Johanne Kgaolo 1. Modimo O theohela lefatsheng. Modimo O hlola kae? 



First published on the 11th of March 2018 — Last updated on the 11th of March 2018

JOHANNE 1:1 Tshimolohong Lentswe lene lele teng, mme Lentswe lene lele ho Modimo, mme Lentswe ene ele Modimo.

Hantle feela ho tloha tshimolohong. Lene le etsaa Monyaduwa. Monyaduwa o atametse haholo ho monna wa hae. Ka tsela eo Monyaduwa wa Modimo O atametse haholo ho Yena hoo Aneng A batla ho dula le yena.

Ka tsela eo Moya osa bonahaleng wa Modimo wa batla seo eleng Mmele moo Otlang ho dula teng, hore Otle ho aha dikarolo tsa Monyaduwa ka badumedi.

Hoka utlwisisa taba ya ho qaleng, hake re shebe hanyane tsela ya Modimo Bukeng ya Tshenolo. Ho dibata tse nne tse potolohileng terone Lehodimong. Tau, poho, monna, le ntsu.

TSHENOLO 4:6 Mme kapele ho terone hone hole lewatle la seipone lekang crystale: mme mahareng a terone ho nale ya dutseng, mme ho potoloha terone, hole dibata tse mahlo kapele leka morao.

7 Mme sebata sa pele ene eka tau, sabobedi eka namane, mme saa boraro eka hlooho ya monna, mme sabone eka ntsu efofaang.

 

 

Mahlo a bolela ka bohlale.Dibata tsena tsa moya dine bolela nakong etlang (ditletse mahlo kapele) mme ditseba tse fetileng (mahlo kamorao). Hobane Modimo O dula kantle ho nako o tseba tsa maobane le tse tlang. Rona re leknyeditswe nako mona, hofihlela re eshwa.

 

 

Tsena ke dibata tse kgonang ho laola kereke ka lemo tse 2 000 tsa pale ya kereke.

Tau emetse bontate ba baapostola bangodileng Selekane Sesetjha hore Jesu A phele ka hare ho pelo tsa banna le basadi.Pele name baphela leho mamela Bibele pele baetapele ba kereke batla ka mehopolo ya bona.

Namane ke poho ennyane. Sena se emela lemo tse 1 200 tsa dipolotiki ho kereke mane Nicene council kaa 325 AD mme letswelella jwalo hofihla mane Mengwaheng e Lefifi ka 1520 AD. Ho hatella Trinity esiko ka hare ho Bibele mane Nicaea sebolela hore baetapele bane bantsa batho nneteng, eleng moo ho qalwang teng. Baleng siko boarekabishopo, bocardinale, le bopope ba laola sebaka.Ntho tse siko mangolong “Modimo Ale Mong bathong ba bararo”, “Motho wa bobedi Bomodimong”, “Batho ba lekanang”, “bonngwe bo mohlolo”, kapa “ho itseng” sena sa fifatsa mehopolo ya batho haho uwa ho Bibele. Bona ke Bophelo ba Bibele. Ho tloha ho Bibele ho bolela ho tloha ho bophelo. Sena sebolela poho.

Hang feela ka tsela eo kereke ese e bolela ha e utlwisisa mabaka ka Bibele.

Hofeta halofo ya batho lefatsheng ba lahlehile. Mashome a dimilione a shwele ka nako ya Mengwaha e Lefifi, ka baka la kereke ya Roman Catholic. Ho bile le nako engata bakng sa namane ho hola hoba poho. Empa poho ke sebata sa ho jara ka thata le sehlabelo. Pheletsong ya bophelo ba yona ke nama. Moya wa Modimo wa poho o fetoha sehlabelo obe o bonahale nakong ya bahalaledi.

Sebata seo eleng motho. Direformara tse kang Martin Luther mane Germany ka 1520 diile tsa tlisa tshepo bakeng sa pholoso, eseng mesebetsi. Ho leba mane ho 1750 John Wesley mane England a busetsa nnete ya Bibele ya kgalalelo ka tshebeletso yaka ntle ka 1790.

Ntsu efofang ke karolo enngwe ematla. Efofela hodimo eboetse enale mahlo a bohale haholo eka kgona ho nka ntho enngwe le enngwe.

Ka 1906 tsoseletso ekgolo ya Pentecostal mane Azuza Street hola America ya qalella ho busetsa Kolobetso ya Moya o Halalelang le diketso tsa Oona. Dipheo tse matla tsa ntsu tsa bonahala.

Yaba ka 1947 William Branham oqalella hoka hatisa ditheipe hore batho ba mamele Mangolo: Peo ya serpente keng? Sebata ke mang? Keng sebe sa mathomo? Hobaneng ha Jesu a ile a ngola habedi fatshe ha mosadi a tlisitswe ho yena wa sehlola? ….. jwalo jwalo. Kereke ya ho qala etsebile hore dintho tsohle dilahlehile Mengwaheng e Lefifi. Diphoso dibile teng ka lemo tse 1 200 tsa Mengwaha e Lefifi.

Ka tsela eo pheletsong, Modimo O batla hore kereke ya hoqetela etshwane le kereke ya pele.

Dibata tse nne diemela lemo tse 2 000 tsa pale ya kereke.

 

 

Hape ho Dievangedi tse nne tse potileng Buka ya Diketso tsa Motsamao wa Moya o Halalelang.

Buka ya Diketso ke qaleho ya motsamao wa Modimo. Ke tsela eo kereke elokelang hoba ka teng.Evangedi ka nngwe e emetse Jesu ka Evangedi ka nngwe.

Evangedi ya bone ke Johanne.

O bonahatsa Kreste jwalo ka Ntsu efofang hodima maemo ohle.

“Tshimolohong Modimo …” Ke qaleho ya Buka ya Genese.

JOHANNE 4:24 Modimo ke Moya.

Moya hao bonahale hape haona seriti. Ka tsela eo Moya osa bonahaleng wa lokela ho apara Mmele o bonahalang.Mona Selekaneng Sesetjha Modimo O fetoha Nama. Modimo O phela Lentsweng la Hae.

Bophara, boleke, le borobedi ke dibaka tse phahameng.

Nako ke enngwe ya karolo ya sebaka ebolelang ka bokamoso. Ka nako tse ding re phela ka hare ho nako. O bolelang hore hare hlokomele bolelele, bophara, le bophahamo. Sebaka sa bohlano ke lefatshe ka semoya sa botlle le bobe. Meya ya rona edula elahleha kamehla yohle.

Sena eboetse ke sebaka sa tahleho sa mademona.

 

 

Sebaka sa botshelela ke sebaka sa Mahodimo a mahodimo a mahodimo.

Re kgannelwa Lehodimo ke sebaka sa bohlano. Ka tsela eo ke lona lebaka la Bibele ke ho hlalosa hore re feta sebaka sa bohlano ka tsela ejwang( sebaka sa bohlano ) mme re lebe hang feela Lehodimong ( sebaka sa botshelela ) ha re eshwa.
JOHANNE 14:6 Jesu Are ho yena, Ke Nna tsela, le Nnete, le Bophelo:

Jesu ke tsela er tshidisang dihele.

 

 

Modimo Yena ka Boyena Oka hodimo ho tsena ka baka la hore o sebakeng sa bosupa.

Tshimolohong, leha ekaba ene ele neng, Modimo O ille A Iketsetsa Mmele. O ile A lokela hore A Itekanye hore A kgone hore mangeloi a mmone ha a etsa. Lentswe lena Mmele le ile la tsamaya Lehodimong. (Wena o moya osa bonahaleng. Mmele wa hao o tletse moya. Ho bolelang mmele wa hao o tletse moya. Empa mohopolo wa hao oo eleng moya o laolwa ke wena.)

 

 

BAROMA 8:27 Ya lekolang dipelo O tseba seka pelong,

BAEFESE 4:23 Le ntjhafatswe mehopolong ya lona;

“Moya” le “mohopolo” esebediswa ntle le tshitiso. Ka tsela ejwalo ke ntho ele nngwe. Hare tsebe hore keng“moya” ke moya o etsang hore re phonyohe. Moya o tshwana le ntate, mmele le mora. Moya kapa mohopolo o bolella mmele hore o etseng.

1 JOHANNE 1:2 One Ole teng tshimolohong.

Ka tsela ejwalo Modimo O batla hoba maemong a rona.

Ntho ya pele eo A ileng A etsa ene ele ho etsa Mmele. Modimo O dula kamehla Lemtsweng la Hae.

Modimo ha Aka A itekanyetsa Lehodimo feela. Boteng ba Modimo boya makatsa kamehla yohle. Leha reka nahana ka seo, Modimo O ntse ale moholo.

PESALEMA 113:6 Ya Ikokobeditseng hoka bona ntho tse Lehodimong, le tse lefatsheng!

Monahano feela wa Ntate ya sa bonahaleng. Menahano ena ene ebonahatsa Modimo feela, ya bitswang Mora.

Menahano ya rona elekantswe hore eka hlalosa sena.

JOHANNE 1:3 Tsohle dientswe ke Yena; mme haho le enngwe esakang ya etswa ke Yena.

Modimo wa bua mmopo wa Hae hore obe teng. O ile wa sebedisa mmele wa Hae Lentswe. Lentswe Mmele wa Hae le entse tsohle tse lefatsheng.

Kae kae hone hole matla a maholo bakeng sa tsena. Popo esa lekanyeheng.

Matla A maholo a mahlale. Ke maatla ao a kekeng a senywa ke motho leamong. Haho mahlale aka etsang seo. Boramahlale haba kgone ho etsa letho. Empa Modimo O etsa tse kgolo hofeta mahlale.Haho motho mang kapa mang yaka etsang seo. Ke Modimo feela yaka etsang seo. O entse sebaka mme a laola sebaka.

Mahlale ha akgone ho etsa matla. Hape ha ana tsebo hore matla atswa hokae. Evangedi ya Johanne ebontsha ha Jesu Atswa sebakeng seseng hoo A neng A etsa dintho tse sa tlwaelehang.

Mahlale a bolela ka ntho ebitswang Big Bang explosion (leha ekaba ke thuthuo ejwang ekeke ya hlola e etsahala hape. Mahlale a matle a lokela ho iphetha.) Thuthuo ena ya sebaka hae tsebahale. Sena sethulana le matla a Physics enang le molao wa pele wa thermodynamics. Ehlalosa hore matla ha akgone ho etseha. Ka tsela eo monahano wa Big Bang oqala o thulana le Physics. Hase ntho elokileng.

Lebala ka leshano la mahlale. Na mathata a hao a maholo hofeta a mahlale? Jwale ebe Jesu ke Yena Motho oka buang le Yena. O entse lefatshe lena le mohlolo. Mathata a mang le amang amaholo a rarollwa ke Yena. Re lokela hoka isa mathata ohle a rona ho Yena. Tsela ena ebitswa tumelo.

Ho bolelang hore Johanne ore tsebisa Jesu jwalo ka Modimo O entseng lefatshe le Tlhaho mme sena sebitswa tumelo. Ha lebota lethata la Jeriko lewa ka matla a maholo, karolo eitseng eya sala. Rahaba sehlola sene se dula moo. One a phetse bophelo ba hae pela Modimo le Bajude. Ke lona lebaka leo kahlolo ya motse oo, karolo ya lebota esaka yawa. Modimo ke Ntsu ho bolela Johanne, ka leihlo la Ntsu O ile A bona lapa le lokileng laa Jeriko. Modimo Ona One O tseba seo.

PESALEMA 91:7 Sekete setla wa pela hao, mashome a dikete letsohong la hao; empa dikeke tsa atamela ho wena.

Lentswe la Modimo ho Rahaba la mosireletsa.

JOHANNE 1:4 Ka ho Yena ho nale bophelo; mme bophelo ke lesedi la batho.

Empa lesedi la bophelo leka hare ho batho ke sireletso, hofeta mohopolo. Hape ke bophelo. Hare tsebe hore sena sehlaha sebakeng seseng.

Bophelo boka hare ho Mmele Ona ke bona boetsang hore batho baphele hantle hara batho le hara malapa, seo ke ho mamela Lentswe la Modimo.

DIKETSO 2:44 Mme badumellana mmoho, ka dintho tsohle;

45 Mme barekisa ka tseo ba nang le tsona, mme badiarolelana, hoya ka tlhoko ya emong.

Kereke ya pele ene ekgathallana. Reka nka mohlala ho yona?

Motho ka mong aka etsa seo. Lerato la Modimo ho motho ka mong, sehlopha ka seng, sebonahatsa mohlala wa lerato la Hae.

Mohlala wa sena ke Jesu. O bonahatsa Modimo A theohela tlase ho rona. Ka Jesu, Modimo yasa bonahale hara batho.

BAKOLOSE 2:8 …. Kreste.

9 Hobane kaho Yena ho dutse Bomodimo bohle.

Moya ohle wa Modimo Oka ho Jesu. Monna Jesu, ya neng Ale kantle ho Modimo, One Atla phela Bophelo boo hore re tsebe Modimo ka Yena.

JOHANNE 1:5 Mme lesedi le kganya lefifing; mme lefifi lea lebalehela.

Jesu One A lokile haholo. Batho bane basa kgone ho Moboloka. “Rata dira tsa hao”. “Banehe lerama le leng hole otla”. “Ho hlohonolofala ya nehelang”.

