Mattheu Kgaolo 24 e Utlwisiseha ka Tshenolo Kgaolo 6
We update studies as the Lord Jesus leads us. You can find the latest update of this study at ChurchAges.net
Temana tse supileng tsa Tshenolo 6 disenola ntwa ya semoya eqadileng lemong tse kabang 2 000 nakong ya Mengwaha ya Kereke tse Supileng tsa Kereke ya Bakreste.
Temana ya 8 ehlalosa tsela entjha, nakong ya Matshwenyeho a maholo. Sena ke sona seo re lokelang hose qoba.
Moya wa Modimo O laola leho qobisa di ntho tse kang tsena ka mokalli wa pere.
Enwa ke yena mokalli eo a ileng aba teng nakong ya Faro hoka phehisana le Moshe.
EXODA 15:1 Yaba Moshe le bana ba Israele ba binela JEHOVA pina, mme ba bua, bare, ketla binela JEHOVA, ka tlholo ya Hae ka thabo: mokalli le pere ya hae ba lahletswe lewatleng.
Pere le mokalli wa yona one a emetse Antikreste ya hlahisitsweng ke Faro hore ba seke ba dumela Modimo ya tlisitsweng ke Moshe hoka dumela Lentswe ngola Dibuka tse hlano tse qalang tsa Bibele.
Re lokela ho elellwa hore ho teng ntwa ya semoya etswellang. Faro
ene ele hlooho e sebediswang ke Satane.
PSALMA 136:15 O ile a hlola Faro le mabotho a hae Lewatleng le Lefubedu: etswe mohau wa Hae o hlola ka hosafeleng.
Tsohle dibonahala dilokile. Baegepeta bane bashwele empa Diabolosi ya neng aba susumetsa one asa shwa yena.
Johanne hamorao o bone moya oo otswa lewatleng.
TSHENOLO 13:1 Mme ka ema hodima lehlabathe la lewatle mme ka bona sebata setswa lewatleng, se nale naka tse leshome, mme hodima hlooho ya sona hole naka tse leshome, mme hodima dihlooho tsa sona hole mabitso a nyefolang.
Satane one ale kgahlano le Moshe ya neng a etella pele hotswa lapele, ho ntsha Bajude Egepela ka Lentswe le ngodilweng ka Buka tse hlano tsa pele tsa
Bibele ene ele Moshe ya dingotseng.
Yaba Tiiso ya pele Satane one ale kgahlano le yona hotswa labobedi jwalo kaha Bakreste batswa ho Bojuda ka Lentswe le ngodilweng hoya ka Moapostola
Paulose eleng yena ya ngodileng tse Selekaneng se Setjha.
Jwalo kaha Faro a ile a leka ho timetsa Bajude, ka tsela ejwalo Satane o ile a susumetsa puso ya Roma hoka bola tse 3 dimillione tsa Bakreste ka AD 64 le AD 312.
Yaba Bakreste, ho Tiiso ya bobedi ba lahla Lentswe ho latela kelello ya motho hoya ka filasofi ya Magerike sena sa baka phoso tse ngata.
Ho Tiiso ya Boraro ebontsha ha ba baki eleng Luther le Wesley ba leka ho lokisa tshenyeho eo.
Ebe Tiiso ya Bone ke emahlonoko bakeng sa rona kajeno hobane Tiiso ena e bontsha seo kereke ya mongwaha wa bosupa eleng sona. Ena ke yona eo Jesu a ebehileng kapele haholo.
Jwale hotswa hona laboraro moo Monyaduwa wa Modumedi wa Bibele wa Kreste atswang ho mekgatlo entseng e dutse mehopolong ya motho eseng sengodilweng ka hare ho Bibele.
Mongwaha ona o fella ho matshwenyeho a maholo.
Ka tsela ejwalo ntwa ya semoya eya tswella. Itshwarelle ho setulo sa hao hobane ho ntse ho lwana ntwa hae soka efeela.
TSHENOLO 4:6 Mme kapela terone hobne hole lewatle la kristale: mme mahareng a terone, mme ho potoloha terone, hone hole fdibata tse nne dinale mahlo kapele le kamorao.
7 Mme sebata sa pele ene eka tau, mme sabobedi eka namane, (poho entjha)mme saboraro eka sefahleho sa motho, mme sa bone eka ntsu efofang.
Dibata tse nne di sireleditse kereke ya Bakreste bakeng sa Diabolosi, jwalo ka lefu le kotse, a raba raba jwalo.
Tiiso Ya Pele.
TSHENOLO 6:1 Mme ka bona Konyana emanolla Tiiso enngwe, mme ka utlwa, lerata le kang la seaduma, seseng sa dibata tse nne sere, Tloho o bone.
