Evangedi ya Luka Kgaolo ya 1
We update studies as the Lord Jesus leads us. You can find the latest update of this study at ChurchAges.net
Luka ore bolella ka hlakore la Botho la Jesu.
Sena sebua ka dikgetho tsa 2016 tsa bopresidente ba Amerika: boo ileng banka tsela eneng esa lebellwa.
Ya neng a sena tshepo "Trump" a ileng a hlola ya nang le tshepo eleng Hillary Clinton. Hillary one a nale tjhelete le tsohle hoka mothusa hoka hlola dikgetho. Trump one ale tlasa kgatello ya boraditaba. Ka tlholo, Trump o ile a tshosa Lefatshe.
Jwale keng seo Modimo A batlang hore bontsha sona? Ke letshwao lefeng la dinako lena?
Tlholo ya bobedi ya lefatshe hobane lentswe Trump le bolela tlholo.
I BATHESALONIKE 4:16 Hobane Morena ka Boyena Otla theoha, ka lentswe la Arekangeloi, leka tlholo ya Hae: mme bafdu bashwetseng ho Kreste batla tsoha pele:
17 Mme ba setseng batla kopana le Yena sebakeng: mme batlaba le Yena ka hosafeleng.
"Tlholo" ekopanywa hammoho bakeng sa Bakreste lemong tse 2000 tsa pale ya kereke. Kamora moo Bakreste baphelang batla fetohela mmeleng osa boleng mme ebe Matla a theohang aba hulela hodimo hoka kopana le Jesu sebakeng. Bakreste kajeno ba hula ke Moya o etsang hore badumele ho Biblee. Keba mmalwa feela badumelang seo Bibele ese bolelang. Mme ebe baya nyatsuwa kapa ho kgeswa ka seo. Ho nyoloha hahoya tlwaeleha bakeng sa rona batho,mme ke ba mmalwa feela batlang ho kgona seo.
I BAKORINTHE 15:52 Ka nako le motsotso, ikaho panya ha leihlo, tlholo etlaba teng: hobane terompeta etla lla, mme bafu batla tsohela ho saboleng, mme hang feela batla fetoha.
Tsoho ya mmele ke ntho ya hoqetela nakong ya Morena Jesu. "mohoo" ke molaetsa jwalo ka Johanne a ile a sisinya mekgatlo hore edumele Lentswe.
Arekangeloi ya Tshenolo 10 e ileng ya sebedisa "lentswe" le matla ho tsosa bafu mabitleng. Ebe"tlholo" etlaba teng hang feela "tlholo"ba biletswa sebakeng ho Jesu ha A theoha.
Modumo wa terompeta otla utlwahala.
I BAKORINTHE 14:8 Hobane terompeta ha efana ka modumo osa tlwaelehang, ke mang ya kekeng a itukisetsa ntwa?
Ntwa ya semoya.Dikereke ditshwana direrile hoya ka Bibele haese dithuto le meetlo ya motho. Ona ke modumo osa tlwaelehang. Re lokela hoka itukisetsa ntwa ya semoya. Pele ho tsoho tlholo elokela hoba teng, Evangedi ere romella letshwao, jwalo ka dikgetho tsa Amerika, hoka bonahatsa hotla ha Hae.
Jwale ke mang ya kekeng a itukisetsa hotla ha Jesu? Hase ba bakae.
LUKA 18:8 ...... Esita leha Mora Motho mohlang atlang, na otla fumana tumelo?
Batshepuwa ba dikereke batla lahlehelwa ke seo mohlang Atlang ka baka la "menahano" ( kapa batho basa lokang ) ba hananang le dikereke, hoka tsosa bohle. Baetapele ba dikereke ba ile baswaba ka baka la hobane thatohatsi ya bona esaka ya hlola.
Monahano wa Modimo ofapane le wa rona?
Hantle feela. Jesu Ore hlokomedisitse hore sena setla etsahala.
Ha Are:
MATTHEU 22:2 Mmuso wa Mahodimo O tshwana le morena ya itseng, ya ileng a etsa mokete wa lenyalo bakeng sa mora wa hae,
3 Yaba o romela basebeletsi ba hae ho memela bohle moketeng, empa ba hana ho tla.
Modimo O bitsa pele Bakreste bakeng sa Mokete wa Lenyalo la Konyana. Ba bitswa pele. Empa haba thabiswe ke seo. Ba rata meetlo ya bona le mekgwa ya dikereke tsabona. Bahola ntle le sefapano. Eseng ho bua seo ka Bibele, jwalo kaha ele ba mekgwa ya kgale.
MATTHEU 22:4 Hape, a roma baseletsi, Are, bolellang batlamilweng, Bonang, ke lokisitse dijo: mme dikgomo dise dihlabilwe, mme ntho tsohle dise dilokile: tlohong moketeng wa Lenyalo.
5 Empa baetsa ho kganya ka seo, mme baikela emong le emong ka tsela ya hae, emong masimong a hae, emong mosebetsing wa hae:
6 Mme diaparo tsa nkuwe ke basebeletsi ba hae, ba dinka mme ba badihahola, mme ba babolaya.
Bakreste ha bana taba le Mangolo. Mangolo ohle ao basa wa utlwisiseng "hase a bohlokwa". Bakreste bahlasela bao bareng kereke tsa bona diphoso. Efeng kapa efeng temana ya Bibele ehananang le tumelo ya bona baya iphapanya. Batho ba lekang ho lokisa taba ena ya bona ka Yona baya hlaselwa. Sehlopha ka seng sedumela hase nepile. Ba ikutlwa bakgotsofetse ke thuto ya kereke. Letshwao monyako lereng "Ka kopo oseke wa tshwenya, kapa..."
