Mengwaha Ya Kereke - Kgaolo ya 05 (00-0005)



KEREKE YA PERGAME YA MONGWAHAKGOLO


Ho lengeloi la Kereke ya Pergame ya Mongwahakgolo ngola mantswe ana; Ntho tsena ho bolela Ya nang le sabole e nang le ntlha tse pedi; Ke tseba mesebetsi ya hao, le moo o ahileng teng, e leng mo satane a ahileng terone ya hae teng, ke tseba hape hore o tiisetse Lebitso Laka, mme hao ya ka wa latola tumelo Yaka, leha e le mohla Antipase, paki yaka e tshepehang, a bolawa hara lona, moo satane a ahileng. Empa ke na le ntho tse mmalwa, tseo ke di nyatsang ho wena, ke hobane mona o nale ba yang ka thuto ya Balame, ya rutileng Balake ho bea kgopiso pela bana ba Iseraele, batle baje tse hlajetsweng medimo ya bohata mme baetse bohlola. Hape o nale ba yang ka thuto ya Banikola, eo ke e hloileng. U bake hahose jwalo, ke tla phakisa ke etla ho wena, ke lwane le bona ka sabole Ya molomo wa Ka.

Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke; Ya hlolang, ke tla mofa ho ja manna a patilweng, kebe ke mofe le lejwe le le sweu, leo ho ngodilweng lebitso le letjha, le sa tsejweng ke motho, haese ke ya leamohelang.

PERGAME


Pergame (lebitso le sa tlwaelehang) e ne e le Mysia, sebakeng se nang le metsi a tswang nokeng tse tharo, tse neng ditswa lewatleng. E ne e le motse o hlaloswang hore ke o itlhahisang haholo mane Asia. E ne e le motse wa meetlo ka thuto tsa bobedi e leng Alexandria. Leha e le hore e ne e le motse wa sebe, o ne o ile wa senya ka ho rapela kapa thapelo ya Aesculapius, eo ba neng ba morapela ka setshwantsho sa serpent e neng e le ntlong ya tempele le ho fetjwa. Motseng ona o motle wa ho se sebetse, metsamao e otlolohileng le dipaka le badumedi ba mmalwa ba nnete ba neng ba thetswa ke botle, ba barapedi ba satane ba neng ba tletse hohle bakeng seo.

MONGWAHA


Mongwaha wa Pergame o ileng wa eba teng mengwaha e kabang makgolo a mararo, ho tloha ka 312 ho isa 606 A.D.

LENQOSA


Ho ka sebedisa neo ya rona eo re e fuweng ke Modimo ya ho kgetha lenqosa ho ya ka mongwaha, ke seo eleng sona re kgetha o le mong mosebetsi oo o kopaneng haholo hantle haholo ho fumana lenqosa la pele, Paulose, mme ntle le tikatiko Martin o lokela hoba lenqosa la teng. Martin o ile a hlaha ho 315 mane Hungari. Leha ele hore dilemo tsa hae tsa mosebetsi dibile mane Fora moo a bileng teng a sebetsa mme a nna a tsamaya moo jwalo ka mobishopo. O ile a shwa ka 399. Mosebetsi wa Modimo e moholo wa ene ele malome wa mokreste e mong ya neng a lokile haholo, Saint Patriek wa Ireland.

Martin o ne a ile a inehela ho Kreste nakong eo a neng a latela porofesione ya hae ya bosole. E ne e le nakong e neng e kopane sebakeng se bonahalang e neng e le tse makatsang ho nka sebaka. Ho ngodilwe hothwe monna ya neng e le mokopi a robetse a kula seterateng sa teropo moo Martin a neng a le teng. Mohatsela wa mariha o ne ole moholo hoo a neng a ka se kgone hohang ho ka o mamella hobane a ne a futsanehile. Ho ne ho se le ya mong aneng a mokgathalla ho fihlela Martin a fihla ho yena. Ha a hlokomela tlhoko ya monna enwa, empa a sena kobo kapa seaparo se seng yaba o ntsha jase ya hae mme a e arola ka lehare ka sabole ya hae mme a apesa monna enwa wa mokopi ya neng a hatsetse haholo. O ile a etsa tshebetso hantle ho monna enwa yaba o ikela ka tsela ya hae.

Yaba bosiung boo Morena Jesu Kreste o ile a itlhahisa ho yena ka pono. A eme moo jwalo ka mokopi a apere halofo ya kobo ya Martin. A bua le yena a re: "Leha Martin a ile a hloka mme o ile a nkapesa ka kobo ya hae". Ho tloha ka nako eo Martin o ile a kgetha ho sebeletsa Morena ka pelo ya hae yohle. Bophelo ba hae bo ile ba tlala mehlolo eo Modimo a neng a etsa bophelong ba hae. Ka mora ho ho tlohela bosole mme a kena tshimong e leng kereke, mme a ema kgahlano le ditshwantsho. Mme a kgaola selekane, mme a fedisa maemedi a ditshwantsho tse beilweng dialetareng. Ha a ne a hlaselwa ke mapagane mme a bakgwehla jwalo ka ha Elia a ile a etsa ho baporofeta ba Baale. O ile a re ho bona ba motlame lehlakoreng hore ha sefate se wa se wele hodima hae ntle leha Modimo a ka motshireletsa ka ho tiisa hore matla a Hae a maholo ho feta a tlhaho. Mme ba motlama bahetene bao sefateng se seng seneng se mela pela thaba. Mme yare ha basaga sefate sena ha setlilo wa yaba modimo o thintsha sefate mme sa wela bahetene bao ba molao ba mmalwa ba bona.

Histori e bolela hore e ne ere ka nako e nngwe ho bile le batho ba bararo ba ileng a ba tsosa base ba shwele ka lebitso la Jesu Kreste. Ka nako e nngwe o ne a rapelle ngwana ya shweleng. Jwalo ka Elisha, a ile a robala hodima hae mme a rapela.

Mme a phela a kgutlela bophelong mme a phetse hantle. Ka nako e nngwe o ile a bitswa hotla thusa moena e mong ya neng a iswa ho ya bolawa ka baka la ho qoswa. Nakong eo aneng a fihla ka yona monna enwa o ne ase a shwele. Bane ba mofanyehile sefateng. Mme mmele wa hae one o sena bophelo mme mahlo a hae a ne a tswile maemong a teng. Empa Martin o ile a motheola a mme a fatshe, mme ha a morapelletse monna eo o ile a kgutlela bophelong mme a kgutlela lapeng la hae.

Martin o ne a sa tshabe sera le ha sekaba jwang kapa ka mokgwa ofeng kapa saba jwang. Ho utlwahala hore oile a kopana le mmusi e mong ya kgopo nakong ya hae ya neng a jara boikarabelo mafung a bakreste ba bangata. Mme mmusi one a sa batle ho utlwa letho ka sena, mme ka tsela e jwalo Martin a tsamaya a ilo bona motswalle wa mmusi enwa, ya neng ale Damase, mobishopo ya kgopo wa Roma. Empa mobishopo jwalo ka motho ya hlahang sefateng se fosahetseng o ne a sa batle ho utlwa letho le yena. Martin o ile a kgutlela Paleising, empa nakong ena menyako ya Paleise ene e se e kwetswe mme bane ba mohanela ho kena. Yaba o wa ka sefahleho pela Modimo mme a rapela hore a ke a dumellwe ho kena ka hare. A utlwa lentswe le mmolellang hore a tsohe. Ha a entse jwalo a bona menyako e buleha ka bo yona. Mme a kena ka hare empa mmusi one a sa batle ho mosheba le ho bua le yena. Mme Martina a rapela hape hang mollo wa hlaha setulong sa mmusi o itlhahela feela mmusi a sa kgotsofalang a phahama ka potlako le ho siya setulo sa hae. Ka nnete Modimo o theola boikakaso ba batho ba iphahamisang ka ba fatshe.

Eo e bile tsela eo monna enwa a ileng a sebeletsa Modimo ka yona hoo diabolose a neng a hloleha. Dira tsa nnete diile tsa reka batho ho ka bolaya Martin. Baile batla ka lenyele mme hang haba re ba ya mmolaya mme qoqotho ya hae ya sitwa sabole ya bona a se a eme. Yare habare bayatla ho yena matla a Modimo aba busetsa morao. Baile batshoha hoo ba ileng bawa ka mangole ho kopa tshwarelo ka seo ba neng ba se etsa ka ho leka ho mmolaya.

Hangata banna ba bangata ha ba sebediswa ke Modimo ba be sa baikgantsha kapa ho ikgohomosa. Empa eseng monna enwa ya bitswang Martin. O ile a dula a ntse a ikokobeditse bakeng sa Modimo. Ka phirimana e nngwe ha a ntse a itokisetsa ho palama sefaleng, yaba mokopi o tla ho yena ka kantorong ya hae mme a kopa diaparo. MARTIN O ILE A MOROMELA HO LEDIKONE LA HAE. Yaba ledikona le molaela hotswa. Yaba ka tsela eo o ya ho Martina, yaba Martin o ema a mofa seaparo sa hae se setle, mme a laela ledikona ho mofa seseng seaparo seneng sele theko e fatshe haholo. Ka bosiu boo ha Martin a rera Lentswe, mme mohlape wa bona ha arera hole teng mokodi o mosweu ho mopotoloha. Ka nnete monna enwa ene ele monna e moholo wa Modimo, lenqosa la sebele la mongwaha oo. O ne a sa lakatse hohong empa ho sebeletsa Modimo. O pheletse Modimo bophelo ba hae bohle. O ne a sa rere pele aba a rapela ene ele monna wa semoya hoo a neng a laolwa ke Moya o Halalelang o neng o romelwa ke Modimo ho tswa lehodimong. Hangata o ne a emisa batho nakong eo aneng a kopa ka botlalo netefatso ya Modimo.

Ho ka tseba ka tshebeletso ya Martin ho etsa hore o nahane ka qosuwo ya bahalaledi hore ene e fele. Eseng jwalo. Bane ntse ba lahlehela ho satane ka tsela tsa hae tse sa lokang. Bane ba tjheswa. Bane ba otlellwa difateng ka hlooho tse shebileng fatshe, mme ba ne ba nehellwa ka dintja ho ba loma, le ho lokolla ntja tse hlaha ba lesa mahlatsipa hoshwa. Bana ba ne ba tloswa ho bomma bona ho newa dikolobe hobaja. Matswele a basadi a ne a kgaolwa bane ba emiswa tswe ha madi antse atswa jwalo ho fihlela ba be ba fellwa ke matla. Sena sene setshosa ha o nahana hore sena sene se etswa ke batho ba ipitsang bakreste, eseng bahedene jwalo kaha o ka nahana. Bona bakreste baneng ba nahana hore baetsetsa Modimo monyetla ka ho qosa masole ana a Lentswe la Modimo a sebetsa ka botshepehi leho Moya o Halalelang. Johanne 16:2 "Batla le leleka masinagogeng e sita le nako eyatla, eo emong le emong ya lebolayang atla hloma eka o sebeletsa Modimo." Mattheu 24:9 "Mohlang oo letla nehelwa ho tshwenngwa, letla bolawa, mme letla hlouwa ke ditjhaba tsohle ka baka la Lebitso Laka. Ka meka le mehlolo, ka matla a Moya, Martin o ile a tsejwa jwalo ka lenqosa la mongwaha oo. E seng feela hore one a hlohonolofaditswe ka tshebeletso eo e kgolo, mme le yena oile a tshepahala kamehla ho Modimo. O ile a lwantshana le kopano tsa mekgatlo. O ile a hloya sebe ka ho feletseng. O ile anka Lentswe mme a phela bophelo bo botle pela Modimo jwalo ka tlholo.

Mongodi e mong oile a ngola sena ka yena. "Ha ho ya kileng a mmona a halefile, kapa a tshwenyehile, kapa a hloname, kapa a tsheha kamehla o ne a le ka moo o motsebang ka teng, a bonahala ale kahodimo ho seo aleng sona a dula anale se seng sesa kgoneng ho hlaloseha a thabile. Ho ne hose ho hong le lemeng la hae empa Kreste, ho se se seng pelong ya hae ntle le kutlwelo bohloko kgotso le qenehelo.

Ka nako tsohle o ne a lla ha a nahana ka sebe e sita le tsa bao baneng ba mohloile, esita lebaneng ba mmua hampe ha ale siyo ka maleme a fapaneng. Bangata bane ba mohloile ka hobane ntho tseo aneng a nale tsona ba sena tsona. Aha mme ba neng bale bahlasedi ba hae ene ele babishopo.

TUMEDISO


Tshenolo 2:12

"Tsena dibolelwa ke Ya tshwereng sabole e ntjhotjho e leoditsweng ka ntlha tse pedi.”

Molaetsa wa kereke ya boraro ya mongwaha kgolo ke wa ho tswa kapa hotla kapele. Tsela ena ya boraro ke ho sibolla tsela ya "Kreste ka hare ho Kereke ya Hae". O ntse a hlahella. Ka terompeta jwalo ka lentswe Moya o senang ho Lekanya," Yena ya tshwereng sabole e leoditsweng ka mahlakoreng a mabedi! "E arohane ha jwang taba ena le eo Pilato a ileng a hlahisa Konyana ya Modimo, a apesitswe ka kobo ya nyefolo a tshwelwa le mofapha hloho wa meutlwa bare, "Bona Morena wa lona ke eo!" Jwale, a apesitswe kobo eo a nale moqhaka wa kganya a emetse a hlahelle ho Morena, 'Kreste ka matla a Modimo.'

Mantsweng ana: Ya tshwereng sabole e leoditsweng ka ntlheng tse pedi e boetse e senola hape Bomodimo. Mongwaheng wa Efese, o tla hopola, o ne a bonahatswa hape jwalo ka Modimo o sa fetoheng. Mongwaheng wa Smirna re Mmona jwalo ka MODIMO O LE MONG mme ntle ho Yena haho e mong. Jwale mona ho mongwaha wa Smirna O bonahatsa kapa ho senola Bomodimo ba Hae, jwalo kaha bo boletswe ke Sabole e leoditsweng ka nqa tse pedi eo eleng Lentswe la Modimo. Baheberu 4:12 "Hobane Lentswe la Modimo ke Lentswe le phelang, Le matla, mme le fitisa sabole e leoditsweng ka nqa tse pedi, mme le a hlaba, le ye ho kena dikgaohanong tsa pelo le tsa Moya, le manonyellong le mokong mme leahlola maikutlo le mehopolo ya pelo. Baefese 6:17 "O nke Sabole ya Moya eleng Lentswe la Modimo". Tshenolo 19:13, 15 "O apere seaparo se takilweng ka Madi: mme Lebitso la Hae ke Lentswe la Modimo. Sabole e bohale etswa molomong wa Hae. Johanne 1:1-3 "Tshimolohong Lentswe lene le le teng, mme Lentswe lene le le ho Modimo, mme Lentswe ene ele Modimo. Lentswe lona leo leneng lele Tshimolohong ho Modimo. Tsohle dile tsa etswa ke Lona, haho letho le sa etswang ke Lona". 1 Johanne 5:7, "Hona le babararo bao eleng dipaki Lehodimong: Ntate, Lentswe le Moya o Halalelang, mme bana ba bararo ke MOTHO A LE MONG. Mme ke hona mona re bonang kopano ya Hae le Lentswe. KE LENTSWE. E leng seo aleng sona. LENTSWE LEBITSONG LA HAE.

Ho Johanne 1:1 moo Lereng "Tshimolohong Lentswe le ne le le teng,"

Motso wa rona moo re fumanang tlhaloso ya 'Lentswe' ke 'lehong' lehlalosang 'monahano kapa mohopolo'. Lehlalosa ka mekga e mmedi eleng 'monahano' le 'puo'. Jwale 'monahano o hlahisa' ke tlhaloso ya lentswe kapa mantswe. Na hoo haho hotle na? Johanne o boletse hore monahano wa Modimo one o hlahile ho Jesu. Mme Paulose a bolela ntho yona eo hape le yena ho Baheberu 1:1-3, "Modimo, ha o no o buile hangata mehleng ya kgale, le ka mekgwa e mengata, le bontata rona ka baporofeta, jwale, mehleng ena ya qetello o buile le rona ka Mora, eo O mmeileng mojalefa wa ntho tsohle, eo hape o e ntseng ka yena tse bopilweng kaofela. Yena eo e leng lehlasedi la kganya ya Oona, lesetshwantsho sa boleng ba Oona, ya kakatlelang dintho tsohle ka Lentswe la matla a Hae, eitse hobane a etswe hlatsuo ya dibe tsa rona, o ile ho dula ka Letsohong le letona la Boholo bo hodimo." Modimo o itlhahisitse ho Jesu Kreste. Jesu o tlile hara rona ele tabernakele ya nama mme A tsamaya hara rona ka botlalo ba Modimo. JOHANNE 1:18, "Ha ho motho ya kileng a bona Modimo leka mohla ole mong, haese Mora a nnotsi, ya sefubeng sa Ntate, ke Yena re tsebisitseng Oona. "Modimo, Oo ka nako enngwe o itlhahisang ka topallo ya leru kapa ya molla e hlahisang tshabo maphelong a batho; Modimo ona, Oo pelo ya Ona e ka tsejwang feela tshenolo ya mantswe a baporofeta, jwale o fetohile Emanuele (Modimo hara rona) a Itlhahisa. Lentswe lena 'itlhahisa ' lenkuwe ho Segrieke leo hangata re eng re re ke exegesis, ho bolelang hore e hlalosa hantle haholo. Ke seo LENTSWE le itlhalosa hantle mona, seo Jesu a seentseng. O tlisitse Modimo ho rona, hobane ene ele Modimo. O ile a hlahisa Modimo ho rona hoo Johanne a itseng ka Yena. 1 Johanne 1:1-3. "Seneng sele teng e sale ho qaleng, see re se utlwileng, seo re se boneng ka mahlo a rona, se e matsoho a rona ase amileng, eleng sa Lentswe la Bophelo, (hobane bophelo bo senotswe mme re bo bone, re dipaki tsa jona, mme re le bolella bophelo bo sa feleng, boneng bole ho Ntate, mme bosenotswe ho rona.) se re se boneng, se re se utlwileng, ke sona seo re le bolellang sona, hore le lona letle lebe le kopano le rona, mme kopano ya rona re nale yona le Ntate le Mora wa Hae Jesu Kreste.”

