“Majwe ohle ntle ho disebediswa tsa tshepe” – ka tokafatso enepahetseng ya aletare



First published on the 12th of October 2018 — Last updated on the 12th of October 2018

Molao wa Moshe o tsepame haho tluwa tabeng ya ho aha altare. Joshua o ile a hlola Morena wa Ahi kamorao hore aqete ho ahela Modimo aletare. O ile latela taelo, hotswa ho Moshe:

Joshua 8:30 Yaba Joshua o ahela Modimo wa Israele aletare thabeng ya Ebale,

Josua 8:31 Jwalokaha Moshe, mohlanka wa Jehova, a ne a laetse bana ba Iseraele, kamoo ho ngodilweng kateng bukeng ya molao wa Moshe; e ne e le aletare ya majwe a sa kang a thuhwa, ao tshepe e neng e sa ka ya fihliswa ho wona; hodima yona ba hlabela Jehova ditjheso; ba mo hlabela le mahlabelo a teboho.

Aletare, tsela eo Bibele e ebehang ka teng, efapane le aletare tseo batho ba diahang mapagane, esita le aletare tsa dikereke tsa matsatsing a jwale. Ebile efapane le kamoo reka kgonang hoka nahana kajeno. Ka tlhaho hao neilwe mosebetsi wa ho aha aletare tlotlisong ya Modimo, ene eba seo sedula sele mohopolong wa hao ka nako tsohle, ene etlabe ele ntho emakatsang haholo entle ka tsela eo, hoka etsa ntho tseo ka ntho tse ntle haholo.

Empa Bibele eleka hore bontsha tsela ya ho aha aletare, eleng lona lebaka le etsang hore hobe le melao ena emakatsang leho teba haholo. Ke ho hlahisa taba ena. Bibele ehlakile ka sena, nna le wena, re majwe a semoya bakeng sena:

1 Peterose 2:5 Le lona hape, le majwe ao, le aha ka ntlo ya semoya, bopriesta bohalalelang, hofana ka sehlabelo se halalelang, seamohelwaa ke Modimo ka Jesu Kreste.

Ka tsela ejwalo rona jwalo ka bahalaledi ka Jesus Kreste re sebetsa jwalo ka majwe a ahang ntlo ya Modimo ya semoya. Karolo ya majwe ana atla sebediswa ho aha aletare, eo hotlang ho etswa mahlabelo a semoya.

Sena sebolela hore “rona” ho aletare reba yona hare shwa ho bona rona.

Re lokela ho nehelana ka sehlabelo seo eleng “thato ya rona” ha re shwa ho borona, mme re ithaopa hoba thatong ya Modimo.

Re lokela hoka etsa kgetho ena ka borona.

Re mamela Modimo ka boithatelo ba rona. Ho lokela hore re Mosebeletse ka lerato hobane re Morata. Ha re sebeletse Modimo hobane feela re batla ho ya Lehodimong feela empa ena ke taba ya lerato. Hare sebeletse Modimo hobane re tshaba hoya diheleng. Sena se etswa ke takatso ya ho Mosebeletsa “hobatla ho etsa seo” hoka fumana moputso kapa ho baleha kotlo.

Sena ke monahano feela oo “nna” ontse aphela mehopolong ya rona. Re Mosebeletsa ka baka la lerato le mohopolo wa Hae o batsi oo Ao hlahisitseng ka hare ho Bibele ya Hae. Ebile re rata ho tseba haholo ka Yena hobane Oya rateha. Re bile re batla ho tseba haholo ka Yena hobane Oya rateha, eleng seo re kekeng ra iphapanya sona. Modimo O. tseba tsela eo re tsebang ka yona.

Sera se seholo sa thato ya Modimo ke nna. Monahano waka ke ona osenyang tsohle tseo ke nang le tsohle tseo ke nang le tsona ho Yena. Re tshwenyeha haholo ka maemo a moruo ho nale tsela e kgethilweng ke Yena. Ke rata ha nka bona ke tswelletse ptele, empa Modimo O rata ha nka tswellisa setshwantsho sena se seholo sa Hae pele.