MATTHEU 22:8 Yaba ore ho bahlanka ba hae, Lenyalo lese le lokela ho qala, empa bane ba soka baloka. (Ba bolokehieng empa bakgetha bokreste, Bakreste ba bolokehileng empa bahlohonolofaditswe ka matlotlo, Bakreste ba bolokehileng empa ba itebala, baetapele ba dikereke)
MATTHEU 22:9 Lebang mapatlelong a diterata, mme letle le bongata boo leka bofumanang, leba memelehoptla moketeng wa lenyalo. (ho latola bao ba batlang Mangolo, ho nyatsa, ho hloka tshepors, bahanyetsi, le bafutsana)
MATTHEU 22:10 ka tsela eo bahlanka bana ba ileng mapatlelong, mme le kopanye bongata hoya kamoo leka kgonang, bohle basa lokang (jwalo ka Trump) leba lokileng (jwalo ka Pence. Lebitso la hae lebolela mofutsana le morui. Dipondo, disheleng le dipeni): mme lenyalo lene lese lefelletse jwale.
Ka tsela ejwalo Evangedi ya Luka etla re bolella seo re batlang hose utlwa. Re lokela ho fetoha haeba re batla ho lokela hotla ha Morena. Hotla ha Hae hotlatla ka tsela eo resa lebellang ka teng.
Selekaneng Sesetjha, Modimo O nale Dievangedi tse nne bakeng sa ho lebella Mmele wa Hae teroneng, oo eleng kereke ya Hae.
BAEFESE 5:23 Hobane monna ke hlooho ya mosadi, jwalo kaha Kreste ele hlooho ya keeke: mme ke Mopholosdi wa mmele.
24 Jwalo kaha kereke e ikokobeletsa Kreste,
Tsela feela eka kgonang hoetsa sena kereke keha eka ikokobeletsa Lentswe, mmele wa semoya, o tsebahalang jwalo ka Monyaduwa. Sena ke pelo ya Monyaduwa. Re lokela hore re ikokobeletse Bibele.
TSHENOLO 4:6 Mme pela terone hone hole lewatle la kristale: le mahareng a terone, le ho potoloha terone, hone hole dibata tse nne.
7 Mme sebata sa pele ene eka tau, mme sabobedi eka namane, mme saboraro eka namane, mme sabnona eka ntsu efofang.
Namane ke poho enyane.
Ho batla hole thata ho hlalosa dipono tsa semoya ka nama feela, empa Ezekiele o ile a bona ntho etshwanang le eo Selekaneng sa Kgale lemong tse 600 pele ho Buka ya Johanne ya Tshenolo.
EZEKIELE 1:10 Mme hone hole difahleho tse nne, ene ele sa motho, sa tau, ka letsohong le letona: mme hole sa poho kaho le letshehadi; sa bone ele sa ntsu efofang.
Ntsu efofa ka hodima tsona.
Selekaneng Sesetjha ke moo Modimo A tsamayang ka hare ho dipelo tsa banna le basadi.
Ka hare ho pelo ho dihuku tse nne eleng hore mahareng ke terone ya Modimo.
Modimo O hlalositse maemo a Kereke ya Hae (Mmele wa Kreste) ka hare ho Buka ya Diketso.
Kereke ena ene ele ya bohlokwa nakong ya Selekane Sesetjha, e ile ya etsa phoso kahoba disebediswa tsa boetapele ba motho, e ile yawa ka nako ya Mengwaha eLefifi. Luka ke Buka ya boraro ya Evangedi tsena tse nne "Diketso tsa Moya o Halalelang kerekeng ya baapostola".
Ka tsela eo, Luka o emetse sebata sa boraro sehlokometseng terone, eleng sefahleho sa motho.
Luka ka tsela eo ore bolella hantle hore re lokela hoka itshwara jwang rona Bakreste lehore re kgone ho tiisa Mmuso wa Modimo lefatsheng.
Taba ene ele hore Kreste one ale teng hara bona mme ele Yena ya nkileng marapo, ba ileng bahlahisa kereke ya Diketso.
Evangedi tsena tse nne ke pelo ya Bibele jwalo kaha maphelo a rona a itshetlehile ho Jesu.
Mattheu o bonahatsa Kreste jwalo ka Morena Tau ke morena wa diphoofolo. Mareka o Mobonahatsa jwalo ka Mohlanka poho. Luka o mobonhatsa jwalo ka Monna wa sebele. Johanne o bolela ha Jesu ele Modimo ka hare ho Mmele.
Madi A Hae a hlwekisang a phalla ka hare ho Buka ya Diketso. Sena sebeha maemo ao Kereke ya Modimo elokelang hoba ka teng. Evangedi tsena tse nne dire bontsha tsela eo re lokelang ho phela ka yona jwalo ka Kereke ya Modimo. Satane obatla baetapele ba batho ebe bona baemetseng kereke eseng Bibele.
Ke madi feela A Jesu Aka kenyang bophelo boileng ba lahleha lemong tse 2000 tsa pale ya kereke.
Sebata sa boraro se emetse Evangedi ya Luka ehlalosa hape Moya o Halalelang osaleng ore lahlehela ka nako ya Mengwaha ya Reformation o qadileng ka 1517. Modimo O ile wa hlohonolofatsa mohopolo wa banna bakang Martin Luther wa Germany hoka busetsa "hore re phela ka tumelo". Bakreste bane balokela hoka sokoloha leho baka ho nale ho tshepa mehopolo ya batho. Yaba Modimo O tswella hoka lokisa dintho A kgetha banna barutehileng ba jwalo ka John Wesley wa England jwalo kaha a bonahatsa kgalalelo, lerato la boena, le tshebeletso tsa Evangedi ya kantle. Sena se ile sa beha mehlala hantle feela, ho tloha kerekeng ya pele. Seo se ile sa fella ka 1906 ka tsoseletso ya Pentecostal kolobetso ya Moya o Halalelang mane California hola America.