Haho jwalo! “Ke batla tsohle ha jwale”, ho bolela pina enngwe etlwaelehileng. Sebini seo se ile sabolawa ke AIDS. Ho fumana tsohle haho yaka ha mothusa.

Re hloile baahisane, re tletse boiphetetso, mme re tletse rona, lesedi la Hae hale dule ho rona. Boteng ba Hae bo bonahatsa bofokodi ba sebe ho rona. Motho wa sebe oya baleha ha a bona Lesedi. Ka tsela eo baetapele ba Bajude bane ba Moqosa ka nako tsohlle. Nyefolo ya hae hangata ene ehlaha ho Bajude. (Nahana feela moruti ya batlang tsohle, ha Aka kgutla kajeno?)

Messia One Atla bane batseba seo empa Bajude ba Molatola. Lesedi le lefifi ha dikopane. Ho lokela hore ebe le leng,eseng ka nako ele nngwe. Ha bane ba fumana monyetla ba ile bakgetha Barabbase, mmolai,ho nale Jesu ya fanang ka bophelo leho tsosa bafu.

JOHANNE 1:6 Hone hole teng monna ya neng a rometswe hotswa ho Modimo, lebitso la hae ele Johanne.

Modimo One A nale monna yaka emelang Lesedi Jesu. Moporofeta ya holetseng naha thote thoko le tumelo ya Bajude. Hole le batho ba senang kutlwisiso. (Hakakang mekgwaa ya kereke?).

JOHANNE 1:7 Yena ya tlileng ho paka, ka Lesedi, hore bohlle ba dumele ho Yena.

Johanne one a tlilo bolella batho ka Jesu. Johanne one a soka a bona Jesu. Empa Johanne one a Motseba ka Messiah Monna ya tsamayang hara banna. Batho, ha bane ba batla Messiah, bane ba lokela hoka tadima moo Johanne a supang teng. Batho bane basa ikgethele Messiah wa bona. Bane batshaba ha Messiah atla hobane bane ba nale dihlopha tsa bona. Bane batshaba ha Messiah akgalema tsela tsa bona.

Empa bane ba ile bahlokomediswa ke Johanne pele ho kgalema baetapele ba bodumedi. O ile aba bitsa marabe. Tsena ke dinoha tse kotsi haholo.

Ka tsela ejwalo moporofeta one aba supa. One aba supa ka tsela ejwalo.

Hobane hotla ha Hae kgetlo la pele, Johanne o supile Jesu ha A tsamaya hara batho.

Pele Atla kgetlo labobedi, William Branham o supile Jesu ha A tsamaya hara maqephe a Bibele mme sena sa etsa hore re utlwisise Mangolo.

JOHANNE 1:8 Ene ese yena Lesedi, empa one a romilwe ho paka tsa Lesedi.

Johanne ene ele lesedi la nnete ka hobane ane a ile a mmona A tsamaya hara batho Jesu. O ile a makatsa batho tshebeletsong ya hae ekgutshwane. Empa batho batshwaseha ho moporoeta haholo, jwalo ka Nebuchadnezzare a ileng rea Daniele ka modingwana wa hae Belteshazzare.

Ke sona seo Evangedi ya Johanne ehlaloswang jwalo ka e etellang pele hotla ha Jesu, eseng Lesedi.

Ke Jesu feela Lesedi. Jesu Ke Lentswe. Haho moporofeta ya ka nkang sebaka sa Lentswe. Haho dikhoutu tsa moporofeta ofeng kapa ofeng tse ka nkang sebaka sa Lentswe. (Bareri ba Molaetsa nkang malebelo).

JOHANNE 1:9 Ene ele Lesedi la nnete, le kgantshetsang mang kapa mang wa lefatshe lena.

Jesu, Lentswe la Modimo, ke yena feela Lesedi la nnete. Lentswe la Modimo lefana ka keletso bobedi (seo eleng karolo ya boithatelo ba bona) hang hape leho kereke ya mongwaha oo re phelang ho ana wa kereke (Thato ya Modimo leano ke hore re phele Sedibeng se Maphodi ka lemo tse 2 000 tsa pale ya kereke ka hare ho maqephe a Bibele).

Amohela Jesu jwalo ka Mopholosi. Sena sebolela hore re setshelo sa Modimo. Bophelo bo Halalelang. Re hlwekisitswe. Re etsa tshebeletso tsa kantle leho bolela Lentswe la Modimo. Sena sebolela hore Oya o tlatsa. Ebe ose o fumaneha bakeng sa Lentswe la Hae. Oka laoleha ka tsela eo A batlang ka yona.

Ebe Modimo Aka dumella hore Ao sebedise ka tsela eo A batlang ka yona, Leaano le leholo la Hae. Mohlala wa bohlokwa ke Simone wa Syrene ya ileng a hatellwa ho jarisa Jesu sefapano kgahlano le thato ya hae. Re iphumana re etsa seleng kgahlano le thato ya Modimo, eleng hose ipatlele wena, kgothatsa, le tshireletso.

ISAIA 55:8 Hobane mehopolo yaKa hase ya lona, leha ele tsela tsaka hase tsa lona, ho bolela Morena.

Thato ya Modimo ere etsa hore re seke ra phuthuloha. Ere kwetlisa hore re lebelle tsesa lebellweng. Re lokela hore re ithute ho rutuloha. Hare lahlehelwa ke mano a bophelo, re fumana lebaka la ho phela. Tsela ya ho theosa etshwana le ya moepa. Ho hloleha ha motho ho medisa tholwana ya katleho. Tsela tsa Modimo hase tsa rona. Re tlwaetse ho laola.

JOHANNE 1:10 One Ale lefatsheng, mme lefatshe le entswe ke Yena, mme ha leaka la Motseba.

Moya osa bonahaleng wa Modimo wa theohela maemong a tlase a Mmele o ileng wa bitswa Jesu. Empa o tlile ka boikokobetso. Maemong a tlase A tswalwa ke morwetsana ka hare ho setala. One a nale maitshware a mabe hobane one a beheleditswe. Ke lona lebaka leo Jesu Aneng A nkuwa jwalo ka ngwana wa nyatsi. Nazaretha ene ele motsana o monyane ke lona lebaka leo a neng a tsejwa ka tsela eo.

JOHANNE 1:46 Yaba Nathanaele ore ho yena, na Ntho emolemo ekatswa Nazaretha na?

Josefa one a nyatsuwa jwalo ka mmetli.

Ka tsela eo Jesu Otlile lefatsheng ka tsela esa tlwaelehang. Ke lona lebaka le etsang hore lefatshe le seke la Motseba hobane ba lebeletse naledi ehodimo.

JOHANNE 1:11 Otlile hoba habo , empa ha baka ba Motseba.

O tlille ho Bajude, leloko la Abrahama, le phelang Israele leo Modimo A letshepisitseng Abrahama. Otlile hobonahatsa boporofeta ba Messia. Empa O tlile ka boikokobetso, A rwetse meqathato A kalletse esele. Asa bue ka motho.

Mmuso wa Roma one ole matla haholo, ka dipere tsa ntwa le masole a matla haholo. Ka tsela ejwalo bane ba kgahleha.

JOHANNE 1:12 Empa ba Moamohetseng, leba neile matla aho bitswa bara ba Modimo, eleng badumetseng Lebitso la Hae:

Modimo One A tsejwa ka Jehova (le mabitso a mang amangata) Selekaneng sa Kgale One A dula Lehodimong, kahodimo ho Bajude. Jwale Modimo O theohile Oka hare ho Motho Jesu hodula le Bajude. Modimo O nale rona. Emmanuele.

Ka tsela ejwalo Modimo wa nka Lebitso la Motho, Jesu Kreste.

Kgetlo la pele Modimo Aba le Madi ka hare ho Mmele waa Hae bakeng sa tshwarelo ya dibe. Ke lona lebaka leo Lebitso le le leng feela Jesu leka re pholosang. Ka baka leo Modimo ha Aka A hlola A Ipitsitse Jehova. Lebitso le laolang Selekane sa Kgale Jehova halesa hlaha Selekaneng Sesetjha.

Modimo O fetohile Motho. Mopholosi wa Leloko. Lebitso Jesu ene ele lona feela le pholosang.

Selekane sa Modimo le motho ke mohau feela, eleng leano le kekeng la rekwa. Leka amohelwa feela ka mohau, ka tumelo.

Selekane sa motho le Modimo ke mohau, ho dumela ho Modimo. Haho tsela ya hore reka ipholosa. Re dumela seo ka Jesu hore re pholoswe. Batho baka bolokeha ka ho amohela mohau ka Jesu Sehlabelo se seholo sa dibe, hoka fumana matla hotswa ho Modimo.

Madi A Hae a hlatswa dibe, ka Moya o moholo o Halalelang, ebe Moya ona Otla O tsamaye ka hare ho wena. Bophelo ba Hae ka hare ho rona bore etsa dibupuwa tse ntjha.

Mehopolo emetjha ya rona, eseng mmele ya rona, e entswe ka setshwantsho sa Modimo, Eo eseng nama

JOHANNE 1:13 Basakang, batswalwa ka madi, leha ele thato ya nama, kapa ya monna, empa ya Modimo.

Ka tlhaho madi a etsa hore obe le takatso ya thobalano. Lesira la borwetsana lea haroha. Ebe senna sa monna sekena ka hare ho mosadi. Ebe hoba le namanyana tse nyane tse etsang lesea. Ebe le hlahisa lesea. Haho motho ya tswetsweng ke mosadi yaka phelang lemo tse sekete.

GENESE 2:17 Empa haele sefate sa tsebo ya botle le bobebe, le seke la seja: hobane mohlang le sejang letla shwa.

Ditholwana tsohle tsa difate dine dile molemo ha Modimo Ane A dietsa.

GENESE 1:12 Mme lefatshe la medisa jwaang, le meroho hoya ka peo ya tsona, mme difate hoya ka tholwana tsa tsona, a peo ya tsona, le mefuta ya tsona: mme Modimo Wa bona hore seo selokile.

13 Mme yaeba motsheare le bosiu.

Hone hose tholwana esa lokang.

Jwale seo ene ele eng "tholwana esa dumellwang"?

“Mohopolo wa botho” ke ona o etsang hore hobe le thobalano.

Thobalano ke yona feela etlisang bobe ho motho. Empe kantle ho lenyalo, esita letsatsi pele ho lenyalo. Ebe hang feela pele ho lenyalo hae ya loka.

Re tswalwa ha lesira la borwetsana le hahoile, ebe rese re lokela hoshwa jwale. Bopaki ke letshwao le teng mpeng, mokgubu. Letshwao la sebata mmeleng ya rona. Sena sebolela letshwao la hore o tseleng ya hoshwa.

Letshwao la sebata mehopolong ya rona, le etsang hore re suthe pela Jesu le Bibele, otlang hore isa sebuping sa mollo.

II PETEROSE 3:8 Empa, baratuwa,leseke la lebala nto ele nngwe, hore letsatsi le leng ho Morena ke lemo tse sekete, mme lemo tse sekete ke tsatsi le leng.

Haho motho ya kileng a phela lemo tse 1 000. Methusela ebile yena ya phetseng nako etelele, o phetse lemo tse 969.

Sena hase tshwane le motho, ya tswetsweng ka thobalano, o rohakilwe hore ashwe.

Empa Johanne ohlahisa Jesu jwalo ka Modimo O moholo.

JOHANNE 1:13 Yaneng a tswetswe, eseng ka madi, kapa ka thato ya nama, leha ele ya monna, empa ya Modimo.

Bophelo bosafeleng botla ka tsela eo feela. Mmele wa Jesu O ile wa tswalwa kamora lesira la Maria. Haho thobalano e ileng ya etsahala moo.

MATTHEU 1:20 Empa ha antse a nahana ntho tsena, bonang, lengeloi la Morenaa la hlaha ho yena, lare, Josefa, mora Davida, setshabe ho inkela mosadi wa hao Maria: hobane se imilweng ke yena kesa Moya o Halalelang.

Leha ele mang feela ya jalang peo ka hare ho popelo ke ntata ngwana. Ka tsela eo Moya o Halalelang ke Ntate wa Jesu.

Ka tsela ejwalo Moya o Halalelang ke Modimo Ntate.

BAKOLOSE 2:9 Hobane ka ho Yena ho tsamaya Bomodimo bohle.

Ntho enngwe le enngwe ere Modimo, eka hare ho Mmele O bitswang Jesu.

Ka tsela ejwalo Jesu, Monna wa pele ya senang sebe esale a ewa Adama, One A sena sebe mme ka tsela ejwalo ha aka ashwa.

JOHANNE 1:14 Mme Lentswe la fetoha namma, mme la tsamaya hara rona, (mme ra boha kganya ya Lona, ekang ya Mora wa Ntate ya Halalelang,) lene le tletse nnete.

Lentswe la Modimo, le entseng tsohlle, jwale le entse Mmele mme Modimo O dula ka hare ho Oona.Modimo O fetoha emong wa rona. Ene ele Yena feela Motho ya lokileng. Mme rene re kgona ho Mmona ka baka la hore O dulla ka hare ho Jesu, empa hotswa diketsong tsa Hae ene ele Moya ka hare ho Yenna.

O boleletse batho ho baka. O fodisitse bakudi. Atsosa bafu. O entse mehlolo. Ke Modimo feela yaneng Aka etsa seo.

