Keresemese



First published on the 14th of September 2017 — Last updated on the 14th of September 2017

Lentswe "Keresemese" le letsatsi la 25 Tshitwe hadio ka hare ho Bibele. Jwale kaha ele feela meetlo ya batho na? Na ebe eteng ka hare ho Lentswe kapa jwang, re lokela hodumea taba ena hakae?

Keresemese edubana le maikutlo haholo feela. Edumelwa ke batho ba bangata hore ke tsatsi la bodumedi. Babang ba lenka feela ele tsatsi le tshwenyang la botawa.Hangata ke tsatsi la boithabiso ba bang ke ho ila bakeng sa batho bashwelang ditseleng. Ke nako ya ho fana le hoabelana dimpho, ebe e latelwa ke Pherekgong ya mahlomola. Batho ba bangata babe basena letho basentse tjhelete ka baka la tsatsi leo.

Ho kenella lesira lena la taba ena ke ntho enkuwang ka maikutlo hangata hobane taba ena haeyo ka hara Mangolo. Haele hantle ntle taba ena kea maikutlo feela?

Pholoso ke seo Modimo Are bolellang sona hore re sedumele ka Bibele. Sena ke setlwaelehileng hara batho ka Bibele. Badumedi ba leka ho kgotsofatsa Modimo ntle le Bibele. Tlwaelo ena hangata etla ka batho (Bokereki) esirela Nnete (Bokreste). Tsebo kgahlano le Bibele. Patlisiso etelele haholo.

Selemo hantle seo eleng tswalo ya Jesus esale ele phehisano mahareng a boradipale bare ke 7 BC and 1 AD, ho tloha ka hore o mamela mang. 4 BC ke kgetho e nepahetseng. Ka tsela eo, ho leka hoka fumana letsatsi leo ke ntho ethata haholo, jwale nahana feela nako ya baeti.

Haeba Bibele esaka ya bolela letsatsi la tlhaho, ba re lokela hole batla?

Ha lele siko ka hare ho Bibele ebile le saka la ketekwa, na re etsetsa Modimo monyetla ka ho keteka tsatsi lena na? Pholoso eneha motho melao eo a lokelang ho tsamaya ka yona. Bodumedi haele bona boetsa meetlo eo ba lekang ho thabisa Modimo ka yona. Empa ka bomadimabe, maswabi, haho pholoso bodumeding. Modimo ha a thabiswe ke seo.

"Christ's Mass" ke lentswe le hlahang mane ho Mahareng a Senyesemane eleng Cristemasse, eleng letswang ho Senyesemane sa Kgale Crīstesmæsse, eleng ntho eqadilweng ka 1038.

Ka tsela ejwalo Lentswe “Keresemese” lefumaneha ho tloha ka 1038 AD. Lentswe Keresemese leka sebediswa hantle feela ho tloha ho. “Mmisa wa Kreste” lehlahisa hantle feela thuto ya mokete wa Roma e Catholic. MaProtestanta ha amehel ehanyane meketeng ya Catholic a bitswang “mmissa”. Mmisa wa Kreste (keresemese) ke yona feela tsela ya hoka bakenya tabeng ena. Hobaneng?

Juda 1:3 phehellang tumele eo eneng ele ho bahalaledi.

Baroma 10:17 Tumelo etla ka ho utlwa, ho utlwa Lentswe la Modimo.

Kereke ya ho qetela eleng eo re phela ho yona eka loka feela kaho kgutlela ho Jesu engodilweng feela Selekaneng Sesetjha. Retla lahlehelwa ke tsela ha feela re ntse re latela seo batho ba sebatlang. Lentswe “Keresemese” ha lehlahe ka hare ho Bibele mme ka tsela ejwalo seo se senola seseng. Tsatsi la 25 Tshitwe ha lehlahe ka hare ho Bibele.

Bagalate 4:9 le kgutlela jwang mabakeng a lona afokolang …?

10 Lehlokomela dilemo le matsatsi.

11 Ke utlwa ke tshaba bakeng sa lona, hore le seke la sebeletsa lefeela.

Paulose one asa bolele ka matsatsi.

Mmisa wa Kreste o nale pento le meetlo emengata matsatsing ana haesale ele ka dilemo. Ke pheletso ya ntho tse ngata. Hare hlokomeleng tse ding tsa dintho.

http://www.reindeerland.org/santa-claus/history-of-santa-claus.htm

Taba ka Pale ya Santa Claus - Kamoo Mohalaledi Claus a ileng a fumana bitso lena!
“Pale ya Santa Claus eqadile lemong tse ngata ngata morao kwana. Pale ya Santa Claus eqadilwe ke monna ya neng a bitswa Nicholas, ya ileng a fetoha mohalaledi- Mohalaledi Nicholas, bana ba Mohalaledi Patron. Mokete wa Sinterklaas, kapaSt. Nicholas, oketekwa ke MaDutch ka tsatsi la Tshitwe 6. Letsatsi pele ho leo eleng (Tshitswe 5) Sinterklaas ke mokete wa ho rekelana dimpho. Phirirmana eo e bolelwa ele "sinterklaasavond" mme hangata ke tsatsi la bana. Mane America Sinterklaas e ile ya fetolelwa ho (Mohalaledi Claus) Santa Claus.”

Ka tsela ejwalo Mohalaledi one a atisa ho neha bana dimpho ka 5 Tshitwe. Empa re ile ra rata leano leo mme rona ra etsa seo ka 24 Tshitwe, letsatsi pele ho Mmisa wa Kreste, leo le senang letsatsi la lona.

Santa one a fana ka dimpho ho bana sena hase kopane le tswalo ya Jesu.

Qaleho ya pae ya Santa Claus - Sinterklaas kapa Sinter Klaas
“Moetlo wa Ma- Dutch Sinterklaas o ngodilwe hotswa bukeng ‘Sint Nicolaas en zijn knecht’ (Mohalaledi Nicholas le mothusi wa hae) eneng engodilwe ka 1850 ke moruta bana Jan Schenkman (1806–1863). Buka ena ka mohopolo wa Sinterklaas a kena ntlo le ntlo ho nehelana ka dimpho ho bana.”

Nicholas one akaba nnete ho bana babang. Ho kena ka tjhemele hoka tlisa dimpho ebile mohopolo feela wa moetlo wa batho. Haho motho yaka phehisanang le ho neha bana dimpho. Ka tsela ejwalo, maikutlo, ka Keresemese (Mmisa wa Kreste) atla dula ale teng. Empa re lokela hoka fumana nnete ya taba ena? Ho tloha mohopolong ho leba Lengolong?