Ha Modimo a ne a senolwa ka nnete, O ile a bonahatswa nameng. "Ya Mponeng o bone Ntate."Jwale ha re kgutlele morao ho Baheberu 1:1-3. re ya hlokomela hore Jesu ene ele setshwantsho se phethahetseng sa Modimo. E ne e le Modimo a itlhahisa ka Motho ho motho. Empa ho nale se seng seo re lokelang ho, seela hloko temaneng ena haholo kgaolo ya pele le ya bobedi. "Modimo Oo nakong e fetileng o ileng wa bua le bontate ba rona ka baporofeta, empa O buile le rona nakong ya ho qetela ka Mora wa Oona. "Ke rata hore o shebe mona Bibeleng ya hao moo holeng teng ditukiso. Lentswe, leo eseng phetolelo e nepahetseng. Le lokela hoba kahare eseng ka, ebe jwale e baleha kaho otloloha "Modimo o buile nakong e fetileng le bontata rona kahare ho baporofeta ka Lentswe". 1 Samuele 3:21 "Jehova a boela a itlhahisa Silo; ke hona moo Silo moo Jehova a neng a itshenolela Samuele ka Lentswe la Hae la Jehova." Hona ho hlalosa hore 1 Johanne 5:7, hantle feela"Moya le Lentswe ke ntho ele nngwe". Jesu o ne a hlalosa kapa ho hlahisa Ntate. Lentswe lene le senola Ntate. Jesu ene ele Lentswe le phelang. Ho bokwe Modimo, le kajeno entse e le Lentswe leo le Phelang.

Ha Jesu ane a tsamaya lefatsheng O kile are, "A hale dumele hore ke ho Ntate mme le Ntate o ka ho nna? Mantswe ao ke a buang ho lona, Ha ke a bue ele Nna empa Ntate ya ka ho Nna. Ke Yena a bolelang Mantswe ao. Johanne 14:10, Mona e bontsha hantle hore ho itlhahisa hwa Modimo ka ho Jesu ene ele ka Moya. Ke hantle feela seo re neng re ithuta sona nako ena kaofela. Nakong eo monyaduwa atlabeng a kgutlela morao hoba monyaduwa wa Lentswe, o tla kgona ho etsa mesebetsi eo Morena Jesu a neng a e etsa. Lentswe ke Modimo. Moya ke Modimo. Kaofela ke ntho ELE NNGWE. Haho kamoo Emong a ka sebetsang ntle le Emong. Ha e mong a bolela hore o nale Moya wa Modimo o lokela hoba le Lentswe la Modimo. Ke tsela eo honeng hole ka teng nakong ya baporofeta. Bane ba nale Moya o Halalelang mme Lentswe lene le itlela ho bona. Ke tsela eo Jesu aneng a le Yona. Ka ho Yena ho ne hole teng Moya o sa lekanngwe ke ka hoo Lentswe le neng le itlela feela. (Jesu ka bobedi o ne a etsa a bile A RUTA Thuto Yaka hase Yaka, empa ya Ntate ya Nthomileng. Diketso 1:1 Johanne 7: 16)

Hopola jwale, Johanne Mokolobetsi ene ele moporofeta le lenqosa la nako ya Hae. O ne a ile a kolobetswa ka Moya o Halalelang ho tloha popelong ya mmae. Ha ane a kolobetsa nokeng ya Jordane Lentswe la Modimo (Jesu) Le ile latla ho yena. Lentswe kamehla letla hoba nang le Moya ka ho otloloha. Sena ebe bopaki. O ile are:

"Ke tla rapela Ntate a le romelle Moemedi Ya tla dula ho lona ka ho sa feleng. E leng Moya wa Nnete, Oo lefatshe le ke keng la o amohela". Jwale re a tseba hore sena ke Nnete. Johanne 17:17b. Hape ho Johanne 8:43, "Hobeneng ha le sa utlwisise Puo yaka? e sita hobane ha le utlwe Lentswe laka" Na o ile wa hlokomela hore Morena Jesu o itse lefatshe le kase O amohele Moya ona o Halalelang. Mme kgaolong ena e ke satswa e bala, haho ka moo baka amohelang Moya o Halalelang mme baka se amohele Lentswe. Hobaneng? Hobane Moya le Lentswe ke ntho Elenngwe, mme ha o nale Moya o Halalelang jwalo ka moporofeta, mme Lentswe letla tla ho wena. Mme o tla Le amohela. Ho Johanne 14:26, Empa Moemedi, eleng Moya o Halalelang, eo Ntate a tla moroma ka Lebitso laka, ke Yena ya tlang ho leruta tsohle, mme o tla lehopotsa tsohle tse kele boleletseng tsona. Hape ho Johanne 16:13 "Empa etlare hobane eo atle, eleng Moya wa Nnete (Lentswe) O tla le tsamaisa nneteng (Lentswe la Hao ke Nnete) yohle; hobane O ke ke wa bua O iqalla tsa Oona; empa tsohle tseo O di utlwileng (Lentswe la Modimo) , O tla dibolela (Lentswe) le hona O tla le bolella tse tlatla." (Moya ha o tlisa Lentswe la boporofeta). Ke rata hore o hlokomele hantle hore Jesu ha a kaba are bopaki ba hore re kolobeditswe ka Moya o Halalelang ke ho bua ka diteme le ho ditoloka. Empa o bolela hore o tlaba ho NNETE; o tlaba Lentsweng la Modimo la mongwaha oo oleng ho Ona. Bopaki etlaba ho amohela Lentswe.

Ho 1 Bakorinthe 14:37. "E kare ha motho a lekanya hore ke moporofeta, kapa motho ya lekanyang hore o nale Moya, a ke atsebe hoba ditaba tse ke lengolla tsona, ke melao ya Morena." Jwale o ya hlokomelo. Bopaki ba hoba le Moya o Halalelang ke ho tseba le HO LATELA seo moporofeta wa Modimoa fanang ka sona bakeng sa mongwaha oo ha a lokisa kereke ya mongwaha oo. Paulose o ne a bolela a bolela sena ho bao ba bolelang hore ba nale tshenolo, (kgaolo ya 36) "Ana Lentswe la Modimo le tswile ho lona, kapa ke lona feela ba fihletswe ke lona na? " Bopaki ba Mokreste ya tlatsitsweng ka Moya hase ho hlahisa (Lentswe) empa ele ho le amohela eleng Nnete, le ho ledumela le ho lephethisa.

Na o hlokometse ho Tshenolo 22:17. "Mme Moya le monyaduwa bare, Tloho, - Mme le ya utlwang are; Tloho. " O ya bona, monyaduwa o bua le Lentswe jwalo ka Moya. Ke monyaduwa wa Lentswe o nale Moya. Mongwaheng o mong le omong wa Kereke ka nngwe re utlwa mantswe ana, "Ya nang le ditsebe a utlwe seo o se bolellang dikereke.” Moya o fana ka Lentswe. Ha o nale Moya o tla utlwa Lentswe bakeng sa mongwaha oo oleng ho ona, jwalo ka ha Bakreste bao basebele ha ba nka Lentswe la Mongwaha oo baphelang ho oona.

Na okile wa nahana ka seo? Ke ya phetha, mongwaha o mong le omong wa kereke o fella ka ho kgalengwa. "Ya nang (ka bonngwe) le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke." Moya o fana ka Lentswe. O nale Nnete ya mongwaha oo. Mongwaha ka mong o nale ba oona bakgethilweng, mme bao bakgethilweng ba sehlopha seo 'kamehla se utlwa Lentswe'mme ba e amohela, ho pakang hore ba nale Peo ka ho bona. Johanne 8:47, "Eo eleng wa Modimo o utlwa Mantswe a Modimo; ke ka baka leo le sa utlweng, lese ba Modimo. " Balatola Lentswe (Jesu) le Mantswe a Hae bakeng sa nako eo, empa Peo ya sebele e fumana seo hobane ele ba Modimo. "Mme kaofela bana ba lona batla ithuta ho Modimo" (Moya o Halalelang) Isaia 54:13, Jesu oile a bua taba eo le Yena ho Johanne 6:45, HOBA MONG LE LENTSWE ho bontsha hore o wa Modimo le hore o tlatsitswe ka Moya kapa jwang. Eseng ho hong.

Empa ho etsahalang ka diteme le dihlaloso le tse ding? K e diponahatso feela tseo. Ke seo Lentswe le se rutang. Bala sena ho 1 Bakorinthe 12:7, "Mme PONAHATSO ya Moya e newa e mong le e mong, etle ebe molemo wa bohle. Jwale Paulose o dibolela ka mabitso ponahatso tsena.

Jwale ho tla potso ena e lokileng eo ke e tsebang hore le lakatsa ho e botsa. Hobaneng ha ponahatso ese kolobetso ya Moya o Halalelang, hobane o ka se kgone ho hlahisa diponahatso ntle le hore o ebe o tlatsuwe ka Moya o Halalelang? Ke lakatsa eka nka dumellana le wena, hobane ke sa batle ho hlokofatsa batho ba bang kapa ho hohlana le dithuto tsa bona; empa ha ke sa etse seo ketlabe ke se mohlanka ya tshepahalang wa Modimo ha ke sa o jwetse nnete yohle ya Modimo. Haho jwalo na? Ha re shebe hanyane monna ya bitswang Balame. E ne ele modumedi ele ya sebeletsang Modimo. O ne a tseba hantle seo e le thato ya Modimo le ho atamela ho Modimo, e ne e se Peo ya Sebele hobane oile a kgona ho nka tjotjo, mme ka ho fetisisa o ile a hulela setjhaba sa Modimo sebeng le ho se hulela le ditshwantshong. Jwale ke mang ya ka hanang hore ka hlakoreng le leng Moya wa Modimo o nnile wa ba le yena ka tsela eo lefatshe le kileng la e bona? Jwale o nahanang ka Kaifase wa moprista? Bibele ere o ile a porofeta ka lefu la Morena. Mme re tseba bohle hore haho moo re nang le pale ya bophelo ba bokreste kapa ba Semoya jwalo ka Simone le Anna.

Leha hole jwalo oile a ba le ponahatso ya Moya o Halalelang. Re ka se latole seo. Moo diponahatso jwalo ka pontsho? Ha fela o tletse ka Moya o Halalelang wa Modimo o tlaba le bopaki ba Lengolo ho le dumela bophelong.

Ha re ke re o bolelle tshenolo ya sena ka Moya wa Modimo ka botebo hole ha re utlwisisa taba ena. ka moo Moya o Halalelang o ileng wa senola ho nna. Empa pele ke bolela taba ena, ke rata ho bolela sena. Ba bangata ba lona ba mpitsa moporofeta. Ha kere ke yena. O boletse seo. Le tseba hantle hore pono tseo Modimo a mpontshang tsona ka mehla DIPHETHAHALA hantle ka mokgwa oo A mpolella tsona. LEKAMEHLA. Jwalo kaha le ntatela ho fihlela ha kana, ke ena pale yaka.

Lemong tse ngata tse fetileng ke ile ka fumana kele hara batho ba Pentakosta, ke ne kele kopanong ya bona moo honeng hole ponahatso ya diteme, tlhaloso ya teng ya diteme le boporofeta. Hone hole teng baruti ba babedi baneng ba bua ho feta ba bang ba baena. Kene ke thabetse haholo hoba tshebeletsong ya bona le ho bonahala ka dipontsho tsena tsa Semoya, hobane ba nale nnete ho bona lenthong tseo baneng ba dietsa ka toka. Ene ele takatso yaka ho ithuta ka ntho tsena eleng dineo tsena, mme ka nka qeto ya ho bua le bana babedi baena ka sena. Ka neo ya Modimo eneng e dutse ka ho nna, ka batla ho fumana moya o ka ho enwa e mong, hore na ene ele wa Modimo kapa tjhe. Kamora nako ke buile le yena, moena ya ikokobeditseng, ka tseba hore ke wa nnete. Wa bobedi ha ena ene ele moikgantshe ya qoshang, yare nakong eo ke buang le yena hwa hlaha pono ka pela mahlo aka mme ka bona hore o nyetse mosadi ya moriri o mosweu mme o ne a dula le emong ya moriri o mofubedu ebile ona le bana bababedi le yena. Haebe hone hole teng moikaketsi ene ele yena.

Jwale e re ke o bolelle, kene ke tshohile haholo. Nka se be jwalo jwang? Mona ho ne hole teng banna bana ba babedi, e mong ele modumedi mme e mong ene ele moetsadibe. BOBEDI BANE BA BONTSHA PONAHATSO YA MOYA. Ke ne ke tshwentswe ke sena, hoo ke ileng ka ya sebakeng saka se kgutsitseng ka Bibele yaka ka batla Modimo bakeng sa karabo ya sena. Ke ile ka rapela mme ka emela karabo ya Modimo. Ke sa tsebe karolo ya Lengolo leo nka lebalang mme ka bula lengolo la Mattheu. Ka bala hwa nakwana mme ka bea Bibele yaka fatshe. Ka nakwana moya wa foka ka kamoreng yaka mme ya phetla Bibele ho Baheberu 6:4-9, Ka e bala hoo ke ileng ka tshoswa ke dikgaolo tseo tse makatsang tseo. "Hobane ba se ba kileng ba bonesetswa, balekileng neo ya lehodimo, bafilweng kabelo Moyeng o Halalelang, ba latsitsweng Lentswe le monate la Modimo, le matla a bophelo botlang, bao habaka wa haho kamoo baka boelang ba ntjhafatswa kateng hore ba bolela ba bake, hobane ba boela ba ithakgisetsa Mora wa Modimo, ba moetsetsa nyediso. Hobane ha ele lefatshe le inwellang metsi a dipula tse le nelang hangata, le medisetsang bao le lemelwang bona meroho e molemo, lefatshe le jwalo le ye le fuwe lehlohonolo ke Modimo. Empa haele le medisang meutlwa le dibajwa feela, lona le ye lelahlwe, le okamelwe ke thohako, mme taba ya lona ya ho qetela e eba ho tjheswa. Empa leha re bua jwalo, haele bakeng sa lona baratuwa, re tshepile tse fetang tseo ka botle, tse tshwanelang poloko.”

Ka kwala Bibele, ka e bea fatshe, mme ka qalella ho rapela hape. Ke ntse ke sefumane karabo. Ka hape Bibele ntle le maikemisetso ke sa e bale. Hang hape moya wa foka ka tlung, mme hape wa phetla hape ho Baheberu 6 le ho kgutsa tu. ka bala mantswe ao hape, mme ha ke entse seo, hang Moya wa Modimo wa tla kamoo keleng teng mme ka bona pono. Ka bona pono monna a apere hantle bosweu a tswa a ilo jala koro. Letsatsi lene le tjhabile, mme o ne a jala hoseng. Empa mantsiboya ha monna a satswa jala, monna a apereng botsho a hlaha mane moo yaneng a apere bosweu a jala teng. Matsatsi a nna a feta jwalo -- letsatsi le pula tsa hlohonolofatsa lefatshe; mme hang hwa hlaha koro. Ene ele ntle jwang feela. Empa ha nako e ntse e hlaha hwa hlaha lehola.

Koro le lehola tsa hola mmoho. Tsa utlwa monate wa mobu ka ho tshwana. Tsa nwa metsi puleng ele nngwe mmoho le letsatsi tsa lethabela mmoho.

Yaba ka tsastsi le leng letsatsi la balla, mme bobedi dijalo tsa pona bobedi. Ka utlwa lehola le phahamisa hloho le koro feela jwalo tsa lla bobedi. Mme lehola la lla le lona la llela pula. Yaba lehodimo la thiba mme pula yana, mme hang koro, e tletse matla ya phahamisa hloho ya lla ke thabo e kgolo, "Ho bokwe Morena". Mme kaho makala ho hoholo ka bona lehola le lona le etsa ka mokgwa o jwalo, "Hallelujah!".

Yaba ke tseba nnete ya kopano ya mathaka ana a Pentakosta le ya pono yaka. Setshwantsho sa Mofoka le Peo, Baheberu 6, mme ke ponahatso ya dineo tsa Moya diabonahala. Mojadi ya apereng bosweu ene ele Morena. Mojadi monna ya apereng diaparo tse ntsho ene ele satane. Lefatshe ene ele masimo. Peo ene ele Lentswe la Modimo, bakgethwa le baetsadibe. Bobedi ba arolelana monate wa, metsi le letsatsi. Bobedi di ile tsa rapela. Bobedi bo ile ba mokopa, hobane O entse letsatsi le pula ho ka wela ba lokileng le bakgopo. Leha bobedi bo ile ba thabela kapa ho fumana tlhoholofatso tse ntle le ponahatso, HONE HOLE TENG PHAPANG E KGOLO HO TSONA, ENE ELE PEO TSE PEDI TSE FAPANENG.

Mona hape ke karabo ya Mattheu 7:21-23 "Ha se bohle bareng, Morena, Morena, batlang ho kena mmusong wa mahodimo; empa ho tla kena ba etsang thato ya Ntate ya mahodimong. Ba bangata batlare ho Nna ka letsatsi leo, Morena, Morena, hare yaka ra porofeta ka Lebitso la Hao? le ka Lebitso la Hao ha re ya leleka madimona? mme ha re yaka ra etsa mehlolo ka lona na? Mme ke tlare ho bona, ha ke yaka ka letseba: tlohang ho Nna, lona ba sebeditseng bokgopo." Jesu ha a latole mesebetsi eo ba e entseng ka Yena le Moya o Halalelang o ka sebetsa ka tsela tsa batho. Empa ha akaba a hana mesebetsi empa ore ha a ba tsebe. Bana ene ese bakgutletseng morao. Bana ene ele ba kgopo, basalokang, baditshila. Ena ene ele peo ya satane.

Mme ke eo he. O KASERE ponahatso ya dineo tsa Moya ke tswalo kapa kolobetso ya Moya kapa tltseletso ya Moya. Tjhe Monghadi. ke tla dumela tlhahiso ya nnete ya Moya o Halalelang ha e sebetsa, empa hase PONAHATSO e bolelang hore o tlatsuwe ka Moya o Halalelang, leha ekaba ka bonngwe hwaeba le ponahatso ya Moya.

Ponahatso ya ho amohela Moya o Halalelang kajeno ho tshwana feela le mehleng ya nakong ya Morena. Ke ho amohela Lentswe la nnete bakeng sa tsatsi leo o le phelang. Jesu ha aka a tiisa taba ya bohlokwa ba mesebetsai ha ane a etsa Lentswe. O ne a tseba hore ha batho ba nale Lentswe mesebetsi etla latela. Seo ke Bibele.