Ebe O bolella batho phiri tsa dipelo. Seo ke letshwao la sebele la Messiah.

II DIKORONIKE 6:30 Ebe O utlwa ole mahodimong, otshwarele, mme O bolelle motho ho sokoloha tseleng tsa hae, eo wena o tsebang tsela tsa hae; (Hobane ke Wena feela o tsebang pelo tsa batho:)

JOHANNE 1:15 Johanne o bile paki, mme a hoeletsa, are, Ke Yena eo ke neng ke bua ka Yena, Yatlang kamora ka Ya bileng pele ho nna: hobane O bile teng pele ho Nna.

Johanne Mokolobetsi ene ele moporofeta ya makatsang. Jwalo ka banna ba semoya ba selepe one a ratha baetapele “badikereke” leba bodumedi. O ile a supa Jesu. Eseng hoba mokga o itseng feela. (Nahana one atla reng ho baetapele ba matsatsing ana. Na ke utlwa lentswe “marabe”? Oho lona ba nang le tjhefu malemeng a lona?)

Jwalo ka moporofeta wa nako eo one a boulella bodumedi ba hae, abo lekanya le ba batho ba bang. Empa a etsa mohlala o moholo. Ho nale ho shebana le batho (eleng seo ase entseng) one a itekanya le Jesu mme a hlokomela hore akeke a kena dieteng tsa Hae.Taba ekgolo ya hae ene ele ho lokisetsa Jesu. He must point out Jesus and reveal Him to the people, then John the Baptist must get out of the way so that the people could follow Jesus.

(Bareri ba Molaetsa ba phahamisang Moena Branham nkang mohlala).

Moporofeta Johanne ene ele letshwao la tsela. Jesu Ene Ele lehae. Haosa latele letshwao la tsela okeke wa fihla moo oyang teng.

Moporofeta o etsa karolo e itseng ya mosebetsi. Jesu O etsahatsa Lengolo kaofela.

Johanne Mokolobetsi O bile sebakeng ka lemo sa 30 AD bakeng sa kgwedi tse tsheletseng yaba hose ho llekane. Empa moapostola Johanne ose a ngotse ditaba ho tloha tshimolohong, ho tloha morao hofeta kamoo reka nahanang ka teng. Ka tsela eo Jesu One A buile ka Johanne Mokolobetsi.Ditemana tse mmalwa tsa Bibele dibontsha ka Johanne Mokolobetsi. Empa kaofela ha yona Bibele esupa Jesu, ha feela rene reka tseba feela ho toloka ditemana.

Jesu le Yena O bile moporofeta ya Moholo haholo. (Ka kopo bareri ba Molaetsa nkang maele).

JOHANNE 1:16 Mme botlalo bohle ba Hae rabo amohela, le mohau ka mohau.

Jesu O tsebisitswe ke Johanne Mokolobetsi jwalo ka Monna hara banna. Ebe Moapostola Johanne o ngola seo re sakang ra seamohela Johanne Mokolobetsi, moetapele eo e moholo. Re amohetse Jesu Ya senotsweng. Johanne ofella ka botlalo ba Jesu mme Yena A tswelle pele.

Jesu O hlalosa seneng sebolelwa ke Johanne, Topollo.

Johanne ore bolella hore re bake. Empa Jesu O etsa mosebetsi wa pako. Jesu O shwele,Madi A Hae a tsholoha bakeng sa dibe tsa rona. Jwale ebe Moya wa Kreste O kena ka hare ho rona. Ka mohopolo wa Kreste ka hare ho rona rese re tadima lefatshe ka tsela enngwe. Moya wa Kreste ka hare ho rona re phela bophelo bo bong jwale.

Johanne one a kgona ho bua ka sena. Empa Jesu One A etsa hore mahlomola a phethahale. Ke lona lebaka le neng le etsa mohau wa Jesu bakeng sa rona. Ebe hoba le mohau o menahaneng bakeng sa rona ka Jesu hare dumela leano la poloko.

Ka tsela eo Jesu ya re shwetseng O moholo hofeta moporofeta Johanne ya neng are tsebisa ka Jesu ka Yena. Jesu feela ke Yena ya etsang hore pholoho e etsahale le tswalo ya bobedi. Ka tsela ejwalo ke wa pele. Eseng Johanne kapa moporofeta ofeng feela yaka tshwanang le yena.

JOHANNE 1:17 Hobane Mose one a neilwe molao, empa mohau otla ka Jesu Kreste.

Moshe enele moporofeta wa Molao. One a hlompheha haholo. Leha hole jwalo o ile a pshatla matlapa a Molao. Sena sebonahatsa motho. Botho ha ale lehlakoreng leka nqane la Lewatle le Lefubedu.

Moapostola Johanne otlile ka tsela ya ho arola sena. O bua haholo ka Buka ekgolo ya Selekane sa Kgale leka moo honeng hole ka teng. Monna ya ileng a ngola Molao wa Modimo. Empa bofokodi ba botho ba mothibela seo. Baetapele ba bohlale ba bodumedi ba Bajude, bahlanyetsang boetapele, batlisa batho tsebong ya bona ka moporofeta Moshe.

MATTHEU 23:2 Ereng, Bangodi bare ka setulo sa Moshe:

Baeta pele ba badumedi ba bolela sena (keho dula setulong sa Moshe) ka hore, “Moporofeta Moshe o itse  …”, “Noporofeta o itse …”, “Moporofeta oitse ….”

Na sena sea o hopotsa seseng?

Ebe baetapele bana ba bodumedi ba khouta moporofeta Moshe ka nako eo balatola Jesu, Lentswe.

Kereke tsa Molaetsa ha jwale dilatola Lentswe keka hoo le emeng monyako le kokota.

Ka tsela ejwalo Johanne o kgalema seo. Moporofeta Moshe O tlisitse Lentswe (eleng Jesu) le leng hantle feela le leholo ho moporofeta. Baporofeta, ba jwalo ka Moshe, ba nele bofokodi ba bona empa mohau wa Lentswe ka Bibele oteng.

Molao one okeke wa thusa letho. Ka tsela ejwalo Jesu O fihlile ka Evangedi ya Mohau eseng ya Molao. Molao oya ahlola, empa mohau wa pholosa. Molao one osa kgone ho tlosa takatso ya sebe. Mohau ona otlosa sebe.

Hang hape Jesu Oya hlola hofeta moporofeta Moshe. Leha hole Moshe, a hlometse ka lere la dinku, o ile a hlola lebotho le leholo tsatsing leo. Jwale seo ene ele seseng.

Hang hape lebotho le leholo la sesole, Lefu, ho bolella Moshe.

Empa Jesu, A jere sefapano leka mofapha wa meutlwa bofokoding ba Hae ba botho, a hlola madimona a maholo. Satane one a ipata feela. Jesu yaba o tsoha Sontaha hoseng ho hlola sebe, Lefu, Dihele, le Lebitla. Tlholo eo ke karolo feela ya seo Moshe aneng akeke a ekgona. Jesu O hlotse Lefu ho nale Moshe. Moshe le Lewatle le Lefubedu ke karolo ya pale ha jwale. Jesu O tlile ka karolo ya bokamoso le jwale. Hobane O fane ka mohau. Jwale seo ke Nnete jwale.

JOHANNE 1:18 Haho motho ya kileng a bona Ntate lekamohla; haese Mora ya tswetsweng a inotsi, which is in the bosom of the Father, he hath declared him.

Bothata ba rona batho ka Modimo ke hobane hare Mmone. Batho haba bone Moya le Modimo.

JOHANNE 4:24 Modimo ke Moya.

Ka tsela ejwalo Modimo Ntate, Moya osafeleng, wa phela ka hara Monna ya bitswang Jesu, Mora wa Modimo. Mora ya tswetsweng Ale mong Modimo wa phela ka hare ho Yena. Haho phithile ho bile le ya tshwanang le Jesu Kreste.

JOHANNE 1:19 Mme sena ke boletsweng ke Johanne, ha Baprista le BaLevi bane ba romile Bajude hotswa Jerusalema ho mmotsa, hore ke mang yena?

Johanne Mokolobetsi o ile a kgalemela Israele jwaLO ka moya wa setsuatsue. O ile a kgalema baetapele ba badumedi. (Baetapele ba dikereke nkang mohlala). Oba hlokomedisitse ka Messiah ya tlang.BaJude batshwenyeha jwale. One a nale matla a maholo hoka bolela seo. O ile a bua sena ka baka la tokelo. One asa batle botumo. Ka tsela ejwalo baemedi baile ba romela batho bao ho yena.

JOHANNE 1:20 Mme a ipolela, mme ha aka a hana; empa a ipolela, hake Kreste.

Kreste ebolelaa “motlotsuwa”. Johanne Mokolobetsi o bile le Moya o Halalelang asale ka popelong ya mmae. Ke lona lebaka le neng le etsa hore a ipolele leo. Ha aka a hana. Empa hang feela a itlhalosa, motlotsuwa.

O tsebile hore akeke a lekana le Jesu.

Mahlong a Johanne, Jesu ene entse ele wa pele.

JOHANNE 1:21 Mme ba mmotsa bare, oreng ha o ipolelaa? Na o Elia? Mme are, hake yena. Na o moporofeta eo na? Mme a araba are, Tjhe.

Ke potso etshopodi eo hona ho bontsha hore Johanne one a tseba mosebetsi wa hae.

"Na o Eliase na?" (Ka SeGereke ke Elia). Are, "Tjhe".

Empa Jesu O boletse hore ke Eliase.

MATTHEU 1:12 Empa kere ho lona, Eliase ose a tlile, mme ha leaaka a motseba, empa le moentse ka hore le hore. Jwalo kaha Mora Motho Atla utlwiswa bohloko.

13 Yaba barutuwa ba utlwisisa hore o bua ka Johanne Mokolobetsi.

Reka hlalosa jwang ka Eliase hape ele Eliase?

MALAKIA 4:5 Bona, ketla romela Elija moporofeeta ho sotle tsatsi leo le tshabeng la Morena:

6 Mme otla kgutlisetsa pelo tsa bontate ho bana ba bona, le pelo tsa ban ho bontata bona, ke sotle timetsa lefatshe.

Elia o nale ntho tse pedi tseo a lokelang ho dietsa. O lokela hoka busetsa pelo tsa bontate ho bana le bana ho bontate.

Johanne Mokolobetsi o entse karolo ya pele.

LUKA 1:17 Mme otlatla ka matla a Eliase, ho kgutlisetsa pelo tsa bontate ho bana ba b0na, mme a busetse babohlale ho lokeng ; ho lokisetsa hotla ha MORENA.

Bontate basa mameleng ba Bajude, ba itshwareleditse Molaong, bane ba lookela hoka busetswa ke Johanne Mokolobetsi baneng ba bona, moloko o monyane wa Jesu wa Selekane Sesetjha sa nnete.

Ke lona llebaka leo Jesu a itseng ho Johanne ke Eliase (Ka SeGereke ke Elia).

Empa hone hole karolo ya bobedi. Barutuwa bane ba tlaba bontate ba kereke ya pele. Hone ho tlaba le howa ka Mengwaha e Lefifi lemong tsa 325 AD hoisaa 1520 AD. Ebe Martin Luther mane Germany otla busetsa pholoso ka tumelo. Hoya mane 1750 AD John Wesley mane England otla busetsa mongwaha wa bohalaledi. Ebe ka 1906 hoqala tsoseletso ya Pentecostal ho bolela ka motsamao wa Moya o Halalelang. Kaofela diba nakong ya Elia ho busetsa tsohle nakong ya Bibele eo kereke ya pele esakang ya e emela.Rona re bana ba nako ya hoqetela mme re lokela hoka kgutlisetswa ho bontata rona ba baapostolla ba Selekane Sesetjha.

William Branham ene ele Eliase wa nako ya hoqetela (kapa Eliia) ke mang yaka etsang seo.

Jwale ke lona lebaka leo Johanne a itseng hase yena Eliase ya tshepisitsweng ho Malakia, hobane ho bolelwa ka batho ba babedi mona lemong tse 2 000 tse tlang. Hone hose motho ya ka etsaang seo.

Ebe moporofeta emong ya tshwanang le Moshe oya kena moo.

Bajude baqala ho botsa le bona, “Na o moporofeta eo na?”.

DEUTERONOMA 18:15 Morena Modimo Otla tsosa Moporofeta ya kang nna, hotswa ho baena ba lona, ya tshwanang le nna; mme ka yena letla motseba;

Moshe one a porofeta ka Jesu. Boporofeta bona bone bo bua le Bajude mamela Jesu ha A fetola Molao. Moshe ene ele moporofeta wa Molao. Ene ele moetapele wa Bajude. Yaba Jesu Otla nyoloha ka Mohau Yena. Otla Iketsa Monyako wa Lehodimo.

Jwalo kaha Moshe a ile a ntsha Bajude Egepeta, ka tsela eo le Jesu Otla ntsha kereke ho kgopolo ya Bajude. Matla a maholo a Johanne Mokolobetsi ane a hlalosetsa Bajude hore ena ke nako ya phetoho. Ka tsela ejwalo baile ba ipotsa ka thata ka taba ena.

Johanne o ile a harasanya mokgwa wa“kereke”. Empa bane batshwenyehile ka tsela eo Johanne a hlahisa taba ena Bafarasi le Basaduse kapa MaEssenese kaba BaZealote. Mehopolong ya bona,hone ho tloba thata kantle ho kereke. Modimo One A fela Atla romela Messiah.