Mohalaledi Nicholas o utlwahala a etsa ntho entle haholo. Motho ke enwa mona o nehela bana dimpho. Na seo hase se ileng sa etsahala ka babohlale ba botjhabela ka dimpho ho Jesu ha ane a robetse sejelong? Ka tsela ejwalo batho baile ba nka moetlo wa Mokete wa Keresemese. Jwale o ile a etsa hore batho ba ileng ba amohela moetlo ona.

Empa ema hanyane, ore ho Mattheu Kgaolo 2 temana 11 ba bohlale ba botjhabela ba ile ba kena ntlong, eseng sejelong. Ka tsela ejwalo ba bohlale ha baka bafihla tswalong yaJesus.

Matthew 2:11 Mme haba fihlileng ntlong, bafumana Ngwana le mmae Maria, mme bawa ka mangole, ba mokgumamela: mme ba Mofa dimpho, tsa mofuta; gauda, le dibano, le mmira.

Jesu ene ele ngwana, eseng lesea. Josefa one a bile ale siko moo.

Empa emahanyane, sena seqhala mohopolo ohle wa Keresemese.Hone hose dimpho tswalong ya Hae! Dimpho bafane ka tsona lemong tse pedi tse latelang. (Ke lona lebaka leo Herod a ileng a bolaya bana ba lemo tse pedi hoya tlase).

Taba ya rona ke ho senya tjhelete ka mohopolo wa Keresemese. Hare lokele ho ema kgahlano le mohopolo wa kgwebo tse kgolo ka taba ya ho senya tjhelete. Ka tsela ejwalo batho bantse batswella ho senya tjhelete ka seo. Ho bapala pale ya ngwana ha atswalwa jwalo jwalo (eleng nnete) jwalo ka banna ba bararo bao hothweng ke ba bohlale ba botjhabela (seo eseng nnete). Kereke ya sejwale jwale e sentse nako ka phoso eo. Baphetha phetha phoso eo hangata feela.

“Pale eya iphethaphetha ka mohla wa 1931 monna ya bitswang Haddon H. Sundblom o ile a qala khamphane ebitswang Coca-Cola. Ho tloha ka 1931 - 1964 o ile a hlahisa Santa mabekeng a dinwamaphodi tsa Coca-Cola ho bapatsa Keresemese. Ditshwantsho tsena tsa Santa ka Haddon H. Sundblom tsa hapa moya wa Keresemese, Sena sa thabisa metswalle ya hae haholo. Setshwantsho sa monna ena Santa Claus a tsheha.”

Mo-Dutch Sinterklaas one a apara jase etala hoya ka mekaubere.Lebitso la hae le ile la fetolelwa ho Santa Claus mme baki ena ya hae yaeba kgubedu.

Coca-Cola e ile ya hatella hore baki ena elokela hoba kgubedu mabekereng a Coke.

Ka tsela ejwalo Coca Cola jwale ebapala karolo tabeng ena. O maketse jwale hore re ile hole jwang le BaJude keletso ke hore “phellang tumelo eo eneng ele ho Bahalaledi”.

Dikarete tsa Keresemese diile tsa hatiswa ka lemo sa 1843 mane England mme ele sheleng ele 1 shilling ka bonngwe. Di ile tsa hloleha. Kabo 1860 'tlhahiso ya dimisa e ile ya theohela tlase haholo. Ka 2012 ditheko tsa Great Britain tsa dimilione tse 900 tsa dikarete tsa Keresemese diile tsa phahama hoo ebileng 364 million ya dipondo. Ka tsela ejwalo mahareng a Keresemese Victorian Britain e ile ya etsa hore dikarete tsa Keresemese ditsamae le ditholwana tse omisitsweng (hobane nakong eo hone hose dihatsetsi hoka beha dijo).

Monna wa Mofumahadi Victoria, Kgosana Albert,o ile a tlisa mohopolo oo ho tla England hotswa Germany. Mabrithani a ile a latela kgopolo eo. Ka 1848 ho ile ha hlaha ho London News setshwantsho sa Lapa la Boreneng la Victoria le Albert le bana ba bona babe eme pela sefate sa Keresemese. Sefate sa Keresemese ebe ese e eba ntho e lokelang hoba teng. Ka 2013 milione tse tsheletseng tsa difate tsa Keresemese di ile tsa rekiswa mane Britaine.

Dithuthupi tsa keresemese ka 1847 ka Tom Smith eo eneng ele moetsi wa dipompong wa London. Ka 2013 khampani ya Britihane ya rekisa Swantex tse milione tse 25.

Mmuso wa Brithane wa fana ka kotara ya tsona ho lefatshe lohle ka 1850. Ka tsela ejwalo Mofumahadi Victoria a thabela seo hobane ene ele kgopolo ya naha ya hae. Moetlo wa bona o ile wa thabisa Mmuso wa Brithane. Sena sa phatlalla naha yohle. Esita le Ma-Moslem le Ma-Hindu batseba hoka keteka Keresemese.

“Mmesa wa Kreste ” haoyo ka hare ho Bibele. Tshitwe 25 le yona haeyo ka hare ho Bibele.

Bakreste ba fihletse jwang tsatsi la 25 Tshitwe?

Bakreste ba qalella hoka etsa seo ka 220 AD.

Monahano 1: Moya o Halalelang wa apesa Maria ka 25 Hlakola. Oseke wa batla bopaki ba Bibele. Empa tsatsi leo hase nako ya hora tse 12. Hoya, ka bona, ene ele ho kgahlisa haholo(Ha kena bonnete) ka letsatsi.

Monahano wa 2: Ho ima ho nka hantle feela kgwedi tse 9, ha jwalo, ka tsela ejwalo Jesu o tswetswe ka 25 Tshitwe.

Hape, sena hase ntho etshwarehang. Kajeno Bakreste ba nka taba ya ho nahana ka tsela ejwalo “tumelo”. Haese ka hare ho Bibele, Bakreste ba sejwale jwale ba nahana seo. O seke wa ba kopa hore badumele Bibele, jwalo kaha monna a kena ka hare ho ntlo. Bibele haere ba ile ba fihlela sejelong, ka tsela ejwalo Bakreste ba dumela hore ba ile ba fihlela sejelong. Sena ke mohlolo.

