Hobaneng ha balatedi ba bangata ba Molaetsa ba leba Matshwenyehong ho nale Moketeng wa Lenyalo
We update studies as the Lord Jesus leads us. You can find the latest update of this study at ChurchAges.net
Daniele o ile a bona setshwantsho seo seneng seqhetsoha ho tloha menwaneng, boleng ba kgauda botloha , sekekeng sa thola mafome, hofihlela eba maoto a tshepe akekeng a fumana mafome.
Maoto a emetse Mmuso wa bophirima wa Roma o laolwang ke kereke ya Roman Catholic eo eleng mokgatlo, mme mmuso oka botjhabela wa Roma ka kereke ya Byzantium Greek Orthodox ya Constantinople e ileng ya tswala kereke ya Russian Orthodox.
Yaba hotla Reformation ya Martin Luther, le Protestants otswang ho Catholicism empa wa tswala mekgatlo emengata. Tse ding tsa dipolelo dibolela haekaba 45 000 mekgatlo efapaneng ya dikereke kajeno.
Ka tsela ejwalo monyetla wa hore ya hao ekaba 1 ya tseo tse 45 000. Sena hase monate. Jwale emella ka thoko mme o hlole kereke tsa Molaetsa.
Diarohane haholo ka mehopolo le maikutlo. Dihlopha tse ngata diafapana ka maikutlo le mehopolo, hoo diseng disena mamello kapa kutlwano. Haho ngangisano kapa ho bontshana, empa ho lwantshana. Baruti ba Molaetsa haba batle maikutlo a mang.
Batho ba ikutlwela eka “ke batho ba kereke e itseng feela”.
I BAKORINTHE 1:12 Jwale ke bolela sena, hore leha ekaba ke mang feela ho lona yareng, kewa Paulose; kewa Apollosi; mme ke wa Khefase; mme nna kewa Kreste.
Paulose one asa thabela seo.
Lefu la moetapele ya matla le bonahala ka ditla morao tsa kopano ematla, mme Balatedi ba Molaetsa bantse ba arohana hoya pele. Taba ya moruti emong wa Amerika ha ane a bolela hore taba ya thuto etebile haholo.
Haeba diphapang tsena dintse ditswella pele, sena eba ha sea loka.
Bongata ba balatedi ba Molaetsa bokeke baetsa karolo ya Monyaduwa hobane bafapane ka maikutlo, ba bolela hore ba nale tokelo.
Emong le emong wa modumedi o nahana hore o nepile. Empa ho etsa polelo ejwalo, ho etsa karohano Molaetseng hape “ho lokeng” ha kereke.
Jwale hotla potso etshosang haholo: Na efela seseng sa sehlopha sa Molaetsa se nale nnete, kapa empa ele mokgwa wa mokgatlo na, mme baiketsa kgokana phiri na, ese lebaka leha bafapana ka dithuto na?
Hopola hore mokgatlo omong le omong ore o tshwere nnet. Bothata ke hore badumela ka tsela e itseng.
Hoka ahlola moo releng teng, re lokela ho kgutlela ho Bibele (the King James version), le mekgwa ya rona kgahlano le Moena Branham.
Boporofeta ba Bibele ke ba nako ya bofelo.
TSHENOLO 3:14 Ho lengeloi la Laodisea ngola taba tsena;
TSHENOLO 3:20 Bona, ke eme monyako, kea kokota:
Kreste o eme kantle oya kokota ho kereke. Enngwe le enngwe kereke. Sena sekenyeletsa le kereke tsa Molaetsa, hobane ho bolela seo. Sena sekenyeletsa le sehlopha sa Molaetsa, le nna.
Kreste ke Lentswe. Ka tsela ejwalo Lentswe le ngodilweng ha lesa rerwa ka hare ho kereke. Khouta Lengolo lea qabana le moruti, mme otla iphumana ole kantle ho kereke. Lentswe le ngodilweng ha lesa leo ka hare ho tshebeletso.
TSHENOLO 3:16 Ka tsela eo ofofo, hao bate hao tjhese, ketla o tshwela molomong wa ka.
Kereke efofo. Lengolo le leng lea rerwa (le re etse re tjhese), empa le boele le kopanywe le amang(ebe lea bata).
Lentswe la Modimo letswa molomong wa Hae. Ka tsela ejwalo ha re saleo molomong wa Modimo. Ha resa emela Lentswe la Hae. Ha resana taba le Bibele. Rese re nketse dikhoutu hodimo haholo.
Nnete ya sena ebile ho kgethwa ha Donald Trump. Bareri ba Molaetsa ba ile ba sebedisa dikhoutu bakeng sa seo, bane ba nahana hore Hillary Clinton otla hlola. Bane bafositse. Ka baka laho tshepa dikhoutu. Baile baetsa phoso ela e ileng ya etsahala Amerika ka 1977. Hape ho dula hodima dikhoutu.
Haho phoso ho khouta, didula dietella pele, mme hotswella pele ka dikhoutu. Ke ho hloka mokokotlo.
Bareri ba Molaetsa bane batshehetsa Hillary batlohile thatong ya Modimo. Re lokela hoka hlokomediswa ka taba ena. Empa ha rena taba le tlhokomediso. Retla tswella pele ka dikhoutu, mme baetapele batswelle hore lahlehisa. "Bokereki" re potoloha jwalo kamehla, re sena hlooho re lebala le hore Trump ore tshetse ka seo, hore baetapele ba rona haba tsebe Modimo.
TSHENOLO 3:17 ..... mme hao hloke letho; mme hao tsebe hore o madimabe, ... mme o foufetse:
Kereke tsa Molaetsa ha dihloke letho, haholo ho tshwauwa diphoso.
Kereke efoufetse (ya hao le tse ding tse ngata) hobane hadi bone Lesedi. Ka tsela ejwalo kajeno kereke ka nngwe elatola Lengolo. Dilatola le Lengolo leleng leo mahlo abona a welang hodima lona. Empa kereke ka nngwe ya Molaetsa e dumela hore hae phoso. Hore ke bona feela ba nang le nnete. Haba hloke hoka eletswa, hobane ke bona feela ba nepileng.
Dikereke tsa Molaetsa (mmoho le kereke tsa mokgatlo) ba ikgantsha ka dintho tseo ba dietsetsang Modimo. Sena selokile. Empa ha Modimo A bua le Laodisea ha A kgahliswe ke mongwaha wa rona, empa Ore re bake. Ho bolelang hore re etsa dintho ka tsela eo eseng yona. Ore re lokela ho tjhesehela ho baka. Sena sebolela hare etsa dintho eseng ka nepo.
TSHENOLO 3:19 Bao ke baratang, kea bakgalema leho balaya: tjheseha ke seo, mme o bake.
Haeba Modimo Are rata, Ore Otla re kgalema. Re lokela hore ebe eteng ntho ephoso eo re e etsang. Ho nale seseng sephoso seo re se etsang. Leha hole jwalo re ikutlwa rele hantle tseleng. Ka tsela eo ho nale seo rese etsang sephoso.
Jwale keng seo sephoso, jwalo kaha re bolela“kereke yaka kea nnete”? Emong le emong o nepile, leha re nale diphapang, ho bolelang hose batle ho tshwauwa diphoso. Modimo ha Are re ka tsela enngwe.
