Mengwaha Ya Kereke - Kgaolo ya 08 (00-0008)
You can find this sermon at ChurchAges.net
MONGWAHA WA KEREKE YA FILADELFIA
Tshenolo 3:7-13
Ngolla lengeloi la kereke ya Filadelfia o re; Ya Halalelang, Wa nnete, Ya tshwereng senotlolo sa Davida, Ya bulang, mme ho se ya kwalang; mme ho se ya ka bulang;
Ke tseba mesebetsi ya hao: Bona, Ke butse monyako pela hao, o ke keng wa kwalwa ke motho; hobane o nale matlanyana, mme o bolokile Lentswe laka, mme hao yaka wa latola Lebitso laka. Bona, Ke o nehela ba Synagoge ya Satan, bareng ke BaJuda, athe hase bona, ba mpa bale leshano; bona, Ke tla batlisa ho kgumama pela hao, mme batla tseba hore ke o ratile. Ereka ha o bolokile Lentswe la mamello yaka, le Nna ketla o lwanela nakong ya moleko, o tlang ho hlahela lefatshe kaofela, ho leka baahileng lefatsheng. Bona, ke se ketla kapele: Boloka seo o nang le sona, emong a tle a seke a nka moqhaka wa hao.
Ya hlolang Ke tla moetsa tshiya tempeleng ya Modimo, mme ha asa tla hlola a etswa teng: mme Ke tla ngola hodima hae Lebitso la Modimo wa Ka, le lebitso la motse wa Modimo, eleng Jerusalema e Motjha, ya theohang lehodimong ho Modimo; mme ke tla ngola Lebitso laka le letjha.
Ya nang le ditsebe, a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke.
FILADELFIA
Filadelfia o ne o kaba dimaele tse mashome a supile a metso e mehlano borwa botjhabela ho Sarda. Ene ele motse wa bobedi o moholo wa Lydia. O ne o ahuwe hodima dithaba tse ding tse neng ho tsona ho etswa veine. O ne o le hodima Bacchus ka SEBOPEHO SA Baccante (mopriesta wa mosadi wa Bacchus). Kgolo ya setjhaba ene e kopantse le Bajuda, Bakreste ba Bajuda ka tlhaho, mme ka tlwaelo ya bahedene. Motse ona o ne o atisa ho thefulwa ke tshisisnyeho ya lefatshe, leha hole jwalo sebaka sa teng ene ele se se telele ho feta sa metse e supileng ya Tshenolo. Hantle feela o ne ole tlasa Turky lebitso la Alasehir, kapa Motse wa Modimo.
Ditjhelete tsa motse ona Bacchus. Jwale Bacchus o tshwana hantle le Ninus kapa Nimrod. Ke ya sena ho utlwa`ya itaolang', leha ba bangata barona ba nahana ka yena jwalo ka ho se tshepehe le ho botawa.
Mohlala ona o tlisa eng mehopolong ya rona. Ke ena tjhelete enang le setshwantsho sa Modimo ka hlakoreng le leng mopriesta was mosadi kapa moprofeta wa mosadi ka hlakoreng le leng. Jwale lahlela tjhelete ena hodimo o e sotha. Na ho ya kgathatsehaa hore e wela ka hlakoreng lefeng? Tjhe monghadi, e ntse ele yona tjhelete ela. Ke tumelo ya Roma ya Jesu le Maria.
Empa hare nahane ka Roma feela. Tjhe, ha ho seotswa sele seng feela. Tjhe eseng jwalo; hobane ke, ka bohlola boo ba hae a nag le baradi. Baradi ba hae e ntse e le bona bao eleng tjhelete eo. Ka hlakoreng le leng baentse ho tlotlisa Morena Jesus mme kaho le leng batlisa mopriesta was mosadi mme o ngola dithuto le ditlwaelo tsa hae le ho rekisa batho jwalo ka makgoba le hore yena feela o na le lesedi la nnete. Hona ho bonahala jwang hobane ke tjhelete feela. Hobane mme le baradi bareka tsela ya ho ya lehodimong. Tjhelete eseng madi. Tjhelete eseng Moya e tsamaya kapele. Modingwana wa lefatshe lena (mammona) o ba foufaditse.
Empa tshebetso ya bona e se etla feela, hobane ena ke nako ya Moya o llang, "Bona ke tla kapele". Leha hole jwalo, tla kapele, Morena Jesu!
MONGWAHA
Mongwaha wa Kereke ya Filadelfia o bile teng ho tloha ka 1750 ho ya fihla ka 1906. Mongwaha ona, ho ya ka polelo ya motse ona, o ile wa bitswa Mongwaha wa Lerato la Boena, jwalo ka Filadelfia e bolela, "lerato la Boena".
LENQOSA
Lenqosa la Mongwaha ona e bile John Wesley. John Wesley o ile a hlahela mane Epworth ka, June 17, 1703 ene ele emong wa bana ba leshome le metso e robong Samuel le Susanna Wesley. Ntatae ene ele lesole la Kereke ya England; empa e ne e le tumelo e fetang e ileng ya fetola mohopolo wa John eneng ele hodima ya mmae ho ya kamoo a neng a phela ka teng le ntatae ka theology. John ene ele ngwana ya bohlale wa sekolo. E ne e le nakong eo a neng ale Orford eo yena le Charles baeba karolo ya sehlopha sa semoya ho rapela ka semoya ka tsebo ya ho phela ka nnete hona le dithuto tsa maemo a bona. Baile ba ipokella semoyeng, jwalo kaho fana ho bahlokang, ho etela bakulang le bateronkong. Bakeng sa sena baile babitswa Methodist, le maemedi a mangata. Jwale John o ne a bonahala ka ho otloloha ka dipono tlhokahalo ya batho lefatsheng ho ya America (Georgia) jwalo ka mosebeletsi hara MaIndia. Tseleng ya hae ho ya moo o ile a fumana hore bapalame ba hae sekepeng ene ele Mamoraviane. O ile a hatjwa ke boikokobetso ba bona, kgotso, le mabaka ao a baneng bale ka ona. Basebeletsi ba hae Georgia ho nale ho hanana le mosebetsi oo o thata hao yaka wa tswella. A kgutlela England a lla, "Ke ile America ho thusa MaIndia empa oho! ke mang ya tla nthusa?"
Morao London a qala a kopana le Mamoraviane. E ne e le Peter Boehler ya ileng a mmontsha tsela ya pholoso. O ile a tswala kgetlo labobedi ka nnete ka kgalefo, Charles, ya neng a sa utlwisise monna ya neng anale semoya jwalo ka John hoo oneng okasere hase wa Modimo. E ne e le, leha hole jwalo, e seng kgale kamora moo Charles, le yena, o ne a bolokehile ka mohau. Ke kamoo a ileng a etsa sebaka; empa base moamohele. E ne e le ka nako ena moo motswalle wa hae, George Whitefield, a ileng a moemela mme a momemela ho tla ho mothusa ho rera moo dikete dineng dimametse Lentswe. Wesley one a ithuta ho rera moo ho bulehileng hona kahara moaho, empa ha a ne a bona ditjhaba mme a bona mosebetsi was Evangedi ka matla a Moya wa Modimo ka thero e jwalo.
Mosebetsi o ile wa ba moholo hoo aileng a roma ba bang qetellong ho rera Lentswe. Sena se bonahala jwalo ka kotloloho ya Pentecosta moo Moya o neng o tsamaya le banna ka matla a thero le thuto ya Lentswe phirimana le phirimana. Ho ne hole kgohlano mosebetsing wa hae empa Modimo o ile a moema nokeng. Tshebetso ya Modimo le hoba moyeng haeba jwalo kamehla batho jwalo kaha bane ba nka matla ebe ba wela fatshe balle kabaka la dibe tsa bona.
Wesley e ne e le monna ya tsebahalang ya matla haholo. O re ka boyena ha a hopola bofatshe boo a bileng le bona ba matla a moya kotara ya hora kamora ho tswalwa hwa hae. Ha a ka a hlola a robala hora tse tsheletseng ka beke; a tsoha ka nako ho rera letsatsi le letsatsi nakong ya tshebeletso ya hae; a rera ho ya ka makgetlo a tsheletseng ka letsatsi le letsatsi hoo selemong a ne a rera ditshebeletso tse 800.
O ile a tsamaya dikete kete tsa dimaele ka koloinyana ya hae e neng e nkile Evangedi hole le haufi. Hantle ntle Wesley o tsamaile 4500 dimaele ka pere ya hae. E ne ele modumedi matleng a Modimo mme a rapella baneng ba kula ka tumelo e kgolo mme a fumana tholwana tse ntle kahoo. Kopano tse ngata tsa hae ho ne ho bonahala tshebetso ya Moya.
Wesley o ne a sa rate mokgatlo. Tshebeletso tsa hae dine di nale "Kopano ya setjhaba" e neng e le, "kopano ya banna, le ho batla kopano ya bomodimo, bakopane ho rapela, ho amohela Lentswe la ponahalo, le ho hlokomelana ka lerato, le ho sebeletsana ho tsosana." Mokgwa oo feela o neng o kena ho ne ho lokela hoba jwalo, "ba neng ba na le hona ho balehela bohale botlang, le ho bolokeha dibeng tsa bona." Ha nako e ntse e ya baile ba etsa tsela ya ho kgalemana molemong wa meya ya bona. Wesley o hopolwa kamora lefu la hae ka kopano ya Moya ho isa lefung. O ile a re ka tsatsi le leng ha a tshabe hore lebitso lena Methodist letla tloha lefatsheng empa Moya o nke leeto la hae.
Nakong ya ho phela ha hae o ile a se kgathalle borui; ha a kgathalla seo. Seo a neng a se bua hlakoreng la tjhelete ene ele, "Fumana seo le ka se kgonang, bolokang seo le ka se fihlelang, mme le fane ka seo leka kgonang." Hone ho le mokgatlo o nkileng lebitso la Methodist kajeno. Ke barui -- barui ba sebele. Empa bophelo le matla a John Wesley ha bosa leyo. Ho lokelwa hore Wesley ha akaba a aha mosebetsi wa hae hodima mokgatlo kapa ho hong ho itseng. Leha ene ele Arminian tumelonmg ya hae, o ne a sa rate ho ikarohanya ho baena ba bang ka baka la dithuto. Ene ele mohlala o motle wa Jakobo: O ne a tshetlehile bophelo ba hae hodima tumelo, kapa ho pheleng, ho nale ho amohela mokgwa kapa maemo a dithuto. John Wesley o shwele a le dilemo tse 88 a sebeleditse Modimo ho feta kamoo banna ba bang baka nahanang ka teng.
