Kamora Matsatsi a 23000 Sehlabelo setla Hlwekiswa



First published on the 1st of September 2020 — Last updated on the 1st of September 2020

Abrahama o ile aba le mora wa nama Isaka mme Mora wa Moya ke Jesu.

Sena seetsahetse kamora lemo tse 2300 hoba Isaka atswale hoisa lefung la Jesu.

DANIELE 8:14 Yaba Ore ho nna, kamora matsatsi a kete tse pedi le makgolo a mararo; sehlabelo setla hlwekiswa.

Temana ya pele ya Selekane Sesetlha eqala ka Jesu jwalo ka Mora wa Semoya wa Abrahama.

MATTHEU 1:1 Ke ena buka ya leloko la Jesu Kreste, Mora wa Davida, Mora wa Abrahama.

Selhabelo se ile sa hlwekiswa ka 33 AD ha Jesu Kreste Mora wa tshepiso wa Abrahama ane Aeshwa mane Golgotha Abile Atsoha hape. Ke madi A Jesu fdeela aka hlatswang dibe.

Boporofeta bona boqadike ka Isaka, mora wa madi wa Abrahama. Modimo O ile Aetsa selekane le Abrahama hoka etsa Peo ya Hae.

Modimo Oile A phethahatsa seo ka Jesu Kreste.

GENESE 15:18 Ka lona letsatsi leo Jehova Aetsa selekane le Abrama, Are, peo ya hao Ketla eneha naha, hotloha nokeng ya Egepeta hoisa nokeng ekgolo, noka ya Eufrate:

Meloko emeng ene ele thekeng la Abrahama.

Ho bua ka setloholwana sa Abrahama se seholo sa hae eleng Levi, Paulose o bolela seo:

BAHEBERU 7:10 Asale thekeng la Abrahama, ha Melkisedeke akopana le yena.

Seo ene ele selekane seo a ileng a seetsa ebile Isaka, Jakobo, le Josefa (baemetse meloko 12 ekenyeletsang Levi). Empa sena ene ele Bajude ba tlhaho Batshepiso ba Naha bakeng sa Israele.

Yaba sena sea tiisetswa ka lefu, lepato, letsoho ya Jesu, Mora wa semoya wa Abrahama. Yaba selekane, sa tshepiso ya Modimo, sa phethahala bakeng sa lefatshe lohle.

BAGALATA 3:17 Mme sena sebolela, hore selekane, sapele se tiisitswe ke Kreste, molao, wa lemo tse makgolo a mane le metso emashome a mararo, sene setiiswa, hore tshepiso ephethehe.

Ho lwantshana le sebe ke ntho eo Modimo Annileng A eetsa ho tloha Edene, mme motho a ranthane ke sebe. Ho bua ka sena, Lehodimo le lona le hloka tlhatsuo ka baka la mesebetsi emebe ya Satane, hobane hone hole lengeloi le neng lebitswa Lusufera.

Pele lerohakuwa le bitswa Diabolosi, ledimona le leholo. Haho madi a ileng a tshollwa Lehodimong, ka tsela ejwalo ka baka la lengeloi Lusufera. Ba ile bafetolelwa ho Satane.

Mangeloi a weleng semoyeng. Hobane ke meya e etsang sebe, haho poloko bakeng sa seo, yaeba meya, ya siya mmele lefung. Ka tsela ejwalo re bolokeha ha resa phela.

Qaleho ya sebe ka Eva kahlolo ya teng lefu.

 

 

GENESE 3:16 Ho mosadi Modimo Ware, ketla o atisetsa mahloko a pelehi; otla emola bana ka thata;

Sena sene sesa hlahe ho monna. Sepente eleng noha ene ele bohlale hofeta dibata tsohle (eleng seantshi). Ene ese noha (ehahabang) empa ebitswa “karolo elahlehileng” mahareng a motho le phoofolo. Ene ebua le Eva. Haho moo Bibele ereng diabolosi ke semumu empa o bua ka seseng.

GENESE 3:1 Jwale noha ene ele bohlale hofeta makgomo ohle anaha. Mme yare ho mosadi, Ana, Modimo Oitse, le seke laja ditlama tsohle tsa tshimo na?

Ka tsela eo hofeta makgomo ohle, ekenwe ke moya omobe wa (Satane) ya hlahisa sebe lefatsheng. Ke lona lebaka bohlale bosa loka. Satane osebedisa batho ba hodimo haholo. Jwalo ka Judase, moapostola le morena Heroda. Ponto Pilato mmusi. Bodumedi, dipolitiki, dipolotiki tjhelete diile tsa bolaya Jesu.

GENESE 3:14 Yaba Modimo Ore ho noha, ka hobane oentse sena, orohakilwe hodima makgomo ohle, le diphoofolo tsa naha; otla hosha ka mpa fatshe, otlaja lerole bophelo bohle ba hao:

Modimo O ile waetsa kamoo o ileng waetsa ho Lusufera. Modimo O ile wa rohaka noha, hore ebe sehahabi. Masapo afetoha. Ke hona hoo bahlalefi basa fumane karolo ya sebata seba.

Serpente eile ya fetoha noha. Noha enale maleme amabedi (ho bolelang leshano) tjhefu eleng lefu la semoya.

Serpente e ile yare ho Eva, “Mahlo a hao atla bona”. Modimo O ile wa nehana ka thohako. Mahlo a noha adula abulehile,empa a sireleditswe ke sekala sesa bonahaleng. Ehahaba ka mpa. Mpa ebolela tlhoko ya nama.

Mpa ta Eva otlaba mmeleng. Konopo ya mpa ho motho ke letshwao la sebata. Sena sebolela hore re lokela hoshwa. Modimo One Asa etsa hore Adama le Eva ka maqeba mpeng tsa bona.

Bongata ba bareri ba jwale bashebile mpa tsa bona, eseng Mangolo. Tjhelete etlisa howa ha bona jwalo ka Judase.

Karolo etshosang “hoja lerole”. Sena sebolelang, ka tlhaho, jwalo ka noha haeja dihohwane le ditweba. Batho baentswe ka lerole. Ka tsela eo hao eshwa ofetoha lerole jwalo “dijo tsa noha” jwalo ka mmele o molelele wa noha o leba diheleng.

Lefatshe le ile la rohakuwa ho nale Adama otla phela ka mofufutso ya phatla ya hao. Adama one atswa leroleng. Ka tsela eo Modimo wa rohaka lefatshe.

Lerole lona leo noha eneng etla leja. Ka tsela eo motho o rohakilwe ntle le hoba le Modimo.

GENESE 3:17 Mme ho Adama Modimo ware, hobane o mametse mosadi wa hao, mme waja sefate, seo ke olaetseng, Kare, oseke wa seja: lefatshe le rohakilwe ke hoo; mme otla ja tsa lona ka thata bophelo bohle ba hao;

GENESE 3:19 Otla ja tsa lefatshe ka mofufutso wa phatla ya hao; ho fihlela okgutlela leroleng: hobane o lerole, mme otla kgutlela leroleng.

Re lokela ho sebetsa ka thata. ka baka la thohako ya motho.

EZEKIELE 16:49 Bona, jwalo ka bokgopo ba ausi wa hao Sodoma, boikgohomoso, botlalo ba bohobe, le boikgantsho ba baradi ba hae, ...

Mmele wa Adama one oentswe ka lerole.

Ka tsela eo hokeke haeba bohlokwa hakalo.

BAROMA 8:22 rea tseba hore lefatshe lohle leletse tlasa mahloko.

Ka tsela eo Modimo O behile hore re lokisetswe Lehodimo.

Kamora hore Adama awe, leano le leholo ene ele ho pholoha ka morwallo wa Noahe kaofela lefatshe ka lemo tse 1656 hoya ka Bibele kamora sebe sa Adama.

Ho nka kgaolo tse hlano feela pele ho Morwallo. Kgaolo tse nne feela bakeng sa hofihla ho Noahe. Hlokomela. Lemo tsa Bibele ke matsatsi a 360 akgwedi a 30.

GENESE 7:11 Lemong tsa makgolo a tsheletseng a ho phela ba Noahe, kgweding ya bosupa, ka tsatsi la bosupa la kgwedi, tsatsing lona leo diphororo tsa theoha, mme fensetere tsa Lehodimo tsa buleha.

GENESE 8:4 Mme Areka ya phomola ka tsatsi la bosupa, tsatsing la bosupa la kgwedi, hodima thaba ya Ararathe.

Ho tloha ka 17 /2 hoisa 17 / 7 hantle feela kgwedi tse 5.

Sena sengodilwe ka matsatsi a 150.

Ka mantswe amang, kgwedi ka nngwe ke matsatsi a 30.

GENESE 7:24 Metsi aeba teng lefatsheng ka matsatsi a lokgolo le mashome a tsheletseng.

Matsatsi a 360 ene ele selemo sa Morwallo.

Areka ebile hodima metsi ntho ekabang selemo. Nakong ya morwalle ennile selemo. Dipalo dinnile tsa eba le leqhwa. Seo ene ele nako ya hoqetela ya leqhwa.

Honale tse balwang ka mashome palo tsa leqhwa mane Palong eka Bophirima ya lefatshe. Hona ho nka nako hore lefatshe lefihle nakong ya lona ka matsatsi a 365. Matsatsi a 2422 hoka etsa selemo.

