Mengwaha Ya Kereke - Kgaolo ya 07 (00-0007)



KEREKE YA SARDA YA MONGWAHA.


Tshenolo 3:1-6

Ngolla lengeloi la kereke ya Sarda o re; Ya tshwereng Meya e supileng ya Modimo, le dinaledi tse supileng; ke tseba mesebetsi ya hao, le hoba o nale botumo ba ho phela, athe o shwele. Lebela, mme o tiise ho sa setseng hoseng ho tla shwa; hobane ha ke ya fihlela mesebetsi ya hao e phetehileng ho Modimo. Hopola hle kamoo o filweng ka teng le kamoo o utlwileng, o se boloke, mme o bake. hobane ha o sa lebele, Ke tla tla ho wena ka mokgwa wa leshodu, mme o keke wa tseba nako eo ke tla tla ho wena ka yona. Empa o na le mabitso aba seng ba kae Sarda ba sakang ba silafatsa diaparo tsa bona; mme ba tla tsamaya le Nna ka diaparo tse tshweu; ke hobane ba loketswe ke hoo.

Ya hlolang, yena o tla apeswa ka diaparo tse tshweu; mme nke ke ka hlakola lebitso la hae Bukeng ya Bophelo, empa ke tla bolela lebitso la hae ka pele ho Ntate, le ka pele ho mangeloi. Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke.

SARDA


Sarda ene ele motse wa Lydia. O tswa matsohong a bahlomphehi ba baLydia ho baPersia le ho Alexander ya Moholo. E ile ya lokiswa ke Antiochusya Moholo. Marena a Pergame yaba a atleha ho bokella hore Baroma ba kgone ho busa. Nakong ya Tiberius e ne ele nako ya ho tsitsinyeha hoholo hwa lefatshe le dikotlo. Kajeno ke pokello ya ho se tshepahale. Motse o na o kile wa ba wa bohlokwa ho setjhaba. Pliny o ile are boya bo bongata haholo moo. E ne ele bohare bamoo ho etswang dimmate tsa boya. O ne o ruile haholo ka silivera le kgauda bakeng seo mme ho ne ho bolelwa hore kgauda ene e etswa tjhelete moo hle. Empa o ne o nale mmaraka wa makgoba. Tumelo ena ya motse ona wa modingwana Cybele. Tsela eo eneng e busa tempeleng. O tla hopola hore Mongwaha wa Pergame e boletsweng Babylone ka tsela ya "mme le mora" Batsejwang jwalo ka Semiramis le Ninus ba e ba Cybele le Deoius ba Asia. Mokgwa wa tsena tse pedi tseo dineng di bonahala di tsamaya ka lehlakore ka lehlakore.

E ne e le modingwana wa letsatsi; yena e le modingwana wa mosadi wa kgwedi.

Ene ele modimo wa lehodimo; yena ele mofumahadi wa lehodimo.

Yena mohlahisi wa modingwana le nnete; ka mohau wa hae.

Yena mmuelli; yena ele mmuelli wa mosadi.

Yena ka senotlolo sa ho bula le ho kwala hwa lefatshe se sabonahaleng; mme yena ka senotlolo se bonahalang se etsang jwalo.

Yena jwalo ka lefu; jwalo kaha a eme moo.

Yena jwalo kaha ba bolailweng, ba tsositsweng mme a theohileng lehodimong; o na le mora ka lefu.

Jwale Roma yena modingwana o neilwe leemedi la Modimo: o bitswa Mora wa Modimo nakong ena a bitswang mme wa Modimo. Jwale sena ke seo re se fumanang mane mengwaheng e mmedi e fetileng, moo `mme le mora'a nka sebaka. Empa hlokomela moo Babilona ho rapela mora ho qala a lahlwa ka ho rapela mme, jwale, o ile a nka sebaka sa mora. Re bona mengwaha ya pagane ho rapela mane Sarda ho ne ho rapelwa mosadi. E ne e le Cybele a le mong feela, e seng Cybele le Deoius. Mme o nkile sebaka sa Mora, a nkile sebaka sa Bomodimo. Kaofela balokela hoba ka maemedi a fapaneng le ho bitsa ho ya ka botle ba Maria ka Kereke ya Roma ho utlwisisa moo tumelo ya mongwaha oo.

Ntho tse pedi tse mmakatsang ke ha ke sheba borapedi ba Cybele. A le mong o ne a na le senotlolo jwalo ka Janus a na le tokelo jwalo ka Janus, (senotlolo sa lehodimo le lefatshe le mehlolo) mme lebaka ke hore barapedi ba bahlakola madi mmeleng, ke enngwe ntho e etswang ka ho otloloha ke Makatholiki ba utlwa hore baya sotleha. Lebaka ke hore pele eo e leng mopapa Roma bao hantle feela e theohile, ha ho se etsahalang jwalo ka Jezebele moprofeta ho etsa seo ka thuto ya Maryolatry ho nka qeto ho bona kgahlano le maProtestanta baneng ba hanana le leano la hae ba kgetha pholoso ho nale yena jwalo ka Modimo jwalo kaha morwetsana a bonahala e le lesea. Jwalo kaha Luther a ile a hanana le thuto ya bona ka tokafatso ya mesebetsi, mamello, dithapelo le tse ding tse sa ngolwang dise bolelang. Mme jwalo kaha a dumeletse Bakreste ho hlompha Mora, Roman Catholic e ile ya nyolla tlhompho ho Maria ho fihlela mengwaheng ya (hoba maemong a hodimo theologing ya Roman) Pope Pius ho bonahatsa Maria ho hlompheng le ho tsoheng hwa mmele. Thuto eo e ene etswa Babilona e mong wa mora a nka mmele wa lehodimo.

Haho makatse ha mongwaha ona wa bohlano ha o ntse o tsamaya hantle le mengwaha e meng le ho tswella ho etsa jwalo ho fihla qetelong ya sebopi sa mollo moo sehlola le bana ba sona batlang ho dielwa teng e leng lefu la bobedi. Ke seo moo se hlahang teng, Maryolatry, ho rapela Cybele. Ka tsela eo, na o ne o tseba Cybele e ne e le Astarte hore Jezebele e ne e le moruti wa mosadi mme a hlola hore Israel e kgotjwe tseleng ya yona eo aneng a e sebeletsa? E monghadi, ke seo aneng ale sona Bibeleng.

MONGWAHA


Sarda kapa kereke ya mongwaha wa bohlano ho tloha 1520 ho isa 1750. o ne o bitswa Mongwaha wa ho Bopana.

LENQOSA


Lenqosa la mongwaha ona le tsebahala jwalo ka mengwaha jwalo na. E ne e le Martin Luther. Martin Luther e ne e le morutwana wa seo. O ne a ithutela boagente ha a ithutela seo le lefu la metswalle e hlola hoba le bothata ho ya ka maemo a semoya a bophelo ba hae. O ile a kena ho phutheho ya Augustin mane Erfurt ka 1505. Moo o ile a ithuta philosophy le Lentswe la Modimo. O phetse bophelo ba bohlweki diketso tsa kantle dine di sa mokgahlise. A re, "Ke inehela lefu ho etsa kgotso le Modimo, empa kene kele lefififng mme ha ke yaka ka e fumana." Mo-general wa vicar a laela, Staupitz, ho thusa pholosong one a lokela hoba letsebo ya mesebetsi ya ka hare ho nale ya semoya. Ka kgothatso ena, o ile a tswella ho batla Modimo. Yaba qetellong. Jwalo kaha a ne a se a pholositswe. A fetoha avid mme yaeba morutwana wa Lentswe le mosebetsi wa theologi ka ho otloloha. O ile a batlwa jwalo ka moruti le moreri ka baka la botebo ba hae le botshepehi. Ho ka tiisa selekane seo ha a ne a ya Roma. Moo a bona ditshila tsa kereke le mesebetsi e sa lokang ya ho tlisa pholoho, mme Lentswe la Modimo la ama pelo ya hae, "Balokileng batla phela ka tumelo." Ho kgutleng hwa hae hae ka evangedi ya nnete ya Lengolo lena la nna la theoha jwalo pelong ya hae a lokolohile sebeng mme a tswetswe mmusong wa Modimo. Yare ha a qeta ho fumana lengolo la Doctor of Divinity le mmuso, "ho ka beha tsena tsohle a bala ka botshepehi a sireletsa Lengolo le Halalelang." Sena o ile a se bona, mme ka sena se ama pelo ya haele bao ba mopotileng moo balokiswa ke Lentswe. Lentswe latla lahlahella ka tlhokofatso ya kereke le mekgwa le dithuto.

Ho tjhong hore Leo X yaeba mopapa, mme John Tetzel a tla rekisa mekgwa bakeng sa dibe, Luther o ne a sena kgetho a ema hape ka ho hanana le thuto ya Lengolo. Pele, a lwana hotswa sefaleng kgahlano le lona mme a ngola 95 ya tseo a dibatlang ka Mphalane 31, 1517 a semanehisa monyakong wa Castle Church.

Ka nako e kgutshwane Germany e ne e tuka ke se na mme hwa qaleha thuto ya hae. Jwale ha se na se hopolwe hore Martin Luther e ne e se yena feela ya neng a hanana le thuto ya Roman Catholic Church. Le yena e ne e le emong wa ba bangata. Ba bang baile ba hanana le ketso tsa mopapa nakwana le matla a semoya e sita le hara bomopapa ho ne hole teng ntho tsa nakwana. E, ho ne hole teng ba bangata baileng ba hlahisa mabaka a bona, empa tabeng ya Luther, nako ya Modimo ene e lokile ho ka tsamaya qaleho ya ho kgutlisetsa kereke ho nako ya tsholoho ya Moya o Halalelang nakong e tlang.

Jwale Martin Luther, ka boyena, e ne e le Mokreste ya tlatsuweng ka Moya o Halalelang. E ne e le hantle monna ya phelang ka Lentswe hobane feela a ne a phela ka lona le ho ithuta ka baka la ho fumaneha ho bohle hore ba phele ka lona. O ile a fetolela Testament e Ntjha hore bohle ba e fumane. Mosebetsi ona o ile ao etsa ka boyena, ho lokisa taba e na ka makgetlo a mashome a mabedi. O ile a bokella Baheberu ba barutwana bao hara bona honeng hole Bajuda mme ba fetolela Testament ya Kgale. Mosebetsi wa Luther e ntse o tswella ka katleho ho ya ka Mangolo a Germany a emisitswe. Ene ele moreri ya matla le moruti wa Lentswe, le ho tiisetsa lemong tsa hae tsa ho qetela ya mosebetsi wa hae, hoo Lentswe le ne ele lona feela. Leha a ne a le kgahlano le mesebetsi ya poloko le kolobetso jwalo kaha ene ele kgahlano le ho rata Modimo. O ile a ruta ho ikokobetsa tlasa Kreste hona le motho jwalo ka mokgwa wa Pentecostal. E ne ele monna ya neng a rata ho hlola ka thapelo mesebetsi eo a neng a tlamehile ho e etsa, mme o ne a hatellwa ke nako, nako e ngata ya hae o ne a efa Modimo thapelong bakeng sa ho fumana ditholwana tse lokileng. O ne a tseba hobane ntwa kgahlano le diabolose mme hothwe Satane ka tsatsi le leng o tla hlaha a iponahatse, mme o tla bonahatsa sekoti sa enke, mme a ikopela ho tsamaya. Ka nako e nngwe ba ne batla ho yena ho moqeka ho kaba emong wa maloko a bona bareri le mangolo a Bibele. O ne a bona Moya o ka ho bona mme a hanele taba eo.

Ho ngotswe jwalo ka Dr. Martin Luther ho Sauer's History Vol. 3, leqephe la 406 hore ene ele, "moporofeta, moevangedi, mmui wa diteme, mohlalose, ho motho a le mong, a fuwe mpho tseo tsohle tse robong tsa moya.”

Se neng se fuduwa pelo ya hae ka Moya o Halalelang, le se neng e le se senyane sehlahisa nnete ene ele ho kgutlela morao hwa kereke ho tsatsi la Pentecost, e ne e le thuto ya tokafatso: poloko ka mohau, ho tloha mosebetsing. Ke hlokomela hore Dr. Luther o ne a sa dumele feela, le ho rera feela, tokafatso, empa sena e ne e le lepetjo la hae ka nnete e lokela hoba seo thuto ya nnete ya Lentswe. O tla dula a tsebahala ka mokgwa wa hae jwalo ka se sebediswa letsohong la Modimo leho bolela nnete ena. Ene ele lenqosa la bohlano, "BA LOKILENG BATLA PHELA KA TUMELO." Ka nnete re amohela hore one a tseba le ho ruta seo re se rutang ho tloha tumelong ho isa tumelong. Kutlwisiso ya hae e makatsang ya nnete, kgetho, tiiso le nnete di ile tsa moruta hoba monna e moholo Lentsweng, hape kere, jwalo kaha borahistori, Modimo oile a ba a mosebedisa ho tlisa batho ho yena le boleng ba mosebetsi wa hae -- "Ba lokileng batla phela ka tumelo.”

Jwale kaha ha ke se ke boletse, mongwaha ona o ne o bolelwa ke borahistori, Nako ya ho Boelana. Ke hantle seo. Ke seo eleng sona. Ho ne ho lokela hoba jwalo ka Martin Luther ene ele moboelanyi, e seng moporofeta. Jwale ke ya tseba buka ya histori e mmitsa moporofeta, empa haho bolele hore buka ya history e lokile, hobane haho rekoto ya Martin Luther a atleha hoba moporofeta wa Modimo ho Lengolo la lentswe. Ene ele moruti wa sebele tse ding tsa ditlhahiso tsa Semoya bophelong ba hae le ho rorisa Modimo ka seo. Jwale o ne a lokela ho kgutlisetsa kereke ene ele monna ya tshwanang le moapostola Paulose bao eneng ele bobedi moapostola le moprofeta.

Jwale kaha e le ha nako e ntse e tswella ho fumana phetoho ka ho kopanya le tlwaelo eleng e kopantswe. Qalong o bile mohlomphehi, o ne a sa tshabe letho, o ne a mamelletse le ho sebeletsa Modimo ho nale mathata a hae. Yaba bongata botla ho yena. Lebaka la bona e ne e se ka ho tla ka nnete. Empa bane ba nale Moya wa dipolotiki. Bane ba batla ho roba joko ya mopapa. Ba ne ba romela tjhelete kwana Rome. Bonokwane bone bohlaha. Qetellong o ile a hulelwa dipolotiking mme qeto tsa sena hantle sa sala kantle ho kereke ntle le kereke ka thapelo, ho rera le hobolela o ile a beha boleng botla latelwa. Bothata bona ba dipolotiki ya tsoswa ho fihlela a hapa mmuelli mahareng a Modimo le batho. Qeto ya hae hore kereke e nke sebaka mme dikete diile tsa bolawa. O ne a tiisitse, empa hang a itumella Evangedi ya Kereke le Mmuso o ne a lokela ho kotula seo.

Empa bakeng sa tsohle, Modimo a sebedisa Martin Luther. Haho bolelwe maemedi a hae ka phoso. Jwale haho bolelwe hore maiteko a kahlolo ya hae a ile a hloleha. Ka nnete ha Maluthere a ne a kgutlela dithutong tsa hae mme basebeletsaModimo jwalo ka moena enwa a ile a etsa, jwale batho bao ka nnete ene etlaba barorise Modimo le Mopholosi, Jesu Kreste.

TUMEDISO


Tshenolo 3:1, "O re ya tshwereng Meya e supileng ya Modimo, le dinaledi tse supileng."

Hang hape jwalo ka mengwaheng e mene e fetileng moya o boetse o senola Morena ho rona ka ho beha tsela ya Hae. Ka nako ena a eme hara dikereke, re mmona jwale ale Mong ka Meya e supileng ya Modimo le dinaledi tse supileng. Re tseba hantle hore naledi tsena tse supileng ke bo mang, empa re tla lokela ho fumana hore Meya ena e supileng ke eng. Taba yona ena e fumanwa ka makgetlo a mane Bukeng ya Tshenolo. Tshenolo 1:4, "Ho tloha Meyeng e supileng e ka pela terone ya Hae." Tshenolo 3:1, "O re ya tshwereng Meya e supileng ya Modimo." Tshenolo 4:5, "Teroneng eo ho ne hotswa mahadima, lediaduma, le mantswe, mme pela terone ho ne ho eme dilampi tse supileng, tseo eleng Meya e supileng ya Modimo." Revelation 5:6, "Yaba ke bona konyana e kang e hlabilwe, e eme mahareng a terone le a dibupuwa tse nne, le mahareng a baholo, e nale dinaka tse supileng, le mahlo a supileng, eleng Meya e supileng ya Modimo, e rometsweng kahohle lefatsheng.”

