Mengwaha Ya Kereke - Kgaolo ya 10 (00-0010)
You can find this sermon at ChurchAges.net
HO QALA HAPE MENGWAHA ENA
Ka hobane thuto ya rona e bile ka ditemana ho ka temana tsa Mangolo ho ya dikereke tse supileng tsa mongwaha, ha re ya beha pele sena hantle kaholoka ho ya kamoo ho lokelwang ho etswa. Ke ka hoo, mokgwa wa sena ke ho, qala ho Mongwaha wa Efese ho ya ka tsela tsohle ho ya jwalo ka history jwalo ka hoya ho Johanne ka Moya wa Modimo. Re ka se kenye ho hong ho hotjha ho nale seo re seng re seboletse. Ho tswa thutong ya rona eseng re e fumane ho Tshenolo hae utlwisisehe hohang feela ka ho sa tsejwe hore `kereke' ho bueng kapa ho bueng bukeng ena hase hlalose hantle `ekklesia' eleng `kgetho', `mmele wa Kreste', `Monyaduwa', empa e bua ka setjhaba se ipitsang Bakreste, leha ekaba ke ba nnete kapa feela. Jwalo kaha BaIsraele ese BOHLE BaIsraele, ka tsela e jwalo Bakreste HASE BOHLE Bakreste. Ho bolelang hore ke difate tse pedi tse fapaneng, eleng sa nnete le sefosahetseng. Difate tsena dibolela meya e mmedi; O mong ke Moya o Halalelang ha omong ele wa antikreste. Bobedi e bolela ha etseba Modimo le ho Mosebeletsa. Bobedi e bua ka Modimo. Bobedi e dumela nthong tsa Modimo ha e tsamaya e fapana kae kae. Empa haesale bobedi e bolela ka Lebitso la Modimo, kaho bitswa Baha-Kreste, mme kaho rwala Lebitso leo bana le kabelo ho Yena (Modimo o e bitsa lenyalo), Modimo e e dumella hoba mmoho ka tsela eo e ya buisana.
Re boela re ithuta hore bobedi e tla hola mmoho ho fihlela qetellong ya mongwaha ona ho fihlela nakong ya kotulo. Sefate se fosahetseng seka se hlole sa nnete lekgale, empa jwale, le sefate sa nnete seka se kgone ho tlisa se fosahetseng ho bakeleng Jesu Kreste. Re ithutile kahore Moya o Halalelang o tla wela ho Bakreste ba fosahetseng le ho hlahisa dimakatso tse kgolo le matshwao, e sita jwalo ka Judas ha abile le tshebeletso ya Moya o Halalelang, yena, leha ene ele wa diabolose. Ka mekgwa ena Moya o Halalelang o ne a le teng tshebeletsong ya hae.
Tswalo ya kereke e bile ka tsatsi la Pentecosta. Jwalo ka Adam wa pele a ne a filwe mosadi wa nama a bopilweng ke letsohola Modimo, ho jwalo ka Kreste, Adam wa ho qetela, O neilwe monyaduwa kamora Pentecosta; mme o dutse asa tshepehe nakwana. "Ho no hose motho wa babang ya betang pelo ho kopana le bona" (Diketso 5:13) and "Mme Morena a nna a eketsa ka tsatsi le letsatsi kereke batho ba bolokeha." Diketso 2:47. Sena setla tswella ho fihlela neng ha ke tsebe, empa ka tsatsi le leng jwalo kaha Eva a ile a lekwa le ho qekanyetswa ke Satan, jwale kereke ka hoba le moya wa antikreste. "Mme lejwale o seole lefatsheng." 1 Johanne 4:3. Mme Jesu oitse ka sena Monyaduwa wa hae mengwaheng ya nnete, "Empa ke na le se seng kgahlano le wena, hobane o lahlile lerato la pele. Hopola moo o weleng teng mme o bake." Tshenolo 2:4-5. Kereke ene e see wele mongwaheng oo wa pele 'mosadi ya weleng.' Jwalo ka Satane a ile a mofumana Evapele ho Adama, e sita le jwale Satane osilifatsa kereke, monyaduwa wa Kreste, pele ho 'mokete wa lenyalo la konyana.' Ene ele eng e hara hae e entseng hore a we? Eng empa Tshenolo 2:6, "MOKGWA WA BANIKOLA." Hang feela mongwaha oo wa pele o seo ntshitse Lentswe la Modimo. Batlohile ho Modimo ho tloha thatong ya Modimo (ka ho lebella hotswa ho Modimo ho ka tiisa Lentswe la Hae ho qeta ho tswa nameng) ho Banikola, o etsang mmuso wa batho ka hara kereke mebuso e entsweng ke batho, ho busa batho. Ba entse hantle seo Israele a se entseng. Baile banka puso ya batho mmusong ho nale Lentswe la Modimo.
Lefu le ile la kena. Re tseba jwang? Naha re utlwe Lentswe la Moya O phahamisa bohle ba le utlwang, jwalo kaha A hweletsa. "Ho ya hlolang Ke tla mofa hoja sefate se Paradeiseng ya Modimo." Kereke e se e nkile karolo sefateng sa lefu (kapa Mokgwa wa mekgatlo ya sefate se fosahetseng) eo qetelo ya sona e leng seboping sa mollo. Empa haho dikerubime tse katileng Sefate sa Bophelo jwale. Modimo ha A tloha kerekeng ya Hae jwalo ka tshimong ya Edene. Oho, tjhe, O tla dula kamehla hara kereke ya Hae ho fihlela mongwaheng wa ho qetela. Mme ho fihlela nako e etla. Jwale ka kopo ha rebeng sedi. Molaetsa ona wa lengeloi la kereke ya Efese hase molaetsa wa kereke ya Ephesian e haufenyana jwalo. E ne e le molaetsa wa MONGWAHA. Mme mongwaha ona peong ya nnete lepeo ya tahleho hantle feela ho ya ka setshwantsho sa peo le mofoka. Mongwaha wa kereke o se ole teng, mme hara yona ho ne hole mofoka. Kereke e fosahetseng e bokeletsweng, mmuso wa batho le Lentswe, mme ho lwantsha Bakreste ba sebele.
