Mengwaha Ya Kereke - Kgaolo ya 06 (00-0006)



KEREKE YA MONGWAHA WA THIATIRE


Tshenolo 2:18-29

Ngolla lengeloi la kereke ya Thiatire ore; Ke tsena tse bolelwang ke Mora wa Modimo, eo mahlo a Hae a tshwanang le kgabo ya mollo, le maoto a Hae aleng jwalo ka koporo e benyang;

Ke tseba mesebetsi ya hao, le lerato la hao, letshebeletso ya hao, le tumelo ya Hao, le mamello ya hao, le hoba mesebetsi ya hao ya morao e fetisa ya pele.

Empa ke nale ditaba tse mmalwa tseo ke dinyatsang ho wena, ke hobane o dumella Jezebele, mosadi eo ya ipitsang moporofeta, ho ruta le ho kgelosa bahlanka Baka ho etsa bohlola, mme baje nama e hlabetsweng medimo ya bohata.

Ke mofile sebaka sa ho baka bohloleng hae; empa ha aka a baka. Bona, ke tla modihela diphateng tsa hae, mme bafebileng le yena ke tlaba kenya tlokotsing e kgolo, ha ba sa bake diketsong tsa bona. Ke tla bolaya bana ba hae ka lefu; mme dikereke ditla tseba mohlang oo hore ke Nna ya lekolang matheka le dipelo; mme ke tla putsa e mong le emong wa lona ka ho lekanang mesebetsi ya hae. Haele lona, le ba bang ba Thiatire, ba sayeng ka thuto eo, basakang ba tseba matebo a Satane, kamoo ba a bitsang ka teng; ke a lebolella hore nke ka le bea boima bo bong.

Feela, le nne le tiise seo le nang le sona, ke be ke fihle. Ya hlolang, mme a tiisetsa ho etsa mesebetsi yaka ho isa qetellong, ke tla mofa mmuso hodima ditjhaba: Me o tla di disa ka lere la tshepe; mme ditla thuuwa jwalo ka dipitsa tsa letsopa, kamoo le nna ke nkileng taelo ho ntate kateng: Ke tla mofa naledi ya meso. Ya nang le tsebe, a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke.

THIATIRE


Ho ya ka histori, motse wa Thiatire o ne o le mahareng a metse e supileng ya Tshenolo. O ne ole mane pela Mysia le Ionia. O ne o potilwe ke noka tse ngata, empa o ne o tletse phoofolo tse hlaha. Ke ntho e tsebahalang hore ke motse o neng o futsanehileng haholo ka bongata ba babopi ba letsopa, basuhe, balohi, baetsi ba mmala, baetsi ba dikgwele, j.j. Ene ele ho tloha motseng wa Lydia, morekise wa purple, atla. Ene ele Paulose pele ya maemo a Europa.

Jwale lebaka la Moya o kgetha hoba motse o le mong honale lebaka elemente mongwaheng wa tumelo. Tumelo ekgolo Thiatire ene ele barapedi Apollo Tyrimnaios e neng e kopane le mmuso. Apollo ene ele modimo wa letsatsi, mme matla a nnete ntate, Zeus. O ne a tsebahala jwalo ka `mohlohlelli wa bobe'; o ne a phahamisitse bodumedi a hlalosa (ho bolela atonement, ho etsa qeto eo ho etsuwang bobe kapa ho itseng). Pilato o ile are, "O hlalositse motho ke boaho ba tempeleng, sehlabelo le tshebedisong ya tsona, ntle le ho kopana ka lefu le bophelo." O ile a bua le tsebo ya bokamoso `bokamoso' mme yena`thato ya ntatae' ho batho ba itseng. Ho Thiatire sena sene se etsahala ka baporofeta ba dutseng ditulong tsa tripod bantsha molaetsa.

Ho tsebahala hwa molaetsa oona ke ntho e tsebahalang. Popo ya matla a bona e ne e sa itshetleha hakalo mehlolong, empa e mong le emong one a dula moo a batlang a fana ka maphelo ho batho kapa ho bathusa ha ba sa be maloko a tempele e itseng thapelo ya Apollo. Mang kapa mang ya neng a hana ho kenela mekete ya ditshwantsho o ne a tloswa mongwaheng wa kopano wa pele. Hore batle ba be karolo ya setjhaba ka bophelo one o lokela ho rapela ditshwantsho tsa pagane.

Ke taba e nngwe hape ho ka tseba hore lebitso lenaThyatira lebolela, "Ho busa Mosadi." Hona ho bolela hore ke puso ka mahahapa, matla a ho busa kahohle, ho hapa hohle ka ho laola. Jwale mosadi ya busang o rohakehile haholo lefatsheng. Monna ya bohlale lefatsheng o ile a bonwa ke Solomone, mme are, "Ke ruisa pelo yaka bohlaleng, ke batla, leho tswella pele ho batla bohlale, lebaka la marena la ho tseba tsena ke bohlale, esita bothoto le bohlanya; mme ka fumana E BABA HO FETA LEFU LA MOSADI, eo pelo e mano ebile e bodile, mme matsoho a hae: ya thabisang Modimo otla mmaleha; empa MOETSADIBE o tla nkuwa ke yena. Bona, sena ke se fumane, moruti are, a ba bala ka bonngwe; seo moya wa hao o se batlang, empa ke se hlokile. Hara sekete ke fumane ale mong monna; empa hara bohle haho lea mong eo ke mofumaneng." Moekelesia 7:25-28. Paulose o itse, "Ha ke dumelle mosadi ho ka ruta." Ho tloha Tshimong ya Eden ho tla kwano, basadi ka katleho ba lekile ho laola banna, mme esita le kajeno entse ele lefatshe la basadi mona naheng esenang Modimo ya America ka basadi ba tsamayang ba tsotse. Jwalo kasetshwantsho sa mosadi a theohang sebakeng (hopola hore diphaka tsa hae ene ele tshepe) hantle feela JWALO KA MONGWAHA WA Efese, jwalo feela matla a hae a hodile le ho fumana matla, ka tokelo ya tshepe ya matsatsing ana.

Jwale mosadi ha a lokela hoba le taelo. O, ho ya ka Lengolo le Halalelang, o lokelwa ke ho laolwa ke monna. O laetswe jwalo. Mosadi eo eleng wa sebele, kaofela basadi, e tlaba ba mofuta oo. Eseng mmata wa monyako. Monna wa sebele a kase etse mosadi moetapele. Empa otla rata hoba lehosebe le tokelo le ho busa hodima monna, hobane ke hlooho ya lelapa. Ha a ka roba sebopoho seo Modimo a moentseng ka soa, o thetsuwe. Monna e mong le emong a dumella mosadi ho nka tokelo hodima hae le yena o robile setshwantsho seo mme o thetsuwe. Ke ka hoo monna AKA SE KGONE HO TENA TSA BASADI LE HO MODUMELLA HO KUTA MORIRI. Ha a lokela ho tena diaparo tsa banna kapa ho kuta moriri. Ha a etsa seo o se a lahlehile mme o kgelohile. Mme ha mosadi a atamela pulpiti A LAETSWE HO SE ETSE JWALO, o tseba seleng ka hare ho yena moya o renang. Hoba mosadi ya busang ke hoba antikreste le peo ya Roman Catholic Church o hara seo leha aka hana empa ke nnete. Empa ha HO TLA LENTSWENG, ha Lentswe la Modimo ebe nnete mme a batho ebe leshano. Amen.

Ha re kgutleleng tshimolohong. Tshimolohong jwalo kaha re tseba popong ya motho jwalo kaha re tseba kajeno, Modimo o entse ntho tsohle ka bobedi, e tona le e tshehadi. Ho ne hole kgoho tse pedi -- mokoko le sethole. Hone hole teng kgomo tse pedi, sethole le poho. Mme hantle feela moleng. Empa ha hotla ho motho, ho ne hole ale mong feela. Ene ese bababedi. Adama o entswe ka setshwantsho sa Modimo. Ene ele mora wa Modimo. Jwalo ka mora wa Modimo a ka lekwa mme awa. Hono ha ho bobebe. Jwale Modimo o nkile peo ya monna ele yona e hlolang howa. Mosadi leka mohla ha aka a tshepeha jwalo ka tholwana pela Modimo e nepahetseng ya Modimo. O hlahile ho monna. Mme ha Modimo a mohlahisa ho monna o ne a fapane le tse ding diphoofolo tse tshehadi tseo A dibopileng. O ne a ikemiseditse ho etsa seo. Haho e nngwe phoofolo e tshehadi e sa tshepahaleng; empa ya motho ka nako tsohle. Le ho fokola kamehla ho dumella Satane ho sebedisa serpent ka thetso, mme a tlisa mosadi boemong boo Modimo le Lentswe la Hae. Ke motshwantsha le lemao le ntlha dipedi, o mobe ka hlakoreng le leng, mme ka hlakoreng o hlwekile mme o motle, mme a bile alokela hoba le Moya o Halalelang jwalo ka se sebediswa sa Modimo. Ka hlakoreng le leng o bitswa seotswa se tauweng ke veine ya bohlola. Ka hlakoreng le leng o bitswa Monyaduwa wa Kreste. Ka hlakoreng le leng o bitswa Sephiri Babilona, bohlola pela Modimo; mme ka ho le leng ke Jerusalem e motjha, mme wa rona. Ka ho le leng o ditshila le ho fokola o tla lahlelwa lelakabeng la mollo jwalo kaha ele sona sebaka se moloketseng; ka hlakoreng le leng o lokisetswa lehodimong, o arola terone ya Modimo jwalo ka mofumahadi.

Mme mona Kerekeng ya Mongwahawa Thiatire ke MOSADI YA BUSANG. Ke Semaka Babilona. Ke seotswa se seholo. Ke Jezebele moporofeta ya fosahetseng. HOBANENG? Hobane mosadi wa nnete o mamela Modimo. Kreste ke hlooho. Ha ana lentswe la Hae, ha ana monahano ke wa Hae, ha a e tellepele empa ke Yena. Empa ho etsahalang ka kereke ena? E lahletse kantle Lentswe, e lahlile Bibele mme ba mamela medingwana. E ne e bolaile bao ba neng ba rera nnete. E busa hodima marena, bafumahadi ba ditjhaba -- ba laola mabotho mme e bolela hore yona ke yona eo eleng mmele was nnete wa Kreste le hore bomopapa ba hae baemeng bakeng sa Kreste. O sebedisitswe ke diabolose hoo a ileng a sebedisa ba bang le yena. Ke monyaduwa wa Satane mme o hlahisa tumelo e sele.

Tsohle ho tloha Mengwaheng e lefifi a ntse a busa. Ho feta mengwaha e makgolo a robong a lahleha le ho kgeloha. O bolaile bonono, a lahla mahlale, a sa hlaise letho empa lefu ho fihlela kganya ya Nnete e ne e tlohile hohang ho setse silivera ya kganya e sala. Oli le veine ese e tsholoha; empa ka baka la ho busa mebuso ya lefatshe le ho batla kaofela batho batla ba fumana boahi ho yena, ho ne hole teng bammalwa bao eneng ele ba Modimo le hoba ba fumana bodulo lehodimong, mme ha a kgone ho lahla. Modimo o ile a boloka mohlatswana oo, ba ne ba ka se lahlwe. Kereke ena ya Roma ene ele bahetene lehoba dihlola jwalo ka Mofumahadi Athalia ya lekileng ho fedisa peo ya nnete mme a batla a atleha, empa MODIMO O BOLOKILE A LE MONG, mme ka yena o tla baba ngata batshepehang. Jwale Modimo o bolokile mohlatswana bosiung boo bo bolelel bo lefifi nneteng ho fihlela ho hlaha Luther.

