Marutle le Manotsi - Nnete eya Lefa Empa Eseng Hotsebahala



First published on the 21st of November 2017 — Last updated on the 21st of November 2017

Johanne Mokolobetsi one a tlilo tsebahatsa Jesu Kreste. O holetse naha thote hoya ka Bibele ere one a phela ka ditsie le manotsi:

Mattheu 3:4 Mme yena Johanne one a apere kobo ya kamela, mme a itlamme ka senyepa; mme aja ditsie le dinotsi.

Ditsie dietsa diboko ka nako tse ding hoisa moo. Sena se emetse badimona.

Johanne one a bua ditsie tsena pele a dija. Sena sene se emetse tshebeletso ya Johanne, eleng a eba kgahlano lebaleng kgahlano le tshebeletso ya Jesu, Lentswe la Modimo. Bodemona botla dula bole kgahlano le Lentswe. Baprista, Bangodi, Bafarasi le Basadusi bane ba etsa tjhelete engata ka bodumedi leho etsa sehlopha seo se lwantshanang le Kreste, Lentswe. Johanne one a ba ranthanya, aba bitsa dinoha. Noha enale leleme le nang le tjhefu. Baetapele ba sedumedi ba nale tjhefu, eseng Lentswe la Modimo. Menahano ena ya bona ke yona.

Nako tse pedi tseo Jesu aileng a halefa haholo haba bapatsa ka tjhelete Tempeleng. Bane baentse sebaka sa kgwebo. Baprista ba baholo bane baphela dipaleising. Kajeno badisa baphela jwalo ka marena.

Johanne one a paka eseng katleho hakalo empa Mmuso wa Lehodimo (1 Timothea 6:5). Nako hadia fetoha hohang feela. Hontse hole jwalo feela le Hotleng ha Morena Kgetlo Labobedi.

Kereke tse Kgolo ke tsela ya hoetsa tjhelete "katleho".

Johanne o ile a bonahatsa Jesu, eo a neng a nkga hamonate.

Sena seemetse manotsi a nkgang hamonate. Ke ona feela dijo tse sa boleng. Ho tsela enngwe feela ya pholoso. Pako maotong a sefapano.

Empa re lokela hoka hopola ntho tse tharo tsena bakeng sa pholoso : dihele, pako ya letswalo, le Matshwenyeho a Maholo.

Re pholoswa hotswa diheleng ka ho dumela Jesu jwalo ka Morena le Mopholosi.

Reba le letswalo le kgutsitseng ka Jesu Kreste. Sena sebolela hore ha re soka re nka leeto la rona la Bokreste. Hare soka re tlala hantle kamora hore re bolokehe. Hang feela hare qeta hoba Monaduwa mme Yena eba Monna wa rona.

Ebe re qala hoka ithuta Nnete ya Lentswe la Modimo pele reka bona phoso tsa matsatsing ana (mekgwa ya mekgatlo "bokereki") le hore leano la Modimo ke lefeng bakeng sa Hotla ha Hae Kgetlo Labobedi.

Leshano kapa thetso ekgolo kajeno ke hore re nahane hore re pholohile dihele, eleng hore re leba feela kaho otloloha Lehodimong.

Re lokela hoka sebeletsa Modimo ka botlalo. Ka tsela ejwalo re hloka nnete. Ho iphapanya Bibele hase ho itukisetsa Lehodimo.

Re lokela ho dumela nnete ho baleha moya wa "bokereki" obang ole hare dikete tse mashome a mararo a mekgatlo (hopola sekgakgatha sa ditsie) tse nkang matshwele ho leba Matshwenyehong a Maholo.

Hobaneng ha Bibele eitshetleha haholo ka dijo tseo Johanne? Hara ntho tsohle tseo aka dijang lefelleng ha hlahiswa tse pedi feela? Bibele efana ka mohlala ho kereke ya ho qetela hore elokela hoba jwang ha Jesu Kreste atlo lata Monyaduwa wa Hae, mme ke feela bao ba ikemiseditseng hoka batla nnete batla tswella.

Johanne ene ele monna wa naha thote; o ile a hlaha ka Molaetsa wa hotla ha Messia. Sena ene ele thuto ya pako, eneng esa tlwaeleha ahara baetapele bao.

Mattheu 3:1 Matsatsing ao ha hlaha monna ka lebitso la Johanne Mokolobetsi, a ruta lefelleng la Judea,

2 Mme are, Bakang: hobane mmuso waa mahodimo o atametse.

3 Hobane sena sene sebuilwe ke moporofeta Esaia, are, Lentswe la ya hoang felleng, Betlang mmila wa Morena, otlollang tsela tsa Hae.

