengwaha e fetileng.

Elia wa Bajude a busetse Bajude ho Messia.

Seo sebolela hore mehlolo emengata eneng e etswa ke Elisha enene ele mohlala ho tse tlang ho etsahala tshebeletsong ya William Branham, Elia wa Baditjhaba.

Kereke ene ehloka tshenolo ya Bibele hoka lokisetsa Tlhwibilo. Le Elia wa Bajude o hloka tshenolo tsa Moena Branham hoka busetsa Bajude ho Evangedi ya Bakreste. Moporofeta wa Bajude otlabe ale matasatasa a senola Tiiso ya Botshelela le Terompeta tse supileng le diphiri tsa Dinkgo a shebane le Antikreste, jwalo kaha Moena Branham a entse, ho senolwa diphiri tseo ka boyena. Kaha jwale dise disenotswe, aka ithuta tsona jwalo kaho Internet. Osebedisa monyetla oo.

Mehlolo ka letswai, dibere tse pedi tsa tshitiso tsa ntwa ya Moabite tse entsweng ke Elisha mohlala feela wa Elia wa bobedi wa Bajude.Thupa e inollang selepe sa meloko e 12 ya Israele Matshwenyehong a Maholo, leho tlisa Elia wa bona.

Hang feela ha a tlisitse Evangedi ya Morwetsana, ebe mohlolo wa pele wa Elisha a shebana le 144 000 ya Bajude kgahlano le Antikreste.

II MARENA 6:8 Morena wa Syria a hlasela Israele, mme a bua le bahlanka ba hae, are, ka nako e itseng diahelong.

9 Mme monna wa Modimo a romela ho Israele, ae, Lehlokomele hore le seke la feta sebaka se itseng;hobane Basyria baya theoha.

10 Yaba morena wa Israele o romela sebakeng seo monna wa Modimo a buileng ka sona, mme a ipoloka moo, eseng hang empa habedi. [ka mantswe a mang, hangata]

11 Ka tselaeo morena wa Syria one a tshwenyehile ke sena; mme a bitsa barutuwa ba hae, mme are ho bona, na leka mpolella hore hara rona mona ke mang morena wa Israele?

12 Mme emong wa bahlanka ba hae are, haho le a mong, morena, Oho morena: empa Elisha, moporofeta wa Israele, a bolella morena wa Israele mantswe a buhalang phapusing.

Elia wa Bajuda otla lwana le Antikreste hoo atlang ho mohlola.

Ho latele ho foufatsa sera ka mohlolo.

II MARENA 6:18 Yare ha batla ho yena, Elisha a rapela Modimo, mme are, Otla batho bana, kea o rapela,ka bofofu. Mme Aba foufatsa hoya ka kopo ya Elisha.

19 Mme Elisha are ho bona, Ena hase tsela, leha ele motse ona: ntatelee, mme ketla o isa ho motho eo le mmatlang. Empa aba isa Samaria.

Jwale oo ke mohlolo waho qetela wa Elia wa Bajude ho lahla dira.

Mohlolo wa ho qetela wa kena Samaria.

II MARENA 6:24 Mme ha isaisa, yare morena Benhadade wa Syria a bokella setjhaba, mme a nyoloha, mme a hlasela Samaria.

II MORENA 7:6 Hobane morena ane a entse mabotho a Syria ho utlwa medumo ya makoloi, le dipere tsa teng, esita le medumo ya teng: mme bare, bonang, morena wa Israele o rekile mabotho a Bahitte, le marena a Egypeta, hore hlasela.

7 Ka tsela eo ba baleha motsheare, mme ba siya diahelo tsa bona, le dipere tsa bona, le dipokola tsa bona, esita le jwalo kaha ho etsahala, mme a balehela bophelo ba hae.

Modimo A ferekanya mabotho ao. A wa tshosa ka baka laho nyatsa keletso ya Elisha. Ka tsela ejwalo Elia wa ho qetela wa Bajude otla etsa hore batswetsweng labobedi Bajude ba 144 000 ba pholohe hoka bona Messia, jwalo ka Josefa ha a kopana le bana ba habo mane Egypeta.

“Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona!” — 1 BaKorinthe 16:23