Mattheu Kgaolo 13 ehlalosa Kereke tse Supileng tsa Mengwahakgolo



Lemo tse kabang 2000 tsa pale ya Bakreste hoya ka kereke tse 7 tsa mengwahakgolo hoya ka Mattheu Kgaolo 13

First published on the 14th of October 2017 — Last updated on the 14th of October 2017

Lemo tse kabang 2000 tsa pale ya Bakreste hoya ka kereke tse 7 tsa mengwahakgolo hoya ka Mattheu Kgaolo 13

MATTHEU 13:1 Tsatsing lona leo Jesu a tswela ntle, mme a ema lebopong la lewatle.

Lebopo la lewatle le bohlokwa haholo ka hare ho Lengolo. Le arola naha le lewatle.

Lewatle le bolela basa lokang, bongata ba batho bantseng bafetoha le dithuto tse fapaneng. Lehlabathe la lebopo le ile la qhetsoha kapa la hoholwa ke tlhaho mohlong kgale kwana. Kreste, Lentswe, ke Lefika. Badumedi batswetswe ke Yena hobane ele Lentswe (Lengolo).

I BAKORINTHE 10:4 Mme kaofela ba nwele Lefikeng: hobane ba nwele Lefikeng la Semoya: mme Lefika leo ene ele Kreste.

Ke lona lebaka le etsang seo hobane lebopo la lewatle le bohlokwa haholo. Lebopo la lewatle le bolela kapa ho hlalosa ho fokotseha ha metsi a lewatle. Modimo O laela feela lewatle(basa lokang) hofihlela ha kana hoka hlasela ba lokileng (lebopong la lewatle santeng ya lona). Balokileng bafella mona.

JOBO 26:10 O beile metsi ka tekanyo ya ona, hofihlela motsheare le bosiu difela.

Lefatshe le nale pheletso ya lona. Mme letsatsi la Lewatle ke hora tse 24. Lesedi le kganya di nale tekanyo ya tsona. Lefatshe le arolwa ke lewatle. Bophelo bo arohanywa ke lefu. Hang feela ha kganya ehlaha lefifi lea baleha. Lefu, lewatle le lefifi dibonahtsa se etsahalang lefatsheng. Sena sebontsha kgolo. Maima, mahloko, sebe, mathata, thetso, ho kenella ka hare ho lefatshe j.j. Ke ntho tsa bohlokwa, sena sa re tiisa,lehore etsetsa hore re emele mathata. Tshokolo ke molao wa ho hola. Tlholo le tshokolo diotlella tumelo ho motho. Hare dumella diphoso ho etsahala re iphumana rele Matshwenyehong a maholo. Ebe seba teng sephoso maphelong a rona; eleng seo resa sebatleng maphelong arona.

TSHENOLO 21:1 Yaba ke lefatshe le letjha le lehodimo le letjha: Hobane lefatshe la kgale le lehodimo la kgale difetile.

TSHENOLO 21:25 Mme kgoro tsa teng dikeke tsa kwalwa bosiu le motsheare: fhobane bosiu ha bosaleo.

Mme nako eyatla eo ho keke haeba le lewatle. Diphoso le bobebe ke ntho tsa nakwana feela.

JOBO 14:5 Hobane matsatsi a hae a badilwe, dikgwedi tsa hae dibadilwe, O beile hore tsohle tseo dibe le nako ya tsona;

Haho motho yaka fetang seo Modimo A sebeileng. Moloko o weleng o manganga wa batho. Ka bonngwe re lokela hoka tswela pele ka tsela eo. Sena ke tsela ya rona ya ho phela. Sele enngwe le enngwe ya mmele elekantswe hore e sebetse jwang. Mofetshe ke sele eseng eshwele, mme ebe eya hola ka tsela ejwalo. Modimo O sebedisitse kereke ya Hae ka mengwaha ena yohle, empa pheletsong ya senyeha. Ho fihlela nakong eo, kereke edutse ele kgahlano le seo.

JEREMIA 5:22 Le seke la ntshaba? Ho bolela MORENA: Le keke laba mathateng, eleng seemetseng lehlabathe, Seo sekeke sa feta taba eo: leha maqhubu aka ipokanya mmoho, leha hole jwalo akeke a fenya; leha a hweletsa, akeke a feta moo a laetsweng?

Empa pheletsong, bobe botla feela. Bobe bokeke bahlola nnete. Badumedi ba ka nna bahateleha. Badumedi bakeke bahloleha kamehla. Letswai leha leka fellwa ke matla. Hoka pholosa bana ba Hae, Modimo O lekantse nako. Bobebe leha boka kena ka hare ho dikanale. Leha hole jwalo, eseng ho feta moo. (Mongol o hlola Russia le botjhabela na Europe tlasa lebotho le matla la mogeneral Tsubodai. Lebotho la Hungari le ile la hlolwa. Bophirima ba Europe ene ele mohaung wa hae ka baka la Pope ya neng a senya nako a leka ho lwana ka Mmuso o Halalelang wa Roma, eo eneng ele Mo-German. Ogedai, eleng Mongol Khan eo eneng ele mora wa Genghis Khan, kamora ho busa lemo tse 12 ashwa ke botawa. Mora wa hae Guyuk a lata lebothyo ho tloha ho Mongolia wa Europe hoka hapa terone ya Chagatai, malomae le badireng . Esenang matla Europe e ile ya pholoswa ke monna ale mong wa Mongolia nakong eo e mahlonoko. Sena ke tsela eo Modimo A etsang dintho ka yona).

ISAIA 45:7 Ke entse kganya, ka bopa lefifi: Ke etsa kgotso, Ke etsa bobe: nna Modimo ke etsa ntho tsena.

AMOSE 3:6 Na terompeta eka lla hara motse, batho ba setshabe na? Na bobe bokaba teng hara motse, mme bosa dumellwe ke Jehova?

Hoka bontsha setshwantsho setebileng ka sena, raditshwantsho o etsa setshwantsho mebalabala. Kganya le lefifi ditaolong ya raditshwantsho. Kganya ka nngwe ebontsha hohong.