Jwale Jesu o ile a tseba hore ho tlaba le nako eo batho batla sutha Lentsweng ho Mongwaha wa Pergame oo oneng o kaba mengwaha ekabang makgolo a mabedi ho tloha ho pono ya Patmos. O ne a tseba hore batla ya Mengwaheng e lefifi. O ne a tseba hape hore ka tsela eo motho a ileng a tloha Modimo e bile ka Lentswe. Ha o tloha Lentsweng, o lahlile Modimo. Hotjhong hore o ya itlhahisa ho kereke mane Pergame, le ho tsohle dikereke tsa mengwaha kgolo, "Ke nna Lentswe. Ha o batla ho loka mahareng a hao, jwale dumella le ho amohela Lentswe. Se dumelle emong ho kena mahareng a hao le Lentswe. Leo ke o nehelang lona (Lentswe) ke tshenolo Yaka. KENNA LENTSWE. Hopola seo!"

Ha ke tsebe haeba re hlokomela Lentswe le hara rona. Ha nke keofe monahano. O rapela jwang? Re ho Lebitsong la Jesus Name na ha re etse jwalo na? Thapelo e nngwe le e nngwe e Lebitsong la Hae kapa haho karabo. Ho I Johanne 5:14, re bolellwa, "Mme tshepo e tiileng eo re nang le yona ho Yena, ke hobane, ha re kopa ka lebitso la hae wa re utlwa; mme ha re tseba o ya re utlwa ha re kopa, re a tseba hobane o ya re utlwa." Jwale rea kopa, "Thato ya Modimo ke efeng na?" Honale TSELA ELE NNGWE MME KE KA LENTSWE LA MODIMO. Dillo 3:37, "Ke mang ya ka bolelang taba e ka etsahalang ha Morena asa laele?" Ke eo he. Ha ese Lentswe o ka se e amohele. Jwale re ka se fumane se seng ntle le Lentswe, mme re ka se etse se seng ntle le ho kopa se seng ka Lentswe. Ke seo he hape. JESU (Lebitso) ke LENTSWE (THATO). O ka se arohanye Modimo le Lentswe. Ke ntho E LE NNGWE.

Jwale e be, Lentswe lena o le lesitse Mongolong moo re neng re Moamohela ka tumelo maphelong a rona. O itse Lentswe la Hae ke Bophelo. Johanne 6:63b. Empa ke hantle seo aleng sona: Johanne 14:6, "Ke nna tsela, Nnete le Bophelo." Baroma 8:9b "Ha motho a sena Moya wa Kreste ha se wa Hae." Ke seo he, Ke Moya mme hape ke Bophelo. Ke hantle seo o leng sona; ke hantle feela seo Jesu A leng sona. Ke Lentswe. Jwale ha Moya o tswetswe, Monna ya tlatsitsweng ka Moya ka tumelo re nka Lentswe ka pelong letswa dipounameng, hobaneng ha a bua nnete. Thaba ka nngwe ene e lokela ho sutha. Satane a ka se eme ka pela motho.

Ha kereke, morao kwana mongwaheng wa boraro e ne e tshwere tshenolo e phelang ya Lentswe hara bona, Matla a Modimo aka be asaka aa fokola ho bona jwalo ka Mengwaheng e lefifi. Mme hantle feela kajeno, ha kereke e kgutlela Lentsweng ka tumelo, re kare ntle le qeaqeo Modimo le diketso tse makatsang tsa Modimo o tlaba hantle hara yona.

Ka bosiu bo bong ha ntse ke batla sefahleho sa Modimo, Moya o Halalelang ware ho nna ke nke pene ke ngole. Ha ke nka pene ke re ke ya ngola, Moya wa Hae wa nneha molaetsa bakeng sa kereke ya Hae. Ke batla ho tlisa sena ho lona ... Hona ho ne hole maloka le kereke le monyaduwa.

"Ke sena seo ke lekang ho se hlalosa. Molao wa tlhahiso ke o bolelang hore sebaka ka nngwe sehlahise mofuta wa teng, ho ya ka Genese 1:11, "Modimo ware, Lefatshe ha le medise jwang, le dimela tse behang peo, le difate tse behang ditholwana ka mefuta ya tsona, tse nang le peo ya tsona lefatsheng, mme haeba jwalo." Seo bophelo boneng bole ho sona ka peo e ka hare ho tholwana. O na molao oo ontse o sebetsa le kajeno. Tholwana efe kapa efe e qalang kereke etla tshwana le peo ya ho qaleng hobane ke peo ele nngwe. Matsatsing ana Kereke ya sebele ya Monyaduwa (Peo ya Kreste) etla tla ho lejwe la mantlha, mme etlaba kereke e kgolo, mojaho o moholo, ha eya e moatamela. Baleng ho monyaduwa batla Moatamela hoo batla bang jwalo ka yena. Sena se taelong hoba mmoho le Yena. Batlaba bang feela. Ba tlaba ponahatsong ya Lentswe la Modimo o phelang. Mekgatlo eka se fetole sena (peo e sele). Bahlahisa dithuto tsa bona le mekgwa ya bona, badi kopantse le Lentswe. Moferefere ona o hlahisa ditholwana tsa oona.

Mora wa pele (Adama) e ne e le Lentswe le builweng. O ne a neuwe monyaduwa hore a itlhahise. Ke lona lebaka leo ba neilweng monyaduwa, ho itlhahisa; ho hlahisa mora e mong. Empa o ile awa. O ile a wa ka baka la tswalo. E ile ya moetsa hore a shwe.

Mora wa bobedi (Jesu), le Yena e le Lentswe le builweng la Modimo a ile anewa monyaduwa jwalo ka Adama. Empa pele a ka monyala, le yena o ile awa. O, e ntse jwalo ka mosadi wa Adama, o ile a bewa tekong hore na o tla phela Lentswe la Modimo mme a phele, kapa ka pelaelo ya Lentswe ebe o ya shwa. O bile le pelaelo. O siile Lentswe mme o shwele.

Ho tloha Lentsweng la Nnete, Modimo o tla neha Kreste monyaduwa wa sebele. Ke morwetsana wa Lentswe la Hae. Ke morwetsana hobane ha a tsebe dithuto tsa batho hohang. Ka maloko le ka boloko ba monyaduwa o tla tiisa seo Modimo a ileng a se tshepisa ho ka hlahiswa Lentsweng.

Lentswe la tshepiso le ile latla ho morwetsana Maria. Empa Lentswe leo la tshepiso ene ele Yena ka sebele, Ka boyena, ho ka itlhahisa. Modimo one a itlhahisitse. Yena, ka boyena, a sebetsa ka nako mme le ho tiisa Lentswe la Hae la tshepiso ho monyaduwa. Ene ele lengeloi le ileng la tlisa molaetsa. Empa molaetsa wa lengeloi wa Lentswe la Modimo. Isaiah 9:6. O ne a tiisa seo A ngodilweng ka sona hobane ba moa mohetse.

Maloko a monyaduwa a tla, mme batla hlahisa tsa Hae, hobane ke hlooho, mme matla ohle a ho Yena. Ke karolo ya Hae jwalo ka maloko a mmele wa Hae jwalo kaha Yena ele hlooho.

Hlokomela mohau wa Ntate le Mora. Jesu haho se a kileng a se etsa ntle lehoba a bontshwe ke Ntate. Johanne 5:19. Monate ona o tlo hlaha mahareng a Monyadi le monyaduwa. O ba bontsha Lentswe la Bophelo. O ile a le thola. Ha a qeaqeye. Ka hoo, haho se ka moetsang letho, leha ekaba lefu. Hobane ha peo e jetswe, metsi a tla e hlahisa hape. Sephiri ke sena. Lentswe le ka ho monyaduwa (jwalo kaha lene lele ho Maria). Monyaduwa o nale mohopolo wa Kreste o ya tseba seo a lokelang ho se etsa ka Lentswe. O etsa taelo ya Lentswe lebitsong la Hae "ho tjhong hore." jwale Lentswe le ya tsoseletswa ka Moya mme le ya etsahala. Jwalo ka peo e jetsweng pela noka, e tlilo tiisa kotulo ya sebele, e sebedisa lebaka la yona.

Baleng ho monyaduwa ba etsa feela thato ya Hae. Haho e mong a ka baetsang ka tsela e nngwe. Bana le hotjho Morena' kapa ba thola feela. Batseba hantle hore e lokela hoba Modimo ka ho bona ka mesebetsi, ho ka tlatsa Lentswe la Hae Yena ka boyena. Ha a kaba a qeta mesebetsi ya Hae kaofela mosebetsing wa Hae mona lefatsheng jwale O sebetsa ka ho monyaduwa le ka Yena.

O tseba seo, hobane ene eso ka e eba nako ya Hae ho tse ding dintho tseo aneng a lokela ho dietsa. Mme o tla tiisetsa tse ding tsa dintho ka monyaduwa mesebetsi eo a neng a e lesitse bakeng sa nako e itseng.

Jwale ha reke re emeng jwalo ka Joshua le Kalebe. Lefatshe la rona la tshepiso le yatla jwalo kaha re le tshepisitswe jwalo kaha la bona le ile latla. Jwale Joshua o bolela "Jehova- Mopholosi", o ne a bontsha nako tsa ho qetela moetapele ya tla tla ho kereke jwalo ka Paulose a tlile jwalo ka moetapele wa nnete. Kalebe o ne a emetse bao ba emeng ka ho otloloha le Joshua. Hopola, Modimo o qadile Baiseraele jwalo ka monyaduwa jwalo ka morwetsana. Empa bane ba batla ho hong ho fapaneng le hoo. Ho jwalo feela le kereke ya ho qetela. Hlokomela ka moo Modimo a saka a tsitsinya Israel ka teng, kapa ka moo a sakang a rata hore ba kene lefatsheng la tshepiso ho fihlela Yena a ba a rata ka nako ya Hae. Jwale batho ba ne ba hatelletse Joshua, moetapele, mme bare, "Lefatshe ke la rona, ha re keneng re le hape. Joshua, kaofela le sele fetile, le lokela hore ebe ebe le lahlehetswe ke bongata, ha le sana matla ao le neng le nale oona. Lene le atisa ho utlwa hotswa ho Modimo mme le tseba thato ya Modimo, mme le sebetsa kapele. Ho nale se phoso ka wena." Empa Joshua ene ele moporofeta ya rometsweng wa Modimo mme o ne a tseba tshepiso ya Modimo, jwale a ema a ba emetse. O ile a emela hore Modimo a mmontshe, Modimo o ne a tseba nako ya ho tsamaya, Modimo O ile wa bea boikarabelo bohle ba boetapele ho Joshua hobane o ile a dula ho Modimo. Modimo one a tshepa Joshua empa eseng ba bang. Mme ho tla boela ho etsahala matsatsing ana a ho qetela. Bona bothata boo hape, yona kgatello eo.

Nka mohlala re bona Moshe. Moporofeta enwa ya matla wa Modimo o bikle le tswalo e nngwe e sa tlwaeleheng, a tswetswe nakong eo hantle ya peo ya Abraham ho tswa Egepeta. Ha akaba a dula Egepeta ho ka phehesana le bona ka Lengolo, e seng ho sokodisana le bapriesta. O ile hantle lehwatateng hofihlela batho ba ne ba ikemiseditse ho moamohela. Modimo wa bitsa Moshe a le lehwatateng. Ho ema ho ne hole siko ho Moshe ka karolo hobane batho bao bane ba soka ba ikemisetsa ho moamohela. Moshe a nahana batho batla utlwisesa empa haba ka ba utlwisisa.

Mme yaeba Elia eo Lentswe la Modimo le neng letla ho yena. Ha a ne a rera nnete mme mokgupinyana oo ene ele ona okang ona wa maAmerican wa Jezebele o sa batleng ho amohela Lentswe, Modimo wa montshetsa masimong mme wa moneha bao ba sa batleng moporofeta mme molaetsa wa Modimo oo a fanneng ka oona. Modimo o ile wa mmiletsa nahathote mme A keke a tla bakeng sa morena. Bao ba lekileng ho etsa jwalo, ba ile bashwa. Empa Modimo oile a bua le moporofeta Wa Hae ka pono. Atswa mme a bolela Lentswe moo a neng a ipatile teng ho Israel.

Yaba hotla Johanne Mokolobetsi, Moetepele ya motle wa Kreste, moporofeta ya motle wa Modimo. Ha akaba aya sekolong sa ntatae, kapa sekolong sa Bafarise -- ha a kaba a ya ho mekgatlo, empa lefelleng mme a bitsitswe ke Modimo. Moo a dula ho fihlela Modimo a moneha molaetsa, a lla are, `Hotla hwa Messiah ho haufe.'

Jwale ha re nkeng Lengolo le hlokomedisang ka taba ena. E ne e se nakong ya Moshe eo Modimo A ileng a bontsha ka Kora ane a ema kgahlanong le moporofeta eo wa Modimo? O ne a phehisana le Moshe le tshenolo jwalo kaha Moshe a ne a e neilwe. O ile a hanana le tokelo ya Moshe. Mme batho morao mola, kamora ho utlwa Lentswe la nnete mme batseba hantle ka moporofeta wa nnete o ne a ile a hlahiswa ke Modimo, kere ho lona batho bao baile ba latela Korah le tseo a neng a dibolela. Korah ene ese moporofeta wa Lentswe empa batho ka dipalo-palo ka baetapelel ba bona ba ba latela. Hantle feela jwalo ka Baevangedi ba kajeno ka manamane a bona akgauta le mekgwa jwalo ka Kora. Ba bonahala bale batle ho batho jwalo ka Kora hantle. Bane ba nale madi diphatleng tsa bona, oli matsohong a bona le dibolo tsa mollo diplatefomong. Ba dumella baruti ba basadi, basadi ba kute moriri wa bona, baapare marikgwe a matelele le a makgutshwane, mme ka ho fetisa Lentswe la Modimo baiketsetsa mekgwa le ditlwaelo tsa bona. Ho bonahala peo baleng yona. Empa hase bohle batho ba ileng ba lahla Moshe le Lentswe la Modimo. Tjhe. Bakgethilweng baile ba sala le yena. Sona seo se ya etsahala kajeno. Bongata bosia Lentswe empa ba bang ba sala le lona. Empa hopola setshwantsho sa koro le lehola. Lehola lene le lokela hotlangwa mmoho le ho tjheswa. Maapostola a Kereke atlangwa mmoho le ka thata jwale, a emetse ho ka tjheswa ka mollo wa kahlolo ya Modimo. Empa koro e tlamellwa mmoho bakeng sa Morena.

Jwale ke batla hore o be sedi haholo ho ka bona sena. Modimo o tshepisitse hore Malakia 4 o tla phethahala. E lokela hoba ka moya o tsosang oo o boletsweng ke moporofeta Malachi. Jesu o se boletse le yena. E lokela hoba pele Kreste a etla kgetlo la bobedi. Ka nako eo Jesu a tlang ka yona Lengolo le lokela ho phetheha. Kopano ya Baditjhaba e lokela hoba kerekeng ya mongwaha wa ho qetela ha lenqosa la Malakia le etla. O tla dula tsepa Lentsweng la Modimo. O tla nka Bibele ho tloha ho Genese ho isa hoTshenolo. O tla qala ho peo ya serpente ho tswella jwalo ka lenqosa ho ya ho pula ya ho qetela. Empa o tla latolwa ke mekgatlo.

O lokela hoba se iphethang seratswana sa histori ya Akabe. Histori ya Israel tlasa Akabe ke e etsahalang hantle mona America moo moporofeta wa Malakia a hlahang teng. Jwalo ka Israel ha a tswa Egepeta ho rorisa ka tokoloho, ho ntshetsa ntle moo ha batho, a tsosa hantle setjhaba sa baetapele ba tshwanang le Davida jwalo jwalo. , mme ba beha Akabe teroneng le Jezebele pela hae ka kotloloho, na re fela re entse seo mona Amerika. Bontata rona moholo ba tlile mona ho tlo rorisa le ho phela ka tokoloho. Baile ba ntsha baneng ba dula mona mme ba kena teng. Banna ba baholo jwalo ka Washington le Lincoln ya re ka mora nakwana hwa tsoha bafutsana bana ba jwalo kaha ho etsahetse ka Akabe a ne a dutse setulong sa bopresidente le Jezebele pela hae. Ke nakong e kang eo lenqosa lena la Malakia le lokelang hotla. Mme kamora nakwana ho hlahe moferefere wa Mount Carmel. Hlokomela hantle mme o shebe mangolo. Johanne e ne ele moetelli pele wa Malakia 3. O ile a jala bakeng sa pula e tlang mme baile ba molatola. Jesu o tlile aba le ponahatso ya Mount Transfiguration. Moetelli pele wa bobedi wa Kreste o tla jalla pula e tlang ya bobedi. Jesu o tlaba ponahatso ya mahareng a mekgatlo le mekgwa ya yona, hobane o tlatla a tlilo bonahatsa kapa le ho phethahatsa Mangolo A nka le monyaduwa wa Hae. Ponahatso ya pele ene ele Thabeng ya Carmel; ya bobedi ke Thabeng ya Transfiguration, mme ya boraro ke Thabeng ya Sione.

Boitshwaro bo sa tlwaelehang ba Moshe, Elia, le Johanne ho intsha ho setjhaba ho ile hwa siya pherekano. Bane ba sa hlokomele hore molaetsa wa bona o ne o latotswe. Empa peo e jetswe, ho jala hone se ho fetile. Kahlolo ene e latela e fela e tla latela. Bane ba entse mosebetsi wabona setjhabeng, jwale kahlolo ene ele latela.

Ke dumela ho ya ka Tshenolo 13:16 monyaduwa o tla emisa ho rera sebata ho batla letshwao la sebata phatleng ho dumellwa ho rera molaetsa wa sona. Mekgatlo e tla amohela letshwao lena, kapa hatella hore thero e emiswe. Ebe Konyana etla theoha ka kahlolo ya yona e kgolo.