Matsatsi a rona a 365 ke bopaki ba selemo 365 lemo tsa Henoke ophetse ka botshepehi kapela Modimo hofihlela ankelwa Lehodimong, sena sebontsha tsela eo Kereke etlang ho hlwebilwa ka yona.

GENESE 5:23 Matsatsi a Henoke abile makgolo a mararo mashome a tsheletseng le metso emehlano:

24 Mme Henoke o tsamaile le Modimo: mme one asaka aetsaphoso; hofihlela Modimo A monka.

Daniele oile a bona pono ya mmuso wa Baditjhaba.

 

 

Seema hale sa bone sa sebata sa Daniele ene ele sebata seneng seemetse pagane Roma “ofapaneng le mmuso emeng emeraro” hobane ofetohile papal Roma wa karolo ya kereke ya Roman Catholic, mme wa dikereke tsohle. Batho ba kereke balokela hob Bakreste. Batho bakgolwa batho ho nale Bibele.

Batho bakgolwa sebolelwang ke kereke, eseng Bibele.

Mekgatlo ya dikereke earohane ka mekga e 45000 hoya ka kereke, jwalo ka makgoba, ba mamela Bibele.

DANIELE 7:23 Yaba ore, sebata sa bone etlaba mmuso wa bone lefatsheng, ofapaneng le mebuso emeng, mme otla tlala lefatshe lohle, mme otla hatella ena emeng, mme epshatlehe dikoto.

DANIELE 7:25 Mme otla bua kgahlano ya Mookamedi ya phahamileng, mme otla apara jwalo ka Mookamedi ya phahameng, mme otla fetola dinako le melao …

Pope o ipitsa “Vicarius Christi” ho bolelang ya emeng “sebekeng sa Kreste”. Ana ke mantswe a maholo ao. Ka 1302 Pope oboletse hore haho poloko ntle ho kereke ya Catholic. Poloko ena ehloka boikokobetso ho Pope.

Ana ke mantswe a Pope le kereke ya Roman Catholic mohlodi wa poloko. Sena sekgahlano le Lentswe la hore Jesu Oya pholosa.

Dimilione tsa Bakreste diile tsa bolawa ka Mengwaha e Lefifi nakong eo ya Reformation ya Martin Lutherka lemo tsabo 1500.

“Ho fetola dinako”. Roman ya fetola calendara.

Ka 46 BC mmusa notsi wa Roma Julius Caesar afetola calendara ya selemo ho tloha matsatsi a 365.25. Sena sene sesa bonahale hanyane.

Haele hantle ntle calendara ke matsatsi a 365.2422. Haele hantle ho leba mane lemo tse 1600 hamorao calendara elahla matsatsi a 10 ka ntho ebitswang spring equinox.

Letsatsi la sebele hora tse 12.

Ka 1582 Roman Pope Gregory 13 afetola calendara ka selemo matsatsi 365.2425. Lemo sa sebele se ile sa lahleha. Modimo o lesitse seo ho sebata sa Roma (bobedi mmuso wa pagane Roma le kereke ya Roman Catholic tsa tsoha hodima mmuso wa Roma) hoka dumellana hofetola lemo tsa calendara.

Hona hone hole bobebe hore kgwedi ditsamaelane le selemo.

Sena ene ele matla a tsoho a Satane a sebata. Mmuso wa Roma wa fumana leqeba le tebileng la mabotho a dibarbariane. Thaba ya Capitol, enngwe ya dithabatsa Roma, ya lahlehelwa ke sebaka kopanong ya bodumedi.

Empa kereke ya Roman Catholic ka setulo sa yona mane ntlo kgolo Lateran basilica thabeng ya Caelian hill ya tsoha ka matla a pagane Roma. Thaba ya Caelian ene ele enngwe ya dithaba tse supileng.

Pope anka sebaka sa matla a Roman Caesar. Boholo ba selemo sa Bibele sene sefella ka tsatsi la hoqetela la matsatsi a 360.

Ho lebisang lemong tse mashome a mararo a Matshwenyeho a Maholo, sebitswang matsatsi a 1260 kapa kgwedi tse 42.

TSHENOLO 11:2 Empa haele moaho o senang tempele leo lese, mme le seke la o lekanya; hobane oneilwe Baditjhaba: mme batla tsamaya motseng o halalelang ka kgwedi tse mashome a mane le metso e meraro.

3 Mme Ketla neha paki tse pedi bopaki, mme ditla porofeta ka matsatsi a seikete le makgo amabedi le mashome a tsheletseng, baapere lene.

Score matsatsi a 20. Ka tsela ejwalo ke matsatsi 1260.

1260 / 42 = 30 ka calendara ya kgwedi ya Bibele ya .

Ho hlalosang lemo tse 69 tsa selemo sa Roma eleng tsa Baditjhaba 365.24 matsatsi a batlileng a lekana le a selemo sa 70 sa matsatsi a 360 a Bajude.

Afetang matsatsi a 5.24 a lemo se ekeditsweng ka lemo tse 69 se rese neilweng

5.24 x 69 = 361 matsatsi a eketsehileng a selemo sa Bibele (eleng sefokotsehileng eleng tshenyo calendare).

Ka tsela ejwalo 69 ya Baditjhaba ba Roma ele lemo tseo re dineilweng tsa Bibele tse 70.

Re lokela hore re hopole Bibele (kapa Bajude) lemo tse lekanyang lemo tsa Bibele eleng lemo tsa calendara ya Baditjhaba ba Roma.

Nako ya Howa LE Morwallo ka 1656 lemong tsa Bibele.

1656/70 = 24

Ka tsela ejwalo lemo tse 1656 tsa Bibele difokotsehile ka lemo tse 24 ha jwale.

Ho bolelang 1656 – 24 = 1632 ya lemo tsa Baditjhaba.

Ho bolelang hore Morwallo obile ka 1632 hoya ka calendara ya lemo tsa Baditjhaba kamora ho Howa.

Modimo O entse Selekane le Noahe le lefatshe. Eleng sehlalosang Howa. Mmala e supileng elaolang sebaka ya mmokodi.

GENESE 9:13 Ke beha seqha saKa sepakapakeng, mme etlaba ponahatso sebakeng.

Sena ene ele bopaki (ba dithuto tsa batho) lefatshe le keke la fediswa ka morwallo hape. Mookodi ona, ka semoya, oshebane le dithaba tse supileng.

Kereke ka nngwe e emetswe ke mmala wa mookodi. Mmala eo kaofela e 7 ekopanya kganya etshweu.

Mengwaha ya kereke tse supileng kaofela e emetswe ke mookodi.

Satane otla dula kamehla anale sehlopha se seholo sa baikaketsi, le bomosedumele. Batlatla kamehla ka thuto tsa bona. Diphoso dietswa ke batho ba bangata. Empa kae kae ho teng sehlopha sedumelang nnete wa Molaetsa wa ngwaha, Modimo leha hole jwalo o nale sehlopha sa nnete.

Modimo ha Adumelle sehlopha ho timela, ka phoso tsa bona, hoka fedisa nnete. Nakong ya Noahe ebile batho ba 8 baneng bale kgahlano le dimilione. Sehlopha sa bomosedumele.

ISAIA 59:20 Ha sera sephalla jwalo ka metsi, Modimo Ophahamisa maemo kgahlano le sona.

Mookodi ke selekane sa kereke tsena tse supileng tsa mongwaha. Bohato ba pele hoka pholosa motho ho tloha ka nako ya Morwallo wa Noahe. Sena sene seemetse kolobetso ya metsi. Badumedi, batletse lefatshe lena lohle, bahloka kolobetso ya metsi. Bohato ba bobedi ke poloko ka madi.

Baditjhaba ba kabang 2700 dilemo kamora Morwallo, Bajude bane bahloile Jesu hoo baileng ba Monkela ntle ho Mothakgisa. Ka tsela eo Madi a Hae Atsholoha hore lefatshe le bolokehe ke seo.

Ntho enngwe le enngwe eneng e ama Madi A Jesu ene ebolokeha. Ke Madi A Jesu feela a pholosang kapa ho tlosa dibe, lefatsheng, le Lehodimong.

Golgotha ene ele tshiboloho ya tshwarelo ya dibe. Ena ene ele nako ya poloko ka matsatsi a 2300 hoya ka boporofeta (letsatsi le emetswe ke selemo hoya ka Mangolo).

Labane are ho Jakobo ha Jakobo abotsa ka Ragele jwalo ka mosadi wa hae.

GENESE 29:27 Phethela veke ya hae, mme obe osebetse bakeng sa hae lemo tse supileng.

Lemo tse kabang 2000 difetile bakeng sa Gologotha yaba Matshwenyeho a Maholo.

Metsi, Madi, le Mollo.

Kamekga emeraro, lefatshe eba puso ya lemo tse 1000 puso ya Jesu le Monyaduwa, kereke ya sebele. Leo ene ele leano la Modimo.

Ebe ele hore Morwallo ofedile, Modimo le Selekane sa Hae. Kamora Morwallo, bobe bone bole tlasa puso ya Nimrod toreng ya Babele. Mona ke hona moo Babylona e ahilwe.

Ho tloha ditshwantshong, bodemona, thuto tse fosahetseng, le polytheism (medimo emengata) ho hasa ditaba, Nimrod akopanya baahisani ba hae hore baetse mmuso wa motho.

 

 

GENESE 10:9 Ebile setsomi se seholo kapela Morena: moo ho ilweng hathwe, Esita le Nimrod setsomi seseholo kapela Jehova.