2 Mme ka bona, mme bonang pere etshweu: mme ya ekalletseng a tshwere seqha; mme a rwetse moqhaka hloohong: mme a tswella ho hapa, le ho hapa.
Temana 1 le 2 (mongwaha wa kereke ya 1 le 2 e ileng ya nka sebaka ho isa mane Calvary ka 33 AD hoisa mane 312 AD ka nako ya mmuso wa Constantine a emisa ho bolaya Bakreste leho aha mmuso wa Roma).
Ke eo Tau sebata sa Nnete e emetswe ke Mohalaledi Paulose le baapostola ba ileng ba emela Nnete Tau ya leloko la Juda, Jesu Kreste.
Enwa ene ele Modimo ka 867, monna ya tshepahalang haholo, o ile a tiisa hoo a ileng a ba a tlotsa bo lebotho la Mopapa le matla a dipolotiki a kereke ya Roma e Katoloki. Constantine a sututsa taba ya bodumedi ka sebele. O ile a dumella Babishopo ba Romea hoka aha mabotho a kereke ya Roma Katoloki.Mopapa Leo wa 1 (440 552) hotswa ho bao eseng Ma-Trinitarian Ostrogoth Theodoric ka mabotho a Justina ka taelo ya Bo-Trinitasi ka thuso ya Mopapa ho laola Roma, a siya Roma ele hore e senyehile jwalo. Kotlo ya tlala ya qala mane Europa ya kgutsa, mongwaha o lefifi ole ditshila wa qala, re lebohela ntwa eo ya semoya.
Tiiso ya Bobedi
Ona ebile mongwaha wa Poho. Poho ke sebata sa bohlokwa haholo seo pheletsong sehlabuwang mme nama ya sona ejewe eseke ya lahluwa. Bakreste ba sebele baile ba bolawela nnete ka sehloho. Moya o Halalelang o ile wa baneha matla akang ao. Baile ba sebetsa ka matla. Thetso ya semoya ka matla maholo hoka theoha ka tsela ejwalo hoisa tlase kwana. Kereke ya nyalana le mokgwa wa pagane. Mohopolo wa Mahe a Paseka. Mohopolo wa 25 Tshitwe. Mohopolo wa Trinity (Boraro). Le Bo-Cardinal. Sebopeho sa sefapano. Meqhaka e meraro kap tiara eo e rwalwang ke Mopapa jwalo jwalo.
Tiiso ya Boraro.
TSHENOLO 6:5 Mme ha manollotse Tiiso ya Boraro, mme ka utlwa sebata sa boraro sere, Tloho o tlo bona. Mme ka bona, bonang pere entsho; mme ya ekalletseng a tshwere sekala letsohong la hae.
6 Mme sa latswa hara dibata tse nne, Lere koro ka pene, mme karolo tse tharo tsa bali ka pene; mme lehlokomele le seke la hlokofatsa veine.
Temana ya 5 le ya 6 diemetse mongwaha wa kereke 5 ebontshang ha mongwaha wa Luthers kapa wa Armeniane eshebile hantle feela ho tshebetso ya Wesleys hoka reka lofo ya bohobe. Batho baile batloswa ho shebeng Mangolo leho tloswa ho pholoso ka Kreste feela. Baile ba lebiswa feela ho lefeng tshireletso ya ba habo bona batimetseng baleng pikatoring ka kelello ya motho. Bodumedi bafetoha kgwebo, ntho entle haholo eo. Haho makatse ha Jesu a ile a halefa haholo ke ba bapatsi ka hare ho Tempele. Ho etsa tjhelete ka bodumedi ke bodemona hoo.
Kereke ya Roma ya qalella mokgwa wa puso ya monna ale mong, hoka thibela banna tabeng ya hoka tseba nnete.
Moya wa Bademona ke moya wa ho lwantsha Lentswe la Modimo. Eleng tsela ya ho Ikahga ya kereke ya Roman Catholic hoka ba kgahlano le BoLuthere ba tsatsi leo kapa ba tsatsi la Sabbatha. Haho karabo le enngwe e nepahetseng ya taba ena, hoya ka Mangolo. Ka tsela eo bane baetsa dintho ka tsela efosahetseng. Kapa ka kgatello.
Tiiso ya Bone.
TSHENOLO 6:7 Ha a butse Tiiso ya Bone, ka utlwa lentswe la sebata sa bone lere, Tloho otlilo bona.
8 Mme ka tadima, mme bonang pere eputswa: mme ya ekalletse a bitswa Lefu, mme Dihele tsa Molatela. Mme A newa matla hodima tsohle, hoka bolaya ka sabole, le tlala, leka lefu, le dibata tsa lefatshe.