Molaetsa wa Johanne one o hlakile. One asa iketsise ha atla ho dithuto tsa Bibele ha a shebane le Baprieta, Bangodi, Bafarasi le Basadusi bao eneng ele baetapele ba bodumedi.

Mattheu 3:7 Empa ha a bona Basadusi le Bangodi batlilo kolobetswa, are ho bona, Madinyane a marabe le tshositswe keng ho balehela bohale botlang, Ke mang ya entseng hore le balehele bohale?

8 Tlisang tholwana tsa (loketseng) pako:

Jwale reka ithutang dijong tsa Johanne?

Hare shebe “manotsi ” ka hare ho Bibele.

MANOTSI:

Karolo ya pele ya dijo tsa Johanne ke manotsi, empa eseng manotsi feela, ehlalosa hore ke mofuta ofeng wa manotsi.

Ke ao a sokang a angwa ke mang kapa mang feela. Eseng mohopolo wa motho. Kapa meetlo ya batho.

Manotsi aya hlaloswa ka hare ho Bibele mme reka fumana hore a hlalosang ka hare ho Bibele.

Ho Exoda, manotsi a hlalosa Lefatshe la Pallo:

Exoda 3:17 Mme kere ho lona, Ketla lentsha Egepeta lefatsheng la Bakanana, le Bahete, le Baamore, le Peruse, le Bahivite, le Bajebuse, mme kele ise lefatsheng le kollang lebese le dinotsi.

Ka hare ho Buka ya Samuele manotsi a bolela katollo ya tshenolo:

1 Samuele 14:25 Mme hohle naheng ha hlaha patsi; mme hone hole manotsi naheng.

26 Mme batho haba kena ka hare ho meru, bonang, magege a dinotsi a ne atheoha; empa hone hose motho ya neng a isa letsoho la hae molomong: hobane batho bane batshaba kano.

27 Empa Jonathane a utlwa ha ntatae a laela batho ka kano: moo a ileng a nka ntlha ya lere la hae letsohong la hae, mme ale kenya ka hare ho mahe a dinotshi, mme a kenya letsoho la hae ka hanong; mme mahlo a hae a buleha.

Hobane Jonathane a ile a bulwa mahlo ke manotsi o ile a hlola Bafilista, mme a tlisa pholoho Israeleng. Hlokomela hape tsela eo manotsi a tshwantshwang le pholoho ho Israel le Jonathane. Jonathane one a lokela hoba kgahlano le seo ba bang base dumelang. Sena se ile sa pholosa bophelo ba hae qetellong, le ba Israele, haesale Saule a batla ho mmolaya ka hobane ane asa dumele tshenolo entjha.

Na o ikemiseditse ho leba kgahlano le kereke le meetlo na?

1 Samuele 14:44 Mme Saule a araba, Modimo a etse seo le hofeta: hobane o feela otla shwa, Jonathane.

45 Mme setjhaba sare ho Saule, Na Jonathane otla shwa, yena ya tlisitseng phoploso ho Israele? The eseng jwalo: ka Modimo o phelang, hokeke haeba le moriri le omong otlang ho wela fatshe hotswa hloohong ya hae; hobane o nele sireletso ya Modimo kajeno. Ka tsela ejwalo tjhaba sa sireletsa Jonathane, hore a seke ashwa.

Saule o emetse kgatello ya nako ya rona moo ho hatellwang nnete hore re seke ra hlola diabolsi.

Diphoso ditla etsa hore re sitwe ke ho bona Hotla Labobedi ha Jesu Kreste.

Hape Dipesaleme, ele moputso wa ho utlwisisa Lentswe la Modim.

Pesaleme 19:9 Ho tshaba Modimo ho hlwekile, ho hlola kamehla: kahlolo ya Morena ehlola kamehla.

10 Le lakatseha hofeta kgauda, leha hole jwalo, hofetisisa kgauda ehlwekisitsweng: le mote ho feta mahe a dinotsi.

11 Ka hofetisisa bao ba Momaelang: mme leba nehela moputso.

Hoseta moo ho Dipesaleme ebolela hore manotsi ke dijo tsa batshabang Modimo. Ke dijo tse thabisang Modimo.

Pesaleme 81:10 Ke Nna Morena Modimo wa hao, ya o ntshitseng Egepeta: bula molomo wa hao, mme Ketla o tlatsa.