(Lefatsheng la kajeno ho mekgatlo ya bodumedi e 45 000. Jwale taba ke hore na ke ofeng otlang ho lokisetsa hotla labobedi ha Jesu? )

JOHANNE 1:22 Yaba ore ho yena, O mang? Hore retle re tsebise bare romleng. Oreng hao ipolela?

Banna bana ene ele disebediswa feela. Bona ka bo bona bane basa batle nnete. Bane ba batla hoisa molaetsa. ( ntlo kgolo ). Ka tsela eo bane ba batla hore Johanne ahlalose hore yena ke mang. O ithutile kae? Ke Sekolo sefeng sa Bibele atswaang ho sona? O dumellana le mokgatlo ofeng? Bane ba batla CV ya hae ya thuto.

One asatswe sehlopheng sa mokgatlo.

JOHANNE 1:23 Are, ke lentswe la ya hoang felleng, Hlekang mmila bakeng sa Morena, jwalo kaha ho boletse moporofeta Esaia.

Johanne o araba ka tsela emakatsang.

"Ke ile felleng kele monyane. Moo ke ile ka ithuta ho bua le Modimo. O itse ke seke ka kena taba ya Sekolo saaa Bibele sa mekgatlo. Modimo O mpoleletse hore ke phethise seboletsweng ke Isaia. Ke lokela hoba lentswe la ya hoang felleng. Haho thetso felleng.Ho thata empa ke ntho tse tsepameng feela. Lentswe laka le lokela hoka hlaba haholo, ka hore bare kea nyefola, ke seke ka lahlehelwa ke seo ka hore ke shebile ntho tse tshwarehang. Ho hatikela tsela ya mekgatlo ka hotla ha Messia eo eleng Morena Modimo. Modimo O batla hore batho ba bake dibeng tsa bona, phela hantlle, mme o dumele Lentswe la Modimo. Pholoso ematsohong a Messiah, eseng sehlopheng se itseng".

Batho feela Lebitsong la Jesu ha A kalletse esele ka tsatsi la Dipalema Sontaha, ka tsela ejwalo bane ba lahlehile mme bane ba lokela hoka latela Jesu ka Labohlano mane ha Pilato holong ya kahlolo. Baetapele ba badumedi badula kamehla bale kgahlano le nnete.

Ka tsela ejwalo ke mang ya lokelang hoka hlokomelwa haho matsatsing ana? Baruti. BoBishopo. BaApostola. Moetapele emong le emong eo eleng moipei.

JOHANNE 1:24 Yaba baromelwa ke Bafarasi.

Basebeletsi ba Bafarasi bane batshwenyehile haholo. Bafarasi bane ba busa (eseng ka mangolo) disynagogeng tsa difeshene tsa Babylona. Hokeke haeba leha ele nngwe Tempele ekekeng ya heletswa. Ka tsela ejwalo Bafarasi bane bahloka Tempele moo batlang rorisa teng. Ebe, hoka boloka matla ao, Bafarasi bane ba lokela hoka tshwarella Israele kamora ho kgutla mmusong wa Babylona. Yaba ba beha Bafarasi hoka disa seo. Sena sene sele siko ka hare ho Mangolo pusong ya Bafarasi. “Mekgatlong”empa ele ho kgetha batho feela.

Kajeno dikereke dikgetha leho latela “baruti” lentswe leo le hlaha ha nngwe Selekaneng Sesetjha, mme seaa tshosa, mme o kgalengwa ka makgetlo a tsheletseng ka seo. Ka tsela eo haho matla a neilweng moruti Selekaneng Sesetjha. Moruti o nkuwa ele hlooho ya kereke. Empa haho motho ya kabang le hlooho tse pedi. Ke seo ho Laodisea,mongwaha wa hoqetela wa kereke, Hlooho ke, Jesu Kreste, O eme kantle monyako.

JOHANNE 1:25 Mme ba mmotsa, baree ho yena, Hobaneng hao kolobetsa, haose Kresste, kapa Eliase, ose emong wa baporofeta?

Jwale bane ba batla ho tseba taba ena hobaneng ha a kolobetsa.Sena se setjha.

JOHANNE 1:26 Johanne a araba,are, ke kolobetsa ka metsi nna: empa ho nale ya emeng hara lona, eo lesa motsebeng;

Johanne ore kolobetso ya hae etla bonahatsa Messiah Ya satsejweng ke Bajude. Bajude bane ba kolobetswa ke Johanne jwalo ka mohlala wa pako. Empa Messiah Akeke Aba le sebe.

Kolobetso ya hae ene ehlalosa Konyana etlang ho hlajwa bakeng sa dibe. Moya wa motho ya shweleng o bitswa sethotsela. Ha Ashwa Sefapanong Jesu One Atla theohela diheleng jwalo ka Moya ho hlola Satane mme anke dinotlolo tsa tsoho ya bafu le dihele.

II DIKORENIKE 4:6 Aetsa merifi e leshome, mme a beha emehlano kaho le letona, emehlano kaho le letshehadi, hoka itlhatswetsa kaho yona: ntho tse kang tseo; empa lewatle ene ele moo ho hlapelang teng Baprista.

Jesu One A tsamaya hara batho hoka bontsha hore Yena ke Mang.

Hotleng ha Hae Labobedi moporofeta otla senola diphiri tsa Mengwaha e Lefifi. Hang feela ha diphiri tsena disenotswe retla kgona ho bona Jesu A tsamaya hara maqephe a Bibele. Retla kgona ho utlwisisa hore ke hobaneng ha ane a ile a ngola fatshe habedi ha bane ba tlisitse mosadi wa sehlola ho Yena.

Kamora tsoho ya Hae ho Mattheu, Maria o ile a Motshwara maotong. Ho Evangedi ya Johanne Jesu O mmolella hore a seke a Moama. Re lokela hoka utlwisisa taba tsena ka bobedi. Mangeloi a mabedi lebitleng hoya ka Mattheu le Mareka. Ba leka hore bolella seseng mona. Re lokela hoka utlwisisa taba tsena (Lentswe) le senotswe. Bangodi bana ba Evangedi tse nne haba ngole maikutlo a bona. Ho Moya ole Mong o Halalelang tabeng tsena. Ka tsela ejwalo emong le emong o leka hore bolella seseng moo.

Ho nale, re fana ka nako tsohle ka puo ele nngwe tabeng ena hoya ka mohopolo wa kereke, “Seo hase sa bohlokwa. Hase amane le pholoso yaka”. Seo rese bolelang haele hantle ke hore hake kgathalle letho. Ka mokgwa wa maitshwaro a mabe. Hantle ntle, o bolokeha ha o inehela ho Jesu. Kamora moo, haho seka tshwenyanang le poloko ya hao. Ntle leha o nkile letshwao la sebata.

Empa hosebe le kgahleho ho seo aneng ase etsa Jesu, sho bontsha hore haona setswalle se tebileng le Yena. Jwalo feela ka barwetsana ba bahlano ba mawatla. Basadi bahlwekileng. Kereke ebolokehileng, empa seo hase sa bohlokwa. Hosebe le oli ka hare ho dilampi tsa bona ho bontsha ho etsisa feela Lentswe la Modimo. Bathabela ho iphapanyeng ha bona, ka ho nahana hore batseba Jesu ha batseba Bibele. Empa Jesu ke Lentswe la Modimo. Ka tsela ejwalo ha resa tsebe Bibele jwale re seke ra bolela hore re tseba Jesu. Empa kajeno ho iphapanya Bibele ke ntho ya teng.

JOHANNE 1:27 Ho jwalo, ya tlang kamoraka O moholo, hake lokele hoka tlamolla maqhele a dieta tsa Hae.

Johanne,moetelli pele emoholoo wa Jesu, hape o bolela taba ena ka Jesu. Sena ke mohlala ho baporofeta ba bang. Ke banna ba bang ba baholo ho nale Jesu.

Jwale hotla taba ya Pono ya Ntsu. Maqhwele a dieta?

Setshwantsho sa Daniele sebontsha ha Babylona jwalo ka hlooho ya mmuso wa Persia jwalo ka sephaka sematla. Mmuso wa Magerike ene ele mpa le maoto.Ebe hotla mmuso wa maoto a tshepe wa Roma. Empa ntho enngwe le enngwe eza fetoha hae fihla maotong.

 

 

Nakong ya Mmuso wa Baditjhaba, pholoso e ile za phapaletsa hara Bajude eseng Baditjhaba. Pholoso emetswe ke mola o motala setshwantsho sa Baditjhaba. Ebe mane sefapanong “hofetela pele” jwalo ka pholoso o motala o fetela ho Baditjhaba. Ho bolelang hore maoto a emetse lemo tse 2 000 tsa mongwaha wa kereke. Pagane Roma ene ele tshepe. Ma Roman Catholic ke karolwana ya tshepe. Monyadua ke letsopa. Hotswa ho setshwantsho sohle, jala peo pele mobung.

Kereke ya Catholic le Monyaduwa batla dula basa dumellane. Kereke ya pele ene enale nnete empa kereke ya Roman Catholic ya qala ho lahleha kaho sekgolwe Bibele ka Mangolo ka taba ya Boraro mane Nicene Council ka 325 AD. Lebitso la Modimo la lahleha hobane lene le emetswe ke Boraro. Ntate ke Jehova, Mora ke Jesu jwale ebe Moya o Halalelang haona Lebitso. Mabitso a mabedi bathong ba bararo. Sena hase sona.Hare botsa ka Lebitso la Modimo, haba fumane Lebitso la Modimo. Ka tsela ejwalo Lebitso la Modimo le emelwa ke maemedi a mararo.

Lebitso la Modimo, hoza ka Bokreste, lebitso la Ntate, Mora, le Moya o Halalelang. Empa Lebitso ke mang? Bakreste haba tsebe. Ka tsela eo ba lahlile Lebitso la Modimo. Ka ho sebe le nnete.

 

 

Hare etseng motho ka setshwantsho sa rona. Batho bababedi lefatsheng ba bararo Lehodimong?

Eva one a thetswe. Ekaba karolo ya Bomodimo jwang?

Boraro hase ntho elokileng.

 

 

Boraro ba Egepeta ke bona mathata. Bane bas fumane lebitso bakeng sa modingwana wa bona.Ka tsela eo baneha emong le emong lebitso. (Horus hangata o bitswa Osiris le Isis mosadi wa hae. Seb ke mora wa hae.)

Isis ke lebitso le lebe haholo re leboha baferekanyi ISIS. Ka tsela ejwalo re lokela ho sheba sena ka tsela ya semoya Lengolong.

Yaba kereke ekena ka mokgwa wa yona ka ntho tse sa ngolwang arekabishopo, dicardinals, le dipopes. Qetellong nnete ya Bible ya ehshwa Mengwaheng e Lefifi. Ka 1520 Martin Luther mane Germany a busetsa pholoso. Hoya mane kabo 1750 John Wesley a busetsa bohalaledi eleng se ileng sa isa tsoseletsong ekgolo ka 1790. Yaba ka 1906 ho qala tsoseletso za Pentecostal le kolobetso ya Moya o Halalelang.

Kamora moo re hloka moporofeta wa tshiu tsa ho qetela hoka busetsa dintho madulong.Empa diphiri tsa kereke tse supileng tsa mongwaha le ditiiso le manollo ya Ditiiso tse supileng le Tshenolo kgaolo ya 6. Tsena ke tse lokelwang ho senolwa hobane ditsamaelana le ho tlamolla leqhwele la seeta. Hang feela ha leqhwele le tlamolohile, leoto la setshwantsho sa Baditjhaba setlabe selokolohile.

Ebe retla utlwisisa pale ya kereke ka lemo tse 2 000 tse fetileng.

Ebe retla utlwisisa seo kaofela.

Ebe ke hona retlang ho dumela jwalo ka kereke ya pele.

Johanne Mokolobetsi o ile a bolawa pele kereke eqala ka Tsatsi la Pentecost, ka tsela eo one asa tsebe kamoo kereke e dumelang ka teng. Tsela eo one a senola diphiri tseo. Ka tsela eo Johanne Mokolobetsi a boletseng hore o lokela ho hlahisa Messia empa eseng Ditiiso. Ditiiso tse supileng dine diemetse nakong etlang bakeng sa moapostola Johanne. Jwalo ka moporofeta, Johanne Mokolobetsi o ile a hlokomela hore sena setla senolwa ke moena wa hae Johanne Mokolobetsi ene ele monna wa semoya ka tsela emakatsang. Moporofeta ka mong o nale tsela ya hae moo tshebeletso ya hae efellang teng. (Baruti ba Molaetsa nkang maele).

JOHANNE 1:28 Ntho tsena dientswe Bethabaramose ho Jordan, moo Johanne aneng a kolobetsa teng.

Bethabara ebolela “Ntlo ya ford” kapa“sebaka sa hotshela”.

Ke hobaneng ha sebaka sena se senyane sesaaa fumanehe ha bobebe, leho bua ka sona?

