Hobaneng ele Buka “enyane” eo Johanne a ileng a emetsa ho Tshenolo 10



First published on the 26th of November 2018 — Last updated on the 26th of November 2018

TSHENOLO 10:2 Lene letshwere buka enyane letsohong la lona: mme la beha leoto la lona le letona lewatleng, mme le letshehadi lefatsheng,

Nakong ena ya boporofeta re lokela hore re shebane le taba ya Bibele eleng taba eo dikereke diiphapantseng yona.

Re lokela hoka shebana le bonyane, dihlotshwana. Eseng kereke tse kgolo.

ESARE 9:8 Mme ka nakwana enyane mohau wa bonahala hotswa ho Morena Modimo, hoka sea seaparo leho baleha, lehore neha sebakana sena se senyane, hore Modimo A kgone hoka re bula mahlo, mme Are nehe tsoseletso bokgobeng barona.

Modimo O lokela hoka sebetsa ka sehlotshwana. Ka tsela ejwalo seke wa lebella botumo kapa borui.

ISAIA 1:9 Ntle leha Morena wa makgotla a sebedisa seaparo se senyane, rekabe re bile jwalo ka Sodoma, re tshwana le Gomorra.

Jesu osebedisitse Sodoma jwalo ka mohlala ha Ane A bua ka Lota okgonne ho baleha le baradi ba hae ba babedi. Ke btaho ba bararo bakgonneng ho phonyoha hara motse oo. Modimo ha thabele bongata. O batla ntho ya makgonthe ho Monyaduwa.

LUKA 17:28 Jwalo kaha ho bile nakong ya Lota;

Ke phoso enyane ebakang mathata.

DIFELA TSA SOLOMONE 2:15 Nka mohlala ka diphokojwe, phokojwe tse sehlotshwana, disenya tshimo ya morara: hobane tshimo ya morara enale morara o botswitseng.

Phoso tse nyane dikgukgunetse ka hare ho Bibele. Diphoso ditshwana le diboko nameng. Ha re nale diphoso hare sebedise temana tsa Bibele haholo hoka tiisa thuto ya rona. Re tswella pele rese Mangolong.

Batho ba bolela hore ba nale tokelo ya ho toloka Bibele. Sena ke phoso.

II TIMOTHEA 4:2 Rera Lentswe;

MATTHEU 4:4 Empa abolela Are, ho ngodilwe, motho ha a phele ka bohobe feela, empa leka lentswe le leng le leng letswang molomong wa Modimo.

Re lokela ho bolela sengodilweng feela. Batho ba bolela hore batseba ka Tiiso ya bosupa. Empa ene ele kgutso ekgolo. Haho motho yaka tolokang kgutso. Phoso eo e atile.

Kaho bolela hore re tseba ka Diaduma tse Supileng, ba bile ba bolela hore ba nale tokelo yaho toloka sesa ngolwang. Ke lona lebaka leo ka lona ho nale pherekano ekana ka Diaduma. Ka tsela eo ho ile haeba le Setshwantsho sa Daniele sa Baditjhaba.

Ebe ba bolela hore batseba Lebitso le letjha la Jesu. Eleng sesa ngolwang. Mona haele hantle thuto ena ekgahlano le Lengolo.

TSHENOLO 19:12 Mahlo a Hae ene eka lelakabe la mollo, mme hloohong ya hae ene ele meqhaka emengata; mme anale lebitso le ngodilweng phatleng ya hae, leo hoseng motho ya neng ale tseba, haese yena feela.

Mona Bibele ehlakisa hore haho motho ya tsebang Lebitso le letjha la Jesu. Mang kapa mang ya bolelang hore o tseba Lebitso le letjha la Jesu o ferekanya Mangolo. Seo hase sebaka seloketseng hore o iphumane ole ho sona.

ISAIA 28:13 Empa lentswe la Modimo, lene ele molao hodima molao, molao hodima molao; mola hodima mola, mola hodima mola; mona hanyane, le mane hanyane; hore bakgone ho tswella, mme ba wele morao, mme barobehe, le lerabeng, leho tshwaswa.

Re lokela hoka setjha Bibele hore retle re fumane nnete. Kaofela temana tse nyane dinale thuso ekgolo. Hobaneng ha Jesu a ile a ngola habedi fatshe ka monwana?

Bareri ba iphapanya taba ena.Leha hole jwalo etebile haholo taba ena hoya ka Molao wa Moshe hoetsa batho balokileng. Ha Jesu ane a fepa batho bakete tse hlano, O ile a hlalosa kapa ho bala dirotho tse neng disetse. Dijo tseo diileng tsa sala. Hobaneng?

MATTHEU 16:9 Na lea utlwisisa, leha ele ho hopola mahobe a ileng a fepa dikete tse hlano, le hore ke diroto tse kae tse ileng tsa sala na?

10 Leha ele mahobe a supileng a ileng a fepa dikete tse nne na, le hore ho ile ha sala diroto tse kae?

Dijo tse ileng tsa sala ebile taba ya bohlokwa ho Yena. Hone hole diroto tse 12 le diroto tse 7. Hobaneng palo tseo?

Tabernakele ene enale mahobe a 12 le a dikandelara tse supileng. Hobaneng hape palo tsena tse pedi? Hlooho ya hao ekopane le mokokotlo. Masapo a supileng a molala lea leshome le metso emmedi a tshwereng dikgopo.

Eleng hantle feela moo Lengolo le kenang teng. Mona Jesu o leka hore bolellang?