Ho qala ka yona nako eo, re tseba ka ho otloloha hore temana tsena ha di rute thuto ya kgale kapa e ntjha kapa e kgahlano le Johanne 4:24a "Modimo ke (Ale mong) Moya." Sena se tshwana le se ho I Bakorinthe 12:8-11 moo re fumanang MOYA OLE MONG O itlhahisa ka tsela tse ROBONG. Ho tjhong hore re tseba Meya eo e supileng ya Modimo e bolela hore ke Moya ole mong o ka itlhahisa ka tsela tse supileng. Jwale Tshenolo 4:5 yona Meya e supileng eo e boetse e bitswa `dilampi tse tukang tsa mollo' ka pele ho Modimo. Ha e sale Johanne o ne a sa sebedise letho haese maemedi a Testament ya Kgale ho Tshenolo re ya ho Testament ya Kgale mme re fumana hotswa ho Diporovebea 20:27 hore "moya wa motho ke lebone la Modimo." Meya ena e supileng e ka lekanywa le batho. Johanne Mokolobetsi Johanne 5:35 o ne a bitswa lebone `lebone le tukang' le lokelang hore le hlaloswe.' Hape ho Tshenolo 5:6 Meya ena e tshwantshwa hape le mahlo a supileng. Ho Zakaria 4:10, "Hobane ke mang ya ka nyatsang letsatsi la taba tse nyenyane? Ya ileng a thaba ha a bona loto ya ho lekanya e letsohong la Sorobabele, mahlo ao a supileng, ele mahlo a Jehova." Ho hlakile hore lentswe lena, `kea' ke a hlalosang batho. Ho bolelang hore re bona Meya ena ya Jehova mona ke bopaki ba hore ke a batho -- ke nnete etlaba banna ba tlotsuweng, ba tletse ka Moya o Halalelang, hobane tshebeletso ya Modimo ha e matleng a batho empa matleng a Moya o Halalelang. Ho fumana ho kopantsweng mmoho Mangolong a na ao re a fumaneng mmoho ke bopaki ba hore Meya e supileng e bolela tswelopele ya mosebetsi wa Modimo wa oona Moya o Halalelang maphelong a bona o itlhahisang ka Boyena. Ke mahlo a Hae, mme ke dilampi tsa Hae. Banna bana ba supileng ke bomang sena seka bonwa haufe le ho bitswa dilampi tse supileng tseleng tseo tse seng ditsebahala ka manqosa a mengwaha e supileng. Sena se setle ha ka kang. O ya bona, naledi e kganya bosiu, hobane letsatsi le ile. Ka yona tsela eo lenqosa ho ya (naledi e bolela) ka mongwaha ka mong e kgantsha kganya ya Mora. Bohle ba entse sena ka Moya o Halalelang.

Paulose e bile lenqosa la pele hobane o itse ho Bagalate 1:8 hore leha ekaba lengeloi, kapa emong wa manqosa, leha ekaba motho, ho sa kgathatsehe hore ke mang -- ha a rera enngwe Evangedi ho nale eo Paulose a e bolelang, a newe anathema. Paulose o ne a tseba hore kamora hore a tsamae ho teng diphiri tse tla kgukguna. O ne a tseba hore Satane, ka boyena, o tla hlaha jwalo ka lengeloi la kganya ha ka kang ka tshebeletso tsa hae. Jwale o ne a hlokomedisa hore Evangedi e tla dula ele ka mokgwa oo a nenga a e bolela. Jwale Paulose o ne a kolobetsa ka Lebitso la Jesu le ho pheta ho kolobetsa hape batho bao baneng ba saka ba inwa ka metsing. O ile a kolobetsa ka tsela e nepahetseng mme a hlalosa ka dimpho tsa Semoya le ho ba bolela hore badule ka hara kereke ho fihlela Jesu a kgutla. Ho tjhong hore lenqosa la bobedi, ohle a tsheletseng a setseng, o tla etsa ka mokgwa o jwalo ka Moya o Halalelang, o tla tjheswa ka ona mollo ona ola o fana ka kganya ya Evangedi ya Jesu Kreste le matshwao a tla ba latela. Na Irenaeus o ile a atleha? Eya. Na Martin o ile a kgona? Eya. Na Columba o ile a kgona? E ya. Na Martin Luther oile a kgona? Ka otloloha. Na Wesley o ile a kgona? E monghadi, o bile le tshebeletso e kgolo le e neng e rapela hobane o ile a rapella pere ya hae mme ya fola. Ke moo he. Kereke tse supileng le manqosa a supileng a ne a le jwalo, le Paulose o ile a hlahisa thohako ho mang kapa mang ya bolelang hore ke lenqosa empa a rera evangedi empa a sa e phele jwalo ka kganya.

Na statemente saka sekaba le rekoto ya Lentswe? E ya. E re Lentsweng jwale ha motho a ka eketsa kapa ho eketsa se bukeng kapa ho tlosa, ho tla eketswa dikotlo tsa Modimo. Modimo o itse, "Ke tla eketsa dikotlo tse ngodilweng bukeng ena kapa ke tla tlosa karolo ya hae Bukeng ya Bophelo." Tshenolo 22:18.

Jwale re bona Meya e na e Supileng hantle e bolela Moya ole Mong wa Modimo O sebetsang ka taelo ya Lentswe la Modimoho ya ka ho fapana hwa mengwaha. Ke rata ho hlakisa sena hotswa Lentsweng. Moya wa Modimo o ne ole hodima Elia. Yaba Moya ona oo otla ho Elisha ka tsela tse pedi. Jwale mengwaha kamora moo, Moya ona ola oo re o bitsang Moya wa Elia ho ka hlalosa Tshebeletso, e kgutlela ho Johanne Mokolobetsi. Ka tsatsi le leng o ile wa itlhahisa ka tsela ya tshebeletso o tlatla ka tsela e nngwe ho Mongwaha wa Kereke ya ho qetela. Hape: Lengolo lere Modimo o tlotsitse Jesu wa Nazaretha ka Moya o Halalelang le matla a ho sebetsa mmoho ka ho sa feleng, ho fodisa bohle ba neng ba tshwere ke matla a diabolose. Jwalo ka ha Jesu a ile a bolella barutuwa ba Hae ho emaho fihlela tsatsi la Pentecoste e le nako ya Moya o Halalelang o ne ole ho yena le ho wela ho bona. Jwale seo `se bitswa' mmele (kereke) e tlaba boemo ba Hae lefatsheng, e nka sebaka. Mme mesebetsi yona eo ya Moya. O neng ole ka ho Yena o tlaba ka ho bona, batla etsa yona eo ba neng ba e etsa. Mme motho ka mong eo e leng karolo ya Mmele wa Jesu Kreste (kereke ya sebele) e tla hlahisa yona taba ya Jesu le Kereke ya Pentecostal hobane oona Moya oo o tlaba ho bona. Kereke ka nngwe e nang le Moya ooe tla mamela Modimo.

E boetse e bolela ka mokgwa o tjena mona, kapa manqosa ana a kereke tse supileng tsa mongwaha di diatleng tsa Hae. O ba tshwere. O tseba hantle ho tloha ho qaleng ya ditshwereng diatleng tsa Hae ka matla a Hae. Ke seo pontsho tsa seatla eleng sona. Dipontsho tsa seatla dibontsha boholo ba Modimo! Tsebo ya Modimo. Ha ho ya lokelang ho kaba le matla a tokelo ya hae. Ke seo Paulose ore. Haho ya nang le tokelo ya seo. Ho nka tokelo ya Modimole matla a Moya o Halalelang. Evangedi e rerilweng ka matla a Moya o Halalelang. Banna bana baile ba tlotswa ka Moya o Halalelang bohle. Ba ile ba ema kgahlano le lefatshe. Ba ka etsa seo. Bane ba tletse Bomodimo. Ba ile baromelwa tokelo ya Modimo eseng ka tokelo ya motho.

Jwale bane ba nale seo lefatshe le senang sona. Jesu o itse ha A tsamaya o tla romela Moya o Halalelang. Oo lefatshe le senang sona. Ho lokile. Lefatshe, kapa mokgwa oo leke keng la o amohela ke hobane ha le a Moamohela. Ke seo baleng sona mokgatlo -- ke mokgwa wa lefatshe. Mpontshe mokgwa wa kereke tsa lefatshe o tletseng ka Moya o Halalelang. Ke batla ho o bona. Ha o ka kgona mpontshe kereke ya lefatshe e bonang diphoso Lentsweng. Tjhe monghadi. Ha ho lenqosa le le leng le ileng la etsa mokgatlo. Ba ne ba sa amohelehe ho mekgatlo ya bona bane ba baleleka. Moya o Halalelang o ka etsa mokgatlo jwang mme mokgatlo o nka sebaka sa Moya le mekgatlo e nka sebaka sa Lentswe? Hopola, "Pokellano" ke "LEFU". Ho ka se be ka tsela e nngwe. Ha lefatshe le nka maemo, Moya o ya tloha.

Eya, Meya e supileng ha se e mengata empa O MONG. O tla dula o le mong feela. Mme manqosa a tlaba le Moya o na le ho ruta lona Lentswe mme le na le matla ao. Jwa le ha kereke e le kereke ya sebele e tla dula e nale ona Moya o la le Lentswe le ho sebetsa ka matla ane a tsatsi la Pentecost. Ka tsebo e tlaba kereke ya Pentecosta; mme e tlaba le diteme, le ditlhaloso le boporofeta le phodiso. Modimo otla hara yona le Modimo o tla itlhahisa Ka Boyena HARA YONA jwalo ka ha a bile le yona. Hallelujah! Mme a ka sebe Mokgatlo. O se lebale seo.

Jwale re ka bona hore Jesu Kreste o itlhahisa Ka boyena ho ya ka mengwaha ka Moya o Halalelang ho manqosa. Ba jwalo ka Moshe ho bana ba Israele. Jwalo kaha ba nale tshenolo ya tsatsi lena, jwale lenqosa ka bonngwe le nale tshenolo ya Modimo le tshebeletso ya tsatsi leo. Ho tjhong hore lenqosa ka nngwe le letsohong la Hae, re bona Morena a itlhahisa ka Boyena ka banna bana ka ho ba nehela matla a Hae. Haho ya lekana ha A kopana Yena le kereke yohle, e leng seo re se boneng ha A eme hara dikandelara tsa kgauda tse supileng. Mme ha ho ya lekana ha tshebeletso ya Efese emetswe ke e mene mesebetsi (baapostola, baporofeta, baruti, baevangedi, baetapele). Hobane ese eka le etsa ka mongwaha, mme ha se seo empa le hopole -- modisa wa dinku. Jwale Modimo o batla Boyena o batla ho itlhahisa jwalo ka Modisa ya Moholo ho ditshebeletso tsa banna bana ba supileng ho etella pele setjhaba sa Hae ka nnete le ka matla a ho tseba nnete. Modimo le  -- setjhaba sa Hae, hobane ha motho a sena Moya wa Kreste hase e mong wa ba Hae. Mme Yena ke Lentswe. Seo etlaba Lentswe le ileng la tsejwa ke batho. Empa o na le ketelopele e ikgethileng ka banna bana bao A ikgethetseng bona mme O tla boloka seo e leng thato ya Hae. Ba hlaha ka bonngwe ka mongwaha. Ke Moya o na ola o kenang ho bona. Ke sello se seholo sa Roma. Ba nale batho bao ba ikgethetseng bona -- e mong ka mora e mong -- ha ho le ya mong ya Hlahisang matla a Modimo -- ha ho se tlamang Lentswe la Modimo -- ka ho fapana ha bona jwalo kantle ho eketsa kamoo a batlang eseng Modimo. Modimo ha a ho seo. Empa O ka hare ho lenqosa la hae mme o tlaba le botlalo bohle ba Modimo mme O tla latela; lenqosa la Hae jwa lo kaha le latela Morena ka Lentswe.

"Ya tshwereng Meya e supileng le dinaledi tse supileng." Tshenolo 3:1. Jwalo kaha Modimo yena elwa a itlhahisa ka motho, O boetse o Itlhahisa ka monna Moya wa Hae ka motho. "Sena ke saka," o re Morena. Meya e supileng-e tlatsuweng manqosa ka Moya wa Modimo. Bakaba ka tsela e jwang kapa e jwang. Ba ka botswa dipotso. Ka nnete ka kelello ya motho ha a kgone ho atleha-ho sa kgathaletsehe kapa jwang, ke manqosa a mongwaha ona. Modimo o ile a sebedisa Abrahama (o ile a qala leshano), O ile a sebedisa Moshe (o bile kgahlano le Modimo), a sebedisa Jonase (a se mamele), a sebedisa Samsone (a wela sebeng), a sebedisa Davida (a bolaya). O ile a sebedisa Joshua, mme a sebedisa Josefa. Mme ka seo ho etsa phoso ho le ka histori e bonahala ele ntle. TSOHLE E BILE, MME ENTSE ELE WA HAE. Haho ya batlang ho hana. O basebedisitse ka Moya ka hara bona. Ho Monga bona ba tla ema kapa baya wa. Ho bona ba ile bare batla moemela. Ha histori e leka ho kgutlisa sena, e santsane eme. Modimo o sa fetoheng o santsane A tsamaya hara dikandelara tsa hae tseo eleng manqosa a Hae le ka Moya wa Hae ka Lentswe ho batho ho ya jwalo ka mongwaha.

HO QOSA


Tshenolo 3:1b, "Ke tseba mesebetsi ya hao, le hoba o na le botumo ba ho phela, athe o shwele." Tshenolo 3:2b, "hobane ha keya fihlela mesebetsi ya hao e phethehile pela Modimo." Jwale mona, ka nnete, ke ntho e makatsang. Ho mongwaha ka nngwe Moya o qala kaho rorisa badumedi ba nnete, mme e be jwale o kgalema sefate se fosahetseng. Empa nakong ena ya hose utlwe Morena le Lentswe la hae molaetsa oohle ho isa mongwaheng wa bohlano ka kahlolo.

"Ke tseba mesebetsi ya hao" E ne e le mesebetsi e feng eo ya monyaka? Jwale, o tseba hore mongwaha ka nngwe e wela hodima sohle, jwale re nale tsela e qhobehang mona mongwaheng wa bohlano. Mesebetsi ena eleng teng ke efeng:

1. Boetapele ba Moya o Halalelang ha bokopane le ketelopele ya motho.

2. Lentswe le hlwekileng la Modimo le kgona ho lokisa dipelo le ditlwaelo, mekgwa, taelo ya kereke, j.j.

3. Ho rapela Moyeng le dimpho tsa Moya le bohle ba nkang seabo kopanelong ya bohle bahalaledi bane ba beellwa kathoko le ho rapela ditshwantsho, mekete ya pagane, j.j.

4. Maryolatry e ne e nka sebaka se se holo kopanong ya Bakreste, ho fihlela a lahlehelwa ke sebaka Bomodimong mme Mora a tliswa ho tloha tulong ya Hae hodima tsohle monna ya bitswang mopapa, ya ileng a etsa vicar ya Kreste.

Bao ba neng ba le ho kereke ya anti-Kreste baile ba fediswa. Bao ba ileng ba sala ho kereke baile ba eba dipeasants kapa marena. Maphelo a bona e ne e se a bona, mme e ne e se ele ya Kreste, empa ke mmele, bophelo, le moya ho Kereke ya Roma. Ba ne ba bua ka madi a Kreste, leha hole jwalo bane ba tshetlehile maphelo a bona ho tjhelete, mme batlisa tshwarelo ka ditjhelete le dikgauta. Banna ba phetseng hantle ba fumana monyetla o thabisang Pope Leo X a badumella ho ka reka hore dibe tsa bona ditshwarelwe tseo ba soka ba dietsa ka mokgwa wa dikelello wa ho tswella pele mme ebe batswella ho dietsa, kaho tseba hore mopapa o se a batshwaretse dibe. Lentswe la Modimo hotswa ho bona, jwale ke mang ya neng a ka kgona ho etsa seo haese Kreste feela! E sale nnete etswa Lentsweng la Modimo, batho bane ba kwalletswe moahong wa Kereke ya Roma, ba emetse hoshwa, kamora lefu ebe kahlolo. Empa sehlola se seholo, se nwele madi a bahalaledi haho mohopolo ke kahlolo, ho etsa seo ho ka bolaya lefu la semoya le la nama.

Jwale ho ya pheletsong ya mongwaha wa bone oo etlabang qaleho ya mongwaha wa bohlano, kopano ya Constantinople ka Turks a roma bana ba rutehileng ba Leboya la Greek mangolo a Bophirima. Ho loka hwa Lentswe le thuto ya Bakreste ba sebele ene e rometswe. Mme ene ese feela baruti bana ba baholo empa le kopano ho bona e eba ya mongolo o ileng wa fumana ha morao, le ho hlahisa dibuka. Jwale re fumana tlala e kgolo ya Bibele e ka arabeha. Modimo o ile a tsosa banna ba bangata Luther e ne e le emong wa bona. Calvin le Zwingli e ne e le bababedi ba bapileng le ba bang ba bangata, le ba bangata baneng ba sa tsebahale. Leha hole jwalo, leha sena senese sa tsebahale, mesebetsi e meholo ya Modimo e ne e tshwenywa ke banna bana. Hobane ntho e le nngwe, ba neng ba SA E ETSE KGAHLANO LE lenyalo la kereke le mmuso wa Lekgotla la Nicene empa hantle feela ka kopano. Tshireletso ya Evangedi ka mmuso moo ho neng hose Lentswe hara lona. Mme leha re bona "tsela ya motho ya horapela Modimo, " ho ntho tse kang tseo Henry wa Borobedi a dinkileng bakeng sa ho latola thato ya papal, e ne e le sello se thoko le nnete ya Pentecost le tshireletso ya Modimo.