TUMEDISO
Tshenolo 3:7, "Ngolla lengeloi la Filadelfia ore; Ya Halalelang, Wa nnete, Ya nang le senotlolo sa Davida, Ya bulang, ho seng motho ya ka kwalang; Ya kwalang, hoseng motho ya ka bulang;"
Oho, ke mantswe a matle ha kakang ao. A monate ha ka kang molodi wa ona. Ho thabisa ha ka kang ho ka tseba hore tsohle tseo dika fetisetswa ho motho a le mong feela. Ya ka reng seo ka boyena empa Jesu Kreste, Morena wa Kganya? Ke dumela senotlolo sa tseo tse ntle dihlalosa thoriso e fumanehang ho temana ya 9, "Bona, ke tla etsa ba synagogue ya Satan, bareng ke BaJuda, empa ese bona, ba le leshano; bona, ke tla ba tlisa ho kgumama pela maoto a hao, mme ba tla tseba hoba ke o ratile" Ke bolela hore temana ena ke senotlolo ka hobane e sebetsana le BaJuda baneng ba ipitsa kamehla yohle bana ba Modimo ho kenyeletsa bohle. Bathakgisitse le ho bolaya Morena Jesu Kreste. Tlwaelo e fosahetseng ya bona ka madi a bona ho ya ka mengwaha. Kaofela hobane ba latotse Jesu jwalo ka Messia, Eo ka nnete eneng ele Yena. Ho bona e ne ese Ya Tlang, kapa Mora Davida; ho bona E ne ele Beelzebub, kapa ya sa lokangya neng a lokelwa feela ke lefu. Empa eseng jwalo. E ne e feela ele Emmanuel, Modimo nameng. O feela ele Yena, Messiah. Kannete, E ne ele hantle feela kamoo a leng ka teng. O ipeha bo Yena pele. Ke moo aneng a le teng, YENA JESU -- Jesu Kreste yena maobane, kajeno leka ho sayeng kae. Ya Halalelang a tsamaya hara dikandelara yena Jesu ya neng a tsamaya hara mathule a Galilea, Ya neng a fodisa ba kulang, Ya ileng a tsosa bafu, eo ka bopaki ba Hae a ileng a bolawa le ho thakgiswa. Empa a tsoha hape, mme o dutse letsohong le letona ya Matla ohle hodimo. Bajuda ha baka ba Mmitsa ya Halalelang ka nako eo. Ha ba mmitse ya Halalelang hona jwale. Empa ke YA HALALELANG. Pesalma 16:10; "Hobane A ka se lese Moya Waka lebitleng; O ka se lese MOKGETHWA wa Hao ho timela.”
Ba batla toka ya bona ho timeleng ha molao o hlolehileng, hobane ka molao ha ho kamoo nama e ka lokafatswang ka teng. Ka molao ha ho kamoo motho a ka lokafatswang. Kgalalelo ke ya Modimo. I Bakorinthe 1:30, "Empa ka YENA le ho Kreste Jesu, Ya entsweng ke Modimo ka bohlale ba Hae le ho loka hwa rona, le kgalelo ya O na, le topollo ya rona." II Corinthians 5:21b, "Re tle re bewe ba lokileng ka Yena pela Modimo." E ne ele Kreste kapa ho timela, mme batimela hobane haba ka ba Modumela.
Mme batho ba nakong eo bane baetsa phoso jwalo ka matsatsing ana. Jwalo ka Bajuda bane ba itshireletsa ka synagogue ho kopana ho rapela, jwalo le Mongwaheng wa Filadelfia bane ba itshireletsa ka kereke. Ha se ho kena kereke hwa bohlokwa. Bophelo ha boyo ka kerekeng. Bophelo bo ho Kreste. "Sena ke seo Modimo a bontshang ka yona botlalo ba Ha e ka ho Mora. Ya nang le Mora o na le bophelo, mme ya senang Mora ha ana Bophelo." Monna o entswe ka Moya o o tsamayang ka hre ho rona le ho re etsa bahalalelang.
Ke moo A hlahellang, YA HALALELANG. mme re tla ema le Yena tokeng ya Hae, A Halalelang ka Kgalalelo.
Jwale. Mahlong a Modimo, nako e ntse e kgutsufala. O se A tla kgutla. Haufe mohoo o tla tswa O ya tla, "Mme ya silafetseng, a dule a silafetse: ya hlwekileng, ha a dule a hlwekileng: mme ya halalelang, a dule a halalela." Tshenolo 22:11b
Oho, ke thabela hobane bohalaledi baka hase baka feela. Ke thabela hoba ho Kreste, ka tsohle tse ntle tsa Hae le toka eo a e entseng, ya ikarolang a ikarole ka ho sa yeng kae. A bokwe kamehla!
"Tsena di bolelwa ke wa nnete." Jwale Lentswe lena, `nnete', ke lentswe le lokileng. Ha ho bolele nnete e kgahlano le ho sa lokang. Ho hlalosa Tokafatso ya Tlhokomelo ya mohopolo ho hlokomela. Mohlala hopola kamoo Jesu a boletseng ho Johanne 6:32, "Hase Moshe ya le neileng bohobe botswang lehodimong empa Ntate ya le neang bohobe ba nnete botswang lehodimong." Johanne 15:1, "Ke Nna sefate sa nnete sa morara." Baheberu 9:24, "Hobane Kreste ha aka a kena sehalalelong se entsweng ka matsoho, e leng setshwantsho feela sa sebele; empa lehodimong la sebele, a tle a hlahe jwalo pela Modimo." I Johanne 2:8, "Hobane lefifi lea feta, mme lesedi la nnete le se hlahile." Haesale nnete, ka ho otloloha, e hlahisa Toka ya Thlokomelo jwalo kaha ele kgahlano le Hobonela Tlhokomelo jwalo ke temana, re ka lokolla Antetype ka mofuta ona, le karolo ya seriti. Nka mohlala wa manna ho tswa lehodimong. Modimo o ile a theola bohobe boo eleng mangeloi ho tswa lehodimong bakeng sa Israel. Empa bohobe boo ha boyaka bakgotsofatsa. Bone bo lokile feela bakeng sa letsatsi feela. Bao baileng ba boja bane ba lapa hape hosane. Ha bone boleswa nakwana bone bosenyeha. Empa Jesu ke bohobe ba NNETE hotswa lehodimong, moo manna eneng ele feela seriti kapa leemedi. Motho mang kapa mang ya jang BOHOBE botswang lehodimo ha a phetile a lapile hape. Haho hlokahale hore a boe a kgutle hape. Motsotsong oo a jang, o ba le bophelo bosa feleng. Mona sena ene ele NNETE. Ha ho hlokahale seriti hape. Ha ho sa hlokahala seriti hape. Ke bona moo boleng teng KAOFELA HA BONA. Jwalo feela ka Jesus e se karolo feela ya Modimo; empa ke Modimo ka Boyena.
Ha ho ya ka hanang hore Israele o ne a na le kganya. E ne e le bona feela setjhaba seneng se nale kganya. Ene ele ha Egepeta e fumana lefifi ba le utlwa. Empa le haeng la BaIsraele ho ne hole kganya. Empa kganya ya sebele e tlile. Kganya ya lefatshe Jesu. Moshe le baporofeta ba ne batshwere kganya ka Lengolo le neng le bolela Messia. Hotjhong hore Israele ene e nale kganya. Empa jwale Phethahatso ya kganya e ne e se e le teng, le se neng se le teng e le Lentswe le robetsweng Kganyeng ya Modimo hara tjhaba sa Hae. Jwalo ka topallo ya nmollo e ne e kganya bosiu, mme hoo e ne e le hwa bohlokwa, jwale kganya le ponahatso ya tiiso ya Modimo ka mmele.
Israele o ne a nka hefere e kgubedu a e hlahisa aletareng bakeng sa tshwarelo ya dibe. Bakeng sa sebe le bobehe selemo kaofela. Empa seo one a sa kgone ho etsa seo kamehla. Ene ese taelo ya sehlabelo. E ne ele seriti sa seo. Ka tsela e jwalo o tla thakgisa batlile le motshehare e ntse ele yona ya takatso ya sebe. Bophelo ba phoofolo bakeng sa sebe sa hae, empa hoba madi a phoofolo a tsholoho hore ebe jwale phoofolo e nke sebaka sa motho. Haeba seo se kgutlile, e kase etse sena. Empa ha Kreste ka ho loka ha bao, mme Madi a Hae a ileng a tsholoha, jwale bophelo ba Kreste pakong ya sebe ebe se lokileng sa Kreste, o sena sebe le ho loka, ebe ya nang le molato o ya lokoloha hobane ha ana takatso ya sebe. Bophelo ba Jesu botlile ho yena. Sena ke se bolelwang ho Baroma 8:2, "Hobane Moya wa bophelo, eleng Jesu Kreste o nkgolotse molaong wa sebe le lefu.”
Empa Bajuda morao mane nakong ya Jesu ha baka ba amohela sehlabelo. Madi a dipholo le a dipodi a ne a sa hlwekisi. E ne ele hang Modimo a ileng a etsa leano leo. Empa jwale Kreste a se a hlaha nameng, empa ka ho fana ka madi a Hae bakeng sa dibe tsa rona a iketsa sehlabelo ka Boyena a re etsa hore rebe ba lokileng. BaJuda ha ba yaka barata seo. Empa ho etsahalang Mongwaheng wa Filadelfia, mme, eya, mongwaha o mong, hape? Na baile baamohela Kreste? Tjhe Monghadi. Esita leha Luther a tlisitse nnete ya tokafatso, Kereke ya Roma, mme ke karolo ya botjhabela, Kereke ya Orthodox, e ntse e itshwarelletse molaong. Jwale mesebetsi le yona e lokile, empa ha e o pholose. Ha e o etse ya lokileng. Ke Kreste kapa lefu. Mme e bile ha se Kreste le mesebetsi. Ke Kreste feela. O na mongwaha o qadile Arminianism bao e neng ele ba sa dumele ho bolelwa hore ke Kreste NNETE. Ha se bine "Eseng letho empa madi," hobane e bina ka "E seng letho empa madi LE mesebetsi yaka". Jwale ke dumela mesebetsing e lokileng. Hao pholositswe o tla etsa mesebetsi e lokileng. Re se re fitile moo. Empa e re ke o bolelle jwale, pholoso HASE Jesu HO HONG. Ke Jesu FEELA. PHOLOSO KE YA MODIMO. Ho tloha ho qaleng ho ya pheletsong ke MODIMO. Ha bophelo ba Hae bobe ho nna. Haebe madi a Hae a ntlhatswang. Ha ebe Moya wa Hae o ntlatsang. Ha eke ebe Lentswe la Hae molomong waka le pelong yaka. Ha e ke e be mehwabadi ya Hae e mphodisang. Haebe Jesu, Jesus feela. E seng ka mesebetsi yaka e lokileng. Tjhe monghadi. Kreste ke bophelo baka. Amen.
Ke ikutlwa ekare nka tswella ka nnete ena, empa ke tla o neha nnete ele nngwe hape. Ke ka pina ela e monate eo A. B. Simpson a e ngotseng.
"Hang e ne ele tlhohonolofatso,
Jwale ke Morena.
Hang e ne e le maikutlo,
Jwale ke Lentswe.
Hang e ne e le mpho eo ke e ratang,
Jwale mofani o nale yona.
Hang ke ne ke hloka phodiso
Jwale Yena feela.
Kaofela kaofela jwalo,
Jesu O tla bina.
Sohle ka ho Jesu,
Mme Jesu ke sohle."
Ha ho na se seng ntle ho Jesu, ka ho lekana, ka ho loka hoo jwalo ka seo, empa o tla fumana seo kaofela ho lokeng hwa Kreste. Se seng ho se seng jwalo ka tsohle ka ho Yena.