Ore re lokela ho tadimana le pako. Mme hare tsebe hore re etsa phoso hokae, Ore bolella hore re reke setlolo sa mahlo retle re bone. Ebe retla bona re bake.
TSHENOLO 3:19 tlotsa setlolo sa mahlo, hore otle o bone.
Empa re rata hodula ditshitising tse halalelang, mehopolo ya baruti elahlehisang. Re latola emong le emong ntle ho sehlopha sa rona, mme hare lokele keho tshwaya diphoso. Re rata ho tshwaya bakantle diphoso.
Hantle ntle, hare utshepe ka tumelo ya rona, ka tsela ejwalo hare thabele motho ya tlilong ho phehisana le rona hobane rea tseba hore rekeke ra etsa mosebetsi o phethahetseng. Ka tsela eo re thabela hoba bang feela rele sehlopha seo. Hare thabele ho kgohluwa, ho iphapanya Mangolo ha rona hore beha maemong ao.
TSHENOLO 3:17 Hobane o itse pelong ya hao, ke mononi, ke atetswe ke dintho, mme hake hloke letho; mme hao tsebe hore o madimabe o sotho,
Hare hloke letho. Re itshetlehile ka ntho tse tshwarehang hoka bonahatsa Modimo. Sena sebolela hore re nahana hore re lokile, mme re nahana hore re nale sohle. Seo sere nehela mohopolo wa hore hare hloke ho mamela motho emong. Empa reka etsa feela “bosoto” re leka ho bontsha tumelo ya rona ka Mangolo. Bongata ba badumedi ba Molaetsa haho letho leo ba letsebang. Monna wa Syria o mamela Filipi, motswantle, mme o molokisa diphoso. Leha hole jwalo re ntse resa batle ha Modimo Are lokisa diphoso tsa rona, kapa leha Are laela ho baka lehoba le tjheseho. Haho modumedi wa Molaetsa ya dumelang hore Modimo O kantle “ho kereke yaka”. Haho modumedi wa Molaetsa ya dumelang hore ke sefofu, leha Bibele ere mongwaheng ona re foufetse, mme hare tsebe seo. O dutse Ale kantle ho kereke. Mme ka baka la bofofu re dula resa bone seo, re iphapanya Mangolo.
Balatedi ba rona baetsa hore re seke ra hlokomela hore re phoso ebe re batla diphoso tseo, hobane haba batle seo eleng nnete, kaho leka ho pata diphoso tsa bona, tseo ka bomadimabe, hoya ka Lengolo, le bona bafoufetse.
MATTHEU 15:14 Balese: baetapele ba difofu. Difofu tse etellang difofu tse ding pele, batla wela selomong.
Haba rera maikutlo eseng Lengolo, eba bafoufala moqoqong oo wa bona. Balatedi ba bona, bathabelang maikutla a Moena Branham, eba difofu hobane habasa latela Lengolo. Batla wela selomong, eleng Matshwenyehong.
LUKA 18:8 … Naebe Mora Motho mohlang atlang, Otla fumana tumelo?
BAROMA 10:17 Ka tsela eo tumelo etla kaho utlwa, ho utlwa Lentswe la Modimo.
Ha Jesu A kgutla, ho tlaba le batho ba mmalwa badumelang Lengolo.
Badumelang Lentswe le ngodilweng eleng Bibele ele lona feela mohlodi.
Badumedi ba Molaetsa bathabela dikhoutu eseng Lentswe.
Ba bile bafetoletse seo ho “lentswe la lengeloi la bosupa” (eleng seo rese tshepisitsweng nakong ya rona) ho “Lentswe la Modimo”. Eleng sebapadiswa sa batho ka Tshenolo 10:7.
TSHENOLO 10:7 Empa lentsweng la Lengeloi la bosupa, (sena haele hantle hase “Lentswe la Modimo“).
Ha jwale ho teng matshwenyeho a mangata, ho hana ho tshoswa ke baruti, ba bontshang diphoso tsa Moena Branham. Sena sebontsha hore Moena Branham one a nale diphoso le yena. Ho fumana diphoso tsena sehlalosa seo.
Pele, bolaodi ba balatedi ba Moena Branham ba bolela hore one asa etse diphoso. Baiphapanya Lengolo, mme ebile ba kahodimo ho Lengolo. Ho bolelang, hore ba leka ho sireletsa Moena Branham, ebe bafana ka dibetsa tse ngata ho bahanyetsi. Okeke wa sireletsa diphoso.
Nka mohlala ka thero ya “Peo ya Serpente”:
58-0928E PEO YA SERPENTE
Kereke ya pele ya mokgatlo... Re lebella sena mane "Bontate ba Nicene," pale ya kereke ya Nicene. Kamora lefu la baapostola, hatla lefu la bontate ba Nicene, mme baile batswella jwalo ka dilemo tse mmalwa (makgolo a mararo le mashome a mabedi) qetellong hoya fihla Nicaea, France, moo kopano ekgolo ya Nicene Council ene ele teng. Mme baetsa tlwaelo ya kereke ya Catholic ha jwale, mme seo sa fihlela Protestants.
Mme jwalo kaha ke rera hoseng hona, omong le omong mongwaha wa kereke hofihlela mane mongwaheng wa kereke ya Thessalonica, lemo tse sekete le makgolo a mahlano a Mongwaha o lefifi, hone hose nako leha efeng feela eo A kileng Are, "Ontse o nale Lebitso laka." Mme ka hlakoreng le leng, bane base ho Kreste jwalo ka mekgatlo: Catholic, Luther, Wesley, Baptist, Presbyterian, Pentecostal, ho theosa jwalo. Empa pele Akwala ore, "Ke beile monyako o bulehileng kapele ho wena." Oya bona? Mme ke mongwaha oo re phelang ho ona,mongwaha wa Monyako o bulehileng, mahareng a kereke ya hoqetela kereke ya Laodisea.
Mme hantle feela ke hantle feela ke lemo tse sekete le makgolo a mahlano tsa lekgotla la Laodisea.
Ho nale phoso tse nne mona molaetseng ona. Ho leka ho disireletsa hotla re etsa batho ba leshano.
1. Nicaea hae France, emane Asia Minor, tlase ho Constantinople.
2. Hahona mongwaha wa kereke ya Thessalonica . Ene ele mongwaha wa kereke ya Thyatira ho tloha ka 606 AD hoisa 1520 AD, oneng o bitswa Mongwaha O Lefifi.
3. Mongwaha ona o Lefifi o bile teng lemo tse 900. O ile wa feela ka 1500 AD. Haeba Mongwaha o Lefifi o bile teng lemo tse 1500 , etlaba Jesu O ile Aba teng Mongwaheng o Lefif.
4. Hone hose lekgotla la Laodisea ka 325 AD. Ene ele lekgotla la Nicaea. (Lekgotla la Laodisea le ile la kopana ka 363 – 364 AD mme la lahlela Buka ya Tshenolo kantle ho Bibele.)
Ka tsela ejwalo phoso tsena dilokela ho lokiswa mme re tswelepele. William Branham one a nale diphoso. Lekola diqotso le Bibele, nalane, le thuto ya nalane.
Sena ke tlhokomediso ho rona. Oseke wa nahana hore o nale nnete hao nale diqotso feela. Tse ding tsa diqotso difosahetse.