Mongwaha ona o ile wa bonahatsa tsela ya Moya o Halalelang ho dingola tsa Seheberu le SeGerike, eleng King James Bible ya 1611.
Ena ke yona feea khopi ya sebele ya Bibele esenang tokelo ya taolo. Ka tsela ejwalo ke Lentswe la Modimo. Kaofela tsena tse ding DiBibele dinale ya dingotseng. Ho bolelang hore ke lentswe la motho.
Hare kgutlela "sefahlehong motho" hoka o hlasemolla "hlooho".
Hlooho ena ya Kereke. Bibele ya King James ke Lentswe la sebele la Modimo halea tswakwa hohang feela. Ana ke mantswe aneng atswa Molomong wa Modimo.
Bibele ya King James ka hona ke "Hoitswe ke Morena".
Barwetsana ba bophlale batla kgantsha lampi tsa bona ka Bibele ya King James hoka etsisa Lentswe la Modimo, Ke Mang Jesu Kreste. Badumela ha feela ere Bibele.
Taba ke hore o lokela hoba le kgetho ya hao ya Bibele, tsena tse ding dinnile tsa fetolelwa hangata ka tsela ejwalo. Ena ke risepe ya pherekano.
Hoya ka Bokreste ba sebele,ke temana ya Bibele eka re bontshang hore na Jesu Kreste ke hlooho ya Kereke. (Ho dumela dikakanyo le menahano hahona hore tswela molemo.) Badumedi ba lokela hoka tshepa feela Bibele,ebe ke hona ba ipitsang Bakreste.
Haba batle lebitso le leng hobane mosadi o nka lebitso la monna wa hae.
BAEFESE 5:23 Hobane monna ke hlooho ya mosadi, esita jwalo kaha Kreste ele hlooho ya kereke: mme ke Mopholosi wa mmele.
BAEFESE 5:24 Ka tsela eo kereke elokela hoka ikokobeletsa Kreste, basadi bake ba ikokobeletse banna ba bona.
Phoso ekgolo e ileng ya etswa ke direfomara ka kereke ya Roman Catholic ke ho nka mokgwa wa kereke ya Roman Catholic ya hoetsa motho ebe hlooho ya kereke.Sena hase Mangolong ebile se entswe ke mekgatlo "bokereki".
Ho latela motho eo eleng hlooho modisa, yaba ke ho senyeha ha dintho. Ho tloha ho Reformation, 30000 tsa mekgatlo efapaneng le dikereke tseo eseng tsa mekgatlo. Baetapele ba dikereke ba batho ba baka mathata.
Lentswela Modimo feela ke lona leo re lokelang jhole latela. Mekgatlong "bokereking" monna emong (modisa, mopriesta, mobishopo, pope jwalo jwalo) ke hlooho ya bohle jwalo ka- Lutheran, Methodist, Wesleyan, Baptist, Pentecostal, Badumedi ba Molaetsa, MaBranhamite jwalo jwalo. Ho leka hore kereke eseke ya senyeha, Luka o hlalosa Jesu jwalo ka Monna ale Mong feela ya lokelwang keho latelwa.
Yena, Ale Mong feela, O lokela ho etella kereke pele Jesu Ale Mong ke sefahleho sa Modimo.
Sena setshwana hantle le mopresidente wa Amerika ele sefahleho sa setjhaba sa Amerika. Ka tsela ejwalo Luka o hlalosa hore ke Kreste feela, Jesu Kreste. Ke Modimo nameng.
Luka o shebile ho Kreste feela, Monna wa sebele.
Evangedi ya Johanne eshebile ha Modimo Ale nameng.
LUKA 1:76 Mme otla rea, ngwana, (Johanne Mokolobetsi) otlaba moporofeta ya moholo: hobane otla etella pele Morena;
Jesu ke sefahleho sa Modimo. Ka tsela ejwalo Luka ohlahisa Jesu jwalo ka Monna wa sebele.
Luka Evangedi ya hae ke sefahleho sa Motho. Sefahleho sa Jesu Kreste. Ke sefahleho sa Monna.
Sena sebolela hore Jesu Ale Monbg ke Yena hlooho ya Kereke. Bana kaofela dihloohotsa kereke ekaba feela karolo ekgolo ya Mmele wa Kreste. Yena ke hlooho, rona re mmele feela. Kaofela ditho tsa mmele dikarabela ho Hlooho.
Jesu ke motho feela. Hona ho bolela hore Modimo O ile A theoha ka tsela ejwalo feela. Mme rona batho, re lokela ho hlokomela baetapele ba rona (wbao eleng ditho feela) empa ho Jesu Kreste ke mohlala o moholo.
Luka ene ele ngaka.
BAKOLOSE 4:14 Luka, ngaka eratehang,
Ngaka ke tsela enepahetseng ya ho ho hlalosa motho. Luka o rata Baditjhaba ka baka la hore Kreste ke hlooho ya Mmele. Hobane Mmele o entswe ka Baditjhaba.