"Yena ya nang le senotlolo sa Davida." Mokgwa ona o motle ona kantle ho tsela, "Yena eo eleng wa nnete". -- Kreste, Tlhokomelo e nepahetseng, ka kopanyo ya Tlhokomelo ya tsena. Ke sena moo seleng teng. Moshe ene ele moporofeta wa Modimo, empa Jesu (Jwalo ka ho Moshe) ene ele MOPOROFETA wa Modimo. Davida (monna ya neng a le pelong ya Modimo) ene ele Morena wa Israele, empa Jesu o Moholo ho Davida, Morena wa Morena, le Modimo wa Medimo. Jwale Davida o ne a tswetswe le lokong la Juda moo hoseng moprista le a mong ya hlahang teng, leha hole jwalo oile a ja bohobe ba baprista. E ne e le mohlabani ya moholo le doreng tsa hae, ho hlahiseng batho; jwalo ka Morena o ile a dula teroneng. E ne ee moporofeta. E ne ele mofuta o motle wa Kreste. Jwale ere ho Isaia 22:22, "Ke tla bea senotlolo sa ntlo ya Davida lehetleng la Hae; O tla bula, mme haho ya tla kwala; mme O tla kwala, mme haho ya tla bula." Moya o sebedisa Testamente ya Kgale ho hlalosa Morena Jesu Kreste le Tshebeletso ya Hae. Ke sefeng senotlolo sa ntlo ya Davida ho bolelang hore ke seriti seo, se fihlileng sa tiiswa ke Jesu a eme mahareng a dikandelara. Ho lokela hore sena se ne se hlalosa Morena KAMORA tsoho ya Hae e seng ho tla hwa Hae lefatsheng. Empa senotlolo sena se bolelang? Karabo e teng moo BOEMONG ba senotlolo sena. HASEYO letsohong la Hae. Ha seyo molaleng wa Hae. Ha se ya bewa letsohong la monna e mong, kapa temana ena ene etlabe haere YENA ALE MONG O NALE TOKELO YA HO SEBEDISA SENOTLOLO SEO -- HOBANE YENA ALE MONG AKA KWALA, ESENG MOTHO E MONG ya nang le tokelo eo empa Jesu ka Boyena. Na hoo ha ho ya loka na? Empa se kae senotlolo? SE LEHETLENG LA HAE. Empa LEHETLA le kena kae moo tabeng? Bala Isaia 9:6, "Hobane mmuso otla bewa lehetleng la Hae." Empa sena se hlalosa eng? Kereke ke ena. Tsela ena, "mmuso o mahetleng a Hae" e tswela Botjhabela moketeng wa lenyalo. Ha monyaduwa a lebeletse monyadi o hlohlora lehetla la hae hodima lehetla la hae, e seng feela hore o taolong ya hae -- hore o fana ka ditokelo tsa hae ho Yena -- hore Yena ke hlooho -- le hore hape o na le tokelo le kgothalo ya hae YENA YENA FEELA -- E SENG E MONG -- E SENG E MONG -- E SENG E MONG KA MATLA -- E NALE TOKELO. Le hore, baratuwa, ke SENOTLOLO sa Davida. Modimo ka Boyena, O tseba ka Mohau wa ho loka oba ho Monyaduwa wa Hae. O ile a ikgethela yena. Ha aka a kgetha Yena. O mmitsitse. Ha aya itlisa. O ile a moshwela. O ile a mohlatswa ka madi a Hae. O ile a lefa bakeng sa hae. Ke wa Hae Yena feela. O lebeletse Yena feela eseng e mong. Ke hlooho ya Hae, hobane Kreste ke hlooho ya kereke ya Hae. Jwalo ka Sara a ile a bitsa Abrahama, Morena, jwalo feela kaha monyaduwa a thabelaho mmitsa Morena. O ya bua mme o ya thaba.
Na banna baile batseba sena? Na ba ile batseba botho ba Hae ka tokelo ya Hae hodima kereke? Kere, "TJHE". Hobane mongwaheng ka mong kereke e ne e buswa ka mano -- boprista -- katleho bopostola -- ho kwala lemati la mohau eleng se tla etsahala, le ho bontsha lerato kerekeng ya Hae eleng ho bontsha ditakatso tse tla mmolaya. Barui badula majabajabeng ha kereke ya bofutsana e dula ka dihloriso tsa lenyatso le tlhokofatso. Mme haho mongwaha le omong sena se sakang sa etsahala. Ka bonngwe di itlamme ho batho le ho etsa kereke e buswe ke mmuso. Haho hlokahale hore hobe jwalo, mme bane ba nyefolwa leho lelekelwa kantle. Mokgatlo o mong le o mong one o nale moya oo. Mokgatlo ka mong o ne o ikana ka hore ba na le senotlolo sa mmuso wa kereke. Mokgatlo ka mong o ne o bolela hore o ka bula. Empa sena hase nnete. Ke Jesu mme Jesu feela, A le mong. Ya behang maloko mmeleng. O a beha jwalo ho ya ka ditulo tsa ona. O beha le dimpho. O ya mokgathalla le ho molaola. Ke sona seo e leng sa Hae yena feela monyaduwa e seng ho hong. Ke sello se hole jwang le nnete seo kereke e se llang. Mme ka tsatsi le leng puo ena ya kereke e tla hlaha motsamaong wa moruo ho beha antikreste ya phelang mokgatlong wa bona o latolang Morena mme re tla Mofuma (Kreste) kantle ho kereke, "Bona, ke eme monyako, ke ya kokota: ha e mong a utlwa Lentswe laka, mme a bula lemati, ke tla kena kaho yena, mme keje le yena, mme le yena le Nna." Tshenolo 3:20.
Empa e re ke bue sena. Modimo wa rona ha a ya hlolwa. Batho ba bolela hore ba bula le ho kwala lemati, empa ke bora leshano. Bohle bao Ntate a ba neileng Yena batla tla ho Yena, mme batlang ho Yena a ka se ba leleke; A ka se lahlehelwe le ke YA MONG WA BONA. Johanne 6:37-39. Mme mokgethwa eo wa ho qetela wa mmele wa Kreste o tla kena, ebe jwale Morena o tla hlaha.
Senotlo sa Davida. Na Davida morena wa Israel -- kaofela Israel? Mme hase Jesu Mora Davida ho ya ka hobane otla ema teroneng ya Davida pusong ya bongata ka tlotlong la Hae? Ka nnete. Jwale senotlolo sa Davida sehlalosa hore ke Jesu ya tla tlisa bongata. Yena ya nang le senotlolo sa lebitla O tla nyolla ba Hae hore ba lokolle ba bang lefatsheng.
Ho hotle jwang ha Morena wa rona a na le dikarabo tsohle. Ka nnete ditshepiso tsohle tsa Modimo ditla phetheha. Ka nnete ka hoba KA HO YENA re ba utlwi ba Hae. Eya, ke moo a emeng teng, Morena wa Kgotso. Hang jwalo ka Ntate hape, O ne a dikanyeditswe ke mangeloi, diarekangeloi, dikerebume, le dirafime le makgotla ohle a lehodimo, a hoa are, "O ya Halalela, O ya Halalela, O ya Halalela Modimo wa Makgotla". Bohalaledi ba Hae bone bole boholo hoo re neng reka tlang ho Yena ka bona feela. Empa jwale re Mmona ka hara kereke, a arolelana bohalaledi ba Hae le rona, ho fihlela a loka ka botlalo. Eya, mme Ke enwa moo a emeng teng, "Jesu, A hlwekile ka hohle," -- A tshwana le Lily ya Bodiba, Naledi e Kganyang ya Meso, Ya Hlwekileng ho Dikete tse Leshome Alfa le Omega, Lehlomela la Davida, Ntate, Mora le Moya o Halalelang -- Tsohle nqa ele nngwe Kaofela. Isaia 9:6, "Hobane re tswaletswe Ngwana, re neilwe Mora: mme Borena bo beilwe hodima Hae: mme O tla bitswa, Moeletsi ya Matla, Modimo o Moholo, Ntate ya sa feleng, Morena wa Kgotso" Ka ho Yena ke botlalo. Leha pele re saka ra mohlokomela, empa jwale re ya Morata ka thabo e sa lekanyweng. Mahareng a kereke O eme teng, mme re tla bina thoriso tsa Hae, hobane Yena Mohapi e moholo ke hloho ya kereke eleng monyaduwa. O rekile monyaduwa eo. Ke wa Hae. Ke wa Hae ale mong O ya mokgathalla. Ke Morena wa rona mme rona re Mmuso wa Hae, Tswelopele ya Hae ya kamehla. Jwale o tla hopola hore ho qaleng hwa temana ya 7, ke itse temana ena 9 e tla re etsa hore re e utlwisise. Ke hopola hore o hlokometse seo keneng ke se bolela. Jesu o Itlhahisa hore Yena o ya Halalela, ke nnete, (kapa nnete ele nngwe feela) senotlolo sele seng sa Davida, Ya kwalang le ho bula. Ke nnete seo. Thoriso tseo kaofela di ya itlhalosa. Empa Bajuda ba latotseng tsatsi la Hae le ho Molatola le seo a neng a nale sona. Baile ba latola seo A neng a le sona ho bona. Mme Bakreste bao ba mekgatlo baentse seo le bona. Baentse seo Bajuda ba se entseng. Bajuda baile ba Mothakgisa leho lwantsha bao eleng Bakreste ba sebele. Bakreste bamekgatlo ba Mothakgisa ka botjha le ho fetohela kerekeng ya sebele. Empa Modimo ke nnete, mme Yena Ya kahodimo ho tsohle o tla boela a kgutla, mme ha a kgutla o tla bontsha seo eleng hoba Matla ohle. Mme Ha A itlhahisa ho lefatshe, le maqeba a maotong a Hae, mme ka nako eo lefatshe lohle le tla kgumama maotong a Hae le bahalaledi, ho bontsha hore bane ba lokile. Ka ho tlotlisa Modimo ka ho sa yeng kae!
MONGWAHA WA LEMATI LE BUTSWENG
Tshenolo 3:8, "Ke tseba mesebetsi ya hao; bona ke butse monyako ka pela hao, mme haho motho ya ka o kwalang; leha o nale matlanyana, mme o bolokile Lentswe Laka, mme hao ya latola Lebitso Laka." Qalo ya temana ena, "Ke tseba mesebetsi ya hao," e hlahiswa haholo temaneng ena, hobane mesebetsi ya bona e lokela hoba maelana le `lemati le butsweng,' `matlanyana,' `Lentswe le Lebitso.'
Ho ka utlwisisa taba ena ho hlokahala "bona ke beile monyako pela hao, leo hoseng motho ya ka o kwalang," re lokela ho hopola hore ho qaleng hwa taba ena ho ya ka mongwaha. Ho nale tlolo, ho lahlehileng, ho feta ho qala le ho qetela. Sena setla hlaha ho fetela mongwaheng ka bongwe ho ya ho omong. Ha se feela ho fetela mongwaheng o mong, empa mongwaheng o mong e nka ho tloha mongwaheng wa botshelela. Mongwaheng wa bosupa (mongwaha o mokgutshwane) ho ipokella, mengwaha yohle e silafetseng, mme leho loka hwa Pentecosta. Hang Mongwaha wa Filadelfia o lokela ho tsamaya, Mongwaha wa Laodicean o tla ka potlako, o tlisa kotulo ya lehola le koro, "Pele tlamang lehola; empa isang koro modikong." Mattheu 13:30. Hopola, ka kopo hle, hore Mongwaha wa Sarda pokello e ileng ya qala ho fihlela koro ene e jalwe ka Pentecosta e potoloha jwalo, e nwesetswa, ho lokisetswa jwalo jwalo, ho fihlela e loka e kgutlela peong ya ho qala. Ha sena se ntse se tswella pele, lehola le ileng la jalwa letlatla kotulong le lona. Ke hantle feela se etsahalang. Ha o ka feela wa nahana ka seo, o ka fumana setshwantsho se setle sa sena. Sejalo seo o se bonang se hlaha hlabula setlaba peo ka tsatsi le leng. O ka se bolele hantle hore ke neng ha hlabula le fihla le mohla hwetla leetla -- e felletse feela moo. Ke kamoo mengwaha ena eleng ka teng, haholo ena e mmedi e qalang.
Ke mengwaheng ena e mmedi moo Jesu areng, `Ketla KAPELE ' temana 11. Se na se etsa mongwaha wa ho qetela o be mokgutshwane. Laodisea ke mongwaha wa kereke ya kapele. O kgaotswe.