Bakeng sa thuto ena ya Luther kgahlano le mabaka a kereke ao e neng e le mohopolo wa batho e leng "Babishopo, Diarchbishopo" tekano ya mmuso. Ho bolelang hore kereke e nkile bohato bole bong bo botle empa bantse ba lahlehile, ka bokgutshwane ba ile ba e eba moo a neng a leka ho baleha.

Empa mohope wa dithohako o ntse ole teng. E seng hore feela Luther hara bofutsana le ntwa le mahlomola ka baka la lefu la ba bangata; empa mokgatlo wa Zwingli wa nna wa tswella ho qosa monna ya nang le Modimo Dr. Hubmeyer, leha ho ne ho sa moetse hore a lahlehe, e ne ele hantle boikarabelo ka tekanyo ya sebopi sa mollo. Mme Calvin o ne a sa etse ha nyane, hobane o ne a batla ho tshwara Servetus ya neng a bone le ho ruta Bonngwe ba Bomodimo. Mmuso jwale wa qala ho batla moenwa le Calvin o ile a tjheswa. Haho nale nako le tiiso ya mokgatlo e ne e le nako e mahlonoko. Lentswe la Comenius lehlalosa haholo ka taba ena. Comenius o ngotse "SE LE SENG SE HLOKAHALANG." O ile a lekanya sena le karolo ya kutlo, mme a bontsha tsela ya ho lesa se sa hlokahaleng, mme a kgetha se hlokahalang -- Kreste. Palo e kgolo ya baruti, a re ke lona lebaka leo bongata boileng ba lesa sena, seo seneng setlaba le mabitso ha nako e ntse e tswella pele. Kereke ka nngwe e iponang ele ya nnete, kapa e hlwekileng haholo, e leng ya nnete, haele hara bona ba qosana ka bonngwe kalehloyo. Ho ne hose ka moo baka boelanang ka teng mme ho ne ho ka tshepuwa bona; baile ba kopana ka kopano e nngwe. Kantle ho Bibele baiketsetsa ditakatso tsa bona; sena ene ele moo baileng ba ikopanya mme bahlasela ka tsela tsohle. Ha ke nore boipolelo bona ba tumelo -- re ka batla re re ho jwalo ka mahlakore a mangata -- ha baya loka bo bona. Baeba, leha hole jwalo, ka ho nehana ka mollo wa tshwarelo; ke ha feela ba ka kopanela ka thoko feela basebetsa ka ho fodisa maqeba a kereke. "Ka mokgwa ona le ka tsela tse ngata; e eba lerato leo feela ... Se entsweng ke bona? Ba nale mokgwa o le mong feela a ho ka etsa sena? Lehoka. Palo e ile feela ya nyoloha. Satane ke mothetsi e moholo; ha a esoka a hlolwa feela ka mantswe ... Ditshebeletso bongata ho ya ka mantswe a batho a utlwahala ho feta Lentswe la Modimo. Ka bonngwe ho ya kamoo a mothabisang, kapa ho bolaya ka nako ho ka ithuta le ho hlahisa mokgwa o mong wa ho bua. Ka tlhaho e ntjha ka tsela e jwalo e fetola sebopeho sa Kreste le ho nka sebaka Tlhaho (II Peterose 1:4), ho ya ntho e bolelwang ntho e nngwe le enngwe. Ka matla a senotlolo, Kereke e na le matla a ho tlama, ke matla feela a setseng a lokolohileng ... Disacramente, ba fuwe mokgwa wa matla, wa lerato, mme ka bophelo ba rona ho Kreste, e entswe hantle ka mokgwa o makatsang, hwa etsa lehloho, mahareng a sectarianism... Ka bokgutshwane, Bokreste yaeba ntho e tlwaelehileng. Tumelo e ile ya kgaoha ka mekga e mmedi dikete tsa dikarolwana mme ka ho etsa jwalo o ba lehlatsipa la bona bao a mohela ... Ke eng se ka o thusang? Ho ntho ele nngwe feela eo e ka o thusang, kgutlela ho Kreste, ho sheba Kreste jwalo ka Moetapele, mme ho tsamaya mohlaleng wa Hae, ho behella ka thoko tsohle ka ho fihlela seo ba se batlang, mme ba tlile ka ho qala (Baefese 4:13). Jwalo ka se seng lere ya Lengolo jwale jwale re lokela ho etsa seo ka boipolelo ho ya ka Lentswe la Modimo eleng sa rona. Ka Bibele matsohong a rona re lla: Ke dumela seo Modimo a se bolelang ka Bukeng ya hae; mme ke dula ke bolokile molao wa Hae; ke tshepa hore o tla etsa jwalo kaha a tshepisitse. Bakreste, hoba fa ditsebe! Ho bophelo bole bong feela, empa Lefu letla ka tsela tse ngata. Ho Kreste ale mong feela, empa dikete tsa boAntikreste ... Jwale o ya tseba, O Bokresteng, ke eng ntho ele nngwe e hlokahlang. Ke ho kgutlela ho Kresete kapa ba etsang jwalo ka Antikreste. Ha ole bohlale o tla phela, latela Moetapele wa Bophelo.

Empa lona, Bakreste, le thabele ho nkuwa, ... utlwa Lentswe le phahameng la Moetapele, `Tlong ho Nna'... Araba ka karabo ele nngwe, `Leha ho le jwalo, re ya tla'.

Jwale ke batlile ha sena se etsahala kgolo semoyeng ho bamekgatlo. Ka mokgwa wa Bakorinthe "Ke wa Paulose, Ke wa Khaefase" ha ba yaka ba otlohela, o ne ole jwalo. Ho ne hole Maluthere, Mahussite, ba mokgatlo wa Zwingli jwalo jwalo. thulano e jwalo ya Mmele o ne o arohane. Bane ba phela ka mabitso empa bashwele. Empa bane ba shwele. Baile ba shwa hang ha ba bokellana. Mekgatlo e meholo baipokella le mmusong. Se ileng sa etsa seo. Ba ne ba fedile. Ke bana Maluthere ya ileng a nyefola Kereke ya Roma. Bane ba tseba ba neng ba sa loka ho ya ka dipoloditiki tsa semoya -- leha Luther (jwalo ka ha Peterose o ne a lekanywa ka Judaizers) a tswella hantle pele le ho etsa puso ho nale Modimo, motshireletsi wa tumelo. E na e bile kopano ya pele ya ho tswa ho seotswa, empa ha Luther a shwa haho ya nka nako e kae jwalo kaha e mong a ka nahana. Motsamao ona wa Modimo, ka nako ya leloko la bobedi wa kgutlela tlasa dipheo tsa mmaona. Bane ba se bakgutletse empa a sa bontshe. Ba ne ba nkile lebitso la bona hona le Lebitso la Modimo. Bane baphela ka lebitso la bona, le bona. Kaofela baetsa seo le matsatsing ana bantse baetsa jwalo le kajeno. Baphela ka lebitso la bona, mme e seng Lebitso la Morena Jesu Kreste. Ke seo seka bonahalang ha bobebe ho ka bonahala ho kereke batsebahala ka mesebetsi ya bona empa haho le ya mong ya tsejwang ka matla a Modimo. Teko ya hao ke eo. Mme ke rata hao ka lemoha sena bane ba sena mehlolo ho bona. Ba ile badumellana ka matla a mmuso. Baitshwareletse lebitsong la bona; baile baphahamisa lebitso la bona. Ene ele moya wa kgale oo oneng ole hara bona. Kajeno Baptist e batla Methodists hotla ho Baptist. Methodists e tswile le yona e batla ho etsa jwalo ho Presbyterian. Mme Pentecostals e dibatla tsohle. E mong le e mong o bolela kamoo a leng ka teng ka tshepo e fetang ba bang -- e kang monyako wa lehodimo, kapa bonyane, tsela ya ho kena. Ho tshosa ha ka kang ho na hohle.

Mekgatlo e na e entse kaofela ngola mokgwa wa ho ruta ditlwaelo, e beile ofisi ya mebuso le ho bolela ka bonngwe ho ya ka moo ho hlaloswang, mme yena ale mong, ho bua nnete ya Modimo jwalo kaha ale ho lokeleng. Mme ha ho sejwalo hantle ke eng ha pope le kereke ya Roma baetsa jwalo! Ba kgutletse ha ntle ho mma bona, seotswa, mme ha ba tsebe seo.

Ho kwala temana ena, "o na le lebitso leo o phelang ka lona empa o shwele," Ha ho ka moo nka o hlokomedisang ka teng mongwaheng ona, le ha o ne o tlisa kopano, empa ene e kgalengwa ka matla Ho nale hore Modimo a tlotliswe, hobane ba ne BAJETSE PEO YA MEKGATLO E ILENG YA IPOKELLA HO KGUTLELENG HO SEOTSWA, kamora hore Modimo a bule mamati bakeng sa ho baleha. Ha re tloha ho Kereke ya Catholic e ne e nkile sebaka, e ne e se ya Semoya kaofela, empa kaofela e le dipolotiking. Batho ba bangata ba nka mokgwa wa Protestanta hobane jwalo kaha ke hlalositse, bane ba hloile mokgwa wa Roman wa dipolotiki le mokgwa wa ditjhelete. Hotjhong hore, ho nale hore babe le motsamao wa Semoya o tsamaiswa ke Moya o Halalelang e tshwaetswa jwalo ka ha Modimo a ne a sebedisa Moya wa Hae ho isa pheletsong ya Pentecost, e ne e fela ele MESEBETSI EO MATLA A MOTHO A NENG A LOKELA HO TLOTLISA MODIMO, mme ditholwana tsa histori ya Israele ha ene e tswa Egepeta le ho phaila lehwatateng, ba sa kgone ho fihla Lefatsheng la Kanana. Le ha ho le jwalo, tse ngata diile tsa fumaneha Roma dine di bile diarohane, batho bane baka fumana Lentswe la Modimo ba hlokomediswa Moya kantle ho tshabo e kgolo jwalo ka ya pele. Sena sene se bula mamati a maholo.

Jezebele wa Thiatire o ne a le mokgweng oo hodima batho, mme re bona moradi wa Athaliah a tsosa hloho ya Mongwaha wa Sarda ka tshepo e otlolohileng e kgama peo ya nnete ka mokgwa wa mokgatlo.

TLHOKOMEDISO


Tshenolo 3:2, "Lebela, mme o tiise ho sa setseng ho seng ho ya shwa, hobane ha ke ya fihlela mesebetsi ya hao e phethehile ho Modimo."

Ke lakatsa e ka Mongwaha wa Sarda e be e ne e le mongwaha wa ho busetsa ho na le wa ho aha. Nkase sere seo. Lentswe ha le obitse wa poelano, empa wa ho aha. Hao ne o bile wa ho busetsa, mongwaha oo e kabe o bile o mong wa Pentecosta. Empa ho ne ho se jwalo. Ho molemo hoo ho ka thweng ka seo, "Ho tiisa seo, se seng sea shwa." Ho ne hole ho hong ho shwang. Eya, eya, ene ele ona. Mongwaha o na e neng le ho lokisa, empa e ne e le ya ho lahla Kolobetso ka Moya o Halalelang. Sena e ne e le seo Modimo a neng a ikemiseditse sona. E ne e le sweo baneng ba na le sona ka tsatsi la Pentecosta. Bane ba lokisitswe, ba ne ba tiiseditswe, mme batlatsuwe ka Moya o Halalelang. Hobaneng, mmamele, lebaka la tokafatso ka kgalaletso ke qetelo eka etsang seo Kolobetso ka Moya o Halalelang. Ke lona lebaka leo kereke e leng ka lona. Ke tempele e tlatsuweng ka Modimo, leha e le Moya o Halalelang. Moya o neng o le ho Jesu ha Ane A le lefatsheng, ho hlola hore O etse mesebetsi eo O tlile hape hara Pentecoste hore mesebetsi eo a e entseng. Mongwaha ona o ne o sena seo. Oho, ba ngotse Lentswe, (empa eseng Lentswe). E na e ne e le mongwaha wa ho aha. Empa le setshabe mohlatswana, "Ke tla busetsa," mme pusetso ena ene ele ho ya qala fatshe moo tsohle diqadileng teng. O ne a ya ka (ho ya ka tshepiso ya Hae) ho ntsha kereke lefifing la Satane ho Mengwaha e Lefifi ho ya botebong ba Modimo ho nale eo baneng ba nale yona ka nako ya Pentecosta mme mengwaheng e qalang ya pele boteng ba kereke.

Jwale hlokomela, o fumane sena. E baleha ka mokgwa ona mona temaneng ya bobedi, "Hobane ha ke ya fumana hore mesebetsi ya hao ha e ya loka pela Modimo." Na o tseba tlhaloso ya ho loka ke eng? Ke ho se `tshepehe'. Mongwaha ona e ne e le mongwaha o sephiring. E ne e le ho qala feela ho kgutla. Ke seo Bibele e se bitsang bokello eseng pusetso. Ho qadile mongwaheng oo tokafatso ya pholoso ya Modimo. Oho, Luther o rerile ho loka hwa Modimo le kgetho. O ne a tseba hoba sena seka mohau. O ile a tiisa seo e le ka nnete. O ile a kgalema taba ya ho rapela ditshwantsho. O ile a latola taba ya ho ipolela ho bapriesta. A nyatsa mokgwa wa pope. Ho ne ho lokile, jwalo kaha a qadile, empa Modimo o itse lemong tse 1500 pele ho moo, "Luther, o ilo qala tsena tsohle, empa mongwaheng wa ho tiisetswa, Ke lesa seo bakeng sa nako e tlang." Hallelujah, Modimo wa rona o ya busa! O tseba hore ho tloha hi qaleng . E, Luther e ne e le Lenqosa la Hae. Ho ne ho sa bonahale jwale, ha re hlahloba taba tseo. Empa ho ne hole monna e mong ya bitswang Jonase, o ile wa kena bophelong ba hae le yena. Ene ele moporofeta leha ke sa rate ho kena tabeng eo ho ya ka moo a ileng a sebetsa ka teng. Empa ntate o ile a fumanwa ho Yena o ne a nale tsela ya Hae jwalo kaha A entse ka Jonase. Yena le tsela ya Luther ho mongwaha oo, mme o tlaba le nako ya Hae le tsela ya Hae.

O na e bile mongwaha o sa tlatswang. e ne e le mongwaha wa ho bopa. Empa ke ka moo Modimo a ratileng ka teng. Ke rata ho bontsha seo ka tsela eo a entseng ka yona ke ile kare ho moena wa Luthere ya lokileng eo e leng mopresident wa seminary ya Borwa bophirima. Ke ile ka memelwa sebakeng sa ho bua le yena ka Moya o Halalelang. O ile a makatswa ke ntho tse ngata mme are ho nna, "Rona rena le eng rona Maluthere?"

Ka re, "Jwale, le nale Kreste.”

A re, "Re batla Moya o Halalelang. Na o nahana hore rena le seo?"

Ka re, "Hantle, o dumella seo.”

Are, "O hlalosang, hantle? Re lapetse Modimo. Re badile buka ka Pentecosta le dineo tsa Moya, jwale ba bang ba rona California re bone moqapi. Ha re fihla moo o ile a re bolella hore leha ele yena ya ngodileng buka, o ne a sena neo tseo tsa Moya. Jwale ha re bona tshebetso ya dineo tshebeletsong ya hao ra rata ho bua le wena, hobane le lokelwa ke ho tseba taba eo.”

Jwale seminare ena ya moena enwa kantle naheng le ka ho potoloha masimo ao a naha le barutwana ba ka sebetsang mme ba lefa ho ya college. O NE A NA LE DIFEME ka ho kopanya le mapolase le basebeletsi. Jwale ka ho sebedisa polase ya hae jwalo ka mohlala, "Ho ne ho le teng monna emong ka tsatsi le leng ya neng a jetse koro tshimong ya hae. A hula kutu ya sefate, ho tswa mafikeng, a e lema le ho entsha mme a jala koro ya hae. Ho seng le ho seng o ne a lekola tshimo ya hae; empa ho na le hore e hlahe hwa hlaha lehola le hlaha ka methapo nyana ya lona. Are, "Ho bokwe Morena ka koro yaka. " Mme ka mmotsa, "Na monna eo o ne a jadile koro?"

Are, "Jwale, ka hlakoreng le leng eya.”