Ka tsela eo Modimo wa kgetha Luka ho ngolla Baditjhaba ka tsela eo Kereke eleng ya Baditjhaba. Luka hape ke yena ya ngotse Buka ya Diketso. Karolo ya hoqetela ya Diketso engotswe ke Paulose, moapostola wa Baditjhaba, jwalo kaha a nnile a beha dikereke maetong a hae a mangata ho potoloha.
Luka ke Buka ya Selekane Sesetjha ehlalosang nako etelele, lemo tse kabang 2000, seo setyla kwahela nako ya Baditjhaba.
BAGALATA 2:8 (Hobane seo Peterose aleng sona ka boapostola hoba lebollo [eleng Bajude], sona saeo ke se neilweng nna [Paulose] ho Baditjhaba:)
Paulose ene ele moapostola wa Baditjhaba. Mme Luka ene ele motho ya tshepehang ya neng a tsamaya le yena. Ka tsela ejwalo Luka kamehla one a ikutlwa a bolokehile ha anale Paulose.
II TIMOTHEA 4:11 Ke Luka feela ya nang le nna mona.
Paulose o bua ka botshepei ba Luka ho Baditjhaba.
Ho sebetsana le Kreste jwalo ka Motho, Luka o bonahatsa tswalo ya Johanne lead Jesu. Motho emong le emong o qala jwalo ka lesea. Ka tsela eo Luka, jwalo ka ngaka, one atseba ka tswalo ya motho.
Dira tsa Evangedi bane bakeke bakgona Johanne, Jesu le ba bangata banna ba Kereke.
Batho ba bangata bashwang ba nale ntho tse pedi, baqala ele bana hamorao ebe bontate.
Le maitshwaro aka tsela eo feela. Jwalo ka monna ya motjha, ebile Bajude ba molao. Bana barutwa bale banyane ka Jesu. Ebe, kamora hore Jesu Atlohe sebakeng, barutuwa baya hoa jwalo ka baapostola.
LUKA 1:17 Mme yena jwalo ka moapostola (Johanne Mokolobetsi) otla kapele ho (Jesu Kreste) ka matla a Elia, ho busetsa pelo tsa bontate ho bana ba bona, mme basa mameleng hoya bohlaleng; ho lokisetsa batho Morena.
Puo ena ebontsha ha Johanne Mokolobetsi ene ele moporofeta wa Malakia.
Tsa “dipelo” bontate ke ho bolela hore Bajude ba ileng batoha Lentsweng ba leba mekgatlong. Dihlopha tse pedi tsa Bajude le Bafarasi, le Basaduse baneng ba mathela Tempeleng. Hone hole hape le Baherodia (baneng ele boradipolotiki wa Heroda), Baselote(baneng ba nale mokgwa wa ho bolaya dira tsa bona),le Baesenese baneng bale lehwatateng ba phela le Qumran ba Selekane sa Kgale baneng ba nale dingolwa tsa lehaheng la Lewatle le Shweleng mahareng a 1946 le maqalong a 1947. Mahareng a 1949 le 1956 tse ding dingolwa tse 930 diile tsa fumanwa ho lehaha sebakeng sa Qumran, tse neng disenyehile, empa tse 12 dine dile maemong a matle. Sena ene ele bopaki ba pale ya Bajude.
Sena ene ele bopaki ba ditshelo tse supileng tsa 12 tseo eneng ele tsa mohlolo wa Jesu ha ane a fepa batho ba 5000 le ba bang ba 4000.
Leka hare ho Tempele hone hole dikandelara tse 7 tsa mahlaka le mahobe a 12 aneng a hlalopsa dikereke tse supileng tsa mongwaha tsa Selekene Sesetjha le meloko e 12 ya Israele hotswa Selekaneng sa Kgale. Bajude le Kereke ke tsona dintho tsa bohlokwa ho Modimo Lefatsheng lena. 1947 ene ele nako ehlokolotsi ha Matjhaba a Kopaneng a ne a qala ho kgetha dikgetho tse 2 hoka nehela Bajude lehae la bona Israele. Russia, tlasa monna wa Mojude ya sa kgathalleng letho Stalin, hang feela a dumellana le Bajude ka kgwedi tse 18.
Ka 1948 Israele ya kgona hoka ipitsa Setjhaba ho hlola Rome ya 135 AD. MaArabia hang feela a hlasela Israele.
Ka 1949 ba ile bahlola mabotho a mahlano a Arabia aneng a thuswa ke a supileng a naha tsa Arabia ba batla ho etsa lehae la bona Israele.
Ka 1956 ba boela bahlola Egepeta ntweng enngwe mane Sinai,mme bahlola Arabia ka 1967 ntweng ya matsatsi a tsheletseng.
Modimo One A fetohetse lehlakoreng la Israele. Dingolwa tsa Qumran diile tsa fumanwa hang feela ha Israele ane a itukisetsa hoba setjhaba ka lemong tsabo 1800.
Ka 1946 le ile la hlahela William Branham mane Amerika, leneng letlilo mmolella ka tshebeletso e ikgethang ya matla a maholo hadi ya hae, sena ene ele tshebeletso ya Pentecostals lemong tsabo 1950 le 1960. Kabo 1960 ene ele nakong eo Oral Roberts wa Pentecostal Association aneng a fumana kotara ya boshome mahala (ntle ho tshitiso ya letho) lefatsheng.
Modimo O ile A fana ka matla ho kereke ya Pentecostal matsatsing ao. Bao eneng ese kereke ya-Pentecostal bane baetsa tsoseletso ematla ya boevangedi banna bakang bo Billy Graham, emong wa baevangedi ba baholo, baile ba nka sebaka.