Jwale hopola hore Moshe o ne a tswalletswe ho etsa mosebetsi o itseng, empa o ne a sa kgone ho etsa mosebetsi ho fihlela aba a amohela dimpho ho fihlela a etsa mosebetsi oo. O ne a lokela hoya felleng a eme moo; Modimo o ne anale kopano le yena. Hone hole teng Faro e mong teroneng, mme batho ba ne ba lokela ho llela bohobe ba bophelo, pele Modimo a ne a ka mokgutlisetsa morao. Sena ke nnete ya tsatsi leo.

Empa ho etsahalang matsatsing ana a rona? Matshwele-tshwele a setjhaba a rata ho bona matshwao a Lentswe, kapa motsamao wa Moya wa Modimo. Haba bona madi, oli le mollo bakgotsofetse haholo; habana taba lehore ho naleng ka hare ho Lentswe. Batla latela Letshwao le leng le le leng, leha ele le siyo Mangolong. Empa Modimo o ne a re hlokomedisitse ka seo. O itse ho Mattheu 24 matsatsing a ho qetela tsena tse pedi ditla tsamaelana ditla atamelana hoo le bakgethwa hoo ba ke seng ba se arola, empa bona feela bakase thetsehe.

O kgona ho arola Meya ena e mmedi o ka e arola jwang? O lokela ho baneha teko ya Lentswe. Ha ba sa bue Lentswe, ke ba satane. Jwale ka ha satane a ile a thetsa banyaduwa ba pele, o tla leka ho thetsa monyaduwa wa tshiu tsa ho qetela, ka ho leka hore a itswadise ka mokgwa wa hae o mobe, kapa kaho fetola ka ho otloloha Lentswe ho ya letshwaong lefe kapa lefe leo ba le ratang. Empa Modimoha akaba a bea matshwao ao Lentsweng. Matshwao a latela Lentswe, jwalo kaha Elia o ile a jwetsa mosadi ho ka apeha phofo bakeng sa hae, ho ya ka Lentswe la Modimo. Ha ane a bua Lentswe, letshwao la nnete la hlaha. Etla Lentsweng pele mme o bone mehlolo. Lentswe la peo lene le hlahisa Moya.

Ha jwang lenqosa leka dumela karolo feela e itseng ya Lentswe mme a hana karolo e nngwe? Moporofeta wa Modimo matsatsing ana a ho qetela o tla bolela Lentswe le felletseng. Bamekgatlo batla mohloya. Mantswe a hae a tla ba bohale jwalo ka a Johanne Mokolobetsi ya ba bitsitseng. Empa ba sebele ba tla utlwa mme baitokisetse ho hlwibilwa. Peo ya Borena ya Abraham, jwalo ka tumelo ya Abrahama etla itshwarella nneteng le ho dumela Lentswe, hobane ba bokelletswe mmoho.

Lenqosa la ho qetela la matsatsing a na letla tla ka nako e kgethilweng ke Modimo. Ke nako jwalo ka ha re tseba bohle, hobane Israel o kgutletse ha bona. Nako e nngwe le enngwe ho tloha hona jwale lenqosa la Malakia. Ha re mmona, o tla hlaha ho ya ka Lentswe. O tla bonahala (e bontshitswe Lentsweng. Tshenolo 10:7.) mme Modimo o tla senola tshebeletso ya hae. O tla rera nnete fela jwalo ka Elia mme a ikemiseditse ponahatso ya Thabeng ya Sione.

Ba ba ngata baka se moutlwisese hobane ba rutuwe MANGOLO ka tsela e itseng ho nale nnete. Ha atla kgahlano le seo, baka se dumele. Esita le tshebeletso ya hae e ka se utlwisehe jwalo kaha lenqosa le bitsitswe jwalo ka ha lebasebeletsi wa nnete ba ka se moutlwesise.

Empa moporofeta enwa o tla tla, mme jwalo ka moetelli pele a llile, "Bona ke Konyana ya Modimo e tlosang dibe tsa lefatshe," leha hole jwalo a kase kgaotse hore, "Bona ke Konyana ya Modimo e tlang ka Kgalalelo." O tla etsa sena, jwalo kaha Johanne ene ele lenqosa la pele, jwalo kaha lenqosa lena laba kgethwa ba tswetsweng la bobedi ka Lentswe eleng monyaduwa.”

KRESTE O RORISA KEREKE


Tshenolo 2:13 "Ke tseba mesebetsi ya hao, le moo o ahileng teng, le moo satane a entseng terone ya hae: ke tseba lehore o tiiseditse Lebitso laka, mme ha o yaka wa latola tumelo ya hao, mme esita lemohla Antipas ene ele paki e tshepehang Yaka, a ileng a bolawa hara rona, moo Satane a ahileng teng.”

"Ke tseba mesebetsi ya hao." Ana ke mantswe a Hae ho kereke ka nngwe ho tsena tse supileng jwalo ka lenqosa ho batho ba Modimo ka mongwaha ka nngwe. Jwalo kaha ho bonahala difate tsena tse pedi sa nnete le sefosahetseng) batla tlisa thabo le monyaka pelong ya mokgopi ole mong feela, empa bane ba lokela ho kenya tshabo dipelong tsa batho. Leha re bolokuwe ka mohau, thoko ho mesebetsi, pholoso ya nnet e tla hlahisa mesebetsi, kapa mesebetsi le mekgwa. I Johanne 3:7, "Bana, le seke la thetswa ke motho; ya ETSANG (mesebetsi) ho lokileng le yena o lokile, jwalo kaha a lokile." Ha karolwana ena e bolela ho hong, e bolela hore YA ENTSENG SENA se lokileng KE. Jakobo 3:11, "Na sediba seka kolla ka mothapo ole mong metsi monate le a babang?" Baroma 6:2, "Ho seke haeba jwalo ana rona re shwele nqa ya sebe?" Mattheu 12:33-35 "Kapa ereng sefate se setle; tholwabna ya sona le yona e ntle sefate se sebe se beha tholwana tse mpe; hobane sefate se tsejwa ka ditholwana tsa sona. Madinyane a marabe le ka bolela taba tse molemo jwang le enale lonya? Hobane molomo o buiswa ke seo pelo eleng sona. Motho ya molemo o ntsha dintho tse molemo letlotlong la hae: mme monna ya mobe kapa ya lonya dintho tse lonya letlotlong le lonya la pelo ya hae." Jwale ha motho a tswetswe ke Lentswe (Ho tswalwa labobedi, eseng ka peo e fosahetseng, empa e lokileng, ka Lentswe le sa fetoheng. I Peterose 1:23) o tla hlahisa Lentswe. Ditholwana kapa mesebetsi ya bophelo ele ba tlhahiso ya peo kapa bophelo bo ho yena. Mesebetsi ya hae, ka tsela e jwalo ho lokela hoba Lentswe. Oho, qoso etlabang ya nnete e kgahlano le Mongwaha wa Pergame. Ke Eo moo a emeng Eo ya Senang ho lekanywa, mme letsohong A tshwere sabole e leoditsweng ka ntlha tse pedi, Lentswe le phelang. Mme Lentswe la Modimo letla re ahlola nakong ya ho qetela. Leha ele hore Lentswe le re ahlola hona jwale, hobane le senola DIPHIRI TSA DI PELO. Le ya seha hare moyeng. Ere etsa hore re phele rele ditshelo tse phelang tsa Modimo.

"Ke tseba mesebetsi ya hao." Ha motho ana le letswalo la hore a ka se sebeletse Modimo ka nnete, mme ha a phethahatse LENTSWE. Ha motho a tshaba ho sitelwa Modimo ha ake a phele Lentswe, "Ke hantle, ya lokileng le ya tshepahalang mosebeletsi wa Modimo," ha a phethise Lentswe bophelong ba hae, mme a tiisa hore otla utlwaLentswe leo. Lentswe la nnete le jwalo; ke nyefolo ha jwale. Haho tsela e nngwe. Jwalo kaha lefatshe le ilo a hlolwa ke Kreste ale mong Jesu, leha hole jwalo le ilo ahlolwa. Ha motho a batla ho tseba sena, ha a etse jwalo kaha Jakobo a bolela: "Sheba seiponeng sa Lentswe la Modimo.”

"Ke tseba mesebetsi ya hao." Ha a eme moo a tshwere Lentswe, a hlahloba maphelo a bona Lentsweng mongolo ole ka pele ho bona, O ne a lokela ebe o thabetse seo, hobane ba, jwalo ka ba bang baileng pele, ba thabela kahlolo ya ba sa lokang mme bantse ba thabela ho hlwekisetswa ho Morena. Hole thata leha ele hore ho lokisetswa Morena, leha ho le jwalo ba mothabela mme ba mororisa Moyeng le Nneteng. Empa ha ho yaka hwaeba jwalo ka sefate se sa lokang. Jonna we, baile ba bophelo hoba hodima Lentswe mme jwale bane se ba thella ho ya fase hotswa ho tloheng Lentsweng la nnete. Diketso tsa bona ene ele bopaki ba seo.

O TIISEDITSE LEBITSONG LAKA


"Re ka ya ho mang? Wena feela o nale Bophelo!" Baitshwarella jwale; bane ba itshwarella haholo nakong eo, empa eseng jwalo ka motho ya seang mekgwa ya hae. Bane ba tiisa ka matla jwale, tiisong ya Moya o neng ole ho Yena. Hwa bona ene ele ho tseba hore dibe di ya tshwarelwa ka Lebitso la Jesu `Bakreste' jwalo ka bopaki ho sena. Ba ile ba tseba mme ba itshwarella ka Lebitso lena eseng le leng le le leng. Mangole a bona ane a kgumamela lona feela. Maleme a bona ane a paka seo. Seo baneng se etsa, bane baetsa eng kapa eng ka Lebitso la Morena Jesu. Baile ba bitsa Lebitso leo mme batloha bobeng, mme banka Lebitso, banka hore baka mpa bashwela Lona, ka tiisetso ya tsoho e lokileng.

Nka Lebitso la Jesu le wena,

Ngwana wa mahlomola jwalo.

Letla ofa thabo le o kgothatso.

Lenke o ye moo o yang teng le Lona.

Lebitso le lokileng, Oho le monate ha kakang,

Tshepo ya lefatshe le ditjhaba.

Le mongwaheng wa bobedi Lebitso la "Ntate, Mora le Moya o Halalelang" ho ile hwa lahlwa taba ya `Boraro' ho ba bangata, Mme mohopolo wa medimo e meraro e bile thuto e fosahetseng ya kereke. Ekesebe kgale ha Lebitso le nkuwe la tloswa, jwale kaha ele nakong, mme ya bontshwa hore hase MODIMO OLE MONG TO o tla tloswa ka LEBITSO, Morena Jesu Kreste. Jwale ha baapostola mme haholo boraro le kolobetso basebedisa Bomodimo, Mohlatswana o Monyane bakolobetsa ka Lebitso la Jesu Kreste mme baema nneteng.

Kantle ho hlompha Modimo ho feta Medimo e meraro, mme a fetola Lebitso le lokileng, e mong ya makatsang ha feela mme mehlolo ba atametseng Lebitso o tla atamela HAHOLO. Ka nnete matshwao ao a matle a maholo, o se nahane ka sefate se fosahetseng. Banna ba jwalo ka Martin bane ba sebediswa ke Modimo mme wa ba beha dipaki matshwao le mehlolo le dineo tsa Moya o Halalaelang. Lebitso leo jwalo kaha le bile mme letla dula le lejwalo ha Bahalaledi ba hlompha LEBITSO LE TUMELO.

HAO YA LATOLA TUMELO YA HAO


Ho Diketso 3:16 ha Peterose a ne a etsa hore mehlolo e etsahale ho ba bang ba diqhwala ha ale Hekeng e Ntle, o hlalositse sena ka bohlale, "Ke ka hobane re dumetse Lebitso (Jesu) Lebitso (Jesus) la Hae le tiisitseng motho eo le mmonang le motsebang mme tumelo e etswa ho Yena (e neng ele seqhwala) ka matla, eo, tumelo eo eleng ka ho (tloha) Yena (Jesu) o monehile (monna) o mofodisitse hantle pontsheng ya lona." O ya bona, ke eo. Lebitso la Jesu, mme Jesu ka Tumelo a tlise mosebetsi mehlolo. Peterose a kase tiise sena ene ele botho ba hae ka tumelo ya hae. Are ka Lebitso la Jesu le sebedisistsweng ka tumelo Jesu a etsa mehlolo. Tumelo ena ke eo Morena a neng a bua ka yona ho Tshenolo 22:13. Ene ele tumelo ya hae. Ene ese tumelo KEHO YENA. Empa ene ele YA HAE tumelo ya Hae eo a e neileng badumedi. Baroma 12:3b "Jwalo kaha Modimo o entse ka motho (ho ya ka kgaolo ya 1 banna bana ke BAENA) TEKANYO YA TUMELO." Baefese 2:8, "Hobane le bolokehile ka mohau ke (tumelo) , mme haho tswe ho lona ke mpho e tswang ho Modimo." Mme hape ere ho Jakobo 2:1, "Baena (hlokomela, le yena, o ntse a bua le BAENA) ha ana tumelo YA (eseng ka hare) Morena wa rona Jesu Kreste ka tlhompho ya botho.”

Ho Mongwaha wa Pergame moo batho ba neng ba etsa pholoso eka ke ntho ya batho, ba tluhile nneteng "Pholoso ke ya Modimo," -- ba lahlile dithuto tsa batho mme ba butse haholo monyako wa kereke mme le ho kopanela kae kapa kae ditenteng tsa bona (ba sa kgathalle Lentswe), mongwaheng ona wa tahleho, ho ne ntse hole teng ba mmalwa ba ntseng ba nale tumelo ya Morena wa rona Jesu Kreste, ba sa sebedise seo bakeng sa ho hong ho itseng ba dumela ka hore o pholoswa ka ho kena kerekeng e itseng. Ba ne ba tseba hantle hore haho, monna ya ka lokang yena ka boyena kantle ho kantle hotekanyo ya Morena Jesu, ka Boyena. Jwalo kaha kereke ya jwale e tletse ka baena ba tletseng tse ngata bao eseng barwetsana ka tlhaho, madi a tsholotswe, baya kerekeng ba ja selallo, mme ha ba ya tswalwa la bobedi, e sita le mongwaheng oo wa boraro ho ne hole jwalo ka mongwaheng ona. Tumelo ya batho ha ene esa lekana le jwale e ntse esa lekana. E nka yona tumelo ya Mora wa Modimo e kena ka hare ho pelo ya motho hore ba ka kgona ho amohela Morena Jesu ka hare ho tempele e sa etswang ke matsoho a motho.

E na e ne e le tumelo e phelang. "Ke phela ka tumelo ya Nnete." Paulose ha akaba a re o phela ka tumelo KA ho Morena Jesu. E ne e le tumelo ya Mora wa Modimo e monehileng bophelo ba Bokreste batlhlolo.

Tjhe, haba ya latola pholoso e ne e le kgolo. Baile ba boloka Lebitso le Tumelo ya Hae mme bane ba hlohonolofaditswe ke Morena mme badula ka tiisetso.

ANTIPAS PAKI YAKA E TSHEPEHANG


Haho e nngwe tsela Lentsweng e ngotsweng ka moena enwa kapa malebana le moena enwa. Empa hantle ho ne hose lebaka. Ke ka ho lekana moo a neng a tsejwa ke Morena nakong eo. Hone ho lekane ho ka bona ka ho lekana se ngotsweng ke Morena Lentsweng la Hae. E ne e le Mokreste. O ne a na le Lebitso la Jesu. O ne a nale tumelo ya Morena Jesu Kreste mme o ne a le hara bao ba phelang ka lona. O ne a ile a mamela mantswe a Jakobo, "Na hase Mantswe a Morena Jesu Kreste ka tlhompho ya motho" A tletse ka Moya o Halalelang jwalo ka Stevane, o ne a sa hlomphe motho, o ne a sa tshabe motho; mme lefu leha lene le bonahatswa o ne a nka Lebitso leo mme a tsamaya ka tumelo ya Jesu Kreste o ne a nkile sebaka sa hae mme asa tlohe. Eya, mme a shwa, empa jwalo ka Abele, o ile a iphumanela paki hotswa ho Modimo (lebitso la hae le ngotswe ka Lentsweng), mme leha a shwele, lentswe la hae lentse le setse Bukeng ya Direkoto tsa Lentswe la Modimo. Paki e nngwe e tshepehang e ile ya nkelwa phomolong. Empa Satane ha akaba a hlola le moo, jwalo leha asaka a hlola ha ane a bolaya Kgosana ya Kgotso, jwalo kaha Satane a ile a hlolwa sefapanong, esita le jwalo madi a Antipas ane a lla ho makgolokgolo a baena ho bona.

MOO SATANE A AHILENG TENG


Lebaka le etsang hore se na e be karolo ya Mopya ke hobane masole a sefapano Satane o ne a le hantle mahareng a teroneng ya Hae. Bane ba hlola ntwa ka Lebitso la Jesu hantle hara dibaka tsa bona tsa baetapele ba lefifi. Ke bopaki bo bokakang. Jwalo ka banna ba baholo jwalo ka Davida ba neng ba le kampong ya dira ho tlisa ho nyorolla lenyorwa la David la metsi, jwale dinatla tsena tse pedi tsa tumelo dine dile moo ho a hileng Satane, mme ka thero e ile ya tlisa metsi ka pholoso ho kgetha ho phela tlasa morithe wa lefu.

Jwale kaha e bolela hore Satane ke karolo ya Modimo ya thoriso ya ke karolo ya thoriso ya Modimo, bane ba beile sebaka bakeng sa bona le satane seneng sele ka kerekeng.