Batho bakgetha seo ebileng sa Nimrod ho nale seo sa Modimo. Phoso ekgolo ke hose mamele Lentswe la Modimo.

GENESE 10:10 Mme mmuso wa hae ene ele Babele, le Ereke, le Accade, le Kalene, naheng ya Shinare …

Batho mmusong bamamela moetapele. Batho bane ba boleletswe hore baetse eng. Mohopolo wa bona one ole ho moetapele wa bona. Bane basa inahanele. Bane basa dumella ho inahanela. Mehopolo ya bona ene eitshetlehile ho moetapele.

Banna ba bohlale barutehileng ba bodumedi. Batho ba bona seo base bontshwang. Bahatellwa hoka etsa seo.

Badumela hore mang kapa mang ya ka thoko ho bodumedi ba bona ophoso. Bodumedi ba batho keho aha mmuso wa bona eseng wa Modimo.

Ebe ka tsela eo Modimo O bile motho wa Hae maemong ao, Abrahama, ka Baditjhaba kamora lemo tse 420 Morwallo ofetile.

Bobe bonale ntlo kgolo mane Tigris le nokeng ya Eufrate. Bane bathabela hoka rapela medimo emengata, jwalo kaha BaEgepta bane baetsa.

 

 

Abrahama afallela Ure ho Harane tlasa tshusumetso ya ntatae Terah. Ha Terah aeshwa, yaba Modimo osebetsana le Abrahama (Abitsa Abram) Ammitsa, lemong tse 75. Ho bolelang Lefatshe la Tshepiso eleng Jerusalema kajeno.

Jerusalema ene esoka e ahuwa nakong ya Abrahama. Mola o motala o bontsha motsama wa Abrahama ha Modimo Ane Ammitsa hotswa tumelong ya pagane.

Hoka pholosa ditloholo tsa Abraham s, Modimo wa etsa selekane le Abrahama le peo ya hae.

Ka tlhaho selekane seo sene ele sa leloko la Israele peo ya Abraham (bongata), bara ba hae le ditloholo, bao eleng Bajude batshepiso.

Empa selekane selokela ho phethwa ke Jesu Kreste, Peo ya semoya (bonngwe) ya Abrahama, haho tejwa. Jesu one alokela hoba Messia.

GENESE 12:7 Yaba Morena Aitlhahisa ho Abrame, mme Are, ho Peo ya hao ketla eneha naha ena: mme kemoo a ileng aha aletara bakeng sa Morena, ya ileng a itlhahisa ho yena.

Peo ya Abrahama, Mora wa nako etlang, Otla rua lefatshe.

GENESE 17:7 Mme Ketla etsa selekane le ditloho tsa hao tsa nako etlang, mme Ketlaba Modimo wa bona, le peo ya hao etlang.

GENESE 17:21 Empa selekane ketla seetsa le Isaka, eo omotswalletsweng ke Sara ka nako ena lemong setlang.

GENESE 21:5 Mme Abrahama one ale lemo tse lekgolo, ha mora wa hae Isaka atswalwa.

Hoka etsa selekane le Abrahama (jwalo ka ntate) hoba le mora wa hae Isaka one a lokela hoetsa mora wa hae sehlabelo.

Abrahama one a dumela hore ha abolaya Isaka, Modimo Otla tsosa Isaka bafung. Leha hole jwalo, Modimo O ile A boloka Isaka.

Empa sena ene ele setshwantsho sa Mora wa semoya wa Abrahama eleng Jesu. O ile Ashwa Aba Atsoha bafung.

Selekane ene ele se Mora wa semoya wa Abrahama, Jesu.

Ka tsela eo ebile nako ekae kamora mora wa nama wa tshepiso wa Abrahama, Isaka?

Hokeke haeba le setjhaba seseng pele ho Israele hofihlela Abrahama ahlahisa mora, Isaka.

Hokeke haeba le kereke enngwe pele Israele ehlahisa Mora wa semoya wa Abrahama, eleng wa bona Messia.

Ka tsela eo eba nako ekae ya mora nama Isaka ho leba sefapanong?

Sehlabelo hoya mane Golgotha ka nako ya Jesu Kreste. Tshepiso ya Messia, Mora wa semoya wa Abrahama, sena se sebeletsana hantlele selekane sa Abrahama le mora wa nama Isaka.

Ho tloha tswalong ya mora wa nama eleng Isaka hoisa lefung la Jesu ka lemo tse 2300 tsa Bibele.

Abrahama one a neilwe mora Isaka. Lefatshe lohle letla hlohonolofatswa ka Mora, Jesu.

Selekane sa semoya Jesu setshwana sa Selekane sa Abrahama sa Lefatshe la Tshepiso ho Bajude. Hoka tiisa selekane sena sa Abrahama sa bulela Baditjhaba tsela, bakeng sa Lefatshe la Tshepiso la semoya eleng Nnete ya Lentswe la Modimo.

Lentswe, kapa Bibele, etlaba Lefatshe laba Kreste. Batla phela hoya kamoo Bibele ebatlang.

Tshepiso ke Moya o Halalelang eleng Lentswe le senotsweng Bibele ho bona, maemo a mongwaha ona.

DIKETSO 2:38 Yaba Peterose ore ho bona, Bakang, mme le kolobetswe emong le emong ka Lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme letla fumana Moya o Halalelang jwalo ka mpho.

39 Hobane pallo eo ebaletswe lona, le bana ba lona, le baleng hole, esita le bao Morena atlang hoba bitsa.

Tshepiso ya Modimo ene ele Moya o Halalelang.

JOHONNA 16:13 Hoka thweng, Moya wa Nnete, hao tlile, otla le isa nneteng:

Moya o Halelang ke Tshepiso.

Ore isa nneteng etletseng ya Bibele eleng Lefatsheng la semoya moo tumelo etsamayang teng.

Selekane seo entsweng le Abrahama ka botebo ba semoya ba Jesu Ha Atiisitse ka selekane ho kereke ya Baditjhaba.

 

GENESE 15:18 Ka tsatsi leo Morena Aetsa selekane le Abram, are, ho Peo ya hao ketla eneha Lefatshe, ho tloha Egypeta nokeng ekgolo, noka ya Eufrate:

Eufrate ene ele moeding wa Babylona. Mona ene elokela hoba qaleho ya dophiri Babylona etlang ho tloha Persia le mmuso wa Bagerike bafella pagane mmuso wa Roma ka tshwaetso ya kereke ya Roman Catholic.

Babylona e emetse tumelo. Egypeta, lehae la modingwana wa letsatsi pagane ya rapelwang, ke bopaki bakgalalelo. Modimo One Abatla Lefatshe la Tshepiso la semoya , eseng tumelo ya batho. Kamorao ho moo balatela, mekgatlo ya batho.

 

Selekane sa nama pakeng tsa Modimo le Abrahama , jwalo ka ponahatso, dibata tse tharo dikgaotsweng ka mahlakore. Halofo sebata ka seng dirobaditswe ka lehlakore. Dipata tsena dine dietsa mokete. Mekete eo eneng etla phethelwa sefapanong ke Kreste.

GENESE 15:9 Yaba ore ho yena, nka namane e lemo tse tharo, le sethole sa poodi selemo ditharo, le pheleu elemo tse tharo, le leebakgorwana, le leeba.

Pheleu ene e emetse Morena Jesu Kreste. Abrahama one ale tseleng ya ho bolaya Isaka ha Modimo Amoesa mme A hlahisa pheleu bakeng sa Isaka.

GENESE 22:13 Yaba Abrahama ophahamisa mahlo, mme a tadima, pheeleu ene etshwasehile sefateng sa leoka: ya Abrahama onka pheleeu, mme ae etsa sehlabelo ho nale mora wa hae.

Pheleeu ene esa balehe. Ene etshwasehile ya eshwa ho nale Isaka, Mojude alemong. Ka tsela eo mora wa Abrahama abolokeha. Jesu, Mora Wa semoya wa Abrahama, One Ale moholo haholo.

Bophelo ba Hae bone ele ho pholosa batho. Ha Akaba Aleka ho Ipholosa. Jesu, jwalo ka Pheleeu, ha Aba Abaleha.

O ile Athakgiswa bakeng sa dimillione tsa baetsadibe, bao eleng Baditjhaba. Ka tsela eo ha Jesu Aphetha selekane, selekane se ile sa phetheha.

Bokreste ke bona feela bodumedi boitshetlehileng hodima bodumedi bobong , hoya ka Molao wa Bajude. Molao wa Bajude one o tebile haholo.

ISAIA 42:21 Modimo Othabela balokileng; Otla phethahatsa Molao, mme Ao hlomphe.

Isaka, Bajude, ba ile bathabela ha a isa a phetse, rona re thabela ha Jesu A shwetse dibe tsa rona.

Ka tsela ejwalo re nale selekane sa sebele. Mohlala wa bobedi ke poodi. Mojari wa dibe.

Poodi tse pedi tse jerweng ke Bajude. Poodi ele nngwe e ile ya hlabelwa dibe tsa Bajude.

Abrahama one ahlahisa halofo, ka poodi eshweleng. Selekane sa tlhaho sa Abrahama sene selokile, empa sesa fella.

Jesu One Atla phetha selekane seo. Jesu One Anale mesebetsi emmedi. One A lokela hoka phetha mesebetsi emmedi eo ya selekane. Moya o Halalelang o moholo, One Alokela hoka lopolla Mmele, mme Anke dibe tsohle tsa rona. Jwale Satane one a lokela ho lopolla batho.