Temana ya 7 ke kereke ya mongwaha wa 7. Mme ke Mongwaha wa ntsu. Kereke ena eqadile ka dilemo tsabo 1900 ka tsoseletso ya Pentecostal eqadileng mane America. Kolobetso ya Mongwaha kgolo wa Moya o Halalelang, tmme batho baile ba nkuwa ke Matla a Moya o Halalelang. Motho a etsa sefofane hore a kgone ho fofela hodimo. Yaba ka 1947 lengeloi la hlaha ho William Branham mane America mme a qalella hoka senola diphiri tsa Mangolo. a tlhaho America e ile ya fihlela matla o, ho kenyeletsa le difofane tse pedi tse ileng tsa dia dibomo tsa atomiki hoka qeta Ntwa ya 2 ya lefatshe.
Ka tsela Mongwaha wa kereke ona ke Mongwaha wa Ntsu, ka tsela ejwalo Ntsu e fana ka matla a maholo hoka senola leshano la Satane la Ntate, Mora le Moya o Halalelang. Tsena tse tharo ke maemedi a Lebitso Jesu Kreste.
Sephiri sa Modimo, letshwao la sebata, peo ya seka motho, kereke tse supileng tsa mongwaha kgolo. Kaofela tsa bonahatswa. Senotlolo keho senola sena.
Kereke ya Mongwaha wa hoqetela e lokela hoka kgutlela maemong a kereke ya bo Mohalaledi Paulose leba apostola ba bang. Tumelo ya thuto ya Selekane sa Kgale.
Tiisa seo o sebolelang ka Bibele.
Haho monna, leha ele lenqosa la kereke ya Bibele.Haeba motho a reisa ka hare ho maqephe a Bibele ebe re latela Bibele, eseng motho.
Ebe hotla temana ya 8. Robedi e bolele karolo entjha. Mahlomola a maholo a qalella.
Ya botshelela Tiiso e sebetsana haholo hantle feela le Mahlomola a maholo. Ho bolelwa ka mahlomola a maholo temaneng ya bobedi ya Tiiso ena lebaka leo Modimo A rometseng lenqosa la tshiu tsa hoqetela kehore re seke ra kena Mahlomoleng a maholo. Bao ba satlo beha maikutlo a bona le mehopolo ya bona Lentsweng, leha ele ka botshepehi, batlilo fella bale Mahlomoleng a maholo. Tiiso ya bone e tshwere hantle feela ho qobisa kereke ya Mongwaha wa bosupa hore e seke ya kena Mahlomoleng a Maholo.
Re lokela hoka itshetleha hantle feela Lengolong Moya wa Ntsu o nyoloha hoka kopana le Morena Jesu sebakeng ha Atla Labobedi.
Kereke ya Mongwaha wa bosupa efella feela ha Monyaduwa A kopana le Morena Jesu sebakeng ke lona lebaka leo.
I BATHESALONIKE 4:17 Ke hona moo rona baphelang retla kopana sebakeng, ho kopana le Morena sebakeng: mme retla ba le Yena ka nako yohle.
Ya bone Tiiso ke ehlokolotsi haholo ho rona hobane ke yona feela etiisang taba ena eo ba bangata baneng basa e kgathalle hohang feela taba ya ho kopana le Yena sebakeng ka botebo haholo ka hare.
Mohlala, hobaneng ha Jesu a ileng a ngola fatshe bakeng sa kahlolo ya lefatshe? Hobaneng a ile a ngola habedi lehlabatheng? Hobaneng ho bile le dinkgo tse 7 le dinkgo tse 12 ha ane a fepa matshweletshwele? Hobaneng ha A ile a thabiswa ke mosadi wa moditjhaba, eo A ileng A mmitsa ntja, ha ane a batla makumane a bana a wang tafoleng.
Hobaneng ha Bakreste bale bakeng sena sa lefu? Hobane bahlolehile hoka bapisa ditaba ka Mangolo. Baikemiseditse haholo kaho ithuta ka Bibele. Seo sebatla nako engata haholo. Ba batlisisa Mangolo haholo hobane haba batle ho amohela hore ba nale diphoso. Ba iphapanya batho ba batlang hoba thusa. Batswella ho pheisana le baruti ba bona hobane bale meharo. Baphomotse ho baetapele ba bona bao baetsang hore baiketle. Ka nako ya Mahlomola a maholo batla itshola ka hore baile ba kgetha Bajude hore ba kgutlele habo bona Palestina. Mopholosi wa bona eo Modimo Atlang hoba tlisetsa Yena batla mmona.
Tiiso ya Botshelela ke Mahlomola a maholo. Ke pherekano ya sebele. Ke maemo kapa diketso tse sa bonahaleng, hantle feela Mopapa otla busa lefatshe lena. Ena ke nako emahlonoko haholo.