Ebe bareri ba Molaetsa baleka ho lokisa seo, mme ebe baitshwarella ka diqotso tseo, mohlal “Diaduma tse supileng diutlwahetse” le “Leru la 1963 ene ele Hotla ha Morena”, kapa “Leru la 1963 ene ele hotheoha ha Lengeloi la Tshenol 10”. Empa taba ena hae yaka ya buuwa ke Moena Branham. One a bile asa tsome mane Sunset peak borwa ba Arizona ha Leru lene le nkuwa senepe, jwalo kaha ho tsoma ene esoka eba nako ya teng. O fihlile beke kamora Leru. Leru lene le le siko mane Sunset peak, lene lele maele tse 200 bophirima ba moo, mahareng amotse Flagstaff mane Bophirima ba Arizona.
Phoso ya bobedi, taba ebolelwang ke Moena Branham ke taba ya lengeloi la bosupa kapa mporofeta. Ho mabaka a mabedi bakeng sa sena.
Dithero tsa hae dise bolelwa jwalo ka “Lentswe la Modimo”. Sena sephahmisa Moena Branham haholo, mme hosebe kopano ya Lengolo, kapa ho lekola diphoso. Modimo ha a etse diphoso, mme ke Yena feela ya sa etseng diphoso.
Re ile ra tshepiswa “lentswe la lengeloi la bosupa” - harea tshepiswa “Lentswe la Modimo”.
Jwale tlotlo ena esiko Lengolong etla re bakela mathata.
Hopola, Modimo O hloile Bonikola eleng ho kgetha monna ya halalelang.
TSHENOLO 2:6 Empa ke tsena tse bolelwang ke Amen, ke hloile ketso ta Banikola, bao ke bahloileng.
Nebuchadnezzare o ile a etsa setshwantsho sa Daniele mongwaheng wa pele wa Baditjhaba, mme a hatella hore batho bohle base rapele, ntle ho Daniele, leho sekgumamela. Daniele one akeke a kgona ho rapela setshwantsho sa hae.
DANIELE 3:12 Ho teng Bajude badulang naheng ya Babylona, Shadraka, Meshaka, le Abednego; banna bana, Oho morena, haba o hlomphe: ba sebeletsa medimo, kapa barapela seo.
DANIELE 1:7 Bao ba neilweng mabitso ke marena: o ile a neha Daniele lebitso la Belteshazzare;
DANIELE 2:46 Yaba morena Nebuchadnezzare owa ka sefahleho, mme o rapela Daniele, mme a laela hore a tlisetswe ditlolo tse monko o monate.
Sena ke phoso ya Baditjhaba, ho rapela moporofeta, ho phahamisa Daniele ho moisa modingwaneng.
DANIELE 4:8 Empa qetellong Daniele atla kapele, eo lebitso la hae ene ele Belteshazzare, hoya ka mabitso a medingwana, mme ebile ele yena ya halalelang:
Ka tsela ejwalo nalane eya iphetha hape, mme Baditjhaba bahatellwa ho phetha diqotso tsa Moena Branham, moporofeta wa nako ya rona. Diqotso tsa hae, le tlhaloso ya tsona, diisitswe Lengolong, mme ebile ka nako tse ding Lengolo ha le nkelwe hloohong. Ke sona seo Roman Catholics ese entseng ka bontata rona. Bare mohopolo o molemo hofeta Lengolo.
Jesu O ile A hlola Diabolosi ka “ho ngodilwe”. Ke ba mmalwa feela ba latelang taba eo.
Ponahatso ya Ditiiso tse Supileng. Mongwaha wa Kereke ya Efese. Peo ya Banikola.
Nako le nako ha Modimo A tlisa ketelo ya Moya o Halalelang batho ba buleha mahlo, kamora nakwana ba boele ba ifoufatse hape. Ha Luther atswa Mokgweng wa Catholic, batho ba ile ba lokoloha nakwana. Empa yare ha ashwa, batho baetsa sefapaneng le seo a neng asebolela ….
Oho, hlena! Ho Tshenolo12, seotsa seo sa kgale le baradi ba sona. Baradi bana bafutsitse mma bona. Ba ile ba behella Lentswe ka thoko,ba latola Moya wa Modimo, badumella ketelo pele ya motho, hoba thata ho rorisa Morena haba etellapele, haese letho kapa tsela feela ya Satane …..
Balatedi ba Martin Luther ba ile ba latela mokgwa wa mokgatlo, ka mehopolo ya bona.
Balatedi ba William Branham ba ile baetsa sona seo le bona.
Ke tsena kgopolo tse ding tse seng tsa William Branham. Tseo ba dibolelang.
“Diaduma diutlwahetse”.
“Re tseba Lebitso le letjha la Morena Jesu”.
“Mohau o fedile, ntle leho Monyaduwa”.
“Johanne o ile a kgumamela William Branham Bukeng ya Tshenolo”.
“Leru la 1963 ene ele hotla ha Lengeloi le matla la Tshenolo 10”.
Ntho tsena kaofela "dientswe" khoutu tsena ha ditshwane le tsa - Moena Branham ha a bua seo. Ka tsela eo bana ba dumelang seo base batshwere esele.
60-0515M MORENA YA LATOTSWENG
Ka tsela eo ha baetsa seo, hohlolwa hoholo haho fihla, ebe Saule ahlaba poho tse pedi bakeng sa setjhaba. Mme ke rata hore lehlokomele moo. Ha Saule a romela maqa ao a nama ya poho ho Israele mme are, "Ha motho ka mong ya sa lateleng Samuele le Saule, ha yena motho eo, ka poho ena hobe." Na lea bona thetso moo a iketsa Modimo? Tsela ena seo eneng ese bokreste ka teng. Batho bane batshaba Samuele. Empa Saule o ile a etsa hore ba molatele, hobane bane ba tshaba Samuele. "Habake ba latele Samuele le Saule."
Kajeno baruti bahatella hore batho ba latele dikhoutu tsa Moena Branham. Batho ba nahana hore Moena Branham o buile taba tseo ka hobane ba molatela.
Ke lona lebaka leo William Branham balatedi ba arohane ka baka la dikhoutu tse fapaneng. Sehlopha ka seng se nale tsa sona, tseo ba disebedisang le bona. Ba botse ka Bibele, leka tse ding tsa dintho, bakeke bao araba.
Tsena dika kgahla batho ba bangata, empa ke tse ka hare ho Bibele feela tseo eleng tumelo.
Matsatsing a Henoke, pele ho Morwallo, ke Henoke feela ya ileng a finyella sena. Motho ale mong feela. Ke yena motho ale mong feela ya ileng a nkelwa lehodimong. Ka tsela ejwalo Modimo O sebetsa ka motho ale mong, eseng ka bongata.
Jesu O ile A rera a taba ena, jwalo Henoke, ke taba ya motho ka bonngwe.
LUKA 17:34 Kea o bolella, bosiung boo ho tlaba le babedi barobetseng betheng; emong otla nkwa emong, emong a siuwe.
35 Ho basadi babedi batlabeng ba sila lelwaleng; emong otla nkwa, emong a siuwe.
36 Ho banna babedi batlabeng ba lema masimung; emong otla nkwa, emong a siuwe.
Ketso tsena dibonahala eka dietsahala ka nako tse fapaneng tsa letsatsi. Hotla ha Morena ka tsela tse fapaneng. Sena ke mohlala ka tsela tse fapaneng. Enngwe ya karolo tsena, hotswa karolong e itseng. Hose tse ngata tse etsahalang.