Ka tsela eo Jesu Ashwe ho lokolla dibeng. Ene ele tsela ya ho phonyoha.

LEVITIKE 16:8 Mme Aarone one alahlela bongata ho poodi; enngwe bakeng sa Morena, enngwe bakeng sa melato.

“Ho lahlela” ho bolela ho kgetha ho shwa. Bajude bakgetha hore hoshwe Jesu ho nale mmolai Barabbase.

LEVITIKE 16:9 Mme Aarone one atlisa poodi ho morena bakeng sa ditshito, jwalo ka sehlabelo sa sebe.

LEVITIKE 16:10 Empa poodi, eneng ejara molato, ene etliswa ephela ho Morena, hoka etsa sehlabelo, mme elokollwe thoteng hoka itsamaela.

Poodi ya bobedi eya nahathote. Ebonahatsa Moya o Halalelang o tlosa dibe tsa rona.

Moya o Halalelang ha Oyaka Waeshwa mane Calvari. Lefu ke karohano ya mmele le moya.

Ka tsela ejwalo ha Jesu Ane Ashwa, Moya o Halalelang O ile wa Mosiya waya diheleng hoya bonana le Satane.

Nama ekgubedu, sehlabelo sehlwekileng, eile ya tjheswa molora wa yona wa tshelwa metsing jwalo ka sehlabelo sehlwekileng.

EXODA 12:2 Ona ke monko omonate o ratwang ke Morena, oreng, Bua le bana ba Israele, batlise namane etona esenang molato, leha ehlwekileng, esokang kenywa joko:

Joko e etseditawe hore phoofolo emamele motho. Namane ena tona ha esoka ekenywa joko. Nna le wena rekeke ra etsa hore emamele dikereke.

NUMERE 19:3 Mme otla moneha Eleazare moprista, hore aetlise diahelong, mme etla hlajwa kapela mahlo a hae:

Jesu O ile Ashwela Calvare, kantle ho motse wa Jerusalema. Kaiafase Amolatofatsa ka leshano ho lokolla emong, kapela Ponto Pilato, hore ba bolaye Jesukapela Kaiafase.

NUMERE 19:4 Yaba Eleazare onka madi ka monwana, afafatsa setjhaba ka makgetlo a supileng:

Makgetlo a supileng ke pontsho ya dikereke tsa mongwaha tse supileng Jesu atla haswa bakeng sa lefatshe.

NUMERE 19:5 Mme otla etjhesa; letlalo la yona, le nama ya lona, le madi a yona, le boloko ba yona, ditla tjheswa:

Ditla tjheswa. Jesu Otsamaile mollong wa dihele hoka hlola Satane, Lefu, Dihele, le Lebitla.

TSHENOLO 1:15 Maoto a Hae ene eka koporo etjhesitsweng, jwalo ka sebopi sa mollo;

Hone hoeketsehile ha raro hoka motjhesa.

NUMEERE 19:6 Mme moprista otla nka mashala a patsi ketare, le hisopa, le scareleta, mme a dilahlele mollong wa namane.

Kedare ke patsi efuedu, e emetse sefapano. Bohloko ba hotjha ha Jesu.

Hyssopa ke lehola le tlwaelehileng, sehlahla se senyane. Sefumaneha hohle. Ke tumelo eo. Kaofela re dumela hore dijo tsa rona ha dina tjhefu. Re nale tumelo ya hore re tseleng enepahetseng.

Tumelo ke ntho etlwaelehileng. Re lokela ho ithuta ho sebedisa seo ka Bibele. Bajude bane ba sebedisa hyssopa hoka tshasa madi a konyana menyakong ya bona. Sena sene setshwantsha sefapano hoya Lehodimong.

EXODA 12:22 Mme letla sebedisa hysopa, ka madi a senwelong mme le ekenye ka hare ho madi ao, mme le fafatse dikoseneng tsa mamati;

Ntho ebobebe, tumelo Madi a Christe Jesu ho tloha sefapanong hoisa pelong. Secareleta ke Madi A Kreste a tlosanng dibe. Rahaba o ile a leketlisa secareleta maboteng a Jeriko. Seo se ile sa pholosa lelapa la habo ha mabota awa.

JOSHUA 2:18 Bona, ha lekena hara motse, mme letla leketlisa secareleta sena difenstereng tsa diahelo tsa lona:

Lengolo lere laela leho re hlokomedisa karohano.

NUMBERE19:9 Mme motho ka mong a tshele molora wa namane eo ha hae, le kantle ho motse, mme otla bolokelwa bana ba Israele bakeng sa karohano: eo ke tokafatso ya sebe.

Ke bahlatsitsweng ka Lentswe feela ba mamelang seo. Molora hao bole. Lentswe la Modimo lea re boloka, hantle feela jwalo ka kereke ya pele. Lentswe ha lefetohe, kapa ho bola, kapa hofellwa ke matla.

BAEFESE 5:26 Letle lehlwekiswe ka metsi a Lentswe,

Lentswe lebolela tlhwekiso ka lona.

Ka tsela eo Abrahama o ile anka phoofolo tse tharo, seo sene setshwantsha seo Kreste Atlang hose etsa, mme adarola ka lehare. Adipalamisana hodimo.

Mane Calvari, Modimo One Atla arohanya Kreste ka lehare.

Aranthanya mmele wa Hae ka lehare hoisa lebitleng. Tsoho ya Mmele hoisa diheleng. Ebe Oromela Moya o Halalelang. One otla etsa kereke elefatsheng hoka dumela Kreste ya Lehodimong.

Modimo karolong tse pedi “halofo tse pedi”.

Modimo Atsamya ka hare ho mmele empa Ale Lehodimong teroneng. Ona Modimo oo Otsamaya ka hare ho pelo tsa banna le basadi.

 

 

Hobaneng ha diphoofolo tsena tse tharo dine diarolwa ka mahlakore?

Sena sehodima boraro. Modimo Obona lefatshe jwalo ka mefuta emeraro, Bajude, Basamaria (karolo ya Bajude le Baditjhaba), le Baditjhaba. Kreste Ahapa Baditjhaba Atsoha ka tsatsi laboraro. Kereke ya Baditjhaba, ha nnete efenetha ka nako ya Mengwaha eLefifi, Otla tsoha ka tsatsi laboraro.

Tokafatso ya Luther kerekeng ya mongwaha ya bohlano ka Reformara.

Kgalalelo ka Wesley ka tsoseletso ya kereke ya mongwaha wa botshelela. Matla a Pentecostale kaho senola diphiri tsa Bibele kerekeng ya bosupa pusetsa hoya ho Bibele kerekeng ya pele ya baapostola. Ntho tse tharo tsa pele ho Jesu sefapanong. Metsi, Madi, le Moya.

Metsi a Lentswe, Madi a Jesu, matla a tsoseletso a Lentswe.

Modimo Ntate (kahodima Bajude), Mora ho Bajude (jwalo ka Emmanuele), le Moya o Halalelang (ka motsamao ho Baditjhaba).

GENESE 15:10 Mme tsena tsohla Aditlisa ho Yena, mme adiarolo ka hare, mme apalamisa enngwe hodima enngwe: empa dinonyana adilesa.

Mme dinonyana diemetse pholoso le pholo okeke wa diarohanya. Haeba Modimo Aetsa selekane saho pholosa motho, ebe Modimo Otla sebedisa sona selekane seo hoka fodisa motho.

GENESE 15:11 Mme yare ha dinonyana ditheohela hodima ditopo, Abrame one a dileleka.

Ka nako ya mantsibua, dinonyana kapa manong ane a theohela hodima ditopo tseo. Moporofeta Abrahama one a dileleka. Selekane sa hae ene ese sa dinonyana le manong. Sena sehlalosa nako ya bofelo. Phirimana.

MATTHEU24:27 Hobane jwalo ka lehadima lehlaha botjhabela, mme le leba bophirima; ka tsela eo hotlaba jwalo le hotleng ha Mora motho.

Lehadima la Evangedi mane Palestina mongwaheng wa kereke ya pele nakong ya Mengwaha e Lefifi. Lesedi la Evangedi lahlahela Reformation yamengwaha yabo 1500 ka Martin Luther mane Germany akgutlisetsa Tokafatso. Ka tumelo.

Lesedi mane England jwalo kaha John Wesley ane a kgutlisetsa tshebeletso ya kantle. Dineo tsa Pentecostal tsa qala mane Tsoseletsong ya Welsh ka lemo sa 1904 mane England mme ya tlala Azusa street mane Los Angeles hola Amerika ka 1906.

William Branham ka 1963 hola Amerika asenola diphiri tse patilweng bakeng Monyaduwa.

MATTHEU 24:28 Hobane moo setopo seleng teng, obona ka dintsu.

Manollo ya ditiisoya bitsa dintsu. Eleleka dinonyana le manong. T

huto tsa moporofeta wa nako ya bofeelo wa Baditjhaba dileleka mekgatlo le tumelo ya yona.

One abolela hore kereke ekgutlele Selekaneng Sesetjha. Ke ntsu feela tsa semoya tse utlwang phiri tsa Bibele.

Nonyana kapa manong ha autlwe temana tsa Bibele, hoka khouta ka phoso, kapa kgahlano, kapa hoba thata ho utlwa, kapa phoso tsa Bibele temana tseo.