Hare kopanyeng matsatsi. Tsebo ya meriana ya sejwale jwale ebolela hore tswalo enka veke tse 40 ho tloha motsamaong wa sedika dikwe sa veke tse 38 ho tloha ka nako ya kemaro.

38 x 7 = 266 ya matsatsi (hangata ke matsatsi a kabang 270)

Jwale kopanya ho tloha ka 25 Hlakola hofihlela ka 25 Tshitwe:

7  +  30  +  31  +  30  +  31  +  31  +  30  +  31  +  30  +  25 = 276

Hlakola     Mmesa     Phupjane     Lwetse     Mphalane

Ka tsela ya ho bala, boimane ba hae bolokela hoba bofetile ka matsatsi akabang 6 hoisa a 10.

Nako ya tswalo hangata ke yona eo. Hoka sebedisa seo hokeke ha re tswela molemo hohang feela hobane sena sea thulana. Haholo hoya ka nako ya kemaro.

Ka tsela ejwalo menahano ena emmedi ya 25 Tshitwe. Leha ese nnete seo, hase sona seo ?

Empa ntho ena ke enngwe ya dikakanyo tsa mehopolo emengata ya 25 Tshitwe seo eseng sona hohang feela. Clement, bishop wa Alexandria, o badile hane ekaba 18 Pudungwane. Pampiri esa tsebahaleng e ileng ya hlahella AD 243 e ile ya etsa seo Hlakola 28. Fitzmeyer o nahana hore ene ele 11 Tshitwe, j.j.

Mosuwe ya tsebahalang Chrysostom ka 380 AD mane Antioch o boletse ha ane a nahana hore 25 Tshtwe lemo tse leshome pele ho tswalo ya Hae (ka AD 370). Chrysostom o ile a tswella jwalo hofihlela a nehelwa sekola sa bobishopo ke Constantinople ka 398 leho keteka Keresemese.

Jwalo kaha ntlha tsa Weiser, "hone ho beilwe mane Roma hore letsatsi la tswalo ya Kreste ha le tsejwe"

(F. Weiser, Handbook of Christian Feasts and Customs - New York: Harcourt, Brace, le Company, 1958, 61.).

Kamorao ho 200 AD menyenyetsi ya qhoma ya tswalo ya Jesu. Moithuti Lupi o ile a bontsha (Zaccaria, Dissertazioni ecc. del p. A.M. Lupi, Faenza, 1785, p. 219) haho kgwedi ebeilweng bakeng sa tswalo ya Kreste.

Haho moo ho ngodilweng hore re keteke Keresemeseo hoya ka Irenaeus (c. 130–200) kapa Tertullian (c.160–225). Origen ya Alexandria (c. 165–264) ebolela ho puso ya Roma ya ho keteka tswalo eo, ya qhalanywa jwalo ka kgopolo ya “pagane”hobane hole tswalo tse pedi feela tse ketekwang ka hare ho Bibele, Heroda le Faro, bobedi ba neng ba bolaya ka matsatsi atswalo.

Keresemese ene ele siko esa ketekwe Kerekeng ya pele ya Irenaeus leTertullian omiti ya mekete; Origen, ho hatella tabeng ya Natalitia, dintho (in Lev. Hom. viii in Migne, P.G., XII, 495) ka Mangolo a baetsadibe, eseng bahalaledi, baketeka ditswalo; Arnobius (VII, 32 ka P.L., V, 1264) sena seka lekanywa le"matsatsi a tswalo" a medimo ...

Ka 25 Tshitwe mekete ena ene e etsahala mane Egepeta mahareng a 427 le 433 AD.

Catholic Encyclopaedia.

Catholic Encyclopedia ebolela ha Bakreste bane ba ile balahla tsatsi leo la tswalo la Egepeta. Banna bana ba ile baphela mahareng a 130 AD le 254 AD.

Qaleho ya pele ya keteko ya tswalo ya Kreste ka Tshitwe25, mane Roma, ke Chronography ka 354 A.D (Philocalian Calendar of the year 354) ehlalosang 25 Tshitwe ehalosa letsatsi le sahlolweng le tswalo ya Jesu Kreste. Taba ena ene e beilwe dingolweng tse ka bang 336

(Herman Wegman, Christian Worship in East and West, New York: Pueblo Publishing, 1985, 103).

Kronografi ene ele dingolwa tsa Kereke ya Roma ya mekete ya bahalaledi.

Lemong tsabo 350 AD Julius, mobishopo wa Roma, a amohela Tshitwe 25 hobane lene le tsebahala haholo ka taba ya mapagane Roma. Taba ya tswalo ya Mora wa Modimo ene etla thibela mekete ya mapegane. Kajeno bongata ba Ma-Hindu le Ma-Mosleme baketeka mmoho letsatsi la 25 Tshitwe.

Ho tloha ka 200 AD, matsatsi a mangata a tswalo ya Kreste a nnile a bitswa lemong tse kang dikete tse tsheletseng, 25 Tshitwe ya tuma haholo jwalo feela ka Pherekgong 6 jwalo kaha ho bolelwa. Seneng sehlokahala haholo ene ele lona letsatsi. Dikereke dine dihloka motho ya neng aka isa sena Mangolong. Bishopo Julius wa Roma aqalella ka seo.

Hoka utlwisisa Keresemese hoya ka tsela ya Bokreste o lokela hoka kena dikereken gt tse supiloeng tsa mengwaha Tshenolo, kgaolo 2 le 3.

Tshenolo 1:11 Hore, ke nna Alfa le Omega, wa pele le wa Morao, Seo ose bonang, sengole bukeng, mme ose romele kerekeng tse supileng tse Asia; eleng ya Efese, lea ya Smyrna, lea Pergame, lea Tiatira, le ya Sarda, leya Filadelfia, le ya Laodisea.

Kereke tseo ha disaleo. Ha disana molemo nakong ya jwale, ke maemong a tebileng haholo, maemo a fapaneng a mengwaha e supileng lemong tse 2 000.

Hare shebeng bopaki bobang bodumellana le Lengolo.