PERGAME: Terone ya Satane le Sebaka moo a Dulang. Ho ba bangata, maemo ana a eme pikatoring ho nale histori ya nnete. Empa ke ba nnete mme ba nale histori ya nnete ka seo. Pergame e ne ele sebaka le terone ya Satan. Sena se ile sa e tsahala ka mokgwa o tjena:

Pergame e ne e le sebaka se leng sa Satane ka ho o tloloha (ka mokgwa wa batho) a tsamaya moo. Babilona e ne e le sebaka sa teng e le ntlo kgolo ya teng. E ne e le sebaka sa Babylon moo barapedi ba Satane ba neng ba qala teng. Genese 10:8-10, "Kushe a tswala Nimrode; ke yena ya qadileng hoba matla lefatsheng. Ke yena ya bileng setsomi sa senatla pela Jehova. Ke moo hoyeng hothwe e ka Nimrode, setsomi sa senatla pela Jehova. Qalo ya mmuso wa hae ya eba Babele, le Ereke, le Akkade, le Kalne, fatsheng le Shineare. Genese 11:1-9 "Lefatshe lohle lene le nalepuo ele nngwele mantswe ale mang. Yare ha ba fallela botjhabela, bafihla lehwatateng naheng ya Shineare, mme ba aha teng yaba ba bolellana bare: tlong hle, re bopeng makote, re a bese ka mollo. Baeba le makote bakeng sa mollo, le bitume bakeng sa seretse. Mme jwale bare, Tlohong jwale, re ikgahele motse le tora, hloro ya yona e fihle lehodimong, mme re iketsetse lebitso, re tle re seke ra qhalanyetswa lefatsheng lohle. Yaba Jehova o theoha ho tla bona motse le tora ya bana ba batho. Jehova are: Bonang, ke setjhaba sele seng, puo e le nngwe; mme ha e le mona baqadile ho sebetsa: ha ba sana ho thibelwa hore ba seke ba phetha tsohle tseo ba di rerileng. A re theoheng he, re ferekanye puo ya bona hona teng, hore e mong a seke a utlwa puo ya e mong. Yaba Jehova o ba qhalanya teng jwalo ba ya ka lefatshe lohle; ba lesa ho aha motse. Ka baka leo motse wa bitswa Babele; hobane ke moo Jehova a ferekantse dipuo, tsa lefatshe ya lefatshe lohle: le moo Jehova a ba qalahanyeditseng teng lefatsheng lohle.”

Babele lebitso la tlhaho la Babilona. Le bolela Boipolelo. O ile wa qalwa ke Kushe, mora Kama, empa a tliswa matleng a mmuso tlasa mora wa hae, Nimrode, setsomi se seholo. Nimrod, ho ya ka Genese wa leshome le motso o le mong le ho ya ka histori, o emetse ntho tse tharo. O ne a batla ho aha setjhaba se matla, eleng seo a ileng a se etsa. O ne a batla ho etsa tumelo ya hae, A ileng a e etsa. O ne a batla ho iketsetsa lebitso, le lona o ile a le etsa. Ho iketsetsa tsena ho ile haba ha etsa hore a newe karolo mmusong wa Babylon o ile a newa matla a hoba hloho ya dihloho moo. Hoo tumelo ya hae e ileng ya hlomphuwa le ho ya ka Lengolo ha le e hlahisa jwalo kaya Satane ka botlalo ho Isaiah le Dikor 14 le ho Tshenolo. Dikor 17-18. Mme ke ka histori re ka tiisang kapa ho tseba lefatshe lena lohle le ho bona medingwana ya bona, mme lentswe lena mythology, leha ele lebitso la emeng medimo le fapane le dikarolo tse ding tsa naha ho ya ka puo ya batho. Hore o ile a iketsetsa lebitso leha balatedi ba hae oile a tsamaya ntle hoba rerisa, hobane leha mongwaha o na o ntse o tswela pele (ho fihlela Jesu a itlhahisa ho Bana ba Habo) o tla tlotliswa le ho phahamiswa, leha ele ka lebitso le fapaneng le la Nimrod, mme tempele e batla e fapane le ya hae a e hlompha.

Haesale Bibele e sa sebetse ka histori tsa ditjhaba ha ditswile, ho tla lokela hore re yo batla mangolong a beilweng ho fumana karabo jwalo ka Pergame hobane ke moo holeng tulo ya tumelo ya Satane ya Babilona. Taba tsena tsohle re tla difumana mangolong a beilweng Egepeta le moetlo wa Grecian. Lebaka la sena ke hobane Egepeta e fumana mahlale a yona le mathematics ho tswa ho Bakaldele ho fihla Greece e amohela hotswa Egepeta. Jwale ha esale bapriesta ele bona batshwereng dithuto tsa discience, mme ha e sa le discience dine di sebediswa jwalo ka bodumedi, re sentse re tseba hore lesedi la Babilone thuto ya teng e ne e hlaha naheng tse pedi. Ebile ke nnete hore setjhaba sene se kgona ho hlola se seng, ka nako ya tumelo ya maeketsetso ho bonahala. Ho ya tsebahala hore maGreeks bane ba nale letshwao la Zodiac le jwalo ka Babilona; mme le ile la fumaneha Egepeta mangolong a Egepeta a fa maGreeks tsebo ya bona ka botlalo. Ho bolelang hore dimakatso tsa Babilone e tloha setjhabeng ho ya setjhabeng ho fihlela e hlahella Roma, mane China, India le ka e sita bobedi Botjhabela le Borwa ba America re fumana tsela yona eo ya ho rapela.

Histori ya jwale e ya dumellana le Bibele hore tumelo ena ya Babilona ene ese tumelo ya nnete ya ho qala ya batho ba pele. E ile ya tloha ho ya sebele ka ho thella; empa yona ka bo yona ene ese yona. Bora Histori ba jwalo ka Wilkinson le Mallett ba bontshitse hantle hore ka nako eo eleng nngwe batho ba lefatshe ba ne ba dumela HO MODIMO OLE MONG, wa nnete, o safeleng, o sa bonahaleng, Eo ho ya ka Lentswe ho tswa ho Modimo ya itlhahisang ho wena, mme ha A kaba aba O ne a rata batho le ho loka. Empa jwalo ka Satane kamehla ha athetsa le ho kgelosa, re mofumana a thetsa kapa ho kgelosa batho dikelellong le mehopolong mme ba latola nnete. Seka kamehla ba leka ho fumana ho rorisa Morena emapa eseng ka nnete ya Modimo ka phoso le ho bopjwa ke Modimo, o ile a tlosa batho ho tloha ho Modimo ho ya qetellong ho e isa ho yena le ho e fedisa. O fela a ile a etsa seo eneng ele takatso ya hae ho hasa tumelo ena ya hae. Sena ke se ileng sa lokiswa ke Modimo Bukeng ya Baroma, "Ha ba tseba Modimo, ba motlotlisa Modimo, ho fihlela ba fetoha mehopolong, le hara lefifi la dipelo tsenang le ditumelo tse fosahetseng moo baneng ba rapela dibupuwa eseng Mmupi." Hopola, Satane ene ele mmopo wa Modimo (Mora wa Mafube). Ke hore re fumana hang nnete ke ho senola dipatuwe, mme bohle baitshwarelletse nneteng, mme ha morao hotla sehlotshwana se tlohe ho Modimo le diabolical ho etsa ho itseng. Histori e beha taba eo hore leloko la Sema le ileng la ema nneteng e sa fetoheng. Kama ya ileng a fetoha ho tloha nneteng. Haho nako ya ho hlalosa sena; sena ke tlhaloso ya hore ho ne hole teng tumelo tse pedi mme tse pedi feela, mme diabolose a le mong a tlala lefatshe kaofela.

Monotheism ya fetoha polytheism kwana Babilona. Leshano la diabolose kgahlano le nnete ya Modimo le dimaka tsa Modimo motseng oo. Satane a fetoha modimo wa motse oo a rapelwa ke bao ba lahlehileng, a etsa hore badumele hore ke yena Modimo wa nnete.

Tumelo ya Polytheistic ya sera ya qala thuto ya boraro. E ne e le morao kwana ha sena se etsahala "Modimo ole mong bathong ba bararo" mohopolo oo wa hlaha jwalo. Ho makatsa jwang ha boratheologi ba ile ba bona sena; empa hantle jwalo ka Satane jwalo ka ba pele, ba santsane ba dumela ho batho ba bararo Bomodimong. Ha reke re bontshweng hang feela Lengolong moo eleng teng thuto ena. Haho makatse ha leloko lena la Kama a ile a inkela tumelo ya Satane e kopanywa ka medimo e meraro haho le karolwana ya leloko la Sema le ileng la dumela sena pontshong ena ya moo bakopaneng ka thuto eo? Haho makatse ha Baheberu ba dumela, "O ya utlwa, Oho Israel, Modimo o MONG FEELA", haho ne hole teng ba bararo Bomodimong? Abrahama, maloko a Sema, ho Genese 18 o bone MODIMO OLE MONG LE MANGELOI A MABEDI.

Jwale boraro bona bo hlaha kae? E ile ya hlahiswa hape kwana Roma kajeno. Ho ya makatsa, ho Baheberu bane ba sena mohopolo oo. Jwale ke mang ya nepileng? Na ke Baheberu kapa Babilone? Asia kwana mohopolo wa polytheistic ya medimo e meraro e tlile ka kgopolo ya dihloho tse tharo mmeleng ole mong. O itlhahisa ka tsela tse tharo. Mona India, ba fumane seo pelong tsa bona ba fumana hore O mong O itlhahisa ka tsela tse tharo. Jwale seo se lokile bakeng sa theology ya jwale. Japan ho nale e moholo Buddha ka hloho tse tharo jwalo kaha re hlalositse ho qaleng. Empa tshenolo e kgolo ya sena ke boraro ba Modimo ka sebopeho:

1. Hlooho ya monnamoholo e hlalosa Modimo Ntate,

2. Sedikadikwe se bolela "Peo" e reng ha e fetolelwa e bolela Mora.

3. Mapheo le mohatla wa nonyana (Leeba). Ena ene ele thuto ya Ntate, Mora le Moya o Halalelang, batho ba bararo ho Bomodimo, esa bonahaleng ya boraro. O ya bona ntho ena e ile ya etsahala mane Roma. Jwale o ke ore ke botse potso hape, na haho makatse ha nnete e senoha ka Tumelo ya Ntate, (Abrahama) le ditloholo tsa hae? Haho makatse ha barapedi ba Satane, ha ba tseba haholo ka sena ho feta badumedi ba bangata ba Modimo? Jwale ke moo boratheologi ba leka ho senola boraro bona. O hopole sena se le seng feela: sena ke lebaka la leshano la--Satane ke raleshano le ntata ba leshano, mme leha ekaba eng e tlang o tla ka kganya efeng kapa efeng entse ele leshano. Ke mmolai. Mme thuto ya boraro e lahlehisitse bongata mme etla nne ebakgelose ho fihlela Jesu a etla.

Ho ya ka history haho yaka hwa nka nako e telele ho fetola taba ya Ntate le Mora le Moya o Halalelang. Satane o bankile bohatonyana feela ho tloha Lentsweng. Tsela ya tlhompho eneng ele teng jwale: 1. Ntate ya sa feeleng, 2. Moya wa Modimo wa itlhahisa MME WA MOTHO. (Na seo se o etsa hore o nahane?) 3. Mora a le mong, tholwana e seng ya thetso, (Peo ya mosadi).

Empa diabolose a ka se kgone. Ha a e so fumane thoriso eo a neng a e batla le jwale, kantle ho tsela e kgelohileng. Ka tsela e jwalo a tswella ho thetsa batho. Ka mehlolo eo a e senolelang batho ha esale ho tloha nakong ya Modimo Ntate ya moholo a sa itshunye tabeng tsa motho, empa a dula a thotse ho yena, yaba ho latela taba ya hore o ka nna wa mororisa o ntse o thotse. Hantle ntle iphapanye yena ka moo o ka kgonang, haho se jwalo. Thuto ena ya ho etsa ka tsela eo, mme hantle kajeno India o ka bona ditempele ho mmupu tya moholo, modimo o thotseng, dimmalwa feela tsena.

Jwale kaha ho ne ho sa kgonehe hore Ntate ya moholo, ene ele ho rorisa feela "Mme le Mora" jwalo ka setho sa qenehelo. Egepeta ho ne hole teng kopano e jwalo ya mora le mme Isis le Osiris. India ene ele Isi le Iswara. (Hlokomela ho batla ho tshwana hwa mabitso ana. ) Asia ene ele Cybele le Deoius. Roma le Greece ho nnile hwaeba jwalo. Mme le China. Jwale, nahana feela dimakatso tse dimissinareng tsa Roman Catholic seka ha ba kena China mme ba fumana setshwantsho sa Madonna le Ngwana ka mahlasedi a kganya a tloha hloohong ya ngwana. Setshwantsho sena sene seka fetoha ho tloha ho Vatican ntle le phapang e nyane feela.

Jwale hona ho re fa hore re batle mme wa nnete. Mme wa nnete wa modingwana wa Babilona was Semiramis ya neng a bitswa Rhea naheng tsa bophirima. Matsohong a hae, ya nkilengwana matsohong, o ne a hlaloswa ale molelele, a le matla, a le motle mme hang mosadi. Ho Ezekiel 8:14 o ne a bitswa Tammuse. Hara bangodi ba phahameng o ne a Bacchus. Ho Babylona ene ele Ninus. Hobaneng ha ane a bitswa ngwana ya diatleng tsa mmae ke monna ya matla ha a bolelwa "Monna wa lelapa-Mora". Le leng leemedi la hae ke "Monna wa Mme", mme India moo ba babedi eleng Iswara le Isi, ke (Monna wa lelapa) o bolelwa jwalo ka ngwana ya nyantshwang ke mosadi wa hae.

Hore Ninus enwa le Nimrod wa Bibeleng re ka bala history ya hae ho Genese ka ho otloloha. Pompeius o ile are, "Ninus, morena wa Assyria, o ile a fetola mokgwa onaho ya ka moo a ratang. O bile wa pele ho lwantsha baahelane. O ile a ya a hapa matjhaba Assyria le Lybia jwalo ka banna ba neng ba tseba bonono" Diodorus ore, "Ninus ene ele wa bohlokwa ho marena a Assyrian a boletsweng historing. Jwalo kaha e ne e le wa ntwa o ile a kwetlisa banna ba bangata bononong ba ntwa. A tlisa Babylonia tlasa hae ho esobe teng Babylona. " Leha re bona Ninus a qala hoba Babylona e moholo, a aha Babele le ho hapa Assyria, a eba morena wa teng, mme eba mme a tswella pele ho ruta batho bao ba neng ba sena dithuto tsa bonono ho ntwa le ho lokisa tsela eo Pompeius a ile are. Jwale ho Genese 10, ho bua ka mmuso wa Nimrod e re, "Mme qalo ya mmuso wa hae e ne ele Babele, le Erech, le Accad, le Calneh lefatsheng la Shinar. Ho tswa lefatsheng leo la Asshur le ahilweng ke Nineveh, le Calah j.j." Empa bafetoledi ba ile ba etsa phoso ka Asshur le e seng le emedi, mme le Chaldee e bolela 'ho etsa matla.' Ho tjhong hore Nimrod, ya entsweng matla (o ile a hlahisa mmuso ka ho aha sesole sa pele se matla haholo se tsomang) se ile sa feta Shinar ka matla a sesole se matla le ho tlosa ditjhaba le ho aha metse ekang Nineveh, o ileng wa reellwa ka yena, hobane esita le kajeno marena a ntse a le teng kajeno Nimroud!

Jwalo kaha re se re fumane hore Ninus e ne e le mang, jwale ke hwa bohlokwa ho fumana hore na ntatae ke mang. Ho ya ka history e ne e le Bel, mofumane wa Babylona. (Jwale e lokela hoba hona mona moo Bel a ileng a qala motse ona, empa e ne e le mora, Ninus, ya ileng a fumana motse ona pele jwalo ka morena wa teng wa pele j.j.) Empa ho ya ka Lengolo, ntata Nimrod e ne e le Kushe: "Mme Kushe o ile a tswala Nimrod. " Hase hore ke seo feela Kama o ile a tswala Kushe. Jwale, moetlong wa Egepeta Bel o ne a bitswa Hermes, mme Hermes e bolela, "MORA WA KAMA". Ho ya ka history Hermes e ne e le moporofeta e moholo wa ditshwantsho. E ne e le toloko ya medingwana. Lebitso le leng o ne a bitswa Mercury. (Bala Diketso 14:11-12)

Hyginus o bolela sena ka modingwana ona Bel, Hermes, Mercury j.j., "Ka dilemo tse ngata batho tla phela tlasa mmuso wa Jove (eseng Jove wa Roma, empa Jehova wa Baheberu a ileng a hlalosa history ya Roma) kantle ho metse le melao, mme bohle ba bua ka puo ele nngwe. Empa ka mora Mercury (Bel, Kushe) ya ileng a hlalosa taba tsa batho (moo tlhaloso ena ya Hermeneutes) yena ale mong a ile a hlahisa setjhaba. Mme phapang ya qala." Ho ile hwa bonahala hona mona Bel kapa Kushe a kgothaletsa "botoloki ba medingwana" ho nka karolo e itseng ya tumelo. O ile a ba kgothatsa ho tswella pele ka tora eo mora wa hae a ileng are e etswe. Sena ke kgothatso e tlisitseng pherekano le karohano ya batho, jwalo kaha aile aba, "mohlalosi le pherekano".

Kushe, yaba, e ne e le ntata mokgwa polytheistic ha banna bane ba hlahiswa ke banna, yena ka bonnete, yaeba ntate wa medimo. Jwale Kushe o ne a bitswa Bel. Mme Bel ho mythology ya Roma enele Janus. O entswe a na le difahleho tse pedi mme a nka sehlopha se "qhalaneng" sa batho. Ovid o ngodile ka Janus ho ya ka yena, "baholo ba mpitsa Chaos". Mme re fumana Kushe wa Bibeleng, lerabele la nnete kgahlano le monotheism o ne a bitswa Bel, Belus, Hermes, Janus, j.j. hara batho ba itseng. O ne a tlisa tshenolo le tlhaloso ya medimo. Ka ho etsa jwalo o ile a hlola bohale ba Modimo ho wela hodima batho, ho tlisa karohano le pherekano.

Jwale ho fihlela ntlheng ena re bona mokgwa wa polytheism kapa thapelo ya medimo e meng. Empa oile wa hlokomela hore re fumane le tlhaloso ya lebitso la monna enwa Kushe ya faneng ka "ntate wa medimo"? Na o ile wa hlokomela tumelo ena ya mythologies, medi tsela eo e itlhahisa ho batho ka yona? Ke moo tumelo ya baholo e hlahang teng. Ka tsela e jwalo re lokela ho hlahloba history ho fumana ka tumelo ya baholo. Jwale, ho ile hwa hlaiswa ha Kush a ile a hlaisa hore ho rapelwe medimo e meraro ntate, mora le moya. Medimo e meraro e neng e lekana ka matla. Empa o ne a tseba ka peo ya mosadi e tlang hotla, ka tsela e jwalo one a tseba hantle hore hotla nako ya Peo ya mosadi le tse tlang. Sena se ile sa tiiswa ke Nimrod ha a shwa. Mosadi wa hae, Semiramis a kena dieteng tsa hae, mme a iketsa mme wa mora le mme wa medimo. (Hantle feela jwalo ka Kereke ya Roma ha e etsa ka Maria. Ba bolela ha ane a sena sebe mme ene ele Mme wa Modimo. ) Yena (Semiramis) a bitsa Nimrod "Zeroashta" ho bolelangs, "peo e tshepisitsweng ya mosadi".