Modimo, Moya wa leihlo la Ntsu, o nale Leano le Leholo ho nale Bakreste. EReng, "Hosa hlokahaleng empa ho bonahala", empa ele tsela enngwe feela yaho qoba“hake tsebe ebile hake kgathalle seo”. Ena hase tsela eo Monyaduwa a lokelang sebetsa ka teng. Ka mantswe a mang, bolella Jesu hao kgathalle Bibele mme haele hantle o lokela hoba Monyaduwa.

Retswa bona seo “hare tshela” pholoso hotswa ho Bajude le maotong ho Baditjhaba se ileng sa etsahala lemong tsabo 2 000 paleng ya kereke.

Bethabara ke sebaka“hotshela” noka ya Jordane. Ka tsela eo Johanne Mokolobetsi o ille a kolobetsa hobane a ne a tseba Molao wa Selekane sa Kgale "ho tshela" Selekaneng se Setjha hotleng ha Messia.

 

 

Sena sebolela ho tshela noka ya Jordane nakong ena ya rona. Emong lle emong "oya tshela" pusong ekgolo.

Joshua le Bajude baile batshelela lefatsheng la pallo.

Ela lle Elisha baile batshela hotswa bophorima ba Israele.

Elisha a tshelela hape ho Israele hotswa botjhabela ba lebopo la noka.

Hotshela hoo ho bolelang? Hare shebe Leano le Leholo.

Molao wa Moshe one okeke wa etsa hore Bajude babe ka tsela ebetere. Jwale hoka bonahatsa sena, Modimo One Akeke A etsa hore bakene Lefatsheng la Pallo. Joshua ka nako eo a emetse Moya o Halalelang. Jordane ebonahatsa lefu, hoshwa ka bowena. Ka tsela ejwalo Joshua o ile a etsa sefetang ho tshela. One a emetse ntho ya sebele “hotshela” eleng se etsahetseng haho tshelwa moo. Sena ke “hotshelela mose ola” thatong yaka (setshwantsho se sennyane) hoya thatong ya Modimo (Leanong le Leholo).

Mongwaha wa pele wa kereke, habantse baetellwa pele ke baapostola, bafumana sena. Yaba taba ya Banijola, baetapele ba batho bao Ke bahloileng, batlosa kereke Mangolong, ho leba Mengwaheng e Lefifi.

Karolo ya hoqetela ya Leano le Leholo etlaba sena ho busetsa kereke nneteng ya Bibele. Tabernakele enale dikandelara tse supileng (e emetseng kereke tse supileng) le tafole enang le mahobe a 12 a lokelwang ho jellwa ka hare ho tempele (eleng meloko e 12 ya Israele ehlokahalang hore ebe ele Lefatsheng la Tshepiso).

Ka tsela ejwaalo Elia o ile a tshelela mose h Jordane hoka thola koloi ya mollo. Mohlala o motle bakeng sa bana ba Elia wa ho qetela hoka ruta ka Bibele thuto ya kereke ya baapostola bontate ba Selekane se Setjha. Bana bana (Monyaduwa wa ho qetela wa Moena Branham ore busetsa ho Bibele) otshwasehile sebakeng. Monyaduwa o lokela "hotshela" ho boleng hoya hose boleng, ho tlooha lefatsheng ho leba lehodimong.

Empa emong moporofeta, Elia, o lokela ho ithuta diphiri ho dithuto tsa Moena Branham. Kamorao hore kereke enkuwe, yaba "ho fetela pele kapa ho tshelela mose ola" Jordane ele hore ho lokelwa hore kereke ya pele Evangedi elokela ho kgutlela ho Bajude ba 144 000 nakong ya Matshwenyeho a maholo.

Kaofela sena "ho tshela" hoi tshetlehille ho Motho ka mong, Jesu Kreste. Yena ale mong aka tlisa sena.

Ka tsela ejwalo moapostola Johanne o tisa Jesu ho bonwa ke batho.

JOHANNE 1:29 Tsatsi le latelang Johanne a bona Jesu Atla ho yana, mme are, Bonang Ke Konyana ya Modimo, etlosang dibe tsa lefatshe.

Hlokomela, Lefatshe (Jesu) Otla ho moporofeta a eme ka hare ho metsi. Metsi a hlalosa Lentswe la MODIMO. Moporofeta wa nnete o fumaneha ka hare ho Mangolo.

Jesu O qadile tshebeletso ya ho tlosa dibe mane Calvare jwalo ka mojari wa dibe, O nkile dibe tsa rona a theohela diheleng A fihlla a dilahlela ho Diabolosi ntata dibe, moqapi wa tsona.

BAEFESE 5:26 Tlhatsuo eo ekgolo ka Lentswe la Modimo,

Hobane Madi ao a bohlokwa atla re hlwekisa hoya ka mehopolo ya boporofeta ba 33 bo buileng ka lefu la hae bophethahala sefapanong. Ho bolelang lefu la hae le phethahala jwalo ka Messia. O shwele hoya ka puo ya Mangolo. Ho tiisa ditemana tsa Bibele tse bolelang ka Calvar tlhatsuo ya dibe kaofela.

JOHANNE 1:30 Ke Yena eo ke neng ke bua ka Yena, ho teng Monna Ya tlang: hobane One Ale pele ho nna.

Johanne Mokolobetsi o bua ka Messia. Johanne o supa ho Yena Messia. Johanne otla pele hoka bontsha Jesu. Empa oya amohela hore O moholo ho yena Jesu. Ke Yena eo Bibele eporofdetang ka Yena hore Otla hlola sebe.

Johanne one akgona ho supa Jesu empa fela ha Jesu Ane A hlola sebe.

Jesu Ene ele Modimo ka nama. Kamehla o bile jwalo.

JOHANNE 1:31 Mme kene kesa Motsebe: empa akgona ho hlahela ho Israele, mme ke lona lebaka le etsang hore ke kolobetse ka metsi.

Johanne one asoka a kopana le Jesu. Empa Johanne o tsebile seo hobane Lentswe letla ho moporofeta.Ha Elizabetha, mme wa Johanner, ale kgwedi tse tsheletseng a lebeletse, Maria, ya neng a qeta ho ima Jesu, atla ho Elizabetha mme a dula kgwedi tse tharo. Ka tsela ejwalo Jesu Lentswe latla ho Johanne moporofeta nakong eo aleng ka popelong. Pele Johanne a tswalwa, kgwedi tse tharo tse latelang, Maria a tsamaya. Tswalong, metsi a phunyeha Lentswe le dula feela le moporofeta ha ale ka metsing.

Lemo tse mashome a mararo kamora moo hape, ha Johanne ane a kolobetsa nokeng ya Jordane, seo sa etsahala hape. Hang hape yaeba Jesu (Lentswe) Ya tlileng ho Johanne ha ane ale nokeng ya Jordane. Lentswe kamehla letla ho moporofeta.

JOHANNE 1:32 Mme Johanne o pakile, are, ke bone Moya o theoha eka leeba, mme o dula hodima Hae.

Moapostola Johanne o hlahisa Jesu jwalo ka Ntsu ekgolo, eo eleng Modimo. Keka hoo Evangedi ya Johanne esa bue ka kolobetso ya metsi ho Monna ya bitswang Jesu empa ebolela ka ntho tsa semoya tse tebileng jwalo ka leeba hodima Jesu. Ena ene ele tlotsuo ya Motho hore A etse mosebetsi wa Hae.

DIKETSO 10:38 Tsela eo Modimo A tlotsitseng Jesu wa Nazaretha ka Matla A Moya o Halalelaaang:

Moya o Halalelang one ole hodima Hae.

O theohetse hodima Hae. Ena ene ele tlotsuo ya Moya o Halalelang.

Johanne Mokolobetsi one ale ka popelong ya mmae.

LUKA 1:15 Hobane otlaba moholo hlakoreng la Morena, mme akeke anwa dino tse bohale; mme otla tlala Moya o Halalelaang, asale popelong ya mmae.

Johanne o nnile a bua ka Jesu pele ho Yena. Ka tsela eo Jesu, ha ane atla ka hare ho metsi, one a sena Moya o Halalelang ka ho yena Johanne one a Monka Ale Moholo kapa A Mophahmetse.

JOHANNE 1:30 Ke Yena eo keneng ke bua ka Yena kere, kamora hore A fihle ketla lokela ho boba Yena A phahame: hobane One Ale pele ho nna.

Mmele wa nama wa Jesu one osa tswalwa pele ho Johanne. Johanne one ale kgwedi tse tsheletseng ka boholo ho Jesu. Empa Jesu O fumane botlalo kaofela ba Moya o Halalelang pele.Moya o Halalelang wa Modimo O bile teng pele lefatshe le thewa. Rona batho hare utlwisise taba ya botlalo ba pele lefatshe le thewa.

JOHANNE 3:34 Hobane Modimo hao ya Moneha Moya wa tekanyo.

BAKOLOSE 2:9 Hobane botlalo bohle ba Bomodimo bodutse ho Yena ka nama.

Haeba botlalo bohle ba Bomodimo bodutse ho Yena lebopong la Jordane, ebe Jesu o lokela hoka fetoha.Empa Jesu ha A fetohe.

BAHEBERU 13:8 Jesu Kreste ke Yena maobane, kajeno, le kahosafeleng.

Ka tsela eo haeba Jesu Bomodimo bodutse ho Yena ka nama, ebe kamehla ho jwalo.

JOHANNE 1:33 Mme kene kesa Motsebe le nna: empa ya nthumilleng ho kolobetsa ka metsi, o boletse ho nna, Eo otla bona Moya O theohela hodima Hae, mme O dula hodima Hae, Ke Yena ya kolobetsang ka mollo.

Moya wa theoha wa dula hodima Hae. Hao yaka wa kena kaho Yena. Sena sehlalosa hore ene ele tlolo, pontsheng “Motlotsuwa”, Kreste. ('Christos' ka Segerike ebolela 'Motlotsuwa'). Johanne Mokolobetsi o ile ka tumelo. Oile a tshepa Lentswe letlang ho utlwahalla, yaba Jesu Otla ho yena, hobane one asa tsebe hore Jesu ke mang. Moapostola Johanne o bolela hape hore Moya o Halalelang hoaka wa kena ka hare ho Jesu empa O dutse hodima Hae. Sena ke sebohlokwa bakeng sa batho hore ho etsahetseng nakong eo Otlang ho Jesu mane Jordane mme O Mofetola hoba Motho hoba Motho Modimo. Sena ke phoso ekgolo, hobane Jesu ha A fetohe.

Jesu O ile A fumana totsuo pontsheng ya batho. Hobaneng?

Davida ene ele Morena ya tlotsitsweng Bajude ke moporofeta Samuele. Empa hone hose tsela ya ho nka borena ho fihlela Saule a shwele.

Jesu O ile A tlotsuwa jwalo ka Morena wa Bajude lebopong la noka ya Jordane. Sena ene efeela “ho tshelela mose ola” hotswa sebeng sa mmele wa lefatshe lena.

Leeba, le emetse kgotso, le dula feela hodima Konyana, sena sebolela ho hloka molato.

Empa Jesu, Mora wa Davida, Akeke A nka puso ho fihlela sera sa Hae ‘Moya wa sebat o eshwa mane ntweng ya Armageddone. Ebe Jesu O busa ka lemo tsa pele tse 1 000 ka lere la tshepe. Ke hobane A batla Mmuso o senang sebe. Empa ho nale bahedene ba kekeng baphonyoha ntwa ya Armageddone. Batla phela lemo tse 1000 empa batla lokela ho itshwara.

Lemokete ya pele etlaba Lehodimo la pele, tatso ya Lehodimo Jesu ele Morena.

Diabolosi o tshwasehile mabakeng ha Jesu a busa lefatshe.

Empa ba busang le Jesu ke bahalaledi batsohileng bafung ba lemo tse 2 000 tsa pale ya kereke. Lebona bahlwekile ha bana sebe, mmeleng ya bona.

Kamora Lemokete ke nako ya hoqetela ya Gogo le Magogo. Ebe lewatle lea phatloha le repa lefatshe ka lehare. Ebe hoba le lefatshe le letjha, le senang sebe.

Ebe jwale Jesu Otla kgutla jwalo ka Morena.

 

 

Hape Jesu O lokela hoka tlotsuwa jwalo ka Moprista emoholo.

EXODA 29:4 Mme ebe kemoo Aarone le bara ha hae batla tlisang menyakong ya tabernakeleng ya phutheo, mme aba hlatswe.

EXODA 29:5 Mme ebe otla nka kobo ya hae, mme anke jase ya Aarone, ……..

7 Mme a nke oli ya tlotsuo, mme a etshele hodima hlooho ya hae, mme a motlotse.

Moprista wa pele ya phahameng ke Aarone. O lokela hoka hlatswa maoto a moporodeta Moshe bakeng sa tlotsuo ka Oli. Oli e emetse Moya o Halalelang.

Jesu Ke Moprista eMoholo wa Selekane se Setjha, leano le nepahetseng la Modimo. O lokelwa keho hlatsuwa ke Johanne Mokolobetsi bakeng sa Moya o Halalelang.

Ke lona lebaka leo Bakreste, haba amohela Jesu jwalo ka Moprista eMoholo wa bona, Morena, mme Sehlabelo se emela Molao wa Selekane sa Kgale. Jesu haele hantle O maemong a hodimo haholo bakeng sa Bajude.

 

 

JOHANNE 1:34 Mme ka bona, mme wa bolela hore Enwa ke Mora waKa.