Nka mohlala mona: Hitler o ile a tshela dimillione tse tsheletseng tsa BaJude ka kgase hoba bolaya. Bajude le ba malapa a bona bane ba ikutlwela hore bane balahluwe ke Modimo. Seo ba neng basa setsebe ene ele hore lefatshe le hloile Bajude hoo baneng ba sa batle hore ba ba nehele lefatshe la bona eleng Palestina. Ha lefu letshabehang la Hitler le senolwa ka 1945, yaba lefatshe le qala le ba utlwela bohloko haholo, mme ka 1947 yaba United Nations, ka bongata ba dikgetho, dikgetho tsa neha setjhaba se senyane sa Bajude sa nehelwa lefatshe la Palestina.

Sena ene ele setshwantsho se seholo sa Modimo ka setjhaba sa Bajude. Modimo O ba batle hape ho Israele ka tsela ejwalo baporofeta bana ba babedi, Moshe le Elia, ba tlilo bakgutlisetsa ho Messia wa bona ka nako ya Mahlomola a Maholo. Ka tsela ejwalo mohopolo O Moholo wa Modimo Otla dula o hlola mehopolo emenyane ya batho. Kamehla Nnete etswela bothateng. Na re feela re itukiseditse hoka etsa sehlabelo bakeng sa Modimo O mokalo na?

Lebaka le etsang hore rebe lefatsheng hase hore re rue, empa ele hore re kgutlele tumelong ya Kereke ya Selekane sa Kgale. Modimo O batla hore kgutlisetsa tseleng eo Bibele enodilweng ka yona. Eo ke yona taba ekgolo eo. Enngwe feela tsela eo Modimo A ebatlang ke tsela ya sehlabelo sa boiteelo mme are busetse hotsela ya baapostola.

Bakeng sa hoka tseba hantle ka aletare re lokela ho kgutlela Selekene sa Kgale. Aletare ene ele sebaka sa ho etsa sehlabelo. Aletare Selekaneng sa Kgale ene ele seriti sa sehlabelo sa Semoya Selekaneng se Setjha. Dihlabelo tsa rona ho Modimo ke nakong eo ho shwang rona, takatso tsa rona tsa dithope, botumo le gauda, ha bonolo reba karolo ya leano la Modimo le leholo . Ebe re Modumella ho etsa seo a sebatlang ka rona. Pelo tsa rona dile aletareng. Modimo O ya tseba haeba sehlabelo sa rona setswa pelong, kapa empa ele feela hoka lokisa boiketsiso.

Baheberu 10:1 Hobane molao erekaha o ne o na le seriti feela sa menono e tlang ho hlaha, e seng sebele sa dintho, o sitilwe ruri ho phethisa barapedi ka mahlabelo a hlahiswang ka selemo se seng le se seng.

Ka tsela ejwalo dialetare tsa sehlabelo Selekane sa Kgale, empa se sebetsa jwalo ntho ya sebele Selekaneng se Setjha.

Jesu Kreste ha A thabiswe ke moaho o moholo. Omotle, ka mmino o hlomolang pelo. Bapostola ba ile ba nahana hore moaho nakong ya bona ene ele ntho ya bohlokwa, empa Jesu kapele aba tsebisa seo hore hase sa bohlokwa.

Mattheu 24:2 Empa Jesus are ho bona, na lea bona meaho ena? Ka nnete nete keree ho lona, Ho keke ha sala leha ele lejwe le le leng, atla heletswa ohle.

Mattheu 24 Na temana ena keka bofeelo. Tsohle tse tlang ho sala ho ntho tsena tse entsweng ke baatho etlaba feela lesupi. Haeba reka batla se seng setlang ho dula sele teng ka nako tsohle, seo hase fumanehe ka hare ho meaho.

Kamorao hore Israele a fihle lefatsheng la pallo Solomone o ile a newa tsela ya ho aha tempele, re boela re bona taelo ena ya ho lokisa tempele hotswa ho Modimo. Majwe ohle a lokela hoka lokiswa lehlakoreng, mme a bewe ka toka ya teng.