Lehola hangata le hlaha ho feta koro. Kereke ya lehola e ngatafala haholo nakong ya mongwaha ona. Empa kereke ya lehola e ya ngatafala jwalo feela. Qetellong ya mongwaha wa pele wa Banikola ho kereke ya sefate se fosahetseng ka ho nyoloha haholo leka ho tswella pele. Ene ele tshwaetso hodima kereke ya sebele bakeng sa ho ya pele Polycarp moo a ileng a bitswa mobishopo ka maemedi ao e neng e se lefa ho ya ka Lentswe. Hape mongwaheng oo, kereke ya sebele e lahlehetswe ke lerato. Lerato leo lene le lekanya lerato la monyaduwa le monyadi tsatsing la lenyalola bona ho ya ka dilemo ka MORA LENYALOLA BONA. Hone ho le se hatsetsang lerato leo pela Modimo. Empa hlokomela. Tshenolo 2:1 e hlalosa Morena Jesu jwalo ka bohareng ba kereke ya Hae ka manqosa letsohong la Hae leletona. Hobane monyaduwa o wele, hobane kereke ese elesitse nnete e abile sefosahetseng, Ha a e lefe. Ke ya Hae. Mme ho ya ka Baroma 14:7-9 efela e le hantle. "Hobane haho ya phelang wa rona, mme haho ya shwang. Hobane ha re phela, empa re phelela Modimo; leha re ka shwa, re shwela Modimo; leha re phelela Modimo, kapa re e shwa, re ba Modimo. Hobane ho fihlela nakong ena Kreste o shwele, le ho tsoha, le ho tsoseletsa, hore ebe Morena le Modimo wa baphelang le ba shweleng." Sefapanong oile a lopolla batho ba lefatshe LOHLE. Ke ba Hae. Ke Modimo wa baphelang le bashweleng. (Jwalo ka monga, ESENG kamano feela.) Mme a tsamaya hara mmele kahara bophelo le lefu.
Se neng se jetswe mongwaheng wa pele setla hlaha mengwaheng yohle ho fihlela nako ya ho qetela. Ho tjhong hore Mongwaheng wa Smirna re lebeletse ho ata hwa kereke le ho ikatisa hwa yona ho ya ka histori Tshenolo ya Moya. Mongwaheng ona lehloyo la kereke. O ya bona, banale (Temana ya 9). Baipitsa ka seo baseng sona. Empa na Modimo o ile a balahla na? Tjhe. "Dilese dihole mmoho di tla bonwa mehleng ya kotulo.”
"Empa batla fedisa batho ba Hao. Ba ya ba bolaya.”
"Tjhe, baleseng. Empa ho monyaduwa waka kere, `Le tshepahale ho isa lefung. Nthateng le ho feta.'"
Re ithuta hantle ntle le ho belaela hore sefate sena se fosahetseng ke sa Satane. Pokano ya bona ke ya hae (Satane).
Bakopana Lebitsong la Modimo mme ba qale leshano ka hore ke Bakreste. Ba ya rera, ba ya ruta, baya kolobetsa, baya rorisa, banka karolo nthong tse ngata tseo Kreste a dientseng bakeng sa kereke, empa hase ba Modimo. Empa jwalo kaha a bolela, empa Modimo o tla ba botsa ho ya ka mongwaha jwale ha A bua le bona. Bare hopotsa hantle Balaame. O ne a nale tshebeletso ya boporofeta. O ne a tseba hantle tsela ya ho atamela Modimo le ho bontsha hantle ka mokgwa wa teng wa diphoofolo tse hlwekileng. Empa ene ese MOPOROFETA WA LENTSWE ha Modimo a Mobolella hose thabise Balake ka boteng ba tsela ya bona ka ho loka ka takatso ya kgauda le ka tshwaetso. Mme Modimo a molesa ho etsa seo. Thato e otlolohileng ya Modimo e lokela hotswa pelong "takatso ya pelo" ya Balaame. Modimo hantle O itse, "Tswella." Na Modimo o ile a fetola Mohopolo? Tjhe Monghadi. Modimo one a nale seo a se bolelang ka hore ho Balaame aye. Balaame ha aka a phetha thato ya Modimo. Modimo ona le tsela ya Hae. E ne ele Balaame ya ileng a lahlehelwa hobane o ile a feta Lentswe. Mme kajeno ho etsahalang. Bareri ba basadi, mokgatlo, dithuto tse fosahetseng, j.j., mme batho barapelang Modimo, ponahatso Moyeng mme ho ya hantle jwalo ka Balaame a ile a etsa, ba bolela hore Modimo o buile le bona le ha baile bafumana keketso kgahlano le Lentswe la Modimo. Mme nkase hane hore Modimo O buile le bona. Empa hone hole jwalo kaha Balaame kgetlong la bobedi. Jwalo kaha Balaame a ne a batla takatso ya pelo ya hae eseng ya Lentswe leo A neng a monehile lona, empa qetellong anka tsela ya HAE; e sita le kajeno Modimo o bolella batho tswella pelong tsa bona' pelo tsa bona disa etse thato tsa bona EMPA THATO YA MODIMO ETLA ETSWA HOSA KGATHATSEHE JWANG KAPA JWANG. Amen. Ke lakatsa eka o kabe o bona sena. Setla hlakisa hantle seo re se bonang matsatsing ana empa etlaba thuso mongwaheng wa ho qetela o nang le diponahatso tse ntle ha kana tse bang dile kgahlano le `Tshenolo - Lentswe - Thato' Modimo. Haeba ho bile le mongwaha o fumaneng molaetsa ka ho otloloha, ke mongwaha ona. E ne e le, Testament ya kgale nnete, "Mora wa mosadi wa lekgoba o tla hlahisa wa mosadi ya lkolohileng a tswe bakeng sa ya lokolohileng." Ha re tsebeng seo hore lehloyo kapa lenyatso la Satane kgahlano le Bakreste letla bonahala ho sehlopha se felletseng, bakreste bafosahetseng, mme sena setla nyolla sefate se fosahetseng qetellong ya Mongwaheng wa Laodisea. Mongwaha wa boraro o bonahatswa ke Moya wa boporofeta oo moya wa lefatshe o tlang ho amohela thuto ya Banikola jwalo ka thuto.