Mang kapa mang ya tsebang ka Roman Catholic Churchle tsela ya teng ya ho rapela o tla o bolella hobaneng ha motse ona was Thiatire o ne o kgethwa ke Moya hore o emele kereke Mengwaheng e Lefifi. Ke seo, ka pele ho mahlo a rona.

MONGWAHA


Mongwaha wa Thiatire o bile teng ka nako e telele ho feta yohle, ho kabang lemo tse 900, ho tloha ka 606 ho isa 1520.

LENQOSA


Kereke ke kgale e kgaohantswe ka mekga e mmedi, Bophirima le Borwa. Ka nako le nako kgohlang ene e hlaha mme bobedi hobe le karohano kapa a etelle pele segment ya kereke empa e eba botebong ba Modimo. Monna ya jwalo Bophirima e ne e le Francis wa Assisi. Ka nnete nakong e atlehileng, mosebetsi wa hae o ile wa nkuwa ke bonokwane ba Roma. Peter Waldo wa Lyons, mosebeletsi a ileng a tela bophelo ba Hae, a sebetsa ka matla ho sebeletsa Modimo mme a isa ba bangata ho Yena; empa oile a tshwenywa tseleng ya hae ke mopapa. Ha ho mokga le o mong ho ena Bophirima kapa Botjhabela e neng hole batho moo ho kileng haeba le lenqosa ho fihla mengwaheng e na e leng kganya ya Lengolo. Leha ele hore, ho ne hole banna ba babedi British Isles, ba o tshebeletso tsa bona tsa Lentswe dine dika emela nnete. E ne e le Mohalaledi Patrick le Mohalaledi Columba. E ne ele ho Mohalaledi Columba moo boholo ba mosebetsi o neng ole teng.

Leha lenqosa la Mongwaha waThiatire e ne e le Mohalaledi Columba, ke rata ho tsamaya hara mohlatswana wa bophelo wa Mohalaledi Patrick jwalo ka mohlala ho rona mme o refa leshano la Roma e bolela hore Mohalaledi Patrick ene ele emong wa bona jwalo ka Joan wa Arc. Patrick o ne a tswetswe ke kgaitsedi e mong wa Mohalaledi Martin motseng o mong o monyane wa Bonavern mabopong a noka ya Clyde. Ka tsatsi le leng ha a ntse a bapala mmoho le kgaitsedi tsa hae tse pedi, mokhothotsi wa lewatle a tla mme a ba kwetela bale bararo. Moo kgaitsedi tsa hae tse pedi moo dineng diye teng haho ya tsebang, empa Patrick (lebitso la hae ene ele Succat) o ile a rekisetswa mmusi wa Sehleke-hleke sa Botjhabela. Mosebetsi wa hae ene ele ho hlokomela batho. Ho ka etsa sena o ile a ruta dintja. Dintja dine dikwetlisitswe hantle hoo batho ba bangata ba ileng ba hlaha ka mafapha jwalo jwalo ho tloha hole le haufe ho tla reka ntja tsena. Bohalaleding ba hae o ile a tla ho Modimo mme a bolokeha. Mme hang hwatla ho yena takatso ya ho thoba le ho kgutlela ho batswadi ba hae. Aetsa leano la ho etsa bokwetlisi ba hae ho bosebedisa jwalo ka leqheka. O ne a rutile dintja ho robala hodima hae ho bata mmele wa hae ka bokgabane bo bong hore di se tlohe hofihlela a dilaela ho etsa jwalo. Hoo ka tsatsi le leng monga hae a ileng a rekisa dintja tse mmalwa, Patrick a laela dintja, ntle ho moetapele wa tsona, ho kena sekepeng. Hoo a ileng a laela moetapele wa tsona ka sephiring ho matha le ho hana hodima sekepe. Nakong eo monga hae le moreki ba le lekisang moetapele enwa, Patrick a kena ka sekepeng mme a bontsha dintja ho mokwahela. Mme ka molodi abitsa moetapele ho kena sekepeng hodima hae. Ho tloha ka nako eo Patrick ha akaba ahlola a bonwa mme moreki o ile a kwahela ka seile mme a ikela a kena hara lewatle. Kamora ho etsa bonnete ba hore mokapotene o se ale hole bakeng sa ho kgutlelaa morao, Patrick a boela a laela ho etsa moferefere. Yaba o ya tswa o bolella mokaptene hore ntle le hore a moise habo o tla laela dintja ho dula dilwana jwalo, mme o tla hapa sekepe. Leha hole jwalo, mokaptene ene ele Mokreste, mme ha a utlwa pale ya moshanyana a thabela ho moisa habo. Jwale Patrick a ya sekolong sa Bibele mme a kgutlela sehleke-hlekeng moo ka Lentswe mme matla a Modimo a bonahala ka mekgwa e mengata le mehlolo a hapela dikete ho Morena. Haho leka mohla moo a ileng a ya Roma kapa leka mohla moo a ileng a thuswa ke Roma. Nnete ya taba ena ke hore Roma e ile ya kgona ho fihlella moo sehleke-hlekeng ba bona hore ke nako ya monyetla, ba bolaya 100, 000 ya Bakreste bao ka dilemo tsena kaofela baneng ba hola ka mokgwaoo batlileng ka oona ho Modimo ka baka la Mohalaledi Patrick.

Kamora lemo tse 60 ka mora hore Mohalaledi Patrick, Columba o ile a tswalwa County Donegal, Sehleke-hlekeng sa Botjhabela, lelapeng la Boreneng la Fergus. O ile a ba bohlale, moithuti ya lokileng, mme a tshwarella kamehla Lengolo. Modimo o ile wa mobitsa hore ebe missionary. Kamora ho utlwa Lentswe la Modimo, ho ne hose seka thibelang hoo, mme tshebeletso e mohlolo yahae e ile ya etsa hore borahistori hore e ne e le moapostolawa bobedi. Ministri wa hae o bile le mehlolo ho latela seo (haholo baithuti mane Roma) o bileng le ho thusa.

Ho le leng la maeto a hae a bomissionary, seka ha a atamela motse, o ile a fumana diheke dikwetswe. Mme a phahamisa Lentswe mme a rapela Modimo ho kena tabeng ena mme a modumelle ho kena ho ka rera. Empa yare ha arapela lekgotla la baloi baqala ho moetsetsa lerata haholo. Yaba o ya qala o ya bina. Yare ha antse a bina, Modimo wa nyolla Lentswe la hae ho kena sellong sa bahetene. Hang diheke tsa ipula. A kena mme a rera Evangedi, a hapela ba bangata ho Morena.

Ka kgetlo le leng o ne a KWALLETSWE KANTLE MOTSENG O MONG, yare ha a reteleha a re o ya tsamaya, mora wa morena wa moo a kula hang, ho fihlela lefung. Moapostola Columba mme oile a batlwa hang mme a bitswa. Yare ha a rapela ka tumelo moshemane a fola hang. Mme motse wa bulelwa yena mme arera Evangedi.

Evangedi ya nnete e neng e rerwa ke Columba le balatedi ba hae eile ya anela tulo yohle ya Scotland, e ile ya kgutlela ho Modimo. Mme e ile yafihla le sehleke-hlekeng le kwana Europe Botjhabela. Mokgwa wa ho rera Evangedi e ne e le mohlomong banna ba leshome le metso e mmedi e ne eka ya dibakeng jwalo mme ho bopa Evangedi -- bohareng ba toropo. Hara banna bana baleshome le metso e mmedi e tlaba babetli, baruti, bareri, j.j., kaofela hoya ka ditemana tse Lentsweng le ho phela ka bohalaledi. Kolonyana e nyane e ne ekwetswe. Haufinyana o ne a tletse ka barutwana le malapa a bona mahaeng a bona, baithuta Lentswe leho lokisetsa ho sebeletsa Morena jwalo ka dimissionaries, baetapele, le bareri. Banna bane ba dumellwa ho nyala ba ba kae basadi ene ese lebaka, bakeng sa ho sebeletsa Modimo. Ba ne basebeletsa mmuso, mme ka tsela ejwalo bane ba kena kabotlalo dipolotiking. Ho nale ho lwana le ditumelo tse ding ba ile baruta nnete ene ele sebetsa se seholo ho ka fedisa seleng mohopolong wa bona ka tsela ya Modimo. Bane bale ka botlalo tlasa Roma.

Mohalaledi Columba e ne e le mo fumani wa sekolo sa Bibele ho sehleke-hleke sa Hy (ho tloha ho S. W. sehleke-hleke sa Scotland). Ha akena moo sehleke-hlekeng o ne a le mafikeng o ne a sa kgone ho ba neha dijo kaofela. Empa Columba o ile ajala peo ka letsoho ka le leng a ntse a rapela. Kajeno sehleke-hleke ke sebaka se nonneng ka ho fetisisa. Hotswa ho Bibele-bohareng ba sehleke-hleke ho ya pele baithuti e ileng ya etswa ka matla a Modimo. Ha ke bala histori ya mosebeletsi wa Modimo le mosebetsi o motle oo a ileng ao etsa, ho nkutlwisa bohloko ho fumana hore matla a mopapa, a lakaditse ho tlisa karohano, atla mme a lokisa tshimong ya mosebetsi mme a lahla nnete ya thuto ya Columba.

TUMEDISO


Tshenolo 2:18, "Ke tsena tse bolelwang ke Mora wa Modimo, Eo mahlo a hae a kang kgabo ya mollo, le maoto a Hae a tshwanang le koporo e benyang.”

Tshenolo ya Bomodimo ho Mongwaha wa Thiatire ke hore Jesu ke Mora wa Modimo. Hang nakong ya matsatsi ao Ha ale nameng ya Hae o ne a tsejwa jwalo ka Mora Motho. Empa jwalo kaha re Motseba mme kamora nama. Ha esale Mora Motho, Moporofeta e moholo, Eo Yena ka Boyena a bokellang boporofeta. Yena A inotshe O kgutletse seemong sa Ntate. Jwale re ya motseba kamora matla a tsoho. O tsohile mme o nketse ho Yena matla ao mme o kahodimo ho tsohle ka thoriso ya Hae kgalalelong. Mme kgalalelo ya Hae a kase e arolele motho. Ketelo pele ya Hae kahare ho kereke A kase e nehe motho mang kapa mang.