1 Marena 6:7 Mme ntlo, ha moaho, one o lokiswa: ka tsela ejwalo hone hose tshepe kapa noto moo, esebediswang nakong eo ho ahuwang ka yona.

Ka tsela eo hoya tsebahala hore Modimo O batla hore ntlo ya hae kapa aletare e ahuwe ka tsela efeng. Haeba re aha ya semoya tempele ya maphelo a rona, re lokela hoka etsa ka tsela enepahetseng. Jwalo kaha majwe ao ka semoya a bolela tsela e nepahetseng ho leba ho Jesu Kreste, ka tsela eo, disebediswa tsa tshepe dinale tsela ya tsona semoyeng.

Hoya ka Bibele, tshepe matsohong a matsohong a motho ehlalosa matla kapa kgatello. Sena eka nna yaba tsela ya dipolotiki. Re fumana lesedi la pele ho Daniele.

Daniele 2:40 Mme mmuso ona wa setshwantsho sena otlaba jwalo ka maoto a tshepe: jwalo feela kaha tshepe etshwatleha: jwalo kaha tshepe ena esenyeha jwalo, mme etla senyeha ka tsela ejwalo.

Daniele o bone bokamoso ba mmuso wa Babilona nakong ya puso ya Nebukadnezzare mme hotla latela Mmebuso ya Baditjhaba e meraro. Kamora puso ya Nebuchadnezzare BaMede le BaPersia baile ba nka puso, mme yaba Alexander eMoholo oya bahlola Magerike anka puso.

Roma yaeba jwalo ka Mmuso wa bone, mme ya emelwa ke tshepe.

Kajeno lefatshe le buswa ke mmuso wa maotong eleng wa letsopa le tshepe. Kae kae matla a Roma antse a nale tshusumetso diqetong tsa lefatshe. Ka tsela ejwalo letsopa le tshepae ha dikopane jwalo ka Mengwaheng e Lefifi (lemong tsa 600 AD hoisa ka 1500 AD) ka tsela eo hase mmusa notsi. Kajeno Roma ka matla a yona ebusa hohle bodumeding.

Roma ephahamile jwalo ka kereke le moruo.

Mopapa o bolela hore ke hlooho ya badumedi ba 1,2 billion ba Roman Catholic. Ntle le mabaka ka tsela eo Mopapa ke yena feela ya nang le balatedi ba bangata. O dutse pagane Roma ya Sesare mme a feoha ka tsela eo. Mme seo sa fetoha mmuso wa tshepe eleng maoto a setshwantsho. Mokgwa wa Roma Catholic wa dubana lefatseheng.

Roman Catholic yaba le taolo ekgolo ho Bakreste lefatsheng lohle.

Matla atlamahanyang Roman Catholic moetlo wa tsela ya atom le tshepe le matla a atom.

Setshwantshong sa Daniele, tshepe ke yona feela metale o kenwang ke mafome. Diphiri tsena tsa Babilona tsa kena Roma ha Sesare a nka Boprista bophahameng ho Pontiff ka 63 AD. Ha Pope Leo 1 anka sebaka sa Pontiff, mane ho 450 AD. Diphiri tsena tsa senya Bokreste. Sena se emetswe ke mme sena se emetswe ke mmuso wa tshepe.

Lefa leo batlileng le lona hotswa Egepeta, hotswa ka hare ho sebupi sa mollo:

1 Marena 8:51 Hobane ke setjhaba sa hao, ke lefa la hao, hobane o ne o ba ntshe Egepeta, seboping sa tshepe.

Ha Israele a lahleha Modimo wa sebedisa Jabine, Morena wa Kanana. Hape kgatello ka tshepe. Makoloi a bontsha kgatello ya-tshepe.

Baahlodi 4:3 Mme bana ba Israele ba lla ho Jehova: hobane one a a makoloi a makgolo a robong; mme ka lemo tse mashome a mabedi a nang le metso emehlano a hatella Israele.