Karohano ya bodumedi ho ya ka nnete ya Bibele ya baetapele (badisa bamehlape o haufe mona) ho laola mohlape ka Lentswe, ho `mekgwa ya Banikola' moo badumedi baipehang maemong a sena, thuto tse seng mangolong diikenya bopristeng ka tumellano mahareng a motho le Modimo, ho nehana ka ho itseng hlakoreng le leng balatola nnete eo Modimo A nehaneng ka yona. Sena ene ele kenello e sa dumellwang. Mongwaheng ona ho ile hwa bonahala sena. Ho ne ho bonahala ka hara kereke jwalo kakereke ya Modimo ene e bolela Lentswe la Hae, empa leha ho ne ho se jwalo. Empa thuto e bitswang Lentswe la Modimo mme thuto eo ene ele ya antikreste.
Hobane mmuso wa batho ke wa dipolotiki e bile o bobebe, kereke ya fetoha dipolotiki. Sena se kenyeletsa kamohelo ka peheletso ya puso e kopantseng kereke le dipolotiki mmuso wa dipolotiki le matla a bonahatswang ke kereke ya (bodumedi bofosahetrseng ba Satane) jwalo ka kereke ya sebele. Mme ka diponahatso tse ngata tsa balaudi re fumana kereke e fiosahetseng ka matla a tahleho ya sefate sa nnete ka ho eketseha. Ho bohloko ho bolela sena sene se otlohile thutong ena. Ka seo ha ke bolele sefate sa nnete se kileng sa hlahisa kelello tsa Banikola jwalo ka thuto. Hole le moo. Empa seboko seo sa lefu setswella hoja sefate sena ho fihlela a ewa. Esita le ho ja kereke ya sebele, banna bao Modimo a ba boleletseng jwalo ka hoba le thuto eo e nyane haholo. Ho ne ho sa hlaka kutlwisiso ya Paulose e dulang ka kerekeng ya sebele. Hobane Paulose o itse, "Mme brorisa Modimo." Tjhe seseng le tsebong ya Paulose, o boloka batho hore batswelle pele ho tloha bokgoneng ba Hae. Empa ka sohle ka Boetapele bo Halalelang MMOHO LE BATHO, mme ke kaho fana ka seo se eso fele, re fumana hore kereke ya sebele e ne e bonahala jwalo. Ka Banikola tlhahiso ya boapostola- babeilwe baetapele -- baokamedi jwalo jwalo, ene ele bohato bole bong ba kereke ya sebele ka ho tswella jwalo ka thuto ya Balaame. Mohato wa bobedi ho isa lefung `botebo ba Satane' e ne e tswella pele.
Mohato ona wa bobedi thuto ya Balaame, (e hlalosa Tshenolo 2:14) moo Balaame orutile Balac ho sitisa bana ba Israel ka 'kopano.' Moo baeti batla utlwa Lentswe la Modimo. O tla hopola Balac o ne a batla ho boloka mmuso wa hae. O ile a bitsa bohle ba nako eo, Balaame. Balaame o ile a fana ka keletso e ileng ya fedisa Israele. Ene ele teng, pele ho tsohle, ho baeletsa hore ba bue nnete e sa fellang, lehoja mmoho le ho lokisa ditaba. Kamora tsohle, ho utlwisisa tsohle ho nka nako e telele.
Hang ha o fumane seo o ka se etsang tswella. Bohato bo latelang ke ho tswella, kaofela, kgatello e nyane hotswa ho baeti bongata. Jwale seo ha se yaka sa etsahala morao kwana kereke ya sebele Testamenteng ya Kgale empa se ile sa etsahala Testamenteng e ntjha, hobane hone hole puso, e tshwanang le ya Balac bahloka thuso ho ka etsa seo. Jwale Constantine o ile a mema Bakreste, Kereke ya Pele ya Bakreste ya Roma, ho ka thusa ho fumana Bakreste, ka hobane bane bale bangata ho ka etsa mmele. Ditholwana e bile Nicene Council ya 325. Moo Bakreste, bobedi ya pele le e fosahetseng, ba bokana ho etsa seo Constantine aneng a batla ho se etsa. Bakreste ba sebele ha bakaba baitlhopha ho ya teng pitsong eo. Bakeng sa tsohle tseo Constantine o ne a ka kgona feela ho ba bokella bohle, badumedi ba sebele baile ba tloha moo mme baikela. Empa bao baileng ba sala, Constantine o ile a bafa letlotlo la mmuso mmoho le dipolotiki le matla a nama. Batho ba ile bahlahiswa ho rapela ditshwantsho le memoya, ka ditshwantsho tse nang le mabitso a bahalaledi tse beilweng ka matlong mme batho baile barutwa ho buisana le bashweleng, kapa ho rapela bahalaledi eseng se seng ho feta kapa ho fokotsa hona le memoya. Hobane dijo tsohle tseo tsa semoya tse neng bane ba bile bajwetswa ke mmuso, mme hodima tsohle tseo bafuwa boraro ho nale kopano ya Modimo ole Mong wa Sebele, le Kolobetso Lebitsong la Morena Jesu Kreste ho ka fana ka tsela bakeng sa kolobetso ya pagan ka maemedi a mararo.