O ile a sheba fatshe Thiatire, mme A bona motse mongwaheng oo wa bone tlhompho ya Hae a le mong, e newa ba bang. Mahlo a Hae a tshwana le kgabo ya mollo wa kahlolo Ha a bona Apollo a nka sebaka sa Mora Modimo, ha Yena A le mong ele Mora a le mong wa Ntate. E lokela hoba ka kang kahlolo hodima tumelo ya Mongwaha wa Thiatire moo kereke maloko a yona a jwalo ka barapedi ba pagane ba rapela mora modimo (Apollo mora wa Zeus), ba dumellwa, ba tshehetswa ke matla a mmuso. Hobane hantle feela ke seo a ileng a se bona. Roman Catholic Church, o ne a itshetlehile hantle feela thutong eo ya modimo wa letsatsi (Apollo) a ile a kgetha motho (mopapa) ho ka nyala kereke le mmuso. Hobane Thomas Aquinas le Alverus Pelagius o ile are: "Mopapa o bonahala ho bao ba shadimang ka leihlo la moya, hoba, e seng monna empa modimo. Haho semotlamahanyang le seo. A ka bolela hore o lokile seo atlang ho se etsa le hose tlosa tokelong jwalo kaha a bona sena. Ho nyatsa sena hobane sele ntle ho pholoso. Sera se seholo sa kereke ke batho ba sa jareng joko ya boikokobetso.”

"Ho nale mmuelli a le mong mahareng a motho le Modimo, monna Kreste Jesu (Mora wa Modimo.)" I Timothea 2:5. Empa mopapa wa Roma o fetotse Lentswe. O entse seo, "o mong mmuelli mahareng a motho le Modimo (e seng motho)". Jwale mmuelli mahareng a mmuelli le motho. Empa haho e mong haese Mora. Mopapa o bolela pholoso hara kereke ya Roma. Empa haho pholoso ntle le ka Mora. Haho makatse ha mahlo a ne a tuka ka lelakabe leo la kahlolo. Haho makatse ha maoto ao a koporo jwalo kaha A eme moo ho fetoha phofo le lerole mebuso ya lefatshe. Ke leboha Modimo ka maoto aoa a koporo. Ba fetile kahlolong. Ke motheo wa rona wa rona O hlotse ka rona. Re eme re bonahatswa ho Yena, Jesu Mora Modimo.

Ke hona mongwaheng ona moo re bonang hohlaha hwa Mohammedanism ba neng ba latola Mora wa Modimo le ho isa lefung bohle ba ipitsang Bakreste.

Ene ele mongwaheng ona ha kereke e fosahetseng e fetola molao wa Modimo o matla le tswelletsa pele ho roba molao wa bobedi hobane ba ne ba beile mopapa bakeng sa Jesu Kreste le ho qala ho sebeletsa ditshwantsho ho ileng hwa tlisa lefu ho ba hanang icons sebaka se beilweng ka hare ho kereke. Tlasa Empress Theodora, feela, ho tloha 842 ho 867 hodima 100, 000 bahalaledi baile ba bolawa bane ba hana ho sebeletsa ditshwantsho.

Ka nnete mongwaha o na o lokela ho baka kapa o lahlehe. Ke moo ho emeng Morena wa Kganya, Modimo -- Lentswe la Hae le ntsheditswe kantle, Botho ba Hae bone bo latolwa, empa matsoho le pelo ya motho e kase mohanele. Ha ba molatole, O dula a tshepahala. "Lese tshabe mohlatswana; ke thato ya Ntata lona ho lefa mmuso. Mme ha ketla ka maoto ao a koporo le ka mahlo ao a tukang mme ketla leka; kahlolo ke yaka, ke tla lefa," hotjho Morena.

THORISO


Tshenolo 2:19, "Ke tseba mesbetsi ya hao, le lerato la hao, le tshebeletso ya hao, le tumelo ya hao, le mamello ya hao, le mesebetsi ya hao; le hoba mesebetsi ya hao ya morao e fetisa ya pele.”

Mona hape re fumana tsona puo tsena hape, "Ke tseba mesebetsi ya hao." Mora Modimo, ka boyena, a re, "Ntumeleng ka mesebetsi." O beha mesebetsi ya Hae lefatsheng. Mesebetsi eo A neng A etsetsa Modimo ka ho kenya tumelo kaho Yena. Ene ele tshebeletso e kgolo. Moya o Halalelang wa Hae ole ho moapostola Paulose a re, "Hobane re mosebeletsi wa oona, re bopetswe ho Kreste Jesu ka mesebetsi e molemo, eo Modimo o e lokisitseng pele hore re tle re itsamaele ho yona." Baefese 2:10. Mesebetsi ena e kenywa ka tumelo jwalo kaha A tla bontsha kamano ho Yena le Paulose e hlaloswa jwalo ka "hobane re bopetswe ho Yena".

Jwale mesebetsi ekase nke sebaka sa tumelo ho Modimo ka pholoso. Empa mesebetsi e tla pele ho tumeloe se e nkile sebaka ho Yena. Mesebetsi e lokileng e kase o lopolle, empa e tla tla ka bophelo bo pholositsweng jwalo ka tholwana tsa Modimo. Ke dumela mesebetsing e lokileng. Esita leha motho a bolokehile, o lokela hoetsa ka matla kamoo a ka khgonang ka teng. Ho tshosang hlakoreng la Modimo ke ho etsa mesebetsi e mebe hwa batho mme bare baetsa mesebetsi ya Ntate. Ke seo babishopo le bomopapa le maano a Romseo ba se etsang. Bane ba bolaya, bahlorisa, mme baetsa mesebetsi ena e mebe ka Lebitso la Morena. Baphela kgahlano le seo Lentswe le se rutang. Matsatsing ao a kgopo badumedi ba sebele bane ba kganya jwalo ka kganya le lefifi ha bane bantse baetsa hantle; hobane bane ba kgutla ka thohako mme ka tlhonolofatso, mme bane ba etsa sena ho tlotlisa Morena leha bane baeshwa bakeng sena.

Mona temaneng ena O bua ka bana hobane ba ne ba phela ka phetoho maphelong a bona. Mesebetsi ya bona e paka Moya o motjha o ka ho bona. Batho ba bona sena ebe ba rorisa Modimo E monghadi, ha ole Mokreste o tla etsa hantle. Mesebetsi ya bona ene e bontsha hantle seo ba nang le sona. Mme eke sebe ho hong, hobane o tla etsa thato ya Hae ho se ho hong empa Modimo ke yena ya bonang, mme o tla etsa thato ya Hae bophelong ba hao. "Ke tseba lerato la hao, mesebetsi, tumelo le mamello." O tla hlokomela hore ho nale sebaka mahareng `mesebetsi' le 'mesebetsi.' Mme ene ele sebaka se nepahetseng, hobane ntle ho lerato mesebetsi ya rona ha e bolele lotho ho Modimo mme leha ele mesebetsi ya rona. Paulose a bua ho Bakorinthe are, "Kantle ho lerato, ha ke letho, mme haho letho leo nka le etsang ntle ho lerato." Jwalo kaha o bona mona badumedi bane base ho seo eleng mokgwa wa Banikola e etsa pholoso kapa ho amohelwa ke batho. Baentse mesebetsi kantle ho lerato la Modimo le ileng la tshelwa dipelong ka Moya o Halalelang. Lerato dipelong tsa bona ene ele Lerato la Modimo ka Boyena. Jesu o itse, "Ka sena batho batla tseba hore le barutuwa Baka, ha leratana." Mapagane a boneng sena Bakreste baile bare, "Bonang ka moo ba ratanang ka teng". Johanne o itse "Mang kapa mang ya nang le lerato o tswetswe ke Modimo." I Johanne 4:7.

Ke rata ho hlahisa tlhokomediso mona. E re matsatsing a ho qetela lerato la ba bangata letla tapa. Ho Laodisea, kapa mongwaheng wa ho qetela, lerato la maiketsetso, mme lerato la ntho tse bonahalang le nka sebaka la lerato la Modimo. Re lokela ho hlola matla a sebe matsatsing a ho qetela. Jwale mohlomong hobane ha baya hlokomela kamano ya matsatsi a Moya. Ke nako ya ho atamela ho Modimo mme leho tlatsa maphelong a bona lerato, kapa re tla utlwa mohatsela wa sena, mme ba latola Nnete ya Modimo eo ale mong a ka kgonang hore thusa ale mong feela.

Mengwaheng eo e tshabehang e lefifi sefate sa nnete o tshwere lerato la Modimo le lerato la boena. Modimo o laetse jwalo.

"Ke tseba mesebetsi ya hao." Jesu o itse, "Ya moholo ho bohle." Monna ya bohlale ore. Sena ke seo a se bolelalng, "Histori ke yona etla paka nnete ya dictum." Monna eo o lokile. Kaofela banna ba bohlale ba histori e bile basebeletsi. Bao ba ba tlang ho sebeletsa; bao ba hatellang; bao ba lokelang ho sebeletswa, ba wele ke maswabi. Esita le baruileng baya kgalemelwa ke Modimo basaka ba sebedisa tsela ya borui. Empa sheba histori le ho fumana boholo bantho ho bao re ba sebeletsang. Histori bongata e hlalosa seo se etswang, empa e tla bontsha ho bao ba entseng se seng ho ba bang. Jwale ha re ke re etseng sena ka borona. Esita le Mora Motho o ne a tlile ho sebeletsa, jwale re lokela ho latela mohlala oo. Mmone jwalo kaha a inama maotong a Hae moapostola a hlatswa ka mokgathala le maoto a ditshila. Are, "Ha le tsebe seo ke se etsang hona jwale, empa le tla tseba ha morao. Empa seo le mponang ke se etsa, le lokela ho se etsa le lona." O ile a fetoha mosebeletsi ho nale hoba Modimo ya tshwereng tsohle. Mme ka tsatsi le leng kahlolong re tla moutlwa are," O entse hantle, ho loka le botshepehi MOSEBELETSI WA KA, kena thabong ya Morena." Ho thata hoba mosebeletsi kamehla. Empa ho qeta le etsa ho lokileng ho ba bang ba dutseng le Yena teroneng ya Hae. e tlabe ele ho o lokelang jwale. "Ha re sebeletse Morena, letsatsi lohle, Ha re bolele tsa lerato la Hae, Mme ha bohle bophelo bosebofedile mme mesebetsi ese e fedile. Ha mabitso a balwa ke tlaba teng.”

"Ke tseba tumelo ya lona." Jwale mona ha bue jwalo kaha a buile ho kereke ya Pergame "o tshwere tumelo Yaka". Ha abue ka tumelo ya Hae jwale, empa o bua ka botlalo. Mme jwalo kaha A etsa O boetse o bua ka mamello 'mamello.' Jwale botlalo le mamello di mmoho. Hantle ntle mamello ke botlalo bohle, hobane e re ho Jakobo 1:3, "lentse le tseba hobane h lekwa hwa tumelo ya lona ho hlahisa mamello." Haho tsela e nngwe eo re ka fumanang mamello. E lokela hotla ka ho lekwa hwa tumelo ya rona. Baroma 5:3, "tshwenyeho e hlahisa mamello." Ha ka kang Modimo ho sebetsa hona ho hlola mamello e bonwang ho Jakobo 1:4, "Mme mamello e ka kgona e phethehe tshebetsong ya yona, le tle lebe ba phethehileng ba hodileng ruri." Thato ya Modimo ya Toka. Mme tokafatso eo ke mamello -- re emetse Modimo. Ke ena tsela e lokileng ya ho hodisa. Ke ha ka kang Modimo a laetse Mengwaheng e lefifi. Mamella jwalo ka dikonyana tse ilo hlajwa, ka lerato, ka botshepehi sebeletsa Modimo. Ke seo baneng ba se batla bophelong, tshebeletso ya Modimo. Hone ho thabiso ya moputso.