Kreste ke hloho ya kereke (eseng Pope kapa modisa).

 

 

O kopane le mmele wa Hae ka dihlopha tsena tse pedi. Kereke ka nako ya mengwaha esupileng ka dikandelara tse supileng. Le meloko e 12 ya Israele ekgutlang ho amohela Morena Jesu nakong ya Matshwenyeho a Maholo eleng 144000. Bao baemetswe ke mahobe a 12 aneng a lokela ho jellwa Sebakeng se Halalelang ho Tabernakele. Sena sebolela hore Bajude ba lokela ho kgutlela Israele kajeno hoka kopana le Morena. Hoka kgutlisetsa Bajude Israele ke seo eleng tjhebelo ya Modimo matsatsing ana. Hake re kgutlele ho diroto tse 12 tsa mohlolo.

Jesu o ile a fepa matshwele habedi empa a latola mahobe a setseng. Bohobe le nama dibontsha dithuto. Dijo tsena tse ileng tsa sala dibonahatsa Bajude ba ileng balatola Jesu leho Mothakgisa. Evangedi ena e ileng ya laotolwa etla kgutliswa ke Bajude ba babedi batlang ho fetoha baapostola. Baapostola bangodile Selekane Sesetjha ka lemo tse 2000 tsa pale ya kereke. Ebe 144000 ya Bajude Matshwenyehong a Maholo batla amohela Evangedi eo ba ileng baehana ka lemo tse 2000.

Haeba sephiri sese senotswe ka nako eo, jwalo ka Ruthe, ho kenella ka botebo ka hare ho Mangolo (koro le bakotudi) ao dikereke diiphapanyang ona hobane basa bone botebo ba Mangolo.

Taba kgolo ka nomoro tsena tse pedi 7 le 12 ke hore ka bobedi diitshwareleditse mmeleng.

BAEFESE 5:23 Hobane monna ke hlooho ya mosadi, jwalo kaha Kreste le yena ele hlooho ya kereke:

Kereke elokela hore e itshetlehe ka botlalo ho Kreste. Badumela balokela feela ka latela Mangolo. Hoka senya feela tumelo tsa batho, mokgwa wa antikreste o senya tumelo tsa batho. Modisa o disa kereke (leha ele hore “modisa” o bitswa hang feela Selekaneng Sesetjha, empa a kgalemuwa ka makgetlo a tsheletseng Selekaneng Sakgale) mme qetellong Pope otla etellapele kereke tsena kaofela ha tsona. Le seke la lebala leele lereng, “Matla aya senya”. Mme o fetoha mmusa notsi ka kerekeng hobane a tawa ke matla. Haho moo Bibele ereng modisa ke hlooho ya kereke. Seo ke monahano wa Babylona.

Hoka “bula” Buka ho bolela hore ho nale motho ya senotseng Antikreste mme eo ke nako ya Tshenolo 10 lengeloi le theohng. Haeba resa tsebe matla a antikreste retla bona mesebetsi ya hae. Lentswe “Nazi” le bolela habedi seseng mona. Le leng ke ba bolai ba sehloho. Labobedi ke Hitler eo eneng ele hlooho ya ntho ena. Ene ekaba tsela tse pedi. Hitler one ahloka Manazi hoka latela ditaelo. Manazi ane ahloka Hitler matla ahae hoka sebetsa sena.

Hang feela ha Hitler a eshwa ka 1945, Mokgatlo wa Manazi o ile wa feela. Hobane bane base ba sena eo ba mosebeletsang. Moya wa Antikreste o hloka motho hore o sebetse. Sena ke kopanelo ya bodumedi. Hlooho ya teng ke Pope ya bolelang hore ke yena molatedi wa Mohalaledi Peterose.

Ka tsela ejwalo ho tsoha ha matla a Pope o qadile ole monyane.

Mobishopo wa Rome one a sokola ha Constantine a fetoha mmusi ka 312 AD. Constantine o ile a neha bishopo wa Roma bishopo matla le leruo hoka busa kereke ya Western. O ile a fetoha monna ya matla mane Bophirima ha Constantine a tloha Botjhabela a leba motseng wa Constantinople.

Empa yare ha merabe ya Bahedene eleng puso ya Western Roman eleng mane Western Europe kajeno.

DANIELE 7:8 Ka nahana ka dinaka, mme, bonang, ha nyoloha seseng ka naka tse nyane, pele hone hole dinaka tse tharo tse ileng tsa tsumulwa ke motso: mme, bonang, dinakeng tsena hone hole mahlo akang a motho, mme sebua ntho tse kgolo.

Lenaka ke matla. Vatican ke kilometera hararo, maemo amanyane kapa matla.

Mmapa ona o bontsha puso ya Eastern Byzantine eneng elaolwa ke puso ya Eastern Roman eneng elaolwa ke mmusisi hotswa Constantinople.