Ka tsela ejwalo yaeba tsoseletso ematlahadi yaPentecostal ka dithuto tse makatsang tsa Bibele tsa William Branham mane Amerika. Ka yona nako eo yaba Israele eqala e etsa setshwantsho naledi enang le kguto tse tsheletseng ya Davida folaga ya kgale ya lefatshe.
Empa hamorao lemong tsabo 1950, mopresidente wa Amerika Eisenhower maikutlo a hae a matle a hloleha, mme ka phoso a romela lebotho la baeletsi ba 700 Borwa ba Vietnam hoba kgahlano le Leboya la Vietnam ho nale hore kaofela Vietnam eye dikgethong ka kopanelo. Yaba mopresidente Kennedy, eleng MoCatholic, ahlokomela phoso ya Eisenhower a romela lebotho la baeletsi ba 15 000 Borwa ba Vietnam maqalong a lemo tsabo 1960 ntle le ho tshwenywa ke mopresidente wa Catholic mane Diem ya Borwa ba Vietnam. Empa dipolotiki tsa baa moferefere o mongata haholo. Taba tsa senyeha ha mopresidente Johnson a etsa phoso ekgolo ka 1965 paleng ya lemo tse 15 tseo ebile lemo tsa ho ipolaya. Mabotho a Amerika a kileng a lwana mme a soka a hlolwa ntweng, empa bopresidente bao ba bararo ba ile baetsa phoso tse kgolo, ka diqeto tse sa nepahalang.
Mopresidente Nixon ka bohlale a arola Amerika ho Vietnam ka lemo sa 1980 Americka ya qala ho iphumana, empa dikereke tsa Pentecostal bane ba bile le tshusumetso ekgolo ka lemo tse mashome a mabedi. Ka nako eo dikereke tsa nna tsa tswella hoka dula semoyeng ka pherekano eo hofihlela ka 2016 hone hole mekgatlo ekabang 30000 efapaneng. Tsebo ya Bibele ya emelwa ke tsela enngwe "mokgwa wa bokereki" tsebo eo. Hoka tseba hofeta moo. Ka tsebo ya meetlo ya dikereke “hoka dumela Lentswe le ngodilweng”. Jesu One A ntshetswa kantle ho dikereke. O eme ntle mme oya kokota. Batho bane bakgathalla baetapele ho feta Lentswe.
TSHENOLO 3:14 Mme ngolla lengeloi la Laodisea ore;
20 Bona, Ke eme monyako, kea kokota: ha emong a utlwa lentswe laka, mme a bula monyako, ketla kena, mme keje le yena, el yena le nna.
Ho Johanne Mokolobetsi one a tshwenywa ke Bajude, empa eseng jwalo ka baetapele ba nako ya jwale. Luka o sebedisa bongata “dipelo” o bontsha karolo tsohle tsa bontate ba Bajude, ene ele moo dikgohlo tsa Johanne dineng di dutse ho yena.
LUKA 1:17 Yare ha yena (Johanne Mokolobetsi) a tlile pele ka moya wa Elia, hoka fetolela pelo tsa bontate baneng ba bona,
Kaofela sehlopha sena sene setletse dikakanyo tsa bona ka molao wa Moshe. Sehlopha ka seng sene se nahana hore senepile, empa bane bafositse.
Sehlopha ka seng sene sedumela hore Johanne one a lokela ho botsa ho bona leka peo ya sepente. O ile a nakalema bohle ka tsela etshwanang, banna le basadi.
LUKA 3:7 Yaba ore ho bona (Johanne Mokolobetsi ) baneng batlile ho kolobetswa, Madinyane a marabe, letshositswe keng ho balehela bohale botlang?
Noha ebapadisa leleme. Karolo enngwe ke nnete enngwe ke leshano. Dikereke direra nnete ka karolo e itseng (Jesu o shwetse dibe tsa rona) mme karolo enngwe ke leshano. (Mohlala, Jesu otswetswe ka 25 Tshitwe, mme kae kae hone hole sefate sekgabisitsweng ka hare ho setala. Bobewdi mehopolo ena haeyo ka hare ho Mangolol. - Ba bohlale ba botjhabela ba ile bafihlela ngwana ka hare ho ntlo. Habaka bafihlela Lesea sejelong. Keng hape seo dikereke tsa rona dise etsang seo eleng phoso? Empa bongata ba mantswe a bona ke leshano“Keresemese” kapa “Mmisa wa Kreste” jwalo ka Catholic e ile ya etsa sehlopha ka 350 AD, hobane sena setsamaile hofihlela nakong eo.)
MATTHEU 2:11 Mme haba fihletse (ba bohlale ba botjhabela) bafihlele ka tlung, tba bona ngwana le mmae Maria,
(Haho bue ka Josefa moo. Ba bohlale ene ele botho ba semoya. Modimo, Ntate wa Semoya, O ile Aba hlokomela ka Moya o Halalelang ka lemo tse pedi ba latela Naledi, eo honeng hose motho ya ebonang ntle le ba bohlale. Ke lona lebaka leo Modimo A ileng a etsa hore Josefa eo eleng “ntate” wa Jesu a seke aeba teng ha banna ba semoya bafihlela Ngwana wa Semoya.)
ISAIA 9:6 Hobane e tswalletswe Ngwana, re neilwe Mora: mme borena bobeilwe mahetleng a Hae: mme Otla bitswa, Moeletsi ya makatsang, Modimo O Matla, Ntate ya safeleng, Morena wa Kgotso.
Banna bana bane basa ruteha. Bane bale bohlale kaho batla Jesu. Na op bohlale?