Jwale re tla tsamaya LEMATING LE BUTSWENG leo hoseng ya ka lekwalang. Pele ho tsohle ho tsamaya lemating le butsweng ho bontsha hore ke mongwaha wa thero e bulehileng. Paulose o ile a bitsa thero eo e le ya Monyako o butsweng ke Modimo. II Bakorinthe 2:12, "Mme mohlang ke tlileng Trooase ho rera Evangedi ya Kreste, le ha nkile ka bulelwa monyako teng ke Morena." Mme jwale re ka bona ka ho kopanya Mangolo monyako ona o bolela tokoloho ya thero ya Evangedi eo lefatshe le so e boneng. Ke rata hore o hlokomele ho hong mona. Modimo o sebetsa ka boraro, naha a sebetse jwalo nae? Ene ele borarong ba Mongwaha wa Pergame ke moo kereke eileng ya nyalana le mmuso. Mokgwa wa Banikola e bile thuto ya Banikola. Mongwaha oo WA LEMATI LEBUTSWENG sefateng sa morara sa nnete. Hang o ile wa tiiswa ke mmuso hobane hantle feela moikgatlo o nkile, lebitso la Bokreste. Ho bolelang hore leha hole jwalo. Empa jwale, mengwaha e meraro kamorao, kamora ho sokola ka tumelo ya rona, kemoo hotlang nako ya MONYAKO O BUTSWENG ho ya nneteng. Lentswe la Modimo le nale letsatsi la lona. Hantle feela mongwaha wa boraro o ile wa lokisa sena, jwalo kaha mongwaha oo o na le nako, ka bokoloni, ho ngola hwa dibuka, jwalo jwalo. Ho ne hole hotle haholo `monyako o butsweng' o ne o latetse tsela e Halalelang ya Pentecosta e neng e beilwe ho Baheberu 2:1-4, "Ka baka leo, e ka kgona re ele kaho fetisisa ditaba tsee re diutlwileng hloko, e se be ra suthela hole le tsona. Hobane hae sita Lentswe le boletsweng ke mangeloi le saka la lesa ho tiya, mme ho tlola le ho se utlwe hohle haba ha hlahelwa ke moputso o ho lekaneng ana re tla phonyoha jwang; ha re sa hlokomele poloko e kalo e neng e qale ho bolelwa ke Morena, a nto tiiswa ho rona: Modimo ke bao utlwileng, ha Modimo o ntse O o mela ha mmoho le bona ka dipontsho le meeka, le diketso tse ngata tse matla, le ka dineo tse ajwang ke Moya o Halalelang, ho ya ka thato ya Hae?" Jwale o ya tseba hore sena ke karolo ya Jesu, ka Boyena, a bolela jwalo. Mareka 16:15-20, "A ba are ho bona, Eyang ka lefatshe lohle, mme le bolelle bohle Evangedi. Ya dumelang mme a kolobetswa; o tla bolokeha, mme ya sa dumeleng o tla tsuwa. Mehlolo e tla tsamaya le badumetseng ke yona ena; batla leleka bademona ka Lebitso Laka; batla bua ka dipuo tse ntjha; batla tshwara dinoha; mme le ha banwele ntho e ka ba bolayang, e ka se ba bolaye; batla beha matsoho hodima bakulang, mme batla fola. Eitse hobane Morena a bue jwalo le bona, O ile a nkelwa lehodimong, mme a dula letsohong le letona la Modimo. Haele bona batloha, baya bolela Evangedi ka hohle, Morena a ntse a sebetsa le bona, A tiisa Lentswe kamehlolo e felehetsang. Amen.”
Ha a kaba a balaela ho ya ka lefatshe lohle ho etsa Dibible School; kapa hona ho balaela ho etsa tsebo tsa bona. Jwale ntho tseo dilokile, empa Jesu o ba boleletse ho RERA EVANGEDI -- dula ho LENTSWE -- mme mehlolo e tla latela. Yona taelo eo re nang le yona ho nnete ya Modimo ene ele ho rera Ha a ne a roma baleshome le metso e mmedi. Ho Mattheu 10:1-8, O laetse a ba jwetsa ka bohlale bona, "Yare ha A bileditse ho Yena barutuwa ba Hae baleshome le metso e mmedi, a ba nea matla a ho hlola meya e ditshila, ho e lahlela ntle, le ho fodisa malwetse ohle le mefokolo. Mabitso a baleshome le metso e mmedi ke ana; Wa pele ke, Simone, ya bitswang Peterose, le Andrease ngwanabo; Jakobo mora Zebedea, le Johanne le ngwanabo; Filipi, le Bartholomea; Thomase, le Mattheu mo-lekgetho; Jakobo mora Alfea, le Lebbaeuse, eo seboko sa hae ene ele Thaddea; Simone Mokanana, le Judas Iskariota, ya ileng a eka Morena. A romela baleshome le metso e mmedi, A balaela, mme le seke la ya motseng wa baditjhaba, mme le se la kena motseng ofe kapa ofe wa Ba-samaria, le mpe leye dinkung tsa ntlo ya Israele tse lahlehileng. Ha lentse le tsamaya, le rera, lere, Mmuso wa mahodimo o atametse. Fodisang bakulang, le ntlafatse balepera, letsose bafu, le lahlele ntle batemona ntle: le neilwe feela, fanang feela." Tshebeletso ena e ile ya hae e ntle ka tshebetso ya bona, hobane ere ho Mattheu 9:35-38, "Jesu a tsamaya, A tjhalakela metse yohle le masynagoge a ruta teng, A bolela Evangedi ya mmuso, A fodisa malwetse le mefokolo. Ha a bona matshwele, A a utlwela bohloko, hobane bane bakgathetse, basaretswe jwalo ka dinku tse senang modisa. Ebile moo Areng ho barutuwa ba Hae, Kotulo e kgolo, empa basebetsi ha ba ba kae; Rapelang ke hona Morena wa kotulo, hore a romele basebetsi kotulong ya Hae.”
Jwale batho ba bangata eleng bao Morena Jesu a ile a fana ka tshebeletso eo ho bona, mme yare ha a shwa, tsehebetso ya Hae e ne e fedile. Ha ho jwalo. Mona ho Luka 10:1-9, re fumana hore matsatsing ao tlwaelo ya lefatshe e ne a fana ka matla a tshebeletso e kang eo, "Kamora taba tseo, Morena a boela a bea ba bang ba mashome a supileng, mme a ba romela ka bobedi, hore ba moetelle pele metseng yohle. Le nqalong tsohle moo a Yena A neng A ya teng. A ba are ho bona, kotulo e kgolo empa basebetsi haba bakae: rapelang ke hona monga kotulo, hore A romele basebetsi kotulong ya Hae. Tsamayang: bonang, Nna ke le roma jwalo ka dinku hara diphiri. Le seke la nka mokotlana wa tjhelete, leha ele mokotla wa mofao, kapa dieta: le seke la dumedisa motho tseleng. Leha ele ntlo efe le efe eo le kenang ho yona, le qale kahore, Kgotso ebe teng ka tlung ena. Ha Mora wa kgotso A le teng moo: kgotso ya lona etla dula ho yena, haho se jwalo, e tla kgutlela ho lona. Le dule tlung eo, le ntse le e ja, le enwa seo basentshang: hobane ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae. Le seke la ya tlung e nngwe le nngwe. Leha ele motseng ofe le ofe, oo le kenang ho ona, mme bale amohela le je seo base behang pela lona: Lefodise bakulang ba leng teng moo, mme leba bolelle, lere: Mmuso wa mahodimo o atametse ho lona.”
Ke mang ya hanang hore tshebeletso ya Filipin one a nale tlolo e kgolo? Ke mang ya ka hanang hore tshebeletso tse pahameng tsabo Irenaeus, Martin, Columba, Patrick leba bang ba bangata dine dinale tlolo ya Modimo? Eya. Bibele tsela ya teng ke e lebisang monyakong o butsweng. Mme ke rata ho kopanya sena bopaking baka ka sena. Lebaka le etsang hore ke tiise taba ena ke ho tiisetsa seo Modimo a ileng a se etsa maphelong a rona. Ha feela leka utlwisisa hlakolo eo ya seo ke se tsebang hantle feela ka Jesus ele Yena maobane le kajeno le ka ho sayeng kae matla a Modimo a ya fumaneha ho bao batla dumela. Nakong yaka ya leeto laka ho ya kwana Afrika Borwa ka mosebetsi wa Modimo, Modimo ka tlhohonolofatso ya Modimo hoo e itseng ha ke fihla Durban sebaka seo seneng sekgona ho nka batho ba bangata labobedi bathong ba bangata lefatsheng. Setjhaba sene se feta hodima batho bakabang 100, 000. Ho ka boloka molao le toka ho ilwe hwa lokelwa ho beha terata ehlabang ho arola merabe e fapaneng. Bane ba beile mapolesa a fetang lekgolo a ileng a bamoo. Meya eo e nyorilweng bane batlile ho tloha maele tse ngata ngata. Mofumahadi wa Rhodesia o ne a tlile ka terene ya materoko a 27 a tletseng ka batho ba Afrika. Baile ba sokola ho feta moo masimong le dithabeng ba tsamaile dimaele tse ngata ba bang bane barata ba bang. Naha kaofela ene e tsitsinyeha ke matla a tshabehang a neng a etswa ke Moya o Hlalelang.
Yare motsheare o mong ha ke ilo rera, sekete sa Mohammedans satla platformong. Yare ha a ema kapelaka, emong wa dimissionary wa Mohammedans a tla ho Morena, "Oho, moya oo oneng o lapile. Oho, bakeng sa moya oo o lokileng." O bile moo mengwaha e mengata, ho ya ka bopaki ba hae, oile a bona A LEMONG Mohammedan ya tlilo amohela Jesu Kreste jwalo ka Mopholosi. E ne ele yona ntho ya ho qala ka Bameda le Bapersian bao melao ya bona e fetohileng. Bathata hona ho ka hlola. Ho bonahala jwalo ka "hang Mohammedan o dula ele Mohammedan" ke molao hara bona. Jwale, ha ane a eme kapele ho nna, ka bua le yena le sekete seo ka toloko kare, "Na bamissionari ba lona baile ba le bolella ka JESU ya tlileng ho lepholosa?" O ne o lokela ho bona kamoo baneng ba shebana ha ke bolela seo. Kamora ho araba seo keneng ke babotsa sona, "Empa na dimissionari dirutuwe ho wena hotswa Bukeng (Ka tshwara Bibele yaka ka tsela e jwalo) le hore Jesu ene ele mofodisi e moholo, mme Aka etsa seo tlase ho ya ka mengwaha ho fihlela a etla ka Boyena? Na baile ba lejwetsa hobane ka hona Moya oneng o le kaho Jesu o neng oetsa mehlolo e meholo e sita leha Jesu a ile a etsa seo? Na baile bale jwetsa hore A kalefodisa na, e sita jwalo ka Mopholosi? Ke ba bakae ba lona ba ka ratang hore Yena Jesu eo otlile ka Yena O etsa tsona ntho tseo a neng a dietsang ha a ne a le teng lefatsheng? " Bohle bane ba batla seo. Ke ntho ele nngwe eo baneng ba e dumela. Yaba ke tswella pele, "Jesu ka Moya wa Hae o tla etsa seo a neng a se etsa ha asa le lefatsheng, na letla dumela Lentswe la Hae, jwale?" Mme ke mona Mohammedan wa mosadi a eme moo. Moya o ile wa tsamaya ka ho nna. Kare ho yena, "Jwale, le tseba seo ke se tsebang. Ha ke kgone ho bua puo ya lona." A dumela seo. Ka re, "Bakeng sa hao, ha ke tsebe. Empa o utlwile molaetsa motsheareng ona." Toloko ya hae ya MoIndia a araba a re o ya utlwisisa, hobane o ne a bala Testament e Ntjha.