Mongwaha wa pele ebile Mongwaha wa bapostola ba leka hoka sebetsa ka Selekane se Setjha hore batho ahe hodima seo. Bane ba kwetlisitswe ke Jesu mme mehopolo ya bona yohle ene e itshetlehile hodima Bibele mme batlohile meetlong. Pheletsong ya puso ya mmusise wa Roman Nero ka 68 AD, baapostola ba jwalo ka Jakobo le Paulose bane base ba bolailwe. Johanne ebile moapostola ya phetseng nako e telele ka hofetisisa ho fihlela ka 100 AD. Tshusumetso ya bapostola e ile ya etsahala ka nako e telele ho rona.

III Johanne o ile a hlokomedisa ka taba ena “Diotrefese ya neng a lokela hoetsa kereke ya hae” ka hare ho kereke. Hanyane ho latellisa Mangolo ka tsela ejwalo.

III Johanne 1:9 Ke ngolla kereke: haholo Diotrefese, ba nang le sekgupi ho bona, rba sakang bare amohela.

10 Hoo ba bileng, ha ketla, ketla hopola mesebetsi ya hae, ho bua le rona ka thata: le tsela ya ho busa, le ho yena kapa baena, hoba hanela ho tswela pele, leho ba lahlela ntle ho kereke.

Batho baqalella ho nkela Mangolo sebaka. Kereke ya pele ene ebitswa Efesse sebolelang “ho latella kapa ho toba” kapa “ho iketla”. Ka lemo sa 200 AD tshusmetso ya apostola le thuto ya Lentswe ene e nkelwa sebaka ke puso ya batho, seo batho ba sebatlang ho nale seo Modimo A sebatlang.

Ka 200 AD kereke ya pele ya mongwahakgolo Lemangolo ya qaleha eleng Efese.

Kereke ya mongwahakgolo wa bobedi ya Smyrna (sebolelang bohloko le mmira, lefu le ho pata bafu) e ile ya qalella. Babusi ba Roma ba ile babolaya Bakreste ba milione tse 3 tsa Bakreste nakong ya puso ya Constantine ya ho bolaya ka 313 AD ka tshwaetso ya Milan mme kereke ya mongwahakgolo wa boraro eleng ya Pergame ya qala (sebolelang lenyalo la sebele). Tsela eo Bakreste ba ileng banyala le thuto ya Constantine jwalo kaha batho bane ba latella ka teng. Ka tsela ejwalo Bakreste banyalana le dipolotiki. Jwale hone ho lokela hore hobe lehlooho ya motho ketellong peleng. Constantine ene ele Mokreste ebile ele MoPagane mme Bakreste banyalana le Bo-Pagane jwalo ka mekete ya Pagane e ileng ya amohelwa ke Bakreste.

Hahona tsela kapa dingolwa tsatsi la Keresemese le leng ka 25 Tshitwe ho dikereke tsa mongwahkgolo.

Mongwaheng kgolo wa kereke ya bobedi 274 AD e ile ho ile ha tsebiswa Tshitwe 25, mane Roma, jwalo ka tsatsi la matswalo la modingwana wa letsatsi Aurelian eleng ho keteka kopanyo ya puso ya Roma le ile la arolwa karolo tse tharo.

Hoya mane ho 350 AD, nakong ya kereke ya mongwaha, Julius, mobishopo wa Roma, o ile a amohela tsatsi la Tshitwe 25 hobane lene lese le tlwaelehile ho Mapagane hoka rapela modingwana wa bona ka matsatsing ao, eleng letsatsi le lekgutshwane haholo. (Phetoho enyane ho khalendara ka lemo tsabo 1500 ka Mopapa Gregory 13 e ileng ya etsahala mariha ho tloha ho 21-22 Tshitwe moo ntho dietsahalng teng.) Hoya mane ka lemo tsabo 350 AD leho feta moo, Bakreste ba ile bafetola ntho tse ngata hoya ka lenhyalo la Pagane Bokreste.

Baetapele ba batho ba ile banka ketelopele mme maemedi akang bishopo a ile a qalella metseng. Enngwe le enngwe ene enale moetapeler, bishopo.Histori ya qalella ho kgetha bishopo wa Roma kapa bishopo wa Antioke j.j. Leha hole jwalo tshebediso ya bishopo ene esa hlahelle Selekaneng se Setjha.

Bafilipi 1:1 Paulose leTimotheua, bahlanka ba Jesu Kreste ho bahalaledi bohle baleng ho Kreste Jesu baleng Filipi, le babishopo le mateakone:

Bobishopo ba bitswa mane bonngweng Filipi, o ileng wa bitswa kamora morena Filipi eo eneng ele ntate wa Alexander ya Moholo. Ka tsela ejwalo ho bile le bobishopo ba bangata motseng.

Ka hare ho Bibele, I Timothea 3:1 – 13, o lokela hore ebe o tshwana le le teakone ka boitshwaro.

Ka tsela ejwalo bishopo empa ele moholo feela ka hare ho kereke. Baholo ba motse baya kgethwa. Ena ene ele tsela ya bapele bapostola. Paulose le Peterose bobedi ba laetse kgetho ya baetapele bakereke.

Diketso 20:17 – 38 Hotswa ho Miletuse (Paul ose) ho leba Efese, ho bitsa baholo bohle ba kereke … temana 28 Lehlokomele, buang le mohlape, oo Moya o Halalelang ole beileng baetapele ba ona, thoka fepa mohlape oo Modimo Ao beileng ketopeleng ya lona ….

I Peterose 5:1 – 3 ho baetapele ba hara lona, bao ebileng ele baetapele, ... fepang mehlape ya Modimo, ho nka lehlakore, ka kgatello, empa boitatelo; eseng ka ditshila, empa mohopolo o hlwekileng.

Ka tsela ejwalo baetapele ba beilwe hohle ho etellapele mehlape. Sena se ile sa emisa ka baka la motho ale mong.

Lebitso lena moruti le bolelwa hang feela Selekaneng Sesetjha.

Sena hase dumellane le hore moruti a okamele phutheo.

Baholo ba utlwahala ha ngata ka hare ho Lengolo, ka tsela ejwalo ke hona moo baetapele ba sebele bahlahellang teng.

Mongwaheng kgolo wa kereke wa bobedi, “mobishop o wa motse” ene ele mokgwa wa ho tloha ho puso ya Bibele.Bakreste ba ile batswa pusong ya Bibele ba kena pusong ya batho. Pheletsong ya mongwaha wa bobedi, motse ka mong o bile le moetapele wa kereke, bishopo. Sena se ile saba bobebe haholo ho mongwaha wa boraro, moo monna ka bonngwe, puso ya mmusisi Constantine moetapele wa dipolotiki, a ileng a fetoha moetapele wa kereke. Dintho dine diritsa ho tloha mokgweng wa Selekane se Setjha.