Ho nale monahano o ntshosang kamehla yohle - Johanne o bitsa sehlopha sa mekgatlo ya Bajude “bomarabe noha tse nang le tjhefu engata”. haeba Johanne a ile a kgutla ka tsatsi leo, ekare mona one a kgalema dihlopha tse ngata “bakang le sokolophe”. Kamora seo sohle, sehlopha ka seng hoya ka sona senepile. Empa hantle feela, ka diphapang tse ngata, dihopha kaofela dikeke tsa nepa. Ntho etshosang ke hore kaofela bare ba nepile. Hopola, ke dihlopha tse neng dinepile ka nako eo ya Johannne.
MALAKI 4:5 Bonang, Iketla romela Elia moporofeta ho sotle letsatsi le leholo letshabehang la Morena:
6 Otla fetolela dipelo tsa bontate ho bana ba bona, le pelo tsa bana ho bontate, lho sotle letsatsi le tshabehang la Jehova.
Elia moporofeta ke tshepiso ya Malaki (lemong tse kabang 400 pele) ho lokisetsa batho hotla ha pele ha Morena. Ele hore“pelo” tsa bontate bonngwe ho bolelwa ka tshebeletso ya Johanne Mokolobetsi hobane bane ba lokela hotla ho Jesu mme badumele Yena feela Jesu jwalo ka Hlooho ya Kereke. Bajude bao kaofela baneng base bale baholo, hang feela bane ba lokela ho kgutlela ho Jesu, ebe ba sebeletsa Jesu feela ka pelo ele nngwe. Ba ile ba lesa mekgatlo emengata ya Bafarasi, Basadusi, jwalo jwalo ba itshwareletsa ho thuto ya Bibele.
Luka, jwalo ka ngaka, o ile a hlokomela hore monaho bolelwa Johanne Mokolobetsi hoya ka thuto ya Malakia. Johanne Mokolobetsi o ile a bolella Bajude bao baneng ba nahana hore ba boloka Molao hore haele hantle ntle ba latola Messia, moloko o motjha eleng Jesu le barutuwa. Bana bana bane ba nale tsebo hore Lentswe ke lona ntho ya pele ho bona.
Baya hola ba holela tseleng ya sebele eleng tsela ya moloko o motjha wa Baapostola.
Kereke ya nna ya lahleha hamorao Mengwaheng e Lefifi, ho fihlela nakong ya lerefomara le leholo Martin Luther ka 1517, mme ya tsamaya hantle ho fihlela nakong ya John Wesley ya ileng a behantle mosebetsi wa bomishinare ka lemo tsabo 1800. Kamora tsoseletso ekgolo ya Pentecostal eqadileng mane Azusa Street hola Los Angeles, California mme eoe ene ele qaleho ekgolo ya motsamao wa Pentecostal. Dihlopha tse fapaneng disebetsa tlasa motsamao wa Moya o Halalelang. E ile ya qala ka kopano ekgolo ka Mmesa9, 1906, mme ya tswella hofihlela ka 1915. Ka 1917 motsamao ona wa Pentecostal one ose o arohane hoo eneng ele ntho ya motho ka bonngwe.Ka selemo sa qaleho ya Communism mane Russia tlasa Lenin Modimo A qalella ho ahlola Bophirima ka baka la ho hana ho buswa ke Modimo empa ho buswa ke batho ka dithuto tsa bona. Ka yona tsela eo Modimo A ileng atsosa Babylona hoka otla Bajude ka 606 BC ka baka lahose latele Lentswe le ngodilweng. Yaba ka 1919 - 1920 Modimo A ropmela Feberu ya Spanish Flu eo Bill Gates a bolelang hore e ile ya bolaya millione tse 65 million ya batho ka hodima millione tse 20 tse ileng tsa shwa Ntweng ya pele ya Lefatshe ho tloha ka 1914 - 1918. Motho o lefa theko eboima ka baka laho semamele taelo ya Moya o Halalelang.
MALAKIA 4:6 Mme otla kgutlisetsa pelo tsa bontate ho bana ba bona, le pelo ya bana ho bontate, lho soka hotla tsatsi leo le tshabehang la Jehova.
Ebe emong Elia o porofeta nakong etlang, pele ho Matshwenyeho a Maholo, jwalo ka nakong 'bana ba batjha', batswetsweng lemong tsabo 1900 kamora baapostola, batla kgutlela thutong ya baapostola. Ho tsoseletsa tshebeletso eo, thohako eba nakong ya Matshwenyeho a Maholo. Thohako hase ntho etophang feela. Thohako ena ke dibomo tsa atom dwela hodima Hiroshima le Nagasaki ka 1945 ka lesela le leketlang. Seo sene sere bontsha hore re lokela ho hlokomela moporofeta, ya jwalo ka Johanne Mokolobetsi, ya tlang ho lokisa tsela ya hotla Labobedi ha Kreste Jesu kaho re kgutlisetsa tumelong ya Selekane Sesetjha ya baapostola. Haeba resa kgutlele tumelongt ya Selekane Sesetjha, ebe ke moo bongata ba dibomo tsa nuclear tsa Russian ditlang ho wela hodima rona ka nako ya Matshwenyeho a Maholo. Sena ke seo se emetseng Amerika bakeng saho latola moporofeta. Hlokomela Russia, morena wa bophirima.
Bana ke batho ba nang le dipotso tse ngata. Ka nako enngwe batswadi baya teneha ka taba ya ho nahana hore ba botswa haba batle ho nahana, babe ba bone ha bana basa batle ho mamela. Qetellong bana ba lahlehelwe ke tshepo ho bona.