Empa ho ne hose hose ho kae ha mme a ne a nka sebaka sa mora, mme ho ne ho se hose ho kae nakong eo a tlang ho bewa tlasa serpent. Ba mmitsa "kgosana ya lehodimo" mme bammea ya halalelang. Ha jwang feela le kajeno Maria, mme wa Jesu, o qeta ho lokiswa ya lokileng hona jwale ka September 1964 lekgotla la Vatican ba leka kamatla ho lokisa Maria ha a tswelle, hobane ba tla rata ho mmitsa jwalo ka, "Maria Mediatrix," "Maria Mme wa badumedi bohle," kapa "Mme wa Dikereke." Haeba ho ne hole teng baholo ba Babylone barapela tumelong, ke tumelo ya Kereke ya Roma.

E seng hore feela bane ba dumela tumelong ya Babylona empa bane ba rapela le tlhaho. Ene ele Babylona moo medimo ena eneng e bonahatswa ka letsatsi le dikgwedi, j.j. Ntho e kgolo ya tlhaho e ne e le letsatsi mme motjheso o fane ka tsela eo mme a hlaha monna jwalo ka monna mollo lehodimong. Ho tjhong hore modimo o moholo letsatsi ya bitswang Baale. Hangata letsatsi lehlaha le le tjhitja jwalo ka sedikwadikwe sa mollo mme haufinyana mollo oo otla hlaha jwalo ka serpent. E ne ese kgale ho fihlela serpent eba setshwantsho sa hae le ho rapelwa. Ke takatso ya pelo ya Satane eo. O ne a rapelwa jwalo ka Modimo. Terone ya hae e ile ya hlahiswa. Makgoba a hae a ya inamisa dihlooho ha a mmona. Mola Pergame ho bopa e phelang serpent o ile a rapelwa. Sefate sa Tsebo ya Botle le Bobe, jwale o bontsha e phelang serpent ha e ya thetsa Eva feela empa le bongata ba batho.

Empa ha jwang Pergame e bileng sebaka sa Satan ha Babylona e le moo a dutseng teng? Karabo hape e historing. Ha Babylone a wa ho Bamede le Baperse, mopriesta wa Morena, Attalus a fofa ho tloha motseng mme a ya Pergame le mopriesta mme hothwe ke sephiri se halaleng. Moo ke moo a beileng setulo sa hae kantle ho puso ya Roma, mme a e kganna tlasa diabolosi.

E na e ne e le karolwana e kgutshwane ya history ya tumelo ya Babylona mme e ne e lebile ho ya Pergame. Potso tse ngata ha di kgone ho arabeha le ho feta, ha ho pelaelo, ene e lokela ho kgantshuwa, empa jwale ke ka hoo o lokelang ho bala histori, ha ele mona re lokela jo bala Lentswe.

HO NYATSUWA PEPENENG


Tshenolo 2:14-15 "Empa ke na le taba tse mmalwa tse seng kae, tseo ke dinyatsang ho wena ke hobane o nale thuto ya Balaame ya rutang Balake ho beha kgopiso pela bana ba Israel, ba tle baje tse hlabetsweng medimo ya bohata, mme baetse bohlola. Hape o nale ba yang kathuto ya BaNikola.

Mongwaheng ona wa Pergame Morena o hlaisa dithuto tse pedi tseo a dihloileng: 1. Thuto ya Balaame e tlisitseng medingwana ho Israele ho Baal-Peor, le 2. Thuto ya Banikola, e bileng ditlwaelo tsa Mongwaha wa Efese. Dikopantswe mmoho ese e tshwana le ya Pergame jwalo ka bodulo ba Satane, mme e bobebe kopano e jwalo ka qeto ya tumelo ya Babylone e bile kopano ya Bokreste.

Jwale sena ke ho bontsha borahistori ba bontsha hore haho seo o ka se etsa morao kwana ka histori nakong ya 36 A.D. mme bakopane ka Nicene Council ya 325. Ha bane (haholo BaJuda ka tlhaho) ba qhalane Jerusalema baya hohle mme ba rera Evangedi, haholo masynagogeng. Hotjhong hore lemo tse tharo, kapa ka 36 A.D. Evangedi e ile ya fihla Roma ka Junius le Andronicus, eo ho ya ka Baroma 16:7 ene ele baapostola. Mesebetsi eya ele mengata dilemopng tse ngata kgopolo ya Bajuda hara bohle Puso ya Claudius hoba tebela Roma. Ka Bajuda ba lelekwang motseng mokokotlo wa kereke e nyane o ne o robehileng. Mohlomong e sita le Bajuda mme ka mokgwa o jwalo e tlabe eile. Mme mohlape o tla hloka ho etelwa ka Lentswe hale ne le sa ngolwa jwalo ka tlhoko ebe bobebe bakeng sa ho thella kapa diphilosophers le dipagans tsa tsatsi leo. Ka diphiri tse tletseng, memoya ya antikreste balokollwa, re fumane histori e kerekeng e nyane Roma e eba baboelang morao, mme baqala ho hlaisa sehopotso sa pagan tlasa Bakreste ba maemedi.

Jwalo kaha nako ya sena e bile mengwaha e 13, bafumane, Junius le Andronicus, ha akaba a kgutla ho fihlela ka 54 A.D. Nahana ho tshoha hwa kereke ya Bakreste ba maemedi ba mapagan. Hone hole teng dialtare ka hare ho kereke baileng babeha ho keteka leeto la mapagan. Baetapele ba entsweng ka kereke baetellwa pele, jwalo kaha re lekile ho dula re tshepeha baqala kereke e ntjha, kapa Kereke ya Bobedi ya Roma. Modimo o lla hara batho ka matshwao jwalo ka kereke ya boraro e ile ya qalwa. Leha Kereke ya Pele kaho etsa pagane le ESENG Bakretse tseleng ya thoriso basa batle ho fana maemedi badula BA DUTSE ho Kereke ya Pele ya Roma -- Roman Catholic Church.

Jwale bongata ba rona re na le tse ngata mme bohle ba ipitsa Bakreste etlaba moo satane le mohopolo wa hae ho ya ka mmuso. Empa e seng jwalo. Kereke ya Pele e ile ya qala ka ho ngata jwalo jwalo mmusi wa maemo a fapaneng a mmuso hantle ho lokile ho kgethwa Bakreste ba dipolotiki. Ho tjhong hore baetapele ba Kereke ya Pele ho Roma baiphumana holokela hore bakgethe, bankile monyetla wa mmuso kgahlano le badumedi ba sebele le ho batla ho baqosa kopano ya bona. A le mong mobishopo wa Kereke ya Pele ya Roma wa Anicetus ya phela mengwaheng ya bobedi mme one a le pherekano ya Polycarp. Ha kopano ya Polycarp e utlwahala Kerekeng ya Pele ya Bakreste ba Roma bane bale kopanong ya mekete ya pagane mme ba sothile nnete ya Evangedi, o ile moo ho baetsa hore ba fetohe. Ba bonahala ba kgumama pela ditshwantsho tse re elelletsweng ka bapostola le bahalaledi. A ba bona bakgantsha mabone a tukang a aletare. A ba bona baketeka Paseka tlasa lebitso la Easter, bane ba le diskeng e jwalo ka b0ohobe boneng bo emetse modingwana wa letsatsi, mme ba qhatsa veine jwalo ka senwelo. Empa bahalaledi bana bakgale bane ba tsamaile dimaele tse 1500 bane ba sa kgone ho bakwalla. Modimo one a bua ka yena jwalo ka ho, "Efraime o nyallane le ditshwantsho, molese," Hosea 4:15. Polycarp ha e yaka ya kgutla.

Ho latela Anicetus ene ele mobishopo wa Roma a bitswa Victor. Bahlahisa emengata mekete ya pagan mme hwa etswa jwalo Kerekeng ya Pele, mme a nna atswella ho lokisa Bakreste ba sebele hara dikereke. Bane ba sa etse jwalo kaha bane ba laetswe hodima mmuso le baetapele ba teng kaho qosa badumedi ba sebele, ho ba isa makgotleng, ho ba kenya diteronkong le ho bolaya bongata ba bona. Mehlala e jwalo ya tlwaelo e fumane histori moo Emperor Septimus Severus a neng a bontsha hara batho ka Callistus moo badumedi ba keteka Paseka ho ya ka Morena Jesu le ho ya ka yena ho rapela Astarte.

Sefate se fosahetseng se ne se le kgahlano le Modimo ka ho halefa ka ho bolaya bakgethwa, hantle feela jwalo kaha ho ile hwa etsahala pele, Kaine, a bolaya Abele.

Kerke ya sebele e leka ho fihlela Kereke ya Pele ka ho baka. Ekase etse jwalo. E nyoloha jwalo ka ho tshwaetsa. E lwantshana le peo ya sebele. Ba bolela hore bona ke ba sebele ba emetse Morena Jesu Kreste, mme ba hlokomela hore baya ho kereke ya Roma, mme bona bale ba Kereke ya Pele ka nnete ke Kereke ya pele, mme KA NNETE KE BONA

Hotjhong hore le kerekeng ya mongwaha wa boraro re nale kereke tse pedi tse nang le lebitso le le leng tse sa kgoneng ho rarolla mathata a tsona. E NNGWE E TLOHILE NNETENG, e nyalane le ditshwantsho mme haena bophelo ka ho yona. E itswadisitse ka lefu eseng bophelo, (haho bophelo), e latela hona tahlehong eo. O matla ka setjhaba se seholo. O ratwa ke lefatshe. Ha e nngwe ele e sehlotshwana se dulang se qoswa jwale. Empa ba latela Lentswe, mme matshwao a ya bonahala. Bakulang baya fola mme bafu ba ya tsoha. Oya phela o Phela ho Lentswe la Modimo. Ha a rate bophelo ba hae, empa a itshwarelletse ho Tumelo ya sebele.

Mme jwale qoso ena e tshosang ya baetapele ba Roma e wela badumedi ba sebele ho fihlela Constantine a fana ka tokelo ya bodumedi bo lokolohileng. Ho bonahala ho nale tokoloho ya bodumedi ka ho lokoloha. Ho qaleng baeta pele ba mmalwa bane ba sa utlwisese qoso ena, empa ha nako e ntse e ya pele, ba ile ba latelwa ke bao ba neng ba bolaya Bakreste. E ne ele ho hloka phatlaltso ya ho qetela e hlaha ho qosa Bakreste. Lebaka la bohlokwa laho qetela ho fihlela Constantine a fihlela a thola bothata ho ka nka puso. Ka bosiu bo bong a lora a bona sefapano se se sesweu sehlaha ho yena. Mme a fumana hore sena e bile tlhompho e kgolo ho yena hotjhong hore Bakreste ba ile ba morapella ho hlola ntwa ena. O ile a ba tshepisa ho bafa tokoloho eo ha a hlola. O ne a hlola le tokoloho ya ho rapela ene e newa Nantes 312 A.D.

Empa qoso e na le polao tsena dine di nale bothata ha dine di qala. Constantine ene ese ele yena mmusi. Jwalo ka mmusi mme o ile a fetoha mmuhi feela jwalo, yaba o nka qeto ya ho fana ka tokoloho ya bodumedi le thuso ya hae ho kereke. O ile a fumana ho le thata lebakeng lena, e mong ya ileng a kena tabeng ena ya Arius, Bishopo wa Alexander, ya ileng a ruta hore Jesu ene ese Modimo wa sebele empa ya ka tlase feela, ka hobane a ne a bopilwe ke Modimo. Kereke ya Bophirima ya nka tumelo e kgahlano le seo, ba dumela hore Jesu ene ele Modimo jwalo kaha bane ba bolela o lekana hantle feela le Ntate. 'Ka ntho tse kang tseo, mmoho le mapagan kopanelong ya bodumedi, mme mmusi a bitsa Nicene Council ka 325 ka monahano ba hore mmoho ka kopano ba ne ba ka lokisa ditaba tsa bona, mme ba fihlela nneteng, mme ba ba bang feela. Na haho ya tlwaelha ho qaleng le Constantine mme haeyaka ya fella fela taba ena esale teng leka jeno "Lekgotla la Dikereke la Lefatshe"? Mmele bahlolehileng ho etsa seo, e tla fihlelwa matsatsing ana ka motsamao.

Jwale ho itshunya tshunya hwa mmuso dikerekeng ke ntho e bothotho ho lefatshe mme ha le e utlwisese nnete e fumanehang Lentsweng la Modimo kapa tsela tsa Kereke. Hobaneng, qeto yona eo e tlisitsweng ke lekgotla lona leo la Ariusene ele e fosahetseng lemong tse pedi tse fetileng mmusong wa mengwaha e mengata ya thuto e kgelohileng e ileng ya amohelwa ke batho.

Empa kereke le mmuso etlaba ntho ele nngwe e kekeng ya dumela nnete ya Modimo. Lona lebitso leo la Pergame e bolela "nyalane ka ho otloloha". Mme ka nnete kereke e nyalane le dipolotiki mme bakopane. Tholwana tsa kopano eo e bile tlhaho e swabisang haholo eo lefatshe le kileng la e bona. Nnete haeyo ka ho bona, empa tsela tsohle tse fosahetseng tsa Kaine (tswalo e fosahetseng) ke.

Ene ese feela ho nyalana ha mmuso le kereke, empa tumelo ya Babylona e ile ya hlaha ka nnete ho Kereke ya Pele. Satane jwale a qala ho nyefola Lebitso la Kreste ya batlang ha Modimo a tlotliswa. Ka thuso ya federal aid kereke ya wela meahong e metle eneng enale dialtare tse tshweu tsa dimarble le diemahale tsa bahalaledi baseng baile. Mme hantle feela mongwaheng ona ke wa "sebata" sa Tshenolo 13:3 seneng se thotse leqeba: (pagane mmuso wa Roma) ho kgutlela bophelong le matleng jwalo ka a "Mmuso o Halalelang Roma." Roma jwalo ka setjhaba se itseng se ile sa tshwenyeha mme qetellong setla tshwenyeha ka ho sa yeng kae; empa ha hona lebaka hona jwale, bakeng sa mmuso wa bodumedi hodima puso ya setjhaba ho tswa bohareng moo a hlahang teng ale kantle.

Ha nke ke o bontshe hantle Lengolo le bolelang taba ena, hobane ha ke rate e mong a re ke fana ka tshenolo yaka feela eleng siko Lengolong. Daniele 2:31-45, "Morena O ne O tadimile, mme hang ha hlaha setshwantsho se seholohadi. Setshwantsho seo sene se fetisa ka boholo sephatsima ka mokgwa o makatsang, se neng se eme pela; ponahatso ya sona e tshabehang. Hloho ya setshwantsho seo ene ele kgauda e tshekehileng sefubeng le matsohong a sona ele a silifera, mpa le matheka a sona ele koporo, maoto ka nqenngwe ele a tshepe, maoto ele a letsopa. O bone ha lejwe leo le heleha ntle ho matsoho, ka nqenngwe ele letsopa. Ha ontse o tadimele, wa bona lejwe le kgephohang eseng ka matsoho a motho, la thesela setshantsho maotong a sona a tshepe le letsopa, la a robaka. Yaba tshepe le letsopa, le koporo, le silvera, le kgauda, dirobakwa hang, tsa eba jwalo ka mooko o fefohang seotlong; lehlabula, mme sa fefolwa ke Moya. Nqalo ya tsona ha e yaka ya hlolwa e fumanwa: lejwe le thitsitseng setshwantsho la fetoha thaba, la tlala lefatshe lohle. Toro ke yona eo; Morena, ke wena Morena ya neilweng mmuso. borena, matla le kganya ke Modimo: Mme hohle moo bana ba batho, dibata tsa naha le dinonyana tsa lehodimo diikahetseng teng, o dibehile matsohong a Hao, O entse morena wa tsona tsohle. Hlooho ya kgauta ke wena. Ka Mora Hao, ho tla hlaha mmuso omong, o monyane ho wa Hao, ho ntoba mmuso o mong wa boraro wa koporo, o tlang ho busa lefatshe lohle. Mme mmuso wa bone o tlaba le matla a jwalo ka mmuso wa tshepe: jwalo ka tshepe e thuhang: o tla robakanya, o silakanye dintho tsohle jwalo. Haele ka seo ose boneng, hoba maoto a sona ka nqa enngwe menwana ya teng ele letsopa la mmupi wa dipitsa, ka nqa enngwe ele tshepe, ke hobane mmuso etlaba mmuso o arohaneng; empa ho ona etlaba ho kang matla a tshepe, hobane o bone ho kang tshepe e kopaneng le letsopa. Haele menwana ya maoto eo eneng ya tshepe, mme karolo e nngwe e le letsopa, ke hobane mmuso oo otlaba matla ka lehlakoreng le leng, ka nqe nngwe o tla pshatlehang. Seo o se boneng, hatshepe ene e kopana le tshepe, ke hobane banyalana ba kopantse meloko ya batho: empa ba keke ba momahana, jwalo kaha tshepe e sa momahane le letsopa. Empa mehleng ya marena ao Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso o ke keng wa senyeha ka ho sa yeng kae, mme borena ba oona bo ke ke ba fetela ho setjhaba se seng: o tla robaka o fedisa mebuso eo kaofela, empa oona o tlaba teng ka ho sa feleng. Jwalo kaha o bone lejwe ha lekgephoha thabeng eseng ka matsoho a motho, le robaka tshepe, koporo, letsopa, silifera le kgauda; Modimo o moholo tsebisitse morena se tlang ho etsahala ka morao ho mehla ena; toro ke ya nnete, mme kwahollo ya yona e tiile." Mona ke ho bona hantle tshenolo ena, eleng histori e ileng ya porofetwa ho tla lefatsheng ka nako ya Daniele ho fihlela ho Jesu o tla tla a busa jwalo ka Mora wa Davida. Etsejwa jwalo ka "Nako ya Baditjhaba." E ile ya etsahala ka mekga e mene ya histori karolong tse tsejwang ho etsa karolo e jwalo: Babylona, Bamede-Baperse, Grecian, Baroma. Mohlomphehi e moholo wa Babylona o neng o bonahatswa jwalo ka mmuso wa koporo. E latelang thabo ene ele Bamede le Baperse e jwalo ka histori ba ne ba tshwere nnete e e bontshang ha nyane jwalo kaha sefubeng le diphakeng ele silvera. Yaba ho latela mongwaheng wa Grecian eo eneng ele morena ya bohlale ho feta baetapele ba sesole eo lefatshe le kileng la mmona o ne a tshwantsho mpa ya koporo. O ne a fetisa bana ba bang. Qetellong hwa tla mmuso wa Roma o tshwantshang maoto le ditlhafu. Moo mebuso ya pele eneng ele dimerale (kgauda, silvera le koporo) ke ya ho qetela puso hantle feela maotong, ha hone hotla maotong ane a kopantswe ka tshepe le letsopa, mme diminerale le letsopa hadi kopane hohang mme dihlahisa thulano le matla. Ke sena feela sena se jwalo, empa ho makatsang ka ho fetisisa, mmuso ona wa ho qetela (Roma) o tla dula a le haufi `kopanyo ya mebuso' hantle feela ho fihlela Jesu a kgutla.