 

 

Odoacer, hlooho ya morabe wa Heruli o ile ahlola mmusi wa Western Roman mane Italy ka 476 AD mme a busa Italy. Ene ese Motrintasi ka tsela ejwalo Pope mane Rome one asa thaba. Theodoric le Ostrogoths, baneng baphela pela Italy, ba ile ba kopuwa ke mmusi wa Eastern Roman mane Constantinople hoka kena Italy le hofedisa Heruli, eleng seo ba ileng baseetsa. Empa Theodoric le Ostrogoths le bona ene ese Matrintasi ka tsela eo Pope one antse a thabile. Puao ya Matrintasi ya Constantinople ya romela mabotho hoka rinya Vandals (le bona ese Matrintasi) Mane Leboya la Afrika jwalo kaha sesole sa bona sa metsing sene setshosa Rome. Sena sa neha mabotho sireletso Leboya la Africa ho tloha moo ba hapa Italy. (Jwalo kaha Allies e ile ya hapa Leboya la Afrika mme baetsa seo leho Italy Ntweng ya Bobedi ya Lefatshe). Mabotho ana hotswa Constantinople yaba a leba mane Italy mme anka lemo tse mashome a mabedi Ostrogoths. Ka tsela ejwalo mekga emeraro ya Bahedene, ke yona e ileng ya nka karolo ho diweng ha Mmuso wa Roma, o ile wa fediswa. Heruli, Vandals, le Ostrogoths ene ele naka tse tharo (kapa mala a meloko) hore ho seke haeba sekgahlano le thuto ya Trinity jwalo ka Pope a tsohile ka matla mane Europe. Ho bolelang hore Pope o ile a tsohela matla meloko eo ya bahedene Bophirima ba Europe hotswa ho bahedene ba Mmuso wa Roma. Kaofela meloko yadi barbarian mane Western Europe ya amohela Trinity leho amohela Pope jwalo ka hlooho ya kereke. Sena sebolela hore kereke Roma e ile ya tsejwa ka kereke ya Roman Catholic mane bophirima ba Europe. Catholic ebolela ka hohle. Ka 1200 AD the Pope o ile a bewa setulong ho nka matla Europe.

DANIELE 7:8 Ke nahana dinaka, mme, bonang, yaba ho hlaha hara ona lenaka le lenyane, pele dinaka tseo ditsumulwa ka metso: mme, bonang, honehole mahlo akang a motho, mme molomo wa teng o bua ntho tse kgolo.

Pope aba le matla hodima dibarbariane kaho bolela hore yena ke molatedi w Mohalaledi Peterose. Jesu a ileng a moneha Peterose senotlolo sa Lehodimo. Peterose o ile a bula Monyako wa Lehodimo ha ane a bolella batho ho kolobetswa ka Lebitso la Jesu Kreste.

DIKETSO 2:38 Yaba Peterose ore ho bona, Bakang, mme le kolobetswe Lebitsong la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme letla fuwa Moya o Halalelang jwalo ka mpho.

39 Hobane tshepiso eo e etseditswe lona, le bana ba lona, le bohle basatlatla, esita le ba bitsitsweng ke Morena.

Senotlolo sa Lehodimo. Seo kesa mang le mang feela, mmoho le rona. Senotlolo sa Lehodimo, jwalo kaha Peterose ane a rera, ke hore re bakeng mme re kolobetswe ka Lebitso la Jesu Kreste. Ke boitsebelo mahareng a hao le Jesu. Empa Pope o boleletse dibarbariane hore Peterose o bula monyako wa Lehodimo bakeng sa batho mamelang Pope feela leba etsang seo Pope aba laelang sona. Ka tsela ejwalo Peterose, jwalo ka motho, o ile a newa tlotla ekahodimo hoya Jesu. Jesu ene ele Monyako wa Lehodimo. Empa Pope o bolela hore Peterose one a nale dinotlolo tsa Monyako Peterose one a nka qeto ya ho bula Monyako kapa tjhe. Ho tshaba Matla a Peterose aho laola Lehodimo hoya mothabisa, dibarbariane tsa qala ho mamela Pope. Bane bakgolwa hore Peterose one atla ba bulela Monyako ka baka la Pope.

Ka tsela eo Pope o bolela hore Peterose o eme bakeng sa Jesu, Mora wa Modimo.

Mpho "Monehelo wa Constantine" o ile wa hlahiswa pampitshaneng e ileng ya phatlalatswa ka lemo tsabo 700 hoka beha Pope. (Pampitshana eo ya leshano e ile ya hlokomeleha ka lemo sa 1440. Ho fihlela nakong eo, leshome labo Pope lene le sebedisitse pampitshana eo). Lengolo lena le ile la moneha matla hodima dibarbariane, haholo holo Ma Franks bao eneng ele moloko o matla haholo, ba bile basireletsa Pope hotswa ho puso ya Eastern Roma. Pampiri ena ene ebolela hantle ntle hore Peterose one a thabela VICARIVS FILII DEI. (Sebakeng sa Mora wa Modimo). Ka mantswe amang, ke Peterose mme eseng Jesu ya nkang qeto ka Monyako wa Lehodimo hore oya o bulela kapa jwang. Tse ding tsa diletere tsa Latin dinale molemo o itseng. Letere ena tsa Latin tseo Peterose dikenella ho 666.

( I = 1,   V = 5,   L = 50,   C = 100,   D = 500 )

MaRoma hangata ba sebedisa V honale U hobane ke batho baratang ho ngola majweng mme hoba bobebe ka baka la mola o tsepameng. Re ka nna hape rare w ebitswa “habedi u”. Ka mantswe amang ho ngodilwe UU engolwa ka tsela ena VV kapa W.

Mohalaledi Peterose ke yena monna wa VICARIVS FILII DEI ene elebisitswe ho yena. Empa seo sa tlisa dibarbariane Europe hotla ikokobetsa tlasa Pope hobane badumela hore ke mohlahlami wa Peterose mme ka tsela eo Peterose akeke aba dumella ho kena Lehodimong habasa mamele Pope.

“Ho bua ka ntho tse kgolo” hore bolella hore re leba jwang Lehodimong.