Johanne Mokolobetsi o hatisa setempe ka Jesu. Sena ke se etswang ke tshebeletso ya hae. Ose a hlahisitse Messia. O entse selokelang ho etsuwaa. Johanne Mokolobetsi o ile a supa wa sebele Messia.

Adama ene ele mora wa pele wa Modimo mme a wela sebeng. Johanne jwale o hlalosa ntho ya sebele. Kgetla la pele esale hoba Adama Mora wa pele ya hlwekileng wa Modimo.

JOHANNE 1:35 Hape kamora hore Johanne a eme, le barutuwa ba Hae babedi;

Jwale sena sere tlisa maemong a tshebeletso ya Johanne Mokolobetsi.

Johanne, re lebohela tshebeletso eo ematla ya hae, o ile a etsa barutuwa ba ileng ba molatela hobane ene ele monna ya matla haholo. One a feela a kgahleha. Barutuwa ba hae baile bafeela ba molatela, badumela sohle seo aneng ase bolela.

Johanne one a lokela hoba bontsha tsela ya maleba eo ba lokelang ho elatela.

Hang ha Johanne aba supisitse Jesu, barutuwa ba hae bane ba lokela ho emisa ho molatela Johanne Mokolobetsi balatele Jesu eleng Lentswe.

JOHANNE 1:36 Mme ho tadima Jesu ha atsamaya, are, Bonang ke Konyana ya Modimo etlosang dibe tsa lefatshe!

Empa Johanne, honale ho supa tsela ya hae ya kutlwisiso ya Mangolo, jwale o qala hoba bontsha Jesu barutuwa ba hae. Dikhoutu tsa Moena Branham dire supisa Lenntswe eleng Bibele.

Ebe barutuwa ba hae babedi, hang haba fumana tshenolo ya mantswe a moporofeta, ebe ba leba ho Jesu, Lenntswe la Modimo, haba fumana hore mantswe a Johanne ahlalosang ka Lenntswe.

JOHANNE 1:37 Mme barutuwa ba hae babedi ba moutlwa ha a bolela seo, yaba balatela Jesu.

Taba ena ya tshebeletso ya Johanne Mokolobetsi. Hola barutuwa ba hae bane baka utlwisisa hore o bua kang, bane batla latela Jesu ho nale Johanne Mokolobetsi.

William Branham otlile ho senola diphiri tsa Bibele hore kereke edumele jwalo ka kereke ya pele ho Mengwaha e Lefifi. Tshebeletso ya hae ematla e etsa barutuwa. Jwalo kaha a senola Lentswe,baledi ba hae ba saletswe ke ntho tse ped.

Ya pele,batswella ho beha Moena Branham kapele. Sena sene sefosahetse hoka khouta sena “Lentswe la Modimo” ho nale “lentswe la lengeloi la bosupa”.

Kapa, Ya bobedi, Monyaduwa wa sebele o lokela hoka kgutlela ho Bibele jwalo ka kereke ya pele. Ka tsela ejwalo, baahe hodima Bibele. Ka tsela eo balatela tsela ya Jesu, eo baefumanang dikhoutung, jwalo kaha a tsamaya ka hare ho maqephe a Bibele.

Johanne Mokolobetsi one a nale balatedi ba bangata empa ke babedi feela, ka nako eo, baileng balatela Jesu.

Sena sebontsha hore batho ba senya tsela ya moporofeta eo ya moholo wa Modimo.

Ke balatedi ba mmalwa ba Johanne Mokolobetsi le ba mmalwa ba William Branham haba hlokomela sena.

Ho nale taba ebang epotoloha ya bokomonisi. Makomonisi a dula a tswella pele ka taba ya Lenin, baroka kamehla Lenin. Ke tsela ya ho mofapha. Dithuto tsa Lenin dilebisa ho morapela Lenin.

Moena Branham one a re busetsa Lentsweng. Balatedi ba hae balesitse ho latela Lentswe, base barapela Moena Branham le dikhotu.

JOHANNE 1:38 EbeJesu oya fetoha, aba bona balatela, mme are ho bona, Lebatlang na? Bare ho yena, Rabbi, (ele hore,haho fetolelwa Moruti,) o dula kae na?

Ena ke potso etebileng haholo.

Barutuwa bane ba batla ho tseba moo a dulang Jesu.

Empa Evangedi ya Johanne ehlahisa Jesu jwalo ka Modimo, Ntsu ekgolo ebonang Leano le leholo, lemo tse 2 000 tsa pale ya kereke dile kapele. O bona kereke yohle lemong tse 2 000 jwalo ka Mmele wa Hae. Jesu Ke hlooho Yena ka tlhaho.

Haho Lengolo le reng moruti ke hlooho ya kereke.

BAEFESE 5:23 Hobane monna ke hlooho ya mosadi, jwalo kaha Kreste ele hlooho ya kereke: mme ke mopholosi.

Ka tsela ejwallo otlabe Ale kae Jesu lemong tse 2 000 bakeng sa kereke, mmele oo wa badumedi?

Jesu O tsamaya hara maqephe a Lentswe.

Esita le matsatsing ana Ontse A sena moo Aka dulang teng. Jesu ene el Moevangedi le Moapostola, ya hlokang hoya hohle. O entse tshebeletso tseo tsohle. Hoya ka Mangolo ke Messia wa Bajude. Sena sebolela hore O lokisetsa Israele bakeng sa Lefatshe la Tshepiso.

O latotswe ke Bajude mane Calvare, Otla dula kae?

Pelong ya monna le mosadi ya tswetsweng labobedi.

Baapostola bafetoha bontate ba Kereke ha Yena Ale siko. Hobane ho bile le howa nakong ya Mengwaha e Lefifi. Yaba hoba le nako ya Tukiso ka lemo tsabo 1520 jwalo kaha Martin Luther wa Germany a rutile ka qaleho ya pholoso. Hoya ka lemo sa 1750 John Wesley wa England a busetsa kgalalelo. Ka 1906 hwa qala kolobetso ya Pentecostal ka Moya o Halalelang. Tsohle tse neng dile ka hare ho Bibele ntho enngwe le enngwe e boele maemong a yona.

Sena setla etsahala feela ho mekga emmedi feela. William Branham otla senola sena seka hare ho Bibele eleng sona setlang hore bontsha hore Bokreste ke ntho ejwang. Ebe Moshe le Elia basenola tsona diphiri tseo tsa hae ho Israele nakong ya Matshwenyeho a maholo ho 144 000.

Leano le leholo la Jesu ke seo seneng sele mohopolong wa Hae.Jesu O tseba hoka thusa batho. Na re Molatela hobane re batla seseng? Bane ba Mobitsa Morena ka baka leo.

Barutuwa bana ba moporofeta Johanne Mokolobetsi Johanne one a lebella ho Jesu.

(Bareri ba Molaetsa nkang maele).

Baile ba siya moporofeta ya mohlo ho latela Jesus eleng Morena wa sebele, Pheletso ya Sebele, eseng Johanne Mokolobetsi.

Jwale bane ba batla ho tseba hore Jesu O dula kae.

Kajeno Jesu O phela mahareng a maqephe a Bibele. Temana tsa Bibele ke ona a senolang Jesu le hore o fumaneha kae matsatsing ana.

Jesu kajeno ha a phele mehopolong ya kgale. O phela ka hare ho Tshenolo ya Mangolo.

"Modimo eo re montshitseng ka hare ho Buka e Halalelang", o laola maemo.

Otla fumana Kreste ka hare ho maqephe a Bibele. Mmatle moo.

Ho latela Jesu haho bobebe. Bophelo ba hao boya fetoha. One asa phele moo baphelang. Hare latela Jesu ebe maphelo arona aya fetoha.

JOHANNE 1:39 Are ho bona, Tlohong letlo bona. Batla bona moo a dulang, mme bahlola le Yena tsatsing leo: hobane ene ekaba hora ya leshome.

“Tloho otlo bona” ke sebuilweng ke dibopuwa tse nne ho bulweng ha Ditiiso.

TSHENOLO 6:3 Yare ha a manolla Ditiiso, ka utlwa sebopuwa sa bobedi sare, Tloho le tlo bona.

“Toho” ke hore tloha moo oleng teng. Latela Jesu ha a tsamaya.

Haebe ntsu efofa, ebe o emisa. Tshenolo hae emise ha feela enale nnete. Dietsa hore o tebe ka hare ho Bibele leho utlwisisa ditemana.

“mme o bone”. Latela Jesu ebolela ho teba ka hare ho Lentswe. Retla kgona ho hola ka tumelo.Retla tsamaya hoya ka tsela ya Bibele ka tsela eo noka etsamayang ka teng. Bibele ke Sediba sa Bophelo.

Jesu O ile aba isa moo A dulang teng. Kajeno Jesu O dula ka hare ho Bibele. Haeba o batla ho tseba diphiri tse ngodilweng ka hare ho Bibele ebe o nka dikhoutu tsa Moena Branham odi busetse ka Bibeleng. Haeba dikhoutu dihlaha ka hare ho ditemana tsa Bibele, otlabe o nepile.

JOHANNE 1:40 Emong wa bona a utlwa ha Johanne a bua,mme a molatela, ene ele Andrease, moena waa Simon Peterose.

Andrease ene ele morutuwa wa Johanne Mokolobetsi. O ile a tloha ho dikhoutu tsa moporofeta Johanne ho latela Lentswe, Jesu. Yaba oya mamela leho latela Jesu. Ona ke mohopolo wa pele. Dikhoutu tsa moporofeta disenola hore ke Mang (Jesu). Ebe o mamela Lentswe, eleng Jesu.

Moporofeta o senola Lentswe ho yena ebe o latela Lengtswe, eseng moporofeta.

JOHANNE 1:41 O ile aya fumana ngwanabo Simone, mme are ho yena, Re fumane Messia, eo ereng, haho fetolelwa, Kreste.

Andrease enen ele morutuwa wa Johanne Mokolobetsi aya fumana ngwanabo hore basehlole ba latela Johanne Mokolobetsi.

Andrease o ile a moisa ho Jesu, Lentswe la Modimo.

Hase taba ya rona ho lebisa batho ho William Branham.

Dikhoutu tseo diisa batho ho Lentswe, eleng Bibele.

Andrease, ya neng a tseba Johanne Mokolobetsi, o bontsha hore one a ile a utlwisisa dithuto tsa moporofeta Johanne ha a tlisa ngwanabo Peterose ho Jesu. Empa Peterose o ile a phahamela Andrease ka taba ya Evangedil. Kaho tseba nameng Johanne Mokolobetsi ha aka anyatsa Peterose.

Peterose ene ese morutuwa ya haufe le Johanne Mokolobetsi hofeta Andrease. Peterose one asa mamela leha Johanne Mokolobetsi ane a supa Jesu. Leha hole jwalo, Peterose o ile a atamela haholo ho Jesu hofeta Andrease, leha ele hore Andrease ane a atamelane le Johanne Mokolobetsi. Ho atamela haholo ho moporofeta ha Andrease hone hosa moetse hore abe betere ho nale babang bakeng sa Jesu. Haele hantle hare utlwe haholo ka Andrease. Peterose o ile a hlahella haholo hoo a bileng angola Buka tsa Selekane se Setjha. Ho atamela haholo ho moporofeta Johanne ene ese monyetla.

Ka tsela ejwalo ho tseba Moena Branham nameng haho etse motho hore a tsebe Bibele hofeta ba bang. Ho mamela Lentswe ke hona.Andrease ebile morutuwa wa Johanne Mokolobetsi ya ileng afetoha moapostola wa Jesu.

Hoba morutuwa wa William Branham hokeke hao etsa motapele wa kereke ya Jesu, Lentswe.

Re tloha dikhoutung ho leba Lentsweng. Hare dule dikhoutung. Bothata, re leka ho toloka dikhoutu jwalo kaha re etsa ho Bibele.

Sheba feela mona moferefere o entsweng ke dithuto tsa dikhoutu tsa baruti ba Molaetsa, ho bonahala ele sehlotshwana feela se mamelang Moena Branham ka diphiri tsa Lentswe. Ho ntho tse ngata matsatsing ana, haeba ese kaofela, ba bothateng baho lebala dithuto tsa Bibele.

Jeremia o porofetile ka sena.

JEREMIA 23:1 Ho madimabe lona badisa baqhalanyang mohlape! ho bolela Morena.

2 Ka tsela eo ho bolela Morena wa Israele ho baruti bafepang mohlape; Leqhadile mohlape, mme le etebetse, mme ha lesoka le etela: bonang, ketla le etela ka seo se sebe seo lese etsang, ho bolela Morena.

Baruti ba Molaetsa baba kgahlano le bahanyetsi ba bona.

Lentswe lena moruti, “Emong le emong o nale tokelo ya hoka lebitsa”.

Haeba re fumana tshenolo (senepe) hotswa dihoutung tsa Moena Branham mme re lokela ho latela Bibele.Reka latela feela Jesu ka ditemana tsa Bibele. Ke moo a tsamayang teng kajeno. Diphiring tse seontsweng tsa Lentswe. Haeba resa utlwisise sengodilweng ka hare ho Bibele ebe rekeke rare re latela Jesu.

ISAIA 28:10 Hobane ke molao, hodima molao; mola hodima mola, monahano hodima monahano; mona hanyane, mane hannyane:

JOHANNE 1:42 Mme ba motlisa ho Jesu. Mme yare ha Jesu a mmona, are, O Simone mora Jona: otla bitswa Khaefase, ke hore haho fetolelwa, o lejwe.