Empa Modimo ha A batle ha rona MaProtestanta hoka itshwarella ka mokgwa wa tshepe wa kereke ya Catholic. Ho tlamellwa mokgatlong wa Ma-Protestanta haho thuse hobane ho dikete tse mashome a mararo ateng ka mehopolo efapaneng. Haele hantle haho tsela ya hore baka nepa bohle. Ho etsisa feela mokga wa Roma hoka bonahala ho lokile bakeng sa rona na, empa seo hase bolele letho ho Modimo.

Pesalema 20:7 Ba bang bathabela makoloi dipere hopolang Lebitso la Morena Modimo, lehahole jwale: retla nne re tswellepele.

Isaia 31:1 Ho madimabe bao ba mathelang Egepeta bakeng sa thuso; mme bahlola hodima pere tsa bona, mme batshepa makoloi a bona, hobane ba bangata; mme ho banna ba dipere, hobane bale matla; empa haba shebe Israele ya Halalelang, leha ele ho batla Morena!

Bakgatlofatsa Bodumedi. Empa Modimo O rata hare dula ka hare ho Bibele. Mokgatlo hase lentswe le fumanehang ka hare ho Bibele.

Hape, hamorao bukeng ya Marena, Tsedekia moporofeta wa bohata ka dinaka a boporofeta leshano. Akabe, morena wa Israele, one a batla hoya Gileade leho hapa Basiria. Tsedekia a mmolella seo a batlang ho seutlwa, hore Akabe otla hlola, mme ka dinaka tse pedi tsa tshepe a bolela lebotho le matla le sehloho la Akabe. Matla a rinyang ba direng. Akabe a beha kapela Mikia taba tseo moporofeta wa sebele, moporofeta wa Modimo, a mokenya teronkong ka baka la ho bua nnete. Tshepe e busa badireng. Tshepe enka sebaka, empa hae bolele nnete.

1 Marena 22:11 Mme Tsedekia mora Shenane a iketsetsa naka tsa tshepe: mme are, Hoitswe ke Morena, ka naka tsena obona, otla bona mohla tsatsi leo, ha ofihla o ipata ka kgorong eka hare.

1 Marena 22:24 Tsedekia, mora Kenaana, a atamela, a jabela Mikea lerameng, a re: Moya wa Jehova o no o ye ka tsela efe, mohla o ntlohelang hore o ye ho bua le wena?

1 Marena 22:25 Mikea a re: Ho bona, o tla bona tsatsing leo, mohla o tla itswaketsa phaposing e nngwe le e nngwe o tle o ipate.

1 Marena 22:26 Mme morena wa Israele are, Nkang Mikia, mme le mobusetseng Amon mmusong wa motse, mme le bolelle Joase mora wa morena;

1 Marena22:27 Mme lere, Hoitswe ke morena, kenya thaka lena tjhankaneng, mme o mofepe dijo tsa mahlomola, ho fihlela kekgotsofala.

1 Marena 22:28 Mme Mikia are, haeba oka kgutla, etlaba Modimo ha Aya bua le nna. Mme are, Mamelang, setjhaba, emong le emong wa lona.

Tsedekia a sebedisa naka tsa tshepe hlakoreng la hae. Tshepe ethata. Seo sebolela ho sebedisa matla kghlano le mmuso wa Bajude. Empa sena ene ese tsela eo Modimo Aneng a rerile ka teng, hahole jwalo Akabe a qetella a bolauwe.

Tshepe e emetse matla a Bokreste. Enngwe le enngwe kereke e nale tiisetso ya horee e nepile, haeba hole se seng sehlabisang dihlong tseba hore o phoso. Haeba o batla hoba leloko la kereke ya rona o lokela ho etsa dintho ka tsela ya rona. Haeba o hanana le seo betseha, hare kopanele le wena.Tshepe elaola tsohle.

Taba ke nnete ehlokahalang; taba ke tsela eo dintho dietswang ka teng.

Sena “taolo ka kgang” filosofi e ile ya tsebahatswa lefatsheng la dipolotiki ha Russia ene e aha “kgaretene ya tshepe” kapa lebota ho arola botjhabela ba Europe hotswa bophirima ba Europe kamora Ntwa ya Bobedi ya lefatshe. Seo ene ele feela bonahatso ya matla Botjhabela ba Europe tlasa Moscow ho laola leho busa ka kgang.