Jwale Mohammedans ke ditloholo tsa Abrahama. Ba dumela ho Modimo a le mong. Empa ba latola Jesu jwalo ka Mora wa Modimo mme ho nale seo ba kgetha ho dumela Mohammed jwalo ka moporofeta. Bare Jesu ha aka a shwa le ho tsoha. Ba rutwa ka hore badumele seo.
Ka re, "Empa Jesu o ile a shwa Aba a tsoha hape. A romela Moya wa Hae ka hare ho kereke. Moya oo o neng o le ka ho Yena ke Oona O ka hare ho kereke jwale. O ka hlahisa seo Jesu a sehlahisang. O itse ho Johanne 5:19, "Haho seo Mora a ka se etsang ka Boyena, empa O etsa seo Ntate a se etsang: hobane seo A se etsang, le Mora o ya se etsa. " Jwale, ha Jesu a tla tla ho nna ho senola seo seo eleng bothata ba hao ke hore kapa seo oleng mona ka sona -- Ha A ka kgona ho Mpolella tse fetileng tsa hao, o tla feela o dumele bokamosong? "
Yaba ore ka toloko ya hae, "E ya, ke tla etsa seo.”
Ka re, "Ho lokole, ha A ke a etse seo.”
Batho bao Mohammedans bane ba shebile. Bane ba lebelletse ho bona hore na ho etsahalang.
Yaba Moya o Halalelang O ya bua, "Monna wa hao o mokgutshwane, ke monna ya boima, ka mustache a matsho. O nale bana ba babedi. O ne o ile ngakeng matsatsing a mararo a fetileng mme e ile ya o hlahloba. O nale hlahala popelong.”
A inamisa hlooho are, "Ke nnete seo.”
Ka mmotsa, "O tlile jwang ho nna, ke le Mokreste? Hobaneng o saka wa ya ho moporofeta wa Mohammed?"
Are, "Ke nahana hore o ka nthusa.”
Ka re, "Nka se kgone ho o thusa, empa ha o amohela Jesu Kreste jwalo ka Mopholosi wa hao, Ya leng teng mona hona jwale, mme o tseba ka sohle seo o leng sona, O tla o thusa.”
Are, "Ke amohela Jesu jwalo ka Mopholosi." Se etsahetse. O ile a fola kapela mashome a dikete a Mohammedans a ileng a tla ho Kreste ka tsatsi leo hobane Evangedi e ile ya rerwa ka Matla le ka Lentswe. Modimo ha A kaba A re motho a sebetse lemo tse mashome a mararo a sa kotule letho. O re neile monyako o bulehileng wa Lentswe le Matla mme e lokela hoba seo ka ho se sebedisa. Ke se ileng safa Paulose tjantjello e kana mosebetsing wa hae. I Bakorinthe 2:4, "Mme polelo tsaka le thuto ya ka ha yaka ya ebadipolelo tse kgodisang tsa bohlale ba motho, empa yaeba ponahatso ya motsamao wa Matla wa Moya.”
Mmamele jwale. Ene ele hona leetong lena moo ha kene ke palama sefofane New Salisbury, Rhodesia, moo ke ileng ka bona batho ba bane ka dipasport tsa America. Mme ke ile ka ya ho bona kare, "Kgotsong moo, ke bona eka le tshwere dipasport tsa America. Na ho nale moo le yang teng?"
Monna e motjha a nkaraba, "Tjhe, re dimissionari hona mona.”
"Ke hantle ha kakang," Ka araba. "Le tlile e le lona feela kapa le sebetsa le motho e mong ke hore mokgatlo o mong?"
"Re maMethodists. Re tswa Wilmore, Kentucky," a tjho jwalo.
"O moo ke hae, ke pela hae moo," ka araba.
"O ka sebe Moena Branham ya tswang hona moo?"
Kare, "Eya, o nepile." Sa motshosa seo. Ha a kaba a rata ho bua se seng -- mme yena le banana bao ba bararo baile basheba kwana le kwana mme bashebana. Jwale kare, "Butle motsotswana feela mora, ke rata ho bua le lona motsotswana feela ka maemo a itseng, jwalo ka ha ho bonahala hore re Bakreste kaofela re le mona kabaka le tshwanag. Jwale lere le bile mona lemo tse kabang pedi mona. Na lekare Lebitsong la Jesu la mpontsha motho ale mong eo le motlisitse ho Morena? " Ha bayaka bakgona ho etsa seo.
"Ha ke rate ho le utlwisa bohloko, banana," Ka re, "empa kaofela ha lona le lokela e be le hae kwana le thusa bommalona kaho hlatswa dijana. Haho lokele hore e be le mona kantle ebe ele hore le tlatsuwe ka Moya o Halalelang le ho rera Evangedi ya nnete le motsamao wa matla a Moya o Halalelang. Ha o sa bone seo Morena Jesu a itseng letla se bona, ke hobane ha le rere nnete ya Evangedi." Ha re ye pele hanyane ke o bontshe seo keo bolelllang sona mona tshimong ya Modimo ho ka mokgwa o jwang. Ha kere ho jwalo kamehla, empa ke ya tshaba ho etsa sena. E ne e le hona ha kele hona mona leetong lena ho pota mane Durban le majoro ha ke bona motho ka sefaha ho pota molala wa hae mme one a phutha setshwantsho. Yaba ke botsa motswalle waka hore na ke hobaneng ha monna eo a nka seo yaba ke bona Bakreste ba mokwahela. Seo se ile sa mmakatsa haholo, hobane monna ke enwa ya ipitsang Mokreste empa o tshwere setshwantsho, mme ka botsa hore ho tla jwang.
A re, "Ke tseba ho bua puo ya hae. Ha re ye re yo bua le yena." Jwale raya ho yena le majoro a sebetsa jwalo ka toloko. Ka botsa motho enwa hore na ke Mokreste na. A ntiisetsa hore ke Mokreste. Ka mmotsa hore hobaneng ha a nkile setshwantsho ha ele Mokreste. Are ene ele setshwantsho seo a ile a se sielwa ke ntatae seo aneng a se nka. Ha ke mmolella hore haho Mokreste ya lokelang hore a ka jara setshwantsho a araba a re setshwantsho seo e bile ntho e kgolo ho ntatae. Ke ile ka thahasella ho tseba hore ha jwang, mme a re ka tsatsi le leng ntatae o ne a hlaselwa ke tau, jwale o ile a besa mollo a bua le sona jwalo kaha a ile a jwetswa ke ngaka ya ditaola. Tau e ile ya tsamaya. Ke ile ka mmolella hore ke mollo o ileng wa tshosa tau hobane diphoofolo kaofela tse hlaha ditshaba mollo. Nkase lebale karabo ya hae. O ile atjho tjena, "Jwale ke tsela e jwalo, ha Amoyah (Moya) a hloleha, jwale setshwantsho sena se kase hlolehe.”
(O ya bona mokgwa wa Africa oka fumanwa bukeng ena, "A Prophet Visits Africa.")
Ke matla ao bongata ba Bakreste ba nang le oona hobane Lentswe le se tlisitseng ho bona ho qaleng hwa monyako o bulehileng wa Pentecosta.
Jwale re kgutlela morao monyakong o butsweng wa Mongwaha wa Filadelfia. O ne o sena monyako o bulehileng wa matla ao o nang le oona. O hlokomele hore hona temaneng yona eo ho buuwa ka monyako o butsweng. O re, "O nale matlanyana". Ke se nepahetseng. MATLA a Moya ane a le siko moo mongwaheng oo. LENTSWE LENE LE RERWA HANTLE. Le ne le etsa hore meya e hlaphohelwe hoya pholosong. Empa Matla a Modimo a neng a bontshwa ka motsamao, a neng a otlolla letsoho la Hae bakeng sa mohlape wa Hae o hasa hasaneng a ne ale siko mohlapeng oo. Leha, ho roriswa Morena, hone ho a ta le hoba ho ngata ho Bopeng.
E ne e le mongwaheng ona moo eo re mmitsang Ntate a neng a etswa. William Carey, eo eneng ele molokisi wa dieta, eo e neng e le moruti Particular Baptist Church mane Moulton, England, ka matla o ile a makatsa batho ka thero ya hae, "hore na taelo eneng e neilwe baApostola ho ruta ditjhaba tsohle ene ese ho bohle basebeletsi ho fihlela qetellong ya mongwaha oo, ho bona hore ho tiisa tshepiso eo o ile a e ntshetsa pele." O ile a lwana le Calvinists a neng a tswile ka dithuto tsa kgetho ho dumela hore bohle BATLA pholoswa le mesebetsi ya dimissionari o tlaba kgahlano le mesebetsi ya Moya. Empa Andrew Fuller a thusa Mong. Carey ka thero le ka ho nyolla letlole. Tseo ene ele mokgwa wa bona setjhabeng ho ka rera Evangedi, ka 1792. Setjhaba sena se ile sa roma Carey ya neng a hlohonolofaditswe ke Modimo ho hapeng meya India. Ka 1795 mme a pota hohle ho etsa London Missionary Society eo re etsebang kaofela ha rona, mme a romela dimissionari tse sekete lemo tseo tsohle kaho rata ho sebeletsa Modimo. Moya wa Modimo one o tsamaya "Nku e nngwe" e lokela hoba sello sa bohle badumelang.
"Ke beile monyako o butsweng kapela hao." Ke rata ho sheba mantswe ao hape. Nakong ena, tleha ke sa tloba nyatsa tshebeletsong tsa bona, ke tlile ho tlisa kgopolo e nngwe e tebang haholo mongwaheng wa ho qetela. Jwalo kaha kese ke boletse hore, mongwaha ona o qhibidiha mongwaheng wa ho qetela. E ne e le mongwaheng ona ha Jesu are, "Ke tla kapele" (temana ya 11), le mongwaheng wa ho qetela "ho qeta mosebetsi le ho kgaola ka mesebetsi e lokileng; hobane mosebetsi o mokgutshwane Modimo o tla o etsa lefatsheng." Baroma 9:28. Jwale ho tiisa sena sheba Tshenolo 3:8 eya tjena -- "monyako o butsweng -- matlanyana, Lentswe, Lebitso." Monyako oo o butsweng o sebetsa ka boraro. Jwale lemati le bolelang? Ho Johanne 10:7, ere, "Jesus are ho bona hape, ka nnete, nnete, kere holona, KE NNA MONYAKO WA DINKU." Ke nnete: `KE NNA' KE monyako wa dinku. Jwale sena hase nthofeela. Ho feela hole jwalo. Hlokomela ho Johanne 10 moo Jesu a fanang ka setshwantsho, O ipitsa modisa. Ebe o ipitsa modisa. Mme ke seo modisa ale ng ho dinku. O felae le monyako wa teng.
Ha ke ne ke le Botjhabela ke ile ka bona hore ka phirimane modisa o bokella mohlape wa hae. O tla dikopanya mmoho. Mme a dibala. Ha ase a tiiselehile hore dibolokehile, ebe o tla robala fatshe monyakong o bulehileng ebe o fetoha lemati ka boyena. Haho e ka kenang kapa hotswa. Ene ele monyako. Letsatsi le hlahlamang ka jeepi ya motswalle waka ka hlokomela ha modisa a etella mohlape wa hae pele ho kena motseng. Hantle feela makoloi aema hore mohlape o fete. Jwale metseng eo e Botjhabela haho tshwane le mona. Re beha tsohle tseo re di rekisang ka hare; empa mola, ho jwalo ka masimo a molemi hohle ka tseo a direkisang mona peivementeng-hore o bone o reke. ka nahana, "Oho, ke moo mo dintwa diqalang. Ema ho fihlela dinku tseo dibona tseo tsohle." Empa ha modisa a ya pele, nku tseo di latela hantle kamorao. Batla sheba hohle moo tse rekiswang, empa ho se nku e tshwarang letho. Oho, ha feela kene ke tseba puo ya bona, Nkabe ke ile ka ema hara sephethephete mme kaba rerela ka seo ke se boneng. Ha ole nku ya Modisa e Moholo, o tla Molatela, jwalo feela kaha dinku dietsa. O ka se leke ho fetohela kerekeng e nngwe enang le dipalesa tse kgolo, kapa ho mamela diporofesa tsa D.D. kapa Ph.D. kapa L.L.D., empa otla dula le Modisa. Bible eredinku diutlwa Lentswe la Hae mme di ya Molatela, empa lentswe la motho feela le etsa hore dibalehe dimathe kamora Modisa wa tsona. Ho bokwe Modimo.