Badumedi ba sebele bane basa lokela hoba baile moo. Bane base ba lahlehile Lentsweng, mme jwale le bona, ba lahlehetswe ke Bomodimo mme ba nka maemedi bakeng sa kolobetso. Jwale hlokomela sena thuto ya Balaame hantle. Hlokomela seo hantle, hore se lebisa tahlehong ho ka tlama bohle, ka ho etella batho pele sebeng sa ho se dumele. Thuto ya Banikola ene ele tahleho ya bohle ba batla matla a dipolotiki hara bona, ha thuto ya Balaame e botshwa ho batho le ka mokgwa le borapedi ho ka baboloka. Jwale hlokomela hantle. Jwale ke eng se neng se ba bolokile ho ba lahla? Ene ele mekgwa le ditlwaelo tse neng dientswe. Ene ele thuto ya Roman Catholic Church. Bane basa fane ka dijo tse nepahetseng, Lentswe. Bane bafuwe dijo tse tswang ditshwantshong, Babylone pagane e phuthetswe ka terminology ya Bokreste. Mme thuto eo le tlwaelo e mahareng a bona bohle Maprotestants mme e bitswa MOKGATLO. Thuto ya Banikola ke mokgatlo, ka baetapele ba nama ba kereke, mme batlosa ketelopele ya Moya. Mokgatlo wa Balaame o nka kereke ho nale Bibele. Mme hantle horeng ena, bongata ba batho ba Modimo batshwaswa ke ntho tse ngata hona mekgatlong mme mohoo wa Modimo ho bona ke hore, "Etswang hara bona, lese nke karolo dibeng tsa hae, letle leseke la fumana kotlo tsa hae." Le ya bona baya iphapanya. Empa ha tlhwibilo e nka sebaka motsotsong ona, ho iphapanya ho tla hlaha ho batho ba Modimo.
Hobane ho ipokelleng hwa bona ho fihlela hantle baetelwa ke bomopresidente ka tlhahiso ya antikreste, ho sakgathatsehe hore e bonahala ele ntle haholo. Ha se letho empa ele ntho tsa batho tse nkileng sebaka sa Lentswe. Mme motho ka mong a nkileng karolo mokgatlong o hantle feela hara mokgwa wa antikreste. Jwale ere ke e hlakise taba ena. HA KE KGAHLANO LE BATHO. KE KGAHLANO LE MOKGWA. Ka mmuso o entse kopano le kereke ka tsela e bileng teng Mengwaheng e Lefifi. Mme kannete lemo tse kabang 1000 kereke e wetse lefifing ka ho kgutlela morao, ka ho tseba botebo ba Satan. Ha batho bohle ba badumedi ba Balaame, mme bana le bopolotiki, ka ditjhelete le matla morao mola ho tsela ele nngwe feela. Tsela eo hae ya nepahala ka thuto ya Jezebele. Jwale hobaneng ka sena? Hobane re ile raithuta ho hong mongwaheng wa bone moo Jezebele e ne e le MoSidonia, moradi wa Ethbaale eneng ele morena le moprista Astarte. E ne e le mmolai. Mosadi enwa oile a nyalwa ke Akabe (Morena wa Israele) bakeng sa tsebo ya dipolotiki. Yaba o nka tumelo batho le ho bolaya BaLevi, mme a hodisa ditempele moo a ileng a hlola hore batho barate Astarte (Venus) le Baale (Modimo wa Letsatsi). O ile a etsa hore le bapriesta ka ho ruta, mme bakgutla. Jwale o se o bona hantle moo seneng se etsahala Mengwaheng e Lefifi. Baile batlohela Lentswe la Modimo kaho nka maemebedi le Bomodimo le Mangolo a mmalwa. Bafetotse ka ho nka Bibelekaho fetola se bolelwang. Dikoleshe tsa bobishopo, j.j., ho ngola ditrastee, bomopapa ba bona bare ba bone tshenolo hotswa ho Modimole ho bua le Modimo ba bolela seo ho batho. Tsohle tsena ke tseileng tsa rutwa baprista bao katshabo baileng baetsa hore batho badumela. Ho hanana le seo ene ele lefu kapa kahlolo e ka fetisang lefu. Ene ele kereke eneng e tshwanela ho nka seo, mme le bohlaha ka matla a honwa madi a bahalaledi Bakreste ba sebele bohle bane ba qoswa mme leha ho ne hole thata ho lesa Lentswe, mme ponahatso ya Moya o Halalelang. Empa sefate sa sebele se sokola ho fumana ho ka pholoha. Modimo o ne a tshepahala mme seo Roma eneng e ka se etsa ka bona, Roma ene e sa kgone ho bolaya Moya oka hare ho bona, mme kganya ya Nnete e ya kganya, baeme nokeng ke Moya o Halalelang ka matla a Oona.
Sena ke sebaka se setle ho ka hlokomela. Sheba. Mekgwa le ditlwaelo ya Banikola, dithuto tsa Balaame, le thuto ya moporofeta wa mosadi, Jezebele, ha a hlahisa meya e meraro ka mokgwa wa semoya. Tsena tse tharo ke tlwaelo ya moya ole mong o tebang ho tloha botebong. Ke eng kaofela, ke moya wa antikreste wa mokgatlo mekga e meraro e fapaneng. Hang ka maemo a bona le ho ikopanya kaho hatella batho kaho baetella pele, le ho babokella mokgatlong. Mokgatlo one o itshetlehile hodima mekgwa le ditlwaelo tseo baneng badiruta batho ho naleLentswe la nnete la Modimo. Ritual (buka e ngotseng melao ya kereke) le meketjana ya ho rapela, mme hang mekgwa ya ho etsa le matla a diabolical tse ileng tsa sebetsa ka tsohle kaho etsa seo ka matla a maholo. E fumana matla a yona hotswa ho moporofeta wa bohata e seng Lentsweng la Modimo. Ke hantle jwale antikreste leha a sebedisa Lebitso la Kreste.