"Ke tseba mosebetsi wa hao; mme wa morao o feta wa pele." Sena seya bonahala. Jwalo kaha lefifi la mengwaha le ntse le nyoloha; jwalo ka tlhompho ya mosebeletsi e hola letsatsi le letsatsi, ba sebeditse ka bothata bakgeloha ho feta, le tumelo e otlolohileng. Ho ne ho tshosa ha kakang Mongwaheng wa Ephese wa lerato. Mme ke ntho e thabisang ke ho nyolla lerato ka mengwaha; empa mongwaheng oona, lefifing lena la mengwaha, basebeleditse Modimo ka tsela e jwalo ho feta. Ke thuto eka kang. Haho ho ipata ka thuto ya tshebetso ya lerato la Morena, empa ka thabo e kgolo. Seo ke sephiri. Sera se lekile ho kena hara tshebeletso ya Morena -- ka karabo e jwalo. Ha ba lla ka tshabo, ke nako ya ho howa ka thabo. "Ke tseba mesebetsi ya hao, ya morao e feta ya pele." Jwale kaha re se re boletse, jwale mongwaha ona o ne o bitswa Mongwaha o Lefifi hobane ene ele nnete lefifi ho ya ka histori. Ene e le mongwaha wa Pope Innocent III ya ileng a bolela ho "vicar ya Kreste -- puso hodima kereke ya lefatshe," ya laolang HO BOTSA tlasa ho supa ho qhaleha madi a fetang ho nale nako e nngwe ntle ho ho Bopuwa botjha. Ene ele mongwaha wa Pornocracy, puso ya dihlola. Sagarius III o ne ana le nyatsi "e binelang khwaere ya mopapa ka baeta pele le bara ba makwala mme bafetoha sebaka sa mopapa ditlamong tsa bokgoba." Anastasius III o ne a ile a bolawa Marozia eo eneng ele nyatsi ya Sagarius. John XI ene ele mora wa mothoduwa wa Marozia. John XII ene ele setloholo sa Marozia le "bahlolohadi bao e leng le barwetsana mme bane ba bolawa nakong eo lentse le sebetsa bofebe ba basadi ba banna ba bang." E ne e le mongwaha wa Papal Schism wa mela e mmedi ho mopapa (pusong ele nngwe Avignon le ba bang ho tswa Roma) ba rohakilwe le ho lwantshana. Bomopapa bana bane ba sena seo tekong ya thobalano (ho etsa bana ba senang bo ntata bona, barobalana jwalo le banna ba bang j.j.) empa bane bale molato ditulong tsa bopriesta ho ba bang.

E ne e le nako ya ho bontsha, leha badumedi ba mmalwa bane ba sebeletsa Modimo mengwaheng eo e lefifi e nyoloha ho fihlela qetellong ya mengwaha e ntse e nyoloha e tswela pele. Mosebetsi wa bona one o lekwa ho sitiswa ke tse ngata kahong botjha. Ka tsela e jwalo Lengolo le bolela hore, "ya ho qetela (mongwaheng wa ho qetela) mesebetsi e feta pele".

Lentswe, Thiatire, le bolela ka mekgwa e mengata "Sehlabelo se tswellang". Ka ho bontsha sena sebolela hore ho boporofeta botshwanang le Mass jwalo kaho tswella boemelong ba sehlabelo sa Kreste. Ke mohopolo o lokolohileng, empa ho ne ho bonahala ho tswelleng ha maphelo ba bona ka ho sebetsa hwa bodumedi ba Morena.

Ka nnete bahalaledi ba Thiatire e ne e le ditholwana, botlalo ba Moya o Halalelang le tumelo, e bopilwe botshepehing, ho bontsha tlhompho, ba sa itshwarela maphelo a bona ka bobona, empa ba fana ka kotloloho sehlabelo sa Morena.

KGALEMELO


Tshenolo 2:20, empa ke na le tse mmalwa tseo ke dinyatsang ho wena, ke hobane o dumelletse (dumella) mosadi elwa Jezebele, ya ipitsang moporofeta, ho ruta le ho etella pele bahlankana baka le ho etsa bohlola, le hoja tse hlajetsweng ditshwantsho.”

Mme ka temana e na ke rata re ye ho temana ya 23 mme o bo ne nnete ke tlisitse thlokomediso kaofela. "Mme ke tla bolaya bana ba hae ka lefu; mme dikereke tsohle ditla tseba hore ke nna ya lekang dipelo." Ke boletse ho tloha ho qaleng hore kereke tse pedi, leha Moya o bolella kereke ho ya ka mongwaha jwalo, jwalo feela kaha ele nngwe. Mona e hlalosa hantle ho dikereke, mme e hlalosa hantle hore dikereke tseo bongata ba tsona ha di tsebe hore O mong feela Yena ya lekolang dipelo. O tlo ba bontsha hore ho fela hole jwalo. Jwale he, ke difeng dikereke tse sa tsebeng taba ena? Ka nnete efela ele sefate se sebe hobane bongata ba badumedi ba tseba hantle hore kahlolo e qala ka ntlong ya Modimo, mme jwalo kaha ba tshaba Modimo, baya ikahlola hore ba se ahlolwe.

Jwale ke hobaneng ha Modimo a bitsa kereke tsena kaofela tsa Hae leha mpa ele tsa sefate se sa lokang? Nnete ke hore ke Bakreste. Empa hase Bakreste ba Semoya. Ke Bakreste ba nama. Bajere lebitso feela. Mareka 7:7, "Empa ba ntshebelletsa lefeela, ha baruta dithuto tsa batho." Ka nnete ke Bakreste e kaba eng ntle ho moo? Mohammedan ke Mohammedan. Ke seo a leng sona mme ke tumelo ya hae o phela ka yona hobane e bontsha theory ho seo Koran e serutang. Ka yona tsela e jwalo Bakreste ke Bakreste jwalo kaha ho bontsha taba ya Jesu Mora wa Modimo, a tswetswe ke morwetsana, o ile a bolawa le ho thakgiswa, ke Mopholose wa batho, j.j. (hantle ntle, Mongwaheng wa Laodisea ho tlaba lebao baipitsang Bakreste hobane ba nale lebitso la Jesu, nakong ya bona jwalo ka bo bona tokelo ya ho hana Puso ya Hae. Boramahlale ba Bakreste baentse seo jwalo ka bongata ba rutang Evangedi ya Setjhaba). Bakreste bao eseng ba nnete mme ele ba kereke e itseng. Empa hase ya NNETE kapabadumedi ba Semoya. Mofuta oo wa badumedi ke ba ileng ba kolobetswa mmeleng wa Kreste mme ke karolo ya Hae. Empa hose letho, ke taelo ya Modimo hore lehola le koro mme hadi ya tlameha ho hlaolelwa. Eo ke taelo ya Modimo. Letsatsi le tjhesang le yatla; empa ha le so fihle.

Jwale Moya o bua le batho bana ba kopaneng. Ka letsohong le leng o ya tlotlisa, mme ka ho le leng o ya kgalema. O ne a bolela hantle ho badumedi ba nnete. Jwale o ya hlokomedisa sefate se fosahetseng se lokela ho lokiswa tukisong ya Modimo.

MOSADI ELWA JEZEBEL


Moapostola Jakobo o bontsha ho wela sebeng. Jakobo 1:14-15, "Empa motho e mong le emong o ye a lekwe ke ho hohelwa le ke tjhatjhehiso ke takatso eo e leng ya hae. Mme takatso hoba e emare, e tswala sebe, mme ha sebe se phethehile, se tswala lefu." Jwale ke setshwantsho ke eng se etsahalang mengwaheng eo ya dikereke. Jwalo kaha sebe se qadile ho letho empa takatsong, jwalo lefu le jwalo, takatso e nyane ya Banikola. Ho tloha tlwaelong ho isa dithutong. Ho tloha ka dithuto dietsa matla a mmuso le ho hlahisa ya mapagane. Jwalo ka mongwaha ona di ya ho baporofeta (baruti) mme ka tsela e jwalo e tsamaya ka hara le lakabe la mollo, mme ke hantle moo e ilong ho fella teng, lefung la bobedi.

Jwale sello sohle sa Modimo kgahlano le kereke ya mongwaha wa bone ho fumaneng bofokodi ba baporofeta bana, Jezebele. Leho utlwisisa sena jwalo ka ha ane a etsa, re tla lokela ho sheba ka histori ya hae ka Bibele mme ha re fumana seo aneng ale sona morao kwana, re tla tseba hantle hore ho etsahalang mona. Wa pele mme ntho ya bohlokwa ke ho ithuta ka Jezebele ke hore ESENG moradi wa Abrahama, le qaleho ya hae ha e bontshe ele emong wa leloko la Israele e mong wa leloko la semoya jwalo ka Ruthe, wa Moabe. Tjhe monghadi. Mosadi enwa moradi wa Ethbaale, morena wa Sidon (I Marena 16:31), eo eneng ele mopriesta wa Astarte. O ne a ile a fumana terone ka polao ka tswelopele, Pheles. Jwale re bona hantle hoba hole le moradi wa hae wa mmolae. (Sena se nkgopotsa Kaine.) Mme tsela yona eo e bile karolo ya Israele one a se emong wa ba Modimo wa Semoya o ile a amohela Baditjhaba; empa one a kene feela ka LENYALO ho Akabe, morena wa maloko a leshome a Israel. Jwale kopano ena jwalo kaha re e bone e ne ese ya Semoya; e ne ele ya dipolotiki. Mme jwale mosadi eo ya neng e le sehlola o ne a sena takatso ya hoba morapedi wa Modimo wa Nnete ole Mong, empa a tla ka tsela ya ho ntsha bana baIsraele ho Morena. Jwale Israele (meloko e leshome) ene ese e tseba ho sebeletsa medingwana ya namane ya kgauda, empa leha hole jwalo ba ne ba eso ho rekisetswe bohlola, hobane Modimo ba ne ba mosebeletsa ka molao wa Moshe jwalo kaha ho tsebahala. Empa ho tloha nakong ya lenyalo la Akabe ho Jezebele, tsela ya bohlola ka mokgwa o mong o kotsi wa feshene. Ene ele ka nako ena mosadi enwa yaeba moruti wa mosadi ka hara tempele hoo a ileng a holela ho Astarte (Venus) le Baale (modimo wa letsatsi) hoo Israele a tlileng ka ntlha e hlobaetsang ya bophelo ba hae.

Ka kgopolo ena reka qala ho bona seo Moya wa Modimo e bewa ka pele Mongwaheng wa Thiatire. Ke ena moo e hlahang.