Kare, "Hantle feela, eya; mme bao e ne e le lona Maluthere ho boikopanyong, ho ntshetsa pele mokgwa wa lona, o ya bona? Koro e qala ho hola. (Kamora hobola Mongwaheng o Lefifi). Kamora dikotwana tse mmalwa tse kgolo, mme ka tsatsi le leng silika eo ya fihla. Yaba peo ya silika e sheba fatshe ho lehola mme yare, "Lona Maluthere a kgale ha lena lotho. Shebang rona, re ba behi, ba baholo bamissionari. Ka tsatsi le leng ho tlaba le dikgohlang tsa dimissionari." Nako eo ya mongwaha wa ho hlahisa wa Mongwaha wa Wesley. E ne e le bamissionari ba baholo le ho sita le seo e sitwang hantle. Mongwaha oo wa ho qala? O ile a bonahala.

"Jwale bohato bolatelang? Hantle re lokela ho isa popong le ho kotuleng -- sedikadikwe se entsweng se feletseng. Empa eseng jwalo. Ho boetse ho nale tsela e nngwe. Nako eo ke nako eo ho lokelang hore kore e ikgethe ho mmoko ho ka etsa peo. Ke hantle feela seo se etsahetseng nakong ena ya Semoya. Ho fihleng ha mengwaha e mashome a mmedi, ho qaleng hwa mengwaha wa Laodisea, ho ne hole teng tumeloe tletseng ka hohle ya hore Moya o Halalelang o ne o wela hodima bona jwalo ka tsatsing la Pentecosta. Batho bane ba bua ka dipuo ho kolobeditsweng ka Moya o Halalelang ka bopaki baho bua ka dipuo. Empa ke tsamaile ka makgetlo a mangata hara tshimo ya koro, moo hara hlabula le leholo moo ke nkileng dihloho tsa yona ka di hohla matsohong aka ho fumana koro, ha ke sheba ho makaleng a ka HO NE HOSE KORO KA MOO, LEHA ENE ELE HORE HO NE HO BONAHALA E KA KORO E TENG MOO. Sena ke setshwantsho se lokileng sa batho bana ba Pentecosta. Mme sena ke bopaki bo bonahalangho batho ba KOPANENG KA THUTO TSA BONA mme bakgutlela morao hantle kopanong kapele ho bona, ho tiisa seo hona le peo ya sebele, ene ele mmooko wa tshireletso ya peo ya koro. Mmoko ona ene ele mokgwa o kotsi oo Jesu A buileng ka yona ho Mattheu 24:24, "Baka kgelosang le bona bakgethwa haho etsahala." Oho, banna ba utlwang seo, bao ba ipitsang Mongwaha wa Pentecosta ene ele peo ya sebele. Empa ya bontsha hore ho nkuwa ka tsela e jwalo ho nka bophelo ho feta pele eo eleng ho boelana hotla hwa Koro ya Monyaduwa e bonahatswa ka ho Ezekiel 47:2-5, "Yaba o ntshetsa kantle ka monyako wa leboya, a ntsamaisa ho pota ntlo ka tsela e ka ntle, ho ya fihlela monyako o isang kantle, ho leba kanqa botjhabela; mme ka bona metsi a phallela ka nnqa ya botjhabela. Eitse ha ke mmona eo a tswela ka nqa botjhabela, o ne a nale kgwele letsohong la Hae, mme a lekanya sebaka sa ditswe tse sekete. A ntshidisa metsi ao; metsi ao a ne a fihla maqaqailaneng a maoto. A boela a lekanya ditswe tse sekete, A boela a ntshidisa metsi hape; metsi a fihla mangolleng. A boela a lekanya ditswe tse sekete; A ntshedisa metsi, teng metsi a ne a fihla lethekeng: A boela a lekanya ditswe tse sekete, ebe e se ele noka eo ke sitwang ho e tshela, hobane metsi a ne a le mangata, ele metsi a tshwanetseng ho tshelwa ka ho sesa, ele noka e ke keng ya tshelwa feela.”

"Ka tsela eo se etsahetseng se etsahetse hantle feela ka thato ya Modimo. Maluthere a nale Moya o Halalelang tlasa tokafatso; Methodists e nale Ona hantle tlasa tiisetso empa kajeno e kgutlutse bolokelong -- Moya o Halalelang o mona.”

"Hlokomela mme o tiise dintho tseo o nang le tsona tse seng dieshwa." Jwale mohopolo o hlaha ka tsela ena ka mantswe ana a mabedi, "hlokomela" mme "tiisa" ana. Ho hlokomela ho tlisa mohopolo wa ho fadimeha. Hoba ka tsela e nngwe ho tiisa. Ho tiisa ho feta moo a tiisitseng teng, ho bolela ho lokisa ka ho felletseng. Melao ena e mmedi e bolela NNETE e seng ele teng "ka" ho shwa. Tlhahiso ena ya Moya e tla ka tlhahiso. Makgoba a bokaneng, a kopaneng ka mohopolo a nyollang le ho tsebisa ho tloha ka tsebo (ka nnete ke seo Sarda e se bolelang: ba phonyohileng). Baile batswella le boholo le mokgwa wa thabo le ho hlola. Ha o yaka wa boela wa nkuwa hape, ka sohle se ka bolelwang hore ba fetile -- eseng bohlweki bo ileng ba bolelwa Lentsweng. Baile balahlehelwa ke bongata ba ditlwaelo. Jwale Morena O boletse, "Lekgutletse bokgobeng jwale se kgutleleng morao. Ho hlokomela hore ha le kgutlele morao le lokela hoba sedi dinthong tseo le ditshwereng kapa letla lahlehelwa ke tsohle. I tiiseng jwale moo le lahlehetsweng ke mokgwa oo leo o tsebang tsoseletsang seo leng ho sona ho tiisa bokamosong. O na e tlaba monyetla wa hao ho tiisetsa seo anang le sona." Empa baile ba nna batswella? Tjhe monghadi. Ha baka ba utlwa Lentswe la Moya ka mongwaha oo ha bane ba hapuwe mme jwale Modimo a hlahisa ba bang ho ka ntshetsa mosebetsi wa Hae pele. Modimo wa feta mokgatlo wa Maluthere jwalo kaha A ile a etsa le mengwaheng e meng, mme bakase hlole bakgutlile. Modimo wa nna wa tswella jwalo pele a tswellisa mongwaha o mong pele bakeng sa nnete ho ka busetsa tsohle maemong.

KAHLOLO


Tshenolo 3:3, "Hopola hle kamoo o filweng ka teng le ka moo o utlwileng ka teng, o se boloke mme o bake. empa ha o sa hlokomele, ke tla tla jwalo ka leshodu, mme o ke ke wa tseba hora eo ke tla tla ka yona ho wena.”

Ke rata ho bala phetolelo ya (Wuest) ya temana ena, "Hopola, ka baka leo, ke ka tsela efeng eo o fumaneng (nnete jwalo ka peheletso ya nnete) o e utlwile ka tsela efeng (yona) mme o e boloke (yona), mme o fetohe mohopolong hang feela." ho hlakile hotswa temaneng ena hore Modimo o fana ka nnete ho bona jwalo ka peeletso ya nnete. Ene e neilwe bona mme ya hlola teng. Jwale e dutse e bonahala batla etsang ka sena, hoo baka ho ho etsa. Mme ke nnete. Ba neilwe nnete ya Evangedi yohle, "Mme balokileng batla phela ka tumelo", "Pholoso ya Modimo." Bautlwile nnete ya ya Bibele e neng e lahla thuto ya Roma le ho beha le mokgwa wa papal. Bane ba tseba nnete ya kereke hore ha e pholose. Bautlwisisa taba ya kolobetso. Babile le lesedi ho kolobetso ya metsi. Baile ba lahla ditshwantsho. Nnete? Hobaneng ha ho ne ho nale mongwaha o kang ona banna bafetang mona ka kganya e kana ho ka thusa. Banale tse ngata ha kana ke mokgwa wa ho qala kapa ho qala kamoo Modimo a baetella pele, ka tsela ya toka ka toka. Ba fumana nnete eo. Bane baebatla le ho e utlwa. Empa potso ene ele, bae utlwile jwang? Bae utlwile jwang na kapa ene entse ele ka tsela e jwang kapa ka tsela tse ngata tsa seGreek ba nale se seng seo baka se etsang ka ho buisana ho feta? Hantle feela ka nnete ene e sa utlwahale ka tsela eo baratang ka teng kapa ho lebella, ho nale ho sebetsa ka mokgwa oo feela, hobane Modimo o ne a batla ho fetoha hwa pelo. Ha sena ele Lentswe la Modimo seo efela eleng sona seo, ka tsela e jwalo e lokela ho phethiswa. Hao sa mamele seo ho tlatla kahlolo. Ha bahlokomedi ba tempele bane ba fumanwa ba robetse, bane ba otlwa le ho tjhesa diaparo tsa bona. Morena o tla etsang ho bao ba mongwaha o na ba iketlileng haholo?

"Ke tlatla jwalo ka leshodu." Sarda e bonahalang e lokile ene e hlekefetswa ke makgoba a neng a theoha thabeng ho tla hlokofatsa batho. Leha hole jwalo bane ba tseba hoba hotla hwa letsatsi la Morena ho tlaba jwalo ka leshodu. Ho loka le ho tshepeha ho tla loka bakeng sa hotla Hae. Jwale re tseba hoba ona ke molaetsa wa sefate se sa lokang, hobane hotla hwa Morena ho tlaba jwalo ka matsatsing a Nohe. Ba bileng meno e robedi baileng ba bolokeha baile bakgona ho tsamaya hodima morwallo, mme bahlokomela mme ba bolokeha. Empa lefatshe le senag Bomodimo le ile la hoholwa ke morwallo. Leha bane ba kopanela kamehla yohle ka ho loka leka tumelo, baile baiphapanya ho fihlela nako e se e fedile. Batho bao baneng ba lokile ka nako eo ho tswa ho Bakreste bao baneng baipokeleditse bao maphelo a bona aneng a tletse ka lefatshe, mme ba nka menate ho ka kgotsofatsa ditakatso ta bona ba ne ba sena takatso ya Semoya, mme basa hlokomele seo, ho ne hose tsela e nngwe ho hlaheng hwa Hae ho tlaba jwalo.

Tshenolo 3:4, "Empa o nale mabitso a baseng ba kae Sarda ba sa kang ba silafatsa diaparo tsa bona; batla tsamaya le Nna ka diaparo tse tshweu; ka hobane ba loketswe ke seo.”

Ka ho otloloha lebitso lena `mabitso' le hlalosa `batho' jwalo kaha ho hlaloswa ho Diketso 1:15 ho bao baleng moo, "palo ya mabitso mmoho e ne e le 120." Empa ho nna ya kaho lokafatswa ho batho; e hlahisa nnete eo mongwaha ka mong ka tsela eo ho ilweng hwa buuwa ka teng ke Morena. Ke sena: mokgwa wa kereke ya mongwaha ona e ka mekgwa e mmedi e leng fate tse pedi, sa nnete le sefosahetseng. Modimo ka boena o dilesitse dile kahare, "ho kereke eo ya" -- e seng "dikereke tse" ho Sarda, -- empa ka ho dilokisa -- "kereke e leng" ... "Ke tseba mokgwa hao ... o shwele ... mesebetsi ya hao e sa lokang ... " Mme O tswella pele -- "O na le (kereke ena ya Sarda) e nale batho ba mmalwa ba lokileng, ba sa tshwaneng le bongata bo teng moo. Batsamayang ka diaparo tse hlwekileng ba tla tsamaya le Nna." Jwale batho bana e ne e le bahalaledi ba nnete ba Modimo O tla tsamaya le bona "kaofela bathabetse Morena." Diaparo tsa bona dihlwekile. O ya bona nakong eo diaparo dine di tsamaya tseleng mme dinke ditshila le ho silafala. Sena sene se bonahala ha batsamaya bane ba sa tshwane le lefatshe. Bane bale Moyeng mme batsamaya ka Moya. Bane ba Halalela ka pele ho Yena. Bane ba phethisa sebang se ngodilwe bukeng ya Baefese 1:4 e bolelang hore lebaka la Modimo ka rona ke hore, "re Halalele ka pele ho Yena.”

Jwale hotswa ho temana e na "Mabitso a mmalwa e leng bakgethwa," o ka bona hantle ho ya ka thuto ena ya mongwaha ona. Ene ele e nepahetseng. Ene esa TLATSELETSWA. Ene ele tsela e lokisitsweng, mme Modimo one a kgalema seo ka ho sa feleng. E ne e le tswela e fokolang e kulang e lokelang ho shwa. ENE ESE TSELA E THABISANG ya histori ya Protestant eo e lekileng ho e etsa. Ho sheba ka potlako sefate sa feiya ha se wa mahlaku a teng, ho tswa mahlakung a teng ntle ho etsa ditholwana a wa kapele. Empa ema motsotswana! Sheba hantle. Hodimo moo, kganyeng ya letsatsi, moo tse ding `tholwana tsa pele' -- e `Mabitso a Mmalwa' -- ho loka ho Yena hobane bane ba tswetswe ke Yena, batlatsuwe ke Yena ka Lentswe la Hae.

Hobokwe Morena ka bao ba 'mmalwa.'

"Mme batla tsamaya le Nna." Ke seo Morena a se bolelang hore otla tsamaya le bona hodimo kwana. Ke karolo ya lefa leo bale behetsweng ke Yena. Ha bane ba rata ho tsamaya le Yena hara meutlwa le mahlomola a bophelo ba lefatshe mme jwale ba lokelwa ke ho tsamaya le Yena kwana, O ile ho baputsa. Ha a lebala mesebetsi ya rona ya lerato Modimo otla re thusa kamehla yohle ha re ikemiseditse ho Mo thabisa.

Eya, batsamaile lefatsheng mme ha baya ka ba nka karolo ho lona. Ha bayaka badumella lefatshe ho ba hapa kapa ho bahlola. Ha mabitso a na a hlahella le ho tshireletsa ha mmuso le ho nka dikarolo dipolotiking ho nale mehopolong ya Semoya mme bale tseleng e kgutlelang lefatsheng, ba mmalwa bao ba ile ba emela Lentswe la Modimo, mme ka tsela eo bahlompha Modimo. Jwale o bakgutlisetsa tlhompho eo. Batla tsamaya le Yena ka aparo tse tshweu. Ba iponahaditse hantle ho Yena a le lefatsheng mme jwale O tla Itlhisa ka Boyena ho Jerusalem e Motjha. Mme ho tla makatsa jwang ha a tsebahala! Ho nketsa hore ke thabe le ho etsa hoo ho nahana, hobane otla hlokomela ka tsela e apereng ka mmala hotswa ho bahalaledi, jwalo ka ha holokela hoba jwalo. Tjhe, batshwana le Yena; O tshwana le bona. Batshwana le Yena, hantle feela jwalo ka Johanne a itse; hobane "ba Mmona jwalo kaha Ale ka teng.”

"Hobane baya lokela." O ya hlokomela se etsahalang? Ke Jesu, ya Halalelang, ka Boyena. Ke Yena feela ya nang le tokelo ya ho nka buka letsohong la Hae Ya dutseng teroneng. Mme Ya nang le tokelo ya hore ho bahalaledi ba Hae, "O nale tokelo." Ke sena moo se hlahang, A le Mong Ya lokelang hoba moahlodi, (mme ka nnete ya lokelang hoba Moahlodi,) mme Are, "O lokelwa ke seo." Mantswe ana a ka thoko a jwalo ka ha ho Baroma 8:33b, "Modimo ore ke lokile." (Phetolelo ya Tsela.) Moo kganyeng ya ho loka hwa Modimo ka ho loka, utlwa Lentswe le lesesane la Jesu jwalo ka ha, "Tsena ke Tsaka. Ke ba lokileng. Ba lokelwa ke seo. Batla tsamaya le nna.”

TSHEPISO YA MOHLODI


Tshenolo 3:5, "Ho ya hlolang, yena o tla apeswa seaparo se se sweu: mme nka se ntshe lebitso la hae Bukeng ya Bophelo, empa ke tla bolela lebitso la hae ka pele ho Ntate le kapele ho mangeloi.”

"Ya hlolang, o tla apeswa kobo e tshweu." Ena karolo e iphethahang ya temana ya 4, moo e etswang ba mmalwa bahlwekisitseng diaparo tsa bona. Rene re atisa hoba le seng ka nako e fetileng pelaelo ene etlositswe mona temana ena. E ne e tlositswe, "Lokisang diaparo tsa lona." Ho bolela hore: o se itshunye dinthong tse dipotsong; tse ding o tla kena ho tsona qetellong obe o hapehe ho tsona, kapa e mong a ka leka ho o kenya; empa tloha ho hang ho tsona tseo tsohle. Jwale Modimo o tla o putsa lona bao le nkang keletso ena. Batla apeswa jwalokaha le Yena a nale diaparo tse tshweu. Peterose, Jakobo le Johanne o Mmone a le Thabeng yaTransfiguration mme diaparo tsa Hae dile tshweu jwalo ka kganya. Ke ka tsela eo Bahalaledi ba tla bang ka yona. Diaparo ditla kganya, dibe tshweu.