Puso ya Roma ya tshepe (tshepe e hlalosa matla a maholo a puso) e ne etlo etswa ka karolo tse pedi. Ene e lokela hoba mmuso o arohanang ha bedi Botjhabela le Borwa. Bobedi e matla haholo, e thulana ho tsohle.

Jwalo kaha thabo le nyakallo ya mebuso ena, empa le yona mebuso ena eya wa. Ho tjhong hore Roma e tla wa. Pagan Imperial Roma etlabe ese ese tshepe. O wele. O ne a hlokofaditswe ho isa lefung. Roma e ka se hlole e busa jwale. Ho ne se ho fedile ka yona. Lefatshe lene le nahana jwalo. Empa lefatshe le ne le fositse haholo, hobane hlooho eo (Roma) leha ene e hlokofaditswe ene esa hlokofatswa ho isa lefung. (Wuest, phetolelo ya Tshenolo 13:3, "Mme e nngwe ya dihlooho bonahala e hlokofaditswe, hlooho ene e kgaotsweng. Mme lefu la fihla. Mme lefatshe lohle la e latela Sebata se Hlaha ka ho makatsa.")

Batho basheba Roma. Baile ba sheba setjhaba sa Italy. Mme ha basheba mme ba se hlokomele Roma ka moo mopapa a nang le sebaka sa hae seo areng se kgethehile ho matjhaba ka matjhaba; mme a a nale ba buelli mme a tswella ho ba fumana. MOPAPA MOKRESTE YA FOSAHETSENG WA ROMA (o bitswa motse o sa feleng ka lenyatso) JWALE OSA NTSANE A LAOLA BODUMEDING HAHOLO LE HO ETSA HO NALE HA PUSO YA PAGAN YA ROMA A LAOLA MATLA A TSHEPE. Roma e nkile bophelo ha Constantine a inehela kerekeng mme mmuso o dumella kopano eo. Matla a ileng a etsa pagane Roma ke ona moya oo o etsang Bakreste bafosahetseng Roma. Jwale o ya bona hore ke mmuso wa bone ha osoka o tloha; ho ile ha fetoha pusong ya taolo ya kantle.

Hang Lekgotla la Nicene la fetola matla a dipolotike Roma ho kereke, ho bonahala eka tekanyo ya Kereke ya Pele ya Bakreste e tlaya. Lebitso, Mokreste, le ileng la tlisa ho qoswa, jwale yaeba lebitso la ho qoswa Ene ele mongwaheng ona moo Augustine wa Hippo (354-430) a ileng a beha kereke hore e LOKELA ho sebedisa ho kgutlisa bana ho ena, mme ho ne hole monate haholo Lentsweng la Modimo ho ka bolaya badumedi. Pherekanong ya Donatists o ngotse... "E fela ho molemo hore o etellwe le ho rapela Modimo dithutong tsa hae ho nale ho ontsha kutliso ya mahloko le mathata, empa o sa latele hobane eneng ele mohlaise ho nale monna, ho seng jwalo o hlokofatswa. Bakeng sa ho fumana (jwalo kaha re hlokomela mme ke ke tlhahiso ya sena) hobane qeto ka ho etsa seo, jwale hore baka latela dithuto ka mora seo, jwale hore ba latele ho etseng seo ba seng ba ithutile ka mantswe ... bao ba fapane le batlileng ka lerato, bao ba nang le ho loka ka ho tshaba. Bakeng sa bao eleng banang le lerato ho Kreste jwalo feela, Ya ileng a fana ka Bophelo ba Hae bakeng sa tsela? Leha kamora ho bitsa Peterose le babang ba apostola ka Mosebetsi wa hae ale mong, ha ane a tlile ho Paulose, eseng ha mmoho le yena Lentswe la Hae, empa le ho mofedisa mahlong a lefatshe ka matla A HAE; mme a tlisa e mong wa ho iponahatsa mahlong a lefatshe, ho hlola dipelo, O ile a qala pele ka ho otla ka bofofu ba nama. Hobaneng ha Kereke e sebedisa matla ho lahlehelweng ke bara bakeng sa ho kgutla? Morena ka Boyena oitse, `Tswelang kantle mmileng mme le ba memele ho kena.' Moo matla a Kereke a iphumanela mongwaheng, hara bodumedi mme ka tumelo ya marena, eba sebediswa se fumanwang tseleng le mateanong a tsona eleng heresies le schisms dibileditswe ho kena le tsona, mme ha ba se fumane diphoso.”

Lenyora la madi le ne ntse le le teng. Sefate sa nnete sene sele Spain jwale tlasa Mmuso wa Maximus ho ka kena tabeng ena ho badumeding ba badumedi banang Lentswe mme le matshwao le mehlolo. Hotjhong hore Priscillianistsbane ba tliswa ho Treves ka Bishopo Ithacus (385). A baqosa ka boloi le ho hloka botshepei mme ba ne ba qoswa. Martin wa Tours, le Ambrose wa Milan ba hanana le sena, mme ba kopana le ho kgothatsa. Ha bane ba qoswa ke babishopo ba hana ho kopanela le bishopo Hydatus le ba bang batshwanang le yena. Ho makatsang ke hore Synod hoTreves ba qoswa ka dipolao.

Ho tloha nakong, haholo holo Mengwaheng eneng ele lefifi, re tla bona bana ba nama ba qosa le ho batla ho fedisa bana ba Moya, leha ba bolela hore ke ba Ntate hantle le ha ho bile tabeng ya Ishmaele le Isaka. Lefifi la Moya tahleho ya nna ya tswella mme kganya ya Modimo ho fihlela e fumanwa ke ba mmalwa ho ba bang e fela. Leha hole jwalo, "Kganya e kganya lefifing mme lefifi ha ho seo le ka seetsang ka seo.”

Mme ho fihlela hona jwale ha ke e soka ke ntsha taba ya histori ho ya ka tshepiso yaka, e leng, yona thuto e kgelohileng ya Nimrod le tumelo ya Bakreste. O tla hopola hore Attalus o ile a ya Babylona ho Pergame le ho beha mmuso wa ho fihlelwa ke Mmuso wa Roman. E nnile ya tswella pele jwalo mekgwa ya medimo ya lefatshe lena. Katleho ya bapriesta le marena a latela Attalus ho fihlela a Attalus III a busa ho ya ka mabaka a tsejwang ke Modimo feela o tla busa Roma. Julius Caesar yaba o nka mmuso ka boena le ka moya a fetoha Pontiff Maximus wa tumelo ya Babylona ene ele mopriesta le morena. Maemedi ana a latela mmuso ho fihlela Maximus III a ileng a feta. Hoya ka Histori ya Stevens ene ele moo mopapa a nkang bodulo mmuso o ile a hana le kajeno ho ntse hole moo pontiff mona lefatsheng, mme ene ele Pontiff Maximus. O ile a rwala meqhaka e meraro le ho dula Roma. Mme ho Tshenolo 17 Modimo ha ana hoba teng Pergame kaha ele bodulo ba Satane e bile are ke moo Satane a busang. Tjhe, ntlo ya terone ha esa le yo mane Pergame, empa SEMAKA Babylona. Ha se Babylone empa ke SEMAKA Babylone. Ke motseng ona o dithabeng tse supileng. Hlooho ya teng ke antikreste bakeng sa Kreste Eo yena feela eleng mmuelli a Le mong ho tshwarela dibe. Eya, Pontiff Maximus ke seo eleng sona matsatsing ana.

THUTO YA BANIKOLA


Tshenolo 2:15, "Unale ba yang ka thuto ya Banikola, eo ke e hloileng."

O tla hopola hore ke ile ka hlaisa taba ena mane ho Mongwaha wa Efese ao eleng lentswe, Banikola, etswa mantsweng a mabedi a Segrieke: Nikao e bolelang ho hapa, mme Lao e bolelang ya sa rutehang. Banikola, "ho hapa ya sa rutehang". Hobaneng ha sena ele ntho e tshosang? Ho ya tshosa hobane Modimo ha aya beha Kereke ya Hae matsohong a moetapele ya hlwekileng ya tsamayang ka tsela ya dipolotiki le mohopolo wa tsona. O beile kereke ya Hae ho ba mamelang Modimo, Batlatsuweng ka Moya, Banna ba phelang ka Lentswe baetellang pele batho kaho bafepa ka Lentswe. Ha a esoka a arola batho ho ya ka maemo hore ba etellwe pele ke mopriesata ya Halalelang. Ke nnete hore moetapele o lokela ho Halalela, empa ho lokela le phutheho. Ho ya pele, haho sebaka Lentsweng moo mopriesta kapa mosebeletsi wa Modimo kapa mmuelli mahareng a Modimo le batho, hape haho moo hothweng ba arolwa ke ho rapela Modimo. Modimo o rata Ho sebeletswa ka kopano. Banikola e arohana le tshebeletso ho tloha ho batho le ho etsa ketepelo bakeng sa baetapele. Jwale ke thuto e qadileng hantle mongwaheng wa ho qala. Ho hlaha hore ho nale mantswe a mabedi: `baholo' (presbyters) le `baokamedi' (babishopo). Leha Lengolo le bontsha hore ho nale baetapele ba mmalwa ka kerkeng, tse ding diqadile (Ignatius hara bona) ho ruta kgopolo ya babishopo e ne ele pre-eminence kapa monyetla mme taolo ya baetapele. Jwale nnete ya taba ena ke lentswe lena `moholo' e bontsha hore motho eo ke mang, ha lentswe lena `bishopo' e bontsha mosebetsi wa ena monna eo. Moholo ke monna. Bishopo ke mosebetsi wa monna. `Moholo' kamehla le mehla etla etsa shore mongwaha wa chronological ho Morena. Ke moholo, eseng hobane a kgethuwe, j.j., empa hobane O MOHOLO. O lokile ho feta, o rutehile, eseng ho lahleha, ka nnete ya tsebo eseng eleng kgale e eme e bontsha tsebo ya Bokreste. Empa eseng, mobishopo ha bayaka ba dula boapostoleng ba Paulose, empa bane ba kaya ka nako ya Paulose ka nako ba bitsa baetapele ho tloha Efese ho isa Miletus ho Diketso 20. Ho kgaolo 17 e bolela hore, "baholo" bane ba bitswa ho kgaolo ya 28 ba bitswa baokamedi (mobishopo). Mme babishopo, (ntle le tikatiko ba kelello tsa bopolotiki le matla bakeng sa tseo) e bolela hore Paulose o fane ka tlhaloso ya `baokamedi' moo baholo ba bakeng sa jwale ka tumelo feela ka kerekeng ya hae. Ho bona mobishopo ene ele monyetla o ekeditsweng hodima baholo. Kgopolo e jwalo ene ele siyo Lengolong kapa histori, leha ho boemong ba Polycarp e tswela pele jwalo ka seo. Ho tjhong hore, se qadileng jwalo ka tlwaelo mongwaheng wa pele e ile ya etswa thuto mongwaheng oo re phelang ho oona. Dibishopo dintse di phahamisa matla a tsona ho laola batho jwalo ka ha barata, ho ba beha moo ba ratang ho ba beha teng ka ditshebeletso. Sena se bontsha ho latola boetapele ba Moya o Halalelang, "Nkaroleleng nna Paulose le Barnabase mosebetsing mona ho ya ka moo ke ba bitsitseng" Sena ke ho hanana le Lengolo ebe jwale ke anti-Kreste. Mattheu 20:25-28, "Jesu yare ha a babileditse ho yena, are, Lea tseba hoba marena a ditjhaba a di busa, mme baholo ba tsona ba nale puso e thata hodima tsona. Ho seke haeba jwalo ho lona; empa mang kapa mang ya ratang hoba moholo hara lona eke ebe mohlanka wa lona; mang le mang ya ratang hoba wa pele hara lona, ebe mofo wa lona. Jwalo kaha Mora Motho, ya sakang a tlela ho sebeletswa, empa ele ho sebeletsa le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata." Mattheu 23:8-9, "Empa le seke la bitswa Rabbi: hobane Moruti wa lona o mong, eleng Kreste; mme lona lohle le bana ba motho ale mong. Mme leseke la bitsa motho lefatsheng ntata lona: hobane o mong feela Ntata lona, ya mahodimong.”

Ho ka hlalosa hantle taba ena, e re ke hlalose tsela ena ya Banikola. O tla hopola Tshenolo 13:3 ere, "Mme bona hloohoe nngwe ya sona e hlabilwe e ka e ya shwa: empa leqeba leo: leo le e bolayang, la fola, mme lefatshe kaofela la makala ke sebata." Jwale re ya tseba hore pagan Mmuso wa Roma, matla ao a maholo a dipolotiki. Hloho ena ya fola hape "Roman Catholic puso ya semoya". Jwale hlokomela hantle. Keng seo pagan wa dipolotiki Roma a se entseng bakeng sa katleho? O ile, "a arola le ho hapa." Eo e ne e le peo ya Roma -- arolwa le ho hapa. Meno a yona a tshepe a harolang le ho bolaya. Eo a haholang le ho tsoha hape jwalo kaha a bolaya Carthage le ho jala letswai. Yona tshepe eo ya peo e ile ya ema le ho tsoha ele kereke e sele, le mesebetsi kapa tshireletso ya yona e ntse -- a rohane le ho hapa. Ke thuto ya Banikola bao ba hloilweng ke Modimo.

Ke ntho e tsebahalang ho ya ka histori hobane a kene ka hare ho kereke, banna ba batla ho nka setulo sa bobishopo ka baka la setulo sa bona ba neilwe thuto e kgolo-ka kotloloho ho ya ka dipolitiki mehopolong ya batho. Tsebo ya batho le mehopoilo ya bona e batla ho nka Sebakeng sa bohlale mme Moya o Halalelang o se o sa buse. Bona ene ele bokgopo bo boholo, bakeng sa bobishopo boqala ho nka sebaka ka Bokreste bo bonahalang ka mosebetsi kapa Lentswe kapa ho palama kereke bakeng sa dielemente le mekete ke yona e nkang sebaka. Hona ho dumella batho bakgopo (seducers) ho ferekanya mohlape.

Ka dithuto tse entsweng tsa ke ketso ya bo bishopo ho nka sebaka jwalo ka Lengolo, bohato bo latelang yaeba ba maemedi a ahuweng hodima tumelo e jwalo; ho latelang ene ele diarchbishopo hodima dibishopo le mekete hodima diarchbishopo le ka nako ya Boniface wa boraro ho ne hole mopapa hodima bohle, ka Pontiff.

Ke eng ka thuto ya Banikola kgahlano le Bokreste ka hoya ka Babylona mme se latelang e lokela hoba seo Ezekiele a se boneng ho 8:10, "Yaba ke ya kena; eitse ha ke tadima, ka bona ditshwantsho tse ngata tsa dihahabi le tsa diphoofolo tse ilwang, le ditshwantsho tsohle tsa ntlo ya Israele ditshwantshitswe lerakong, ho lepota kanqa tsohle." Tshenolo 18:2, "La howa ka Lentswe le phahameng, lephepa lare Babilona e moholo o fetohile moaho wa batemona, letshaba la meya yohle e ditshila, letshaba la dinonyana tsohle tse sa hlwekang tse ilwang, Hobane ditjhaba tsohle di nwele veine ya bohale ba bootswa ba hae.”

Jwale thuto ya Banikola, taelo ena e neng ele ka hare ho kereke ha eyaka ya e otla hantle ka batho ba bangata hobane ba ne ba batla ho ya ka thuto kapa ho latela Lentswe le ngotsweng ke motho e mong ya senang Modimo. Jwale ke eng se ileng sa etswa ke kereke? E ile ya qosa baruti ba neng ba lokile mme batjhesa mangolo. Bare, "Ho nka dithuto tse itseng ho ka utlwa Lentswe. Hobaneng ha Peterose a boletse hore tse ngata tse ngotsweng ke Paulose dithata ho utlwahala. " Batlositse Lentswe ho batho, ho se ho etsahala hore batho ba mamele ha mopriesta a bua, mme baetsa seo areng ba se etse. Ba bitsa seo Modimo le Moya o Halalelang. Banka mohopolo wa batho mme ba baetse bahalaledi ba bopriesta.

Ha o batla bopaki ba hore Catholic Church e batla maphelo le mehopolo, mamela feela seo Theodosius X. Theodosius' First Edict.

Sena se ile sa etsahala ka mora ho kolobetsa ho First Church of Rome. "Rona babusi ba bararo re dumela hore tumelo e rutilweng ke Mohalaledi Peterose ho Baroma e ileng yaba e emetse moetlo eo jwale e ileng ya bewa ho pontiff, Damasus ya Roma, le Peterose, bishopo le Alexandria, monna wa kgalalelo ya Apostolic ho ya ka thuto ya Baapostola, mme le thuto ya Evangedi; e re ruta ka Bomodimo ba Ntate, le Mora, le Moya o Halalelang, ya tekano ya Boraro bo Halalelang. Re dumela hore tumelo ya Bakreste ba Catholic; re tshwaya bohle ba tlang ka tumelo e ka lebitso la heretics, le ho lahla ditlwaelo tsa mabitso a dikereke. Ntle le ho nyatsa molao ba lokela ho lebella kotlo e kgolo ka tsebo ya rona, e laolwa ke bohlale bo boholo ...”