Kamorao ho ka bontsha seo jwalo ka batho, banna ba qadile ho hlokomela Roman Catholic Church, hobane hosebe ntle leha Modimo a fana ka thuto ya kopanelo. Ho latola sena moo leha nka fumana sena ntle le ho shwa ho tloheng hwa shadimo, kapa ho fumana seo mane Roma. Empa ebe, Modimo wa mohau ho romela seo ka lebitso la Martin Luther ho ka qala motsamao oo. O sebeditse ka climate moo Roman Catholic Church eneng e fuwe nakong ena ho ikemela. Jwale ha Luther a rutang tokafatso ka sefate sa nnete bakeng sa ho qala kaho kopanya ka mokgwa ona. Jwalo ka kopano ya kereke kaho sebedisa matla a mmuso, jwale matla a mmuso e qalang haholo. Mme sena ke moo Luther a ileng a etsa diphoso tsa Hae, mme badumedi ba sebele baile ba ba le diphoso tsa bona. Baile ba dumella dithuso tsa mmuso tsa ditjhelete. Jwale mongwaha ona hao ya ka waba hole haholo le Lentswe. Re leboha Modimo ka seo o ileng wa fihlela teng, empa ka hobane o ne o itshetlehile hodima matla a dipolotiki haholo, mongwaha ona oile wa qetella mekgatlong, mme sehlotshwana sena sa moloko wa Luther o ile wa qhetsoha hona moo, jwale a fetoha hoba moradi wa seotswa hobane o nkile thuto ya Banikola le ya Balaame. Ntho e na ena le hohong ka hara yona, mme ho ka tiisa sena hore ba hole jwang le peo ya nnete ke ho ya bala histori e tla o hlalosa kaho qosa ka bonngwe, ho isa lefung ka nako enngwe. Empa ho ne hole teng mabitso a mmalwa feela, hara bona jwalo kaha ho etsahala ka mengwaha yohle.
Re ya thaba mongwaheng ona. Ho ikakga ho qadile. E ne e se ho tsoha. Leha ho busetsa. Empa koro ya peo e ileng ya eshwa Nicaea mme ya bola Mengwaheng ele Lefifi, jwale e romela pontsho bokamosong, apheletsong ya Mongwaha wa Laodisea, hang feela pele ho hotla hwa Jesu, kereke e tla kgutlela hoba Koro Peo ya Monyaduwa jwale hape lehola letla kotulwa mme le tjheswe mollong. Ho tloha mongwaheng wa botshela ho tlisitse ponahalo ya Lentswe ka mongolo, mongwaha wa botshelela ka hoo. Mongwaha ona ene ele wa ho busetsa jwale kaha ke hlalositse ka mofoka. Kopano ya thuto. O na ene ele mongwaha wa batho ba maemo baneng ba rata Modimo le ho Mosebeletsa. Missionaries ya qala mme Lentswe la Modimo la tswela pele. E ne e le mongwaha wa lerato la boena. E ne e le mongwaha wa Monyako o bulehileng. Ene ele mongwaha wa ho lokisa, mme kamora Mongwaha wa Laodisea o tla tla hanyane. Sefate sa nnete jwalo kaha jwalo kaha seo o ka nahana ka seo hao le hae. Mongwaha ona oile wa tlisa banna ba halalelang. Sefate sa nnete satlala hohle ho tshwana le sefosahetseng. Hohle moo Modimo a ileng a fana ka kganya ya bophelo le thabo. Sefate se fosahetseng se ile sa bonahala: lefifi, matshwenyeho, bofutsana, kotlo le lefu. Mme jwalo ka sefate se fosahetseng letsatsi la kahlolo mme sekase bolae sa nnete, mme jwalo feela le sefate sa nnete ho tlisa sefate se fosahetseng ho Jesu Kreste. Empa sefate se fosahetseng, se emetse letsatsi la ho qetela la mongwaha ona ha setla hapa bohle ntle ho mohlatswana eleng bakgethuweng, sefate sa nnete sa Modimo.
Empa ho utlwisa bohloko jwang ha mongwaha ona ore hlokomedisa motsamao o Moholo wa Modimo (mme ho ne hole ba bangata) ho ka lahla thuto ya Banikola hobane bane ba ipokella leho shwa. Baya mokgatlong ho ka tshwara moya o shweleng makgolong a matala. Bane bahlokomela seo, empa sehlopha ka bonngwe ka yona nako ela, mme mollo wa tsoseletso, mokgatlo o nkile le batho ho ka iketsetsa mekgatlo. Ene ele Bakreste feela ba bolelang hore bona ke Bakreste empa ka tiiso yona ela ya Roman Catholic Church badumela hore ba lokile mme ba bang baphoso. Mokgwa ona o ne o behetswe baradi ho kgutlela hae qetellong ya mongwaha, morao Roma, tlasa mme sethole. Mme retla mongwaheng wa ho qetela: Mongwaha wa Laodisea. O na ke mongwaha wa rona. Re ya tseba hobane ke Mongwaha wa ho qetela hobane Bajuda bakgutletse Palestina. Hase lebaka hore baile jwang moo; base bale moo. Mme ena ke nako ya kotulo. Empa pele ho kotulo e se e lokile, kopano ya tsena tse pedi difate. Mongwaha wa Luther e ne e le wa hwetla. Wa Wesley ene ele wa hlabula. Mongwaha wa Laodisea ke mongwaha wa kotulo ya mofoka ho ka tlangwa mmoho bakeng sa ho tjheswa; le bokella koro bakeng sa kotulo ya Modimo. Nako ya kotulo. Nao se o ile wa hlokomela nakong ya kotulo, ho nale ho butswa ho hotle haholo, honale ho theoha hwa ho hola ho fihlela hose hole siko? Na seo hase seo re se bonang kajeno? Sefate se fosahetseng sentse se tswella Makomonisi le tse ding tse ngata ditumelo. Palo ya hae entse e nyloha jwalo kaha a batla ho nahana. Ho tshwara batho hwa hae haho jwalo ka pele, mme tabeng tse ngata tsa kereke. Mme sefate sa nnete? Ho etsahalang ka yena? Na o ya hola? E KA E PALO E NTSENG E EKETSEHA ka tsoseletso ledikarabo tsa dialter calls? Na bongata ba tsona hase tsa senama feela na, kapa takatso ya ho hong ka nama feela ho nale ho lakatsa nnete ya Semoya? Na mongwaha ona hase o tshwanang le wa mehleng ya Noahe ho kena arekeng, mme mati a ile a kwala, empa Modimo o tlisa kahlolo ka matsatsi a supileng? Ho ne hose ya kgutlelang ho Modimo nakong eo.