Empa seo e ne e se sohle seo ke se boneng le ho ithuta sona. Ka tsatsi le leng ke ile ka ithuta se seng hape ha ke bona banna bale masimong ba alositse mehlape e fapaneng. Emong one a disitse dikolobe, e mong dipodi, e mong dikamela, e mong dimoulo, jwalo jwalo. Jwale ka botsa motswalle ya dulang moo, banna bana ba bitswang. "Oho," a araba a re, "ke badisa." Ha nkaba ka kgona ho mamella seo. kare, "O kasere BOHLE ke badisa. Badisa badisa dinku feela, ha ho jwalo na?" "Tjhe," a re, "modisa ke mohlokomedi le molebeledi, jwale emong le emong ya lebellang diphoofolo ke modisa." Jwale, hoo ho ile hwa mmakatsa. Empa ke ile ka hlokomela phapang mahareng a badisa bao bahlokometseng dinku. Haho tla nako ya ho orohaha ba bang baya tsamaya ba siye mohlape wa bona hona moo. Modisa wa dinku o tsamaya le tsona, a fihle a dikenye sakeng mme a robale monyako. Oho, ho roriswe Morena, Modisa wa rona ha are lese kapa hore lahla. Ha bosiu bo etla o re isa lesakeng. Ke rata hoba tlhokomelong ya Hae.
Jwale he, re ka bona hore JESU KE MONYAKO. Ke Modisa wa sebele wa dinku. Mme o hlokomele ho buuwa ka MONYAKO O BUTSWENG. Ke eng hoo empa ke Tshenolo? Mme Tshenolo eo e butswe ka Matla, ho toloka Lentswe le ho tlotlisa Lebitso la Hae. Ene ele mahareng a mengwaha e mmedi ya ho qetela ya Tshenolo ya Puso ya Jesu Kreste e senohang kapele ho rona. Eya, re a tseba hore Ene ele Modimo. Ha jwang ekaba Modisa? Jwale kaha e bile MODIMO FEELA, KAPA YENA FEELA, HORE ENE ELE Alfa le Omega, ele hore "Jesu e ne ele BOBEDI MORENA LE KRESTE -- HO MOETSANG MORENA JESU KRESTE, NTATE, MORA LE MOYA O HALALELANG, KAOFELA MOTHO ALE MONG -- tshenolo e ileng ya lahleha mongwasheng wa kereke ya pele, mme re ya se bona seo jwale. Tshenolo ya seo ALENG SONA se kgutlile. Ka nnete Bomodimo ha se batho ba bararo empa ele motho a le mong, hobane ho nka botho ho etsa motho. Ha hole teng BOTHO bole bong, ho nale motho ale mong. Empa bao badumelang ho batho ba bararo ba nale Bomodimo bo boraro eleng ho roba molao wa pele.
Empa tshenolo ya Bomodimo e kgutlile ho rona. Jwale kereke ya sebele e tla ikakgela matla ana. KAMORA NAKO ENA KAOFELA O BOETSE O YA TSEBA MORENA WA HAE KE MANG. Hang hape KOLOBETSO LEBITSONG LA JESU jwale ka ha a entse nakong ya Pentecost.
Ha nke ke o bolelle toro ya motho ya e neuwang ke Modimo ke neuwe toro feela ya kolobetso. Sena ene ese pono, empa toro. O ya tseba, ke dumela jwalo, hore tlhonolofatso ya Modimo ene ele ho fumana toro ka Moya o Halalelang, hantle feela jwalo kaha o ka lora. E ne e le 3 a. m. ka Moqebelo hoseng. Kene ke qeta hotsoha ho ya batlela Joseph metsi a honwa. Yare ha ke dula ka kgaleha mme hang ka lora toro ena. Ka bona monna eo e neng ekaba ntate waka. Ene ele monna ya matla wa seqhenqha. Ka bona hape mosadi ya kang mme waka, empa one a sa tshwane le yena hohang, jwalo kaha le monna eo a ne asa tshwane le ntate. E ne e le wa bohlokwa haholo ho mosadi wa hae. O ne a tshwere lepolanka lenang le dikgutlo tse tharo. Le ya tseba hao nka patsi o e emisa ho e kgatha ka selepe, e etsa kgutlo tse tharo jwalo ka patsi e tlobeswa. Ho ne ho tshwana le seo. O ne a nka seo club mme a mootla hloohong, mme a modia fatshe. Yaba o robala moo o ya lla, ebe o ya tsamaya ka difuba tse tswileng ka sefahleho se tletseng boikgohomoso, ka makoko haholo boikgohomoso bo boholo ha antse a otla mosadi eo a senang ho etsa letho. Nako le nako ha are o ya ema a mootle. Ha nkaba ka rata seo a neng a se etsa, empa yare ha ke nahana ho mothiba, ke nahana, "Nka se kgone ho thiba monna enwa -- o moholo haholo. O lokela hoba thaka ya ntate." Empa ka hare ho nna ene ese ntate waka, mme kene ke tseba hantle hore haho monna ya nang le tokelo ya ho etsa mosadi ka tsela e jwalo. Ke ile ka atamela mme ka motshwara kamorao mme ka moshebisa ho nna, "Ha o na tokelo ya ho etsa seo ose etsang ka mosadi enwa." Mme yare ha ke bolela jwalo yaba ke hlomela mesifa jwalo ka senatla. Monna enwa a tshaba seo mme a tshaba nna. Kare, "O tla mootla hape otla mphumana ha oka etsa seo." A tshaba ho mootla hape, yaba toro eo eya ntesela.
Ka tsoha hang kamora toro eo. Ke nahana, hone ho makatsa haholo. Ka ipotsa hore hobaneng ha ke nale toro ena ka mosadi eo, yare hang a tsamaya, mme boteng ba Modimo ba hlaka ho nna ka toloko ya toro ena. (Jwale lona batho le ya tseba ke ile ka kgona ho hlalosa ditoro tsa lona; empa ke nale ba bangata, ka makgetlo a mangata, ke le boleletse se na le sa mpolelle ditoro tsa lona.) Mosadi o emetse kereke ya lefatshe kajeno. Ke tswaletswe hantle moferefereng ona -- moferefereng ona aleng ho ona. O ne a lokela hoba mme ya lokileng (ke mme wa dihlola) . Monna wa hae ke mokgatlo o molaolang. Lepolankeng lena le neng le na le dikgutlo tse tharo dine diemettse kolobetso e fosahetseng ya maemedi. Nako le nako ha are o ya tsoha a mootla (ho bolelang hore mekgatlo ena e hanela ho amohela nnete) o tla mokgannela tlase haholo moo thutong ya hae. O ne a le moholo hoo ke neng ke motshaba le nna pele, empa yare ha ke fihla ho yena ka hlokomela matla ao ke nang le oona. E ne e le MESIFA YA TUMELO. Tlhahiso ya sena, "jwale ka ha Modimo a na le nna, mme a ka mpha matla, a etsa hore ke eme kgahlano le matla a mekgatlo ya lefatshe a mootlang.”
Jwale ha ke rate ho etsa thuto hodima toro eo. Kapa hona ho hlahisa thuto e nngwe eo ka toro. Bonngwe ba Bomodimo bo hlaha hotloha kwana ho Genese 1:1 ho isa Tshenolo 22:21. Empa batho bafoufaditswe ka thuto e siko mangolong a boraro, le dithuto tseo tse sa mamellanang ho leka "Motho a le Mong Modimo" ke tsohle empa haho bobebe. Ha batho ba sa boneng NNETE ya Bomodimo, empa baelwantsha; haba kgone ho bona hobane TSHENOLO KE JESU KRESTE HO KEREKE LE MAHARENG A KEREKE TSA MENGWAHA TSE SUPILENG. O ile a fumana seo? Jwale ke nahana hore o ya utlwisisa. "O nale matlanyana, mme o bolokile Lentswe laka mme ha o latole Lebitso laka." Jwale rese re buile ka matla a kgutlelang ho rona. Ho ne hole jwalo. Matla a sena a bonahala. Batho ba siile naha tsa habo bona le ho batla tokoloho ya borapedi. Joko ya bokgoba e tlositswe. Mebuso e fumana e seng bohlale e seng kaha ele seo ho tloha ho se seng. Hantle ntle, ke se utlwahalang ha monate empa se sa bolele lethoho tshireletsa tumelo ya bona. Mohlomong ho bontsha matla a tumelo ya bona mongwaheng ona ene ele hobane, leha France e ile ya wela diphetohong, tsoseletso e kgolo ya Wesley e ile ya tlosa sohle mane Britain mme ya ba boloka hore ebe disebediswa matsohong a Modimo mengwaheng e mengata. Moreri wa Lentswe ha akaba a tloha a bile moholo. Jwalo ka ha Satane a tsosa tsa hae ho ba nahanang feela, jwalo kaha bokomonisi boqala, jwalo ka balokolohi ba theologians bophasalla hohle, Modimo a tsosa banna ba matla haholo tumelong, le mesebetsi e meholo ya ya thuto ya Bokreste le thero e kgolohadi. E sakang ya etsa ho lekanya ha bayaka ba etsa seo. E leng ba Spurgeons, Parkers, McClarens, the Edwards, Bunyans, Meullers, Brainards, Barnes, Bishops, bohle bahlaha tabeng ena. TBarera, ho ruta le ho ngola Lentswe la Modimo. Batlotlisa Lebitso la Hae.
KAHLOLO YA YA IKETSANG MOJUDA
Tshenolo 3:9. "Bona, ke o neela ba bang ba synagoge ya Satane, ba ipitsa Bajuda, athe ha se bona, ba mpa bale leshano; bona, ke tla etsa hore batlo kgumama pela maoto a hao, hore batle batsebe hore ke o ratile.”
Jwale re ka bona hore bothata bona ba ba iketsang Bajuda kapa badumedi ba bohata bane sentse ba le teng mongwaheng ona wa bobedi. Ba na baiketsang Bajuda ba hlaha hantle feela tsholohong ya mongwaha wa pele, mme baboela bahlaha hape mongwaheng ona wa ho ipopa. E na ke ntho e makatsang hape. Hantle ntle, hase ntho feela. Ke mokgwa wa Satane. Mokgwa oo ke ho kopanya le ba batla ditokelo. E re ke o bontshe. Morao kwana Mongwaheng wa Smyrna batho bane ba qala leshano bare ke Bajuda (kapa badumedi) leha ese bona. Ele synagoge sa Satane. Ene ele mokgatlo wa Satane bongata, ke hona mongwaheng ona moo honeng ho hlaha boetapele bo senang tiisetso hodima ditshebeletso tsa baena. (Babishopo balokisa districts, hodima baholo). Ntho e nngwe eo re e bonang ke hore mongwaheng wa boraro ho ne hole ntho eneng e bitswa "Sebaka sa Satane". Mongwaha wa ho nyalana le mmuso. Ka matla a maholo a mmuso kerekeng e ne e le e bonahalang nameng. Empa Modimo a qhaqholla seo kgahlano le mmuso le ho bokella ho fihlela nako ya kganya e kgolo. Empa ho etsahalang? Maluthere a bokellana le mmuso hape re bona synagoge ya Satane e hlaha hape mongwaheng wa botshelela. Jwale ke nnete lebotho la synagoge osare ke ba ha Satane. Tjhe mong. Bare ke ba Modimo. Empa baleshano. Hobane eo elengMojuda wa sebele (baiketsang babolelang tseo) ke bao babolelang Bajuda bohareng -- Moyeng. Jwale haeba base Bajuda ba jwalo ka ha Jude 19 bare, "BASENANG Moya". Bana ba Modimo ka ho tswalwa ka Moya. Sena hasena Moya mme ka tsela e jwalo HASE bana ba Modimo ha ho kgathatsehe hore ho jwang hoba kgahlanong ale ho bontsha siyo oleng sona. BASHWELE. Ke bana bamokgatlo, mme le tholwana ya nnete e lahlehileng. Baahilwe hodima mokgatlo, mekgwa le dithuto le nnete ha eyo ho bona hobane banale tse ka hodimo Lentswe la Modimo.