Ha nako entse etswellapele, kehadi 25 Tshitwe diamoheleha semmuso.

Leha hone hose bopaki botshwarehang ba Kereke ya Roma a ile a kgetha Tshitwe 25 jwalo ka tswalo ya Kreste "ttswalo ya letsatsi," re nale mekete bakeng sa bontate ba kereke.

Mohlala, Augustine wa Hippo (354-430) therong ya hae 202 le Leo ya Moholo (440-461) [PL 54 Sesosa sa chartiennese 22] o fana ka mabaka, ka tsela e jwalo o ile a kgetha letsatsi.

Bomadimabe Bakreste ba amohela maemo a sebaka seo baleng sona. Okeke wa tiisa mabaka a mahe a Paseka le mebutla kapa sefate sa Keresemese ka hare ho Bibele. Empa tsena ke dintho tse thabisang Bakreste. Hone hole jwalo le kamora 312 AD. Constantine ane a bitswa mohale. O ile a emisa Keresemese. One a batla hore Bakreste le Pagane ebe puso ele nngwe. Ka tsela ejwalo sena se ile sa kopanya Bakreste le Pagane. Ene ese esa kgone “Tswang hara bona tjhaba saka” (Tshenolo 18:4). Lena ebile leano le bohlale la dipolotiki.

Jwale mongaheng kgolo wa kereke wa boraro, lemong tse ka bang 300 kamora tswalo ya Kreste, ha hlaha taba ya hoka keteka tswalo ya Hae, ya feela ya ngatafala. Mahareng a mariha ka Tshitwe, aneng ale mane ka 25 Tshitwe matsatsing a alemanaka ya Caesarya qala botjha, ene ele nako ya mekete ya Pagane.

Ebile nako eo naha tsa pagane dietsang seo.

Leha hole jwalo bane bantse baketeka seo, sena sene sethabisa haholo ka nako ya Bakreste.

Jwale hoka bolela hore mahareng a mariha ke tswalo ya Jesus, ho beha Bakreste mekgwang ya Pagane kapa meetlo ya bona.

Tshitwe 25 ene ese lona hantle letsatsi la Paganie. Empa ka baka la hore lene lle atametse haholo ho mokgwa wa Pagane, sena se ile sa etsa hore ho nkuwe monyetla ka seo. Ma- Pagane a ikutlwela ba photholohile ka hare ho kereke. Hobane haho tsela ya hoka tshwenyana le tumelo bona, bakgona ho atamela hanyane ho Bakreste. Modingwana wa letsatsi a fetoha Mora wa Modimo. Sena se ile sa susumetswa ke mokgwa wa Pagane le kolobetso ya Pagane. Haele hantle feela haho tse ngata tse ileng tsa fetolwa. Jwalo ka kereke matsatsing ana tsela eo e aparang le ho dumela.

Mokgwa oo Constantine’ a ileng a etsa ka teng ho Bakreste ka 312 AD ha hlahella mongwaha wa boraro oo eleng wa Pergame (sehlalosang “ho nyalana”). O ile a emisa ho bolaya Bakreste, ka tsela eo a fetoha mohale bakopanela leBakreste.

Anka ketelopele ya Bakreste le Pagane, a kgothaletsa Bakreste ho mekete ya Pagane. Kereke le mmuso tsa kopana mmoho. Bodumedi le dipolotiki tsa eba mmoho. Mobishopo wa Roma a qalella ho aha qobosheane ya Roma. Constantine afana ka sebaka sa Lateran bakeng sa bishopo wa Roma ka 312 AD jwalo ka sebaka sa hae. Bishopo wa Roma Sylvester o ile a newa leruo le leholo ke Constantine seo se ileng sa etsa Sylvester ho ikokobeletsa Constantine, ho nale Bible. Haeba bishopo wa Roma a amohela 25 Tshitwe jwalo ka tsatsi la tswalo ya Jesu, sena sene setla amohela sena.Mane ho leba lemong tsa bo 350 AD, bishopo wa Roma Juliu a hatella hore 25 Tshitwe ebe tsatsi la tswalo la Jesu. Yaba Bakreste base banyalane le meetlo ya pagane.Meetlo ena ya pagane ya nka sebaka, yaba tlwaelo ekekeng ya fetolwa,empa ka mabitso a Bakreste.Bakreste bafetohela meetlong ya pagane.BoPagane bafetoha hanyane, yaba le lebitso le letjha bakeng sa Bakreste.

Julius Caesar, mmusa notsi wa Roma,a fetola alemanaka ka 45 BC. Hoka etsa hore alemanaka ena etsamaelane le selemo, Caesar o ile a etsa selemo 46 BC hore sebe le matsatsi a 445 a kenyeleditse matsatsi a 90, jwalo kaha alemanaka ya Roma kamehla yohle e nale matsatsi a 355. (Hantle feela, ho ile haeba le kganyetso engata. Ene ele alemanaka ya dikganyetso). Mahareng a mariha ka 25 Tshitwe nakong eo, empa alemanaka ya Caesar’ene edula elahlile matsatsi a mararo lemong tse ding le tse ding tse 400. Ka tsela ejwalo mariha anna atswella jwalo, letsatsi le lekgutshwane ka hofetisisa, la dula le kgutlela ho Tshitwe matsatsi a 12. Sena se ile sa lokiswa ke Pope Gregory 13 ka lemo sa1582 ho tlosa matsatsi a leshome hore ho fihlelwe 25 Tshitwe. Ho bolelang hore re ntse re nale 21 Tshitwe.

Empa re lokela hoka leboha lefatshe ka boipelaetso, jwalo kaha le ntse lefetoha palong ya mahareng, ho tswella pele ka tsela ya lona (ho nale lehlwa le lengata ka makgetlo a badilweng ha leshome mane palong ya Borwa ho nale palong ya Leboya) mme tshusumetso ya matla ho polanete tsa lefatshe, mme lefatshe lea dikoloha, nako ya seo kamehla. Gregory o ile a kenya ntho emona ebitswang leap year ka lemo se seng le se seng sa lekgolo, ha feela seka arolwa ka 400 mohlala. 1600, 2000 j.j Eseng ka 1900 kapa 1800. Hore ya rona alemanaka eseke ya lahlehelwa ke boleng. Gregory’ nako ya hae ya 21 Tshitwe hae bolele ha kalo matsatsing ana. Hoka bua nnete feela, letsatsi la 25 Tshitwe hoya ka nako ya Caesar hantle ntle 21 Tshitwe matsatsing ana a rona.