Kas nako ena ya Mahlomola a maholo 144 000 Bajude bahlahiswa ho Jesu jwalo ka Messia ke baporofeta ba babedi, Moshe le Elia, ba ileng ba pholoha ho bokwe seo.
Tiiso ya Bosupa ke hotla ha Morena. Seo re setsebang ke hore ho bile le kgutso ekgolo. Sena ke sephiri setla dula ele sephiri jwalo.
TSHENOLO 8:1 Mme kamora ho manolla Tiiso ya bosupa, haeba lekgutso ekhgolo lehodimong bakeng sa ntho eka etsang halofo ya hora.
Ka tsela ejwalo Mattheu kgaolo 24 ere bolella ha Bajude batswa Mahlomoleng a maholo ho kena Jerusalema ba ileng batimetswa hobane balatotse Messia le ho hong ka lemo tse 2 000 ho qoswa Mahlomoleng a maholo ka bako ya puso ya Messia.
Ebe jwale ho shebanwa le kereke. Pherekano eteng ka baka la Mahlomola ao.
Sena ke pherekano ho lebisa Mahlomoleng a maholo a kereke.
Ebe, taba ekgolo, Jesu o hlalosa sena ka Mahlomola (Tshenolo 6:7) kereke e lokela ho leka ho qoba Mahlomola a maholo. Sena ke sona seo re lokelang ho nahana ka sona haholo nakong ena. Ho dula Mangolong ho thusa haholo hore retle re phele.
Kereke ya ho qetela ehloka pholoso, kgalalelo le tokafatso. Jwale, ho tsena tsohle, re boetse re hloka Nnete hoka hlokomela mano a Diabolosi leho bonela pejana. Barutuwa bane basheba moaho kganthe moaho oo otla diuwa. Kajeno re lebella dikereke tsa rona ho nale Bibele. Ntho tsena dirohakuwe. Hobaneng ha re rata meaho hakana? Kaofela ntho tseo ha dina molemo, ntho tseo kaofela Modimo A seng motlotlo ka tsona hoo a ilong ho difedisa ka nako ya Mahlomola a maholo a Armageddone. Ka tsela eo re lokela hoka dula nthong tsa semoya feela. Ntho ya bohlokwa lefatshe lohle ke Lentswe la Modimo. Ntho tsena tsohle ha dina molemo. Ho nale diathomo tse ngata lefatsheng mona. Dika re fedisa ka motsotso feela, raba ditopo.Batla Nnete, oseke wa sheba ho ba le nnete feela.
MATTHEU 24:3 Mme yare ha a dutse thabeng ya Mehlware, barutuwa ba hae batla ho Yena sephiring, bare, Re bolelle, ntho tsena ditla etsahala neng? mme ponahatso ya tsona etlaba efeng, le pheletso ya lefatshe?
Temana ena ehlokolotsi haholo.
Ditharo potso tseo ba Mmotsitseng tsona.
Potso ya 1: ntho tsena ditla bonahala neng? Ka mantswe a mang, etla senyuwa neng Tempele ?
Potso ya 2: etlaba efeng letshwao la hotla ha Hao?
Sena senka karolo kapa halofo ya tiiso ya bone. Mongwaha wa Ntsu oo Bakreste ba sehlotshwana batlang ho phonyoha Mahlomola a maholo kapa ba latolwe ke matshwele a Bakreste. Nakwana pele ho Mahlomola a Maholo. Kaofela re lokisetsa Mokete wa Lenyalo. Retla ja kapa re jowe ke dinonyana tsa Armageddone.
Barutuwa ha bayaka ba botsa nako One atla. Ba tsebile hore seo ke sephiri se seholo.
(Mokreste emong le emong ya nahanang hore o tseba hotla ha Morena kapa ho batla ho tseba o kgahlano le seo barutuwa baneng bale sona. Sena sebolela hore re botsa kapa ho bolela sena ka phoso. Se sebe ka hofetisisa keha motho a nahana hore o tseba hotla ha Morena).
Ka tsela eo, hoba le tsebo ya Mangolo, seo reka sekopang feela ponahatso ya hotla ha Hae. Ke sona seo barutuwa ba ileng ba se etsa. Phoso enngwe ya taba ena ke hore re seke ra kopa mehlolo. Taba enngwe ke hore re seke ra batla mehlolo.
MATTHEU 16:4 Moloko ona o kgopo o batla mehlolo; mme haho mohlolo oo batlang ho newa, empa haese ponahatso ya moporofeta Jonase. Mme yaba O tloha ho bona, a ikela.
Jesu O tsohile bafung. Haho moetapele ofeng kapa ofeng ya kileng a etsa seo. Ka tsela ejwalo ke lona lebaka le etsang hore ka Sontaha re hlomphe tsatsi leo.
O ile A araba potso eo jwang Jesu?