Akabe a nyala Jezebele le ka mokgwa ona wa dipolitiki ho matlafatsa mmuso wa hae. Sena ke seo se ileng sa etsahala hantle feela ka hare ho kereke ha ene enyala tlasa Constantine. Yaba jwale e kena dipolotiking ho nyalana le tsona, leha e ka kenya kelello ya semoya ho yona. Jwale haho ya ka etsang ho ntisetsa taba ya hore Constantine ene ele Mokreste. E ne ele mopaganeya neng a tshwana le Mokreste. O ne a ngotse sefapano se se sweu dithebeng tsa masole a hae. Ene ele karolo ya Knights wa Columbus. O kentse sena le steeple sa Mohalaledi Sophia ka ho ema.

Ene ele mohopolo wa Constantine mmoho, mapagane, Bakreste bana ba maiketseto le Bakreste ba sebele. Mme bakeng sa sena ha ba atleha ho badumedi ba sebele batla ka mmoho ho bona kapa ho kgutlisa bao ba tlohileng Lentsweng la Modimo. Ha ba bona seo haba yaka ba batlisa nneteng, baile ba hatelleha hore ba tlohe mmeleng wa dipolotiki. Mme yare ha baentse sena, bane ba bitswa ka mabitso mme ba qoswa.

Ere ke bue sena mona re nale so na sena se etsahalang. Batho bohle baya kopana. Bangola Bibele e tla dumellana le Bajuda, Catholic le Protestant. Bane bana le Nicene Council empa ba bitsa Ecumenical Council. Mme ke dutse re tseba sena sohle ka ho lwanela MOKGATLO? Ba lwantsha badumedi ba sebele ba Mapentekoste. Ha ke bolele kopanong e bitswang Pentecostal. Ke bolela bao e leng Pentecostal e tlatsuweng ka Moya o Halalelang mme ba nale matshwao le dineo hara bona ha batsamaya ka nnete.

Nakong eo Akabe a nyalang Jezebele ka mabaka a dipolotiki o ile a rekisa tlhaho ya hae. O fetoha setho sa mokgatlo o ekisa tlhaho ya hao, moena, le ha o sa rate ho se dumela sena. Moprotestant e mong le emong ha a kgutlela morao o rekisa tlhaho ya hae, mme hao rekisa tlhaho ya hao, o tshwana le Esau -- o ka lla mme wa baka, empa ho ka se etse letho. Ho nale ntho ele nngwe, "Tswang hara bona, setjhaba saka, mme le se nke karolo dibeng tsa bona!" Jwale haeba o nahana hore ha ke bue nnete, jwale araba potso ena. Na hona le monna ya phelang ka nnete seo kerke kapa Modimo ka tsoseletso mme a kgutla ka mora horwe a joene mokgatlo le ho fetolha ona? Bala histori. O ka se fumane seo ha hoi le a mong. E ne e le hora ya bosiu bakeng sa Israele ha ane a kena ho dipolotiki mme a siya Semoya a kena dipolotiking. E ne e le hora ya hara mpa ya bosiu Nicaea ha kereke e ne e etsa yona ntho ela. Ke hora ya bgosiu jwale hoo dikereke dikopanang (ho ipopa).

Jwale ha Akabe a nyala Jezebele o ile a inkela tjhelete ho tswa mmusong mme ba atisa matlo a ho rapela ka Astarte le Baale. E neng e beilwe ke Baale e ne e le kgolo ho lekaneng bakeng sa Israele ho katla hoba tshosa le ho sebeletsa. Mme ha Constantine le kereke ba nyalana o ile a fana ka tokelo tsa hae, mme a beha ditshwantsho le diemahale, mme mokgatlo wa pherekano one o se ntse o bokellana.

Ha Jezebele a fumana matla a mmuso pela hae a hatella hore batho ba dumele tumelong ya hae mme a bolaya baruti le bapriesta ba Modimo. Ho ile hwaeba hobe hoo Elia, lenqosa la letsatsi leo, a ileng a nahana hore o setse a le mong; empa Modimo o ne a nale ba 7000 ho feta bao baneng ba kgumamela Baale. Mme hantle hona jwale hara bao mekgatlo ya Baptists, Methodists, Presbyterians, j.j., hona le ba bang batla tswa mme ba kgutlele ho Modimo. Ke rata ha wena o tseba hore ha ke, jwale, mme ha ke yaka kaba kgahlano le batho. Ke mokgatlo -- mokgwa wa seo kgahlano le sena. Ke lokela hoba kgahlano le seohoya ka thato ya Modimo.

Jwale ha reke re shebe hanyane moo motsotswana le ho phetha se ileng sa etsahala nakong ya thoriso ya Thiatire. Ke itse ba rapetse Apollo (eneng ele modimo wa letsatsi) mmoho le mmusisi. Jwale Apollo enwa o ne a bitswa 'moqapi wa bobe.' O ile a fetola bobe a bo neha batho. A balaela hore ke modimo wa nnete ho bona. O ne a lokela ho ruta setjhaba. O ile a sebeletswa, mme temple ya tswella, tshebeletso ya Modimo ya nna ya tswella, ka sehlabelo le lefu le bophelo kamora lefu. Tsela eo aneng a etsa sena ene ele moporofeta ya neng a dutse moo hodima setulo seo. Jo! Na o ya sebona seo? Ke enwa moporofeta eo wa mosadi ya bitswang Jezebele mme a ruta batho. Mme ho ruta hoo ke ho laola basebeletsi ba Modimo le ho hlola ho etsa bohlola. Jwale bohlola bo bolela 'hosebeletsa ditshwantsho.' Ke seo ka semoya se se bolelang. Ke kopano e sa lokang. Kopano ya Akabe le kopano ya Constantine bobedi dine di se ka thato ya Modimo. Bobedi bane ba etsa bohlola. Sehlola ka seng sene se kenywa seboping sa mollo. Modimo one a itse.

Jwale, thuto ya Catholic Church (kereke ke mosadi, ke mosadi) e latola Lentswe la Modimo. Mopapa eleng setshwantsho sa Apollo ho pono e tlwaelehileng e rutile batho ho ka kenela ditshwantsho. Roman Church e fetohile moporofeta wa bohata wa mosadi ho setjhaba hobane e nkile le ho tlosa Lentswe la Modimo ho tloha ho batho mme a bafa mohopolo wa hae le tsela ya hae ya ho tshwarela dibe, ke eng se tlisang tlhonolofatso; le bapriesta base ba ile mmusong hoo banang le matla eseng bophelong feela le ka hare ho lefu. Bana le thuto ya bona eo ba rutang ka purgatori, empa o ka se fumane seo ka hare ho Lentswe la Modimo. Baruta hore masses (se seng se sebediswangf Roma) le tjhelete ditla o ntsha kahara purgatori ho isa lehodimong. Mokgwa ona kaofela ke thuto e fosahetseng. Ha seyo sena motheong wa nnete wa tshenolo ya nnete ya Modimo Lentsweng la Hae, ka ho teba, ka mokgwa wa bona wa diabolical ka ho hloka ka nnete.

Kereke e tlohile ho mokgatlo mme ya kena hantle maemeding le ha e le dithuto tse fosahetseng. Ho lokile. Roman Catholic ha e dumele hore Modimo O hlola Lentsweng la Hae. Tjhe Monghadi. Ha bane baka dumela batla putlama, empa bare Modimo o ka hare ho Kereke ya Hae. Ho na ho ne ho ka etsa hore Bibele histori ya Catholic Church. Na haho jwalo. Sheba seo ba se entseng feela ka kolobetso ya metsi. Ba etlositse hoba Kolobetso ya Bokreste ho e etsa ntho ya pagane ya maemedi. E re ke o jwetse ka tsebo e ke e tsebang ka mopriesta wa Catholic. Ngwanana eo ke neng ke mokolobetsa ka nako e nngwe ene ele Mokatoliki, jwale mopriesta o ne a batla ho mpotsa ka kolobetso ya hae. A mpotsa hore o kolobeditswe ka kolobetso efeng. Ka mmolella hore ka Kolobetso ya Bakreste eo e leng yona feela ho ya ka tsebo yaka. Ke mopatile ka metsing Lebitsong la Jesu Kreste. Mopriesta o ile a mpolella hore kgale Catholic Church e ne e etsa jwalo. Ka mmotsa hang hore feela hore ke neng ha Catholic Church ene e etsa jwalo, hobane ke badile histori tsa bona mme ha ke ya fumana seo aneng a se bolela. O mpolelletse hore sene se fumaneha ka hare ho Bible, mme hore Jesu o ile a kopanya Catholic Church. Ka mmotsa hore na o nahana hore Peterose ene ele mopapa wa pele na. A bolela ntle le tikatiko hore ho feela hole jwalo hore Peterose ene ele yena. Ka mmotsa hore ho kopanela le bokane (masses) bane bare ke seLatin ho ka tiisa hore bane ba nepile mme ba ka se fetohe. A bolela hore seo e ne e le nnete. Ka mmolella hore ke nahana hore o lahlehile ho tloha ho qaleng, ka motsebisa hore haeba Catholic Church e feela e dumela Bukeng ya Diketso, kare jwale etlaba ke moCatholic wa kgale. A mpolella hore Bibele ene ele record ya Catholic Church le hore Modimo one ale ka Kerekeng ya Hae. Ka hanana le yena moo hobane Modimo one a le ka hare ho Lentswe la Hae. Ha Modimo ake a bue nnete mme dipuo tsa motho ebe leshano. Ha o tlosa kapa ho eketsa ho Buka, Modimo o tshepisitse hore o tla eketsa dikotlo ho yena ho bao ba eketsang le ho nka karolo hotswa Bukeng ya Bophelo mme ha batlosa. Tshenolo 22:18, 19.

E re ke o bontshe seo Roman Catholic Church e se dumelang hore Modimo o ka hare ho kereke bakeng sa Lentswe la Hae. Ke sena se hlahang ka hare ho Diary Ya Mopapa John wa 23. "Tsebo ya ka ho ya ka mengwaha ena e meraro e tsebileng mopapa ka yona, e sale `ka tshabo ya ka' ke amohela tshebetso ena ka thato ya Modimo, e tliswa ho nna ke Sacred College ya Cardinals ho latela, eba bopaki le ho tsamaya le ho latela melao ho ya ka nnete; ka ho tshepa Modimo, ho sohle seo eleng sona ka nnete ele teng, ka ho otloloha jwalo ka ho sheba bokamoso." Mopapa o hlalositse haholo hore Modimo o bua hara kereke a senola thato ya Hae. E ne e le ho fosa. Modimo o Lentsweng la Hae mme a bua ka Lentswe le senotseng thato ya Hae. O ile a hlalosa hape hore o beile tshepo kaho otloloha lentswe la batho ka ho otloloha. E utlwahala ele monate ha ka kang empa e fosahetse. Jwalo ka thetso ya Tshimong ya Edene.

Ha re shebe mona ho Tshenolo 17 mme re bone mosadi enwa, kereke, e phelang ka boporofeta bofosahetseng eseng Lentswe la Modimo. Ho temana ya 1 Modimo o mobitsa sehlola se seholo. Hobaneng ha a bitswa sehlola? Hobane o bofebeng. O tshwasitse batho hona nthong eo. Pheko ya bohlola ke efeng? Lentswe la Modimo. Jwale mosadi ene ele sehlola hobane o tlohile Lentsweng la Modimo. Ke eo moo a dutseng hodima metsi a mangata, ho bolelang hore ke batho ba bangata. Ka nnete se na e lokela hoba kereke e fosahetseng hobane Kereke ya Modimo e nyane -- e fumanwa moo.