“Re lokela hoka tseba”, Monyaduwa ke malepa a diphiri tsa Bibele a lokela hoka manollwa.

“Re lokela hoka tseba?” barwetsana ba mawatla. Botswa ba monahano ho Bibele.

Genese 3:1 "Na hoitsweng. Na Modimo Oitse?"

Ene ele sepente(noha) etlisa pelaelo. Bongata ba dikereke bodumellana le sena.

HABAKKUKE 2:3 Hobane dipono ke tsa nako etlang, empa qetellong ditla bua, mme hose leshano: ka motsamao, re emela seo; hobane ditla phethahala, mme ekeke tsaeba tsa mafelo.

Empa pheletsong ya nako, diphiri tsa Modimo ditla senoha le ho utlwisiseha.

Selekane sa Abrahama seqadile kaho robatsa Abrahama. Hone hose karolo eo aneng a ebapala. Selekane sene sesa itshetleha hodima mesebetsi.

GENESE 15:12 Mme ha letsatsi lene le dikela, Abrame one atshwarwa ke boroko; mme, bona, botshabeho balefifi.

Letsatsi ha ledikela ke nako ya mantsibua, eleng mongwaha wa kereke wa bosupa. Abrahama arobala. Sena sehlalosa habedi.

Ntho ya pele ke hore haho karolo eo ae bapalang.

Modimo ha Ahloke thuso ya motho. Hone hose mosebetsi bakeng sa Abrahama bakeng sa selekane le Modimo.

One a ile a bolaya diphoofolo bakeng sa selekane le Modimo.

Boroko botshwantsha lefu, pheletso ya moetsadibe.

Lefifi le leholo ke pheletso ya mosedumele le moetsadibe. A wela ka hare sekoting selefifi.

Haho lesedi ha batho batswa ka hare ho Bibele.

PESALEMA 119:105 NUNE. Lentswe la hao ke Lesedi, la maoto aka.

Ebe Modimo Otswela pele ka selekane.

GENESE 15:17 Mme ha etsahala, hore, ha tsatsi le dikela, mme haeba lefifi, bonang mosi wa setjheso, le malakabe mahareng asona.

Musi. Moo mosi oleng ho nale mollo. Lelakabe ke mollo o bohale.

Mollo wa dihele. Pheletso ya bosafele. Empa re fumana selekane ka yena. Kganya efeta mahareng a tsona.

Lesedi letlisa poloko mahareng.

JOHANNE 8:12 Yaba Jesu Obua hape Are, hobona, Ke Lesedi la lefatshe:

Jesu ke Lesedi la lefatshe.

Lesedi lena le emetse kganya.

Jesu One Atlahwa mahareng a Bibele, Selekane Sesetjha le Selekane sa Kgale.

Moya wa Hae One otlaya diheleng. One Atla tsamaya seboping sa mollo wa Satane.

Kreste Obonahala ka wiki ekang boya ba nku jwalo ka Moahlodi e Moholo.

Lehloyo la Hae ene eka mollo mahlong a Hae. Moahlodi ka wiki etshweu. Moahlodi o lebella sohle selokileng.

TSHENOLO 1:14 Moriri ene eka boya ba nku, ole mosweu jwalo ka lehlwa; Mahlo a Hae eka lelakabe la mollo;

Ke lona lebaka leo re kekeng ra ipholosa. Leha ele ka mesebetsi emetle.

ISAIA 64:6 Empa bohle ha rea hlweka, ho loka ha rona ho tshwana le lesela le ditshila;

Ebe maoto a Hae Atsamaya hodima le lakabe.

TSHENOLO 1:15 Mme maoto a Hae eka koporo, etjhesitsweng;

Rekeke ra utlwisisa theko eo Kreste Ae lefileng. Jesu Yena feela one Aka emela motjheso oo.

Bohale ba Modimo boile bawela hodima Jesu.

ISAIA 63:3 Ke beile tshepo hodima morara; mme ho batho hose lea mong:

Jesu Ohlotse Diabolosi Atheohela diheleng Anka senotlolo sa dihele.

I BAKORINTHE 2:8 Eo hoseng lea mong wa lefatshe lena ya tsebeng: hobane hoja bane batsebile seo, ekabe basa thakgisa Morena wa kgotso.

Phoso ekgolo ya Satane keho bolaya Jesu. Sepoko ke moya wa motho ya shweleng.

GENESE 25:8 Yaba Abrahama anehela moya, mme ashwa.

Ke moya wa mofu feela okayang diheleng. Moya o Halalelang wa Kreste o ile waya diheleng.

Empa ha Kreste Aeshwa Moya wa Hae O ile wa fetoha, Moya o Halalelang, hobane mmele wa Hae one O leketla sefapanong.

Hoeketsa taba ena, Jesu O ile A amohela dibe tsa rona, ka tsela ejwalo Moya o Halalelang wa nka sebaka maphelong a rona.

Moya o Halalelang wa lahla dibe tsa Satane jwalo ka Jesu wa lefa molato wa dibe. Satane one apata dinotlolo bakeng sa sena diheleng.

TSHENOLO 1:18 Ke ya phelang, Kenebe Ke shwele; mme, bonang, Keya phela kahosa feleng, Amen; mme Ke tshwere dinotlolo tsa dihele.

Jesu Oshwlw mme Ahlola Satane, Lefu, Dihele, Lebitla mme Ophela ka hosafeleng.

Sena ke mohlala wa Isaka.

GENESE 22:1 Mme haisa isa kamora tsohle ha difetile, Modimo wa leka Abrahama, mme Are, Abrahama: yaba ore, Bona ke nna, emwa.

2 Mme Are, Nka mora wa hao, yale mong feela Isaka, eo o moratang, mme olebe naheng ya Moriah; mme o Nketsetse sehlabelo teng.

Abrahama jwalo ka ntate wa Isaka. One anka leeto hoya Thabeng ya Moriah moo Tempele eneng etlaba teng ka tsatsi le leng, Abrahama abolella mohlankana enwa moo atlang ho ema teng.

GENESE 22:5 Yaba Abrahama ore ho mohlankana, Sala mona le pokola ena; mme ketla nyolosa hoya rapela, mme ke kgutle.

Abrahama one atseba hore o lokela ho bolaya Isaka. Leha hole jwalo are ho Isaka otla kgutla. Ho bolelang hore Abrahama one anale tumelo etletseng ho Modimo.

GENESE 22:6 Yaba Abrahama onka patsi bakeng sa sehlabelo, mme ae beha hodima Isaka mora wa hae; mme anka mollo, le thipa; mme banyoloha bale babedi.

Isaka jwalo ka mora wa nama wa Abrahama ajara patsi.

Jesu Mora wa semoya wa Abrahama o ile ajara sefapano. Empa Isaka ha aka ashwela dibe. Ka tsela eo lefu la Isaka lene lese bohlokwa.

Ka tsela eo Modimo One Asa hloke hore Isaka ashwe.

Ka tsela eo tswalo ya Isaka ene eleqaleho ya boporofeta ba matsatsi a 2300.

Tswalo ya Isaka ene ele setsheho le thabo ho Sara.

Selekane sa nama sa Abrahama le Isaka ba neile Bajude Lefatshe la bona la Tshepiso.

Empa lefu la Jesu lene le tiisa lene le botsha ha Jesu semoyeng ele Peo ya Tshepiso ya Mora wa Abrahama, ka tsela eo.

Yaba Jesu phethahatsa seo kaho tsoha ha Hae, ene ele Yena feela ya neng Aka etsa seo. Lefu la Hae le ile la tlisa thabo ho dimillione lefatsheng.

Ka tsela eo lefu la Jesu ene pheletso sepoprofeto.

GENESE 15:18 Hona tsatsing leo Modimo A ileng A etsa selekane le Abrama, Are, ho peo ya hao Kebaneile lefatshe lena, ho tloha nokeng ua Egepeta ekgolo, nokeng ya Efrate:

Pele Modimo Oentse selekane sa tlhaho le Abrahama bakeng sa karolwana ya lefatshe. Lefatshe le lenyane bakeng sa Israele le lenyane ho nale la semoya.

Ebe Modimo One Ala tiisa selekane ka Kreste. Selekane sene setla tiiswa ka Madi A Kreste Jesu ho kenyeletsa Baditjhaba batlang hotswalwa labobedi.

Leha ele hore, tumelo ya Babylona ya mekgatlo mane lefatsheng la Egepeta esa kenelle kerekeng ya Modimo.

GENESE 15:13 Yaba Ore ho Abrame, tsebahore peo ya hao etlaba bajaki naheng esele, mme etla sebeletsa setjhaba seo; ka lemo tse makgolo a mane;

Empa selekane setlatla. Ho tlaba le matshwenyeho. Diphoso tse ngata ditla hlolwa. Batla latolwa leho qoswa. Pheletsong kereke etla amohela tumelo ya bona.

Jwalo kaha hona jwale re nale mekgatlo efetang 45000 le bao eseng mekgatlo. Ho nale phetolelo tse kabang 100 tse fapaneng tsa Bibele ya Senyesemane.

Ba leka ho batla nnete ya tumelo. Bakereki ba nale mehopolo efapafapaneng, menahano, le ditumelo.

TSHENOLO 18:4 Mme ka utlwa lentswe le holetsa hotswa lehodimong, lere, Tswang hara bona, lona setjhaba saka, lese ame dibe tsa bona, letle leseke la angwa ke kotlo tsa bona.