Hoka bontsha botebo ba Modimo ka seo. Ka tsela ejwalo botle le bobebe ditaolong ya Hae. Bobedi boka tlasa taolo ya Hae.

AMOSE 3:7 Haho seo Modimo Aka seetsang, ntle leho tsebisa bahlanka ba hae baporofeta. Bibele ke Buka ya boporofeta, hore neha mohopolo o itseng.

TSHENOLO 13:1 Mme ka ema hodima lehlabathe la lewatle, mme ka bona sebata setswa lewatleng, se nang le dihlooho tse ngata le manaka a leshome, mme ho9loe meqhaka hodima hlooho tsena tse leshome, mme hodima dinaka hole mabitso a nyefolang.

TSHENOLO 17:3 Yaba o nku ka moya: mme ka bona mosadi ya dutseng hodima sebata se mmala wa sekareleta, se nale mabitso a nyefolang, senang le hlooho tse supileng le naka tse leshome hodima hlooho enngwe le enngwe.

TSHENOLO 17:15 Mme Lare ho nna, Metsi ao owa bonang, moo sehlola sedutseng hodima oona, ke matshwele, tshwele, le ditjhaba, le malemo ole.

Kgaolo 13 eqala ka Johanne a eme lebopong la lewatle. Hobaneng? Kgaolo 13 efella ka letshwao la sebata leo eleng 666. Lehlabathe la lewatle okeke wa lebala. Sena sebolela ho loka, ho emetse lehlabathe la lewatle, eleng hore bokeke ba nka lekamohla, sebolelang ba bolotsana basa lokang. Ho lewatle le lengata ho nale lehlabathe. Ho nale baetsadibe ba bangata ho nale ba lokileng.

TSHENOLO 13:16 Mme ahlola hore, ba banyane le ba baholo, barui le bafumanehi, batlamilweng le balokolotsweng, ba amohele letshwao letsohong le letona, kapa diphatleng:

17 Le hore ho sebe ya rekang kapa ho rekisa, ha a sena letshwao, kapa lebitso la sebata, kapa palo ya sona.

18 Bohlale ke bona. Ya nang le kutlwisiso a fumane palo ena: hobane ke palo ya motho; mme palo ya hae ke makgolo a tsheletseng mashome a tsheletseng le metso e tsheletseng.

MATTHEU 15:8 Batho bana ba ndumela ka melomo ya bona feela, ba ntshebeletsa ka maleme a bona feela; empa pelo tsa bona dihole le nna.

9 Ba ntshebeletsa lefeela, haba ruta dithuto tsa batho.

Ke sona seo eleng bothata ka batho. Batloha thutong ya Bibele ba latele dithuto tsa batho. Ho leka ho fumana 25th Tshitwe ka hare ho Bibele haeyo. Mattheu Kgaolo 2 Temana 11 motho ya bohlale o kena ka tlung ya hae, eseng ka setaleng.

MATTHEU 2:11 Mme ha ba kena ka tlung, ba fumana ngwana le mmae Maria, mme bawa ka mangolo ho sebeletsa, le ho morapela: mme ba bula dimpho, ba moneha dimpho; gauda, dibano, le mmira.

Josefa one ale siko moo. Jesu ene ese lesea sejelong, Ene ele Ngwana ka tlung.

Dimpho tseo ba ileng ba dineha Jesu, eseng bona ka bonngwe.

Ho reka haholo ka Keresemese hase ntho eteng ka hare ho Bibele. Tshitwe 25th ke mahareng a mariha. Haho tsela ya hore badisa bane baka disa dinku ka nako eo.

Badisa baka setaleng ka nako eo, eseng ba bohlale. Rome ene ekeke ya lefisa batho lekgetho ka nako ya mariha yaba ya hatella hore Josefa le Maia ba nke leeto ho leba Bethlehema nakong eo holeng lehlwa leo ya mariha. Dikarete tsa Keresemese hase ntho eteng Mangolong. Keresemese ke mokgwa feela wa ho ithuela ka Evangedi hoya ka Mattheu le Luk. Leha hole jwalo batho badula bafutsanehile haholo, ka ho nahana hore ke mokgwa wa bodumedi. Ebe ka Pherekgong ho thata haholo hoka iphumana.

Maikutlo a rona a Keresemese hase ntho eteng ka hare hp Lentswe. Letsatsi leo letswa hokae? Pagane Roma puso ya Aurelian, mokgwa o motle wa thakgiso, ho kopanya puso ya Roma ho ile ha arola seo dikoto tse tharo. O ile a phethahatsa seo ka 274 AD mme ae kopanya hape le Rome moo a ileng a tiisa tsatsi la 25 Tshitwe jwalo ka tswalo ya modingwana wa letsatsi. Modingwana wa Persia Mithras le yena one a nale tsatsi la tswalo ka 25 Tshotwe. Ka tsela ejwalo letsatsi leo le ile la amohelwa (eleng hoka amohelwa ka botawa). Ntho ena etletse lefatshe lena lohle. Hoka thibela Bakreste ba bangata hoka keteka tsatsi leo, la kereke ya Catholic, mane ka lemo sa 350 AD, e ile ya hapa tsatsi leo mme ya lebitsa tsatsi la Bakreste. Mme ka tsela ejwalo Bakreste banna batswella ka tsela ya Bopagane. Ka dilemo lemo tsela ya pagane yaeshwa mane Europe mme yaeba pono ya kereke ya Catholic ya letsatsi la 25 Tshitwe la nna la sala, keteko eo ya Mmisa wa Kreste. Re itshetlehile haholo meetlong honale ho latela Kreste, Lentswe. Mekete e ikgethileng ya kereke ya Catholic ebitswa ka mmisa. Ka tsela ejwalo ba bitsa seo ka Mmisa wa Kreste. Sena hamorao se ile sa bitswa Keresemese. Batho haba hlokomele hore sena sekgahlano le Lentswe kapa Kreste. Ka tsela ejwalo “Kreste” sefano yaba efetoha Xmas.