Pusonotsi ya Presidente ya MoRussia haho bolelwa hantle. Tse ding ke ho laela feela moo. Ho hanana le Russia hotla romela mathata. Batho bane badumellwa ho nahana jwalo ka Russia kamoo ba bolellwang ka teng. Sena ele poelo morao, bofuma moleng o molelele wa Russia le Botjhabela ba Europe bakeng sa ho thola matla. Ha kgaretene ya tshepe ehahowa ka lehare ka 1989 e ile ya lokolla batshwarua ba mashome shome a dilemo ka bonngwe feela jwalo. Moruo wa ekonomi wa nyoloha. Ho tlosuwa ha kgaretene eo, eo ebileng tshitiso ka dilemo lemo , esita le 200 million ya bafutsana ba MaChinea le MaIndia maphelo a bona a hlaboloha. Botho baeba teng ha sena setloswa “lesira la tshepe” moedi wa kgang wa fediswa.

Sena ke sephiri sa kgolo ya maikutlo, sena ke puso ya tshepe ephethahatsang tsohle kgatellong ya batho. Baetapele kapa baruti ba laola kereke, ho thuaka babang, mme le etse hore bohle badumele seo le sebuang. O lokela feela seo kereke esebolelang. Mekgatlo e amohela sena ka bolokolohi. Empa baetapele ba nale mebono efapaneng. Eleng lona lebaka le etsang hore babe dihlopha tse fapaneng tse 30000 tsa mekgatlo ya Bakreste.

Tshepe elaola sohle (kapa moruti kapa mokgatlo) badumela ka tsela tse fapaneng, dihlopha tsa kereke. Empa qetellong ke bofutsana ba tsebo ya Bibele. Badumedi ka sehlopha jwalo ka mekgatlo hobane emong le emong o dumela ka tsela ya hae ka hoya ka tsela ya mokgatlo. Mokgatlo ka mong o dumela hao nepile. Ba ahile lebota la molao hoba potoloha. Haho letho leo ba lebatlang hotswa ka mathoko. Tsela ya ho ngatafala eseng hoya ka Lengolo. Hlokomela leloko la Kaine ebile basetsi ba tshepe ka nako tsohle.

Genese 4:22 Mme Zilla, a tswala Tubalkaine, eleng moetapele wa ba sebetsang ka tshepe: mme kgaitsedi yaTubalkaine ene ele Naama.

Mme kamora morwallo naha yohle yaba taolong Nimrode.

Genese 10:9 Mme ene ele setsumi se seholo ka mahlong a Jehova: moo hothweng, Esitajwalo ka Nimrod setsomi se seholo mahlong a Jehova.

Nimrod ebile mmusa notsi emoholo kapela Jehova. Batho bane bakgathatseha haholo ka seo seneng sebolelwa ke Nimrod ho nale sebolelwang ke Modimo. Ke bona bothata ba Kereke tsa mekgatlo boo. Maloko atswella ho phetha sebolelwang ke moetaapele, ho nale ho tiisa taba eo ka Bibele.

Eo ke peo ya mokgatlo. Bafumana moetapele ya matla, mme ebe ho qotsa hoba ho ngata ho feta Bibele.

Genese 10:10 Mme qaleho ya puso ya hae yaeba Babele, le Ereke, le Akade, le Kalne, naheng ya Shinare.

Mmuso wa hae one o itshetlehile hodima Babel eleng hona moo aneng a behile puso kapa tumelo ya hae teng. Diphiri tsa Babele tsa tlala hohle naheng ho fihlela ho Baditjhaba. Qaleho ya Bodumedi ke ntho ekgolo ho Baditjha. Batho ba inehela ha bobebe ho moetapele ya matla, ha ale hantle feela hara bona . Mme ebe moo moruti a kgonang ho leleka batho ka hare ho kereke.