Haho ponahatso ya hotla Labobedi ha Hae, etshwanang lea Leru la 1963 hoka bolela hore ke hotla ha Hae. Batho ba bolela hore O tlile Jesu O tlile ka Leru mme mohau O fedile. Diphoso ditswella ho bonahala ka nako tsohle. Empa Jesu O arabile hoya ka tsela tse ngata dipontsho tsa nako ya bofelo. Sena sebonstha tsela eo batho ba nahanang ka yona pheletsong ya momngwaha wa kereke ya 7, pele ho hotla ha Hae Kgetlo Labobedi le Mahlomola A Maholo.
Empa sa bohlokwa haholo, ha re hlalosa nako tseo, O nnile Are hlokomedisa ka nako tsa Matshwenyeho a Maholo.
Potso ya 3: ponahatso tsa matsatsi a pheletso.
Potso ethata hoka arabua. Armageddon ke pheletso ya lefatshe ( nako tsa rona hodima meharo, tshenyeho, ho rata ntho tsa maiketsetso ) empa lemo tse 1 000 ho tlatla kahlolo ha Lewatle le phatloha mme ho lokisetswa lefatshe le letjha. Ka tselaejwalo ke efeng ya ntho tseo tse pedi tse tlang ho fedisa lefatshe?
Jesu O qala ho araba.
Potso ya 1: Ke neng mohla Tempele etlang ho heletswa?
Jesu ha a fane ka nako. Sena ke tlhokomediso ya seo. O seke wa leka hore o lokisa kapa ho behakanya dinako. Hoseng jwalo otlabe o hanana leho phehisana le Mangolo. Diphoso kaofela ditswa ho Diabolosi. Ka tsela eo Diabolosi o sebetsa ka tsela efeng na kapa ka mang?
Satane ke mothetsi emoholo. Ka tsela ejwalo hoka hlalosa ha Tempele
eheletswa neng, Jesu O bona hole molemo ha aka hlalosa hore ke mang ya tlang ho etsa sena.
MATTHEU 24:4 Mme Jesu Oya araba, le hlokomele le seke la thetswa ke motho.
Ena ke tiiso ya pele. Mokalle wa pere etshweu a thetsa ka Keresemese ho nale Bibele mme a dumela baetapele ba bodumedi.
Ka mantswe a mang baetapele mothetsi wa sebele otla fedisa Bokreste ba sebele le Tempele. Ke mang ya ileng a heletsa Tempele ? Ke Roma tlasa mmusise Titus ka AD 70. Ena ke karabo ya Hae: ho senola Tempele hase ha bohlokwa hakalo, empa ke sona seo eleng sa bohlokwa. Mosinye ke yena ya senyang Bajude hape ke sera sa Tempele. Thetso ya semoya ke yona etlang ho qhala kapa ho senya Tempele. Moya oo otlatswa Roma. Eleng yena Mosinyi wa Bajude le Bakreste.
Hobaneng ha Asaka a fana ka nako? Hobane tshenyo ya Temeple ho heletsa mabopa a moaho hotla bolaya dimilione tsa BJuda Jerusalema ho bile ho tshosang haholo. Empa haufinyana etlaba ntho ya maobane.
Ka bomadimabe hotla nka nakwana ekana ka lemo tse 2 000.
MATTHEU 24:5 Hobane ba bangata batlatla ka lebitso laka, bare, ke nna Kreste, mme batla thetsa ba bangata.
Eo ke tiiso ya pele mokalli wa pere etshweu, thetso ya sedumedi. Sena ebile ho tsoha ha kereke ya Roman Catholic. Bodumedi ba sepolotiki botlang ho bolaya 68 ya dimillione bao eseng karolo ya Catholic. Emong le emong Mokreste o phela ka hare ho Tempeleya Modimoe ahilweng ke Modimo ka lemo tse 2 000. Ena ke Tempele ya Modimo.
Pagane Roma ya Cesare ya senya Jerusalema.
Papale Roma ya Bomopapa elekile ka matla ho fedisa Bakreste basa dumellaneng le bona.
Roma ke mahareng a tshenyo e bolayang bodumedi. Ba bolela hore ke Kreste (sebolelang motlotsuwa) mme sena sefana ka kaho ekgolo ho bona. Jwalo ka ho kgabisa sefate hoya ka tsela ya pagane hotswa Jeremia Kgaolo ya 10 hoka kena ka hare ho Keresemese ha bane ba ebitsa mmisa wa sefate sa Kreste. Leha ele hore lebaka lebitso la Keresemese ha leyo ka hare ho Bibele. Letsatsi 25 Tshitwe ha leyo ka hare ho Bibele.
JEREMIA 10:2 Leseke la ithuta ka tsela ya bahedene.