Haho ya tshwenyehang ka letsatsi hakalo. Ke boiphapanyo feela.

Empa ka baka la hobane ele mahareng a mariha Tshitwe eba morao ka matsatsi a 3 lemong tse ding le tse ding tse 400, iene ele ho lokisetsa tsatsi la matswalo la Kreste hore ebe 25 Tshitwe eleng (Mmisa wa Kreste)Keresemese, hahosana lebaka la hore ke mahareng a mariha.

Mahareng a mariha, hane ele 25 Tshitwe ka nako ya Caesar, ene ele maqaleho a selemo naheng tsa pagane.

In Anglo-Saxon England, the year most commonly began on 25 December, which, as the winter solstice, had marked the start of the year in pagan times

“Solstice” ebolela letsatsi (“sol” ka Se-Latini) tsela hoka pota sebakeng jwalo kaha ele mahareng a mariha ale makgutshwane, ebe a emetse matsatsi a 21 Tshitwe ho leba mariheng. Sena setshwana le sebaka sa sesole moo ho dulang ho lwana ka nako tsohle.

Leha hole jwalo, bongata ba botjhabela ba naha tsa Europe ba qala selemo ka 25 Tshitwe (eleng Nativity of Jesus), 25 Hlakubele (eleng Incarnation of Jesus), kapa Easter, ka se France (bona selemo sa Liturgical hofeta moo) …

Naha diqala selemo ka 1 Pherekgong 1500.      (Wikipedia).

Mongwaha wa kereke wa boraro wa puso ya kereke ya Roma jwalo ka hlooho ya naha. Ha mmuso wa Roma o putlama mane Bophirima ka 476 AD hone hosena matla hohang ho dibarbariane diileng tsa hlasela batho ba bishop ya Roma jwalo ka moetapele wa kereke. Esita le dibarbariane di ile tsa thabiswa ke mekete ya Catholic haba bolela hore ba nale senotlolo sa Lehodimo hobane ba ikamahanya le mohalaledi Peterose

Ka tsela ejwalo hoa ka lemo tsabo 600 AD mongwaheng wa bone wa kereke ya Tiatira (sehlalosang puso ya mosadi) wa qala. Mosadi o hlalosa kereke hoya ka Bibele hantle feela jwalo kaha kereke ele Monyaaduwa wa Kreste. Kamora 600 AD kereke ya Catholic ya qala ho busa naha tsa Europe, bobedi dipolotiki le bodumedi.

Ho bolelang hore lemong sa 1800 AD batho ba amohela 1 Pherekgong jwalo ka maqalo a selemo mme 21 Tshitwe jwalo ka bohare ba mariha le 25 Tshitwe jwalo ka Keresemese(Mmisa wa Kreste) hoya ka kereke ya Roma. Nakong ya Mengwaha e Lefifi kerek ya Catholic ya busa naha tsa Europe le Kereke ya Catholic Church ya tsebahatsa diuniversiti, ho qala ka Paris ka 1160 AD mme ya phatlalla ka naha ya Europe. Baithuti ba diuniversitie ene ele bona batho feela ba nang le monyetla wa ho kena dikolo tseo ka baka hobane ele barui ba kereke ya Roma. Batho bana barutehileng ene ele bona feela baneng ba nale monyetla wa ho sebetsa mmusong le ditulong tse phahameng ka hare ho Kereke. Sena ke sona puso ya Europe ke kereke ya Catholic entseng etswella le kajeno.

Baetapele ba pagane ba fumana matla lehoba le balatedi ba bangata. Baetapele ba pagane ene ele bona ba nang le puso ekgopo le polao hoba hanyetsanang le bona Roma hobane Roma enale pale etelele haholo. Mane 782 Charlemagne, morena wa Ma-Franks, o ile a bolaya kaho kgaola dihlooho Ma-Soxon a 4 500 ka tsatsi le leng baneng ba hana ho kolobetswa. Yaba meetlo ya pagane efeta hanyane hoya ka dilemo. Ba mmalwa mapagane a ileng a dula ele mapagane leho keteka tswalo ya modingwana wa bona wa letsatsi ka 25 Tshitwe. Bongata ba mapagane ba namela Bokresteng mme baqalella hoka keteka 25 Tshitwe jwalo ka Mmisa wa Kreste.

Ka rsela ejwalo kamehla yohle haesale mahareng a mariha ele nako ebohokwa ho mapagane eseng feela hore ke mahareng a mariha empa le maqalo a selemo. Sena se ile sa fana ka kelello ka nako tsohle ho bona. Seo ene ele feela phetoho ya Tlhaho ho bona. Bongata ba mapagane bane basa ruteha ka tsela ejwalo bane ba lokela ho itshetleha tlhahong, letsatsi le lekgutshwane ka hofetisisa ene eba motsheare, hoka kgahlametsa lemo se setjha.

Roma leha yona ele tsatsing la 1 Pherekgong mme haho letho le etsahalang ka nako eo. Mahareng a dilemo tsabo 1500 le 1600 AD bophirima ba naha tsa Europe tsa amohela lemo sesetjha hoya ka thuto ya Roma 1 Pherekgong. Roma ene e busa haholo Europe hoo e ileng ya netefatsa hore 25 Tshitwe jwalo ka Mmisa wa Kreste.

Mahareng a mariha ene ele ntho ekgolo moetlong wa Pagane eo modimo wa bona a ileng a bolawa leho tsoha hoya ka bona.

Sefate se mona sebitswang yule log, hangata ke sefate sa eike sepongwang, (Yule ebolela "ngwana emonyane" ka puo ya Chaldee) ene ele phirimane mahareng a mariha(eleng hantle 25 Tshitwe hantle hofihlela kapa ho simolla ka 21 Tshitwe moo efihlelang hantle feela.