GENESE 32:12 Mme o itse; ketla o etsa hantle, mme peo ya hao ebe ngata jwalo ka lehlabathe la lewatle, lesa baleheng.

JEREMIA 33:22 Jwalo kaha letshwele la lehodimo lesa balehe, leha ele lehlabathe la lewatle: ketla atisa peo ya Davida mohlanka waka, le Balevi ba ntshebetsang.

HOSEA 1:10 Leha hole jwalo palo ya Israele etlaba jwalo ka lehlabathe la lewatle, which cannot be measured nor numbered; and it shall come to pass, that in the place moo ho itsweng ho bona, Lona le setjhaba saka, le moo hotlathwe ho bona, Le bara ba Modimo O phelang.

Ka tsela ejwalo lebopo la lewatle le bolela ho loka, jwalo ka lehlabathe la lewatle, eleng bao ka kekeng ba nka letshwao la sebata. Ho dula le Lengolo ho o itsa hore o sireletsehe.

MATTHEU 13:2 Mme bongata bone bo bokane ho yena, hoo a ileng a kena ka hare ho sekepe, mme a dula; mme bongata badula lehlabatheng la lewatle.

Jesu One Ale ka hare ho seketswana ka hodima lewatle (matshwele aneng asa laolehe) empa eseng ka hare ho lewatle. Ha batswasi ba dihlapi batshwasa hlapi bane ba bonahatsa pholoso. Batho bane badutse ba mametse ha Jesu A bua eleng Lentswe. Mamela Lentswe la ho loka.

MATTHEU 13:3 Mme a bua le bona ntho tse ngata ka ditshwantsho, are, Bonang, mojadi one atswile a jala peo;

4 Mme ha ase a ejadile, enngwe ya wela thoko ho tsela, mme nonyana tsa lehodimo tsa eja:

Mongwaha wa kereke wa pele o qadile o rera Lentswe.

Peo ke Lentswe la Modimo. Dinonyana ke dira tse lekang ho le fedisa. Ho leka hole eketsa ka mehopolo ya batho.

5 Enngwe ya wela majweng, moo esakang ya fumana ho hola: ha ehlaha, hobane ene esa teba mobung:

6 Mme ha tsatsi letjhaba, ya pona; hobane ene esena mothapo, ya eshwa.

7 Mme enngwe ya wela hareha meutlwa; mme meutlwa ya e hodisa, mme wa ekgama:

8 Empa enngwe ya wela mobung o lokileng, mme ya hlahisa ditholwana, mme ya ata ka makgolo, enngwe ya ata ka mashome a tsheletseng, enngwe ka amararo.

9 Ya nang le ditsebe a, utlwe.

Setshwantsho sena se emetse kereke ya pele eo eneng e nale baapostola. Bane ba jetse peo ka Lentswe la Modimo. Mojadi (ke moreri) one asa nyefolwe. Ene ele mobu, pelo tsa bamamedi, ba neng basa enyefole.

LUKA 8:11 Jwale setshwantso tlhaloso ya sona ke ena: Peo ke Lentswe la Modimo.

Setshwantsho ka nako eo ene ele tsela ya ho tlisa batho tlhokomedisong. Dinonyana ke sera sa Lentswe la Modimo. Mojadi ha a nyatsuwe ha ajala(ho.bolelang. moreri) kahose loke. Mobu kapa banyefodi ba behetswe hore ho tiisa bamamedi. Oseke wa nna wa komakoma ka tsela eo o mamelang lentswe ka yona. Tsela eo peo e ileng haswa ka yona. Mobu ( ke pelo) eleng moo e welang teng.

MATTHEU 13:10 Mme barutuwa batla ho Yena, mme bare ho Yena, Hobaneng ha o bua ka ditshwantsho?

11 Yaba o ba araba are, Hobane le neilwe hoka tseba diphiri tsa Mmuso, empa eseng bona.

Mangolo a ngodilwe ka tsela eo okekeng wa e utlwisisa. Keha o tswetswe ka Moya feela oka utlwisisa sena.

Mme Modimo O lokela hoka romela lenqosa hoka hlalosa Mangolo.

TSHENOLO 10:7 Empa mehleng ya lentswe la lengeloi la bosupa, ha le utlwahatsa lentswe la lona, diphiri tsohle tsa Modimo ditlabe difedile, jwalo kaha o boleletse baporofeta ba Hae.

Lengeloi lena kapa moporofeta enwa. Sena se moetsa hore ebe motho, eseng lengeloi le tshwanang le Gabriele. Hape re hloka moporofeta ya nang le moya, jwalo ka Paulose, Peterose le Johanne , hoka re ruta lentswe bakeng sa lemo tse 2000, j.j.

Kereke ya pele e ileng ya hloriswa ke Roma eqadile ka mmusisi Nero ya ileng a chesa karolo ekgolo ya Roma ka 64 AD ele tsela ya hore hotle ho bewe Bakreste molato batle ba bolawe. Bakreste ba ile bahatellwa hoka kopana sephiring, hangata ka sehlopha se senyane. Baile basheba baapostola leho lebisa ketsong ejwalo ka 170 AD.

Seo ene ele ho batla ho aha mokgatlo wa kereke o moholo.

DIKETSO 8:4 Bane batletse lefatshe lohle hoka hasa Evangedi.

Tshenyeho ya Tempele ya BaJude ka AD 70 ele ho tlosa tulo ya thapelo ya Bakreste.

Tshebeletso tsa eba matlong, kapa phapusi efeng kapa efeng feela efumanehang, kapa sebakeng sebulehileng, hosa hlokahale moaho o mong. (The Pilgrim Church by E H Broadbent page 3.)

Empa hanyane hanyane mohopolo wa motho wa nkela Bibele sebaka.

Justin Martyr (100 – 165 AD) a qala ho toloka Mangolo ka Filasophi ya Magerike. A qalella hoka arohanya Ntate le Mora bao eleng ntho ele nngwe le Mmopi. Ha aka a dumela ha Kreste “ele Modimo O Mong”. Kreste jwalo ka ehalalelang Logos (Lentswe) ke Emong ntle le Ntate, hoya ka Justin Martyr, areng “ka ale mong ke bolela palo, eseng thatong”. Re leboha ho rata botumo ba Justin Martyr, mohopolo wa motho wa qalella ho nka sebaka sa Bibele.