ISAIA 1:9 Ntle leha Morena wa makgotla are siitse enyane karolo, rene re lokela hore ebe re Sodoma, mme rene re lokela hore ebe re Gomorra.
Mopresidente yasatsa theoha Obama o ile a sebedisa maemo a hae bakeng sa ditarasi. Ditokelo tsa ditarasi diphethahatsa seporofeto.
Karolwana enyane edula nneteng ya Bibele.
2 BATHESALONIKE 2:3 Le seke la thetswa ke motho: ka baka la tsatsi leo, ntle le hore howa ho qale pele, le monna eo wa sebe a bonahale pele, mora wa tahleho;
Mane Lekgotleng la Nicaea ka 325 AD Boraro bo ile ba kena ka hare ho kereke, mme nnete ya epelwa. Ha latela Mengwaha e Lefifi Lentswe latswa ka hare ho kereke. Ha fihla nako ya Luther ka 1520 AD ka taba ya polokeho, Wesley ka 1750 AD ka bohalaledi le tshebeletso tsa ntle, yaeba Pentecost ka 1906 AD who kgutla ha dineo tsa moya. Banna ba busetsa dineo tsa moya ka tsela ya baapostola.
Moena Branham o senotse Ditiiso ka 1963 hoka qetella diphiri tsa Modimo, eleng Bibele. O ile a senola nako ya hotla ha Jesu. Rene re lokela ho nka dikhoutu tsena re dilebise Lengolong, mme re tiise tumelo ya rona Lengolong. Empa mashome a mahlano le metso a shwele, balatedi ba Molaets ba tlohile Lengolong ba latetse mekgwa feela, jwalo ka Diauduma tse Supileng, Tiiso ya bosupa, Hotla ha Morena labobedi, le Lebitso le letjha la Jesu.
Ka tsela eo balatedi ba Molaetsa batswile Molaetseng.
MATTHEU 7:14 Kgoro epatisane, mme tsela esesane, elebisang bophelong, mme haba bakae bae fumanang.
Nakong eo resa dumeleng ho Lengolo, re tsamaya tseleng epatisaneng. Re latela modumo, empa re leba selomong.
EZEKIELE 14:14 Leha banna bana ba bararo, Noahe, Daniele, le Jobo, bane bale tabeng eo, bane ba lokela ho etsa mosebetsi empa hlakoreng le leng balokela hoka pholosa meya ya bona, ho bolela Morena Modimo.
Daniele, Jobo, le Noahe batla ipholosa. Noahe ha aka ankuwa pele ho morwallo. Ka tsela ejwalo ke maemo afeng ao Modimo Awa hlokang bakeng sa Monyaduwa? A hodimo, dimo haholo.
Modimo ha A batle letho ka Monyaduwa wa Hae. Modimo ha A batle ha Monyaduwa a mamela motho emong. Motho o nale tokelo ya ho rera sena feela, “Ho ngodilwe...”. Ebe re balatedi ba Bibele, eseng ba motho.
Banikola bane ba etsisa motho, bakeng sa phutheo. Sena sefana ka kgwao.
Diofenese ebile moetapele wa pele wa kereke. One a nale matla aho leleka batho ka hare ho kereke. O bile le matla aho leleka Johanne – ya ngodileng Lengolo. O ile ema kgahlano le yena. Jwalo ka moetapele wa kereke one asa batle Johanne ha amokgalema.
3 JOHANNE 1:9 Ke ngolla kereke: empa Diotrefenese, ya neng a rata ho busa hara bona, ha aka are amohela.
10 Hoo, haeba ketla, ketla hopola seo ase entseng ho rona, ho bua mantswe a mabe kgahlano le rona: mme asa dumele seo, leha ele ho amohela baena, leho hanela ba bang, mme aba leleka ka hare ho kereke.
Karolo ena ebapalwa ke baruti ba nako ya rona.
Lentswe la sebele la Modimo le bonahatsa kereke.
Ka tsela ejwalo ha Selekane sa Kgale se leba maphetheloing sena se ile sa bonahala molokong o latelang. Kajeno, motho ya nang le matla ke moruti. Leha hole jwalo moruti o nale matla ka hodima kereke, jwalo kaha lentswe“moruti” le bitswa hang feela ka hare ho Selekane se Setjha. Haho Lengolo le bolelang ho moruti ke modisa. Ka tsela eo boemo ba kereke ha boya itshetleha Lengolong. Ho feteletsa ditaba, moruti o bolela haele yena moetapele wa kereke. Eleng lona lebaka leo Kreste, Hlooho ya sebele, A eme ntle ho kereke. Haho modumedi ya kabang le hlooho tse pedi.
Hlokomela seo ka hare ho Bibele, Bukeng tse tharo tsa hoqetela.
III Johanne o hlokomedisa ka baholo ba kereke ba jwalo ka Diotrefenese ya ratileng lefatshe. "Hlokomela nna. Ke bohlokwa. Ke ka hodimo ho wena. Mamela nna kapa". (Sena setshwana le baruti ba kajeno).
Sena selatelwa ke Jude ya hlokomedisang hore ho latelwe tumelo ya baapostola.
Jude 3 Baratuwa, jwalo kaha ke lengolletse ka tumelo etlwaelehileng, kene ke hloka hore ke etse seo, hore le phehelle tumelo ya pele ya bahalaledi.
Jude ohlokomedisa ho tloha qalong ka mangeloi a weleng, metse ya Sodoma le Gomorra, Kaine ra leshano le mmolai, le moetapele wa lerabele Balaame, ya neng a rata tjhelete, le Kore (Korah) ya neng a rata ketello pele. Pheletso ya molaetsa wa Bibele ontse o tswelella ka boqhekanyetsi, ho tlala mekgatlong.
Ke tsela eo Bibele efeletsang ka Buka ya Tshenolo, moo Diabolosi a kallang pere tse tharo, mme a etella borapedi ba leshano "bokereki" le baetapele ba dikereke, matla a monna wa dipolotiki a etella pele kereke, leho etsa tjhelete ka Evangedi. Ka boraro ntho tsena dilebisa Lefung le Matshwenyehong a maholo.
Bothata ba rona ke baetapele ba kgethilweng, leho tshosa setjhaba.
TSHENOLO 1:9 I Johanne, eo ke bileng kele moena wa lona, le matshwenyehong,
Johanne otshwenyehile ke baetapele ba Tshenolo hoo a bileng a itlhalosang ele moena wa bona. Esita le moetapele. Eseng jwalo ka moapostala. Ha a leke ho iketsa bohlokwa ho nale babang.
Ebe o qetela ka phoso ekgolo. Awa ka sefahleho ho rapela moporofeta.
TSHENOLO 19:10 Mme kawa ka sefahleho ho morapela. Mme are oseke wa etsa jwalo, Ose etse seo: Ke moena wa hao,
Phoso ekgolo ha kana ya semoya, ho sebeletsa moporofeta.
Mme, kamora kgalemo eo, Johanne o ile a boela a phetha hape.
TSHENOLO 22:8 Nne Johanne ke bone ntho tsena, mme ka diutlwa. Mme hase ke bone sena, ka wela maotong a hae ka sefahleho ho mosebeletsa.
9 Are ho nna, Seke wa etsa seo: hobane ke moena wa hao, mme ke emong wa baena moporofeta, mmoho leba bolelang ka Buka ena: rapela Modimo.