E re ke o bolelle seo ke lekileng ho se ruta nako ena kaofela ka difate tsena tse pedi hotswa meyeng e mmedi ena e fapaneng. Nka mohlala ka Jesu le Judas ka nako ena. Jesu ene ele Mora wa Modimo. Judase e ne e le mora wa tahleho. Modimo o ile a kena kaho Jesu. Satane a kena kaho Judase. Jesu o ne anale tshebeleto e tletseng Moya o Halalelang "Ka tsela eo Jesus wa Nazaretha ka Moya o Halalelang le ka MATLA: Ke mang yaneng a tswella pele kaho etsa seo, le ho fodisa ba bangata ba hatelletsweng ke diabolosel; hobane Modimo a ne a nale Yena." Diketso 10:38. Ere "hobane yena (Judase) o ne a badilwe le rona, mme o bile le KAROLO tshebeletsong ya rona," Diketso 1:17. Mattheu 10:1, "Yare ha a bileditse ho yena barutuwa ba hae baleshome le metso e mmedi, a ba neha matla a ho meya e ditshila, ho e lahlela ntle, le ho fodisa malwetse ohle le mofokolo." Moya ona oo oneng ole kaho Judas o tsamaile hantle ho Jesu. Mme ba fihla sefapanong. Jesu o ile a fanyehwa sefapanong, ka thabo a fana ka BOPHELO BA HAE ka thabo bakeng sa dibe le ho bua o laotse tsohle ka ho Modimo. Moya wa Hae o ile ho Modimo o ile wa tsholleha ho kereke ka tsatsi la Pentecosta. Empa Judase a i fanyeha mme moya wa hae wa kgutlela ho Satane, empa kamora Pentecost o na moya oo wa Judase o ile wa kgutlela sefateng se fosahetseng eseng ho sa nnete. Empa hlokomela, moya wa Juda hao yaka wa kena tsatsing la Pentecosta. Hao o yaka wa amohela Moya o Halalelang. Hao yaka wa kgona ho O amohela. Empa ho etsahetseng ka moya wa Judas? O ile wa latela mokotla wa kgauda. Ka moo o ileng wa rata tjhelete. O ntse o rata tjhelete lekajeno. Hao ka tsamaela Lebitso la Jesu o etse ntho tse makatsang le ho tshwara dikopano, o ntse o tswella ho etsa tjhelete e ngata le meaho, dithuto le ntho tse ngata le tsa ho ithuta. Hlokomela moya oo o hodima bona mme hao thetsehe. Judase o ile a tsamaya le leshome le metso e mmedi mme oile a etsa mehlolo le yena. Empa HAKA aba le Moya wa Modimo jwalo ka wa hae. Ke nnete o ne a nale tshebeletso. Empa ha akaba aya ho Pentecost ka hobane e ne e se peo ya sebele. E ne e se ngwana wa nnete wa Modimo. Tjhe Mong. Mme ho ka tsela yona eo masynagogeng a Satane. O seke wa thetswa. O kase thetswe ha feela o le ya kgethuweng. Jesu o itse jwalo.
E, mathaka a na a re ke Bakreste empa hase bona. "Ke tla baetsa hore batle batlo rapela pela maoto a hao, le hore ba tsebe hore ke o ratile." I Bakorinthe 6:2, "Na ha le tsebe hore bahalaledi batla ahlola lefatshe?" Eseng feela baleshome le metso mmedi le diterone tse leshome le metso e mmedi ba ahlolang maloko a leshome le metso e mmedi ya Iseraele empa bahalaledi, hape, batla ahlola lefatshe. Ke nakong ena bao ba ipitsang hore ke ba Modimo le ho bolela hore ba ya morata batla fumana hore ha ntle ntle ke bafeng bao eleng bana ba Modimo le ba ratwa ke Mora. Eya, tsatsi leo le ya tla letla bonahala. Bana ba busang lefatshe ka sekala, mme qetellong batla aha setshwantsho sa sebata setla busang lefatshe, batla ikokobetsa mohla Jesu atlang le bahalaledi ba Hae ho tlo ahlola lefatshe ka toka. Ke hantle feela seo re se boneng bukeng ya Mattheu 25 ha "Bohle" bao ba sa kgonang ho fumana tsoho ya pele ba eme pela Moahlodi le monyaduwa wa Hae.
THORISO LE TSHEPISO
Tshenolo 3:10, "E re kaha o bolokile Lentswe la mamello yaka, le Nna ke tla o lwela nakong ya meloko, o tla tlang ka lefatshe lohle, ho leka ba ahileng lefatsheng.”
O bolelang ka "Lentswe la mamello?" Baheberu 6:13-15. "Hobane Modimo, mohlang o no o etsetsa Abraham pallo, ka hobane ho ne hose e mong ya o fetisang, eo O neng O ka hlapanyang ka yena, O hlapantse ka Oona, wa re: Ruri, Ke tla o hlonolofatsa. Ke be ke o hlohonolofatse Ke tla o atisa, Ke be ke atise, Mme Abrahama, hoba a lebelle ka sebete, ke moo a neilweng seo a neng a se baletswe." O ya bona Moya O bua ka Lentswe la Modimo le baletsweng rona. Ho bona ha tshepiso eo e phetheha ya Lentswe ho hlokeha mamello jwalo kaha ho ile ha etsahala nakong ya Abrahama. O ile a mmona A sa bonahale. O ne a mamella ho fihlela Lentswe le phetheha. E na ke tsela eo Modimo a rutang batho mamello ka yona. Hobane, ha ahlahisa tiiso ya Lentswe la Hae ha re se re rapetse, ha o ithute mamello, o ka se be le mamello bophelong. E re ke o bontshe swena ho. Hebrews 11:17, "Ka tumelo Abrahama, mohla a lekwang, a hlahisa Isaac: ya neng a neilwe dipallo (Lentswe la Modimo) o hlahisitse mora ale mong wa hae." Ke seo he: Abrahama o ile a lekwa KAMORA o ile a fumana Lentswe la Tshepiso. Bongata bo nahana hore hang ha re rapela Lebitso la Jesu hodima ditshepiso tse lokileng tsa Modimo hore ho kase be le meleko. Empa mona lere Abrahama o ile a lekwa pele a fumana tshepiso eo a ileng a e tshepiswa. Ke seo se nepahetseng hantle feela ho ya ka Mopesalema ho yaha a bua ka Josefa, 105:19, "ho fihlela mong taba tseo a neng a diboleletsweng dihlaha: mme Lentswe la Jehova le ile la moleka." Modimo orefa tshepiso e kgolo. O tshepisa hodi phethahatsa. O tla feela a etse seo. Empa ho tloha nakong eo re rapelang ka yona re lokela ho ithuta ho mamella meyeng ya rona ha re mamella reka kgona ho qhopheha bophelong. Modimo a ke a re thuse hore re sa thola le ho mamella, mme kajeno re feta ho se mamelle hole le ho potlaka.
O tswela pele ka hore, "Hobane o nkile Lentswe laka o phela ka lona mme wa ba le mamello, ke tla o boloka nakong ya moleko o tla tlela lefatshe lohle, ho leka bohle ba lefatsheng." Jwale hape re ya bona ho tloha ho bona hwa mengwaha ena e mmedi; hobane tshepiso ena e behetswe baditjhaba ba nako ya ho qetela e lebisang Matshwenyehong a Maholo.
"Ke tla o boloka nakong ya moleko, o tla hlahela lefatshe lohle, ho leka bohle ba tsamayang lefatsheng." Temana ena hae bolele hore kereke ya sebele e tla kena matshwenyehong a maholo. Haene e bolela jwalo ekabe e hlalositse hantle feela. Empa ere, "Ke tla o boloka nakong ya moleko" Moleko ona o tshwana hantle le oneng ole mane Eden. E tlaba o memang o lebisitseng hantle kgahlanong le Modimo hantle Lentsweng, mme hantle ho tloha ntlheng o tla bonahala o lokile, o bonahala o fana ka bophelo ka ho thetsa lefatshe. Ke bakgethwa feela ba kase keng ba thetswa. Moleko o tla tla ka tsela e jwalo. Maemo a moruo a tla tsamaya ha jwalo feela ka botle leka ho kgahleha mokgwa (Ho ka phethahatsa thapelo ya Kreste re lokela hoba bang) o matla ka mokgwa o makatsang ho tswa mmusong ka dipolotiki ho ka kena ho ona kapa ka mekgwa feela ho kena melaong ka tsela eo hoseng le ya mong a ka bonang haese feela ka ho bontsha mokgatlo ka pusong ena batho ba Mmala, mokgwa jwalo jwalo. Ho fihlela balahlehelwa ke tsohle le semoyeng. Mohlala hantle feela jwale kantle hore hobe le dikgohlang, haese metseng e mengata, e mong a ka se kadime moaho ka kgiro bakeng sa tshebeletso. Hoba basebeletsi basesole, dipetlele jwalo jwalo, ke boikarebelo ho ka tsejwa ke ho bonahala ha dihlotshwana. Ha kgatello ena e ntse e tota, e bile etla tota, ho tlaba thata ho e latola, hobane ho etsa jwalo ke ho lahlehelwa ke monyetla. Mme bongata bo tla lekwa, hobane batla bona hole molemo ho sebeletsa Modimo pontsheng ka ntho tsa bona ka baka la mekgatlo ena. Empa ke. Ho dumela leshano la diabolose ho sebeletsa Satane, leha o ka rata ho Mmitsa Jehova. Empa bakgethwa baka se thetswe.
Ho feta moo, bakgethwa baka se bewe feela, jwalo kaha motsamao ona o bitswa "SETSHWANTSHO HO ISA SEBATENG," bakgethwa ba tla be baile tlhwibilong. Mme kganya ena e nyane, motsamao wa ho hapa o qadileng mane Efese o tla fetoha sebata sa Satane se thetsang lefatshe. Hobane mokgwa wa Roman Catholic le Protestant dikopana mmoho ho hapa moruo wa lefatshe ho le hatella bodumeding ba tsona, kapa ho ba bolaya ka ho ba hanela ho reka kapa ho rekisa hore ba se phele. Sena setla etsahala kapele, hobane baradi ba sehlola base baile ho mma bona hape. Nakong eo, Roma ese e fane ka kgauda. Majuda anale dibonto le dipampiri. Nakong e nepahetseng, sehlola setla fetola tjhelete e teng mme se batle dipampiri, le ho batla kgauda. Ntle ho kgauda, mokgwa oo oya fela kapa hona howa. Majuda atla tshwarwa, mme kereke ya sehlola hodima lefatshe lena lohle.