Yaba banna ba bang ba jwalo ka Tertullian (160 – 220 AD) ho tloha Carthage mane Bophirima ba Afrika baya tsebahala ka ho ikgulela balatedi. Mohopolo ona wa bontate ba kereke wa qala. Batho baqala ho khouta sebolelwang ke batho ho nale se ngodilweng ke baapostola. Tertullian ebile motho wa pele wa ho ngola ka Boraro (Trinity). Ha a ngola ka Ntate, Mora le Moya “tsena tse tharo ke ntho ele nngwe, eseng motho ale mong”. Lentswe “Trinity” ha leo ka hare ho Mangolo, empa batho ha basana taba le seo.

Batho ba bohlale baqala ka seo. Sena ke Bonikola, ho phahamisa bahalaledi ho nale Lentswe. Jwalo kaha badumedi bale bangata, melao e siko Lentsweng. Hanyane hanyane kereke ya ritsa ho tloha Bibeleng yaba ho amohelwa baholo ba kereke hofeta. Jwalo kaha kereke ka nngwe e laolwa ke moetapele ho nale sehlopha sa banna, hahoya nka sebaka se sekae bishopo a nka sebaka. Puso ya Roma ya laola le dipolotiki. Sebaka sena sa kenella le hara metse setorpong ke bishopo. Bana ene ele banna ba senang dihlong bakeng sa bohato bona. Boikarabelo ba batho ba nka sebaka. Ka tsela ejwalo kereke ya kgona ho laola metse seteropo. Qetellong ha kgethwa bokadinale. Hantle feela, leha seo sele siko ka Lentsweng, mekgatlo ya tlatsa sena ka hare ho toropo. Bonikola (nico = ho hapa ele hore. Keho hapa bodumedi), tokafatso ya boprista ba Aaronic mahareng a Modimo le bohalaledi ( batho feela) bane batlilo hoi dula mona. Hoya ka mohopolo wa motho ene ele ntho elokileng empa ho Modimo hose jwalo.

TSHENOLO 2:6 Empa o amohetse sena, thuto ya Banikola, eo ke ehloileng.

Mattheu 15:9 Empa ba ntshebeletsa lefeela, haba rutana thuto tsa batho.

Leha ho bonahala ele ntho entle ho batho, haeba seo sele siko ka hare ho Lentswe se lese.

MATTHEU13:12 Leha ekaba ke mang feela, ketla moneha, mme o tlaba le nako: empa ya sa utlweng, ba bang batla nkuwa.

13 Hobaneng ha o bua le bona ka ditshwantsho: ke hobane haba bone bona; and haba utlwe, leha ele ho utlwisisa.

Jesu ha aka a rata hore Lengolo le tolokwe ka tsela ya filasofi (mohopolo wa batho) leha ele tsela ya hose kene Mangolong jwalo ka “Trinity”ho leka ho hlalosa. Ka tsela ejwalo batho ba bala Bibele ebe baetsa moferefere ka Mangolo ka tsela ya Mangolo.

MATTHEU 13:14 Mme Mangolo aya phethahala hoya ka tsela ya Esaia, ha are, Ho utlwa batla utlwa, mme bakeke ba utlwisisa; leho bona batla bona, mme ba keke ba bontshisa:

15 Hobane tjhaba sena sekgopahantse dipelo, mme tsebe tsa bona ditholofetse, le mahlo a bona a foufetse; ka tsela eo haba bone ka mahlo a bona, leho utlwa haba utlwe, mme balokela ho utlwisisa ka pelo tsa bona, mme ba lokela hoka baka, mme ketla bafodisa.

MATTHEU 13:16 Empa ho lehlohonolo mahlo a lona, hobane aya bona: le ditsebe tsa lona, hobane dia utlwa.

Baapostola kamehla bane badula Mangolong. Paulose ho ile aya Athene moo holeng Magerike, eseng hoya baruta filasofi. Baapostoles habaka ba sebedisa mantswe Trinity, Christmas, mahe a paseka mebutlanyana ya paseka, arekabishopo, bocardinal, pope j.j. Haba kaba ba bua ka “kereke” moaho.

MATTHEU 13:17 Ka nnete nete kere ho lona, Bongata ba baporofeta bane baratile ho bona sena, mme eseng ho bona bona; taba tseo le diutlwang, leho utlwa seo le se utlwang. Yaba Jesu oba etsetsa setshwantsho ele hore batle ba utlwisise.

Mohopolo wa kereke tse supileng tsa mongwaha tseo eneng ele sephiri ho Bajude.

Sena sehlalosa seo seneng se bolelwa ke Jesu hore kereke ya ho qala etle e utlwisise, rea leboha ka tshusumetso ya baapostola.

MATTHEU 13:18 Utlwang tlhaloso ya setshwantsho sena.

19 Mang kapa mang ya utlwang mantswe a mmuso, mme asa utlwisise, ebe hotla ya salokang, mme a tlose peo eo pelong ya hae. Ke yona peo e wetseng ka thoko ho tsela.

Dinonyana dibolela ya mobe, diabolosi. Otla ka tshenyo mehopolong ya batho, hore baemise ho utlwa Bibele. Haeba hose dumele kapa hose batle Mangolo, o tseleng efosahetseng.

MATTHEU 13:20 Empa peo e hara majwe, ke ba utlwang Lentswe, mme ba le amohele ka thabo;

21 Leha hole jwalo lebe lesa hole pelong tsa bona, empa badule bale jwalo: hobane ha mathata le matshwenyeho dietla, mme ebe baya hlabeha.

Ho kwenya nnete ya Bokreste hase ntho entle hohang feela. Ntho efeng kapa efeng esa lokang. Badumela feela Evangedi bakeng sa hoja ha monate. Thuto ya borui.