Lejwe le lenyane, le mahwashe, ntho ele nngwe. Sena sebolela ka setswalle le Lengolo. Ntho eo o iponelang yona, hao phethe mohopolo wa motho emong. Hao pake hlooho. Haeba o latela mohlape, oja lerole. Jwalo ka serpente ho Genese.

63-0728 KRESTE SEPHIRI SA MODIMO SE SENOTSWENG

Oseke ware, "Kereke yaka..." Jwale, "kereke yaka" hase lebaka leo.

Ke ntho ya motho ka mong, motho ka mong! Dihele kaofela dikgahlano le thuto ena. Mme dihele kaofela dikgahlano le Nnete, empa ke Nnete.

Jesu ha Aka Are, "Jwale, Peterose, wena le Johanne, le bana ba bang kaofela, le nale tshenolo, jwale kereke kaofeola epholositswe." Tjhe.

Ene ele yena, ka nama. "Kere ho wena, wena," eseng bana ba bang, "ho wena, o Peterose; hodima Lejwe lena ketla aha Kereke YaKa." Mme lebitso Peterose, lebolela "lejwe." Lejwe le bolela"maipolelo," kapa, "karohano."

Hodima Lejwe lena, hodima ntho tse ding; oya bona, ba babitsitsweng, Kereke ebitsitsweng; hodima lejwe lena, hodima sena "tshenolo." "Hase nama le madi tse senotseng sena. Empa hodima tshenolo ena, sehlopha sebitsitsweng, Ketla aha Kereke yaKa hara bona. Mme kgoro tsa dihele dikeke tsa ehlola."

"Haho le karolo ele nngwe ya moriri wa bona etlang ho lahleha. Le Baka! Ketla letsosa ka tsatsi la hoqetela, ke monehe Bophelo Bosafeleng, mme ke motsose ka Tsatsi la hoqetela." Ke eo taba, tshenolo. Eseng bona; empa"yena," ka bonngwe!

Eseng sehlopha! Dihele tsohle dikgahlano le sena.

Jesu One A batla hore barutuwa ba ipatlele ele bona ka ho latela Mangolo, jwalo kaha bane badumela ho Mangolo ke ona a qetang taba.Lejwe ka leng le arohane, balokela ho inahanela hore bareng ka Bibele eseng ho dumellana le baetapele ba kereke feella kapa kereke.

Dikereke dirata haho manntswe a moetapele.

56-1207 DINEO

….. dikereke diamohela moya wa moruti ho nale wa Modimo. Seo ke nnete. Hare hloke moya o mong; hare hloke seo. Re hloka moya wa Modimo. O kene ka hare ho kereke o shebe tsela eo moruti a etsang ka yona. O shebe phutheo etla etsa ka ona mokgwa oo.

Ke sona se pshatlang kereke seo. Botho.

Peterose one aikemisetsa kamehla yohle. One asa ikamahanye le bongata. One aka fumana tshenolo hotswa ho Modimo. One asa itshetlehe hodima monahano kapa kgopolo tsa batho ba bang.

Peterose ene ele karolo ya batho basa nahaneng jwalo ka sehlopha.

Bonikola bo kena ho monna ya halalelang ka sehlopha. Haho moo ho dumellwang phehisano sehlopheng. Esebf dipotso tseo eseng tsa Bibele. Batho eba sehlopha sele seng sebang se entswe hore ba nahane kaho tshwana. Batla bua feela jwalo ka popokgaia ntho ele nngwe feela. Haho tshenolo eo eleng etswang ka hare ho ditemana tsa Bibele. Ke ba latelang feela ka bofofu.

Jesu O tsebile hore ka nako ya mongwaha wa Laodisea baruti bakgohlahetseng batla tebela Lentswe ka hare kereke. Ka tsela eo a laela Peterose ale mong. Peterose ene ese mruti wa boiketsiso wa setsheho sa boswaswi.

JOHANNE 1:43 Tsatsing leo Jesu Akena Galilea, mme A funmana FilipI, mme Are ho yena, Ntatele.

Ha Jesu A kgetha motho ho Molatela (Lentswe). Haho emong.

JOHANNE 1:44 Jwale Filipi ene ele wa Bethsaida, motse oo Andrease le Peterose batswang ho ona.

 

 

Bethsaida ehlalosa “ntlo ya batshwasi ba dihlapi”. Tsena diakopana. Jesu one A batla hore baapostola “batshwasi bdihlapi” ka tsela ejwalo a leba motseng o bitswang‘ntlo ya ditshwasi tsa dihlapi’. Motse wa Bethsaida oka leboya la Lewatle la Galilea moo holeng metsi teng.

Sena sebonahatsa ha Selekaneng Sesetjha batho batla tshwasa meya, re lokela hoka leboha dimishinare. Metsi a bonahatsa letshwele le lengata.

TSHENOLO 17:15 Mme are ho nna, Metsi ao oa boneng, ao seotswa sedutseng hodima ona, ke batho, matshwele, le ditjhaba, le dipuo tsohle.

Batshwasi ba dihlapi batshwasa ka hare ho metsi “bafetela mose ola” ka hare ho metsi mme bashwe. Sena sebontsha ha moetsadibe a amohela Jesu jwalo ka Mopholosi mme ebe otswella pele hoya ho Modimo.

Johanne Mokolobetsi one a sebeletsa ka leboya la Lewatle le Lefubedu moo metsi a teng asa lokela dihlapi. Sena sebolela Molao wa Bajude oo kekeng wa sebetsa hobane one o lokela hore Bajude ba bolae Messia. Baetapele ba badumedi matsatsing ana ba bolaya Lengolo bakeng sa dikhoutu. Batho ebe balatela barwetsana ba mawatla ho leba mane Matshwenyehong a maholo ho nale Moketeng Lennyalo la Konyana.

Kajeno bareri ba Molaetsa bathabela dikhoutu ho nale Lentswe. Haele hantle bafedisa Lentswe. Ke lona lebaka leo Jesu a emeng kantle mongwaheng wa kereke ya Laodisea.

TSHENOLO 3:14 Ngolla lengeloi la Laodisea ore;

20 Bona, ke eme monyako, mme kea kokota: ha emong a utlwa Lentswe la Ka, mme a bula, Ketla kena, keje le yena, le yena le nna.

Haho kereke eka etsa seo. Ke motho ka bonngwe. Kereke ka boyona hae kgotsofatse Modimo.

JOHANNE 1:45 Filipe a fumana Nathanaele, mme are ho yena, Re Mofumane, ya boletsweng ke Moshe molaong, le ke baporofeta, ba ngodileng, Jesu wa Nazaretha, Mora Josefa.

Filipi ene ele motho wa Mangolo. One a tseba Mangolo a Bibele a Selekane sa Kgale le boperofeta ba ona ka Messia. Filipi ene ele moetapele emoholo ya neng a etella batho hoya ho Jesu, eseng ho sehlopha sa batho kapa ho mothp. Ke lona lebaka leo Jesu aneng a mmatla jwalo ka moapostola hore a kgone ho isa batho nneteng ya Bibele. Ke yona tsela yaho fumana nnete. Re lokela ho latela Lengolo hoya ka tsela ya Bibele. Ke yona tsela eo Filipi a tsebileng hore Jesu ke Messia hobane one a tseba Melao ya Moshe (Buka tse hlano tsa pele dibitswa Torah) jwalo ka bobong boporofeta Selekaneng sa Kgale.

Filipi one a tseba Selekane sa Kgale.Ke lona lebaka le entseng hore a fumane Messia. One a dumela ho Jesu hobane o fumane Selekaneng sa Kgale moo ho buang ka Jesu.

“mora Josefa” ba Mobeha maemong a bothoduwa. Josefa ene ese ntate wa Hae wa nama wa Jesu.

LUKA 1:34 Mme Maria are ho lengeloi, seo seka etsahala jwang, ka hobane hake tsebe monna?

35 Mme lengeloi lare ho yena, Moya o Halalelang otlaba hodima hao, mme Matla a Ya hodimo atla o apesa: mme Seo otlang hose emola etlaba sa Moya o Halalelang.

Moya o Halalelaang ene ele Ntate wa Jesu. Moya o Halalelang o entse Mmele wa o kenya ka hare ho Maria. Maria ene ele mojari feela. Moya o Halalelang one o tsamaya ka hare ho Jesu ele Modimo Ntate. Monna wa Nama Ya neng A tsamaya ene ele Mora.

 

 

BAEBREWS 10:5 Wherefore when he cometh into the world, he saith, Sacrifice and offering thou wouldest not, but a body hast thou prepared me:

BAHEBERU 2:16 Hobane ka nnete nete ha akaba Anka sebopeho sa mangeloi; empa A nka sa peo ya Abrahama.

Peo ya motho ebonneng. Ebe ethola mmele hotswa ho sele ya bosadi.

Modimo O bopile sele eo ele senna le lehe la Maria. Mme yaba Modimo O pata Moya o Halalelang ka hare ho Mmele oo.

ISAIA 45:15 Ruri O Modimo O ipatang, O Modimo wa Israele, Mopholosi.

Modimo One A Ipatile ka hare ho sele elenngwe. Motho ya moholo sebakeng, A Ipatile ka hare ho Sekangwana. Haho makatse ha Diabolosi a ile a thetseha. Bohlale bosa tsebahaleng ba Modimo.

54-1212 O IKANNE KA YENA
Ha Modimo Ane A tswalwa A kwahela Maria, Ene ele Bophelo. Mme Bophelo ba kena ka hare ho sele ya madi.

Mang le mang otseba hore sele ya madi keng? Monna. Na seo ke nnete? Bophelo boka hare ho sele ya madi, mme sele ya madi etswa ho monna, eseng mosadi. Ke hona moo bophelo boleng teng, ka hare ho bonna.
Hlokomela. Ebe Modimo ka Boyena o kena ka hare ho popelo ya Maria, mme A Ikwahela ka Sele ya madi.

Modimo ha A kgahlwe ke menahano ya rona. Maria one a sena kabelo le enyane ho imeng ha hae le seka hare ho popelo ya hae. O bile feela le tumelo ho Lentswe.

LUKA 1:38 Yaba Maria ore, Bona hahobe jwalo ho mohlanka wa Morena;hahoye hoya ka Lentswe la Hao.

Setshwantsho sa barwetsana ba leshome searola Bakreste. Ba nang le oli ke ba nang le Moya o Halalelaang (kapa kutlwisiso) ya Lentswe la Modimo mme mawatla ke basa nang le mabaka ka Bibele hobane ha bana oli hoka etsahatsa Bibele ka kutlwisiso yohle. Ba bonahala kapele. Haba botswa potso ka Bibele, jwalo ka “Hobaneng ha Davida, eo eneng ese moprista, a ile aja bohobe baka sehalalediso empa asaka ashwa? Leha hole jwalo morena ya lokileng Hosea a ile a otlwa ka lepera ha ane a etsa seo.” Bakreste ba sejwale jwale ba araba feela ka botsho. “Hase sa bohlokwa seo”, “Ke ntho etlwaelehileng eo”, “Seo hase ame pholoso”. Bobedi dikarabo tseo hadi fane ka moelelo. Baruti ba bona haba kgone ho araba seo. Ba hana ho rutwa ke motho ya satsweng sehlopheng sa bona. Ho Laodisea ha “haba hloke letho”. Haba batle ho kgalemelwa diphoso"batseba tsohle". Bakeke barutwa ke motho ya seng sehlopheng sa bona hohang feela. Baya iphapanya. Kakopo hlena seke wa re tshwenya. Ona ke mohlala wa ho robala.

Ka tsela eo motho ha a kgone hoetsa morwetsana. Empa Modimo O lokisa sena ka Mangolo.

Johanne 5:39 Botsisisang Mangolo;

Josefa o ile a amohela Ngwana ya neng A hola ka hare ho popelo ya Maria. Ho bolelang hore Jesu hoya ka molao one a thotswe ke Josefa. Empa Josefa ene ele wa leloko la Davida.Ka tsela ejwalo ho amohela Nnete ya Modimo, ke hoba kgahlano le mehopolo ya batho ebe oba morwetsana, Josefa o ile a amohela Jesu ka molao hore ebe Mojude. Ena ene ele karolo ya bohlokwa e ileng ya bapalwa ke Josefa Leanong le Leholo la Modimo. Jwalo ka monna one a lokela ho hlokomela seo seneng sele ho Maria le Ngwana Jesu. Empa kamora moo Jesu A leba Tempeleng Ale lemo tse 12 ho tloha moo hare sa utlwa letho ka Josefa. Re busetseditse maemo a teng, nakong eo, o utlwisise maemo aho amohela Ngwana.

Konia kapa JeKonia kapa Jekoniase ka Segerike ( eo hape a bitswang Jehoiakine ) ene ele leloko la Davida one asa loka hoo Modimo A ileng aba are. Ha ahlakolwe lelokong la Davida bareng ba borena ba Solomone. Ho bolelang hore Josefa one akeke aba le leloko hotswa ha Konia.

JEREMIA 22:28 Na monna enwa ke Konia ya nyatsuang setshwantsho na? Na ke setshelo sa thabo na? Bakae ba lahluweng na, yena le peo ya hae, mme balahletswe naheng esa tsejweng?