Ke tsela eo Bibele eqetelang sena ka moporofeta ya rapelwang. Ana ke maemo a seng matle hohang feela. Re hlokahala ho mamela Bibele. Re lokela ho kgaotsa ho rapela baporofeta.
Re entse phoso hokae?
Kereke etlohile maemong a Selekane se Setjha. Haesa dutse ho“ngdilwe”.
Re amohetse mokgwa wa mekgatlo, haholo holo wa ketapele.
Re rata ha modisa are etella pele are bolella hore re etseng. Ke tsela eo kereke disebetsang ka teng.
Sheba keletso ya Paulose.
DIKETSO 20:17 Hotswa ho Miletuse o romela Efese, mme a bitsa baholo ba kereke.
DIKETSO 20:28 Hlokomelang sena, lona mohlape kaofela, bao leleng taolong ya Moya o Halalelang, fepang mohlape wa Modimo, oo Ao rekileng ka madi a Hae.
Peterose o buile ntho yona eo. O ipitsa moholo. Ha a itlhalose ele “moapostala”, jwalo kaha eka oka hodimo ho babang.
I PETEROSE 5:1 Baholo baleng hara lona, bao le nna keleng emong wa baholo, le paki etshwenyehang ya Kreste, monka karolo matshwenyehong:
2 Fepa mohlape o hara lona, lehlokomela seo, eseng ka tsela enngwe, empa ka boitelo; eseng ka lefufa, empa ka mohopolo o tjhadileng;
3 Leha ele lefa la Morena, empa ele hore re mohlape.
Tshebeletso tse hlano kapa ketapele tse hlano dine dise kahodimo ho batho. Ene ele karolo ya setjhaba feela.
1 TIMOTHEA 5:17 Ha baetapele balaole ka letswalo, ka tjantjello ya Lentswe.
Baholo ba bang barera, jwalo ka karolo ya ketapele tse hlano, ba bang eseng jwalo, empa ketapele ka tekanyo, jwalo kaha kaofela ene ele ketapele.
Ketapele ene elaola kereke.
BAHEBERU 13:7 Hopola bao bale laolang, bale boleletseng Lentswe la Modimo: bao le latelang tumelo ya bona, eleng pheletso ya moqoqo.
Hone hose motho ale mong ya laolang. “Bona” ke bongata, o bua ka ketapele mona.
BAHEBERU 13:17 Latelang bao ba nang le taolo hdima lona, mme le ikokobetse: bakenga sa meya ya lona, jwalo kaha balaola, hore letle le thabe, mme le seke la hlonama: hore letle le tswelle pele.
Sehlopha (kapa kopano ya batho) baholo ba laola kereke.
BAHEBERU 13:24 Dumedisa bohle bale busang, mmoho le bahalaledi. Hotswa Italia rea le dumedisa.
Mona ke Italia moo ho tlang ho busa Pope. Paulose o bolella baholo ka taba ena. Haho motho ale mong ya laolang ba bang. Mmusa notsi. Ha Italia eqala ho buswa ke motho, baile baqetella ba nale Pope. Seo ene ese selokelang ho etsahala.
57-0908M BAHEBEREU KGAOLO YA BOHLANO LEA BOTSHELELA 1
Empa ke dumela kopanong.
Hantle feela. Ha kereke ka nngwe e ikemele, ekgethe moruti wa yona, madeacona, ke, leha ekaba keng feela. Mme ebe, ka tsela eo, monna eo moo ha ana bishopo ka hodima hae. Moya o Halalelang o batla seseng moo, haba hloke hoka kopa emong moo. Ke ntho ya motho ka nngwe le Moya o Halalelang.
Mpontshe ka hare ho Bibele hore ke eng ekgolo, ka hare ho Bibele, ho nale moetapele wa motseng mona na?
Hantle feela, hantle feela, mopnghadi, kereke ya hara motse mona, kereke ka nngwe boyona. Jwale, boena, ke ntho entle haholo eo. Dikereke kaofela ha tsona dikopana ka boena, mmoho. Empa bonngwe ba kereke!
I PETEROSE 2:9 Empa le moloko o kgethehileng, baprista ba boreneng,
Selekaneng sa Kgale baprista bane bale kahodimo ho batho bohle. Haho ntho ekang eo Selekaneng sa Kgale. Emong le emong ke ntho ya bohlokwa. Selekane se Setjha empa ele karolo ya baholo ba lekanang hantle feela le baprista. Rea lekana mahlong a Modimo.
I PETEROSE 2:17 Hlompha batho bohle. Ka lerato la boena.
Peterose ore etsa hore re lekane kaofela. Ka boena.
Selekaneng se Kgale, hone hose tshebeletso tse hlano (ntle tshebeletso ya moporofeta) eneng e beilwe lebitsong la motho. Mme hape ke baporofeta ba bararo feela ho buang haholo ka bona ka hare ho Selekane sa Kgale.
Ere Bibele “Paulose moapostola”. Haere “Moapostola Paulose”.
Hae bolele jwalo Bibele, “Moruti mang mang”. Hao bitsa motho “Moruti Bill” kapa “Moapostola Jim”, o fosa Mangolo. Sena sebolela hore haoya kgutlisetswa ho kereke ya pele.
Ka tsela eo kereke ya pele ene etsamaiswa ke baholo.
Ka hare ho Selekane Sesetjha, ho banna ba bararo bao ho bolelwang ka bona ba Selekane sa Kgale : moporofeta Isaiah, moporofeta Jonase, le moporofeta Joele. Haho moo ka hare ho Selekane Sesetjha ho buang ka “Moporofeta Mang mang”. Ka tsela eo leemedi hale lokele hoka eba teng ho motho.
MATTHEU 21:11 Mme bongata bare, Enwa ke Jesu Moporofeta wa Nazaretha ya Galilea.
Esita le Jesu one A sena maemedi ao “Moporofeta Jesu”. One Asa lokela ho bitswa seo “Jesu moporofeta”.
Ka tsela ejwalo hoba le taba ya hore re bitse motho “Moruti John” hase taba e Lengolong!
Ho feteletsa taba ena, Evangeding tsena tse nne, ha Asa phela Jesu one A sena leemedi Lebitsong la Hae hofihlela A tsohile bafung. O bitswa Jesu. Ha baka ba Mmitsa“Morena Jesu”, esita leha bane ba tseba seo.
LUKA24:3 Mme ba kena, mme ba seke bafumana Mmele wa Morena Jesu.
Sena ke sebaka feela seo hothweng“Morena Jesu” Evangeding tse nne tsena. Mme sena setla kamora tsoho.
Ho hatella leemedi ke tsela ya Banikola, eleng ho etsa hore motho abe ka hodima emong – eo hamorao a fetohang moetapele. Lentswe lena “mohlomphei” ha leo ka hare ho Bibele. Phutheo elokela hoka tsamaelana le Bibele.
Ho Baroma 16 Paulose o dumedi Bakreste ba 27 kaho bitsa mabitso a bona feela, ntle leho bitsa maemedi.
Ka tsela ejwalo seke wa dula leemeding dula lebitsong.
Esita le “moena”, le senang le hoba le mathata ho mokreste, o sebediswa ha raro feela Selekaneng Sesetjha. Ha bedi feela ho buuwa ka seo. Ananiase ore “moena Saule” ha a bua le Saule. Ke sona feela sebaka seo ho buang ka “moena” lebitsong.