MATTHEU 13:22 Le peo e wetseng hara meutla; keya ileng a ithatea ntho tsa fatshe lena, mme a thetswa ke borui ba fatshe lena, bakgangwa ke lentswe, mme abe asa behe ditholwana.

Ena ke Evangedi ya ho tsebahala le botumo. Ketla sebeletsa Modimo le lapa laka le metswalle ka hare ho kereke yaka. Ketla sebeletsa Modimo ke ntse tswellapele ho etsa tjhelete ka thoko (Diketso kapa ho amohela tse ding tsa dintho ka tsela eo eseng yon“that is business”.)

MATTHEU 13:23 Empa ba amohetseng mobung o lokileng, mme ke e amohetseng mme bae utlwisisa; bao ba ile baba ba beha ditholwana, mme tsa hola, hoya ka makgolo, some sixty, some thirty.

Ke kotara ele nngwe feela ya peo e ileng ya wela mobung o lokileng. Ke sehlopha sele seng feela selokileng. Hlopha tse tharo ha dia loka. Sele seng kgahlano le tse ngata. Modimo Ole Mong Jesu Kreste kgahlano le Boraro (Trinity).

Mongwaha wa kereke o felletse ka 170 Ad hoya ka tshusumetso ya baapostola ho kereke. Kereke ka nngwe ene e lokela hoba le bishopo. Mokgwa wa ho laola kereke ka ketapele.

 

Jwale retla setshwantshong sa bobedi.

Setshwantsho sa pele ene ele ho hlalosa ka bophara. Sena sebolela nnete ya kereke.

Setshwantsho sa bobedi sehlalosa bolelele (ho bontsha hore ho sale batho ba bangata ba tlilong ho kena, nakong ya matshwenyeho, ba batlang ho dumela Bibele jwalo kaha engodilwe) empa tlhaloso haeo. Ka tsela ejwalo ho utlwisisa nnete hoya fokola.

Ka tsela ejwalo moetlo wa batho, ntle le Mangolo a sotha thuto ya Bibele le nnete. Hose utlwisise leho rutehe ha etsa hore batho ba lahlehe. Matla a lefifi a qalella ho kena ka hare ho batho ntle le Lentswe.

Ha kereke entse ehola, matla le ona anna a hola. (The Pilgrim Church by E H Broadbent page 11.)

Cyprian, o ile atswalwa ka 200 AD a sebedisa thuto ya “kereke ya Catholic” mme aseke a bona pholoso. Kereke ena hae yaka ya etsa seo hohang feela.

Hone hole teng kopano mahareng a matla le bodumedi. Bohalaledi ba hapa thuto ya Banikola.

MATTHEU 13:24 Setshwantsho seseng ke sena, are, Mmuso wa Lehodimo o tshwana le mojadi ya jalang peo:

25 Empa nakong eo a robetseng, sera sa hae sa jala lehola hara koro, mme sa tsamaya.

26 Empa yare ha koro e hlomela, ehlahisa ditholwana, yaba lehola lea hlaha le lona.

27 Ka tsela ejwalo baseletsi ba hae batla ho yena bare, Monghadi, Na one osa jala koro tshimong ya hao na?Mme hose ho hlahile le lehola?

28 Are ho bona, Eo ke ketso ya sera. Basebeletsi bare ho yena, Na reka ya rale hlaola mme re lebokelle na?

29 Empa yena are, Tjhe; etlare ha lehlaola lehola, leta hlaola le koro.

30 Dileseng dihole mmoho ditla bonwa mohla kotulo: mme ka nako ya kotulo ketla re ho bakotudi, Tlamang lehola pele, mme le leetse mangata mme le letjhese: empa koro le etse ngatana mme le e kenye sesiung.

Nnete le phoso ditla hola mmoho. Jwalo kaha Judas ene ele emong wa baapostola, ka tsela ejwalo le diphoso tsa bareri ditla dula dile teng. Banna ba bohlale badifilasofi batla nne babe teng.

Ka nako ya Origen (184 – 253) mane Alexandria ha anka kakanyo ya Boraro (Trinity) hoka sopahanya mohopolo wa pagane.

Bokreste (badumelang Bibele) le bokereki ba ata. Empa batho bane ba lahlehelwa ke pono.

Mongwaha wa bobedi wa kereke o felletse ha Constantine a bolaya bahanyetsi ba hae mme a nyalana le mmuso wa Roman mme a bolela hore ke Mokreste a tlohela ho bolaya Bakreste ka 312 AD. A qala ka puso ya Nero ka lemo sda 64 AD, mmuso wa Roma wa qalella ho bolaya Bakreste ba ka bang 3 millione ka nako eo ho fihlela Constantine a emisa sehloho seo.

Jesu O ile A fana hape ka setshwantsho sebolelang hape hore kereke etlohile Lentsweng. Bokereki bine bo nkile sebaka sa Bokreste. Meetlo ya kenela Lentswe.

 

 

Setshwantsho sa boraro.

MATTHEU 13:31 Setshwantsho se seng ke sena, are, Mmuso wa Lehodimo O jwalo ka peo ya museterata, eo monna a inkileng, mme a ejala tshimong:

32 Eleng peo enyane ka hofetisisa: empa hae hodile, eba ekgolo ho feta dimela tsohe, mme efetohe sefate, ebe dinonyana tsa lehodimo dietsa dihlaha hodima sona.

Ke Lengolo le lenyane haholo le ngodilweng ka setshwantsho sena. Sena sebolela hore nnete ya Bibele eka tsela eo feela.

Dinonyana tsena ke sera sa kereke. Sefate ke moaho o moholo wa thetso. Mustereta ke peo enyane haholo eseng ntho ekgolo jwalo ka bishopo, cardinale, pope hobane ke dira tsa Lentswe. Kereke ya pele ene ele maloko a manyane ao a fellang ka matlung, haholo holo bakeng sa sireletso nakong ya tlhaselo. Hanyane hanyane sena se ile sa fetoha ha dipolotiki dikenella sebakeng.