Mme jwale ke nako ya kotulo. Mme ho lokela hoba jwalo nakong ya koro le mofoka ho bolokeng maturity. Mofoka o hola kapele tlasa baruti baleshano ba sayeng ka Lentswe. Empa koro e lokela ho hola. Mme ho yena, Modimo o romela Moporofeta - Lenqosa ka ponahatso ya tshebeletso etlabang ya bakgethwa. Batla moutlwa jwalo kaha baile bautlwa Paulose, mme o tla dula Lentsweng ho fihlela nako ya Monyaduwa ka mesebetsi e makatsang ka kameho ya Lentswe le tumelo.
Kereke e fosahetseng ya kena ho Mokgatlo wa Dikereke wa Lefatshe. Lekgotla lena la lefatshe la dikereke ke SETSHWANTSHO SA SEBATA. Tshenolo 13:11-18, "Ka ba ka bona sebata se seng se nyolohang lefatsheng; se nang le dinaka tse pedi tse jwalo ka tsa konyana, se mpa se bua jwalo ka drakone. Sa etsa ka matla ohle a sebata sa pele pontsheng ya sona, mme sa etsa hore lefatshe le baahileng ho lona ba rapele sebata sa peleseo leqeba la sona le bolayang le neng le fodile. Mme sa etsa mehlolo e meholo, mme sa etsa hore ho theohe mollo lehodimong hotla lefatsheng ka pela batho, Mme sa thetsa bohle ka mehlolo ya sona ka matla ao se a nkileng ho sebata sa pele; sere ho bona batsamayang lefatsheng, baetse setshwantsho sa sebata sa pele, se nang le leqeba la sabole, mme sa phela. Mme sena le matla a ho ka fana ka matla ho setshwantsho sa sebata, hore setshwantsho sa sebata se ka kgona ho bua, mme sa etsa hore ba bangata basatlong ho rapela setshwantsho sa sebata ba bolawe. Mme sa etsa hore bohle, ba banyane le ba baholo, barui le bafutsana, balokolohileng le makgoba, ho ka amohela letshwao la sebata letsohong le letona kapa diphatleng tsa bona: Le hore ho sebe motho ya rekang kapa ho rekisa ha a sena letshwao leo, kapa lebitso la sebata, kapa palo ya lebitso la sona. BOHLALE KE BONA. Ya nang le kutlwisiso a bale palo ya sebata: hobane ke palo ya motho; mme palo eo ke ena makgolo a tsheletseng a nang le mashome a tsheletseng le metso e tsheletseng. " Jwale hopola, ene ele Imperial Pagan Rome ya ileng a wa ka sabole. Empa o ile a tsoha ha a kopana le Christian church of Rome mme ba utlwana ka paganism le bokreste mme ya fetoha Puso e Halalelang ya Roma e neng e tiisa ho tla hwa Jesu ho tla e fesdisa le ho e bolaya. Empa Roma hae ye ele nngwe. Baradi ba hae baya le yena ba nkile karolo ho (W.C.C.) Lekgotla la Lefatshe la Dikereke. Sena se ka bonahala se sautlwahale hao shebisisa hobane hantle feela dikereke dilaola dipolotiki mme ka nako ya ho laola hantle ha ese e fedile. Motsamao ona wa moruo o tla fella hantle Roma ho hloho ya tsona kaofela ka yona tsela eo. Ke hobane Tshenolo 17:3-6 e hlalosa ka sehlola, Babylon ya makatsang ya dutseng hodima sebata. O busa kahohle, kapa puso ya bone. Kereke ena ya Roma e etsa seo. Ka mokgwa wa dikereke tsa lefatshe Roma e tla busa, mme setshwantsho sena (mokgwa wa kereke) setla ikokobeletsa Roma hobane Roma e laola kgauda lefatshe. Ho bolelang hore batho bohle balaolwa ke mokgwa wa lefatshe wa dikereke kapa ka mohau dikarolo tse sa kgoneng ho reka kapa ho rekisa ntle ho letshwao la sebata phatleng kapa letsohong. Letshwao lena hloohong batla lokela ho nka dithuto tsa mokgwa wa lefatshe oo eleng botrintase, jwalo. jwalo. , mme letshwao letsohong ho bolela hore o tla etsa thato ya dikereke tsa lefatshe. Ka matla ana a maholo ka mokgwa wa dikereke ditla qosa monyaduwa. Setshwantsho sena setla hanela monyaduwa ho ka rera le ho ruta, jwalo jwalo. Tshebeletso ya hae etla latolwa ho ka fuwa tlotla hobane e fana ka nnete ho batho bao bae hlokang. Empa pele ho antikreste (ho motho) a ka nka puso kaho felletseng ka mokgwa wa dikereke tsa lefatshe ho monyaduwa kereke ya nnete o tla tloswa mekgweng ya lefatshe hoba le Morena. Modimo otla nka monyaduwa wa Hae bakeng sa Mokete o Moholo wa Lenyalo la Konyana.