“Mahlo” a bua ka bohlale. Bohlale ba botho. Ho beha batho hokaba baetapele. Kajeno, bongata ba batho batshaba ho mamela Mangolo. Meetlo ya dikereke le baruti ba mekgatlo efetang 45000 efapaneng.

Keresemese. Sefate sa Keresemese. 25 Tshitwe. Arekabishopo. Lent. Mekgatlo. Catechism. Boipolelo. Mookamedi wa Distriki. Trinity. Modimo Ale Mong bathong ba bararo. Sebe seo Eva a ileng a seja se ileng sa hlola hore abe le mahloko pelehing. Mantswe ana asa ngolwang a dumelwa ke Bakreste. Ka tsela ejwalo meetlo ya kereke, eqadileng Roma, ekene ka hare ho dikereke.

 

Lenaka le lenyane la antikreste, motse o monyane wa Vatican, o hotse wa tlala lefatshe lena lohle. Kajeno Bakreste ba thabela ntho tseo eseng Mangolo.

 

 

Ho bolelang hore antikreste o kene ka hare ho kereke ya Roman Catholic atshelela ho kereke tsa Protestanta.

Daniele o bona pono enngwe ya puso ya Segerike ya Alexander emoholo ya ileng a pshatla puso tse nyane.

DANIELE 8:8 Ka tsela eo ya ripitlwa haholo: mme ha ane anale matla, lenaka le ile la robeha; hobane lene le hlaha ka meya kgutlong tse nne.

Meya emene ene ebolela seseng mona. Mebuso emenyane ya Pergame eneng elaolwa ke mogenerale Lysimachus. Moprista emoholo wa Pontiff wa dphiri tsa Babylona o ile a lokela ho balehela Pergame ha Cyrus ehapa Babylona ka 539 BC. Lemong sa 133 BC morena moprista Attalus III afana ka mmuso wa hae ho Pergame hoya ho Roma ha ashwa. Julius Caesar antsha tjotjo bakeng sa hore ebe Pontiff wa diphiri tsa Babylona ka lemo sa 63 BC. Kaofela mebuso ya Roma ya nka maemedi a Pontiff hofihlela Theodosius ahanana le taba eo ka 378 AD. Ka 400 AD mobishopo wa Roma o ile anka leemedi la hoba Pontiff. Pontiff one alokela ho rwala hloohong hoya ka molao wa Babylona. Ke lona lebaka leo Pope a dulang a rwetse katiba hloohong.

Jwalo ka Mebuso ya Magerike e ile ya hlolwa ke Roma, ha jwalo feela le diphiri tsa Babylona tsa tsoha ka hare ho Roma. Ha Mmuso wa Roma o putlama ka baka la dibarbariane, diphiri tsa Babylona tsa tsoha ka hare ho kereke ya Roman Catholic.

DANIELE 8:9 Mme hotswa ho le leng la ona hatswa lenaka le lenyane, le ileng la hola, ho leba borwa, le botjhabela, le naheng tse ding.

Botjhabela kamehla ka hare ho Mangolo ke botemona. Kaine o ile a leba botjhabela ba Edene. Diemahale. Medingwana. Thapelo ho bafu. Purgatory, moo tjhelete e lefuwang hontsha bafu ho purgatory. Ho rapelwa Maria. Ho rapelwa mohalaledi Peterose. Ho rapelwa bahalaledi. Sena ke sebaka sa moya seo hothweng ke ho tsosa meya ya barobetseng.

DANIELE 8:10 Mme wa hola, esita le makgotla a Lehodimo; mme seo saetsahala hore, aba hate hodimo.

Ka tsela eo Daniele o ile a batla diphiri tsa Babylona tsa Selekane Sesetjha dineng dipatilwe mane Pergame, ntho tse nyane tsesa bonahaleng, mme pheletsong ditla mmusong wa Roma. Moo diile tsa dula dipateile hofihlela Pontiff Julius Caesar a busa lefatshe. Ha mmusisi Theodosius alatola leemedi la Pontiff, yaba kaho sabonahale ha seo kerekeng ya Roman Catholic. Ka tsela ejwalo Roman Pontiff kapa Pope a fumana matla hodima diphiri Babylona tsa tlala lefatshe.

Diphiri Babylona tsa phatlalla hara kereke tsa Protestant moo dineng dilarile disa bonahale. Ho tloha boikokobetsong.

Empa Jesu Oqadile ka boikokobetso.

MIKIA 5:2 Empa wena, Bethlehema Efrate, leha ole monyane hara metse emeng ya Juda, leha hole jwalo ho tlatswa ho wena Lehlomela letlang ho busa Israele; leha hole jwalo keho tloha kgale, bosafeleng.

Bethlehema ene ele motse o monyane.

Leha hole jwalo ke hona mona Jesu a ileng a tswallwa teng. Jesu o qadile mosebetsi wa Hae teng hoo a ileng a iphumana anale batho ba 120 ba ileng balebella ka phapusing eka hodimo bakeng sa Moya o Halalelang. Ka tsela ejwalo hotleng ha Jesu ho ile ha qetella ka balatedi ba 120.

Seo setla etsahala leho tleng ha Hae labobedi.

MATTHEU 10:42 Leha ekaba mang feela ya neileng bana babanyane senwelo sa metsi bitsong Laka, ka nnete nete kere ho lona, otla fumana moputso.

Nthwana tse nyane tsesa hlokomeleheng.

Bana ba banyane hape ho bolelwa ka tsoseletso ya baapostola. Senwelo sa metsi ke thuto ya Bibele.