Constantine o ile afana ka sebaka sa Lateran ho bishopo wa Rome hammoho le lefa ho mafa a Roma. Mobishopo wa Rome a fetoha monna ya matla haholo wa Constantine hola Bophirima Constantine a fetola mmuso wa hae ho o lebisa Botjhabela mane Constantinople. Ho boolelang hore bishopo wa Rome hape a fumana le matla a dipolotiki. Bodumedi le dipolotiki tsa kopana mmoho.

Sena se ile sa nka sebaka hore mobishopo abe le matla. Metse ene e lebisitswe ho baapostola ka matla atswang ho babishopo. Jwalo ka ho nehelana ka matla hotswa ho babishopo ba Rome, Antioch, Jerusalema le Alexandria yaeba tshusumetso ekgolo eo. Ene ele mathaka a hodimo haholo ao.

Ka lemo sa 378 AD Theodosius a fetoha mmusisi wa pagane. Hoya ka lemo sa 450 AD pope Leo one ase a ekeditse kahlolo ya Bakreste baneng ba hanana le mohopolo wa kereke ya Catholic.

Mongwaha wa Kereke ya boraro ya fella ka selemo sa 600 AD ka nako eo mobishopo wa Roma aneng a fetoha mobishopo wa naha yohle.

 

 

Setshwantsho sa bone.

MATTHEU 13:33 Aba bolella setshwantsho seseng are; Mmuso wa Mahodimo O tshwana le hlama, eo mosadi a enkileng, mme a pata ka hare ho yona karolo tse tharo tsa phoofo, hofihlela eeba hlaama.

Setshwantsho sena se senyane kapa se sekgutshwane haholo hoka hlaloswa. Ka temana ele nngwe. Sena sehlalosa Mengwaha e Lefifi, moo honeng hole nako enyane haholo bakeng sa Lentswe, se ileng sa qala ka selemo sa 600 hoisa 1500 AD. Kereke ya bona ho Tshenolo kgaolo 3 eeng kereke ya Thyatira sebolelang puso ya mosadi. Kereke ya Roma ene ese efumane hoka busa ka nako eo.

Hang feela kamora lemo sa 620 AD, ha Ma- Muslims a hapa Antioch, Jerusalema le Alexandria sena sa siya Rome jwalo ka sebaka semahareng sa borwa bakeng sa baapostola. Lacking le dira tsa hae, mobishopo wa Rome a fetoha tshusumetso ekgolo.

Kahlolo ya nna ya tswella bakeng sa kerekeya Roma kgahlano le basa dumellaneng le bona. Ka nako eo bane base ba bolaile dimilione tse 68 o eseng MaCatholics. "Dijo” ele bohobe ba babadumedi. Mosadi o emetse kereke. Tomoso elokela ho etswa ke carbon dioxide eo eleng gase e etsang hore bohobe bokokomolohe. Ka tsela ejwalo mosadi (kereke ya Catholic) ya nka dijo (Lentswe) mme ya leroba ha raro (eleng Trinity ho roba Modimo hoba batho ba bararo) ho fihlela ho bola ho tlala Lentswe lohle. Rea leboha ka thuto ya Boraro (Trinity) Bakreste haba sa tseba lebitso la Modimo(Jesu Kreste) mme ka tsela eo baqalella hoka kolobetsa ka Ntate, Mora le Moya ho nale Lebitso la Jesu Kreste. Jesu Kreste ke lebitso la Ntate, Mora le Moya o Halalelangt. Diphoso tsa nna tsa phaellana hodimo.

MATTHEU 13:34 Jesu A bolella matshwele tshwele bongata ba ditshwantsho; mme one Asa bui ntle le ka ditshwantsho: (Tsela eo Lentswe le patang ditaba ka teng).

35 Ele hore ho phethahale se boletsweng ke baporofeta, bare, ketla bula molomo waka ka ditshwantsho; Ketla bolela dintho tseo esaleng dipatwa tshimolohong ya lefatshe.

36 Yaba Jesu o romela bongata, mme akena ka hare ho ntlong: mme barutuwa ba hae, are, A hlalosa ka lehola.

MATTHEU 13:37 Aba araba are, Ya jalang peo ke Mora;

38 Lefatshe; ke bana ba mmuso; empa lehola lona ke peo empe;

39 Sera sejetseng ke diabolosi; kotulo ke peletso ya lefatshe; mme bakotudi ke mangeloi.

40 Ka tsela ejwalo lehola letla tlangwa mmoho; ho tlaba jwalo leka pheletso.(matshwenyeho a maholo ke pheletso ya lefatshe)

41 Mora motho otla romela mangeloi, mme batla bokella tsohle mmusong wa hae, le bao baetsang bokgopo;(baetsang ntho tse phoso)

42 Mme batla lahlelwa seboping sa mollo: mme ho tlaba le dillo le ditsikitlano tsa meno. (Matshwenyeho a maholo)

43 Mme balokileng batla kganya jwalo a letsatsi Mmusong wa Ntate. Ya nang le ditsebe a utlwe seo, ha a utlwe seo.

Ha setshwantsho sa bone sefella, Jesu o qala mongwaha wa bobedi wa kereke ya Catholic e hulela Bakreste tahlehong. Sena sefeletsa mongwaha wa bone, pheletso ya mongwaha wa bone, banna ba kang Huss le Wycliffe ba fihla sebakeng ka kereke ya Roma sera sa Nnete.

 

 

Setshwantsho sa bohlano.

MATTHEU 13:44 Hape, mmuso wa Lehodimo o tshwana le letlotlo le patilweng; leo ereng ha motho a lefumane, a lepate, mme thabo eba kgolo ka baka la hobane a le fumane, mme a reke tshimo.

Ke temana ele nngwe feela ehlalosang dilemo. Sena sebolela hore hone hose se sekalo seo seneng seka lokiswa. Empa Luther, monna eo ya sebete, o ile a busetsa dintho madulong eleng ho Kreste. Batho bane basa kgone hotswa mekgweng le dithutong tsa Catholic tse leng siko ka hare ho Mangolo, empa ba ile bafumana Kreste jwalo ka Mopholosi wa maphelo a bona. Sena ebile mohato o moholo.