Hlokomela hore o jwang pela Modimo, ha ho kgathatsehe hore o bonahala a le motle jwang ka pele ho batho haho kgathatsehe hore o nale philosophi e kae. O tauwe bohloleng ba hae. Jwale o ne a tauwe ke madi a bahalaledi. Jwalo ka Jezebele a ne aka bolaya baporofeta le bapriesta le ho fedisa batho ba Modimo ba neng ba sa batle ho kgumamela Baale. Mme ke seo hantle feela Catholic Church e se etsang. Baile ba bolaya bao ba neng ba sa kgumamele molao wa mopapa. Bao ba neng ba batla Lentswe la Modimo ho nale mantswe a leshano moo baneng ba ahlolelwa lefu, haholo ka mokgwa wa polao. Empa kereke e sebeletsa lefu e shwele ka boyona mme a sa tsebe. Ho ne hose bophelo ka ho yona e sita le metshwao a molatelang.

SEBAKA SA HO SOKOLOHA

Tshenolo 2:21; "Ke mofile sebaka sa ho baka bohloleng; empa ha aka a baka." Na o ne o tseba hore kereke ene e fetohile ho feta Akabe? Na o ne o tseba hore o ile a baka hwa nakwana mme a tsamaya ka ho loka pela Modimo? O ka se bolele seo ka Roman Catholic Church. Tjhe monghadi. Ha e yaka ba ya baka empa e ile ya qhaqha ka manganga mme le ho leka e ile ya newa sebaka sa ho baka. Seo ke histori. Jwale Modimo ha akaba a hlahisa feela lenqosa ho mongwaha wa jwale empa O tsositse ka botle bo bong bakeng sa manqosa. O file mongwaha o mong le o mong banna ba lokileng ba Modimo mme ba fana ka ntho e nngwe le enngwe ho ka tlisa kereke ho Modimo hape. Modimo o ile a fana ka monyetla le ho baka. Na o ile a baka na ho ya ka tholwana? Tjhe monghadi. Ha e yaka ya kgona mme e keke ya etsa seo. O tauwe. O lahlehetswe ke dintho tsa semoya.

Mme o seke wa kgeloha le ha nyane Kereke ya Roma e ileng ya baka bolaong ya bahaledi hobane ba leka ho kopana le Protestante ka ho etsa mekgwa ya bona ho ka etsa ho Mokgwa wa Protestant. E seng hang baile bakopa tshwarelo o ne a entse phoso ka kopano eo ya hae le babolai. Mme seka se etsahale seo. Haho kgathatsehe hore ba jwang a bonahala ka ho nka karolo ya bona, o tla tsoha ho bolaya, hobane polao e dutse ho yena mme ha a bake pelong ya hae.

KAHLOLO BAKENG SA BOHLOLA BOO BA HAE


Tshenolo 2:22-23, "Bona kese ke tla modihela diphateng, mme ba febileng le yena ke tla ba kenya tlokotsing e kgolo, ha ba sa bake diketsong tsa bona. Ke tla bolaya bana ba hae ka lefu; mme dikereke tsohle ditla tseba hore ke Nna ya lekolang matheka le dipelo, mme ketla putsa e mong le emong wa lona ka ho lekaneng mesebetsi ya hae.”

Eng? Mosadi enwa o na le bana? Mme ke sehlola? Ha seo e le lebaka hore o nale bana ka bohlola ba hae mme o lokela ho tjha mollong jwalo kaha Lentswe le boletse. Ke seo eleng nnete. Ke pheletso ya hae o tlatjha mollong. Pheletso ya Hae ke mollo. Empa ema o nahane ka bana ba hae. Mosadi ke yena eo bana ba tswang ho yena. Ho hlakile hore mosadi o na le bana ba tswang ho yena empa bane ba etsa seo a neng a se etsa. Mpontshe kereke ele nngwe e tswileng mokgatlong ebe e sa boele hapeho oona. Ha ho le enngwe. Haho le enngwe. Maluthere a tswile mme a boela hape mokgatlong hantle feela mme kajeno ke letsoho le gloveho mekgatlo ena ya ekonomi. Mamethodists a tswile mme a boetse hape ke mokgatlo. Mapentakostale a tswile mme a boetse teng hape. Ho tloba le enngwe hape e tlotswa, mme ho bokwe Modimo hobane e kase kgutlele yona hobane ba tseba nnete. Bao ba kopaneng e tlaba monyaduwa wa Kreste.

Jwale e re taba e na sehlola se na se ne se nale bana. Jwale e ne e le eng? E ne e le baradi, hobane ke dikereke jwalo ka yena. Jwale ntlha e bonahalang ke ena. Jezebele le Akabe bane ba na le moradi. Moradi eo o ile a nyalwa ke Jehoram mora Josafate mme ho II Marena 8:18 e re "Jorame a tsamaya tseleng tsa ntate matsalae." O ile a kena ditshwantshong ka baka la lenyalo la hae. A tlisa batshabang Modimo le basebeletsang Modimo moo ho Juda ditshwantshong ho di sebeletsa. Ke hantle seo baradi bana ba dikereke ba se entseng, le ha kese ke bontshitse. Ba qala nneteng mme banyale mokgatlong mme ba boele ba tlohe Lentsweng la Modimo ho ya ditlwaelong, le mekgwa jwalo, jwalo. Ere ke lokise sena. Ho Baheberu 13:7 ere, "Hopolang badisa ba lona ba le boleletseng Lentswe la Modimo." Ke Lentswe le laolang, eseng batho. Jwale motho jwalo ka monna ke hlooho ya mosadi. O ya molaola. Empa kereke ke mosadi, le yona mme e laolwa ke Lentswe. Jesu ke Lentswe. Ha a latola Lentswe mme a nka a dumela ho laolwa ke ho hong o bitswa sehlola. Jwale mpolelle kereke ele nngwe e sakang ya lesa ho buswa ke Lentswe ho buswa ke meetlo leditlwaelo. Tsohle ke dihlola jwalo ka mma-tsona mother, jwalo ka moradi.

Kahlolo e tlaba eng ya seotswa le bana ba sona? Jwale, ho tlaba ka mekgwa e mmedi. Pele O itse, "Ke tla molahlela diphateng." Ho ya ka temana ya 22e tlaba ntwa ya diphateng, kapa matshwenyeho a maholo. Ke seo hantle Jesu a se boletseng ho Mattheu 25:1-13. Ho ne hole barwetsana ba leshome. Ba bahlano e ne e le ba bohlale mme ba bahlano ene lele ba dithoto. Ba bahlano bane banale oli (Moya o Halalelang) empa ba bahlanao bane ba sena oona. Mme ha ho hweletswa, "Bonang Monyaduwa o sea fihlile," ba bahlano ba mawatla ba matha ba batla oli mme ba bahlano ba bohlale ba kena lenyalong. Ba bahlano ba sala kantle ba ile baleselwa matshwenyeho a maholo. Ke seo setlang ho etsahala ha ba bang ba nkelwa tlhwibilong. Ke seo setlang ho etsahala ka sehlola le baradi ba sona. Sa bobedi, ere batla bolawa ka lefu kapa ditlokotsi, "Ha ba ahlolelwe lefu ka lefu." Sena ke se makatsang. Re kare, "motho ha a ahlolelwe lefu ka ho mofanyeha, kapa ka motlakase kapa tsela e nngwe." Empa se na se re, "Ha ba bolawe." Lefu ka bo lona le hlola ho shwa. Jwale ke rata hore o bo ne se na hantle ke tla nka mohlala wa moradi wa Jezebele a nyalwa ntlong ya Judah mme a tlisa ditshwantsho mme a hlola hore lefu lebe teng Judah ho isa lefung. Ke seo Balaame a se entseng, le teng. Jwale ke enwa Jezebele ka pagane ya hae. Hodimo moo ke Judah ka ho sebeletsa Modimo ka kotloloho le ho phela tlasa Lentswe. Jwale Jezebele a nyadisa moradi wa ha Jorame. Motsotsong oo sena se etsahalang, Jorame a hlola hore batho barapele ditshwantsho. Motsotsong oo lenyalo lena le nkang sebaka Judah o ne a shwele. Lefu la Semoya. Motsotso oo kereke ya pele ya Roma e ipokella, ya eshwa. Motsotso oo Lutherans e ipokellang, lefu la kena mme yaba o ya shwa. Mapentecostale a tla a ipokella laho qetela. Moya wa tswa, le ha basa dumele seo. Empa o ile a etsa seo. Lenyalo leo le ile lakena. Yaba kganya ya Bonngwe ba Bomodimo e yatla. Baipokella mme bashwa hang. Kamora bophelo bo jwalo Ba-Modimo bo wela ho Ohio River ho 1933 tsoseletso ya phodiso ya qala, empa e ile ya qala ho ipokella. Modimo a tswa hara senkgome seo sa Pentecostal, kantle ho pokello, mme hwa etsahalang mme O tlaetsa seo bokamosong e tlaba kantle jwalo ka seo, le moo. Modimo a kase sebetse ka bafu. O sebetsa ka maloko A PHELANG FEELA. Maloko ao a phelang kantle ho Babilona.

Jwale o ya bona, "Lefu" kapa "Kopano" ba ya tla, mme kereke ya e shwa, kapa e ile ya hlola lefu le ileng la eba hang pele BOPHELO ba qaleha. Jwalo ka ho qaleng Eva o ile a hlola lefu ho motho jwale ka kopano e tlile ka lefu, hobane kopano ya mekgatlo e menahanya ho qabana, Mokgwa wa Banikola le wa Balaame, o hlahisitswe ke moporofeta wa mosadi Jezebele. Jwale Eva o ne a tlamehile hoba o ile a tjheswa ha mmoho le serpent ho ya ka mokgwa wa bona o fosahetseng. Empa Adama a kena, a monkela ho yena ka boyena hore a bolokehe. Empa ha tumelo ya Satane e se e fetile ke ya mengwaha yohle, Ho ne ho se le among ya neng a kena moo, mme o tla tjheswa ha mmoho le mosinyi eo wa hae, bakeng sa sehlola bana le antikreste le Satane ba tla fumana sebaka sa bona ka sebupeng sa mollo.