Jesu o lebeletse hore re rute batho nnete, eseng thuto ya batho.

MATTHEU 18:4 Leha ekaba mang feela ya ikokobetsang jwalo ka bana bana babanyane, ke yena ya moholo mmusong.

Botho bokgahla haholo. Ha feela re ntse re ikokobetsa, mme haeba re nahana ka seo kamehla, eba ke nako eo Modimo Are sebedisang ka yona.

I JOHANNE 2:13 Ke ngolla lona, bontate, hobane le Motsebile ho tloha hoqaleng. ke ngolla lona, banna ba batjha, hobane lehlotse bobe. Ke ngolla lona bana, ba banyane, hobane le tsebile Ntate.

Bontate ke kereke ya hoqala eo re lokelang ho kgutlela ho bona. Banna ba batjha ke bao eleng kereke e ileng ya kena Mengwaheng eLefifi ya Catholics le Protestants. Yaba ba lwantsha Satane ka mengwaha eo ka mishinare. Re bana balokelang ho kgutlela ho bontate barona.

Rea tseba hore Ntate ke Moya oleng ho Jesu Kreste ka nama. Ka tsela eo re tseba Modimo ka Nama hore Lebitso la Hae ke Jesu Kreste.

Okeke wa tseba Ntate haosa tsebe Lebitso la Hae.

Ho bua ka Kreste, Bibele ere:

BAKOLOSE 2:9 Bomodimo bohle bodutse ho Yena ka nama.

MATTHEU 19:14 Empa Jesu are, lesang bana batle ho Nna, mme le seke la bathibela, hotla ho nna: hobane mmuso wa Lehodimo ke wa bona.

Jesu o batla bana (rona Bakreste nakong ya hoqetela) hotla ho Yena, eo eleng Lentswe. Ha abatle re dumele dikhoutu kapa moetlo o itseng wa kereke. Ha Are lesang bana”, O bolela hore nakong ya hoqetela ho tlaba matshwenyeho le bamathata bakeng sa ho kgutlela ho Bibele.

I JOHANNE 4:4 Leba Modimo, bana, mme le bahlotse: hobane ya ka hare ho lona o moholo, hofeta yaka hare ho bona.

Moya o Halalelang oka hare ho rona o etsa hore re hlole meleko yohle le diphoso tseo batho mme re lebe ho Bibele.

I JOHANNE 5:21 Bana, tshabang medimo ya ditshwantsho.

Trinity ya Batho ba bararo, emong le emong ele Modimo, ebile leano le matla la Diabolosi. Sena seqadile Babylona mme kereke ka nngwe ya dumela sena.

Oseke wa rapela motho. Oseke wa phahamisa motho kahodima ba bang. Dula feela le Mangolo.

JAKOBO 2:1 Bana, na tumela ya Jesu Kreste, Morena wa kganya, ka tlhompho ya batho.

Ka tsela ejwalo "bonyane" bo bolela ntho tse ngata.

Ho tlaba le sehlotshwana.

Re tlaba sehlotshwana setlang ho kgutlela ho bontate ba Pentecostal.

Re lokela hore re inahanele rese letho. Menahano ya rona hase ya bohlokwa. Re lokela ho dumela feela Bibele.

TSHENOLO 3:8 Ke tseba mesebetsi ya hao: bona, ke beile kapele ho wena monyako o bulehileng, oo hoseng motho yaka o kwalang: hobane osa nale matla amanyane, mme o bolokile Lentswe laKa, mme hao yaka wa hana Lentswe laka.

Dimeshenare mongwaheng wa Filadelfia (sehlalosang lerato la boena), leha hone ho nale dihohlano, bane ba nale matlanyana a setseng. Empa ba ile baitshwarella ho Phetolelo ya King James ya Bibele mme batadima pholosong ya Jesu Kreste jwalo ka naheng ya bahedene. Bane bakgona hoetsa mapatlelo le ho etsa mesebetsi ethusang batho.

Ka tsela ejwalo kajeno re lokela ho dumela ho Mangolo.

Re mongwaheng wa ntsu.

Hare tadimeng bokamoso.

TSHENOLO 6:11 Mme baile ba newa diaparo tse tshweu; mme baile ba laelwa hore, bake baphomole hanyane, ho fihlela baena ba bang bafuma seba loketseng le bona, hore ba bolawe le bona hobane bane badumela, hotle ho phethahale.

Bana ke Bajude ba ileng ba bolawa ka nako ya Selekane sa Kgale. Matshwenyeho a Maholo aya tswella jwalo kaha Monyaduwa ale Lehodimong, ba batla ho theoha batlo fenetha kereke ya Roma le mekgwa ya teng e ileng ya ba bolaya. Empa bolellwa hore ba seke baetsa seo. Matshwenyeho a Maholo anka lemo tse tharo feela. Bajude ba 144000, le bahlanka ba bona, ba lokela ho amohela Jesu batle ba bolawe. Ebe ke hona moo emong le emong aka theohela tlase bakeng sa Armageddone.

Pope Urban 2 o ile aba le Tsoseletso ya pele yaho nkela Iseraele Palestina. Pope Pius 11 o ile a thusa Hitler hoka nyoloha ka matla. Pope Pius 12 ha aka a dumellana le Holocaust moo Hitler a ileng a bolaya millione tse tsheletseng tsa Bajude. Kaofela bahalaledi ba Bajude batheohela tlase ho lwana le kereke ya Catholic, le Protestants e ileng ya thola feela.