Ke sona sena setshwantsho seo Kreste a neng a bua ka sona. Yena , mane Calvari, o ile a lefa molato wa lefatshe lena lohle. Keha ane a tlisa lefatshe ( tshimo). O ile a rekisa ka maemo ohle A Hae a Lehodimo le Kgalalelo ya Hae le tlhompho hore A fetohe Mohlanka feela. Ka baka leo o ile a rekisa ka sohle, a fana ka bophelo ba Hae. Yaba O pata letlotlo leo eleng pholoso. Poloko hae rekwe. Ka tsela ejwalo batho baka bala Bibele mme yaba ba lahlehelwa ke sephiri sena. Mopholosi eleng Kreste ke lona letlotlo lena le patilweng. Sena ke mahala hase rekiswe. Empa Modimo O ratile lefatshe aba a lereka (tshimo). Ka tsela ejwalo ke hore mang le mang aka bolokeha.

Taba enngwe hape ke ena “letlotlo” ene ele phetolelo ya Bibele ho puo etlwaelehileng eseng Latin eo eleng haufi le Roman Catholic. King James Version ya Bibele e ile ya hatiswa ka lemo sa 1610 AD mme le kajeno entse enkuwa ele phetolelo kapa letlotlo la puo ya Senyesemane. Hoo ebileng, metsao kapa makgotla ohle a batho ba buang Senyesemane naheng tsohle.

[Hoya mane lemong tsa 1750 AD John Wesley o ile a rera pholoso mane lepatlelong England eleng se ileng sa qala ka lemo sa 1800 AD.

Mme mane ka lemo sa 1906 tsoseletso ya Pentecostal ya qala mane America ya poelano ka Moya o Halalelang.

Ho tloha ka 1947 hoisa ka 1965, William Branham, eo le yena eneng ele Mo-America, a senola ditebileng tsa Bibele hoo dineng dile kgahlano le thuto tsa batho. Poelano ya sebele ya Lentswe.]

Empa matsatsi a tsosolotso a Luther, a bile mohlomong lemong tsa 1500 AD ho leba mane 1750 AD, hone hole phokolo ekgolo ya Evangedi lefatshe lena lohle. Babelane ba kang Luther, Calvin, John Knox ba ile batsamaisa Evangedi mane Europe.

Empa hone hole mathata tabeng eo: hone hotla etsahalang lefatshe lena lohle? Hone hotla etsahalang ka nnete eo basa etsebeng?

 

 

Hotswa Mengwaheng e Lefifi re hloka nnete ya Bibele ka maleme a habo rona. Empa batho bahloka kgalalelo (eo John Wesley aneng a erera) le kolobetso ya Moya o Halalelang (eo eleng ya poelano ya Pentecostale). Batho hape bahloka nnete ya hore Lebitso la “Ntate, Mora le Moya o Halalelang” ke mang ho nale Boraro (Trinity) eo e entseng eka ke mabitso a mararo. Mme hape re hloka hoka tseba ka peo ya noha. William Branham o lokela are etelle pele tseleng eo e thata.

Baboelane ba ile ba lokela hoka baleha mane Rome molaodi eleng Pope empa balatedi ba bona (jwalo ka Jakobo a utswa medingwana ya ratsale wa hae), ba kgetha ho buswa ke ba bang, jwalo ka mohlala, Ma-Anglican a amohela Henry VIII, ya neng a dumella bofebe le polao, jwalo ka Moetapele wa Tumelo. Baiketsetsa tumelo ya bona entseng enale boprista jwalo ka Catholic. Baboelane ba baleha (Sarda ebolela ho baleha) hotswa Rome empa baboelane bane basa kgotsofala hobane balatedi ba bona bane bantse bale hole le Modimo hoo baneng baka kgona hoba tlasa kgatello ya mohopolo wa Catholic ka baetapele ba batho, leha hone hole teng diphapang, haisa isa yaeba mohopolo wa kereke ya Roman Catholic jwalo ka Boraro (Trinity), kolobetso ya Ntate, Mora le Moya o Halalelang, moetapele wa motho (mopriesta kapa moruti) ya laolang kereke ka bonngwe. Bao eleng ditshita tse kgolo tsa kereke.

 

 

Setshwantsho sa botshelela.
MATTHEU 13:45 Hape, mmuso wa Mahodimo o jwalo ka mohwebi, ya batlang perela:

 46 Eo, ha a efumane, aye a rekise tsohle tsa hae, mme a ereke.

Nnete efetisisang ka setshwantsho sena.

Tshimo eboela bonahala mona hape. John Wesley o ile a bula monyako wa Evangdi ka lemo sa 1800 AD.

Ho tshenolo perela ke yona ena.

TSHENOLO 21:21 Mme dikgoro tse leshome le metso emmedi dine dientswa ka diperela; kgoro ka nngwe ene e nale perela: mme diterata tsa teng ele tsa kgauda, ekang metsi.

TSHENOLO 3:8 Ke tseba mesebetsi ya hao: bona, ke beile monyako kapela hao, mme haho motho ya ka kwalang: hobane o sa nale matlanyana, mme o bolokile Lentswe laka, mme haoya latola Lebitso la Ka.

Kerekeng ya mongwahakgolo wa Philadelphia (lerato la boena) kereke e buletswe monyako. Sena sebontsha mosebetsi wa Mishinare. Ka tsela ejwalo Kreste o shwetse Calvari hoka reka tokelo ya sena. Otla tsosa batho batlang ho etsa mosebetsi oo ka Lebitso laJesu ka Bakreste badumelang.

Mongwaha wa basebete bahasi, leha hone ho nale mathata, ka baka la kganya ya lefatshe. Ona ene ele monyetla o moholo wa kganya (Filadelfia) jwalo kaha pholoso ene enka sebaka ka baka la tshusumetso ya John Wesley ho hahamalla kgalalelo. Seka tsela ejwalo Protestant England ene e emisitse phetoho ya French eleng ho arola Catholic France. Hone hose ya dumellanang, kapa ka tjhadimo.