4 Base kgabisa ka kgauda le mabenyane
Kajeno dimilione tsa Bakreste ba nale Keresemese (Kreste wa Bakreste 384 o nkile sebaka sa Pontiffe.)
Ba mofile lebitso le letle mahareng a Bakreste hoo a ileng a bola Bakreste ba 100 bakgahlano le bo Bishopo ba Roma.
Damasuse, ho nyolla botumo ba pagane hore ba lokise tsela ya pagane le ho e etsa hore e utlwahale jwalo ka Bokreste. Ho etsa hore Bokreste bo amohelehe ho pagane, kereke ya Roma e apara ka tsela ya pagane ka puo ya Bokreste. Tswalo ya mora wa modimo wa bona ka 25 Tshitwe e ileng ya lokiswa ke mmusise Aurelian ka274 AD ya fetoha tswalo ya Mora wa Modimo. Aurelian ene ele moetapele wa Kereke ya Bokreste. Modingwana wa mosadi Ishtar o ile a tswalwa hotswa ka hare ho noka ya Eufrate. Sena sa fetoha hoba Lehe la Esta.
Bishopo Siricius (384-399) ebile moBishopo wa Roma ya ileng a tiisa taba ya Mo-Popa.
Babusi ba ile ba sebedisa Bo mo-Papa ho bolaya milione tse 40 ho fihlela hakana. Ho bonahala milione ole mong le halofo ya batho bashwa selemo le selemo.
Ka 1918 mokgohlane wa pandemike wa Spanish wa bolya milione tse 50 hoisa ho tse 100 tsa batho ho tloha ho 1918 -1920.
Ene ele dibillione tsa batho ka selemo sa 1918 mme ebatlile ena halofo ya seo.
Ka tsela ejwalo Tiiso ya bone ya manollwa nakong ya kereke ya mongwaha wa 7 ka lefu le leholo la batho. Bill Gates o bolela hore tshabo ekgolo eo a nang le yona, le lebaka le etsang hore a nehele, ke ho leka hothibela tshwaetso eo.
Keng phoso ekgolo kajeno? Ke ho leka ho nka Lengolo ho etsa hore le lekane maphelo a rona, haholo holo ka tsela ya moetlo wa pagane. Mohlala : Adama le Eva bajele apole, ebe sekamotho tshimong ya Edene ene ele noha ha ene ebua le Eva, Jesu o tswetswe ka 25 Tshitwe, ho lokile ho hlala leho nyala hape, Modimo Borarong, moruti ke yena hlooho ya kereke. Haho taba le enngwe engodilweng ka hare ho Bibele. Sena setshwaetsa kapele hoo eleng ntho e atang kapele.
Ka 2014 Tshisinyeho tsa lefatshe dibile ngata ka tsela emakatsang. Sena seka bitswa bakeng sa Mafatshe.
Kolobetso Lebitsong la Jesu Kreste e ileng ya bolelwa ke Peterose ho Diketso 2:38 ya hlahisa hose ratehe haholo. Hoka bitsa feela Lebitso la Jesu Kreste ke Lebitso la Modimo ho nale Botrinitasi mme etlaba hona bofelo botlang botla ho ema dibakeng tse halalelang, (leha ele mang ya balang, a utlwisise:) bakeng sa matsatsi ao a kgutsufaditsweng.
Jwale seka ha boletse Mahlomola a maholo, Jesu hape ore bontsha tsela ya ho phonyoha seo. O boleletse BaJude tsela ya ho phonyoha ka AD 70. Jwale ore bolella tsela ya ho phonyoha Mahlomola a maholo.
Ntho ditlilo senyeha haholo ka tsela ya ho dumela Bibele ya Bokreste. Ka 2015 hone hose hole mefuta e 40 000 ya mekgatlo. Ho makgolo a diphetolelo tsa Bibele tse bolelang ntho tse fapaneng. Dikereke dibuswa ke baruti ka tsela tsohle sena sehlola dimilione tse 6 tsa Bajude tse ileng tsa bolawa ntweng ya bobedi ya lefatshe) ka nako eo (karolo eo ya Tiiso ya bohlano e emetseng Bajude ho tloha lemong tsa bo 1900 ha mongwaha wa kereke ya 7 eqala) letsatsi letla fifala, mme kgwedi esa fane ka mahlasedi a yona, mme dinaledi diwela hotswa lehodimong, mme matla lehodimo atla sisinyeha: (sena etlaba Mahlomola a maholo, ele Tiiso ya botshelela, jwalo kaha ele pherekano ekgolo) Tsela ya Nazi holocaust e ile ya bonahala ele yona Mahlomola a maholo etlabang nako e mahlonoko haholo eo. Hobaneng haho bolelwa hore sena ene ele holocaust ebohlokwa? Ke hobane Ditjhab dihloile Israele.