11 Empa batho bakeke ba utlwa Lentswe la Modimo; mme Israele akeke a batla ho utlwa letho ka nna.

12 Mme ke ba neile takatso tsa pelo tsa bona' takatso: mme batsamaya tseleng tsa bona.

13 Oho hore batho baka ba nkutlwe, le Israele o tlohile ho nna!

14 Ke laotse dira tsa bona, mme ke shebisitse letsoho laKa ka ho bona.

15 Bahloi ba Morena ba lokela hore baikokobetse ho yena: empa dira tsa bona dilokela ho theoha maemong a bona.

16 One a tlilo hoba fepa ka koro ephehilweng: e ka manotsi a tswang lefikeng.

Ka hare ho Selekane Sesetjha seo seetsa hore re kgore.

Luka 6:21 Ho lehlohonolo ba lapileng: hobane batla kguriswa. Ho lehlohonolo ballang: hobane batla tsheha.

Ha motho a lapetse Lentswe la Modimo O batla Lentswe, Ore tshepisitse hore otla re putsa ka ditshenolo, bohlale le kutlwisiso ya Lentswe. Sena se refa matla hodima dira.

Diprovebia 24:13 Moraka, eja dinotsi, hobane dilokile; le manepe, bakeng sa tatso

14 Ka tsela ejwalo ho tlaba le bohlale: ha o wa fumane, mme ho tlaba le moputso, mme tebello tsa hao dikeke tsa fediswa.

Mme hape ho Isaia ho bontsha hoja manepe eba bohlale.

Isaia 7:15 Otla ja sereledi le manepe, Hore atle a hanele diabolosi, mme atle akgethe ho lokileng.

Ho molemo hoka utlwisisa polelo ya manotsi ka Tshenolo. Modimo O lebeletse hore re utlwisise Bibele le boporofeta bateng:

Tshenolo 10:9 Mme ka leba ho lengeloi, Mme kare ho lona, Mphe buka eo. Mme lare ho nna, Enke, o eje; mme etla latsweha ha monate ka hanong, Empa etlaba monate jwalo ka dinotsi ka hanong la hao.

10 Mme yaba ke nka buka ena enyane letsohong la Lengeloi, mme ka eja; mme ene elatsweha jwalo ka dinotsi: mme hang hake qeta ho eja, mala aka aseke aba monate.

Hoya kamoo Johanne a ileng aja Lentswe la Modimo (Bibele) hobane ene ele yona etlang ho senola Jesu Kreste, le tsela eo atlang ho hlola Satane ka yona. Moputso ke Bophelo Bosafeleng, empa sena setla ka theko hoo bongata bosa erateng – esita le batho bao eleng ba ipitsang badumedi. Leha ekaba ntho etshosang hakae eseng monate ho bona, leha hole jwalo Modimo Otla re lopolla hoba bang seo hase monate. Re lokela hoka ithuta ka thata matshwenyehong ao. Re lokela hore re potapotwe ke tseo retle re tlwaele.

Jwalo ka Johanne Mokolobetsi ane a tsebisa Jesu ka tshebeletso ya Elia, Bibele hape eporofeta hore tshebeletso enngwe ya Elia eyatla pele kereke enkuwa.

Mattheu 17:10 Mme barutuwa ba Hae ba mmotsa, bare, Hobaneng ha mangolo a bolela hore Elia o lokela hotla pele?

11 Mme Jesu are ho bona, Elia o lokela hotla pele, mme a busetse dintho madulong a tsona.

12 Empa kere ho lona, Ha le batla ho tseba Elia ose a tlile, mme habaka ba motseba, empa ba moentse ka hore le hore. Jwalo kaha Mora motho a sotlehile matsohong a bona.

13 Yaba barutuwa ba Hae ba utlwisisa hore o bua ka Johanne Mokolobetsi.

Jesu ore Elia o lokela hotla pele (Atla Labobedi) empa ose a tlile ka sebopeho sa Johanne Mokolobetsi. Re ka nna ra lebella nako ekang eo hape. Tshebeletso ya Johanne etlisa Morena Jesu, hape hase molaetsa o tletseng haholo ho batho matsatsing ana.