“mme hao ya latola Lebitso laKa.” Di-Missionari dine ditsebahatsa Lebitso la Jesu Kreste. Haho tsela ya ho sebetsa ntle ho yona eo. Sena se ile sa qalella ho bula Mangolo ka tshusumetso ematla, lebaka la hore Jesu ke Modimo mme haho Boraro (Trinity). Nnete tse tebileng hadi amohelehe ho dikereke ka baka la hobane ba iketlile haholo. Empa ho bula mamati a tebileng bakeng sa Jesuke Modimo O Matla Ohle. Sephiri se seng hape ke ka Letshwao la Sebata, eleng ho latela baruti ba batho bakgelohang ka ho latela diphoso. Ha bana mamello ka baka la hosa batle ho utlwa. Eleng ho dumela ho sebe sa pele ebile thobalano. Satane o foufaditse batho kgahlano le nnete. Banna ba Ma-Muslim ba dumela hore barwetsana ba 70 ba baemetse lehodimong. Sena seba susumetsa ho ipolaya. Balebala lebaka baka. Molao wa pele o dula ele hore: oseke wa bolaya.

Mongwaha wa dimishinare one o lokile empa one o hloka ntho tse pedi: kolobetso ya Moya o Halalelang le Lemati la manollo ya Mangolo.

Hlokomela tsela eo Bakreste ba buang ka teng “ Ho nale phoso ka hare ho Bibele” jwalo kaha ho bonahala. Haho phoso ka hare ho Bibele ya King James Version. Edutse e nepahetse. Diphoso re dula re iphapanya tsona, ho hloka ponelopele ke hona ho senyang dintho. Sena se ile sa dula sele jwalo hofihlela William Branham ka manollo emohlolo ya Mangolo. Ntsu enale mahlo a mabedi leihlong ka leng. Karolo eka ntle eshebela pele. Karolo eka hare ebonahatsa dintho ka makgetlo a 10 eleng seo nonyana tse ding sa seboneng.

Mongwahakgolo wa Tau o ile wa senola bo Mohalaledi Paul le babang Ba-Apostola. Mongwahakgolo wa Poho o bone dimilione tsa Bakreste ba wela Mongwaheng o Lefifi. Motho o ile a bona mohlolo wa haho manollwa Bibele ka tsela emakatsang ka phetolelo ya King James Version. Mongwaha wa hoqetela ele, Mongwahakgolo wa Ntsu, wa bonahala ka motsamao o matla haholo wa Moya o Halalelang. Empa batho ba arohanya seo ka ho beha baruti mekgatlo wa Pentecostal. Yaba moporofeta, William Branham, okgutlisetsa dintho setlwaeding ka Mangolo. Empa balatedi ba hae ba arola seo ka ho khouta hoya ka kgetho ya baruti. Mongwaha wa ho qetela, ditshwantsho tse supileng, eleng ho hlalosa sena. Kantle sena sebonahala se lokile hantle ntle ke mongwaha wa hoqetela.

 

 

MATTHEU 13:47 Hape, Mmuso wa Lehodimo o jwalo ka letloha, le lahletsweng lewatleng, mme letshwase tsohle:

Lewatle ke matshwele tshwele a batho. Evangedi etshwasa bohle. Lentswe “letloha” le bolela hape internet, moo bongata bo bokellanang teng hoka fumana nnete.

MATTHEU 13:48 Eleng hore, hase letletse, a lehulele lebopong, mme a dule fatshe, mme a tshele ka hare ho setshelo tseo a dihlokang, ebe tseo asa dihlokeng a dilahle.

Jwalo feela ka batshwasi ba dihlapi, hlapi tse ding dilokiele tse ding ha dia loka. Batho ba bang ba amohela nnete ka tsela enngwe ba bang ka enngwe. Ba nahana hore ba hanana le nnete haele hantle ntle bona ke bona bao nnete eba hanang.

 

 

MATTHEU 13:49 Ho tlaba jwalo le pheletsong ya lefatshe: mangeloi a tla hlahella kapele, mme a kgethe ba lokileng hara ba babe,

Ntwa kgahlano le Nnete le Satane. Nama eya sotleha ka tsela ejwalo. Re nahana hore re sebeletsa Modimo empa haela hantle ntle mangeloi ke ona a kgethang. Mona mongwaheng ona wa thetso wa pherekano, re hloka thuso ho feta kamoo re nahanang.

 

 

MATTHEU 13:50 Mme batla lahlelwa seboping sa mollo: moo holeng dillo le ditsikitlano tsa meno.

Matshwenyeho a Maholo a qetela kereke ya mongwahakgolo wa bosupa.

MATTHEU 13:51 Jesu are ho bona, Na le utlwisisa ntho tsena kaofela na? Bare ho yena, Hantle feela, Morena.

Mongwaheng wa bosupa, re leboha tshenolo etlisitsweng ke William Branham, eleng hore kereke ya ho qetela etshwane hantle feela le ya ho qala.

MATTHEU 13:52 Yaba ore ho bona, Bangodi ba laetsweng ka mmuso wa lehodimo batshwana le mohwebi enwa, ya kopang dintho tsa kgale le tse ntjha.

Mongwaha wa ho qetela ke o lokisetsang Bajude hoka kgutlela Israele hape jwalo kaha Elia ya tlileng ho lokisa kereke hore retle re sebeletse Modimo jwalo ka nakong ya kgale.

 

 

MATTHEU 13:53 Mme ho tla etsahala hore, ha a qetile ka ditshwantsho tsena Jesu, a tloha ho bona.

Kereke ya bosupa etla fella ha Jesu A kgutla ho lata Monyaduwa wa Hae, kereke ya sebele, mme e leba Lehodimong moketeng wa Lenyalo la Konyana.

Ho tloha moo etliloba Mahlomola a Maholo. Kakopo o seke waba sehlopheng sena leha ele hore ba bangata. Empa bakeke ba leba hole.

“Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona!” — 1 BaKorinthe 16:23