Rona batho re dula re tatile.

Mona re rutwa hoka dula re iketlile. Modimo O nale leano le leholo ka rona. Ka tsela eo re lokela hoka iketla.

TSHENOLO 10:2 Mme letshwere buka enyane letsohong la lona: mme la beha leoto la lona le letona lewatleng, le letshehadi lefatsheng,

64-0119 SHALOM

Empa, hopola, leha nka tsamaya moriting wa lefu, "ke nna tsoho le Bophelo; Ketla motsosa hape." Mme ha Molaodi eo emoholo atheoha a tshwere molangwana wa hae, ebe, "nako efedile." Ha Lengeloi le theoha, la Tshenolo kgaolo ya 10, le beha leoto le letona lewatleng, ka Mmokodi hodima hlooho, A ikana, "nako efedile." Ha nako eo efihla, letla tsoha hara bashweleng. Nakong eo kaofela ha bona basetse moo, letla kena.

Bafu bapatilwe lewatleng kapa lefatsheng.

Lengeloi leo le matla letla theoha, ka tsoho ya bafu.

Buka e ile ya bulwa mmoho “le enyane”.

"Ba mmalwa" ke baneng badumela Bibele qetellong.

TSHENOLO 10:11 Mme lare ho nna, o lokela hoka porofetela setjhaba sena hape, le matjhaba, le badipuo tsohle, le marena.

Buka tse hlano tsa Johanne ditla bua ka lemo tsena tse 2000 tsa pale ya kereke. O ile aja buka mme a fetoha ntho ele nngwe le yona.

Ha Johanne ha atsoha bafung otla nne a dumele Bibele. Otlabe a eme le Lengeloi le matla leo. Tshenolo 10 ebua ka tsoho ya bafu le ho itukisa ha Monyaduwa. Buka esenotsweng eba ka Monyaduwa le Diaduma tse Supileng ha diutlwahala. Ke lona lebaka leo Johanne atlang hoja (o metsa leho dumela) yona Buka etlang ho senolwa qetellong.

Ka tsela ejwalo esita le pheletsong ya kereke tsa mengwaha esupileng.

Empa hape Moshe le Elijah baja Buka bakeng sa hoka tseba diphiri tsa Ditiiso tse Supileng (hotla ha Messia) le Diaduma tse Supileng tse lokisetsang mosebetsi oo. Ebe Moshe le Elia baka nka diphiri tseo ho sireletsa 144000 hoba tataisa hoya ho Jesu.

63-0321 TIISO YA BONE

Emela mantswe a Diaduma tseo ha ditlilo nka sehlopha sep hose isa Lentsweng ho lokisetsa mokete oo. Seo sea seha leho kgaola. Mme bakwala Lehodimo; baka kwala kapa hoetsa seo, leha ele feela seo base batlang. Ha A bokwe. Otla hlaba ka Lentswe letswang molomong wa Hae; le bohale hofeta sabole eleoditsweng ka ntlha tse pedi. Baka bitsa makgolo a dibilione tsa ditshintshi. Amen. Eng kapa eng eo baebitsa eya etsahala, hobane ke Lentswe letswang hanong la Modimo. Amen.

Sena ke seetswang ke Diaduma tse Supileng ho neha matla baporofeta bao bababedi hore baqale mosebetsi leho nehana ka tsoseletso ho Monyaduwa ho itukisetsa Tlhwibilo.

Buka enyane.

Keba mmalwa, sehlotshwana, batlang hoba Mangolong ha Diaduma diutlwahala. Ho bolelang hore ba tlabe ba loketse tlhwibilo. Sehlotshwana sena etla bao banka dikhoutu tsa Moena Branham ho dimatahanya le Mangolo, mme ebe bakgona hoka imatahanya le Mangolo.

Batho ba Molaetsa badumela ha Diaduma diile tsa utlwahala. Empa bantse bale teng lefatsheng mona "bohlale" tshenolo eo hae soka ehlahisa tlhwibilo.

Haho hlokahale hore rebe bohlale. Re bolellwa hoka dula Mangolong.

Ho nale ditumelo tse mmalwa tsa Diaduma ka lemo tsena tse mashome a mahlano. Ba nale ntho tse pedi tse tshwanang leha hole jwalo. Haho moreri wa Diaduma yaka rerang hotswa Mangolong hobane ha dika hare ho Mangolo.

Taba ya bobedi, haho Diaduma tse ileng tsa etsa hore batho ba lebe Lehodimong ha jwale.

Bahlahisa bohlale empa haho tshusumetso moo, hobane haho ya hlwibitsweng.

Ka bomadimabe, ba bang ba badumedi ba diaduma base bale mabitleng.

Ka tsela ejwalo keba mmalwa feela batlang ho dula Mangolong mme batlang hoemela Diaduma batle batsohe.

MATTHEU 7:14 Hobane monyako o patisane, tsela esesane, elebisang bophelong, mme ba mmalwa baefumanang.

15 Hlokomelang baporofeta ba bohata, batlang baapere tlalo la nku, empa ka hare ele diphiri.

LUKA 12:32 Le seke la tshaba, mohlatswana; hobane ho thabisa Ntata lona hole neha Mmuso.

Ha abue ka bongata mona.

LUKA 18:8 Na ebe Mora Motho mohlang Atlang, Otla thola tumelo lefatsheng?

Jesu ha abona ba bangata badumedi ba Bibele nakong ya ho qetela.