Jwalo ka kgaolo ena e kwalang e ile ya nehelwa ho ka batla kereke ya sebele meya ena e mmedi ho tloha ho Pentecosta ho isa tahlehong, re tla nka nako ena ya ho qetela ho isa ho ya Mongwaha wa Laodisea. Mongwaha ona o qadile hantle ka lemo tsabo mashome a mabedi. Jwalo kaha ho ne ho lokela hore kereke ebe monyaduwa wa Pentecosta, re ya tseba hore re lokela ho fumana matlahadi. Badumedi ba nale sena maphelong a bona mme baqala ho lla ho Modimo ka tsholoho e ntjha jwalo ka mengwaheng ya pele. Ho batlang ho bonahala jwalo ka karabo ya ho bua ka diteme dibonahatswa ka Moya. Ho ne ho dumelwa hore PUSETSO. Ene ese yona, hobane pula eo ya ho qetela ha pula ya ho qala eleng ya hwetla THUTO YA pula. Pula ya ho qetela, ke nako ya KOTULO PULA. Ekaba nnete jwang hobane Thuto ya Pula ya morao haesotle? Moporofeta - Lenqosa ya lokelang hotla RUTA batho le hokgutlisetsa dipelo tsa bana hobo ntata bona Pentecosta ha a sotle. Ho tjhong hore ho kgutlisetswa le tsoso ya kapele ho ya tlhwibilong. Ho yona e ne e le kopano ya ho nka karolo tlhohonolofatsong tsa Semoya le ho bonahatswa ha Moya o Halalelang jwalo kaha re ntswe re tswela pele ho o bontsha. Ho sona ho ile ha hlaha banna ba sebediswang ke satane, leha ho ne ho se ya hlokomelang seo. Jwale, ho ka paka hore ene ese NNETE, batho bana (e sita le pele molokong wa pele e se ehlahile) ho pokellano, leho ngola dithuto tsa bona tse sa ngolwang ho ya ka sehlopha ka nngwe ka pele ho bona.
Hopola, ha Jesu a ne A le lefatsheng Judase le yena o ne a le teng. Ka bonngwe meya ena e hlaha mahlakoreng a fapaneng, le nakong ya lefu e ile ya arohana le teng. Moya wa Kreste ha morao ya kgutla hodima kereke ya sebele, le moya wa Judase o ile wa kgutlela ho ye fosahetseng. E hona moo hantle feela ho Tshenolo 6:1-8, "Mme ka bona, pere e tshweu; mme ya e kalletseng a tshwere seqha; A fuwa moqhaka: mme A tloha ele ya hlolang ya tla hlola. Mme ha a bula tiiso ya bobedi, ka utlwa sebupuwa sa bobedi se re, Tloo otlo bona. Mme ha tswa pere e kgunong: mme a newa matla a ho fedisa kgotso lefatsheng, le hore ba bolayane: mme A newa sabole. Yare ha a mannolla tiiso ya boraro, ka utlwa sebopuwa sa boraro sere, Tloho o bone. Mme bona, mme ka bona pere e ntsho; mme ya e kalletseng a nale sekala matsohong a hae. Mme ka utlwa lentswe hara dibata tse nne lare, kgala ele nngwe ya koro e rekwe ka dinare ele nngwe, le kgala tse tharo tsa harese ka denare; empa oseke wa senya oli kapa veine. Yaba o sebolla tiiso ya bone, yaba ke utlwa lentswe la sebopuwa sa bone sere, Tloho o bone. Mme ka tadima, mme ka bona pere e tshehla: mme lebitso la ya dutseng hodima yona ene ele Lefu, mme Dihele a molatetse. Mme a newa matla hodima karolo ya boraro ya lefatshe, ho bolaya ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu, le ka dibatana tsa lefatshe." O ya bona moya wa Judase o tlile o kalletse pere e tshweu. E ne e le tshweu. E atametse haholo, hantle feela jwalo ka Judase o ne a atametse ho Jesu. Moqhaka o ile a o newa (mokalli wa pere e tshweu) . Ha jwang? Moya oo ha jwale o hara baetapele ba Banikola mme oile a newa moqhaka ha raro mopapa ya dutseng jwalo ka Modimo tempeleng ya hae, a ipolela hore o emetse Kreste. Ha vicar ya Kreste e bolela `ho nale Kreste' kapa `bakeng sa' kapa `bakeng sa Modimo' ebe mopapa o ipitsa Moya o Halalelang, kapa ho emela Moya o Halalelang, o sebakeng sa Hae. Ene ele moya wa Judase o ka ho ena o neng o etsa jwalo. Bona kamoo a ileng a hapa -- ho tswella pele ho hapa. Kreste ha akaba a etsa seo. Emong feela ya tlileng ho Yena bane basentse bale ho Ntate. Mme jwalo jwalo le moya ona o ile wa tswella jwalo o tla tla ho motho o tla ya ho Lekgotla la Dikereke tsa Lefatshe, jwalo kaha re ile ra bolela. Mme ka kgauda ya hae (hopola Judas o ne a tshwere mokotla wa tjhelete) o tla laola lefatshe lohle, mme mokgwa oo wa antikreste o tlaleka ho laola bohle. Empa Jesu O tla kgutla mme a fedise seo sohle kganya ya hotla ha Hae. Mme pheletso ya bona ke sebope sa mollo.