DIKETSO 9:17 Mme Ananiase a ikela ka tsela ya hae, mme a kena ka tlung; mme abeha letsoho la hae hodima, Moena Saule, Morena abe le wena, esita le Jesu, ya ileng a hlaha ho wena, o nthomile, hore o bone, mme otlatswe ka Moya o Halalelang.
DIKETSO 22:13 Otlile ho nna, mme a ema, mme are ho nna, Moena Saule, bona hape Mme ka yona hora eo ka bona.
Bakeng tse ding tse tharo moo Paulose le Peterose ba bolelwang jwalo ka baena.
I BAKORINTHE 16:12 Jwalo ka moena Apollose a ile a ameha,
BAHEBERU 13:23 Na hale tsebe ha Moena wa rona Timothea a beile selekane;
II PETEROSE 3:15 Mamello pholosong; esita le moena wa rona ya ratehang Paulose hoya ka bohlale boo ale ngolletseng ka bona;
Ka tsela ejwalo seke wa bolela hofeta “moena Mang mang” hao bua le motho. Leha ekaba ka Mangolo, mme ka hare ho Banikola (ho hapa phutheo) mokgwa wa bona.
Hopola hore mohlala wa sepente ore setse morao, mme ore kgama hanyane leha nyane hofihlela re sena nnete. Mohlala wa sepente o nyoloha jwalo hofihlela Selekaneng Sesetjha.
Paulose ore re lokela hoka ikokobetsa bakeng sa baapostola ba Bibele bao eleng bangodi ba yona.
BAGALATE 1:8 Empa rona leha ele rona, kapa lengeloi letswang lehodimong, le rera enngwe ho nale ena eo ke le neileng yona Evangedi, lengeloi leo ebe thohako.
Empa kamora moo, haho Lengolo leleng lereng re ikokobeletse batho ba bang. Haho moo ho bolelwang ka tsela eo ka hare ho Selekane Sesetjha.
BAEFESE 5:24 Ka tsela eo kereke elokela hoka ikokobeletsa Kreste, ka tsela eo basadi bahlomphe banna ba bona.
Re lokela ho ikokobetsa tlasa Lentswe la Modimo feela, leo eleng Bibele.
I PETEROSE 5:5 Ka tsela eo, batjha, ikokobetseng tlasa baholo ba lona. Hantle feela, kaofela emong le emong, mme le apare botho: hobane Modimo O hloile boikgohomoso, mme O nehelana ka mohau ho ba ikokobetsang.
Re lokela ho ikokobetsa tlasa Lengolo le leng le leng, hosa kgathatsehe hore ke mang ya leqotsang. Jwalo ka Bakreste re lokela ho mamela Bibele, hore Bakreste ba bang ba ikokobetse. Haba ikokobeletse motho empa Bibele, ba mpa feela balatelang tsela ya Bibele kaho khouta.
BAKOLOSE 2:20 Ka tsela eo haeba le shwele le Kreste, hobaneng, le ntse le phela jwalo ka lefatshe, ka tsela tsa lona,
21 (Lese ame; ho latswa; setshware; kaofela ele ntho tse bolang)
22 kaofela ele thuto tsa batho?
We are not required to obey the religious 'church rules' that men have made up.
Hare shebe setshwantsho sa peo ya mostereta. Enyane haholo, empa ehola hore ebe sefate seseholo, etswella ehola jwalo. Ekare mofetshe. Ke tsela eo re lokelang ho hola ka yona. Ntho tsohle tsa tlhaho dia fellwa.
MATTHEU 13:31 Abolela setshwantsho seseng, Are, Mmuso wa Lehodimo o tshwana le peo ya mostereta, eo motho ayeng a enke, mme ae jale tshimong:
32 Eo eleng peo enyane ka ho fetisisa: empa eya hola, ebehe moroho o moholo, mme efetohe sefate, ka tsela eo dinonyana diahe dihlaha tsa tsona hodima sona.
MATTHEU 13:3 Mme ka nako tse ngata One A bua le bona ka ditshwantsho, mme Are, Bonang, mojadi one a tswile ho jala peo;
4 Mme ha Ase A ejadile, peo enngwe ya wela kwana, mme dinonyana tsa eja:
MATTHEU 13:19 Yare ha ba utlwa mantswe a Mmuso, mme ba seke ba utlwisisa, yaba emobe oyatla, mme a fihla a nka seka hare ho pelo tsa bona. Bana ke ba utlwileng Lentswe mme bakgutlela morao.
Dinonyana dibolela moya o monbe.
Mosterata o hola maoto a mane ka bophahamo, empa emmedi kapa ho feta diye dihole maoto a 8 hoisa a10 (mitara tse 3). Empa leha hole jwalo nonyana diahela moo.
Kahoo sefate sa musterata seseholo haholo, hoo se amohelang dinonyana,diemetse ho hola, diapostate, kereke e ahilweng ke motho. Kereke ya pele ka hare ho matlo. Modimo ha aka a rata hore kereke ebe kgolo.
Ho nka ditaelo leho laolwa, mme kereke ya kgethwa ke motho. Tjhelete, bongata, le mekgatlo ya atleha. Bohlale ba batho ba apesa thuto ya baapostola. Kereke eholang eba le mehopolo ya batho. “Kereke yaka ebetere ekgolo ho nale ya hao”. Kopano ya Bakreste ya nka sebaka – eleng sesa tlwaelehang hohang feela.
Ka tsela ena mokgwa wa dikereke o qadile ka 312 AD, ha Constantine a emisa ho qosa Bakreste one ole kotsi haholo, kereke 'ya hapuwa'. Mokgwa wa mokgatlo wa nka sebaka, mme wa etsa bonnete ba hore Lentswe la Modimo le qhelelwa ka thoko. Bane ba tenwa ke ditaelo tsa Modimo, empa bane basa hlokomele leano la Modimo tshiung tsa hoqetela ka thuto ya baapostola. Baetapele ba batho kamehla ba laola kereke. Kajeno Badumedi ba Molaetsa ba phehisana ka taba ya moruti. Sena sene sele siko kerekeng ya pele.
Dinonyana ke setshwantsho se sebe sa Babylona ka nonyana tse ditshila.
TSHENOLO 18:2 Mme A hoeletsa ka Lentswe le phahamileng, are, owele Babylona the great is fallen, is fallen, and is become the habitation of devils, and the hold of emoholo lehae la meya editshila, le bodulo ba nonyana tse ditshila.
Ka tsela ejwalo ke phetoho ekgolo ya Morena, ho tloha maemong a tlase hoisa maemong a hodimo. Empa jwalo kaha sefate sa mustareta se hohela dinonyana? Eseng jwalo haele hantle.
Ka tsela ejwalo hase sefate setlwaelehileng sa mustareda. Ke seseng sa mademona.
Kereke ene esa etsetswa hore ehole ebe kgolo.
Hang feela ha sena se etsahala, mehopolo ya batho efetoha ya Banikola. Banna ba halalelang baetella pele. Sena hase leano la Modimo.
Jwalo kaha dinonyana dile bongateng, mohlomong reka shebela jwalo ka bathaothi ba Satane, disebediswa tsa diketso, hoetsa mosebetsi wa hae.
Difate tsena dihlola moriti, mme disireletse letsatsi. Dinonyana, tseo re diboneng jwalo ka bathauthi ba Satane, dikgetha moriti. Haba mamele baholo.