BAROMA 10:17 Tumelo etla kaho utlwa, ho utlwa Lentswe la Modimo.

Oka aha tumelo ya hao hodima Mangolo. Eseng dikhoutu.

Na ha Akgutla, ba mmalwa batla dumela Bibele. Batla matha kamora dikhoutu kamora khoutu.

I SAMUELE 15:17 Yaba Samuele ore, haone ole monyane, na hao yaka wa etswa hlooho ya Israele, mme MORENA Modimo ao tlotsa hoba morena wa Israele?

Modimo O thabela botho. Botho bo bolela boikokobetso. Menahano le mehopolo ya rona hae lokele ho nka sebaka sa Lengolo.

Habo lokele hore re nahane hore re molemo hofeta batho ba bang.

LUKA 19:17 Yaba ore ho yena, haholo jwalo, o mohlanka ya molemo: hobane otshebehile ho tsena tse nyane, onale matla metseng eleshome.

Hoba Mangolong ho seo rese dumelang, eleng Modimo.

I BAKORINTHE 5:6 Kgalalelo ya lona esebe ya bokgabo. Ana ha letsebe hore tomoso enyane ekokomosa bohobe na?

Hare nka tshenolo ele nngwe hampe, phoso eo elebisa phosong tse ding tse ngata.

JAKOBO 3:5 Ha jwalo le leme ele karolo enyane ya mmele, mme le ikgohomosa haholo. Bona, empa leka tukisa leho tjhesa hlaha!

Mantswe a mmalwa aka tlisa pherekano ekgolo.

Re utlwisisa mehopolo eo hantle.

Hang feela setshwantsho hasele phoso, rekeke sa kgona hoka lokisa karolo eo. Mme ebe tumelo ya rona re e ahile lehlabatheng.

TSHENOLO 3:14 Ho lengeloi la Laodisea

Jesu ha A ngolle kereke e Laodisea, jwalo kaha A ngolla kereke e Filadelfia jwalo jwalo. O ngolla kereke e Laodisea. Ke kereke ya bona, eseng ya Modimo. Ba nale baetapele ba batho bao eleng badisa.

Ba nale meetlo ya bona ya kereke ya dikhoutu tseo ba ahileng hodima tsona.

Ba bolela ha dikhoutu ele tsona tsa bohlokwa.

Kereke tsa ya bona ethabela meropa le mmini o phahameng. Boithabiso bo boholo. Empa haho moo meropa ho bolelwang ka yona ka hare ho Bibele.

Hoba kereke ya Laodisea, Lentswe ha leo hobane Jesu Okantle ho monyako. Leha ele hore ha batsebe hore Okantle ("empa hao tsebe") hobane ba thebela monate ona.

Nakong ya Bokreste ba ha jwale, kereke ka nngwe ebolela hore ke yona enepileng.

MATTHEU 18:20 Moo ba babedi kapa ba bararo bakopaneng teng Ke teng hara bona.

O tshepisitse ho hlohonolofatsa sehlotshwana. Eseng bongata.

BAROMA 16:5 Ha jwalo le badisa le bona.

Sehlopha se senyane sekenelang matlung ke sona seo eleng sa bohlokwa. Haho motho ya iphumanang ale bohlokwa hofeta babang sehlopheng seo. Hape haho motho yaka ruang hofeta ba bang.

Hopola Jesu Oile A leleka batho baneng baetsa tjhelete ka hare ho Tempele.

Jwale badisa baruileng bantshitse Jesu, Lentswe le ngodilweng, ka hare ho kereke tsa bona.

II BATHESALENIKE 2:3 Letle le seke la thetswa ke motho: hobane letsatsi leo lekeke la hlaha, pele hoba le bokwenihi, monna eo wa sebe a senolwa, mora tahleho;

Bongata botla kgutlela morao pele ho nako eo. Ka tsela ejwalo seke wa kgahlwa ke kereke tse kgolo. Jesu O rerile setshwantsho sa monna ya neng a entse mokete.

Modimo O memela bohle moketeng wa lenyalo la Konyana. Empa ha A amohele bohle?

Setshwantsho sere, Tjhe.

LUKA 14:16 Yaba Ore ho bona, monna emong one a entse mokete, mme a mema bongata:

17 Mme a romela mohlanka wa hae hobaneng ba memilwe, tlohong; hobane tsohle dilokile jwale.

18 Mme bohle baeba le mabaka. Wa pele are, ketswa reka karolo ya lefatshe, mme ke lokela hoya ebona: kea kopa a ntshwarele.

Empa Modimo Ore mema feela ka tsela ya Bibele ha retla ho Yena.

Re keke ratla ho Yena ka borona.

Haho lea mong wa Bakreste bana bapholositsweng ya dulang le Bibele. Kaofela ba nale ntho tsa bona. Bakgetha ntho tsa bona. Ka kopo re tshwarele haele mona rese Mangolong, empa re nale bohlale bona baho nka dikhoutu

Ba lebelletse hore Modimo A thabiswe ke “bohlale” tsela eo baekgethileng ho sebeletsa Modimo.

Etswe ele kereke ya bona ena, kereke ya Laodisea. Hore batle bakgone ho etsa kamoo ba batlang. Hase kereke ya Modimo.

LUKA 14:24 Hobane Kere ho lona, Haho lea mong wa bana ba memilweng ya tlang ho kena.

Karabo ebohloko haholo.

Modimo ha A thabiswe ke badisa ba nako ena. Ha aba batle jwalo ka Monyaduwa wa Hae.