Kakopo hlokomela sena. Barutuwa ba Hae bane basa hlokomele tshebeetso ya Johanne Mokolobetsi. Bane ba inahanela hoo baneng basa hlokomele leano le leholo la Modimo. Bane ba ikuka jwalo ka Bajuda ba nale tokelo ya seo. Kajeno Bakreste ba ntse ba nale seo hape. Re nka Bokreste ele ba rona resa hlokomele leano le Leholo la Modimo. Diketse tse mashome a mararo a mekgatlo kajeno. Mokgatlo ka mong o nale dikete tse mashome a mararo a dikereke. Kaofela ba bolela hore ba tseleng ya nnete, empa baya fapana ka menahano. Pherekano ena ya Babele ka menahano emengata efapaneng, jwalo ka barutuwa, retlilo fapana le Modimo. Phapang tsena tse ka hare ho mekgatlo: eba ka nna, re fapana le nnete kamehla, mme hare hloke letho. Ba ikutlwa basa hloke keletso hohang feela. Bahlokomela ha basa bone letho.

Manotsi ha a bole hohang feela. Ka tsela ejwalo Lentswe la Modimo ha lefellwe ke nako.

Lentse lele jwalo kaha le bile lemong tse kete tse pedi tse fetileng. Mohalaledi Paulose le baapostola ba bang bane basa rua. Hone hose Kereke tse kgolo Selekaneng Sesetjha. Lentswe “modisa” lehlaha hang Selekaneng Sesetjha. Haho moo ka hare ho Selekane Sesetjha ho bolelwang hore modisa ke moruti. Re lokela hore re kgutlele Selekaneng Sesetjha.

DITSIE:

Lengolo kaofela ha le bua ka ditsie le bua ka kahlolo. Morena o ile a romela ditsie Egepeta:

Exoda 10:12 Yaba Modimo Ore ho Moshe, Phahamisetsa letsoho la hae naheng ya Egepeta bakeng sa ditsie, hore ditle naheng ya Egepeta, mme dije meroho ya naha, esita le sefako.

Ditsie dihlalosa mehopolo emengata, dithuto tse fapaneng. Tshusumetso ya dikotlo. Hadi hloke moetapele. Jwalo kaha dibolela mohopolo wa bongata. Ditsie dibolela mademona. Oka bolaya moetapele ya kang Saddam Hussein, empa mokgatlo wa moferefere hao hloke moetapele. O kgannela polaong ya batho. Ba bang batla nne ba bolaye.

Diprovebia 30:27 Ditsie ha dina morena, leha hole jwalo dinale matshwele;

Nahume 3:15 Ho tlaba le lelakabe la mollo; sabole etla kgabela ka lehare, etla leja jwalo ka bookgolane: di iketsa jwalo ka bokgolane, jwalo ka ditsie tse ngata feela.

16 O atisitse mesebetsi ya hao lehodimong: bookgolane bo sentse seo, leho senya hofeta.

17 O neile ditsie moqhaka, mme moetapele wa tsona ke lerutle, eleng hara bona, empa ha tsatsi letjhaba baya baleha, baka tsa bona ha ditsebe.

Bahale ba batho baka tsela eo, leha ele baetapele ba dikereke kapa badisa, baetapele ba dikereke, naledi tsa Hollywood, kapa bora mmino. Bao eleng baetapele “balaodi” bapasisang ntho tseo eseng tse Mangolong jwalo ka lenyalo la batho ba mofuta ole mong, hontsha dimpa, euthanasia, evolutione j.j. Mehopolo ena ekgannela batho Matshwenyehong a Maholo, eleng se lebisang lefung.

Jesu O kganya jwalo ka letsatsi ka hare ho Bibele. Sena sethusa haholo ho lebisa Bophelong Bosafeleng. Sena sebolela hore bongata ba ntho tsena difosahetse, mme ditla o thibela hoka ba letjhebelo pele. Ka kganya ena haho tsela ya hore tsie dika kena. Hadi kgone ho latela seo eleng tumelo ya tsona ka Mangolo.

Ditsie dibolaya nnete;

Joele 1:4 Se siilweng ke marutle sejelwe ke ditsie; mme sesiilweng ke ditsie se jelwe ke bookgolane; mme sesiilweng ke bookgolane se jele seongwane.

Ka nako eo bantseng ba amohela taelo ya mekgatlo ya bona, bakgeloha Bibele. Ba bala hanyane, mme ba lahlehelwa ke kutlwisiso, mme kamorao ho moloko, nnete ese elahlehile mme ho sala feela monahano.

Empa ho nale tshepiso ya matsatsing ana.

Joele 2:25 Mme ketla busetsa sejelweng ke tsie, bokgoolane, seongwane, le marutle, sesole saka se seholo.

Johanne Mokolobetsi tshebeletso ya hae ene ele ya Elia. Empa Johanne ha aka a busetsa letho. Tlatsetso ya tshebeletso keho busetsa phetho.