Motho ka mong obatla nnete ya Bibele ka tsela ya kereke. Ho hlalosa temana ya Bibele kaho kopanya temana tse ngata tsa Bibele.

Lefu, lepato, tsoho ya Jesu etiiswa ke Selekane sa Kgale le Selekane Sesetjha.

JEREMIA 31:31 Bonang, matsatsi ayatla, ho bolela MORENA, ao ka ona Ketlang hoetsa selekane le ntlo ya Israele, le ntlo ya Juda:

32 Eseng selekane seo Nkileng ka seetsa hake bantsha Egepeta; seo baileng base seboloke, leha kene kele monna wa bona, ho bolela MORENA:

33 Empa sena selekane seo Ketlang hose etsa le ntlo ya Israele; kamora matsatsi ai, ho bolela JEHOVA, Ketla ngola molao waKa kahare ho pelo tsa bona, ka hare ho bona; mme Kebe Modimo wa bona, mme bona batlaba batho baka.

Morwallo nakong ya Noahe ebile wa pele kamora hore Adama awe.

Empa Noahe one alokile pele ho Morwallo empa kamora ona yaeba motho wa pele waho etsa sebe, kaho tawa, lekamora Morwallo.

GENESE 6:9 Ke lena leloko la Noahe: Noahe ene ele monna ya lokileng molokong wa hae, mme Noahe otsamaile le Modimo.

Mona ene ele pele ho Morwallo.

GENESE 9:20 Yaba Noahe aqala hoba monna, mme ajala difate tsa morara:

21 Mme anwa veine, yaba oya tawa; mme atsola ka tenteng.

Mona ene ele kamorao ho Morwallo.

Ka tsela eo Modimo One Alokisitse leano laho pholosa motho.

Modimo wa kgetha Abrahama Selekaneng sa Kgale wa etsa tshepiso le peo ya hae. Selekaneng Sesetjha wa phethisa seo aseentseng le Abrahama ka Jesu.

MATTHEU 1:1 Ke ena buka ya leloko la Jesu Kreste, mora wa Davida, mora wa Abrahama.

Ka tsela eo Abrahama abapala karolo ekgolo ka Jesu. Ho tloha mengwaheng ya tswalo ya Isaka, mora wa tshepiso wa Abrahama, hoisa lefung, lepatong, le tsohong ya Jesu eleng Mowa wa tshepiso wa Abrahama.

(Ke lona lebaka leo Modimo Asakang Are laela ho keteka letsatsi la tshwalo la Jesu).

Nako ena enka matsatsi a 2300 aseporofeto sa Daniele.

Jesu Ohlotse thuto ka hlalosa nako ya Abrahama.

MATTHEU 22:31 Empa haele tsoho ya bafu, na ha lea bala, moo hothweng,

32 Ke Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo? Modimo hase Modimo wa bafu, empa waba phelang.

Abrahama obile teng tsohong ya bafu. Ke lona lebaka leo a ileng afana ka Isaka mora wa hae bakeng sa sehlabelo.

Otsebile hore Modimo Otla motsosa tsohong ya bafu Isaka bafung jwalo kaha Modimo Atshepisitse peo ya hae (kapa mora) hoka roha Naha ya Tshepiso.

Kgetlo la pele Modimo Aile Aetsa mmele wa motho ya moholo bakeng sa ho bua le motho, le Abrahama.

BAHEBERU 7:1 Hobane Melkisedeke enwa morena wa Saleme, mopriesta wa Modimo O Moholo, ya ileng akopana le Abrahama aetswa hlola marena, mme O ile Amohloholofatsa;

2 Eo Abrahama aileng a montshetsa boshome ba tsohle; eo ereng haho fetolelwa eleng Morena wa kgotso, abileng ele Morena wa Salema, eleng, Morena wa kgotso;

3 Ya senang ntate, mme, leloko, matsatsi a tswalo, leya bofelo; empa Aentswe jwalo ka Mora wa Modimo; atswella ka boprista.

Modimo Aiketsetsa Mmele Ao bitsa Melchizadeke. One Atlilo kopana le Abrahama. Hang ha Melchizadeke Aqetile ka Abraham, Mmele wa Hae o ile wa nyamela hape.

Melchizadeke ha Aka Atswalwa jwalo ka Ngwana. Hone hole tshepso lefatsheng eneng elokela hoka phetheha. Ntle ho moo, hobane Melchizadeke ene ele Modimo Nameng, One Atshwana le Mora wa Modimo, Jesu.

Modimo One A ile Aetsa selekane le Abrahama le peo ya hae ya Bajude. Jwalo ka Melchizadeke, Modimo One Ale Nameng.

Haho motho ya kileng anka karolo tse pedi. Matla ka boqhetseke. Jwalo ka Jesu, Modimo One Atla tswalwa jwalo ka Motho ele Ngwana.

Jesu ene ele Motho wa pele kamora Melchizadeke eneng ele Morena le Moprista.

Ho bolelang hore selekane sena se ile sa tiiswa ke Yena, Peo ya semoya ya Abrahama. Tlhatsuo ya poloko ka madi.

BAHEBERU 9:22 Mme tsohle ka theko ya madi; hobane ntle le madi poloko haeo.

Sehalalelo Lehodimong le sona selokela hoka hlatsuwa Satane ene ele lengeloi lehodimong ha etsa sebe.

BAHEBERU 9:23 Hone ho hlokahala hore ntho dihlwekiswe lehodimong; empa ntho tsa lehodimo dilokela hoba jwalo.

Tabernakele le Tempele ene ele karolo ya Lehodimo. Tsena dine dilokelwa hoka hlatsuwa ka madi. Empa hantle ntle Lehodimo lene le lokelwa hoka hlwekiswa ka madi a Jesu.

BAHEBERU 9:24 Hobane Kreste ha Akaba Akena sehalaledisong seentsweng ka matsoho, eleng sebopeho sa nnete; empa Lehodimong ka bolona, bakeng saho hlaha kapela Modimo bakeng sa rona:

BAHEBERU 9:11 Empa Kreste Otlile jwalo ka Moprisa emoholo, ka tokafalo ya tabernakele elokileng, esa etswang ka matsoho, ele hore sena sebolela, eseng ka moaho ona;

Sena ke sehalalelo sa Lehodimo. Eleng sehlatsitsweng ke Madi A Kreste.

BAHEBERU 9:12 Eseng ka madi a dipodi kapa manamane , empa ka Madi A Hae A halalelang, kahore fumantsha topollo.

Madi a Jesu Alokela hore hlatswa ntweng ya Lusufera. Madi A Jesu setulong sa Mohau lehodimong aya re hlatswa.

54-0515 DIPOTSO LE DIKARABO

Kamora mosebetsi, kamora hore Jesu Kreste, athakgiswe, tlhatsuo ya sehlabelo,

64-0629 MODIMO O MATLAHADI O SENOTSWE KAPELA RONA

Jwale, ha lesira letloha mane Calvari, setulo sa mohau sa dula sele feela. Empa se ileng saetsahala ke horeng? Sene seleketlile mane Calvari, sephutsa Madi. Hobane bane balokela ho nka Madi, selemo le selemo, tlhatsuong ya sehlabelo ka madi, moo, Modimo, ka matlahadi a sehadima, atabola lesira ho tloha hodimo hoya fatshe, mme setulo sa mohau sa sala sele feela.

Nnete, Konyana ya Modimo ya sebele ele mane Calvari, Setulo sa sebele sa Mohau, ha Modimo Alefa theko, ka Boyena; mme afetoha hoba emong wa rona, mme Aiponahatsa jwalo ka Motho, mme eba emong wa rona, mme re moamohela le rona. Setulo sa Mohau saeba pepeneneng ho Israele ka tsatsi leo la Tlhatsuo.

61-0618 TSHENOLI KGAOLO YA BOHLANO TEMANA.2

… ho tloha hoqaleng sehlabelo sene selokela hoka hlatsuwa, kapa Kreste Alebe Calvari, hone hole matsatsi a mashome a mane aseo.

DANIELE 8:14 Yab Ore ho nna, ka matsatsi a kete tse pedi le makgolo a mararo; ebe sehlabelo setla hlwekiswa.

Abrahama tumelo ya hae ene eitshetlehile hodima tsoho. Abrahama, Isaka, Jakobo, le Josefa kaofela bapatuwe Lefatsheng la Tshepiso. Bane batseba hore tsoho etlo qala moo. Kaofela ha bona bahalaledi ba Selekane sa Kgale hang feela kamora tsoho ya Jesu baile batsoha bafung.

MATTHEU 27:50 Jesu, hang ha A hoeletsa, Anehela Moya.

51 Yaba, bonang, lesira la tempele la taboha ka lehare ho tloha hodimo hoisa fatshe; mme haeba le tshisinyeho ya lefatshe, mafika apetsoha;

52 Mme mabitla abuleha; mmele ya bahalaledi baneng baepetswe mabitleng ya tsoha,

53 Mme batsoha kamora hae, mme bakena motseng o halalelang, mme baiponahatsa ho bongata.

Ho bolelang hore Jesu O ile A tsosa bafu ba Selekane Sakgale.

Kaho tseba hore ho tlaba le tsoho Lefatsheng la Tshepiso, Abrahama, Isaka, Jakobo, le Josefa bohle ba ile barata hore baepelwe moo. Jakobo o laetse bana ba hae hore a epelwe moo, Abrahama le Isaka baepetsweng.