MATTHEU 7:22 Ba bangata batlare ho Nna ka tsatsi leo, Morena, Morena , na ha reaka ra porofeta ka Lebitso la Hao na? na ha reaka ra leleka mademona ka Bitso la Hao na? Ka Lebitso la Hao na ha reaka ra etsa mesebetsi e molemo na?

23 Mme Ketlare ho bona, ha nkaka ka letseba: tlohang ho Nna, lona ba sebeditseng bokgopo.

Katleho ekgolo haho seleng Lengolong.

Emong o lokela hoja dijo tsa mantsibua.

LUKA 14:23 Mme Morena are ho mosebeletsi, Eyang diterateng, mme leba memele mokete, hore ntlo yaka etle etlale.

Banna bakgopo ba matla, basa tshepahaleng, badulang tlasa marokgo a ditsela.

Balokileng, Bakreste ba pholositsweng bakgetha meetlo ho nale Phetolelo ya King James ya Bibele. Ka tsela ejwalo Modimo Oya balatola ha Aba nke hohang feela.

Kajeno, Bakreste bareng ba lokile haba abtle Mopresidente Trump hobane ese mohlala omotle. Bakreste bakeke bafetola sephetho sa dikgetho. One asa lokela hore ebe o hlotse.

Ho tlile jwang hore a atlehe?

Hobane ke Mopresidente wa pele wa hoba kgahlano le dikgetho tse 128 ho 9 dikgethong tsa Matjhaba A Kopaneng hoba kgahlano le Jerusalema hoba motse moholo wa Israele. Bakreste kaofela bane bale kgahlano le Jerusalema hore ebe motsemoholo. Bill Clinton, George Bush, le Obama ene ele mathaka a lokileng asakang a ema kgahlano le naha tsa Muslim. Bane batshaba Allah hofeta Jesu.

Matjhaba a 128 aile a ema kgahlano le Modimo. A robong a kgetha Modimo. Sena sebontsha hantle hore ke ba mmalwa feela batlang ho kgetha Modimo pheletsong.

Ka tsela eo sena ke setshwantsho sa tshiu tsa hoqetela. Haeba batho ba lokileng basa etse selokileng bakeng sa Modimo, mathaka asa lokang batla etsa selokileng bakeng sa Modimo.

Re ithuta hore mathaka asa lokang ba sebete haholo. Mopresidente Trump o phethile boporofeta ba lemo tse kete tse pedi hore Jerusalema eboele ho Bajude. Sena ke tlotla ekgolo. Hantle feela jwalo ka Cyrus wa Persia ya ileng a nehela Bajude Jerusalema hotswa Babylona.

Ho ema ole mong. Ho fihlela pheletsong. Seo senka sebete.

1965 MONGWAHA WA KEREKE YA EFESE - BUKA YA MONGWAHA WA KEREKE CPT.3

Jwalo kaha lese letseba hore Kereke ya Sebele re ebona ka tsela efeng (seo eneng ele sona Pentecost le seo baapostola base entseng Bukeng ya Diketso) reka etsa seo hantle leka kereke elahlehileng. Diphoso, kapa diphoso, tse kgukgunetseng ka hare ho kereke Buka ya Diketso le Tshenolo mme hape le Diepistola ditla bonahala ka nako tsohle, ho fihlela mongwaheng wa hoqetela, kapa Mongwaha wa Laodisea.

Jwale ho tloha mona moo re fumaneng sena ka baka la Morena, hotla nnete enngwe. Ke itse Kereke ya Sebele etla etsa se Bukeng ya Diketso. Seo ke nnete. Empa re fumane diphoso tse kgukgunetseng tsa senya nnete hofihlela Morena A fihla.

MATTHEU 22:14 Hobane ba bangata ba bitsitswe, empa ba mmalwa bakgethuweng.

DIPOROFOBIA 30:24 Ho ntho tse nne tse nyane lefatsheng, empa dibohlale:

25 Bohlwa ha bona matla, empa bolokisa hlabula;

Bohlwa bodula bo sebetsa kamehla. Bo beha dijo bakeng sa mariha. Re lokela ho kgutlela Mangolong le rona, eseng hobane Moena Branham a boletse jwalo. Hobane ena ke nako ya pula ya Tsheole, nako thuto. Jwale re nale nako ya ho ithuta.

Nako ya pula ya kotulo eyatla. Bafu batla tsoha mabitleng mme Monyaduwa otla nkelwa Lehodimong. Ke sona setlang ho fumanwa ke Lengeloi le Matlahadi. Re leboha dithuto tsa Moena Branham, engodilweng Bibele elokela hoba Buka ebutsweng bakeng sa rona. Haeba hose jwalo, rekeke raeba karolo ya motsamao ona. Retla lokela ho batla Diaduma tsena tse Supileng tsa sephiri.Ka tsela ejwalo etsa bonnete ba hore re bua ka ntho tse ngodilweng.

Website ena e etseditswe ho thusa wena ka dithuto.

Empa ke sehlotshwana setlang ho atleha.

Ka tsela eo re lokela ho ithuta ho toloka Bibele hotswa dikhoutung tsa Moena Branham.

DIPROFOBIA 30:26 Dipela le tsona ke mathaka a manyane, empa a aha mahae a ona mafikeng;

Ena ke leloko la mmutlanyana wa dithaba. Re fokola jwalo ka tsona ke lona lebaka le etsang hore re ipate Lefikeng leo ele Jesu, Lentswe le senotsweng la Modimo.

“Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona!” — 1 BaKorinthe 16:23