Ho setshwantsho sa Daniel sa puso ya Romasene se emetswe ke mmuso wa tshepe ho tloha bophirima ho leba botjhabela mmuso wa Roma. Ho putlama ha mmuso wa Roma ka 476 AD ho ile ha etsa ho tsoha ha kereke ya Roma ka lefatshe lohle ho buswa ka tshepe. Maoto a emetse kereke tse supileng tsa mongaha tse lokelang hotla lemong tse kete tse pedi tsa nako ya ho qetela.

Letsopa le emetse kereke ya nnete etlang ho hlaha. Letsopa ke yona karolo feela eka kgonang ho hlahisa bophelo. Qetellong, kereke ya Roman Catholic ebitswa sephiri Babylona ho Tshenolo Kgaolo 17. Diphiri tsa kgale Babylon, ho qala ka tora ya Babele, qetellong difumane phomolo ka hare ho kereke ya Roma. Mme mokgatlo wa MaProtestant wa bopa setshwantsho sa kereke ya Roma ka mekgwa le diketso.

Kotlo ya Modimo ho Israele bakeng saa hosa mamele ha bona:

Levetike 26:18 Mme haeba lesa mamele sena, mme ketla leahlola ha supa hoya ka dibe tsa lona.

Levitike 26:19 Mme ketla le amoha matla a lona; mme ketla etsa lehodimo jwalo ka tshepe, mme lefatshe la lona jwalo ka koporo:

Hahole jwalo Bibele ehlakile ka taba ya matla a tshepe a mekgatlo, eleng lona lebaka leo Modimo Ale hlokolotsi ha kana bakeng sa ho aha dialetare ntle ho moo. Bakreste ba lokela hoba majwe kaofela ha ona. Ba lokela ho inahanela hore na Bibele ereng ka bo bona. God is not interested in parrots who just repeat what others say. Bongata ba Bakreste kajeno ha basa tshwara le di Bibele ha baya kerekeng. Haesa hlokahala hohang feela.

Haholo holo ha kereke tse kgolo jwale dise disare letho ka seo. Hoya ka bona habasa leo mona hoka bonahatsa Setshwantsho se Seholo, eleng thato ya Hae. Re mona hoka phetha seo eleng thato ya rona. Bokreste bo maemong a mabe.

Reka tshwantsha maemo a jwale a Bokreste jwalo ka “bokereki”.

Mokgwa wa Roman Katholiki wa pele ene ele mohopolo wa motho. O ile wa phonyoha nakong ya puso ya Roma ka MoRoma Sesare a bolaya 3 millione tsa Bakreste ka 64 AD le 312 AD. Wa boela wa phonyoha ha dimokwane tsa puso ya Roma ka 476 AD. Wa phonyoha ka ho hlomamisweng ha Bomopapa ka dikweta tsa nako eo, haholo holo morena eo ya kgopo waa Fora morena Charlemagne, ya ileng a hlomamiswa jwalo ka mohalaledi wa puso ya Roma ka 800 AD ke Pope Leo 3.

Kajeno Bokatoliti ba Roma boatile lefatshe lohle, seo setshwasitse dikete tsa dimillione tsa batho hoba etsa momahano ya mokgatlo.

Boqhetseke ba Roma katholiki boatile hofeta ho fihlela ho kereke tsa Protestant. Hahole jwalo mokgwa wa Protestanta ke ho etsisa mokgwa wa Katholiki eleng ho etsa setshwantsho sa Protestant eleng sa Bokatoliki. Eleng hore Protestanta e entse mokgatlo ho laola dikereke jwalo ka mokgwa Bokatoliki.

Empa Bibele hae bue ka mokgwa wa Bokatoliki.

Leha ele ka tsela ya teng eo, ya ho aha aletare tlasa kgatello ya tshepe, eleng sehlalosang tsela ya puso ya Protestanta enkuweng hotswa ho Roma, seo re nang le sona feela ke “tsebo”, empa seo hase bolele letho ho Modimo. Mokgwa ka bo ona, eleng hore reka sebetsa, otla senya nnete eleng seo Modimo Asa serateng.

Mattheu 15:9 Empa ba ntshebeletsa lefeela, haba rutana dithuto tsa batho

Sena sebolela maemo a kereke. Bakreste ba bapala papadi ya moetapele, mme batlosa mahlo abona ho Jesu Kreste le Bibele.