Ho jwalo ka Bakreste ba bangata ba baikaketsi. Empa gase ya monna ya bitswang Hitler ene ele matla haholo hoo motho aneng a qenehela setjhaba sa Israele mme ka kgetho, ho ile ha qetwa ke Matjhaba a Kopaneng hore ho neuwe Israel lehae la bona ka 1948. Ka tsela ejwalo Bajude qetellong bakgutlela Israele. Sena sa kenya tseleng hotla ha Jesu ho Bajude ka mahlomola a Maholo. Letsatsi, kgwedi, dinaledi tsa hwereana ho bolelang hore Modimo Otla lwanela hape Israele. Matshwenyeho kapa mahlomola ana a manyane a Bajude ane a lokisetsa seo.
Temana hang feela eleba tabeng ya Mahlomola a maholo. Lebaka le entseng hore Bajude bafete moo ene ele ho kgutlela habo bona lehoka emela wa bona Messia bakeng sa Mahlomola a Maholo.
Mahlomola a maholo atla tshabeha hoo Bajude batlang ho bona hore nako ena yohle bane ba lahlehile. Ebe Jesu Otla hlaha ho bona jwalo ka Messia wa bona. Batla kgahlwa ake Matlahadi a Hae, ha bane ba hloka thuso, hoo batla qobeleha hore ba bone leho kgolwa hore ke Messia wa bona.
Pherekano ekgolo ya tlhaho. Dintho ditlaba kahodimo ho tsebo ya rona hoo re kekeng ra kgona ho hlalosa seo. Hoka tiisa hore Modimo O feela ale tshebetsong.
Bohata ba Bajuda ho fumana lehae la bona ho Eichman Matla a lehodimo atla sisinyeha, batho batla thabela bophelo. Ho tiisetsa lenyalong. Batho banyala ho etsa bana. Ka lemo sa 2015 hone hole dibillione tse 7 tsa batho lefatsheng. Kamora lemo tse ding le tse ding tse 12 re kenyeletsa batho ba billione hape lefatsheng. Ka tsela ejwalo re nale kabelo ekgolo haholo ho tsena tsohle. Ponahatso enngwe hape.
MATTHEU 24:40 Ho babedi ba tlabeng ba lema masimong; emong otla nkwa, emong a siiwe.
41 Ho basadi babedi ba tlabeng ba sila lelwaleng; emong otla nkwa, emong a siiwe.
Ena ke taba ya ho nkelwa ho Morena. Modimo O nka ya loketseng tsela eo. Emong one ale masimong (a etsa tshebeletso ya kantle) emong a sila lelwaleng ( a etsa tshebeletso ya Bibele diphiri dimanollwe lehore batho ba fumane Bohobe ba Bophelo) Ena ke kamoo Tiiso ya Bone elng ka teng pheletsong ya Kereke ya mongwahakgolo wa 7. Monyaduwa wa nnete o kena Tiisong ya bosupa, Hotleng ha Morena.
MATTHEU 24:42 Lebellang ke hona: hobane hale tsebe nako le hora.
Hape re hopotswa ka Tiiso ya bosupa.
MATTHEU 24:43 Empa le tsebe sena, hoja monga ntlo ane aka tseba nako eo leshodu letlang ka yona, one atla dula ale sedi, mme one akeke a dumella hore ntlo ya hae ethuuwe.
Re lokela horer kamehla re dule re fadimehile, re lebella ka nako tsohle Thuto ya rona. Re lokela hoba le mokgwa wa ho hlokomela, eseng maikutlo a rona feela.
Mokgwa wa hoka ithuta nthong tsohle .
Haeba re bontshwa diphoso re lokela ho thabela seo, eseng re utlwe bohloko kapa ho swaba.
MATTHEU 24:44 Ka tsela ejwalo dulang le lebeletse: hobane ka hora eo lesa lebellang ka yona Mora Motho Otla fihla.
Hape re boela re hopotswa ka sephiri sa Tiiso ya bosupa.
MATTHEU 24:45 Jwale ke mang mohlanka ya bohlale ya tshepahalang, eo Morena a mmehang modisa wa ntlo ya Hae, ho mofa nama ka nako ya selemo?
46 Ho lehlohonolo mohlanka ya jwalo, eo Morena ereng ha a fihla a mofumane a etsa seo.
47 Ka nnete nete kere ho lona, Otla moetsa mmusi wa ntlo yohle ya Hae.
Lemo sa rona sa ntsu ke hore re tshwase molaetsa ler dihiri tsa Moena William Branham mme re sebeletse hoka dikopanya le Mangolo. Ebe re lokela hoka ehlwela hantle feela hotswa Lengolong, ntle leho kgutlela ho Moena Branham: baruti hape ba lwana le nna.