Ho tloha moo ho tswella pele moo ke lokela bakeng sa molaetsa oona mongwaheng wa ho qetela, empa e lokela ho tswella pele hobane o sebetsa ka ho otloloha hantle feela ka pokano mme ho tla etsahalang hare moo. Mme ke rata ho o hlokomedisa se seng. Tshenolo 13:1-18, "Mme ka ema lebopong la lewatle, mme ka bona sebata se nyolohang lewatleng, se nang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome, dinakeng tsa sona ho ne ho nale meqhaka e leshome, mme dihlohong tsa sona hone ho ngodilwe mabitso a nyefolang Modimo. Sebata seo ke se boneng se ne se tshwana le lengau, maoto a sona a ne eka maoto a bere, mme molomo wa sona o ne o le jwalo ka wa tau; mme drakone ya sefa matla a yona, le borena bo boholo. Ka bona hlooho e nngwe ya sona e hlabilwe eka e ya shwa; mme leqeba leo le e bolayang, la fola: mme lefatshe lohle la makala ke sebata. Ba rapela drakone hobane e neile sebata matla a yona: ba rapela le sebata, bare, Ke mang ya lekanang le sebata? Mme ke mang ya tsebang ho lwana le sona? Sa nehelwa molomo o buang tse kgolo le dinyefolo; mme sa fuwa matla a ho ka lwana ka kgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi. Sa ahlamisa molomo wa sona ho nyefola Modimo, ho nyefola le Lebitso la Oona, le tabernacle ya Oona, le ba ahileng lehodimong. Sa newa ho lwantsha bahalaledi, le hoba hlola: Hape, sa newa matla hodima mefuta yohle, lehodima dipuo tsohle, le hodima ditjhaba tsohle. Mme se tla rapelwa ke bohle ba a hileng lefatsheng bao mabitso a lona a sakang a ngolwa bukeng ya bophelo ya Konyana e hlabilweng e sale lefatshe le thewa. Ya nang le ditsebe, a utlwe. Ya isang ba bang kgolehong: o tla ya kgolehong le yena, mme ekare ha emong ya bolayang ka sabole e ka kgona le yena a bolawe ka sabole. Ke moo ho tla bonahala mamello le tumelo ya bahalaledi. Ka ba ka bona sebata se seng se nyolohang lefatsheng; se nang le dinaka tse pedi tse jwalo ka tsa Konyana, empa se bua jwalo ka drakone. Sa etsa ka matla ohle a sebata sa pele, mme sa etsa hore lefatshe lohle, leba ahileng ho lona, barapele sebata sa pele, leba a hileng ho lona, ho rapela sebata sa pele, seo leqeba la sona le bolayang le neng le fodile. Hape sa etsa mehlolo e meholo, ho isa le ho theola mollo lehodimong, hore o wele lefatsheng pontsheng ya batho. Sathetsa ba ahileng lefatsheng ka mehlolo eo se e filweng matla a ho e etsa pela sebata, sa bolella ba ahileng lefatsheng hore ba etsetse sebata se neng se hlabilwe ka lerumo, saba sa pholoha, setshwantsho. Sa fuwa matla a ho kenya phefumoloho setshwantshong sa sebata, hore setshwantsho sa sebata se tsebe ho bua, se etse le hore ho bolawe bohle ba hanang ho kgumamela setshwantsho sa sebata. Mme sa etsa hore batho bohle, ba banyane le ba baholo, ba ruileng le ba fumanehileng, ba sa ruuwang le ba ruilweng, ba amohele letshwao letsohong la bona le letona la bona, leha ele phatleng tsa bona: Le hore ho sebe le motho ya tsebang ho reka, leha ele ho rekisa, ha a sena letshwao, kapa palo ya Lebotso la sona. Ke moo bohlale boleng teng. Ya hlalefileng a bale palo ya sebata: palo ya sona ke makgolo a tsheletseng a nang le mashome a tsheletseng le metso e tsheletseng.”

Kgaolo ena e bontsha matla a Roman Catholic Church le seo etlang ho se etsa ha nako e ntse eya ka ho kopana. Hopola hore se na ke sefate se fosahetseng. Akore e ke e bitse Lebitso la Morena, e etsa seo leshanong. Ke leano feela eseng la Morena eleng la Satane. E ile yaba ya fihla moo e tlang ho tsebahala hantle feela hore ke sebata. Sehlola se palemeng scarlete sebata se bontsha matla a so na ke matla a sebata (Satane) e seng a Modimo, Morena Jesu Kreste

Ho temana ya 17, e tlabe e fumane hantle feela taolo ya lefatshe, hobane ho sebe motho ya rekang le ho rekisa kantle ho yena. Ke se bonahalang Tshenolo 18:9-17 e bontshang kopano le marena, dikgosana, ba bapatsi, tsohle tsena ke ka baka la Roma le puso.

Ho Tshenolo 13:14, re ithuta ho fumana hore mona e tseka ho ikaha. Setshwantsho se entsweng lefatshe ka bophara taolo ya moruo, mmo dikereke tsa ho kopana mmoho le Roman Catholics (baetsa seo hona jwale) Ho bonahala hantle ka mekgwa ena hore hotla feela matla a bokomonisi. Empa haesale bokomonisi jwalo ka Nebuchadnezzare a ile a tsosa matla a hore ho rapele sebata, Roma e tla hlola mme e buse. Hlokomela hohle kamoo kereke ya Roma, latelang bokomonisi. E lokela hoba ka tsela e jwalo. Ere ke o hlokomedise jwale, o seke wa nahana hore ka bokomonisi ke sona seo eleng sera sa hao. Tjhe monghadi. Ke seo kereke ya Catholic e leng sona, e sita le ho feta.

Jwale ha re bale Tshenolo 13:1-4, mme re e lekanye le Tshenolo 12:1-5. Tshenolo 13:1-4, "Mme ka ema hodima lewatle, mme ka bona sebata se etswa lewatleng, senang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome, mme hodima dinaka tseo ho nale meqhaka, mme dihloohong ho ne ho ngotswe mabitso a nyefolang. Sebata seo keneng ke sebona sene setshwana le lengau, maoto a sona a ne a tshwana le a bere, molomo wa sona o tshwana le molomo wa tau; mme drakone ya sew neha matla a yona, le borena ba yona. Mme ka bona e nngwe ya dihlooho e hlabilwe eka e ya shwa; mme leqeba la yona le bolayang la fola: mme lefatshe lohle la latela sebata. Mme barapela drakone e neileng sebata matla: barapela sebata, bare, Ke mang ya tshwanang le sebata? Ke mang ya ka etsang ntwa kgahlano le sebata?" Tshenolo 12:1-5, "Yaba mohlolo o moholo wa hlaha lehodimong, ele wa mosadi ya apereng letsatsi, kgwedi ele tlsa maoto a hae, a rwetse hloohong mofaphahlooho o nang le dinaledi tse leshome le metso e mmedi: Ene ele moimana, a howa a setse ale pelehing, a utlwa bohloko ba ho beleha. Mohlolo o mong wa hlaha lehodimong; mme bona drakone e kgolo e kgubedu, e nang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome le meqhaka e supileng hodima dihlooho tsa yona. Mohatla wa yona o ne o hulanya ka rolo ya boraro ya dinaledi tsa lehodimo, mme o ne o dilahlela fatshe: Drakone ya ema pela mosadi ya belehang, hore e tle e je ngwana hae Ha a se a mmelehile. A beleha ngwana e motona, ya neng a tla busa setjhaba ka lere la tshepe: mme ngwana wa hae A nkelwa Modimo, le terone ya Hae." Satane le tumelo ya bosatane mmoho ene ele tsa sebata. Ho Tshenolo 14, sebata seneng se nale leqeba le isang lefung mme sona ke pagane Roma e ileng yaeba ya marabela mme ya lahlehelwa ke matla a yona nakwana. Empa ya boela ya a fumana hotswa ho mopapa Rome. Na o ya e bona? Setjhaba se buswa ke mmuso o matla o kileng wa tsejwa, qetellong o ile wa hlokofatswa. Matla a yona a tlhaho a ne a ile mme a buswa ke masole. Empa tlasa Constantine a kgutlela bophelong, hobane papal Roma o tshwaeditse lefatshe lohle, mme matla a yona a lekane. O sebedisa marena le bahwebe tumelong e bolayang le matleng a moruo o busa medingwana ya mengwaha ena. E boetse ke drakone e emeng ho ja ngwana. Heroda o lekile ho bolaya Morena Jesu empa a hloleha. Ha morao Jesu o ile a thakgiswa ke masole a Roma, empa jwale o phahamiseditswe teroneng.

Jwale ha mmoho le seo ke sa tswang ho sebala, hopola pona ya Daniele. Karolo ya ho qeta ya setshwantsho, matla a ho qetela a yona ane ale maotong. Ao eneng ele letsopa le tshepe. O ya bona letsopa ke Mmuso wa Roma. Empa jwale haesale tshepe. Letsopa lese le kopane le oona. Empa o sale terng o sa ntsane o tsamaisa taba tsa lefatshe ka tekanyo matla a setjhaba ka bonngwe. Kereke ya Roma e teng tjhabeng se seng le se seng. E kopane hohle.

Ere ke o nehe ho hong ka mmuso wa letsopa le tshepe. Hopola ha Khrushchev a otlanya seeta sa hae hodima tafole U.N.? Jwale, ho ne ho le maloko a mahlano a leboya. Khrushchev o ne a bua bakeng sa Leboya le Mopresidente Eisenhower bophirima. Mane Russia, Khrushchev ke letsopa Eisenhower e bolela tshepe. Baetapele ba babedi ba phahameng lefatsheng, menwana e mmedi e meholo ke tshepe le letsopa, ene ele lehlakore ka lehlakore. Re pheletsong ya tsohle.

Ho temana ya 4 e ya botsa, "Ke mang ya ka lwanang le sebata?" Jwale hona jwale ba bang mabitso a maholo lefatsheng. Hona le matjhaba a mangata, empa hona jwale Roma e e bitswa tune. Mopapa o dutse setulong sa ho kganna. Mme matla a hae a tlo nyoloha. Ha ho ya ka etsang ntwa le yena.

Temana ya 6 "Mme sa bula molomo wa sona ka nyefolo." (Ho ruta dithuto tsa batho le melao ya bona, bohlale, mohopolo o phahameng, ba ratang menate, ba na le sebopeho sa borapedi empa ba latotse matla a jona.) A nyefola Lebitso la Modimo -- ho fetola Lebitso leo ho le isa maemeding le ho hana ho etsa ka mokgwa o mong.

Temana ya 7 "Mme e ile ya newa ho lwana le bahalaledi." Ho baahlolela lefu bao e leng badumedi ba sebele mme tsohle ka baka la Lebitso la Morena hore Lebitso la Modimo le nyefolwe, jwalo kaha ho bile jwalo le Russia, ka baka la Tumelo ya Catholic ese entseng moo.

Temana ya 8, "Mme bohle ba lefatsheng (mabitso ohle a ngodilweng Bukeng ya Bophelo ya Konyana e sale lefatshe le thewa) ba tla morapela." Ke leboha hobane dinku di kase morapele. E mong le emong empa ba kgethuweng e seng ba thetsuweng. Empa ba kase thetsuwe. Hobane ba utlwa Lentswe la Modisa mme di ya Molatela. Jwale, o bona sena, seo re lekileng ho se bontsha. Peo eoe ya lefu e qadileng mongwaheng wa pele -- peo eo ya mokgatlo, e behuwe sefateng moo nonyana ka nngwe eleng teng ka ho hapuwa. Ho nale hore a bolele horer ke yena ya fanang ka bophelo, empa ke mofane wa lefu. Peo ya hae ke LEFU. Banki ba karolo ho yena bashwele le bona. Kereke ena e kgolo ya lefatshe e thetsa lefatshe nameng le pholoso ya semoya e thetsa le ho lahla dimillione. Empa e seng ho bolaya feela, empa lefu lena e tlaba ka boyona ya iswa lefung ka lefu la mollo. Oho, banna bao e bolela pheletso ya tse setseng e tlaba ka ho dula ho yena. "Etswang ho yena tjhaba saka, hobaneng le lokela ho shwa na?"