Bibele ebua ka puso ya lemo tse Sekete, eleng etlang ho dula lemo tse sekete, moo Jesu atlang ho busa teroneng ya Davida. Bibele ere otla busa ka tshepe. Sena sebolela hore otla busa ka kgatello moo ho kekeng haeba le bobe.

Pesalma 2:9 Otla baptjhatla ka lere la tshepe; Otla hatikela hodima mmele ya bona.

Tshenolo 19:15 Mme sabole ebohale etswa molomong wa Hae, hore a hatikele hodima ditjhaba: mme otla busa ka lere la tshepe: mme batla tsamaya tshimong ya Modimo.

Ena ke nako ya tefeletso ya Modimo. Satane o ile a sebedisa matla atshepe hoka kgelosa batho ho dumela ho mekgatlo ya dikereke. Bakreste ba bangata ba lokileng ba kene mekgatlong ka baka la hae. Empa Modimo ha ana nako ya papadi le sebe. Ka tsela ejwalo nakong ya lemo tse Sekete otla busa ka mmuso wa tshepe bakeng sa sebe. Ka tsela ejwalo hao batla hoba moo, ithute ho hloya sebe. Modimo O rata baetsadibe, empa o hloile sebe. Re lokela ho ithuta jwalo ka Modimo. Re lokela ho rata baetsadibe empa re hloye sebe.

KGAUDA ya dithoto

Mokreste ya bolokehileng le motsamai wa kereke pheletsong batla thetswa ke seo, mme baqelle ba wetse Matshwenyehong a Maholo. Bathetsitswe ke dikereke, leha ele hore baetapele ba dikereke basa latele Bibele.

Sena sebonahala sekgothatsa, bongata bothetswa ke Gauda ya dithooto. Ekare ntho ya sebele empa haho jwalo. Kgauda ya dithootho ke tshepe ekopaneng le salfare. Salfare eneha tshepe mmala o mosehla jwalo ka kgauda ya sebele. Bibele ebeha kgaudaa jwalo ka sebabole. Sebabole sebapiswa le mollo wa dihele ka baka la monko wa teng.

Luka 17:29 Mohlang oo Lota atswang Sodoma ha theoha mollo wa sebabole lehodimong, mme wa batimetsa kaofelaa.

Tshenolo 19:20 Mme sebata sa tshwarwa, le moporofeta wa bohata ya entseng mehlolo, ethetsitseng ba nang le letshwao la sebataa, le bohle ba rapelang setshwantsho sa sona. Bobedi ba lahlelwa seboping sa mollo.

Tsela tsa kereke dikgahla rona batho, empa di nale nnete enyane ere lahlehisaang ka dinako tsohle. Jesu o eme monyako (ho Tshenolo kgaolo ya 3), ka tsela ejwalo seka hare ho kereke ya mekgatlo hase seka re phemisaang Matshwenyeho a Maholo.

II Peterose 3:12 Re ntse re lebeletse ka matla hotla ha Morena, moo mahodimo atlang ho theoha ka mollo, mme dintho tse ding ditla qhidiha jwalo ka tshepe?

Ntwa ya bompodi ekileng ya lwana ene ele maharenga a Davida le Goliathe. Davida o ile a hana hohang feela dihlomo tseo a neng a dinewaa. Davida nka majwe a mahlano nokeng. Bohlano bo bolelang JESU.

I Samuele 17:40 Mme a nka lere la hae, mme a nka majwe a mahlano molatswaneng, mme awa kenya ka hare ho mokotlana wa hae wa ho bodisa; le letjeketjane la hae: mme a atamela Mofilista.

Lejwe le le leng, le sokang le ama tshepe, la hlola ntwa.

Hare hloke letswele, hoka kgahlisa, kapa jwalo ka dihlomo.

Etsa bonnete hore tumelo ya hao hae laolwe ke mekgatlo.

Tumelo ho Jesu, Lentswe le ngodilweng, letla hlola qetellong.

 

“Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona!” — 1 BaKorinthe 16:23