Ka tsela ejwalo Yule log, eneng ele kgolo haholo, e ile ya tjheswa matsatsi a 12 ka phapuseng bakeng sa (leha ene ele matsatsi a12 a Mmisa wa Kreste) hofihlela ka 24 Tshitwe (leha hole jwalo seneng sele sa bohlokwa ene ele Keresemese). Tsatsi lehlahlamang, bane bakgabisa sefate ho bontsha tsoho. Eleng sefate sa yule, jwalo ka tlwaelo sefate sa eike, ene ele ponahatso ya modimo wa bona ya ileng a bolawa ke dira tsa hae mme a tswalwa botjaha jwalo ka ngwana, ba bonahatsa sena ka ho kgabisa sefate, ka ladi 25.

loko ena etjhelng ya eike leho kgabiswa ka tsatsi la 25 Tshitwe difate tse tala tsa lefu le mahareng a mariha yaeba tsona dintho tse kgolo tseo.

Pheletso etletseng ya lefu le tsoho. Sedikadikwe sa tlhaho. Pheletso le qaleho entjha.

“Yule” ke lentswe la Chaldee lebolelang lesea.

Yule kapa Yuletide ("nako yaYule") ke lentswe la bodumedi la batho ba Europe borwa, hamorao le ile la amohelwa hara bakreste meketeng ya Keresemese ya bona.   (Wikipedia)

Yule log, haele kgolo ho lekaneng, etjheswa matsatsi a 12 pele ho bohare ba mariha ho amohela selemo se setjha. Bongata ba Bakreste ba amohela matsatsi a 12 pele ho Keresemese. Sefate sa keresemese sebonwe ele sa pagane ke Jeremia are bolella hore ke sa bahedene, leha hole jwalo ka mekgabiso ya sona.

Jermia 10:2 – 5 Hoitswe ke Morena, le seke laya ka tsela ya bahedene, ... Ka tlwaelo tsa bona tsa lefela: hobane ba rema sefate, mesebetsi ya matsoho a motho, ka selepe.

Base kgabisa ka kgauda; tbase otle ka noto, hore se seke sa sisinyeha.

Barema sefate sa eike empa hase bue;

Mokete wa selemo se setjha wa Romao ketekwa ka medumo le lerata. Letsatsi pele ho selemo sesetjha.

Kese kesa bue ka mebutlanyana ya Paseka le mahe a Paseka. Haho mohopolo le omomg oteng ka hare ho Bibele empa o dutse ka hare ho Bakreste ele mekete ya Pagane.

Mahlaku a matala a sona a sebolotswi ke baprista ba Druid pmahareng a mariha ha meroho ese ebatlile e omella. Sedikadikwe sa mariha, lefu le tswalo. Hobaneng hare halalela re keteka Keresemese? Kgalalelo etala ya mahae a pagane mahareng a mariha. Moetlo ona oya tswella.

Pagan Wicca witchcraft still advocates yule time and midwinter on the world wide web.

Moetlo wa Pagan o kgahlile Bakreste baba bao amohela. Hase bohlale boo.

Ere Bibele “Tswang hara bona tjhaba saka” (Tshenolo 18:4). Haere le thabele meetlo ya Pagane.

Ho tlile jwang hore 25 Tshitwe le ratehe hakana?

Mane leboya la Europe, mariha lehlweng batho baipata lefifing ka mesebetsi ya bona emebe. Mahareng a mariha, ao eneng ele ha Caesar jwalo ka 25 Tshitwe empa la suthela ho 21 Tshitwe, letsatsi le atametse haholo. Ena hantle ntle ke nako ya MaPagane hoka keteka lefu la modingwana wa bona; bakgantsha dilampi lefifing ; ebe bayalja leho tawa matsatsing ao. Pagane ebe batla hotswa ka mahlakore ohle hoka keteka. Batho ba inkela dintho feela kelellong tsa bona. Keresemese e ile ya qalwa ke Bakreste hoya ka meetlo ya Pagane.

Hare shebeng haholo Roma jwalo ka puso ekgolo.

Saturnalia ene ele mokete wa ho keteka Saturn. Mokete wa hae one ole ka 17 Tshitwe. Yaba Julius Caesar ofetola alemanaka ka 45 BC mme a kenya matsatsi a mabedi a Pherekgong, Phato le Tshitwe matsatsi a phomolo a fetela ho 19 Tshitwe. Bahlweki bane basa thaba hobane bane ba shebile letsatsi la 17 ele lona le lokileng. Augustus a fetoha mmusi mme kadi 18 hape le phomolo ya Saturnalia mmoho le matsatsi a mararo pele ho moo, ho tloha kadi 17 hoisa kadi 19. Hamorao mmusi Caligula a eketsa ka matsatsi a mabedi hape hodima 17 hoisa 21.Hamorao matsatsi amang hape a mararo a eketswa ke mmusi Saturnalia a fella kadi 17 hofihlela 23 Tshitwe. Ene ele nako ya hofana ka dimpho, haholo holo kadi 23 Tshitwe. Saturnalia one a nale lehlakore le leng lelefifi eleng ho rata basadi. (O ile a fetola ntho enngwe le enngwe? Hobaneng re ntse re nale mokgwa oo wa ho reka dimpho?)

Mme ho leba lemong tsabo 260 AD puso ya Roma e ile ya fetoha.Ka 270 AD mohopolo o motle wa mogenerale Aurelian a nka puso. A hapa sebaka sa Gaul (France) le puso ya bophirima. A kgutlela Roma ka Tshitwe ka 274 mme a batla ho leboha modingwana wa hae o ratehang, modingwana wa letsatsi, kaho beha letsatsi le itseng hoba la phomolo. A kgetha tsatsi la 25 Tshitwe hoba lona tswalo la yasa hapang modingwana wa letsatsi. Sena ene ele nako ya 25 Tshitwe hoya ka solstice, letsatsi le lekgutshwane ka hofetisisa la selemo, mme kamora moo letsatsi leba lelele, ka tsela ejwalo letsatsi le ntse lephahama ka matla. Sena sebha hantle feela matsatsi a phomolo kaho nepahala matsatsi a setjhaba sa pagane.Bongata ba bophirima ba Europe ba keteka 25 Tshitwe jwalo ka qaleho ya selemo Europe. 1Pherekgong la amoheleha kamora 1500 AD. Roma ya nna ya itshwarella ka tsatsi la 1 Pherekgong ele maqaleho a lemo sesetjha. Ha nako entse efeta jwalo, ho ketekwa tswalo ya modingwana enwa 25 ene ese entse ele nako ya mokete wa medingwana ya pagane ya ileng a bolawa atswalwa botjha hape ele lesea hoya ka bona.