GENESE49:29 Mme abalaela, are ho bona, ke lokela hoba le baheso: mpateng le bontate mane serapeng sa Efrone le Hittite,

30 Lehaheng la tshimo ya Makpela, pela Mamre, lefatsheng la Kanana, leo Abrahama a lerenileng fatsheng la Efrone Hittite bakeng sa lepato.

31 Moo ho bolokilweng Abrahama le Sara mosadi wa hae; moo bapatile Isaka le Rebeka mosadi wa hae; moo ketla patwa le Leah.

Josefa abua le Faro.

GENESE 50:5 Ntate waka o ile are ke ikane, are, Bona, kea shwa: o mpate lebitleng laka mane Kanana, ke hona moo otlang ho mpata teng. Ka tsela eo, kea okopa, mpoloke le ntate waka, mme ketla kgutla.

GENESE 50:13 Bara ba hae ba moisa Kanana, mme ba moboloka tshimong ya Makpela, eo Abrahama a ileng a ereka bakeng sa lepato mane Efrone hola Hittite, pela Mamre.

GENESE 50:24 Yaba Josefa ore ho baena ba hae, kea shwa: mme Modimo Otlilo nketela, ke kopa le ikane hore letla mpata tshimong ya Abrahama, le Isaka, le Jakobo.

25 Yaba Josefa onka kano le bana ba Israele, ereng, Modimo Ofeela atla o etela, mme retla jara masapo a hao ho tloha mona.

EXODA 13:19 Yaba Moshe onka masapo a Josefa: ka baka la kano ya bana ba Israele, ereng, Modimo Otla leetela; mme letla nka masapo aka.

JOSHUA 24:32 Mme masapo a Josefa, ao bana ba Israele baneng batlile le ona hotswa Egepeta, apatwa Sikeme, mobung wa Jakobo aneng ao rekile le Hamore ntata Sikeme ka karolo tse lekgolo tsa silivera: mme yaeba lefa bakeng sa Josefa.

Paulose abontsha hore "peo" ele nngwe selekane seo eleng Jesu.

BAGALATE 3:16 Jwale Abrahama le peo ya hae ya tshepiso. Ha akaba are, Le dipeo, jwalo ka bongata; empa ele nngwe, mme peo ya hao, eleng Kreste.

17 Mme le letsatsing lena, selekane seo, sene sebolela Kreste, molao, oneng ole lemo tse kabang makgolo a mane le mashome a mararo, okaseke wa tloswa, olokela hoba tshepiso hang feela.

Modimo wa etsa selekane le Abrahama mme Wa setiisa ka Kreste ha Jesu ahlola sebe, tlhwekisong ya sebe ka madi, mme tsoho bafung ya bahalaledi ba Selekane Sakgale. Modimo wa etsa selekane le Abrahama mme meloko emeraro ele lethekeng la hae. Isaka, Jakobo, le bara ba 12 ba Jakobo. Juda one ale lelokong la Levi eleng karolong ya boprista ba Aarone. Monna ya neng ale matla haholo hlakoreng la boprista. Matla atshabehang.

BAHEBERU 7:9 Mme jwalo kaha ke bolela kere, Levi le yena, ya ileng a lefa boshome, karolo ya boshome ale thekeng la Abrahama.

Levi ene ele setloholo sa ditloholo sa Abrahama.

Abrahama jwalo ka motho one ale lethekeng. Motho ya neng ale mong feela ya neng akaba Moprista ene ele Jesu. O

ile Anka karolo ya boprista ya Aarone kamora Melckizadeke.

O ile Atswalwa lelokong la Juda.

Mechizadeke ene ele Modimo. Empa Aentswe ka tsela ya Motho.

Hamorao Mmele oo oneng otla kgutlela mobung.

Modimo One A ile Aetsa Selekane le Abrahama hore hotswa ho Abrahama le peo ya hae hotla hlaha leloko la Juda. Jesu Ene ele Modimo.

O ile Athakgiswa bakeng sa sebe. Abrahama le loko la hae le Melchizadeke le Jesu. Maemo a mabedi aho kopanya Motho le Mohau.

Hare shebe feela maemo ana.

DANIELE 8:14 Yaba ore ho nna, ka matsatsi a sekete le makgolo a mararo; sehlabelo setla hlwekiswa.

Na reka netefatsa seo lemo tse 2300 tsa tswalo ya Isaka hoisa lefung la Jesu? Bajude ba ile ba batla Messia eo eneng ele Mora wa semoya wa Abrahama mane Calvari.

Yaba Modimo Oya emisa ho sebetsa le bona jwalo ka setjhaba. Kamora hore a sebetse le bona jwalo ka setjhaba.

Mora wa tshepiso wa Abrahama oe a bileng le yena ke Isaka ya ileng a tswalwa ha Abrahama ale lemo tse 100. Modimo wa bitsa Abrahama ha ale lemo tse 75, kamora hoshwa ha ntatae Tera mane Harane.

GENESE 11:32 Mme matsatsi a hophela ha Tera ene ele lemo tse makgolo a mabedi le metso e meraro: yaba Tera o ya shwa mane Harane.

GENESE 12:4 Ka tsela eo Abrama atloha, jwalo kaha Jehova A laetse; ya onka Lota atsamaya le yena: mme Abrame one ale lemo tse mashome asupileng le metso emehlano ha ane atloha Harane.

Hareke re baleng hoya ka pale ya nako ya rona.

Bo rahistori ba bala ho tloha nakong ya puso ya Solomone kae kae mane lemong tsabo 960 pele ho lefu la Kreste, kapa 970 BC, kapa 986 BC, kapa 992 BC. Bahlokomela bothata banako tseo le matsatsi ao. Sena oka sehlokomela ka lemo tse 30 esale ehlahisitswe.

Otla hlokomela haokare olokisa matsatsi atswalo ya Isaka leho kenyeletsa sena ka hare ho matsatsi a Bibele mme otla hlokomela hore antse aya ho wa puso ya Solomon. Ha sena seka etsahala, ebe olokisa a Isaka atswalo.

Matsatsi ane a itshetlehile ka puso.

Augustus ene ele mmusi emoholo wa Roman I ileng ashwa ka 14 AD.

Matsatsi ana ahlahisitswe ka nako eo.

Mora wa hae wa mothoduwa Tiberius aqala ho busa ka 14 AD ha Senate sa Roma setsebahatsa puso eo.

LUKA 3:1 Jwale selemong sa leshome le metso emehlano sa puso Tiberiuse Sesare, …

2 … Lentswe la Modimo la fihlela Johanne mora SaKaria lefelleng.

Ka tsela eo 14 + 15 = 29 AD. Sena ke selemo sa qaleho ya mosebetsi wa Johanne Mokolobetsi.

Kgwedi tse mmala hatla Jesu ho mokolobetsa. Ka nako eo selemo sa 29 AD sene sefedile.

LUKA 3:23 Yaba Jesu aqala ho rera ale lemo tse mashome amararo,

Nako tseo ditshwana hantle. Ene ekaba lemo tse 30 AD mme Jesu one akaba lemo tse 30.

Ka tsela Bibele ehlalosa ha Jesu One Atswetswe ka lemo sa mashome a mararp. Eleng moo alemanaka eqalang teng.

Jesu one atise selekane sa Abrahama le peo ya hae.

Jesu one alokela hoba le tshebeletso ya lemo tse 7 . Empa kamora lemo tse tharo Bajude ba Molatola ba Mmolaya.

DANIELE 9:27 Mme otlaetsa selekane le ba bangata ka veke ele nngwe: mme mahareng a veke otla tiisa selekane,

Beke ke kgwedi tse supileng hoya ka Bibele. Bajude baile bafetoha dihlwela ka matsatsi a 40 Lefatsheng la Tshepiso pele batlohela. Modimo O ile Aetsa hore phaqole naha thote ka lemo tse 40.

NUMERE 14:34 Kamora matsatsi ao leileng la batla naha, matsatsi a mashome amane, letsatsi ka leng ke selemo, letla tlisa ditshito tsa lona, eleng lemo tse mashome amane, mme letla tseba hore selekane serobehile.

Haeba tshebeletso ya Jesu eqadile pele ho lemo tse 30 AD mme yaeba lemo tse 3½ etlaba oshwelle ka lemo sa 33 AD.

2300 / 70 = 33

Ka tsela eo lemo tse 2300 tsa Bibele dilekana le 2300 – 33 = 2267 tsa lemo tsa rona Baditjhaba ba Roma.

Ho tlosa lemo tse 33 tsa AD hoka kgutlela Calvare lemong seo Jesu Atswetsweng ka sona.

2267 – 33 = 2234 lemo sa BC

Hake rere Isaka otswetswe ka lemo sa 2234 BC.

(Hoetsa ntho dibe bobebe, lemo tsa Bibele ke matsatsi a 360 hoya kamoo engotsweng ka hare ho Bibele. Ebe re kenyeletsa matsatsi a Bibele).

GENESE 25:26 Mme kamora moo hwatla moena wa hae, mme atshwere serethe sa Esau; mme lebitso la hae ene ele Jakobo: mme Isaka one ale lemo tse mashome a mashome a tsheletseng ha ane abatswala.

Habedi ke 20. Ka tsela eo Isaka one ale 60 ha Jakobo ane atswalwa.

Lemo tse latelang kamora moo.