Le ya tseba hobane re phela nakong ya ho qetela. Ke mongwaheng ona moo kereke e kopanang mmoho. Mme jwalo kaha dilaolwa ke dipolotiki, batla qetella ba laola moruo wa lefatshe. Jwale, hao se loko la mokgatlo wa dikereke wa lefatshe, o ka se reke le ho rekisa. O tla bakgathatsong. Bao ba loketseng ho dula nneteng ya ho boloka diaparo tsa bona dihlwekile ho ya ka `mokgwa wa lefatshe' wa tokafatso wa kereke ho ya ka botho. Ho tla hlaha moleko o moholo. Bareri batla fana ka tshwarelo batla sebeletsa Modimo ka mesebetsi ya antikreste mokgwa wa sebata. Batla inehela ho tahleho ya leshano le mokgwa wa bona. Mme batho ba latela modisa ya fosahetseng ya tlilo hlaba feela. Empa kahlolong batla hlaha ba tsotse. Ba kase fuwe diaparo tse tshweu; le ha ele ho tsamaya le Yena. O ka se tsamae ka kobo e ditshila ya lefatshe, batshwarane ka matsoho le diabolose, ebe ba lebella hore Modimo a be le wena. Ke nako ya ho tsoha le ho tsamaya le Lentswe leo la Modimo, "Tswang hara bona (tumelo e kopanetsweng) Tjhaba saka, se se ame se sila, hore le se fumane dikotlo tsa bona." Amen. Modimo o ya bua. Iphapanye tumelo e fosahetseng jwalo kaha o iphapantse dikotlo tsa bona. Lesa ho tsamaya le lefatshe o hlatswe diaparo tsa hao dibe tshweu baka mme o hlatswe diaparo tsa hao mading a Konyana. Empa se etse seo, hobane hosane ekaba kamora nako.

"Mme ya hlolang, Nkase hlakole lebitso la hae Bukeng ya Bophelo." Hang hape re tla karolong e boima ya Lentswe. Karolo e tlang ho sebediswa ke Maaminite le Macalvine ho ka phethahatsa ditakatso tsa bona. Johanne 6:37-44 "Hohle hoo ke ho newang ke Ntate, ho tla fihla ho nna, mme ya tlang ho Nna, nke ke ka molahlela ntle. Hobane ke theohile lehodimong, eseng ho etsa ho ratwang ke Nna, empa ele ho etsa ho ratwang ke ya Nthomileng; mme ho rata hwa Ntate ya nthomileng ke hore ke se lahle letho la tsohle tseo a nneileng tsona mme ke ditsose ka tsatsi la bofelo. Ho ratwang ke ya nthomilengke hore, e mong le emong ya tadimang Mora, mme a dumela ho Yena, a be le bophelo bo sa feleng, mme Nna ke tla motsosa ka tsatsi la bofelo. Yaba Bajuda ba Moseba ka hobane a kile A re, Ke Nna bohobe botheohileng lehodimong. Mme bare, na eo hase Jesu, mora Josefa, Eo ntatae le mmae eo re motsebang? Jwale o bolela jwang, ha are: Ke theohile lehodimong? Empa Jesu aba araba, are: leseke la seba hammoho. Haho motho ya katlang ho Nna, ha a sa hulwe ke Ntate ya Nthomileng, mme Nna ke tla motsosa ka tsatsi la bofelo." Arminianism thuto ena e etsa hore batho baetse thato ya Ntate, haho lebaka le leng, empa O ema le ho lebella seo bongata bose etsang ka dimpho tseo A se neileng sona, e sita le bophelo bo sa feleng.

Ha Macalvine ba sa bone seo. Ba bona kgothatso e kgolo ho bana ba sotlehang, bahalaledi ba imetsweng, basa kgathale hore ho thata jwang, qoso ele mpe jwang, hobane mohlodi o mong, "badumelang hore Jesu ke Kreste," lebitso la hae le ka se tloswe bukeng. Ba bang bare `Buka ya Bophelo' hase `Buka ya Bophelo ya Konyana.' Empa jwalo ka moahlodi, ha e mong a hlokomela sena kaho otloloha, o tla ka kutlwisiso e otlolohileng.

Ho qoba ho tloswa hwa lebitso bukeng ya Modimo ho hloka ho bala haholo, hobane ho fihlela jwale baithuti baile ba ferekana Modimo o beha ba pholositsweng Bukeng ya Bophelo ya Konyane nakong ya tswalo ya bobedi; haeba ka baka le leng ho etsahala hore lebitso leo le tloswe, sebaka bukeng eo se tlabe sele hlwekile feela pele lebitso le bewa. Sena ke lekgolo la dipersente kgahlano le seo Lentswe le se rutang.

Qalong hantle ya taba ena, ha hoke ho tsebahale HAHO Lengolo le rutang hore Modimo o ya ngola hona jwale bukeng ya mabitso. Sena se ile sa ngolwa pele lefatshe le thewa, jwalo kaha re tla bontsha kamora nakwana. Mmoho, hase potso feela e bontshang ho itshunya hwa rona mahlakoreng a mabedi batho bohle ba nale monyetla wa ho ka fumana bophelo bo sa feleng, moo sehlopha se seng se e amohela ka mabitso a ngodilweng ha ba bang ba hanne ho etsa seo a sakang a tsoseletswa. Re ka bontsha ka Lengolo le bolelang hore ho nale ba bangata ba sakang batswalwa la bobedi batla bona bophelo bosafeleng. Jwalo kaha sena seka makatsa, sena ke nnete. Re tla boela re bontsha hape hore sehlopha sena sa batho se le teng pele lefatshe le thewa, HA HO KAMOO HO KA TLOSWANG MABITSO AO KA TENG; e tla bontsha hape hore ho nale ba bang BAO MABITSO A BILENG TENG MOO PELE HO LEFATSHE BAO MABITSO A BONA A TLANG HO TLOSWA.

Ho qala ka, ha ho kamoo ho bolelwang hore `Buka ya Bophelo ya Konyana' ha se yona `Buka ya Bophelo.' Buka ya Bophelo e ka bitswa Buka ya Bophelo ya Konyana kapa Buka ya Bophelo ya Kreste, kapa Buka le Buka ya Baphelang. E ngotsweng feela mabitso. Tshenolo 13:8, "Mme setla rapelwa ke bohle ba ahileng lefatsheng, (sebata) bao mabitso a bona a sa ngolwang Bukeng ya Bophelo ya Konyana e hlabilweng e sale lefatshe le thewa." Tshenolo 17:8, "Sebata seo o se boneng sene seleteng, mme ha seyo; se se se tla nyoloha sekoting, se nto ya tahlehong: mme ba ahileng lefatsheng, bao mabitso a bona a sakang a ngolwa Bukeng ya Bophelo ha esale lefatshe le thewa, batla makala ha ba bona sebata, hobane sene sele teng, mme ha seyo athe se tla boela se be teng." Tshenolo 20:12-15, "Ka nto bona bafu ba baholo le ba banyane ba eme pela terone; hwa phetlwa dibuka: hwa phetlwa le buka e nngwe, eleng buka ya bophelo: mme bafu ba ahlolwa ka tse ngodilweng moo dibukeng tseo, e leng ka mesebetsi ya bona. Lewatle la busetsa bafu ho lona; mme lefu le dihele tsa ntsha bafu ba ho tsona: e mong le emong a nto ahlolwa ho ya ka mesebetsi ya hae. Me lefu le lebitla tsa akgelwa letsheng la mollo. KE LONA LEFU LA BOBEDI. Mmme e mong le e mong ya neng a sa ngolwa Bukeng ya Bophelo di ile tsa lahlelwa letsheng la mollo." O ka bona le wena hore ho nale tse ding tsa dibuka tse bolelang seo, ho bolelwa ka ELE NNGWE buka e nang le mabitso. Ho Tshenolo e bitswa `Buka ya Bophelo ya Konyana', kapa `Buka ya Bophelo.'

Jwale e kae buka eo? Luka 10:17-24, "Ba mashome a supileng ha bakgutla ba thabile, bare, Morena re hlotse le bona batemona ka Lebitso la Hao. Mme a re ho bona, Ke bone satane a theoha lehodimong jwalo ka lehadima. Bonang, ke le neile matla a ho hata dinoha le diphephemg, le matla ohle asera: mme haho letho le tla le etsa hampe. Leha hole jwalo leseke la thaba, ka hobane le hlola meya; haholo le thabe hobane mabitso a lona a ngodilwe mahodimong. Ka yona nako eo Jesu a inyakallela Moyeng are, Ke ya o leboha, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, ka hobane taba tsena o dipatetse ba bohlale, mme wa disebullela masea: jwale, Ntate; hobane ho bonahala ho ratile wena. Dintho tsohle ke dineilwe ke Modimo: mme haho ya tsebang hoba Mora ke mang, le hoba Ntate ke mang, ha ese Mora, le yeo Mora a ka ratang ho mosenolela yena. A nto reteleha ho barutuwa ba Hae, ba le ka thoko, Ho lehlohonolo mahlo a bonang seo le se bonang: Hobane ke re ho lona ho bile le baporofeta ba bangata le marena ba ratileng ho bona tseo le di bonang, le ho utlwa tseo le diutlwang, mme ha baka badiutlwa." Buka ya Bophelo e fela ele lehodimong, mme O tla hlaha ka Terone e Tshweu ya kahlolo. Ho temana ena Jesu ore MABITSO a ngotswe lehodimong. A ne a ngotswe Bukeng ya Bophelo, hobane ke moo mabitso a ngodilweng teng. Jesu o ne a bua ho ba mashome a supileng (temana 17), empa O ne a bile a bua le baleshome le metso e mmedi (temana 23). Ene ele thabo ho bona ha madimona a ne a ikokobeletsetsa bona ka Lebitso la Jesu. Hlokomediso ya Kreste ene ele, "Le sethabele seo, empa le thabele ha mabitso a lona a ngodilwe lehodimong (Buka ya Bophelo)." O tla hlokomela hore mona Judas e ne ele e mong wa bona ba neng ba le leka ka Lebitso la Jesu, empa re ya tseba hore yena ka boyena ene ele ledimona, mora tahleho. Johanne 6:70-71, "Jesu A ba araba are, Ha ke ya lekgetha le leleshome le metso e mmedi, mme e mong wa lona ke satane? O ne a bua ka Judas Iscariote, mora Simon: hobane ene ele yena ya tla Moeka, e le emong wa baleshome le metso e mmedi." Johanne 17:12, "Yare ha ke sa nale bona lefatsheng, ka nna ka ba boloka ka Lebitso la Hao: Ke sireleditse bao O nneileng bona, ha ho le ya mong ya lahleileng, haese mora tahleho: Lengolo leo le lokela hore le phethahatswe." Johanne 13:10-11, 18, "Jesu are ho yena Ya seng a hlatsuwe ha ana ho hlatsuwa haese maoto feela, mme etlaba o hlwekile kahohle, lona lehlwekile empa eseng lohle. Ho bane o ne a tseba ya tlang ho moeka; ke kahoo a ileng are, ha leya hlweka kaofela. Ha ke bue ka lona kaofela: Ke tseba bao ke ba kgethileng: empa hore Mangolo a phethehe, ya jang bohobe le Nna mme o phahamisitse serethe sa hae kgahlano le Nna." Jwale ha maleme a bolelang ho Judaso ne a kgethilwe ke Jesu (Johanne 13:18), empa o ne a sa hlweka. (Johanne 13:10-11), Judas le yena o ile a kgethelwa Jesu ke Ntate. Johanne 17:12. (Ha ho ke ho hlokomelwe mona "bakgethilweng" ke hantle feela taba ena ho ponahatso ya Moshe le Faro, Jakobo le Esau, leha Esau le Faro bobedi ba ne batsebahala, ba ne bale bokgopong, ha pheletso ya Moshe le Jakobo bane bahalalela. I Peteose 2:8-9a e bontsha bobedi ha bakgethuwa "esita leha bane ba tshwanelwa ke Lentswe, ba ne ba sa lemamele: moo ba ileng bakgethwa. Empa lona le moloko o kgethilweng.") Judas o ne a badilwe le baleshome le metso e mmedi mme o ne a nale bona tshebeletsong ya pele ya Pentecost. Diketso 1:16-17, "Banna ba heso, ho no ho tshwanetse Lengolo le etsahale, le porofetilweng ke Moya o Halalelang ka molomo wa Davida le lekanyang Judas, eo e bileng motsamaisi wa batshwereng Jesus. Hobane o na a balwa hara rona, mme o ne a a abetswe tshebeletso ena." Karolo ya Judas hara ba leshome le metso e mmedi e ne ese ka tshebeletso ya ba bang ba leshome le motso o mong, ene ese tshebeletso ya diabolose eneng ele hara bona ho fapana le ba bang. Diketso 1:25, "Hore a nke karolo ya tshebeletso ena le ya boapostola bona Judas a bokgelohileng ho ya sebakeng sa hae." Judas, diabolose, o ile a lahlehelwa ke tshebeletso eo a e neilweng ke Modimo ya Moya o Halalelang, le ho ipolaya LE HO YA SEBAKENG SA HAE. Lebitso la hae le ne le le teng Bukeng ya Bophelo. Empa lebitso la hae le ile la tloswa.

Jwale pele re ka tlosa mohopolo ona wa Judas, ha re ye morao ho Testamente ya Kgale mme o bone bane bale leshome le metso e mmedi ka palo mabitso a bona ene ele a latelang: Reubene, Simeone, Levi, Juda, Issakara le Zebulune; Josefa le Benjamini; Dane le Naftali; Gade le Ashera. Bara bana baleshome le metso e mmedi ba ile bafetoha meloko e leshome le metso e mmedi ya Israele ka tlhaloso ya Josefa a saka aba le leloko le ileng la reellwa ka yena, hobane ho Modimo ho ne hole maloko a leshome le metso e meraro, le bara ba babedi ba Josefa ba ile ba tliswa ho etsa maloko a leshome le metso e meraro. O ya tseba, ho jwalo, ho na e ne e le leloko la Levi le ile la ikarola ho Modimo ka boPriesta. Ho bolelang hore Israele e ile ya tswa Egepeta mme Modimo oile aba tabernacleng le felleng, re fumana leloko la Levi le sebetsa ka meloko e leshome le metso e mmedi eleng Reubene, Simeone, Issakare, Juda, Zebulune, Benjamine, Dane, Naftali, Gada, Ashere, Ephraime le Manasse. Bahlaloswa hantle ho Numere 10:11-28. Ha ho hlaloswe kaha Josefa kapa Levi. Empa ha re sheba ho Tshenolo 7:4-8, moo ereng "Mme ka utlwa hore palo ya batshwailweng ele dikete tse lekgolo le nang mashome a mane a metso e mene, eleng ba tshwailweng melokong yohle ya bana BaIsraele," e hlalosa haele: Juda, Reubene, Gade, Ashera, Naftali, Manasse, Simeone, Levi, Issakara, Zebulune, Josefa, Benjamine. Re kgutlela hape ho bana ba Iseraele le Levi le Josefa ba bitswa hara bona, empa ke Dane le Efraime base basa hlahe.

Potso jwale e ya hlaha, hobaneng ha mona bana ba babedi ba sa hlahelle? Karabo e hlahile ho Deuteronoma 29:16-20, "Hobane lea tseba le lona kamoo re neng re ahile lefatsheng la Egepeta; le kamoo re fitileng le kamoo re fitileng ditjhaba tseo le tsamaileng ka teng hara tsona ka teng; le bone manyala a tsona kateng, le ditshwantsho tsa tsona tse entsweng ka mahong le majwe, silvera le kgauda, tse leng hara tsona: Iponeleng hore kajeno ho sebe monna, kapa mosadi, kapa leloko leo pelo tsa lona dika fapohang Jehova, Modimo wa rona, ho ya sebeletsa medimo ya ditjhaba tseo, mme ho seke haeba ho lona motso ohlahisang bore le lengana. E mong ha a utlwile dipolelo thohako ya kano ena ya lona ekare ha a ka ithorisa pelong ya hae, are, ke tlaba le kgotso, leha ke tsamaya kamoo pelo yaka e thata e lakatsang ka teng, hore ke timetse se noseditsweng le se omileng: Jehova o tla hana ho motshwarela, empa kgalefo ya Modimo le poulelo ya Hae ditla tukela motho eo, dithohako tsohle tse ngodilweng bukeng ena ditla mowela hodimo, mme Jehova o tla hlakola lebitso la hae tlasa lehodimo." Thohako ke eo e hlaha kgahlano le dihlola, kapa dihlola tsa semoya. Setjhaba se inehelang bohloleng lebitso la sona le ne le hlakolwa. Le histori ya merabe eo e mmedi eo mabitso a oona a ileng a tloswa kabaka la bohlola a fumaneha ho I Marena 12:25-30, "Haele Jeroboame a aha Sikeme thabeng ya Efraime, a dula teng; A nto tloha, a ya aha Penuel. Jeroboame a bua pelong ya hae are, Jwale, mmuso o tla boela ntlong ya Davida: ha setjhaba sena seka nna sa nyoloha jwalo ho ya etsa mahlabelo ntlong ya Jehova, Jerusalem, dipelo tsa setjhaba sena ditla boela ho monga sona Roboame morena wa Juda, mme batla mpolaya, batle ba boele ho Roboame morena wa Juda. Morena a imamela jwalo, a nto etsa manamane a mabedi a kgauda, mme a re ho bona, le ile halelele Jerusalem; BaIsraele medimo ya lona ke eo, e le ntshitseng lefatsheng la Egepeta. Yaba o beha e nngwe Beth-ele, e nngwe Dane. Taba ena yaeba kgopiso: hobane setjhaba sa ya kgumamela namane, ho fihlela Dane." Hosea 4:17, Efraime o kgomaretse ditshwantsho: motlohele.