Bakreste hangata haba batle ho mamela Bibele. Ba botse hobaneng ha Jesu Ane A ngola fatshe ka monwana ha mosadi bane ba motlisitse ho Yena. Haba itsebe ebile haba batle ho tseba hore ke bomang. Baitshwara jwalo ka batho ba baholo. Yaba bare haba hloka seo. Ka tsela ejwalo Bakreste ba Selekane Sesetjha haba batle ho mamela.Haba botsa potso eo kereke esa kgoneng ho e araba, o lokela ho botsa kantle ho kereke ya hao. Hang feela haotswa ka hare ho kereke, o nale monyetla waho kopana le Jesu, Lentswe la sebele, hobane o eme kantle oya kokota.
Luka, jwalo ka ngaka, o ngola ka taba ya Maria le Elizabetha ho tloha qalong.
Maria o ile a kwahelwa ke Moya o Halalelang ha a ima Jesu ha Elizabetha ale kgwedi tse tsheletseng a imile Johanne.
LUKA 1:35 Mme lengeloi la moaraba lare, otla okamelwa ke Moya o Halalelang, mme matla atswang hodimo Atla o okamela: mme Hoo ho Halalelang otlang ho o emola Hotla bitswa Mora wa Modimo.
LUKA 1:36 Mme, bona, le motswalao Elisabetha, otla emola lemong sena: mme ena o kgwedi ditsheletseng a imme, ya neng a bitswa nyopa.
Maria yaba o etela Elizabetha. Ha Ale kgwedi tse tsheletseng, futase esdale ka hare ho metsi. Ka tsela eo Maria a tlisitse Lentswe la Modimo (Jesu) ho moporofeta wa Modimo, Johanne, ha ane ale ka hare ho metsi a popelo.
Maria are:
LUKA 1:52 Otheotse ba matla setulong, mme aba theolela tlase.
53 O tlatsitse ba lapileng ka nnete; mme o rometse barui bale feela.
Luka, ha a bua ka Jesu Monna, mme a tshwenyehile hore Modimo Otla sebetsa jwang ka taba ena.
Modimo O kokobetsa baikguhumusi.
Ka tsela ejwalo Modimo O sebetsa ka motho.Batho ba nang le tjhelete bakgona ho reka dibaka tse ntle lefatsheng.
Modimo oya batebela ho nale hoba amohela.
LUKA 1:56 Mme yare ha Maria ale kgwedi tse tharo, mme a kgutlela habo.
Johanne one aka tswalwa feela ha metsi kapa nkgo ephunyeha. Ebe ha asaba ka hare ho metsi. Ka tsela ejwalo Lentswe la tloha ho yena ha Maria a tsamaya. Ka tsela ejwalo lemo tse mashome amararo a nang le metso emeraro Johanne ale ka hara metsi. Ka nako ena one a kolobets Jordane, a kolobetsa batho.Yaba hang hape Jesu atla ho yena. Lentswe la Modimo kamehla letla ho moporofeta ha ale ka hare ho metsi. Sena sebontsha hore moporofeta wa Modimo O dua Lentsweng.
BAEFESE 5:26 Hore Yena (Kreste) letle lehlwekiswe ka metsi a Lentswe,
Tshebetso ya moporofeta ke hore bolella Lentswe la Modimo. Ho dumela leho etsa ka Lentswe leo. Ha Maria a kgutlela ho Josefa hone hole thata hoka monyala, one a nale kgwedi tse tharo a imme.
Honeho hlakile ho mang kapa mang hore Josefa hase ntata Jesu. Ke lona lebaka leo Maryane a lokela ho phela ka diqoso tseo. Bobedi Jesu le Maia bane ba lokela ho phela ka diqoso tseo. Hane ele pheisano Jesu, le Bajude bane bare ke ngwana wa nyatsi.
JOHANNE 8:41 …. Yaba bare ho Yena, Ha rea tswallwa bohloleng; re nale Ntate ale mong feela, esita le Modimo.
Kaho bolela sena bane ba bolela hore ke ngwana wa nyatsi.
Ka tsela ejwalo Luka o hlaisa seo batho base dumelang,O ipeha dinyefolong. Sena ke pherekano ekgolo bakeng sa Bakreste.
Ebe Johanne Mokolobetsi oya tswalwa.
LUKA 1:59 Mme ha etsahala, ka tsatsi la lebolla la ngwana; mme ba mobitsa Zacharia,hoya ka lebitso la ntatae.
60 Mme mmae a moaraba are, eseng jwalo; empa otla bitswa Johanne.
Jwalo kaha ngaka Luka afane ka tsela ya lebollo. Bajude bane ba batla hore a bitswe Zacharia (lebitso la ntatae) hore atle a latela mehlala ya ntatae ebe moprisdta. Empa seo ene ese thato ya Modimo. Ngwana ene etlaba motho ya hlaha atlang ho hanana le bontatae ba Bajude.One atla kghutlisetsa dipelo tsa bontate ho bana ba bona. Ke tsela ejwalo ke lona lebaka leneng leetsa hore a bitswe ka lebitso leleng.
Ka tsela ejwalo Luko bontsha hore motho o lokela ho sebeletsa Modimo ka Mangolo. Nnete ebohlokwa lelapeng.
LUKA 14:26 (Jesus O boletse) Ha motho atla ho mang kapa mang, mme asa hloye ntatae, le mmae, le mosadi wa hae, le bana ba hae, le baena ba hae, le dikgaitsedi, eo, le bophelo ba hae, akeke yaeba morutwana waka.
LUKA 1:80 Mme ngwana a hola, aba matla semoyeng, mme a dula felleng ho fihlela a iponahatsa ho Israele.