TLHOKOMEDISO YA HO QETELA


Tshenolo 2:23. "Mme ke tla bolaya bana ba hae ka lefu; mme dikereke tsohle ditla tseba hore ke Nna ya lekolang dipelo: mme ke tla putsa e mong le emong wa lona ho ya ka mesebetsi ya hae.”

Modimo o sheba dipelo. Seo ha se yaka sa fetoha le ka mohla. Hape se ka se fetohe. Mona, jwalo kaha mengwaha ena yohle hole teng mekga e mmedi ya batho, bobedi bobolela tshenolo ya bona hotswa ho Modimo lekamano ya bona le Modimo. "Ha ho kgathatsehe hore o ho kae sibollong ya Modimo, o nale letshwao la Modimo, Modimo o tseba ba Hae." II Timothea 2:19. "Leha hole jwalo." Lentswe `ho batla' e bolela `ho fumana' kapa ho lata' ho latela.' Modimo o ile a fetola mehopolo ya rona (ho busa); O tseba seka hare ho dipelo tsa rona. O bona mehopolo ya rona le ho hlokomela seo batho ba sa se boneng ho rona. Ho tswa pelong hore e etsa bobe kapa botle. Mekgwa ya rona, tsela tsa rona -- tsohle diya tsebahala ho Yena ka mehla o, shebile. Mme mohato ka mong, lentswe 3 ka leng letla tliswa kahlolong ha moputso wa maphelo a rona. Ho ne hose tshabo ya Modimo ho sefate se fosahetseng mme se tla lefa ka seo. Ha bohle ba bitsang lebitso la Hae, jwalo kaha e le bahalaledi. Re ka thetsa batho empa re ka se thetse Modimo.

TSHEPISO MENGWAHENG EO E LEFIFI


Tshenolo 2:24-25. "Empa ke re ho lona, le ho Thyatire yohle, ha ba bangata ba se na se na thuto, ba sakang ba tseba botebo ba Satane, jwalo kaha ba bua; ha ke no beha morwalo le omong ho lona. Empa oo le o tshwereng ho fihlela ke etla. " Jwale pele re kena tshepisong e re ke o bontshe se seng ka kerekeng jwalo kaha ho bolelwa ke Moya ho sena se bolelwang bukeng e na sefate seo makala a sona a fihla ho sona. "Empa ke re ho lona, le ho lona Thyatire yohle jwalo kaha ba bangata ba sena thuto ena." Ke eo he. O bua ka mekga e mmedi. O mong o nale thuto, o mong ha ona yona. Ke bao moo ba hlahang teng, e qhalahantswe sefapanong ka thuto ka nngwe kgahlano le e nngwe. E nngwe ke Modimo, ho tseba botebo ba Hae, e nngwe ke ya Satane, ho tseba botebo ba Satane.

"Ha ke no beha morwalo o mong hodima hao." Lentswe lena morwalo le bolela kgatello. Kgatello ya Mengwaha ya Lefifi e beuweng, kapa e robehe. Kgumama kapa o shwe. Ene ele moferefere, matla a mmuso a thusa a thapelo ya Satane. Ikopanyeng kapa le lefa ka bophelo ba lona. Mongwaha ka nngwe o nale kgatello ya oona. Mohlala morwalo wa ho qetela ke kgatello ya borui, ho phela ha monate, mongwaha wa manofonofo oo. Mongwaha ona wa bone o bonahala o nale kgatello e bonahalang. E ne e le ya Roma, e mela Lentswe ho isa lefung.

"Bane ba tseba botebo ba Satane." Ho bonahala e ka temana e na e siilwe ke dibohudi hobane ba ne ba sa tsebe hore thuto kapa ke efe tsebo eo hom bolelwang ka yona. Hantlentle ho bobebe ho ka tseba hore ho bolelwang ka sena. Ha re tsebeng pele hore ho bolelwang ka sena botebo ba Modimo, le bokgahlano le Satane. Ho Baefese 3:16-19. "Ka monono wa kganya ya Hae, hore le tiiswe ka matla mothong wa ka hare ke Moya wa Hae; Kreste A tle A ahe dipelong tsa lona ka tumelo, ele hore ha lese le meletse leratong, le theilweng ka hare ho lona, lebe baka utlwisisang le bahalaledi bohle bophara ba lona, le bolele ba lona, le botebo ba lona le ho phahama ha lona, mme le tsebe lerato la Kreste, le fetisang tsebo yohle, le tle le tla le botlalo bohle ba Modimo." Jwale ho ya ka temana, ha motho a bona botebo ba Modimo bophelong ba hae, ho tototbetse hore tsebo ka botho ya Moya wa Modimo o tsamayang ka ho yena, mme mohopolo wa hae ka bohlale le tsebo ya Modimo ka Lentswe. Empa botebo ba Satan e tlaba ho leka ho lahla sena. O tla leka kamehla ho tlosa nnete ya Modimo. O tla se etsa ka tsela e jwang? O tla tlosa tsebo ya nnete ya Modimo ka ho lahla Lentswe mme a tlise la hae, "Na efela Modimo O itse?" O tla tlosa Kreste eo A leng maphelong a rona. O tla etsa seo, jwalo kaha a ile a hlola hore Israel a etse seo; ka pyuso ya motho ho nale puso ya Modimo. Ba tswetsweng la bobedi ba tla latolwa mme ebe ba ratang ho kena dikerekeng. Botebo ba Satane bo kene mongwaheng ona. Mme botebo ba temana ena ya lefu Satan eleng leshano, ba bolai le botlokotsebe bo boholo dietla.

MOPUTSO


Tshenolo 2:26-29. "Ya hlolang, mme a tiisetsa ho etsa mesebetsi Ya ka ho isa qetellong, Ke tla mofa mmuso hodima ditjhaba: O tla dibusa ka lere la tshepe, mme ditla thuwa jwalo ka dipitsa tsa letsopa: ka moo Nna ke nkileng taelo ho Ntate ka teng. Ke tla mofa naledi ya meso. Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke.”

"Ya hlolang mme a tiisa ho etsa mesebetsi yaka ho isa qetellong." Ho hlakile ho tswa ka moo Moya o se bolelang hore Modimo O leka ho ipolela ho loka hwa Hae ka mesebetsi. Ka makgetlo a mane a ntse a bolela ka mesebetsi. Mme jwale O re, ya hlolang ho tiiseng ya Hae ho fihlela qetellong otla newa matla hodima matjhaba, mme etlaba ya matla, ho tiisa, mmusi yaka bang matla jwalo ka mokgwa ofe kapa ofe, hoo e sita le sera setla hloleha ha ho kgoneha. Tlhahiso ya matla e tlaba jwalo ka ya Mora. Ho ya makatsa. Empa ha re shebeng tshepisong ya mongwaha ona. Roma e matla ka ho tshehetswa ke mmuso, kaho hira mabotho le marena, bakgumama ka pela oona. O bolaile dimillione mme o ntse a ikemiseditse ho bolaya tse ding tse ke keng tsa kgumama ka pele ho yena. O beha marena kapa o tlisa se seng le se seng seo a se batlang. Eya, ho itshunya hwa hae matjhabeng hobane a ne a rata ho etsa jwalo ho fediswa bakgethwa ba Morena. Mesebetsi ya Hae ya diabolose, hobane o ya bolaya le ho qala leshano jwalo kaha a etsa. Empa hotla letsatsi leo ka lona Morena a tlare, "Tlisang dira tsena tsaka ka pelaka mme le dibolae." Mme balokileng ba be le Morena le ho Loka hwa Hae mme banyefodi batla wa. Ba lokileng ba tla tla mmoho le Yena, ba tla fedisa bao ba fedsisang lefatshe le ho etsa moferefere ho bahalaledi ba Modimo. O na e ne e le mongwaha o tshosang, wa mahlomola a maholo; empa letsatsi le yatla leo ka lona nnete e tla hlola le ho emela mollo le ho bolokeha? Ke feela ba bolokehileng ba Morena.

"Mme ke tla mofa naledi ya meso." Ho ya ka Tshenolo 22:16, le II Peterose 1:19, Jesu ke Naledi ya Meso. "Ke Nna Lehlomela le Motso wa Davida, naledi e kganyang ya meso." "Ho fihlela letsatsi le dikela, le letsatsi letjhaba dipelong tsa lona." Moya ke, ka tsela e jwalo, ke tshepiso ho bakgethwa ba Mengwaha ya Lefifi ho tla ho Yena le ba mengwaha e tlang.

Jwalo kaha re se re qadile, Jesu o itlhahisa ele lenqosa la kereke ka mengwaha yohle. Ba amohetse hotswa ho Yena ttshenolo ya Lentswe ka nako le nako. Lentswe lena la tshenolo le tlisang bakgethilweng ke Modimo ho tswa hara lefatshe, hore batle babe le kopano le Jesu Kreste. Manqosa ana ane a bitswa dinaledi hobane a ne a kganya ka kganya eo a e kadimilweng ya Mora wa Modimo, esita le Jesu. Ba boetse ba bitswa dinaledi hobane `batshwere kganya' ba kganya hara lefifi. Ho bolelang hore lefifing la bosiu, ba tlisa kganyaya Modimo ho batho ba Hae.

Sena ke bothata bamongwaha wa lefifi. Efela e le hore ho lefifi bakeng sa Lentswe la Morena le se le patetswe batho. Tsebo ya Hodimo dimo e hlahella. Lefu le hlotswe ka baka la badumedi ho fihlela nako eo a e beileng. Ntho tsa Modimo difase haholo ha o sheba nakong yena eo re phelang ho yona, mme ho bonahala eka Satane o tla fela a hape batho.

Haebe e teng nako ya hore batho bahlole nakong ya tshepiso ya hoya naheng e senang bosiu, e ne ele batho ba neng ba phela Mengwaheng e lefifi. Mme ke ka hoo batshepisitsweng naledi ya meso. O ba bolella ka Naledi e kgolo, esita Jesu, Ya tsamayang Kganyeng eo hoseng motho ya ka tsamayang ho yona, nakong e tlang O tla mmusong ka botho ba Hae. A ka se tsamise dinaledi (manqosa) ho fana ka kganya lefifing hape. E tlaba Jesu, ka Boyena, a bua le bona sefahleho le sefahleho O arolelana mmuso wa Hae le bona.

Ke naledi ya meso eo e sa bonahaleng ha letsatsi le tlilo tjhaba. Ha Letsatsi la rona, (Jesu) a etla, ho kase hlole ho hlokahala manqosa hape; O tla re tlisetsa molaetsa ka Boyena; mme jwalo kaha A busa mmusong wa Hae, mme re phela bo teng ba Hae, kganya ya Lentswe e tla kganya letsatsing leo le letle. Ke eng eo re ka e hlokang hape ntle ho Jesu ka Boyena? Na hase sohle na, le Sohle se lokileng? Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke. Amen. Leha hole jwalo, Morena Modimo, ka Moya wa Hao, ha ke re utlwe nnete ya Hao.


“Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona!” — 1 BaKorinthe 16:23