Tlasa puso ya Constantine (mane hoya 325 AD) mme puso ya Theodosius (hoya ka 380 AD) kereke ya kopanela mekete ya Pagane tlasa kgothatso ya Pagane hokaba maloko a kereke. Ka tsela ejwalo ditlwaelo tse fapaneng le ditumelo tsa pagane.

Sena seka o makatsa empa le kajeno ho ntse hole jwalo, maitshwaro le moaparo.Kereke e ile ya rata dipolotiki jwalo ka kereke ya Dutch Reformed e ileng ya rata kgethollo haholo ka lemo sa 1948 sena ene ele se ileng sa amoheleha leho nka sena lefatshe hopota. Ho nnile haeba jwalo ka Ditsoseletso Mengwaheng eLefifi mmo Batsoseletsi baneng ba bolawa, ho kgothotswa, ho nkelwa leho betwa ka baka la meharo, sena satjhaellwa monwana ke Pope Urban. Dintwa le bokgopo tsa qalella,ntwa ehalalelang. Ntwa hae laele hore ke mang ya nepileng, elaela feela hore ke mang ya setseng.

Ka tsela ejwalo kereke ya nna ya amohela sena hore banne babe le maloko a mangata. Matshwao a Zodiac a ile a rutwa ke Babylona lemong tse kabang 4 000. Kajeno keka sewelo oka fumanang makasine kapa lehlasedi le senang dihoroskoupo. Bongata ba Bakreste batswella pele ho bala sena,leho sedumela, ka baka la botho. Ka tsela ejwao Bakreste badula badumela ntho tse siko ka hare ho Bibele. Lenyalo la batho batshwanang. Ha mmuso wa MaNationale mane Afrka Borwa one o kenya kgethollo, kereke ya Dutch Reformed eo eneng ele kereke eka sehlohong e ile ya tiisa sena ka Bibele hore kgethollo ke thato ya Modimo.Ha F.W de Klerk ane aba le sebete sa ho qhalanya sena, kereke ya Dutch Reformed hang feela ya bontsha sena ka Bibele hore ke phoso. Ka tsela ejwalo kereke efetoha le dipolotiki. Mabitso a tlwaelehileng haholo.

Ha Theodosius a fetoha mmusi ka 378 AD o ile a fetisa molao okgopo ka 381 AD hoo Pagane ene etla qoswa.Baitshwarella haholo ka tumelo ya Pagane ka tlasa lentswe Bokreste. Sena sa botswisa haholo tlwaelo ya meketjana ya medingwana ya Pagane hoba ntho ya bophlokwa ho Bakreste.Haeba modingwana Jupiter atla lahlelwa thoko kwana. Ba o bitsa mohalaledi Peterose hore atle a aleswe. Tempele tsa Pagane tsa fetoha dikereke. Steeples, o ile a etsa sena jwalo ka tora ya Babele, hobane sena sene se nale mananeo a kereke. Tswalo ya mora “modingwana wa letsatsi” eleng ka tsatsi la 25 Tshitwe “Mora wa Modimo”haeba o dumela hore Jesu otswetswe ka 25 Tshitwe o lahlehile.

Ponahatso ya hoqala ebontshang Jesu A tswetswe ka Tshitwe 25, mane Roma, ebitswang Chronography ka lemo tsabo 354 A.D. Sena sehatisitse ele tswalo yaJesu. Ka tsela ejwalo ya amohelwa hohle 25 Tshitwe jwalo ka tswalo ya Jesu ha nako entse eya. Banna ba bohlale bakopanya pagane le Bokreste.

Lesedi eleng Bibele ke kganya ya rona. Ho tshwenyana le Kganya.Keho lebella mongwaha omong wa kereke ya Tiatira (sehlalosang mosadi ya laolang), ho lahlela hape kereke Mengwaheng e Lefifi ya puso ya kereke ya Catholic mane Europe.

Na Jesu O ile A tshwalwa mahareng a mariha?

Jesu ore “le rapele ntswa ya lona eseke yaeba mariha” (Mattheu 24:20) hobane Tshitwe le Pherekgong ho bata haholo. Josefa one akeke anka mosadi wa hae ya immeng ka thata hara serame sa mariha. Mane ho Israele, badisa haba dise dinku tsa bona bosiu ka Mphalane, ho bata haholo. Empa badisa ba bone Jesu. Hara dikgwedi tsohle bakgetha Jesu, mahareng a mariha (Tshitwe mane Leboya) ho bata haholo.

Ba bohlale ha baka ba leba sejelong. Bakene ka tlung ho bona Jesu le Mariha. Haho bolelwe ka Josefa. Empa Roma ka nako ya mahareng a mariha bareka dimpho. Tjhelete ene ele teng moo mme ka tsela ejwalo ba bohlale ba ile bareka dimpho. Kajeno kgwebo eba ntle haholo ka nako (moetlo wa Saturnalia, hobane ka 25 Tshitwe eba tsatsi la hoqetela la Saturnalia mme eba letsatsi la dimpho).

Bakreste haba tsebe seleng teng ka hare ho Bibele (hore ba bohlale ba ile bakena ka tlung) empa batseba seleng siko ka hare ho Bibele: ba bohlale baka baya lesakeng, ene ele banna ba bararo ba bohlale Melchior, Gaspar le Balthazar. Mme haho le enngwe ya dintho tsena enang le tshenolo ya semoya.

Sena hase makatse ha mongwaha wa kereke wa ho qetela wa (Laodisea, tokelo tsa batho) ohlaloswa o foufetse.

Tshenolo 3:14 – 17 Ho lengeloi la Laodisea ngola ore: …. ke tseba mesebetsi ya hao: ... Ka hobane ole fofo, ...

Hobane ore, ke mononi, mme hake hloke letho : mme hao tsebe hore o madimabe, o soto, mme o futsanehile, mme o sefofu, ofeela:

Bofofu ke ho bolela hore hare bone qaleho ya Pagane.

Feela. Hase ntho feela ehlalosang tsela ya ho apara matsatsing ana.

Tokelo tsa batho, ho nyala hoya kamoo ba batlang. Esita le mofuta o tshwanang.

Kajeno batho ba nale ditokelo,melao elwanang le Lentswe. Kajeno hare batle leho latela melao ya tsela. Senwe o kganna. Batho barata ho etsa seo.Keka hoo bashwang ha kana ditseleng ka Tshitwe.

Re reng ka tokelo tsa Modimo maphelong a rona?

Re eme kae le Modimo?

 

“Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona!” — 1 BaKorinthe 16:23