Johanne 1:22 Bare ho yena, O mang? Retle re bolelle bare rumileng. O ipitsa mang?

23 Are, Ke lentswe la ya howang felleng, Lokisang tsela tsa Morena, jwalo kaha moporofeta Esaia a boletse.

24 Mme bao baneng ba romilwe ke Bafarasi.

Rese re badile morao mane ho Mattheu 17 hore Elia otla busetsa:

Mattheu 17:11 MmeJesu aba araba are, Elia o lokela hotla pele, ho busetsa dintho madulong.

Ona ke mosebetsi wa emong Elia eseng Johanne Mokolobetsi. Boporofeta ba Malakia a bua ka Elia ya lokelang hotla pele ho Morena:

Malakia 4:5 Bonang, Ketla romella Elia moporofeta ho eso fihle tsatsi leo letshabehang la Jehova:

Ka tsela eo, Elia o lokela hotla busetsa se jelweng ke ditsie. Elia wa Selekane sa Kgale o tshwantsha Johanne Mokolobetsi. Baya tshwana, bobedi ba rerile hotswa felleng mme bane bakgalema phoso tsa nako tsa bona. Bobedi Elia ba Selekane sa Kgale le Johanne Mokolobetsi tshebeletso tsa bona Elia wa nako ya jwale pele ho tlhwibilo. Jwalo kaha Johanne Mokolobetsi, le Elia baja ditsie (ho rera ka ntho tse tshwanang) le mahe a dinotsi (Modimo Ota mosebedisa hoka senola taba tsa Lentswe).

Hape ka hare ho buka ya Tshenolo dinotsi dibolela sena:

Tshenolo 9:3 Mme hatswa ka hare ho mosi (madimona a semoya a hloileng Israele ka tlhaho, leho hloya Lentswe) hodima lefatshe: mme a neuwa matla, jwalo ka diphepheng (tse lomang) matla hodima lefatshe.

Mosi o pata letsatsi. Bodemona botjhentjha mantswe a Bibele a ruta Boraro. Seo se siteletsa letsatsi.

Tumelo ya bona etswa sekoting sa dihele eseng ka hare ho motheo wa Bibele.

Motsu wa phepeng o matla hoo othetsang batho bakgolwe lehano la Boraro boleng siko hohang ka hare ho Mangolo bonngwe borarong, bonnge ho boraro, boraro bonngweng, motho wa bobedi ho Bomodimo, hoetswe eka ke leemedi la Ntate, Mora le Moya o Halalelang. Bakreste ba jwale etlare ha baphaphama etlabe ele kamora nako base ba lebile Matshwenyehong a Maholo, sena setla etsahala pele ho kahlolo ya Ponte Pilato.

Tshenolo 9:4 Mme tsa laelwa ho senya lefatshe eseng jwang, leha ekaba eng feela etala, leha ele difate (Tsie tsena ha dije dijo tsa teng ka baka la hobane ele mademona. Their ability to destroy the people by leading them into error is what makes John ho tshwantshuwa sekgakgatha sena sa ditsie tsena jwalo ka madimona. Batho ba dumelang nnete haba kgahlwe ke bona leha ekaba ke bongata. Balaolwa ke Moya o Halalelang); empa bao ba senang letshwao la sebata phatleng tsa bona (Phatleng keka bokong, moo mohopolo oleng teng. Batlang ho phonyoha ke bao ba nang le Moya o Halalelang, mme ba bang ke batla tshwaseha lerabeng mme ba lebaMatshwenyehong).

Tshenolo 9:5 Mme dine dineilwe matla a ho bolaya (Ledimona ke moya. Lekeke la o bolaya. Matshwenyeho a maholo aya qala), tsa hlokofatsa ka kgwedi tse hlano: mme tlhokofatso ya ona ene eka ya phepheng, ha ane a hlaba motho. (Nahana feela ho makala ha Bakreste ba bolokehileng ha bahlokomela hore bathetsitswe ke baetapele)

Tshenolo 9:6 Mme ka tsatsi leo batla lakatsa lefu, Mme bakeke ba lefumana; Mme batla lakatsa hoshwa, mme lefu letla ba balehela.

Bongata ba Bakreste ba pholositsweng batla ithuta ka Moshe le Elia, baporofeta ba babedi ba Bajude. Batla bina pina ya Konyana ereng Oya Halalela Konyana haho ya tshwanang le Wena. Haho sebaka bakeng sa motho wa bobedi ho Bomodimo.