Hlokomela hore taba ena ene ele hore taba ya leloko leneng le etsa seo lene le ntshuwa `tlasa lehodimo.' Deuteronoma 29:20. Ha ere letla ntshuwa `lehodimong,' empa hotswa tlasa lehodimo. Mme ha jwale, hobane Israele o boetse Palestina, mme haufe Modimo otla tshwaya ba 144, 000 ba bona. Empa hotswa ho baha Dane le Efraime ha bayo moo.

Tshenolo 7:4-8, "Mme kautlwa palo ya batshwauweng; ene ele lekgolo le mashome a mane le metso e mene ya dikete HA MMOHO ya meloko ya Israel. Ya baleloko la Juda baneng batshwailwe ene ele dikete tse leshome le metso e mmedi. Baleloko la Reubene ene ele dikete tse leshome le metso e mmedi. Baleloko la Gade ene ele dikete tse leshome le metso e mmedi. Baleloko la Asere ene ele dikete tse leshome le metso e mmedi. Baleloko la Nefthali batshwailweng bane ba le dikete tse leshome le metso e mmedi. Baleloko, la Manasse ba le dikete tse leshome le metso e mmedi. Baleloko la Simeone ele badikete tse leshome le metso e mmedi. Baleloko la Levi bane bale dikete tse leshome le metso e mmedi. Baleloko la Issakara e ne ele dikete tse leshome le metso e mmedi. Baleloko la Zabulone ene ele dikete tse leshome le metso e mmedi. Ba leloko la Josefa yaeba dikete tse lehome le metso e mmedi. Baleloko la Benjamine e ne e le dikete tse leshome le metso e mmedi." (Hlokomela, Dane le Efraime ha bahlahelle moo). Jwale ka sena hlokomela Daniel 12:1 e ntseng e tshwana le bao ba dikete tse lekgolo le mashome a mane le metso e mese ho ya ka tiiso ya botshelela le nako ya Matshwenyeho a Maholo kapa mathata a Jakobo. "Mehleng eo Mikaele kgosana e kgolo e emelang bara ba setjhaba sa heno: mme matsatsi a matswalo a tlaba teng, ao a jwalo a e sokang aba teng haesale ditjhaba dihlaha: mme setjhaba sa heno setla bolokeha e mong le emong ELENG BANGODILWENG BOHLE BUKENG.”

Leha hole jwalo, ka mora nako ena ya matshwenyeho, (nakong eo ya bongata) jwalo kaha e bonwe ke Ezekiele 48:1-8, le 22-29 mona re bona ho kgutlela ha setjhaba morao ka taelo e Halalelang. Empa, ho tloha nakong ya Efraime le Dane baikopanya le ditshwantsho, baeshwa, mme meloko eo hae sa tsebahala. Jwale hlokomela hae sale ho tloha ho qaleng hwa Jerusalem, pale yohle ya dibuka e lahlehile, haho ya ka bolelang hore nna ke wa leloko la ha mang, EMPA MODIMO OYA TSEBA. Modimo Yena eo Ya moholo ya ileng a kgutlisetsa Israele Palestina O tseba hantle feela hore o wa leloko lefeng kapa moIsraele wa sebeleke ofeng, mme ba kopana hoba dikete tse lekgolo le mashome a mane le metso e mene eleng baha Dane le Efraime ha basa hlahella.

Ke ena meloko ya Israele. Ezekiele 48:1-8 le 22-29, "Jwale a na ke mabitso a maloko ao. Ho tloha ka nqa eka Leboya ya pheletso ho isa pela tsela ya Hethlone, ho ya nqa Hamathe, Hatsare-Enone moeding wa Damaseka ka nqa, Leboya, ho ya fihla pela Hamathe; le ho nka botjhabela ho leba bophirimela; ho naha ya Dane. Moeding wa Dane, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ho Asere. Le moeding wa Asere, ho tloha botjhabela ho ya bophirima, ke Nafthali. Mme moeding wa Nafthali, ho tloha botjhabela ho ya bophirima, ke Manasseh. Mme moeding wa Manasse, ho tloha botjhabela ho ya bophirima, ke Efraeme. Mme moeding wa Efraeme, ho tloha botjhabela ho ya bophirima, ke Reubene. Mme moeding wa Reubene, ho tloha botjhabela ho ya bophirima, ke Juda. Mme mnoeding wa Juda, ho tloha botjhabela ho ya bophirima, jwalo jwalo. Ho tloha naheng ya ba-Levi, le ho e ruilweng ke motse, eleng karolo tse mahareng a naha ya morena, sebaka se tlohang moeding wa Juda le ho fihla moeding wa Benjamine, e tlaba sa KGOSANA. Ho ntoo ba dikarolo tsa meloko e setseng, ho tloha botjhabela ho isa bophirima, ke Benjamine. Mme moeding wa Benjamin, ho tloha botjhabela ho isa bophirima, ke Simeone. Mme moeding wa Simeone, ho tloha botjhabela ho isa bophirima, ke Issaskara. Mme moeding wa Issaskara ho tloha botjhabela ho isa bophirima, ke Zebulone. Mme moeding wa Zebulone, ho tloha botjhabela ho isa bophirima, ke Gade. Mme moeding wa Gade, ka nqa borwa ka tlase ho ho moedi jwalo jwalo.”

Mohlala o kang karolo ena hape ke pale ya Israele ha e tswa Egepta ho ya lefatsheng la Kanana. Lebaka la Modimo mongwaheng ona ene ele ho NTSHA Israele, mme ho ba KENYA, ho ya pheletsong ba mosebeletsa. Ho tjhong hore ha ba tswa Egepeta KAOFELA ba tswile tlasa madi a konyana e hlajuweng; baile BATSWA kaofela tlasa metsi a Lewatle le Lefubedu; KAOFELA ba thabela mehlolo; KAOFELA ba ja manna; KAOFELA ba nwa metsi ho tswa Lefikeng; mme ka tsela e jwalo bathabela tlhohonolofatso ya kantle KAOFELA ba ja manna kaho lekana. Empa, ha ba fihla Moabe bao baileng banka karolo meketeng ya Baal-Peor ba shwa kaofela. Ditopo tsa bona tsa robala lefelleng, hobane e bile moo baileng ba latola Lentswe la Modimo Mongwaheng wa Pergame. O ka se tsamae feela le karolo e itseng ya Lengolo, o lokelwa ke ho nka Lengolo KAOFELA. Ho nale batho bainehetseng ho Modimo ka dipersente tse lekgolo. Ba jwalo ka Judas. Haho ya tsebang empa Jesu ya tsebang o tsibile seo Judas a leng sona ale mong feela. ka tsela e jwalo nako e ile ya tla eo Judas a ileng a etsa hantle seo BaIsrael ba ileng ba se etsa Baal-Peor. O ile a nka qeto ya hore o tla ya inkela botho ba sefate se fosahetseng -- a kena ditjheleteng, dipolotiking mekgatlong ya ho se dumele Lentswe, bodumedi ba anti-Kreste mme a feela a etsa jwalo. O ile a thetswa! Ba bang ba leshome le motso o le mong ha bayaka. Ha ho ya kgonahala, hobane ene ele ba kgethilweng. Jwale ha Judas a tloha le ho eka Morena, lebitso la hae le ile la tloswa Bukeng ya Bophelo. (Tshenolo 22:19).

Jwale ke na le bonnete ba hore bao ba neng bale Bukeng ya Bophelo e ne e le karolo ya bophelo ba tsatsi leo ka ho potoloha Modimo le ho Mororisa, leha ba ne ba sa mosebeletse ka Nnete (Lentswe). Jwalo ka Judas ha ba yaka. O ya bona Judas o ne a kgethilwe ke Modimo. O ile a laelwa Nneteng. O ile a latswa Nnete ka tshebeletso ya teng. O bile le tshebeletso e matla a ileng a e newa ya ho fodisa bakulang le ho le leka madimona ka Lebitso la Jesus. Empa ha nako e tla, o ile a rekisa ka kgauda le matla a dipolotiki. Ha akaba a nyoloha ka tsatsi la Pentekosta ho ya amohela Moya wa Modimo. O ne a baduwe ka Moya o Halalelang. O se etse phoso ka seo, motho ya kolobeditsweng ka Moya o Halalelang mmeleng wa Kreste o amohela botlalo bohle ba Moya e tlaba ka LENTSWE TSELENG TSOHLE. Eo ke bopaki ba kolobetso ya Moya o Halalelang. Judas o ile a hloleha. Bongata bo ya hloleha hantle feela. Mme ha bahloleha ho ya Lentsweng, mabitso a bona a ya hlakolwa Bukeng ya Bophelo.

Ho tswella ho bua ka ho hlakolwa hwa mabitso Bukeng ya Bophelo re lokela ho tebisa maikutlo ho matsatsi a Israele le a Moshe. Exoda 32:30-34, "Ka hosasane, Moshe a re ho setjhaba, le sitilwe ka tshito e kgolo: jwale ha nke ke nyolohele ho Jehova; mohlomong nka etsa pheko ya dibe tsa lona. Moshe a boela thabeng ho Jehova, a re, Oho, tjhaba sena se sitilwe ka tshito e kgolo, ba iketseditse Modimo wa kgauda. Jwale, hoja O ka batshwarela tshito ya bona, haho se jwalo he, hlakola hle lebitso laka bukeng eo O e ngodileng. Jehova are ho Moshe, ya ntshitelwang ke yena eo ketla mohlakola Bukeng yaka. Jwale tloha o ise setjhaba moo ke o boleletseng: Bona Lengeloi Laka le tla o etella pele: mme tstsing leo ke tla otlang ka lona, ke tla ba otlela molato wa bona." Ho na ha se taba feela ya mabitso a bileng teng, mme a tloswa Bukeng ya Bophelo ka ho sa feleng. Sebakeng sena ene ele ka baka la ditshwantsho, jwalo kaha ho etsahetse ka leloko la Dane le Efraime ba ile balahlehelwa ke tokelo ya hoba leloko ka baka la ho rapela namane ya kgauda. Bohle bao ba rapetseng ditshwantsho ba ile batloswa mabitso a bona Bukeng ya Bophelo.

Ha Israele a latola taolo ya Modimo topallong ya mollo, mme ba fetohela Modimong wa namane mabitso a bona a ile a tloswa Bukeng ya Bophelo. Exoda 32:33. (Ya sitwang kgahlano le Nna, ke tla hlakola lebitso la hae Bukeng Yaka) Haeba ho kgutlela ditshwantshong ho hlola ho hlakolwa hwa mabitso Bukeng ya Bophelo, ka tiiso ho latola hwa Israele Jesu Kreste jwalo ka Messia ho tlaba le kotlo e kgolo. Ho jwalo feela. Ho Pesalema 69 e hlalosang katlhokofatso ya Jesus ere ho temana ya 21-28, "Ba Nneile nyoko ebe dijo tsaka; mme ho nyorweng hwaka ba nnositse nyoko. Tafole ya bona ha eke e ba fetohele lemena: le sife boiketlong ba bona. Mahlo a bona a ke a ntshofale, a lese ho bona; matheka a bona a ke a kgwehle. O tshollele bohale ba Hao hodima bona, mollo wa kgalefo ya Hao o ba fihlele. Meaho ya bona e ke e fetohe dithako; ho seke haeba le motho ya dulang ditenteng tsa bona. Hobane ba hlorisa eo O mo O tlileng ba rata ho bolela mahloko a bao oba hlabileng. O e ketse makgopo a bona ka makgopo a mang; ba seke baba le kabelo ho lokeng hwa Hao. Bahlakole Bukeng ya Hao ya baphelang, ba seke ba ngolwa le ba lokileng." Ha baJuda ba latola Jesu ho bile le ha batloha ho Modimo ho Baditjhaba. Diketso 13:46-48, "Yaba Paulose le Barnabase ba ba bolella pontsheng, bare, Ho ne ho hlokahala Lentswe la Modimo le bolellwe lona pele: e rekaha le lehana, mme le ikahlola ele lona hore ha lea tshwanela ke bophelo bosa feleng, bonangre reteleha ho Baditjhaba. Hobane Modimo o re laetse jwalo ka Lentswe, lereng, Ke o beile lesedi la Ditjhaba, hore o be poloko ya tsona ho isa pheletsong ya ditjhaba. Yare ha Baditjhaba ba utlwa hoo ba thaba, ba tlotlisa Lentswe la Morena: mme bohle ba neng ba kgethetswe bophelo bosa feleng ba dumela.”

Ho na ha ho bolele hore mabitso o hle a leloko la Israele a tla tloswa ohle a teng a setseng Bukeng ya Bophelo, hobane bongata (empa e seng bofetisisang) ho ya ka mokgwa wa ho kgetha kereke ya Baditjhaba ya mongwaha ho tla mmeleng wa Jesu Kreste, ho bontshang hore mabitsoa a bona ha a ya hlola kaho sa feleng Buke ya Bophelo. Hape, jwalo kaha ho bolelwa, ho ya ka tiiso ya bohlano dimillione tsa bahalaledi ba baJuda batla fuwa diaparo tse tshweu. Mmoho le dikete tse lekgolo le mashome a mane a metso e mene batla tshwauwa ha Yena a etla, ho bolelang hore mabitso a bona a ntse a le teng. Empa e boetse e ya hlalosa hape ho Pesalema ya 69 hore ba latotseng Kreste ke bakgopo le ba sa lokang batho ba Hae bao mabitso a bona a tlositsweng.

Jwalo ka Israele (bakgethuweng ba Modimo) bongata bo nka karolo Bukeng ya Bophelo ka ho latola Jesu, ka tsela e jwalo bongata ba kereke ya Baditjhaba botla tla le bona tlhokofatsong ka baka la ho tloswa hwa mabitso a bona Bukeng ya Bophelo ka ho latola Lentswe le ho kena lefatsheng le setshwantshong sa sebata. Ho ntlha e nngwe e bonahalang tabeng ena. Teroneng e Tshweu ka nako ya kahlolo ho tloba le karohano ka tsatsi leo. Buka ya Bophelo e tla bulwa le buka e nngwe hape ya bulwa. Mattheu 25:31-46, "Mohla Mora motho a tlanga teetswe hare ke kganya ya Hae, mangeloi a ena le Yena kaofela, ke moo a tlang ho dula teroneng ya Hae e kganyang: ditjhaba tsohle di tla bokellwa pela Hae; mme O tla kgetha ba bang ho ba bang, jwalo ka modisa ha a kgetha dinku hara dipodi: mme O tla beha dinku ka tsohong la Hae le letona, empa dipodi ka ho le letshehadi. Mme Morena otla re ka ho bao baleng ka ho le letona, Tlohong, lona ba Halaleditsweng ke Ntate, ruang mmuso oo leo lokiseditsweng pele lefatshe le thewa: Hobane Ke na be Ke lapile, mme le ile la mpha dijo: ke ne ke nyorilwe, mme la nneha sa ho nwa; ke ne kele moeti mme la nkamohela: Ke hlobotse mme la Nkapesa: Ke ne ke kula, mme la Nketela: Ke ne kele teronkong, mme le tlile ho tla mpona. Mme ke moo balokileng batlare, Morena, re O bone neng O lapile mme ra O fa dijo hoja? kapa o nyorilwe mme rao nehawa nwa: Re o bone neng Ole moeti, mme ra O a mohela? kapa O hlobotse, mme ra O a pesa? Kapa neng moo re ileng ra O bona O kula, kapa O le teronkong, mme ra O etela? Mme Morena o tlaba araba a re, Kannete, kere ho lona, Jwalo kaha le entse ho bana baena Baka, le se entse ho Nna. Mme o tlare ho bana ba ka ho le letshehadi, Tlohang ho Nna, lona barohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng satane le mangeloi a Hae: Hobane ke nebe ke lapile, mme ha le yaka la Mpha dijo: ke ne ke nyorilwe, mme ha le ya ka la Nneha honwa: Ke ne ke le moeti, mme ha le ya Nkamohela: Kehlobotse, le hanne ho Nkapesa: Ke kula, Ke le teronkong, mme ha le ya Nketela: Mme batla Moaraba bare, Morena, ke neng moo re neng re O bone O lapile, kapa o nyorilwe, kapa O le moeti, kapa O hlobotse, kapa O kula, kapa O le teronkong mme re sakang ra O thusa? Mme O tla ba araba are, Ka nnete Kere ho lona, Ere kaha le sa ka la etsa jwalo ho bana ba banyane, mme ha le ya se etsa ho Nna. Mme le tla ya timela kaho sa feeleng: empa ba lokileng ba ye bophelong bo sa feleng.