Empa ho etsahalang ka Sefate sa Nnete? Ho tla etsahala jwalo kaha ho bolelwa. Batho ba Modimo ba lokiswa ke Lentswe la Nnete hotswa ho molaetsa wa Lenqosa la mongwaha. Ho yena ho tla tlala botlalo ba Pentecosta hobane Moya o tla tlisa nnete ho tloha ho qaleng. Ke hantle seo "Hotjho Morena." Ke "Ho tjho Morena" hobane ke seo Joele 2:23-26 a se bolela ha are, "Thabang jwale, bana ba Sione, mme o thabe Moreneng Modimo wa Hao: hobane O tla le neha ya lerutang nnete, o ya le nesetsa pula e kgolo, dipula tsa hwetla le tsa selemo. Diotlo ditla tlala koro, ho kgaphatseha dinkgong tse tletseng oil le veine. Ke tla le buseletsa dilemo tse kileng tsa jewa ke bookgolane, le ke tsie, leke marutle, leke seongwane, kgotla la Ka le leholo leo Ke le rometseng hara lona. Le tla ja lebe le kgore, mme le rorise Lebitso la Morena Modimo wa lona, Ya le etseditseng tse hlollang: mme setjhaba sa Ka se keke sa hlola se hlajwa ke dihlong le kamohla ole mong." Jwale ere Modimo otla "busetsa". Mongwaha wa Luthere ha akaba a kgona ho boloka kereke; e qadile ka ho ipokella. Mongwaha wa Wesley ha akaba akgona ho kgutlisetsa kereke. Mongwaha wa Pentecosta ha o yaka wa kgutlisetsa kereke moo le yena. Empa Modimo o lokela ho kgutlisetsa kereke ho ntata yona hobane o dutse Lentsweng la Hae. Hase ho tsoha ha Kereke; ena ke "ke tokiso". Modimo otla nka Kereke morao ho Pentecosta ya ho qaleng. Jwale hlokomela temana ya 25 e bolela hobaneng re lokela ho lokisetswa. Bookgolane, ditsie, marutle le seongwane dijele tsohle hanyane jwalo kutung. Jwale re a bolellwa ka tsohle ka ho fapana ha tsona jwalo. Ho jwalo feela. Ke moya wa antikreste ka mokgatlo, ho bokellana le thuto e fosahetseng ho ya ka mongwaha. Mme dikutu tseo tse nyane ditla lokiswa. Modimo ha Ailo etsa kereke e ntjha, empa o tlokgutlisetsa dikutu tsa ho qala ya peo ya nnete. O etsa jwalo kaha temana ya 23, ka thuto, kapa "ho qala" pula. Ho latela kotulo pula kapa tlhwibilo ya tumelo.
Ho bolelang hore re maphethelong a Mattheu 24:24 "e mekalo, ha ho kgonahala eka thetsa, eka thetsang le bakgethwa haho etsahala. " Mme ke mang ya batlaho thetsa bakgethwa? Hobaneng, moya wa antikreste ho "batlotsuwa bafosahetseng" ba matsatsing a ho qetela. Bana bafosahetseng base ba tlile ho" Lebitso la Jesu" ho bolelang hore hase batlotsuwa ba Modimo. Ke bo Messia ba bohata (batlotsuwa). Babolela haele baporofeta. Empa na ke ntho ele nngwe le Lentswe? Lehoka. Base kopantse kapa ho e tlosa. Haho ya hanang Moya wa Modimo o iponahatsa ho bona. Empa jwalo, ka Balaame kaofela banale diprograms, baipelaetsa ka baka la tjhelete, dineo tsa ho ikotlolla, empa balatola Lentswe kapa ka ho tshaba ho senya menyetla ya bona ya ho rua. Leha ele hore barera pholoso letokollo ka matla a Modimo jwalo ka Judase, ka tshebeletso ya Krestet. Empa hobane ke peo e fosahetseng, ka ho se bone hore banale moya o fosahetseng. Bodumedi? Oho hle! Baetsa dipontsho le mehlolo, empa ke Laodisea, hase Kreste, hobane e lokela hoba eseng ya nnete, ka diprograme le ho qala ka matshwao. Barera ho kgutla hwa Jesu, empa balatola boporofeteng-ba lenqosa, ka matla a matshwao le ka mehlolo. Aha eya, moya o na o fosahetseng ke ya nnete, e kaba hantle feela ka pontsho ya Lentswe, le moo eseng Lentswe ke ho latola-Lentswe, e kgutlela morao ka ho hana ele ho etsa lenganga: "Re fumana tholwana tsena, na haho jwalo na? Re lokela hoba ba Modimo." Jwale pele re kwala, Ke rata ho tlisa sena ho wena. Hohle mona re bua jwalo he ke Peo ya Koro e epetswe, ebe ho romelwa hantle, jwale mofoka, ebe tsebe ya nnete. Sena seka hlola mehlolo re boletse hore MaLuthere e sena Moya o Halalelang jwalokaho ithuta tokafatso. Ho etsa mehlolo ke semaka sa Methodists, jwalo jwalo. Tjhe monghadi ha re bolele seo. Re bolela ka sena ka bonngwe motho, empa MONGWAHA wa Luther ona le Moya wa Modimo, empa mongwaha ona ho ya ka mongwaha katlalo ya kgutlisetsa ho qaleng. Ene ele bona bo Wesley, Booth, Knox, Whitefield, Brainard, Jonathan Edwards, Meuller, j.j. Ka nnete bane batletse Moya o Halalelang. Eya, bane batiisitse. Empa ka mengwaha ena eseng mengwaha ya ho kgutlisetsa, haho mongwaha o tshwanang le wa mongwaha wa ho qetela, mongwaha o motsho. Ke mongwaha wa ho qala, mme mongwaha ona wa ho busetsa, ke mongwaha wa ho potoloha. Empa ka sena, ho hohle.
Jwale re qeta taba ena feela, e re feela Moya wa Hae, "Ya nang le tsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke." Ke dumela hore Moya o bua le rona, ho se re rute nnete hase tsela ya nnete, empa oile atshepahala pelong tsa bona. Ke lona lebaka leo, hobane ke thero le thuto ya Lentswe la dinku diutlwa Lentswe la Hae mme di ya Molatela. Haho leka mohla nkileng kare le ntatele, kapa lekene kerekeng yaka, kapa leqale mokgatlo o itseng. Ha ke soka ke etsa seo mme ha ke phethileke entse seo ha jwale. Ha ke kgahliswe ke nthotseo, empa ke kgahliswa ke batho ba Modimo le ke Modimo, mme ha nka kgotsofala. E leng ntho ele nngwe feela mahareng a Modimo le batho, moo banna batla bonahala, ho tlatsa sena ka Moya o Halalelang. Ke tla ba bitsa, ka ho futhumala hantle le ho utlwa Lentswe ka nako, mme bophelo ba hao bohlokomele, jwalo kaha ke tshepa pelong yaka hore ke inehetse ho Yena ka botlalo. Morena ao hlohonolofatse, mme ha ho kgutla ha Hae ho thabise pelo tsa rona.