Tsena"hoema seriting"keho foufatsa hore ba seke ba bona nnete.
Ka setshwantsho sena, Jesu one a hlokomedisa ka bongata, kereke ka makala a yona, eseng ho hlahisa.
Bathauthi ba emobe, baetapele, batseba ho pata nnete. Batho ha basa tseba Lentswe la Modimo, mme barapella ka hare ho matlo ka kopanelo.
BAROMA 16:5 Dumedisa le kereke eka tlung.
BAKOLOSE 4:15 Dumedisa baena ba Laodisea, le Nymfase, le kereke eka tlung ...,
FILEMONE 1:2 Leho moratuwa wa rona Apphia, le Archippuse mohlabane le rona, le kereke eka tlung ya hae
Tlasa Selekane se Setjha, haho sebaka se halalelang
JOHANNE 4:21 Jesu Are ho yena, Mosadi, Ntumele, hora efihlile, moo le kekeng la rapella thabeng, leha ele Jerusalema, empa le rapela Ntate.
JOHANNE 4:23 Empa hora efihlile, mme hora eo ke jwale, eo barapedi ba sebele batla rapela Ntate: hobane Ntate O rata barapelang jwalo.
Setshwantsho sa Peo ya Musterada ke peo ejetsweng ke Jesu mme ya hola, tsela e entsweng ke motho se sebediswa sa Satane sa tlohela batho lefifing, nakong eo baneng bale pholosong. Ho jwalo feela, hantle ntle, Bokreste bona ba ha jwale. Ke tshusumetso ekgolo ya lefatshe. Ke mokgwa o moholo wa Satane, tsela ya hae ya maele, "Haeba osa kgone seo 'em, eba leloko 'em",ele ho kgetha ba hae.
Mme o atleha ho thetsa dimilione tsa batho lefatsheng lena lohle.
Bongata ba Bakreste kajeno bapholoswa, mme bakgutlele morao dikerekeng. Hantle ntle, ntle ho letswalo, ke tsela ya hotla kerekeng.
BAFILIPI 2:12 sebeletsa pholoso ka letswalo.
Re lebala hore kereke ya pele ene ese batho ba bangata, ka tse ngata tsa lefatshe lena, leha batho baka reng feela.
Mekgatlo ya dikereke entse enale rona le kajeno, enka mohlala ho dikereke tse ngata tsa Molaetsa le kajeno.
“Ho ngodilwe ....” haesa utlwahala haholo. Empa sena ke sona seo re lokelang hose utlwa kamehla yohle.
“Moporofeta o itse ...” se nkile sebaka, jwalo ka “Lentswe la Modimo”.
O lokela hoba lengeloi la bosupa, hore kgutlisetsa hobo Ntate ba Baapostola that is ka hare ho Bibele. Ha a lokele ho tlisa thuto enngwe.
MATTHEU 23:2 Bareng, Bangodi le Bafarasi badutse setulong sa Moshe:
Bona baetapele bao bane ba khouta Moshe jwalo ka mohlodi wa bona, ene ele bona baetapele bao ba Bajude balatotseng Jesu, eo eneng ele Lentswe la Modimo.
Baetapele ba dikereke bao ba buang ka Moena Branham bane basa batle ha a bua ka Bibele.
Ka tsela ejwalo Histori eya iphetha.
Na William Branham ha a etse phoso, kapa oka hodima Bibele? O lokela ho nka qeto.
62-1007 SENOTLO SA MONYAKO
Seo, ba bolela hore baena ba bang hodimo moo bare ke baromile, bare ke itse batho ba lese bao badulang le bona ho batlana le baratuwa ba bona, mme ke nna ya buang nnete fela. Haho jwalo ... Mme, oho, ba bua ntho tse ding.
63-1226 KEREKE LE BOEMO
Sena selokela hofihla pheletsong, mme pheletso ya bonnete, ke Bibele.
Moena Branham ore hase bonnete yena. Ore Bibele ke Bonnete ba rona. Ka tsela ejwalo nka dikhoutu odi matahanye le Bibele.
65-0725M BATLOTSITSWENG NAKONG YA HOQETELA
Ka tsela ejwalo ho tiisa taba ena, pele le morao, ka Lentswe; eseng mehopolo ya mothi, kaba tsebo.
Hake kgatahle hore ke mang; monna ofeng kapa ofeng feela, nna kapa mang feela, "Ha a sa bue hoya ka molao wa Moshe, haho Kganya hodima hae." Oya bona? Ke seo Bibele esebolelang. "Ha Lentswe la motho emong le emong ebe leshano, mme laKa ebe Nnete," hosa kgathatsehe hore na ke mang.
Haho ya kgahlano le Bibele.
54-0719A TSELA EO MODIMO AE KGETHILENG BAKENG SA PHODISO
Mme Urim Thummim hotswa ho boprista enkuwa, empa ke ena Urim Thummim ya boprista kajeno, Lentswe la Modimo. Haeba molori, kapa moporofeta, kapa moreri, kapa moruti ofeng feela ale kgahlano le Bibele, seo ke phoso. Haeke ebe thohako.
Haho moporofeta ya lokelang hoba kgahlano le sebolelwang ke Bibele.
56-0426 JESU KRESTE YENA MAOBANE, KAJENO LE KA HOSAFELENG
Haeba emong a rera kgahlano le Bibele, nkeke ka kgolwa seo. Oya bona, oya bona? Ena ke Bibele ke Motheo mme haho omong, Kreste Jesu.
Haebe sele siko ka hare ho Bibele, seke wa sedumela.
58-0927 HOBANENG RESE MOKGATLO
.... empa seseng le seseng sererang kgahlano le Bibele ena ke moporofeta wa bohata
63-0323 TIISO YA BOTSHELELA
Ho lokela hoba jwalo, HOITSWE KE MORENA,hobane seo hasetswe mohopolong waka, empa Lentsweng la Modimo HOITSWE KE MORENA. Mme Lentswe le nka seo ase boletseng, ka tsela eo oya tseba wena HOITSWE KE MORENA. Oya bona?
Re lokela ho nka dikhoutu tsena re dibapise le temana tsa Bibele. Hoka ditiisa ka Bibele.
Haeba seseng sefapana le Bibele, ebe jwale ose ole sera. Oseke wa ba kgahlano le dikhoutu, leha dihanana le wena. Lentswe le dula le nepile kamehla.
KEREKE YA MONGWAHA WA EFESE - BUKA YA KEREKE YA MENGWAHA KGOLO KGAOLO 3
Ke sena moo seleng ho Bagalate 1:8,
"Leha ele nna, kapa lengeloi letswang lehodimong, le rera enngwe Evangedi (ntle ho ena) eo ke ererileng, lona ke anathema."
Ene ele bapostola batlisang Lentswe bathong. Lentswe la sebele, eseng leha nyane feela. Paulose o tsebile taba ena, "Esita leha ele tshenolo ya bobedi, ho leka hofetola hanyane, ebe thohako." Lea bona, Paulose otsebile tshenolo ya pele ene ele yona ya sebele. Modimo Akeke Are neha tshenolo ya bobedi, tshenolo ya bobedi. Ha A entse seo, Otlabe A Ipherekanya. Aka fana ka yona ha jwang, jwalo kaha A entse mane Tshimong ya Edene ha Ane A tshepisa ka Peo ya mosadi, mme ha morao Peo eoe ene e lokela hotswa lelokong la Abrahama, mme hamorao yaeba ka Madi a leloko la Davida. Empa ene entse ele pono yona eo. Efana feela ka moelelo o itseng.