GENESE 41:46 Mme Josefa one ale lemo tse mashome amararo ha ane aema kapela Faro morena wa Egepeta. Mme Josefa ahlahella pela Faro, mme atswela lefatsheng la Egepeta.

Josefa aporofeta lemo tse 7 tsa kgora le tse 7 tsa tlala.

GENESE 41:47 Yaba ka lemo tse supileng lefatshe le tlisa kgora.

48 Mme ba bokella dijo ka lemo tse supileng, naheng ya Egepeta, mme babeha dijo motseng: le masimung, ho pota motse, ka tsela ele nngwe.

Ha lemo tse 7 tsa kgora difetile, Josefa one ale lemo 30 + 7 = 37.

GENESE 41:29 Bona, kamora lemo tseo tsa kgora Egepeta:

30 Yaba hoba le tse ding tse supileng tsa tlala; mme bongata balebaleha Egepeta; mme tlala ya anela naha yohle;

Mme tlala ya qala, boaubuti ba Josefa batla naheng ya Egepeta ho reka dijo. Josefa are hosantsane ho setse lemo tse 5 tsa tlala.

GENESE 45:11 Mme ketla obobotsa; ka lemo tse shlano tsa tlala;

Ho bolelang hore lemo tse pedi tsa tlala dine difetile, ka tsela eo Josefa one ale lemo tse 37 + 2 = 39.

Bana babo bakgutlela ho ntata bona Jakobo ya neng a eme kapele ho Faro a bolela hore o lemo tse 130.

GENESE 47:8 Yaba Faro ore ho Jakobo, O lemo dikae?

9 Yaba ore ho Faro, matsatsi a dilemo tsaka ke lekgolo le mashome a mararo:

Ka tsela eo Jakobo one ale lemo tse 130 ha Josefa anale tse 39.

Ho bolelang hore Jakobo one ale lemo tse 91 ha ane atswala Josefa.

Jwale Isaka one ale 60 ha Jakobo ane atswalwa.

Mme Jakobo one ale 91 ha ane atswala Josefa.

60 + 91 = 151 dine dise difetile esale atswalwe Isaka ha Josefa ane atswalwa.

GENESE 50:26 Ka tsela eo Josefa ashwa, ale lemo tse lekgolo lenang le metso eleshome:

151 + 110 = 261 esale Isaka ane atswalwe, ha Josefa ane ashwe.

Josefa ene ele leloko la hoqetela la peo ya Abrahama leneng lele thekeng la Abrahama ha Modimo Ane a etsa selekane le Abrahama le peo ya hae. Selekane sene seemetse mang Abrahama, Isaka, Jakobo, le Josefa.

Ha Josefa shwa selekane sa Abrahama le Modimo sene sephethahetse.

GENESE 15:13 Yaba ore ho Abrame, tseba hore peo ya hao etlaba majaki naheng ya baditjhaba, mme batla basebeletsa; ka lemo tse makgolo amane;

Bajude bane ese karolo ya bophelo Josefa.

Baile ba lokela hoemela Faro ya neng asa tsebe Josefa. Sena se ile sa etsahala kamora lemo tse 30.

EXODA 1:8 Jwale haeba le Faro emong Egepeta, ya neng asa tsebe Josefa.

EXODA 1:11 Jwale baeba basebetsi le morwalo ho bona.

EXODA 12:41 Mme base bafetile lemo tse makgolo amane le mashome a mararo, ele ntho ele nngwe kamehla letsatsi le letsatsi, hore Setjhaba sa Modimo setswe Egepeta.

Hone hole lemo tse 30 tsa kgutso le lemo tse 400 tsa tshotleho mane Egepeta pele Bajuda batswa Egepeta.

261 + 430 = 691 difetile esale Isaka ane atswalwe ha Bajude batswa Egepeta.

Solomone aqala ho aha Tempele lemong sa hae sabone.

I MARENA 6:1 Yaba lemo tse makgolo amane diafeta bana ba Israele batswile naheng ya Egepeta, lemong sabone sa puso ya Solomone hodima Israele, ka kgwedi ya Zife, eleng kgwedi ya bobedi, maqalong a kaho ya ntlo ya Modimo.

Ka tsela eo lemo tse 480 batswile tlasa kgatello ya Egepeta, baqala ho aha Tempele.

Empa matsatsi a Baahlodi ke lemo tse 111 tsa kgatello tsa merabe ya pagane. Empa lemong tse tsa kgatello base batswile kgatellong ya Egepeta.

Empa Modimo One Asa bale matsatsi ao a bokgooba.

Ka tsela eo Bajude bane basa bale matsatsi ao. Bane bale tlasa kgatello ya mabotho a pagane.

Ka tsela eo lemo tse 480 diba lemo tse 480 + 111 = 591

Hadi kopanya lemo tse 111 kgatello tsesa balweng.

BAAHLODI 3:8 Ka tsela eo bohale ba Modimo baeba hodima Israele, mme Are ho Kushanrishataime morena wa Mesopotamia: le bana ba Israele sebeletsang Kushanrishataime lemo tse leshome le metso robedi.

BAAHLODI 3:14 Ka tsela eo bana ba Israele basebeletsa Eglone morena wa Moabe ka lemo tse leshome le metso erobedi.

BAAHLODI 4:3 Yaba bana ba Israele balla ho Jehova: hobane ane anale makoloi a tshepe a makgolo a robong; le mashome a mabedi a dilemo tsa kgatello ya bana ba Israele.

BAAHLODI 6:1 Yaba bana ba Israele baetsa bobe mahlong a Jehova: yaba Oba nehela matsohong a Ba Midiane ka lemo tse supileng.

BAAHLODI 10:7 Mme bohale ba Jehova bowela hodima Israele, mme aba nehela matsohong a Bafilisita, matsohong a bana ba Ammone.

8 Yaba bahatella lehosotla Israele: ka lemo tse leshome le metso erobe, kaofela bana ba Israele baneng bale mose wane wa Jordane naheng ya BaAmore, eleng Gileade.

BAAHLODI 13:1 Yaba bana ba Israele baetse bobe mahlong a Jehova; yaba Jehova oba nehela matsohong a Bafillista ka lemo tse mashome amane.

8 + 18 + 20 + 7 + 18 + 40 = 111 ya dilemo.

Hone hole dilemo tsa ho mamela sera pele ho Lefatshe la Pallo la Modimo.

Re kgutlela nakong eo batho eneng ele makgoba Egepeta.

I MARENA 6:1 Hoisa lemong tseo tse makgolo amene le mashome arobedi tsa bokgoba ho bana ba Israele naheng ya Egepeta, ebile lemo tse nne tsa puso ya Solomone hodima Israele, ka kgwedi ya Zife, eo eneng ele kgwedi ya bobedi, ntlo ya Jehova eahilwe.

Lemo tse 691 kamora ka ke lemo tse 691 + 591 = 1282 leho qalweng ha Tempele.

Kopanya temana tsa lemo tsa Baditjhaba le Bibele 1282 / 70 = 18 ditlase.

Lemo tsa Baditjhaba 1282 – 18 = 1264.

Haeba Isaka atswetswe 2234 BC etlaba Solomone o ile aqala ho aha Tempele ka 2234 – 1264 = 970 BC

Ho bolelang hore o busitse lemo tse 4 pele ho 974 BC.

Borahistori ba bolela ha Solomone aqadile ho busa ka 960 BC le 992 BC.

Ka tsela eo lemo tsabo 974 BC dia dumellana.

Lemo tse 2300 tsa Bibele dinka hantle nako ya tswalo ya Isaka ho lebisa tlatsuong ya sehlabelo eleng Jesu mane Calvari.

Sena keha Jesu atiisa selekane, ka botebo ba semoya, seo Modimo Abileng le sona le Abrahama nameng.

GENESE 14:18 Mme Melkizedeke morena wa Salema atlisa bohobe le veine: mme ene ele moprista emoholo wa Modimo.

Melkizadeke Moprista e Moholo Atlisetsa Abrahama bohobe le veine.

Josefa one ale teronkong ha ane anale sebaki sa bohobe le veine.

Jesu Moprisdta eMoholo ka taelo ya Melkizadeke Afana ka bohobe le veini selallong.

Jesu Aroba bohobe. Sebaki sa bohobe sa bolawa ke Faro.

Qetellong, pheletso ya Bajude Lefatsheng la Tshepiso la phethwa ha MaRoma aba leleka ka 70 AD.

 

 

GENESE 14:20 Mme yaba (Abrahama) omoneha (Melkizadeke) boshome bohle.

Abrahama akopa thuso, hore Eskola afumane karolo.

GENESE 14:24 … le karolo ya banna baneng ba ile le yena, Aner, Eskolo, le Mamre; banke karolo.

Abraham alefa boshome Eskolo afumane karolo. Hamorao setloholoholo sa Abrahama setloholo Levi antsha boshome.

Lemo tse kabang 4000 hamorao ntwa ya Bajude ka 1967 eile ya hlolwa mme bakgutlela naheng ya habo bona. Mopresidente wa Israele ene ele Levi Eskolo.

Tefello morao ho Abrahama ya boshome kamora lemo tse 4000, empa seo se ile sa phethahala. Mme Eskolo hape a amohela karolo ya boshome.

Haho sesa phetheheng Lentsweng la Modimo.

Abrahama ha akaba a itshola ha lefa boshome.

“Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona!” — 1 BaKorinthe 16:23