JEREMIA 10:21 Hobane baruti bafetohile hoba manganga, mme habaya batla MORENA:
JEREMIA 12:10 Bongata ba baruti basentse sefate sa morara, base hatile ka maoto, baentse karolo ya sona yaka ntho ya lefeela.
JEREMIA 22:22 Meya etla metsa baruti bohle,
JEREMIA 23:2 Hoitswe ke JEHOVA MORENA wa Israele kgahlano le baruti fepang batho baka; Leqhalantse mohlape, mme le elelekile, mme ha le soka le etela: bona, ketla le etela ka baka la mesebetsi eo esa lokang ya lona, ho bolela JEHOVA.
Phoso tseo baruti ba dientseng. Ho hlakile hore ba dinokwane.
Baetapele ba dikereke bahloka hoka itekola hantle.
BAEFESE 4:11 Mme o beile ba bang, bapostola; ba bang, baporofeta; ba bang, baevangedi; ba bang, baruti badisa;
Lentswe badisa le bolelwa hang feela Selekaneng se Setjha.
Mme ka baka lena ba bolelwa hang feela hara basebeletsi ba bahlano.
Ka tsela ejwalo haho Lengolo le tiisang hore baetelle pele tshebeletso. Ba nale karolo enyane.
Ke mang ya lokelang ho etellapele kereke?
Mohalaledi Paulose qalong ya Selekane se Setjha o bolela hore elokela hoba baetapele.
DIKETSO 20:17 Mme ho tloha Miletuse o ile a romela Efese, mme a bitsa baholo ba kereke.
DIKETSO 20:28 Letle le iponele ele lona, mme le hlokomele mohlape, oo Moya o Halalelang o o beileng tlhokomelong ya lona, ka fepa kereke ya Modimo, eo A erekileng ka madi a Hae.
Mohalaledi Peterose o boletse se seng pheletsong ya Selekane Sesetjha moo.
I PETEROSE 5:1 Haele baholo baleng hara lona, bao keleng emong wa bona, mme ke ile ka bona tshotleho kapa tlhokofatso ya Kretse, mme ka nka karolo ha bonahatswa:
I PETEROSE 5:2 Fepang mohlape wa Modimo oleng hara lona, eleng ho nka lehlakore ka seo, eseng ka botho, empa ka lerato; eseng ka ditshila, empa ka mohopolo o hlwekileng;
JEREMIA 23:2 Hahole jwalo ho bolela Morena Jehova wa Israel kgahlano le baruti fepang mohlape waka; Leqhalahantse mohlape waKa, mme le o lelekile, mme ha lea e etela: bonang, ketla le etela ka mesebetsi eo ya lona esa lokang, ho bolela JEHOVA.
Modimo ha A thabiswe ke seo baruti ba seetsang.
Moruti o nale moo a fellang ka hare ho kereke. O nale matla a hae, a lokileng, empa hape o nale bofokodi ba hae haholo ho setjhaba sebatlang Nnete. Kereke tse ding dikgetha baholo, bao eleng batho ba moruti bo madumela tsohle. Empa le setjhaba selaolwa ke moruti jwalo kaha ba nkile mokgwa wa Catholic wa ho beha monna ale mong hoka laola setjhaba.
Haho bobebe hoka fumana Nnete yohle ya Bibele ka hare ho kereke elaolwang ke motho hangata ekgahlano le Bibele. Nnete edula enale diphoso.
Baetapele ba busang kereke ba laola kamehla yohle.
Hopola kamehla seo Modimo A seboletseng ho kereke ya mongwahkgolo wa bosupa:
TSHENOLO 3:16 Ka hobane ole fofo, hao bate hao tjhese, ketla o tshwele molomong waka.
Hoba fofo keho setsebe Mangolo.
Hotswa ho Modimo ke Lesedi le Nnete le Kganya. Hosa tsebe Mangolo ho tshwana feela le hoba lefifing.
Sena se re isa lefifing. Mang kapa mang ya lefifing ha a bone tsela ya Lentswe. Hose tsebe Lentswe ke ho bontsha hore re thutong esele ya lefifi, re batla Monyako eleng Jesu Lesedi la rona.
GENESE 19:10 Empa banna ba batshwara ka matsoho a bona, le ho hula Lota le ba ntlo ya hae, le kwala lemati.
11 Mme ba otla banna bao ka bofofu, ba baholo le ba banyane: ka tsela eo ba batla lemati.
Hantle feela seo se etsahetseng ho Lota matsatsing a Lota Moya o Halalelang oya re laola.
MATTHEU 15:8 Setjhaba sena setla ho Nna ka melomo feela, ba ntlotlisa ka maleme a bona; empa pelo tsa bona dihole le Nna.
9 Ba ntshebeletsa lefeela, haba rutana dithuto tsa batho.