Tshenolo 9:7 Mme ditsie tseo ene eka dipere (Pere e emetse matla a puso) di itukiseditse ntwa; mme phatlehang tsa tsona hone hole moqhaka wa kgauda, (tsie tsena dine dineilwe meqhaka ya ho busa batho. Batho baphaphama ele hore baetapele ba bona- ba badumedi le badipolotiki – ene ele haele hantle ele mademona) difahleho ene eka tsa batho (matla a entsweng ke batho).

Tshenolo 9:8 Mme meriri ya tsona ene eka ya basadi (basadi baemetse kereke, dikereke tse entsweng ke batho), meno a tsona ene eka a tau (ho harola le hoja).

Tshenolo 9:9 Mme difubeng ho nale dithibela difuba, tsa tshepe (tshepe e bolela puso, pherekanyo ya puso ya Roma e etella pele dikereke); mme modumo wa mapheo a tsona eka wa makoloi (ke mokgwa wa lefatshe lena lohle) tsa dipere ha dilebile ntweng.

Tshenolo 9:10 Mme di nale mehatla ekang ya diphepheng, mme diloma ka mehatla ya tsona: mme tsa hlokofatsa batho ka kgwedi tse hlano.

Mme “mehatla” e emetse “mohatla” kapa pale. Ho loma ke ho dumela phoso. Otla ikarabela mohlang o shwang. “Lefu, tsenene ya hao ekae na?”.

Tsenene ya lefu ke sebe. Sebe keho sedumele. Ho dumela seseng seo eseng seka hare ho Mangolo.

Tshenolo 9:11 Mme bane ba nale morena (Pheletsong hoya hlaka hore mohopolo le kelello ene ele ya Satane, empa ese ele kamora nako. Morena o rwala moqhaka. Pope Nicholas 1 ebile Pope ya qadileng ho rwala moqhaka ka 860 AD. Kgetlo la pele mane bophirima ba Europe. Sena sebolela moqhaka wa Dipope ho tloha ka lemo tsabo 1300.) hodima bona, eleng lengeloi (kapa lenqosa) sekoting sa dihele (sena ha sena motheo wa Bibele), Lebitso la hae le puong ya Seheberu Abaddon, empa ka leleme la Segerike ke Apollyone. (Mantse ao a bolela mofedisi, bafedisa nnete).

Hare dumela Bibele re fela rele balatedi ba yona, retla qoba tlhaselo ya ditsie ka nako ya Matshwenyeho a maholo. Morena Jesu o rometse molaetsa ore ntshang ho seo ka William Branham hoka senola Mangolo ao esaleng a peteha ho tloha Mengwaheng e Lefifi. Thuto ya Bomodimo, sebe sa ho qala, kolobetso ya metsi, Tiiso tse supileng le lenyalo le tlhalo (hobane lenyalo ke kano hoisa lefung) seo sekeke sa rateha ho babangata. Empa seo sekgona ho hlaloseha ka Mangolo eleng lona lebaka le etsang hore re kgolwe seo.

Tshenolo Kgaolo ya 9 esenola bokgopo boka hara kereke tsa Bakreste.

Naledi e weleng hotswa Lehodimong ebolela mademona kapa Diabolosi lengeloi la tahleho, hofihlela aba a lahlelwa fatshe. Mosebetsi wa hae keho lokolla mademona hotla lefatsheng ka tsela ya hore Bakreste ba seke bahlokomela. Mahlo a batho a foufatswa ke mosi, mme ho sebe teng ha kganya ya mangolo ka hare ho dikereke. Sena sehlola pherekano, bodemona bokgannwa ke mademona “ditsie” ditswa sekoting ho hlahesela kereke ya Bokreste. Ba bolokehileng, empa ka bohlale ba bona ho toloka Lentswe, Bakreste ba sejwale jwale ho leba Matshwenyehong a maholo. Barwetsana ba leshome (kereke tse hlwekileng) ba robala. Ba bahlano ba nale oli ka hare ho dilampi tsa bona. Empa kganya ya dilampi ke ho bona seseng. Hoka bona sengodilweng ka hare ho Mangolo.

LUKA 18:8 …. Ho tlaba jwalo le hotleng ha Mora Motho, na Otla fumana tumelo lefatsheng?

BAROMA 10:17 Hahole jwalo tumelo etla ka ho utlwa, ho utlwa Lentswe la Modimo.

Sena hase utlwahale eka ho teng ya utlwang.

“Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona!” — 1 BaKorinthe 16:23