Tshenolo 20:11-15, "Yaba ke bona terone e kgolo, le Emong Ya dutseng hodima Yona, yaba ke bona lefatshe le lehodimo disutha pela sefahleho sa Hae: mme ha di yaka tsaba le sebaka. Mme ka bona bafu, ba banyane le ba baholo, ba eme pela terone; mme dibuka tsa bulwa: mme le buka e nngwe ya phetlwa, e leng Buka ya Bophelo: mme bafu ba a hlolwa ka tse ngodilweng dibukeng, ho ya ka mesebetsi ya bona, Mme lewatle la ntsha bafu ba ho lona: mme lefu le dihele tsa ntsha bafu ba ho lona: mme baahlolwa ho ya ka mesebetsi ya bona. Lefu le lebitla tsa lahlelwa hara mollo. Lena ke lefu labobedi. Mme ya sakang a fumanwa a ngotswe Bukeng ya Bophelo a lahlelwa sebuping sa mollo." Ho ne hole ba lokileng le basa lokang kahlolong ena. E bolela jwalo. BANA BA LOKILENG E KA SEBE KAROLO YA MONYADUWA HOBANE MONYADUWA O AHLOLA MMOHO LE YENA. I Bakorinthe 6:2-3, "Na ha letsebe hore bahalaledi batla a hlola lefatshe? Mme ha e sita lefatshe le tla ahlolwa ke lona, na ha le lokele ho ahlola ditseko tse nyenyane na? A na ha le tsebe hore re tla a hlola mangeloi? Re fetisa ha ka kang ho ahlola ditaba tsa bophelo ba jwale?" Tshenolo 3:21, "Ya hlolang ke tla moneha ho dula le Nna teroneng Yaka, jwalo ka ha le Nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya Hae." O ya bona, monyaduwa o dutse teroneng. Jwalo kaha a tla ahlola lefatshe mme o dutse teroneng le Yena. Ke hantle feela seo Daniele a se boneng. Daniele 7:9-10, "Ka tadima ho fihlela terone diba di bewa, mme Moholo wa letsatsi a dula, seaparo sa Hae sene se le se sweu jwalo ka lehlwa, moriri wa hloho ya Hae o ne ole mosweu jwalo ka lehlwa: terone ya Hae ene e tswa malakabe a mollo, le mabidi a yona a ne e ka le lakabe la mollo. Noka ya mollo e ne etswa ho Yena e matha pela Hae: Dikete kete dine di Mosebeletsa, le dikete tse dikete atisa ka dikete dieme pela Hae: baahlodi badula mme dibuka tsa bulwa." O ya bona e ntse ele yona ntho ela, dikete tse dikete dimosebeletsa ke monyaduwa, hobane ya mosebeletsang monna ke mosadi?

Potso jwale e ya hlaha, hobaneng jwale ba lokileng ha bahlaha ka pela setulo sa kahlolo? Haho sebaka se seng moo ba ka hlahang, hobane hole teng tsoho tsa bafu tse pedi ho lokela tsoho ya pele balokela hotla ho ya pele eleng tsoho ya ho isa kahlolong. Ba lokelwang ke tsoho ya pele (monyaduwa) haba kahlolong. Johanne 5:24, "Kannete, nnete Kere ho lona, Ya utlwang Lentswe Laka, mme a dumela ya nthumileng, o nale bophelo bosa feleng (eleng badumedi bao ba nang le bophelo bosa feleng o nale sebaka sa hae) mme a ka se tle kahlolong (a kase tle kahlolong, ke seo hantle e se bolelang) empa o tswile (ka ho felletseng) hotswa lefung ho ya bophelong." Empa hlokomela hantle, Jesu o lokela ebe ho ne hole teng ba bang bao aneng a bua ka bona hantle feela kamora tsoho ba tla fumana bophelo bo sa feleng. Batla fumana sena tsohong ya bafu, HA BAYA FUMANA SENA KA HOBA KAROLO YA MONYADUWA PELE. Johanne 5:28-29, "Semakaleng ke hoo, hobane nako e yatla, eo bohle ba mabitleng ba tla utlwa Lentswe la Hae, mme batla tswa; bao baentseng hantle, batsohele bophelo bosa feleng, mme bao baentseng bokgopo, batsohele tsuo." Jwale re tseba bohle hore Johanne 5:28-29 hore HASE TLHWIBILO hobane ke ba shwetseng ho Kreste feela batlang ho tswa mabitleng ka nako eo mmoho le monyaduwa ya ntseng a le lefatsheng. I Bathesalenoka 4:16-17, "Hobane Morena ka sebele o tla theoha lehodimong ka Lentswe la Arekangeloi, le ka terompeta ya Modimo: mme bafu bashwetseng ho Kreste batla tsoha pele: Ebe moo, rona baphela, ba saletseng nako eo, re nkelwang marung hammoho le bona, ho ya kgahlanyetsa Morena sebakeng: Mme ka mokgwa o jwalo, re tlaba le Morena kamehla." Empa e re ho Johanne 5:28-29 hore BOHLE batlatswa mabitleng. Ena ke yona tsoho eoe ho buuwang ka yona ho Tshenolo 20:11-15 moo BAFU baileng batliswa ka pele ho Morena mme baahlolwa hoya ka mesebetsi ya bona, mabitso ao ohle a ne a le siko Bukeng ya Bophelo baile ba lahlelwa seboping sa mollo.

Jwale re lebane le potso ya hore hobaneng bophelo bosa feleng kamora kahlolo e sale Epistola e bonahala ka ntlha e lokela ho amohela Moya wa Kreste kapa baya timela. Leha ho bonahala, ha re ya lokela ho iphapaya mantswe a Jesu ya bontshitseng hantle Buka ya Bophelo ya tla fumana bophelo pele ho tsoho e akaretsang. Paulose ha a hanyetsane le taba ena ho Bafilipi 3:11, "Hore le Nna mohlomong nke ke fihlele tsoho ya bafu." Jwale taba ena e se ehlakile. Re tseba bohle hore BOHLE re ya tsohong re rata re sa rate. Bohle batla tsoswa. Jwale Paulose akare hantle, "Haeba KA TSELA E ITSENG ke fihlele tsoho ya bafu." Nnete ya taba, ha a re. Moloko o itseng feela, "Haeba ka mokgwa o itseng leka hona `ntle ho tsoho' ho tswa bafung." Ha ho bolelwe tsoho e akaretseng kapa tsoho ya bobedi, empa ka tsoho ya pele re re, ho thweng ka yona, "Ho lehlohonolo ba nkang karolo tsohong ya pele, hobane lefu labobedi ha le sana matla hodima bona, empa etlaba bapriesta ba Kreste mme batla busa le Yena dilemo tse sekete." Tsoho ya pele enale matla hodima lefu. Ke qetellong ya dilemo tse sekete KAOFELA HA BONA bashweleng batla tsoha hape. Ka tsatsi leo batlang kapele bakeng sa bophelo bosa feleng mme le bao bashweleng. Jwqale haho hlokahale hore re ipotse hore ke bomang bao bafuwang bophelo babobedi. Re bolelletswe hore ba bao neilwe tlasa mabaka a hore ke baileng ba loka ho baena "Baena". Bao batsohelang ho lahlelwa seboping sa mollo ke bao basakang ba kgathalla ba bang "Baena". Jwalo ka ha sena ele Lentswe la Modimo le amohele. Ha ho na kgang mona, ke molaetsa o bobebe.

Ho hlalosa sena ka botlalo, hlokomela mantswe a ho Mattheu 25:31-46. Ha e bolele hore modisa ka kotloloho a arola dinku ho dipodi, empa JWALO KA modisa ha a tla arola dinku ho dipodi. Sena hase dinku ka kotloloho (Terone e Tshweu ya Kahlolo) . Dinku dikgona ho, di utlwa (Lentswe) mme di Molatele. BASE BA NA LE BOPHELO BOSA FELENG BAKASETLE SETULONG SA KAHLOLO. Empa bana HABANA ha ba na bophelo bosa feleng, mme ba kahlolong. Badumellwa HO KENA BOPHELONG bosa feleng. Empa ho tloha fatshe? Jwale ntle le seo base banale bophelo bo sa feleng jwalo ka monyaduwa, empa bafumana sena kahobane babile mosa ho baena ba Hae. Ha se baena ba hae: bao batla bang le Jesu. HASE ba utlwe feela ba Lentswe. Ha ba arolelane terone, j.j. le Yena. MABITSO A BONA A BILE BUKENG YA BOPHELO HA A KABA A TLOSWA. Empa ka ba ka la lerato la bona ho batho ba Modimo baya tsebahala mme babolokehile. Haho tikatiko bana ke baileng bafepa bana ba Modimo. Mohlomong jwalo ka Nikodema le Gamaliele baile baemela bana ba Modimo hara mathata. Ha sena se batla se hwaya hwaya "poloko," shebisisa hantle, hobane bakgopo HABA YA BOLOKEHA, empa fetohela seboping sa mollo. Mabitso a bao baileng ba eshwa a teng ka hare ho Bukeng ya Bophelo; empa a ile a ntshuwe hobane baile bahloleha ho thusa batho ba Modimo ba neng ba phela ka Lentswe (e le ditshelo tse phelang) bakeng sa tsatsi la bona.

Jwale ha re hlokomele mona. Sena ke setjhaba se ahlolwang ho ya kena bongateng hobane bathusitseng haholo Bajuda. Ho hlakile hore ho tla ya ka temana ena. "Mme bana (bakgopo) batla tloha ho ya kahlolong e sa feleng (sebopi sa mollo), empa balokileng baye bophelong bosa feleng." Ha ho moo ho bolelwang ka kahlolo habedi moo ba sa lokang ba lahlelwang seboping sa mollo. Ke sebata feela le moporofeta wa bohata baahlolwang kamorao ho matshwenyeho a maholo. Tjhe, ena ke Kahlolo ya Terone e Tshweu, e ahlolang hoya ka seo se ngotsweng bukeng.

Ke tsoho ya bobedi "meya tlasa aletare" jwalo kaha ho bonahala Tiisong ya Bohlaho (Tshenolo 6:9-11) ba newang diaparo tse tshweu, mmoho le bophelo bosafeleng, kapa ho kasebe le ntlha ya seaparo se se sweu. "Eitse hobane a e manolle tiiso ya bohlano, ka bona tlasa aletare meya ya bao ba bolaetsweng Lentswe la Modimo, le bopaki boo baneng ba botiisitse: Ya howa ka lentswe le phahameng, yare, Morena ya Halalelang, wa nnete, o tla dieha hole hokae ho ahlola le ho lefetsa madi a rona ho ba ahileng lefatsheng? Yaba e mong le emong o newa seaparo se se lelele se sesweu; mme ba bolellwa hore ba phomole hose ho kae, palo ya balekane ba bona ba bohlanka, le ya bana babo bona basatlang ho bolawa jwalo ka bona, e tle ebe e phethehe." Jwale hlokomela haho le ya mong wa bana ba ka tlasa aletare ba bolaetsweng bopaki ba Jesu. Bane ba sa tshwane le Antipase ya ileng a bolawa ka baka laho itshwarella ka Lebitso la Hae. Bana hase batswetsweng labobedi, leha bophelo bosa feleng ele seo ba nang le sona. Bartswile tlasa tsoho ka baka la ho emela Lentswe. Mme o hlokomele bana ba llela boiphetetso. Eka sebe monyaduwa. Monyaduwa o ya lla o hlahisa lerama ore, "Batshwarele, Ntate, ha ba tsebe seo ba se etsang." Bana ke Bajuda. Ba tlamehile ebe ke bona hoba ne ba tiisong ya bohlano, mme ke tiiso ya bone moo monyaduwa wa Baditjhaba moo a ileng tlhwibilong. Jwale Bajuda bana haba ya tswalwa ka Moya wa Hae. Ha badumele hape hore Jesu ke Messia. Empa jwalo kaha bane bafoufaditswe ke Modimo bakeng sa Baditjhaba, Modimo oile a bafa bophelo bosa feleng hobane ba ne basena tsela ya hotla ho Yena, empa bane ntse batshepahala ho Lentswe lohle, mme baeshwa tlasa Hitler, Stalin, jwalo jwalo., mme bantse batlashwa.

Ena ke tsoho ya bobedi moo barwetsana ba bahlano bamawatla bahlahellang. O hlokomele hore ene ele barwetsana. Bane ba sena Moya o Halalelang mme baile bahloleha hoba monyaduwa, ha ba bang ba bahlano ene ele ba bohlale ba nale oli yaeba karolo ya monyaduwa. Empa batho bana, habana ho ka arolwa, batho ba ratang Modimo, ba leka kahohle ho dula Lentsweng, ho ya kamoo re tsebang ka taba ena, hoba karolo ya mosebetsi wa Modimo. Ha baya tshwasa matshwela, o ka qalang ho e bona ka taba ena ya bohlokwa ho bona kapa badumedi.

Kaofela batho bana mabitso a bona a teng Bukeng ya Bophelo mme mabitso a bona a dula a le teng. Empa bao mabitso a bona a sakang a dula a le teng? Bao eleng ba mekgatlo ya dikereke tsa lefatshe ba lwantsha monyaduwa e tlaba bao mabitso a bona a tlosuweng. E leng bao bakase e finyelle. Batla lahlelwa seboping sa mollo. Jwale ha re ye pejana, empa re ikgopotsa hakalo. Pele re tseba hore bongata ho tla tloha ho kgethweng ke Mmoloki. Ho etsahetse ka bo yena. E ne e le thato ya Hae a tlisa batho ka boyena batla tshwana le Yena jwalo ka Monyaduwa wa Lentswe. O ile a kgethwa pele lefatshe lethewa HO YENA. O ne a ikemiseditse mme baratwa pele ho tsohle ho ya ka mengwaha ya lefatshe. O ne a lokile ka ho lokiswa HABA YAKA batla qosong. Akase ye kahlolong hobane sebe seka se kenywe. Baroma 4:8, "Ho lehlohonolo motho eo Morena a sa mmallleng dibe tsa hae." Empa kannete otlabe ale ka ho Yena teroneng ya Hae ya kahlolo, a ahlola mangeloi. Lebitso la hae (e mong le emong wa karolo) le ngotswe Bukeng ya Bophelo ya Konyana pele lefatshe le thewa. Sa bobedi, ho nale ba bang. Bao mabitso a bona ale Bukeng ya Bophelo mme batla tla bobeding ba tsoho ya bafu. Bao ke mawatla ao ho buang ka Mattheu 25. Hona ho bao ho teng hape le bao basakang ba rapela sebata kapa ho kopana le antikreste empa bashwela tumelo ya bona le ha ese karolo ya monyaduwa, basaka batswalwa labobedi. Empa batla tla tsohong ya bobedi bophelong bosa feleng. Laboraro, hona le Bakreste ba kanqane ho moedi jwalo kaha re bona Israel a etswa Egepeta. Bao ba nale mabitso a bona Bukeng ya Bophelo mme mesebetsi ya bona e ngotswe bukeng. Bao ba ile bahloleha ho mamela Modimo le ho tlatswa ka Moya, leka mehlolo hara bona ka hohle, mabitso a bona atla tloswa Bukeng ya Bophelo. Hara bona ho nale bakang Judas a sakang a mamella tsamaiso ya Moya, empa ele badumedi, batla tiiswa ka seo, mme hara bona ho ne hole baleng siyo KAHO YENA. Ba jwalo ka Balaame etlaba moo. Ya bone ke hore ke bao mabitso a bona a sotla ngolwa hape bukeng. Ba jwalo ba fumaneha ho Tshenolo 13:8 le Tshenolo 17:8, "Mme bohle ba hara lefatshe batla mosebeletsa, bao mabitso a bona aleng siyo Bukeng ya Bophelo ya Konya e sale e hlajwa pele lefatshe le thewa. Sebata seo o se boneng ha seyo: mme setla hlaha sekoting se senang bofelo, mme seya timelong: mme bao baphelang lefatsheng bao mabitso a bona a sa ngolwang Bukeng ya Bophelo pele lefatshe le thewa, ha ba bona sebata se neng se le teng, se leng siyo, mme ha seyo." Jesu o itse ba bang baitseng batla amohela motho ya tlang ka lebitso la Hae. Eleng antikreste. Mme hantle ke seo se etsahalang le se bolelwang ke Tshenolo 13:8, le 17:8. Se na e ne e le se hlahang ho Modimo ka kgetho. Mme kaho kgethwa hoo ba jwalo ka Faro. Ere ka yena, "Empa le ha hole jwalo ke ya o phahamisa. Ditshelo tse tletseng tahleho." Baroma 9:17 le 22. Haho le e nngwe ya tsena e kentsweng dibukeng tsa bophelo. Ha ke tjho hore haho moo bangotsweng teng. Kantle ho tikatiko ho teng moobangotsweng teng, empa E SENG BUKENG YA BOPHELO. Lebaka la bona le boteng ba bona bo beheletswe ka thoko bukeng empa reka kenya mangolo a mang a mabedi. Diprovebea 16:4, "Esita le e mobe o etseditswe letsatsi la hae." Jobo 21:30, "Molotsana o sirelwa ka tsatsi la tshenyeho, ka tsatsi la phetheho o tloswa pela yona.”