Johanne Mokolobetsi one a lokela hoka tseba nnete eleng lona lebaka la hore a lebe felleng. Bane baka rarolla diphoso feela. One a lokela ho arohana le bona.
Johanne ha aka aba leloko la mekgatlo. Ke lona lebaka le neng le etsa hore Modimo A motshepe.
Empa bana ba Bajude, ha baholo, bane baka kenela boprista, kapa ho sebeletsa Morena, lemong tse kabang mashome a mararo ka boholo.
NUMERE 4:1 Mme Modimo A bua le Moshe le Aarone, are,
2 Nang palo ya bara ba Kohathe hotswa bareng ba Levi, le ka mora maloko a bona, hoya ka ntlo yabo ntata bona,
3 Ho tloha lemoong tse mashome a mararo hoisa mashomeng a mahlano, mme le kene le bona sehalaledisong, hoka sebetsa ka hare ho tabernakele ya kopano.
Baprista bane batswa lelokong la Levi. Bane ba sebetsa hofihlela lemong tse mashome a mabedi, bale lemo tse mashome a mararo hoisa a mahlano. Ka tsela ejwalo, hantle ntle, Johanne Mokolobetsi le Jesu bane ba lokela hoba lemo tse mashome a mararo hoka qaa ka mosebetsi wa bona. Johanne o moholo ho Jesu ka kgwedi tse tsheletsengt. Ha Jesu aba le lemo tse mashome amararo, Johanne one a lokela hoka rera kgwedi tse tsheletseng.
LUKA 3:21 Jwale ha akolobetsa batho, ha fihla nako, eo Jesu Aneng A koobetswa ka yona,
LUKA 3:23 Yaba Jesu ha abatlile ale lemo tse mashonme amararo,
Johanne Mokolobetsi,ha ale lemo tse mashome a mararo, akolobetsa bakeng sa tshokoloho Baprista ba Bajude Tempeleng bane ba nale diphoso. Bajude ba bang bahlokomela diphoso tse hobane ene ele nako ya Hotla ha Hae lapele. Bajude ba senagoge kapa ba Tempele, mme ba nang ba nahana hore ba bolokehile. Ene ele moferefere feela. Bane ba latola Jesu, mme Bajude bafetang millione ba ile ba bolawa ke sesole sa Roma tlasa puso ya Tite ha ane a heletsa Tempele ka AD 70.
Lentswe le ngodilweng la Modimo Jesu a eme kantle ho monyako. Re nahana hore re bolokehile empa re nale mehopolo le menahano ya rona eseng Lentswe la Modimo re lahlehile. Eo ke pherekano eleng tsunami kapa leqhubu la semoya letlang hore isa Matshwenyehong amaholo.
(Ke lona lebaka leo Johanne Mokolobetsi a hlokahalang kerekeng ya mongwaha wa hoqetela jwalo kaha baetapele base bantshitse Lentswe ka hare ho kereke. Baruti ba bolela haele dihlooho tsa kereke. Haho motho ya nang le hlooho tse pedi, ka tsela ejwalo haho phapusi bakeng sa Jesus. Ka tsela ejwalo baetapele ba dikereke bakeke ba itukisetsa hotla Labobedi ha Hae. Kajeno maloko a dikereke ba eile tshepo ya bona mohopolong wa motho, mme haoka leka hore seo base bolelang base tiise ka Lengolo eba bothata. Seo base etsang feela keho khouta seo moetapele wa bona ase bolelang feela kapa seo ba nahanang hore o seboletse.)
Ene ele taba ethata haholo ho Bajude ho nka taba ya Johanne Mokolobetsi emonyane, Jesu, le barutuwa ba Hae bane ba sebeletsa Modimo leha hone hole maemo akang ao. Ene ese batho ba mokgatlo ofeng kapa ofenhg wa Bajude. Ene ele bao feela baneng baemetse nnete ya Modimo.
[Re nale mathata ona ao le kajeno. Modimo O hlalosa ha A eme kantle Kerekeng ya rona ya Laodisea (ebolelang “ditokelo tsa batho”), eleng mongwaha wa Kereke ya ho qetela.]
TSHENOLO 3:14 Ngolla lengelopi la Laodisea ore;
17 ke tseba mesebetsi ya hao emebe, o madimabe, o mofutsana, osefofu, mme o tsotse:
20 Bona, ke eme monyako, kea kokota: ha motho a utlwa lentswe laka, mme a mpulela, ketla kena ka ho yena, mme kelale le yena keje le yena, le yena ka tsela eo feela.
Ho nale pherekano dinomorong mona. Empa baetapele ba dikereke haba tseba seo Modimo Aseetsang ha jwale, ba jwalo ka sehlopha sa banna bayang lefifing.
MATTHEU 15:14 Baleseng: ke difofu tse etellang difofu tse ding pele. Mme ha sefofu seetella seseng pele, bobedi ba wela selomong.
Hlokomela. Lefatsheng la kajeno “selomo” sebolela Mahlomola a maholo. Bohloko ba Bakreste ba pholositsweng ba nahanang hore ba leba Moketeng wa Lenyalo athe ba leba Mahlomoleng a Maholo.
“Ho tlile jwang re seke ra bona sena?” batla lla, jwalo ka sebohodi sa radio le TV seo tlholo ya Trump e ileng ya seetsa ka 2016 dikgethong tsa bopresidente tsa Amerika.
Seo Bibele ese bitsa kereke efoufetseng, mme ebolela hore eya bona. Nako eta bolela hore ke mang ya nepileng. Mme, ka bomadimabe, ekeke yaeba rona.