TSHEPISO HO BAO ELENG BA HAE
Tshenolo 3:11-12, "Bona, Ke tla kapele: itshwarelle ho seo ose tshwereng, e mong atle a seke a nka moqhaka wa hao. Ya hlolang ke tla moetsa tshiya tempeleng ya Modimo wa ka, mme aka se hlole a tswile: mme ke tla ngola hodima hae Lebitso la motse wa Modimo, e leng Jerusalema e Motjha, o theohang ho Modimo: Ke tla ngola Lebitso laka le letjha hodima hae. " Haho hlokahale hore re bue ka taba ena ka baka la monahano wa hore O tla kapele. Re ya tseba hoba O tla kapele hobane re phela matsatsing a ho qetela, na haho jwalo na? Empa o tswella are, "Itshwarelle ho seo o se tshwereng, hore motho a seke a nka moqhaka wa hao.”
Ke mahareng a nako eo Jesu a tlang ka yona. Mme le ho tla hwa Hae ho nale tsoho. Bongata bo tlatla ho tswa leroleng le ba phelang empa baemetseng hotla hwa Hae. Mme bana batla newa meqhaka. HOBANENG? Hobane ke bara ba Modimo. Ke marena le Yena. Babusa le Yena. Ke seo moqhaka o se bolelang -- puso le taolo Morena e Moholo, ka Boyena. Ke tshepiso ya bohle bao eleng ba Hae ba mona lefatsheng -- bohle bao baileng ba mamella ka tshepo ho ka tseba hore Modimo, Moahlodi ya tshepahalang o tlaba putsa. Bao ba ileng ba Moemela ke batla dula teroneng ya Hae le mmusong wa Hae wa nnete. Oho, re na le lentswe bakeng sa rona bohle mona. Ke hore tshwarella ho seo ose tshwereng. Se kgathale. Kenyang dihlomo tsohle tsa Modimo -- sebedisa sebetsa kang seo a o neileng sona -- sebedisa neo ka nngwe eo a o neileng yona, hobane re tlile ho newa meqhaka ke Yena jwalo ka Morena wa Marena le Modimo wa Medimo.
Jwale ha a fane feela ka moqhaka e bile O re monyaduwa wa Hae e tlaba tshiya ya tempele ya Modimo. Empa tempele ya Modimo ke eng? Jesu o buile ka Mmele ya rona e jwalo ka tempele ya Hae. Ene ele nnete. Ene ele tempele ya Modimo. Empa jwalo kaha rele tempele ya hae, kereke ya nnete ke tempele ya Modimo ka Moya wa Modimo. Jwale o ile ho etsa ditopallo tsa tempele. Empa tshiya ke eng? Tshiya ke motheo hobane o tshwara sohle. Ho bokwe Morena, hona ho beha hantle mohlodi le baapostola le baporofeta, hobane ere ho Baefese 2:19-22, "Mme jwale ha e le basele leha e le bajaki, empa le se lele bamotse o le mong le bahalaledi, mme leba ntlo ya Modimo; le moaho o theilweng hodima baapostola le baporofeta, Jesu Kreste ka Boyena e leng lejwe la ntlha la yoona; eo moaho ohle o theilweng hodima Hae, o kopaneng ka nqa tsohle mme ontse o hola kamehla ho etsa tempele e kgethehileng Moreneng: Le lona le hahuwe ha mmoho ho Yena, hoba ntlo ya Modimo Moyeng." Eya, temana eo ya 22 e bolela hore re ahilwe mmoho. Ntho e nngwe le e nngwe e tswa ka MONYAKO (Jesu) mme ke karolo ya tempele eo. Jwale ha Modimo a beha motho tempeleng jwalo ka tshiya ho etsa karolo eo e ahileng tempele eo? O moneha Tshenolo ya Lentswe ka Boyena, hobane ke hantle feela seo baapostola le baporofeta ba neng ba nale sona. Mattheu 16:17. Ke enwa Lentsweng. Ke moo A emeng teng. Haho ya ka montshang.
Sheba seo, "ho hlola". Johanne a botsa potso, "Ke mang ya hlolang?" mme karabo e betseha hang e kgutla, "Ya dumelang hore Jesu ke Kreste." Ha ere mohlodi ke ya dumelang `Ho' Jesu le `Ho' Kreste, empa ya dumelang hore Jesu KE KRESTE -- MOTHO ALE MONG -- eseng ba bedi. Ke ya kolobeditsweng Lebitsong la Morena Jesu Kreste.
Modimo o bua ka monyaduwa mona. Na o batla ho bona setshwantsho sa hae hape? Se fumaneha ho Tshenolo 7:4-17, "Mme ka utlwa palo ya bao ba tshwailweng: mme ene ele lekgolo le mashome a mane le metso e mene la dikete bohle hotswa melokong e leshome le metso e mmedi ya Israele. Ho leloko la Juda ho ne ho tshwauwe badikete tse leshome le metso e mmedi. Baleloko la Reubene ene le badikete tse leshome le metso e mmedi ba neng batshwailweng e ne ele dikete tse leshome lemetso e mmedi. Baleloko la Gade ho tshwauwe badikete tse leshome le metso e mmedi. Baleloko la Asere batshwailweng ele dikete tse leshome le metso e mmedi. Baleloko la Nefthali batshwauweng ene ele dikete tse leshome le metso e mmedi. Baleloko la Manase batshwailweng ene ele dikete tse leshome le metso e mmedi. Baleloko la Simeone baneng batshwailwe ene ele dikete tse leshome le metso e mmedi. Baleloko la Levi baneng batshwauwe ene ele dikete tse leshome le metso e mmedi. Baleloko la Isaskara baneng batshwailweng ene ele dikete tse leshome le metso e mmedi. Baleloko la Zabulone baneng batshwailwe ene ele dikete tse leshome le metso e mmedi. Baleloko la Josefa baneng batshwauwe ene ele dikete tse leshome le metso e mmedi. Baleloko la Benjamene baneng batshwailwe ene ele badikete tse leshome le metso e mmedi. Kamora tsena ka bona bongata bo boholo ba batho, bao hoseng motho ya kgonang ho ba bala, baditjhaba tsohle, le ba mefuta yohle, le ba dipuo tsohle, ba eme pela terone, le pela Konyana, ba apere diaparo tse tshweu, ba tshwere dipalema matsohong a bona; ba ntse bahoa ka mantswe a phahameng, bare, Poloko ke ya Modimo Ya dutseng teroneng, le ya Konyana. Mangelo kaofela ana a eme a teetse terone ka lehare, le baholo le dibupuwa tse phelang tse nne hare, a ne a wa ka difahleho pela terone, a rapela Modimo, A re, Amen: Ho Modimo wa rona ebe poko, le kganya, le bohlale, le teboho, le hlompho, le borena, le matla, mehleng le mehla. Amen. Yaba e mong wa baholo o a hlamisa molomo, are, Bana ba apereng diaparo tse telele tse tshweu ke bomang? Mme batswa kae? Mme kare ho yena, Monghadi, ho tseba wena. Mme are ho nna, bana ke ba tswang mahlomoleng, mme bahlatswitse diaparo tsa bona mading a Konyana. Ke lona lebaka leo baleng pela terone, mme ba O sebeletsa bosiu le motsheare tempeleng ya Ona: mme ya dutseng terone O tla ba sireletsa. Haba sa tla hlola ba lapa, kapa ho nyorwa; ha basatla hlola ba batwa ke letsatsi, leha elel lebatama le leng. Hobane Konyana e hara terone etlaba alosa, amme tlaba isa sedibeng sa metsi a bophelo: mme Modimo otla hlakola meokgo yohle mahlong a bona." Jesu o tlile. O tlotsitse ba 144, 000. O nkile 12, 000 hotswa morabeng wa maobane. Empa ho nale batho ba bang 144, 000 ba bonweng temana ya 9-18. Ke bomang? Sena ke karolo ya monyaduwa ho tswa ho Baditjhaba. Ba kapele ho terone ya Hae ka matsatsi ohle. Ba ya mosebeletsa ka tempeleng. Batlhokomelong e ntle ya Modimo. Ke monyaduwa wa Hae.
Monyaduwa o latela Monyadi. A ka se molahle hohang. A kase tlohe lehlakoreng la Hae. O tla arola terone le Yena. O tla morwesa moqhaka. Mme Ke tla ngola hodima hae Lebitso la Modimo Waka, le lebitso la motse wa Modimo Waka. Mme Lebitso la Modimo ke mang? Jwale, Ene ele Modimo hara rona, ka Emmanuel, empa seo ene ese Lebitso la Hae. "O tla Mobitsa Jesu." Jesu are, "Ke tlile Lebitsong la Ntate, mme ha le Nkamohele." Jwale he Lebitso la Modimo ke JESU, hobane seo ke Lebitso le tlang. Ke MORENA JESU KRESTE. Ke lefe lebitso leo mosadi a le nkang ha a nyalwa? E tlaba Lebitso la Hae leo a lenkang. Tshenolo 21:1-4. "Mme ka bona lehodimo le letjha le lefatshe le letjha: hobane lehodimo la pele le lefatshe la pele di ne difetile; yaba ke bona motse o Halalelang o theohang lehodimong, Mme ke Jerusalema e Ntjha o tukisitse jwalo ka monyaduwaya itlhophiseditseng monna wa Hae. Ka utlwa lentswe le phahameng le etswa teroneng, lere: Bonang, tabernacle ya Modimo e tlile ho batho, O tla aha le bona, mme e tlaba batho ba Hae, mme Modimo ka Boyena o tlaba le bona, mme e be Modimo wa bona. Mme Modimo otla hlakola dikeledi mahlong a bona; mme ho kase hlole ho bile lefu, le ha ele mahlomola, kapa sello, ho ka se hlole ho bile le mahloko: hobane tsohle tsa kgale difetile. " Ho ho hotle jwang feela. Kaofela bao eleng ba Modimo ba nale tshepiso e tiileng etla phethiswa. Ditlabe difetile kaofela. Phethoho ha ho kamoo a ka fetohang ka teng. Konyana le monyaduwa batla dula kamehla pela Modimo. Hlalosa sena? Ke mang ya nang le tokelo ya ho etsa seo? Haho le ya mong. Nahana ka seo? Ho lora ka tsohle? Bala seo Lengolo le se bolelang? E refela reka etsang seo sohle, leha mpa reka tseba seo eleng karolo ya tsoho ya pele.
"Mme ke tla ngola Lebitso la Ka le letjha." Lebitso Laka le letjha. Ha TSOHLE dieba ntjha, ebe otla nka Lebitso mme Lebitso leo etlaba la monyaduwa le yena. Seo Lebitso leo le leng sona, haho seo seleng kgohlana. E lokela hoba Tshenolo ya Moya haho yaka hanang seo. Empa haho pelaelo ka Tshenolo ya tsatsi leo ha atlisa Lebitso leo. Le tlaba monate hoo hoseng ho feta kamoo re ka nahanang.
TAELO YA HO QETELA
Tshenolo 3:13, "Ya nang le ditsebe, ha a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke. " Mongwaha ka mong o fella ka tlhokomediso ena. Ke kopo eo dikereke kaofela dikotjwa sena ke Moya wa Modimo. Mongwaheng ona wa ho qetela hofeta mengwaha ena e meng, hobane mongwaheng ona o nale hotla hwa Morena. Potso hona moo e ka hlaha, "Haebe hole teng mongwaha o mong ho nale ona, hobaneng ka botlako?" Karabo eteng moo. Mongwaha wa ho qetela -- mosebetsi o potlakileng. Mme hase jwalo feela, empa motho olokela ho tseba hore mahlong a Modimo; hore, lemo tse sekete di lekana le letsatsi. Mme haeba O tla ka motsotso, jwale ho lokela hore kereke ya Hae e lokela ho utlwa Lentswe la Hae ha le bua pelong tsa bona. Oho, ho nale mantswe a mangata haholo mme mathata a llelang tlhokomediso; empa ekase be mantswe a hlokomediso ya Lentswe la Moya. Jwale "Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke.”