E sale jwalo e rebolella karolo ena ya Lentswe e le thata bakeng sa kelello ya motho ho ka e utlwisisa, e lokela ho amohelwa ka tumelo. Babang batla hlajwa ke ho utlwas seo ke se boletseng ho qaleng hobane ha ba utlwe seo Modimo a se bolelang hore MODIMO KE MODIMO, mme hobane Modimo ha a hlole bao aba romileng kapa thato ya hae; empa O, otshepehile, o laola TSOHLE le ho etsa seo a se ratang ka mmopo wa Hae oo a o bopileng bakeng sa ho ithabisa. Kahoo, jwalo kaha Paulose a tjho, "Ha Modimo a ka nka karolo ya letsopa mme a etsa setshelo ho ka hlompha se seng setshelo, ke mang ya kabang kgahlano le seo le ho lla na? " Mme onale tokelo ya ho etssa sena tlasa mabaka ana feela, re ka se hane. mme a nna a tswella, hobane ho ya ka Baroma 14:7-9, re nale bopaki ba Jesu ya lefileng ka theko e thata haholo, mme A ka etsa kamoo a ratang hobane ke tsa Hae. "Hobane haho le ya mong wa rona ya iphelelang, mme hape haho le ya mong ya shwang ka baka la hae. Hobane le ha re phela leha re e shwa, re phelela Morena; leha re eshwa, re shwela Morena: leha re phela moo, kapa re e shwa, re ba Morena. Bakeng sa karolo ena Kreste o ile a shwa mme a ba a tsoha hape, le hore o lokela hoba Morena BOBEDI EBE MORENA WA BAPHELANG LE BAPHELANG." (Tokelo; ESENG kamano e teng.) Sena sehlaloswa hape ke Johanne 17:2, "Hobane o moneile Borena hodima NAMA YOHLE, hore bohle bao O Mo neileng bona A ba nee bophelo bosa feleng.

Jwale, hare tshepeha ho Morena, re lokela ho tshepa hape hore O lokile. Leano lena la kgetho ke bohlale ba Modimo ka tshenolo mengwaheng ena, jwalo kaha a bolela ho Baefese 1:3-11, "Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, O re hlohonolofaditseng ka mahlohonolo ohlea Moya, mahodimong, ho Kreste, kamoo ore kgethetseng ho yena ka teng ha o no o e so thehe lefatshe, hore retle re halalele mme rehloke sekodi pela Hae. Hobane leratong la Oona kamohelo ya bana ka Jesu Kreste ka Boyena, ka ketso ya boithatelo ba Oona, e tle ebe kganya ya mohau wa Oona o re hauhetseng ka oona ho Mora wa Oona. Ke ka ho Yena re nang le topollo ya madi a Hae, ke hore tshwarelo ya ditshito, ka monono wa mohau wa Hae; oo Modimo o re atiseditseng oona ka BOHLALE BOHLE BA HAE le ka kelello, wa re tsebisa sephiri sa thato ya Oona, kamoo oneng o ithatele ka teng, etle ere ha nako tse beilweng ke Oona ha dise diphethehile O tle o bokelle tsohle ho Kreste leha ele tse lehodimong, leha ele tse lefatsheng, hape ke ka ho Kreste re entsweng lefa la Oona; kamoo re neng re rerelwe hona ka teng, ka morero wa Ya sebetsang dintho ka thato ya Hae." Eleng hore ha Modimo a e ntse hore hobe le bao a ngolang mabitso a bona Bukeng ya Bophelo ya Konyana mme a ka se a tlose hobane ke mabitso a monyaduwa, mme re lokela ho amohela seo. Haho le jwalo e hlalosa mabitso a bao ba ngodilweng Bukeng ya Bophelo empa tsebo ya Modimo ha ho ka etsahala bawa mme mabitso a bona a ya tloswa. Mme haho etsahala hore hobe le BASAKANG ba ngolwa ho ya bophelo, re lokela ho amohela seo, jwalo. Mme haeba ke bao batlang ho amohela Terone e Tshweu ya Kahlolo ka baka la ho loka hwa bona le ho kgetha hwa Modimo bao eleng baena ba Hae, le teng re lokela ho amohela seo. HOBANE KE MANG YA TSEBANG MOHOPOLO WA MODIMO HOO AKA MOLAELANG? Hampe re tieng tumelong ho Yena ka Ntate re tle re phele.

Ho utlwisisa taba ena kaho otloloha ya kereke ho ya ka mengwaha. Ho fihlela hona jwale ho nahana ka tsela e nngwe ho tlosa mabitso ka bonngwe. Jwale re nahana, eseng ka bonngwe, empa sehlopha se leng ka hare ho kereke. Ho etsa jwalo ho tla hula kereke ho isa leholeng. Qowa ya koro e leng teng ho ya qetellong qowa ya koro e tla hlahisa le ho ikatisa ka boyona ho ya ka nako e itseng. Peo eo etla shwa, empa ho shweng hwa yona, bophelo boneng bole ka ho yona botla fetela sejalong le hoba mojari wa bophelo ya tlang ho kgutla ho bongata. Jesu Peo eo ya Borena O ile a shwa. Hore hosebe ya lekanang le yena ke bophelo ba kereke O eme mahareng a kereke tse supileng tsa mengwaha A fana ka bophelo ba Hae ho tsona (monki kapa moamohedi) ho ya qetellong ya bophelo ba Hae hlahisa mme le o jwalo ka tsoho ya Hae. Ke tsohong moo Peo ya Borena e tlang ho bona dipeo tse ngata tsa borena tse tshwanang le Yena mme ditlabe di bile ditshwana le Yena, hobane Johanne ore, "re tla tshwana le Yena. " Sena ke seo Johanne Mokolobetsi a neng a se bolela ha are O itse Jesu o tla bokella koro modikong. Ene ele tsoho ya Hae ho ya kamoo aneng a bolela kateng hotla ha bophelo bosafeleng.

Jwale he, ho ngodilwe ka koro ena e hlahisa peo ya sebele e BUKENG YA BOPHELO. Ke ya phetha: histori kapa moo ho ngodilweng ka peo ene ke Buke ya Bophelo eo eleng karolo ya Buka ya Bophelo ke HO NGOLWA HWA BOPHELO BOSA FELENG. (Karolo ya Buka ya Bophelo). Sena se bonwa hao hlahloba peo. Peo e tlwaelehileng e ya jalwa. Ha nako e ya e hlahisa semela. Empa seo hae soka e eba peo. Ebe e hola ka hara kutu. Sena haesoka e eba koro. Bophelo boteng kamoo, empa e se peo. Ha nako e ntse eya kutu ena e hlahisa dipalesa. Entse e le kutu ya koro e seng koro. E be jwale peo, jwale re bona sena. Sena se tshwana le peo ena. Ebe e etsa peo ka seo. E se e kgutletse moo eneng ele teng jwale. Jwale koro e lokileng e ya kotulwa.

Jesu O ile a shwa. O fane ka bophelo ba Hae. Bophelo boo bone bo lokela ho kgutlela ka hare ho kereke bara ba bangata ka Boyena ka kgalalelo ya Hae. Empa jwalo ka peo ho tlisa bongata ba koro, leha hole jwalo kereke e lokela ho amohela Kreste. Jwalo ka semela, kutu, lehola, le mmoko dinnile tsa hlaha ESENG PEO KA BOYONA, jwale kereke kahobane eleng PEO leha Peo ka boyona. Ke seo re ka se bolelang Bukeng ya Bophelo ke KORO YA LEHOLA KAOFELA.

Ha re yeng morao hape. Peo ya sebele ke ena. E hlahisa kutu. E ne e se seo. E hlahisa jwalo ka sena. Eseng seo. Ke kutu ena e hlahisang peo. HA SE SONA SEO. Lehola la hlaha. YABA HOWA DIPALESA HOTSWA KUTUNG. KAROLO YA SEMELA E YA HLAHA. HO HONG HWA PEO YA TLHAHO ETLANG HARA SEMELA SE FETOHA PEO. Ke eng ha sena se saka sa etsahala hohang peo eo? Hobane ene e beilwe ho tloha qalong. Karolo ya seo feela hoba peo kahobane SEJALO SA KORO KE SEJALO SAKAMEHLA.

O nale mohlala o otlolohileng wa Israele a tloha Egepeta. Ho tswile batho ba kabang dimillione KAOFELA ba phonyoha ka madi. KAOFELA baile bakolobetswa Lewatleng le lefubedu; KAOFELA ba tswa ka metsing ka Moya oHalalelang wa ponahatsa; KAOFELA ba jele dijo tsa mangeloi; KAOFELA ba nwele hotswa lefikeng. Leha hole jwalo ene ese bankileng bana batla latela bona ho ya lefatsheng la Kanana. HASE Israele kaofela. Empa palo nyana e nyane eile ya tloswa Bukeng ya Bophelo. Re nale tokelo eo le kajeno. Mabitso a ntshuweng Bukeng ya Bophelo. Haho mabitso a kaseng a tloswa Bukeng ya Bophelo Bosafeleng e ngotswe hape Bukeng ya Bophelo. ENA KE REKOTO: MODIMO ORE FILE BOPHELO BOSA FELENG, MME BOPHELO BONA KE KA MORA WA HAE. YA NANG LE MORA ONALE BOPHELO BOSA FELENG (BOSAFELENG) MME YA SENANG MORA HA ANA BOPHELO (BOSAFELENG). Mme bao ba nang le bophelo boo HO YENA pele lefatshe le thewa. BANE BAKGETHETSWE YENA PELE LEFATSHE LE THEWA. Peo eo ya Borena, Jesu Kreste, e ne e jetswe (O ile a shwa) mme bophelo boo boneng bole ho Yena boile batla sejalong mme sehlahisa dimillione tsa peo e nang le bophelo ka ho tsona, jwalo ka ya sebele ka Moya. Jwale ke ka baka leo (bakgutliswa ka ya sebele) monyaduwa (O ne ale ka ho Eva le ho Adama) a kasebe le yena `maloko a mabitso' a tlosuwe bukeng ena. Ke karolo ya Hae. O hara terone. A kase ahlolwe. Emong le emong ke karolo ya Hae eseng letho. Empa haho jwalo "tsohle" ho Bukeng ya Bophelo. Hara bona jwalo ka Judas jwalo jwalo. ya nang le karolo ya mabitso a tloswang. Re ka bona batlang ha morao, kamora ho etsa mesebetsi e metle, Jesu o tla re Ha a kaba a batseba. Ha se hore o ne a sa ba bone. Boitsebelo ba hae bohle bo bolela seo; empa e ne e se ba tsejwang jwalo ka monyaduwa; mme bane ba tsebahala jwalo ka ba bang feela ka ho loka ka tsoho. Haba behe ditholwana (hobane bane bale hantle kantle ho Lentswe) mme baile ba bolela seo, ka tsela eo, ba ahlolela lefu. Jwalo kaha re qadileng ka teng moo baemeng ele monyaduwa le ho hlokomela le ho kgothatsa. Bao mabitso a leng teng Bukeng ya Bophelo ho ya bophelong bosa feleng. Qetellong hwa hlaha batshwanang le Faro bao hoseng mabitso a bona Bukeng ya Bophelo mme ba na le ba lahlelwa seboping sa mollo.

Ho bolelang hore qowa ya koro e fetoha semela sa kereke ya sebele. Leha e se peo kaofela e fetohang peo ya koro, mme hape hase dimela tsohle tse kotulwang, ho jwalo feela ka kereke:  -- hase kereke kaofela eo eleng monyaduwa, ene hase kaofela bao eleng banale bophelo bo sa felelng, empa KAROLO ya yona ba bokeleditsweng modikong, mme le KAROLO ya yona e kase kene bophelong bo sa feleng tsohong ya bobedi, mme KAROLO e nngwe ke mmoko o tjheswa mmoho le ona. Mme sena ke seo hantle Johanne Mokolobetsi mme Jesu o itse, hobane Johanne o itse koro e tla bolokwa mme mmoko o tla tjheswa. Jesu o itse, "Tlama mmoko mmoho, mme o tlame koro." Kopanyo e tla tlangwa ka seo mmoho, hobane ho tla tlangwa lehola PELE, LEHA ELE HORE QETELO YA LONA KE HOTJHA, ha le tjheswe ka nako eo kamora ho tlangwa, eleng qetellong ya dilemo tse sekete, kapa tsoho ya bobedi ya bafu. Empa hang kamora ho tlangwa hwa lehola jwale tlhwibilo eya qala le tshenolong ya antikreste. Mme ho tla tla BOHLE boeme mmoho jwalo kaha ene e bonwe ke Daniele. Morena o tlaba moo kapele ho bona le monyaduwa wa hae kapela matshwele tshwele ao ha a ahlolwa. E yabo. BOHLE ba moo. Dibuka tsohle tsa bulwa. Kahlolo ya bohhle eya hlaloswa BOHLE hwa bona. Kotulo e fela e fetile. Dibuka jwale di ya kwalwa.

Ho kwala taba ena ya nako ena, e qadileng tabeng ena moo ketlare tabeng e na ya Lengolo le le buileng ka BOTENG BA MODIMO ya tshwereng mabitso ohle. Ho feela hole jwalo. Leha hole teng Lengolo le bontsha bokamoso. Ho Pesalema 87. Pesalema e na e bua ka Modimo ho ngola mabitso a bao batswetsweng ho Zione. Kahlakoreng le leng Modimo e tla lokela ho fihlela kapa nako ya ho sebetsa ka Zione le ho tseba seo ho Zione. Hape, o tla etsa seo ka nnete. Hantle o ya tseba ka palo eo. Empa ke eng? Na sena hase ho lokileng Modimo o fela a le a ngotsweng ho emeng pela tsoho ya bobedi mme ho nka karolo Zione? Ha ntle feela, ke sona seo.

"Mme ke tla mmolela kapele ho Ntate le mangeloi." Mabitso ha a bitswa lehodimong! "Ha monna a eshwa, o tla phela na? nako yohle yaka e emella kathoko, ho fihlela nako ya sena. O tla bitswa kahohle le ho araba hle: O tlaba le takatso ya ho sebetsa ka matsoho a hao." Modisa e Moholo o bitsa nku tsa Hae. Lentswe la Modimo le bitsa hotsa leroleng kapa ho tsoha leha ele hore haba ya robala. Hase tlhwibilo. Ke Mokete o Moholo wa Lenyalo la Konyana le monyaduwa wa Hae.

Empa tlhwibilo hase yona feela tsela ya ho bitswa hwa mabitso. Moo tsohong eo, Teroneng e Tshweu ya Kahlolo, ke moo mabitso a tlang pakwa kapele ho mangeloi le Ntate. Jwale ke ile ka jwetswa ke bao batsebang, hore modumo o monate tsebeng ya motho ke lebitso la motho. Kamoo batho baratang mabitso a bona ha a pepeswa. Ho rata ho pakwa. Empa haho lentswe le lefatsheng mona le tla bitsa lebitso la hao ha monate jwalo ka Lentswe la Modimo Bukeng ya Bophelo mme le dule moo ho fihlela le hlahiswa pela mangeloi. Jo e tlaba tsatsi le monate ha ka kang leo ha Jesu are, "Ntate, bapakile Lebitso laka pela batho lefatsheng. Jwale ketla paka mabitso a bona ka pela Hao le pela mangeloi ohle.”

"Ya nang le tsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke." Hang hape Moya o ya bua. Hang hape re fumana seo Moya o se bolelang mongwaheng o mong. Mme re fumane sena ele se lokileng. Mongwaha o mong hape o fitile mme ho etsahetse hantle kamoo a neng a boletse ka teng. Ke kgothatso eo re e fumanang ho kgothatsa monyaduwa, hobane se etsa hore dipelo tsa rona ditshepehe le ho etsa hantle ka tshepiso. Ha a ne a tshepahala hore Mongwaheng wa Sarda, o tshepahala ka ho o tloloha o na wa nnete. Haeba ka mohau wa Hae kajeno, mme ho tlaba jwalo. Ha re yeng moo, re lokeng ho kopana le Modimo moyeng, mme retlaba le yena ka ho sa yeng kae.


“Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona!” — 1 BaKorinthe 16:23