30 Hoitswe ke Morena, ngola monna enwa aseke aba le bana, monna ya kekeng aba le matsatsi a bophelo: hobane akeke aba le peo, edulang teroneng ya Davida, mme akeke a busa Jude.

Empa mora emoholo wa Davida Nathane otla theohela ho Maria. Ke hona moo Maria a qetileng dikgwedi le Elizabetha ho kgutlela ho Josefa kemarong ya hae ho nyalana le yena. Sena setiisa taba ya hore Jesu ene ese Mora wa Josefa. Kaho thola Jesu, Josefa hoya ka molao one anale Mora hotswa ho leloko la Nathane melokong emeraro ho tloha ho Konia. Ho bolelang hore Jesu ekaba Morena wa Bajude ka tsela eo ho qeta thohako ya Konia.

Re ithuta taba ya bohlokwa moo. Re lokela ho phetha Mangolo hantle hoya ka tsela ya onal. Hangata, jwalo ka Josefa, hare bone bohlokwa ba Mangolo. Empa kamehla hare phethahatsa thato ya Modimo reba hantle feela thatong ya Hae. Ho dumela ntho esiko Mangolong rea lahleha.

JOHANNE 1:46 Yaba Nathanaele ore ho yena, na honale ntho entlee eka tswang Nazaretha na? Filipi are ho yena, tloho o bone.

Nazaretha ene ele motse o sa lokang hohang feela. Bokgopo bone boetsahala moo le botlokotsebe.Jwalo ka Las Vegas ya jwale e itshetlehile hodima papatso le gambling. Okeke wa lebella ntho entle hotswa motseng okang oo. Empa re ithuta seseng mona. Re seke ra ebella motho kamoo atswang teng. Hotswa motseng osa lokang hotswa Monna ya lokileng.

JOHANNE 1:47 Jesu O bone Nathanaele atla ho Yena, mme are ho yena, Bona MoIsraele wa sebele, eo hoseng lonya ho yena!

Jesu A bala mohopolo wa Nathanaele. Lena ke letshwao la Messia ho Bajude.

Mme sena sene sebolelwa ke Jesus was saying, “Hake soka ke o bona le kamohla empa kea o tseba. Haona lonza. Hao etse mano hoka fumana tsela ya hao”.

Jesu One A bontsha hore O kgona hoya lefatsheng la moya leho kgutla.

JOHANNE 1:48 Nathanaele are ho yena, O ntsebela kae? Jesu A araba are ho yena, Pele Filipi ao bitsa, ole tlasa sefate, keha ke o bona.

Nathanaele o ile a tshoha. Ha jwang motho eo kesa Motsebeng a ntsebe? Sena setla jwang? Ene ele Motho ya jwang Jesu enwa?

Evangedi ya Johanne ehlahisa Jesu ele Modimo, kaofela Leihlo la Ntsu.

Nathanaele ke motho za emetseng kereke ya Modimo yohle ya lemo 2 000. Ka tsela eo a ithuta, jwalo ka rona bohle, hore Jesu O bona hohle ha a lekanye moo A fellang. Jesu O entse nako mme Jesu o entse moza hofihlela sebakeng sa semoya sa bohlano. Ka tsela eo o lokela hoba dibakeng kaofela. O kgona ho sheba pele le morao ka nako ele nngwe. Rona batho re sheba hona jwale feela. Nathanaele hang feela a hlokomela Sena se Makatsaang.

Empa hatla seseng seneng semotshose, seseng se seholo ka Jesu seneng sebontsha Nathanaele hore aka tshelela mose ola moo leihlo lesa fihleng.

Jesu Ke monga sebaka (kgutlo tse nne tsa lefatshe) jwalo kaha a bile ale ka hare ho lefatshe. Sena ke sona sebitswang ho tseba botle le bobel. Rona batho re lokela hoka kgetha botle le bobe.

JOHANNE 1:49 Nathanaele are ho Yena, Rabbi, na O Mora Modimo; O Morena wa Israele.

Ke Modimo feela ya tsebang diphiri tsa dipelo.

I MARENA 8:39 Utlwa Lehodimo ke sebaka sa Hao, mme oza tshwarela, mme oza etsa, mme o neha emong le emong ka tekanyo, eo pelo ya Hao e motsebang; (hobane Wena, esita O tseba le diphiri tsa dipelo;)

Motho ya tsebang diphiri tsa dipelo O lokela hore ebe ele Messia. Modimo Ntate Moya O Halalelang.Ha botlalo bohle ba Modimo bole kaho Motho mme Motho eo O lokela hore ebe ele Modimo.

Nathanaele osatswa utlwa seseng semohloo. Bomodimo bohle bodutse ho Jesu Kreste.

Ka tsela eo Jesu One A dula hokae?

Jesu One A batla ho senola Leano le Leholo. Modimo, ka Mohau,Ofana ka tekanyo Moya ho Mokreste ka bonngwe. Sena searola karolo enyane ya Moya bakeng sa Mokreste paleng ya lemo tse 2 000 motho ka Moya o Halalelang.

Moo Jesu Aneng A phela teng jwalo ka Messia nakong ya Hae jwalo ka Morena wa Bajude ene ese nbtho ya bohlokwa hobane One A tlile ho Bajude mme ba ile ba Molatola.

Ke lona lebaka le entseng hore ba bohlale ba botjhabela ba nke dibano le mmira ho leba ntlong. Mmira ke setlolo se sebediswang bakeng sa ditopo ha motho a shwele. Babohlale bane batseba hore Jesu One A lokela hotla ka baka la hore A tlilo hlatswa dibe.

Kgauda ene ebolela hore ke Modimo Nameng.

Dibano ene ele karolo kapa letsopa le neng le etsa hore ho nkge hamonate hale tjhisitswe mollong. Sena sene senkgisa lephoka la nama etjheleng ya sehlabelo hamonate. Monko o monate wa sehlabelo one o utlwahala.

Ka tsela eo ke seo ba bohlale baneng base nahana ka Jesu.

Ene ele Modimo Nameng a tlilo hlatswa dibe. One A tlilo shwa ho pholosa batho dibeng tsa bona. Banna ba bohlale bane ba bona sena. Ke lona lebaka le neng le etsa hore hothwe ba bohlale.

Ebe, jwalo kaha Moya wa Modimo O ile wa tsholohela ho Monna Jesu, ha jwalo le Jesu One Atla tshollela Moya o Halelalng ho dimilione tse ngata tsa dilemo tse 2 000.

II DIKORONIKE 6:18 Empa Modimo ka nnete na Otla hlola dipelong tsa batho lefatsheng? bonang, lehodimo le lehodimo lekeke la kgona ho O amohela; hakakang lona leka nkahela ntlo!

Nathanaele o maketse. Sebaka sa botshelela sa moza, Lehodimo,moo Modimo Aka dulang teng (eseng bobe) otshwarehile ho pitso ya Solomone ha bitsa lehodimo la lehodimo. Sena seka hodimo ho mohopolo wa motho. Leha hole jwalo o amohela Modimo.

Leha hole jwalo Monna enwa Jesu O tletse Bomodimo kaofelaa!

Mantswe ha akgone ho hlalosa sena. Leha ele mantswe a poko ha akgone. Jesu O feta mehopolo zohle.

Hahole jwalo O dula kae?

Haele hantle o dula pelong tsa bahalaledi bao eleng karolo ya kereke, badumedi badumelang Lentswe tshiung tsena tsa kereke. Ke hlooho YA Lentswe ka hohle ho kopanya kereke tse supileng tsa mongwaha ho etsa Mmele wa Kreste.

JOHANNE 1:50 Jesu A moaraba are, Hobane ke o boleletse hore o mang, ke o bone ole tlasa sefate, o dumela seo na? Otla bona tse kgolo hofeta sena.

Ho bona Nathanaele ale hole hone ho bontsha matla a Jesu sebakeng. Akaba hohle ka nako ele nngwe. Hape oka hodima sebaka moo Diabolosi Akekeng A fihla.

JOHANNE 1:51 Are ho zena, Kannete, nete, Kere ho wena, kamora mona otla bona mahodimo a butswe, mme Mangeloi a Modimo A theoha.

Mangeloi, bongata. Amabedi.

Ena ke Evangedi ya Johanne tsela eo ebonahatsang Jesu hore ke Modimo, Ntsu ekgolo efofang.

Hang feela hare nahana hore re utlwisisa sena, Jesu Ose Are hopotsa. Ena ke temana e etsang hore dihlooho difapane.

Mora Motho Mopholosi wa Leloko. Ka tsela ejwalo One ale kahodimo ho Mmele wa nama,oo Aneng A o bona jwalo ka sehlabelo, ho leba ho Modimo ka tlhatsup za dibe, lemong tse fetang 2 000, leha ekaba ke hokae bane ba hasa Evangedi.

Tshenolo 5:3 Mme hose motho lehodimong, leha ele lefatsheng, leha ele katlase ho lefatshe, ya neng aka manolla buka ena, leha ele ho enka feela.

Ya Modimo Bibele etletse diphiri ho batho, bohlaleng ba bona, haba utlwisise.

Leha hole jwalo, mongwaheng ka mong wa kereke Mokreste o ithuta diphiri tsa Bibele hoka tobana le DIabolosil.

ISAIA 55:8 Hobane mehopolo yaka hase ya lona, leha ele tsela tsa lona, ho bolela MORENA.

9 Jwalo kaha mahodimo a phahametse lefatshe, le tsela tsa hae jwalo ho tsa lona, le mehopolo ya Hae jwalo hoya lona.

Kereke ya pele ene etseba diphiri tsa Mangolo, empa hone hontse ho nale tse ding tsa Bibele.Ho dutse hole seseng seo Diabolosi Asa setsebeng. Hase tsohle tse senotsweng, Modimo tse ding O dipatela DIabolosi.

Leha ele Bibele ekeke ya hlahisa hotla ha Jesu leho nkela kereke Lehodimong.

Tiiso ya bosuppa ho Tshenolo 8:1 ke kgutso ekgolo.

Leseo diaduma tse supileng tsa Tshenolo 10 disa ngolwa.

Lebitso le letjha la Jesu ho Tshenolo 19 haho ya dumeletsweng hodi tseba.

Kereke ya pele hae yaka ya tseba diphiri tsena.

Empa bane banale lengeloi, lenqosa leo eneng ele Paulose, ya theohileng lehodimong laboraro.

II BAKORINTHE 12:2 Ke tseba monna emong lemong tse leshióme le metso emene tse fetileng, (leha ekaba ka mmele, hake tsebe; kapa ka mmele, hake tsebe: Modimo ke Yena ya tsebang;) ya ileng a nkelwa lehodimong laboraro.

3 Mme ke tseba monna ya jwalo, (kapa ene ele ka mmele, kapa ka moya, hake tsebe: Modimo Oya tseba;)

4 Ka tsela eo a ileng a nkelwa paradeiseng ka teng, mme a utlwa mantswe asokang a wa utlwa, ao hoseng motho yaka wa bolelang.

Sebakeng sa botshelela sa lehodimo, moo holeng mangeloi a bolokehileng, ntho tseo a diboneng difeta mohopolo, hoo Paulose, lengeloi la kereke ya pele, asakang a bolela seo ase utlwileng.

Empa Paulose leha hole jwalo ha aka a kgona ho ithuta diphiri tsa Selekane se Setjha kaofela.

Kereke ka nngwe ene e fumana tiisetso ya hore ke kereke ya sebele ya mongwaha oo, eleng Mmele o phelang wa Jesu hobane one a phela ka hare ho dipelo, hoka phonyoha hlaselo ena ya satane.

Lengeloi la bosupa le ile la nkelwa sebakeng ka 8 Hlakubelle 1963 mane Sunset Peak pela motse wa Tucson hola Arizona, Amerika, ka mangeloi a supileng ho bolellwa hore le kgutlele Jeffersonville hola Indiana leho senola diphiri tsa Ditiiso tse Supileng tsa Tshenolo Kgaolo 6.

Le leng le leng la mangeloi ana ene ele letlileng ka molaetsa wa kereke ka nngwe ya tsena tse supileng.Ke lapele feela le ileng la nkelwa lehodimong la boraro.

Ana a mahlano ane asa hlokomele boteng ba le leng hara ona.Banna bana ba baholo bane ba ile ba nkelwa sebakeng hoka bontshwa diphoso tsa nako ya bona ka diphiri tsa Bibele mongwaha le mongwaha. Tshenolo ena ene esenola nako ya teng.

Jesu O neile Nathanaele bokahare ba Leano le Leholo. Kereke tse supileng tsa mongwaha ke Mmuso wa Lehodimo. Leha ele eng se etsahalang lefatsheng sebontsha ntwa emahareng a Modimo le Satane.

Jesu, Lentswe le ngodilweng, ke Mmuelli mahareng a batho le Modimo. Lengeloi ka leng lene le thola matla hotswa Lehodimong mongwaha ka mongwaha. Lengeloi ka leng lene le batlana le Jesu moo Aneng A dula teng, ka hare ho Lengolo mongwaheng oo.

Ka tsela ejwalo ke hona moo Jesu a dulang teng. Tshenolong ya nako eo.

Ha feela reka utlwisisa mohopolo wa Lentswe ka mongwaha ka mong jwale re tlabe re tseba hore Monyaduwa o kae.

“Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona!” — 1 BaKorinthe 16:23