Empa Lentswe la Modimo le keke la fetoha. Peo e ile ya senoha. Hallelujah. Mme oya bona baporofeta bao bao ba bohata kaofela ha bona. Batlile ka mantswe a bona. Baefese bao bane batseba Lentswe ka tsela eo Paulose ale rerileng. Bane batletse Moya o Halalelang hoya ka tsela ya Paulose. Ba ile ba sheba baporofeta ba bohata, "Hao bolele sebolelwang ke Paulose. Le basele, ka tsela eo, lebohata." Oho, seo se etsa pelo yaka efuthumale.
Kgutlelang Lentsweng! Hase lona ba lekang sena empa moporofeta, mme moporofeta le moruti, KE LENTSWE LE LEKILWENG MMOHO.
Le leng la matsatsi ana hotlatswa moporofeta ho Mongwaha wa Kereke ya Laodisea mme letla tseba hore otswa ho Modimo.
Hantle feela, hobane haeba ke thato ya Modimo OTLA TSAMAYA HANTLE KA TSELA YA PAULOSE. AKEKE A TLOHA LENTSWENG LEHANYANE, LEHA ELE KA IOTA ELE NNGWE.
Mongwaheng oo wa hoqetela, ha baporofeta ba bohata bahlaha, le lebelle seo kele bolellang sona, letla lahleha; empa ha MOPOROFETA EO WA HOQETELA, haeba a feela ele moporofeta, otla hoeletsa, "Kgutlelang lentsweng le lahlahile"
Akeke a aha seseng se setjha kapa tshenolo entjha, empa Lentswe. Amen, hape Amen!
Baporofeta bana ba bohata ke bao Paulose a buang ka bona ke diphiri. O itse, "Hang ha kese ke tsamaile batla tla ba batla taolo ka ditshenolo; empa taba ya bona ese ho thusa, empa ele hole qhalanaya."
Diketso 20:27-32, "Hobane hakea lebolella seseng ntle Modimo.
Ka tsela eo le itlhokomele, mme ho mohlape ohle, oo moetapele wa ona eleng Moya o Halalelang, o fepa kereke ya Modimo, eo A erekileng ka madi a Hae.
Hobane ke tseba sena, kamorao hore ke tsamaye batla leqhalanya, tle ho qenehela mohlape.
Mme hotla hlaha banna ba bang, ba bua thetso(mehopolo ya bona, eseng wa Modimo) ho iketsetsa barutuwa.
Ka tsela eo hlokomelang seo, mme le hopole, ka lemo tse tharo ke lekile hole hlokomedisa sena.
Johanne oba tsebile, hape, hobane o itse I John 4:1,
"... baporofeta ba bangata (base bale teng) batswile batletse lefatsheng."
Moya wa antikreste o tletse lefatshe lena, mme o kgahlano le Lentswe la Modimo.
Hobaneng mona haele hona o qalang. Hantle feela kerekeng ya pele.
Bane base baeshwa ke filasofi tsa batho eseng Lentswe la Modimo.
Seo ke antikreste, hobane Jesu ke Lentswe. Hoba Anti Lentswe ke hoba Anti-Jesu. Hoban anti-Lentswe ke hoba antikreste, hobane Moya le Lentswe ke ntho ele nngwe.
Haeba ole anti-Lentswe, o lokela hoba antikreste. HAEBA SENA SEQADILE KEREKENG YA PELE SETLA TSWELLA JWALO HOFIHLELA QETELLONG.
Mme seo ke seo esaleng re sebona ho tloha kgale. Seo seqadile Mongwaheng wa Efese hofihlela sehola ena anti-Lentswe, mokgwa wa antikrest wa nka sebaka ka botlalo ka baporofeta ba bohata.
(Khoutu: Baporofeta ba bohata ba bolela Lentswe, Bibele, halea loka)
Ka tsela eo haho bobebe hoka kgahlisa. Seo se utlwahala jwalo kaha ke anti Lentswe, moya wa antikreste, ke kgalemo etletseng ya Lentswe, ho latola Bibele ho isa ho ehaneng hohang feela. The monghadi. Hase seo.
Keng seo, na ke Tshenolo 22:18,19,
"Hobane ke pakela mang kapa mang ya utlwang boporofeta ba Bukeng ena, Haeba motho aka eketsa, Modimo Otla eketsa kotlo tse ngodilweng mona bukeng ena.
Haeba motho ofeng kapa ofeng aka tlosa karolo ya boporofeta ba buka ena, Modimo otla tlosa karolo ya hae Bukeng ya Bophelo, le motseng o halalelang, le dinthong tsohle tse ngodilweng mona."
Esita leho fetola ele nngwe feela. Ke leano la pele la Satane hotswa mane Tshimong ya Edene. O ile a eketse hanyane feela ho Modimo O itse. Yaba ke phetho. Seo sa tlisa tshenyeho. Mme mane Efese, ene ele ntho yona eo. Jwalo feela ho eketsa hanyane, ho tlosa hanyane, mme ebe anti-Lentswe, moya wa antikreste wa phalla.
Kereke tse kgolo hangata ha dihloke karabo.
53-0902 BOPAKI
Ke yona tsela eo. Lemo tsa pele tsa kereke ya Pentecostal, dine dile ntle haholo. Hantle feela hone hole kahlolo. Sa boraro hoisa boneng tsa eba lemo tsa batho, jwalo feela sehlopha se senyane: jwalo kaha hone hole banna ba bahlano bakeng sa basadi ba bane kapa ba bahlano; ene ele kereke eo.
Oya bona hore ene ele eng? Hone hole ka tsela eo. Jwalo feela nako ekgolo ya Evangedi ya Modimo, mme a tshela seo... Mmuso wa Modimo o jwalo ka monna ya ilong ho tshwasa dihlapi. Mme a lahlele letloha la hae, a tshwase seseng le seseng—sweleng ka hare ho lewatle. Ase tshwase a letloheng. Atshwasa dihlapi; dikgudu; dikgo tsa lewatle; dinoha; le tsohle.
Jwale, hase taba ya rona jwalo ka bareri, "Sena ke hlapi, mme sena ke sane." Re hula feela letloha, mme ebe re tswella pele feela ka letloha, batho ba bolokehe re rorise Morena. Empa oya bona, tse ding tsa dihlapi tseo, mme tse ding tsa tsona, re kare, dikgudu. Ekeke yaeba kgale, "Ho lokile, hake dumele hore hone hole seseng moo." Mme ke sena moo seqalang hape.
59-1004M KE MANG ENWA
Mme sena se sebetsa hantle feela ka hare ho kereke enyane. Ke bile le lehlohonolo, ka mohau wa Modimo, ho bua le sehlopha sa batho. Empa ha kesa thabela sena, hobane dikopano tse matla ketsa sehlopha sesenyane ... ke dula hodima setulo saka ebe ke ema hukung mane, mme ke eme setulong saka. Mme kebe le kopano emonate haholo, moo bahalaledi bayeng batle, mme, "Mme babedi kapa ba bararo ba kopaneng ka Lebitso Laka, Ke teng hara bona." Tshepiso, Hase lebaka hore kereke ekgolo hakae, Modimo Ore tshepisitse, mme Otla etsa seo.