Melao e leshome le metso e mehlano eo mmusi a e behetseng ditokelo tsa baevangedi ho kwetlisa tumelo ya bona, ho tswa dibakeng tsohle tse ka hare ho kereke, mme ba ba phedisa ka kotlo tse thata, boipolelo, ho lahlela mme e sita le ho ntho tse ding, lefu.

Na o ya tseba? Re tswela pele jwalo feela.

Roman Catholic Church e ipitsa Mme wa dikereke. E ipitsa kereke ya pele kapa kereke ya pele. Seo ke se lokileng. E ne ele ya First Church of Rome e ileng ya kgutlela sebeng. Ene ele ya pele ya ho ipokella ho iketsa mokgatlo. Ho yona ho ne ho fumanwa tlwaelo le thuto ya Banikola. Haho ya ka hanang hore ke mme wa tsona. Ke mme wa dikereke tse ipokeletseng eleng mekgatlo. Jwale moradi o tswa ho mosadi. Mosadi a apereng scarleta o dutse mahareng a thaba tse supileng tsa Roma. Ke seotswa o tswetse baradi. Baradi bao ba hae ke dikereke tsa Protestant tse tswileng ho yena mme dikgutlela ho yena mokgatlong wa kopano ya Banikola. Mme enwa wa baradi ba dikereke ya bitswang seotswa. Eo ke mosadi ya sakang a tshepahala lenyalong la hae. O ne a nyalane le Modimo mme a tswa a etsa bohlola le diabolose mme bohloleng boo ba hae a tswala baradi batshwanang le yena. Mme enwa le baradi ba latola Lentswe, habana Moya mme ke boanti-Kreste. Eya ANTIKRESTE.

Jwale pele keya lololo ke batla ho bolela bana babishopo ba pele ba neng ba nahana hore baka hodimo ho Lentswe. Bane ba bolella batho hore batshwarela batho dibe ha ba bolela lentswe. Seo enenng ese nnete. Ba qadile ho kolobetsa mengwaheng ya bo bobedi. Bane ba qala ho etsa sena kolobetso ya tlwaelo. Haho makatse ha mehlolo ena e etsahala. Ha di ne di kopana, dietsahala hantle jwalo ka Pentecosta, ke batho ba batlang haholo ho tshwana le yona, ho ka bang jwalo ka lemo tse 2000 ho tloha nneteng.

Oho, Kereke ya Modimo, ho nale tshepo e le nngwe. Kgutlelang nneteng ya Lentswe.

THUTO YA BALAAME


Tshenolo 2:14, "Ke hobane o na le bayang ka thuto ya Balaame ya rutileng Balake ho bea ho kgupiso pela bana baIsraele, ba tle ba je tse hlajetsweng medimo ya bohata, mme ho etsa bohlola.”

Jwale o ka sebe le mokgwa wa Banikola ka hare ho kereke ebe ele hore ha ho kene thuto ya bona, ha mmoho. O ya bona, ha o tlosa Lentswe la Modimo le motsamao wa Moya ho bolela hore ho tlotlisa (ba Nthapelang ba ba Nthapele ka Moya le ka nnete) tmme o tla lokela ho fa batho mokgwa o mong wa ho rapela o tla emela oo o sebediswang, mme ba tswellisa mokgwa wa Balame.

Ha re tla utlwisisa sena hore na thuto ya Balaame ke eng kerekeng ya Testament e ntjha re lokela ho kgutlela morao le ho bona seo eneng ele sona ho kereke ya Testament ya Kgale le ho e kenya mongwaheng wa boraro ho ka tlisa sena.

Pale ena e fumaneha ho Numere 22:25. Jwale re ya tseba hore Israel ene ele batho baneng ba kgethilwe. Ene ele Mapentakosa a letsatsi la bona. Bane ba batlile setshabelo tlasa madi, ba ne ba kolobeditswe bohle lewatleng le lefubedu mme batswa hara metsi ba bina Moyeng mme bahobela ka matla a Moya o ahalalelang, ha Meriama, mopororfeta wa mosadi, a ne a bapala tambourine. Jwale, kamora leeto le itseng bana baIsraele batla ho Moabe. Ene ele mora wa Lota ka e mong wa baradi ba hae, mme Lota ka hlakoreng le leng ene ele motswala Abrahama, jwale Israele le Moabe bane ba amana ka madi. Ke rata hao ka bona seo. Bamoabe bane ba tseba nnete, leha bane ba phela ka yona kapa tjhe.

Jwale Israel atla moeding wa Moabe mme a romela lenqosa ho morena, "Re baena. ha re feteng hara naha. Ha batho ba rona ba nwa kapa diphoofolo tsa rona dinwa le ho ja, re tla lefa ka thabo." Empa Morena Balake a thaba. Ka baka la sehlopha sena sa Banikola sene se lokela ho feta moo ka meka le mehlolo matla a Moya o Halalelang, ka difahleho tse kganyang tse bontshang Modimo. E ne e le ho leka se kabang kotsi, jwalo kaha ane a ka nna a lahlehelwa ke batho ba bang baitseng. Jwale Balake a hana ho fetisa Israel moo. Hantle ntle, tshabo e ne e le kgolo tho bona, mme a tsamaya a ilo hira moporofeta Balaame mme a mokopa hobane e ne e le mmuelli mahareng a Modimo hore a ilo rohaka Israele, mme a ba nehe anathema. Mme Balaame, ka ho rata ho nka karolo dipolitikeng mme a fetoha motho ya moholo, o ne a thabela seo. Empa ha a bone seo a lokela ho ya ho sona, hore a lokela ho kopa ho Modimo ho ya rohaka batho bao hobane o ne a keke a loka ho etsa seo ka bo yena, yaba o ya tsamaya o ilo kopa tumello ya Hae ho etsa seo. Jwale hase sona seo setshwanang le sa Banikola kajeno na? Barohaka mang le mang ya sa tsamaeng ka tsela ya bona.

Ha Balaame a kopa Modimo tumello ya ho etsa seo, Modimo o ile a hana. Qeto ke yaka! Empa Balake a hatella, a motshepisa tse kgolo le tlhompho. Jwale Balaame a kgutlela morao ho Modimo. Jwalo ka karabo ya Modimo e ne e lokela hoba e lekane. Empa eseng ho yaneng a le manganga Balaame. Modimo ha a bona ho latella, Mme a mmolella hore a eme a tsamaye. Ka pele a qala ho etsa ho pana donki ya hae mme a tsamaya. O ne a lokela hore o bone hore sena hase seo Modimo a neng a molaetse sona le hore o ne a keke a kgona ho rohaka batho bao leha a ne a kaya makgetlo a mashome a mabedi le ho leka ka makgetlo a mashome a mabedi o ne a ka se kgone. Ha jwalo ka bo Balaame ba batho ba phelang matsatsing ana! Badumela ho medimo e meraro, ba kolobetswa ho maemedi bakeng sa LEBITSO, mme leha hole jwalo Modimo o romela Moya wa Hae ho bona jwalo kaha a ile o romela ho Balaame, mme batla tswella ho dumella ho tswella, mme moya eba hantle jwalo ka bo Balaame. O ya bona, thuto ya Balaame. Tswella ka mokgwa oo o o nahanang. Etsa ka tsela ya hao. Bare, "Ho lokile, Modimo o re hlohonolofaditse. E lokela hoba e lokile. " Ke ya tseba hore o o hlohonolofaditse. Ha ke hane seo. Empa e ntse ele kopano yona ela ya Balaame eo a ileng a nka qeto ka yona. Ha e dumellane le Lentswe la Modimo. Ke thuto e fosahetseng.

Jwale Balaame o ile a tsamaya tseleng ho fihlela lengeloi la Modimo le ema tseleng ya hae. Empa moporofeta eo (mobishopo, mocardinal, modula setulo, mopresidente le mookamedi e moholo) o ne a foufetseng Moyeng a nahana ka botumo leruo le tjhelete mme a sa bone lengeloi le neng le eme ka pele ho yena ka sabole. Mme lene le eme moo ho thibela moporofeta ya hlanyang. Donki e nyane e mmona e kgutlela morao le pele ho fihlela e thulantsha leoto la Balaame le lebota. Mme donki ya ema ya sehlole e tswella pele. E ne esa kgone. Jwale Balaame a theoha mme a qalella ho e otla. Yaba donki e qala e bua le Balaame. Modimo a etsa hore donki e buwe ka puo. Donki eo ene ese hybrid; ene ele peo ya sebele. Yare ho moporofeta ya sethoto, "Ha ke donki, mme ha ke yaka ka tloha ke o jere ka BOTSHEPEHI NA?" Balaame a araba, "Eya, eya, o fela ole yona donki mme o ile wa njara ka botshepehi; mme jwale ha o sa batle ho tsamaya, ke tlilo o bolaya ... whoa! ke eng sena, ho bua le donki? Ho ya makatsa, ke nahana hore ho utlwa donki e bua mme e bile e araba.”

Modimo o ile a nna a bua ka dipuo. O ile a bua le Belshazzare moketeng mme mola ka Pentecosta. O boela a etsa seo matsatsing ana. Ke hlokomediso ya ho atamela ha kahlolo.

Lengeloi le ile la iponahatsa ho Balaam. Le boleletse Balaam hore haene ese ka donki e kabe a shwele hobane a ne a lekile Modimo. Empa balame Balaam a tshepisa ho kgutlela morao, o ile a romelwa ho ilo bolela seo sa Modimo a itseng a se etse.

Ka tsela eo Balaame a ya mme a beha dipilara tse supileng bakeng sa dibata tse supuleng tsa setjheso. O ile a bolaya pheleu bakeng sa ho tla hwa Messia. O ne a tseba seo a lokelang ho se etsa ho tla ho Modimo. O ne a se a lokisitse dintho tsohle; empa eseng tse nepahetseng; hantle jwalo ka hona jwale. Na ha le bone na Banikola? Ke eo one a le fatshe moo Iseraele a etsa sehlabelo le yena, ba etsa ntho ele nngwe empa bafapana feela ka matshwao a ba latela. A le mong feela ana le Modimo ka kelellong ya hae. Ponahatso e kase o ise kae kapa kae. E ka se nke sebaka sa Moya ponahatso ya teng. Ke seo se neng se etsahala Nicaea. Baile banka thuto ya Balaam, eseng thuto ya Modimo. Mme bawa; mme ba ile ba wa. Bafetoha batho ba shweleng.

Kamora hore sehlabelo se etswe, Balaame o ne a loketse ke ho porofeta. Empa Modimo a tlama leleme la hae mme a seke a kgona ho ba rohaka. Aba hlohonolofatsa.

Balake o ne a halefile haholo, ho ne hose letho seo Balaame aka se etsang ka boporofeta. Bone boile ba bua ke Moya o Halalelang. Jwale Balake a jwetsa Balaame ho ya tlase mola, lefelleng, mme a shebe ka mora karolo ya bona hoba rohaka mme one a sa kgone ho etsa sena. Leano la Balake leo a lekileng ho le etsa ke leo ba le sebedisang matsatsing ana. Mekgatlo e meholo e shebela sehlotshwana se se nyane fatshe, mme se seng le se seng seo ba se fumanang hara bona se etsa sea hlahella mme se howe. Ha maphelo a rona ale jwalo, haho le among a buang ka seo; empa ha emong wa bakgethwa a be tsietsing mme o tla bona ha pampiri ho ya ka naha yohle e phatlalatsa sena. E ya, Israel o ne anale mokokotlo wa hae (carnal) . Bane bana le hlakore la bona leneng le sa roriswe ho hang; empa ka baka la ponahatso, ka toka ya Modimo o ile a sebetsa seo ka ho otloloha, ka mohau e seng ka mesebetsi, BA NE BA NALE LERU MOTSHEARE LE TOPALLO YA MOLLO BOSIU, BA NE BA NALE LEFIKA LE ILENG LA OTLWA, NOHA YA KOPORO LE MATSHWAO MEHLOLO. Bane ba bonatswa e seng bona empa, Modimo.

Modimo ha akaba a ba le tlhompho ho Banikola bao ka di PHD, LLD'S le DD'S le mekgatlo eo e le tsohle tseo ba ka ikgantshang ka tsona; empa o bile le tlhompho ho Israele hobane bane ba na le ponahatso ya Lentswe hara bona. Bonneteng Israele ha ba yaka ba latela letho, ba ile baitlela feela Egepeta ho baleheng ha bona, empa ene ele setjhaba se hlohonolofaditsweng. Sohle seo baneng banale sona ho feta lemo tse 300 bane ba etella mehlapes, baetsa ditente ele makgoba ka baka la ho tshaba lefu tlasa Baegepeta. Empa se ne se lokolohile. Ene ele setjhaba se kgethilweng pela Modimo o lokileng. Ka nnete Moabe o ne a moshebela fatshe. Ditjhaba tse ding kaofela dine di etsa seo, le tsona. Mekgatlo ya kopano kamehla e etsa seo ho bao e seng mekgatlo le ha e le ka ho batlisa ho mekhatlo e meng kapa ho batebela ha batla.

Jwale e mong a ka botsa, "Moena Branham, ke eng se etsang hore o nahane hore Moabe ene ele baipokeleditseng ha Israel bane base jwalo? O e nka kae kgopolo e jwalo? "Ke e fumana hantle kamona ka Bibeleng. Se ngotswe jwalo kaofela ka mona ka hare. Se seng le se seng se ngotsweng Testamenteng ya kgale pale e ngotsweng hore retle re ithute hotswa moo. Ke sena mona ho Numere 23:9, "Ke a mmona kele qhoweng ya mafika, kea mmoha kele hlorong ya ditjhaba; bonang ke setjhaba se ahang sele SENG, SESA BALWENG LEDITJHABA TSE DING." Ke seo se etsahalang. Modimo a sheba a le hodima lefika, mme asa shebe A le tulong e nngwe ho nyefola. Modimo a ba bona ka tsela eo A neng a batla hore babe ka yona -- ho tloha boholong ba Mohau. Batsamaya BALEBANG mme bane basa iketsa mokgatlo. Bane ba sena morena. Bane banale moporofeta, mme moporofeta o ne a nale Modimo kaho yena; mme Lentswe la etla ho moporofeta le Lentswe le ya ho yena. Ene ese maloko a Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng. Ene ese maloko a Mokgatlo wa Lefatshe wa Dikereke, ho Baptists, Presbyterians, Assembly of God kapa sehlopha. Bane ba sa hloke ho ba sehlopha. Bane ba kopane le Modimo. BANE BA SA HLOKE THUSO HO MANG KAPA HO LEKGOTLA LE ITSENG "Ho tjho Morena" mahareng a bona. Hallelujah!

Jwale ntle le hore Balaame o ne a tseba tsela ya ho tla ho Modimo le ho ka tlisa tshenolo ya hotswa ho Modimo ka tsela ya matla, o ne ale mobishopo e moholo bakeng sa seo. Jwale o ne a ile a etsang bakeng sa Balake? O ile a etsa sena o ile a etsa hoya ka Israel ka lefu. Jwalo ka Satane a thetsa Eva (e ileng ya etsa hore abe awe) ho ileng hwa etswa hore Modimo a dihe kahlolo ya lefu ho sebe, jwale Balaame a tseba hore Israele o tla wela sebeng, Modimo otla lokela ho diya kahlolo ya lefu. Jwale o ile a nahana leano la hore a modiele sebeng. O ile a romela memo ho bitsa bohle bao eleng moketeng wa Baale (tlohong re tlo rapelang mmoho). Jwale Israele, ntle ho tikatiko, baile ba bona mekete ya Egepta bane ba fumana ho sena phoso moo ho ilo bona leho ja feela le batho. (Ke eng sephoso ka ditshebeletso? Re lokela ho ratana na haho jwalo na, kapa reka hlola jwang?) Hoba le setswalle haho ya kileng a fihla ho ya jwalo ka ha ho bolelwa. Empa ha babatle ba Moabe bao ba basadi ka ho tantsha le ho hlobola bathabela rock and roll le twist, takatso ya ho tsoha hodimo ho BaIsraele mme ba hulelwa bohloleng Modimo o ile a kgetha mashome a mane a dikete a bona.

Mme ke seo Constantine le balatedi ba hae ba ileng ba se etsa Nicaea le kamora Nicaea. Baile ba bitsa batho ba Modimo kopanong. Mme ha kereke e dula fatshe e eja, mme batsoha ho bapala (ho nka karolo ho sekang kereke, meketjana, le mekete ya pagane e ileng ya bitswa ka Bakreste) o ne a tshwasehile; o ne a entse bohlola. Mme Modimo a tswa.

Ha motho mang kapa mang a tloha Lentsweng la Modimo mme a a fetoha setho sa kereke ho nale ho fumana Moya o Halalelang, monna eo oya shwa. Ho shwa! Ke seo ase etsang. Seke wa ba setho sa kereke. Se fumane mokgatlo mme wa o nkela tlwaelo ya meetlo kapa seseng kapa se seng se nkang sebaka sa Lentswe mme Moya kapa o ya shweleng. E hohle. O shwele. Karohano ya ho sa feleng ho tloha ho Modimo!

Seo ke se ileng sa etsahala. Modimo o thusa setjhaba. Batswa ka madi, ho tswa kwa ho Moya, o tsamaya hara metsi ka kolobetso mme ra tlatswa ka Moya; empa ka mora nakwana lerato la pele le ya le fokola mme le babang ho fumana kopanyo ya ho ka hlokomela baiketsetsa bona, mme ba ipokella mmoho kapa hona morao kwana melokong mme ka nako enngwe le pele ho moo. Mme pele ho nale Moya wa Modimo, mokgwa feela wa ho rapela. Bashwele. Ke baqhotsisitsweng bo bona ka mokgwa le ho etsa bophelo ba hao.

Jwale Balaame o ne a thotse Israel ho ka etsa bohlola. Na one o tseba physical fornication ke moya ona ola o robetseng ho tumelo yona eo ya ho bokella? Kere moya ona ola wa bohlola ke moya wa ho ipokeletsa. Mme o tla etsa bofebe batla ba le sebaka sa bona hara sebopi sa mollo. Ke seo ba nahana mokgatlo. E ya monghadi, seotswa le baradi ba sona ba tlaba hara sebopi sa mollo.

Mekgatlo ha se ya Modimo. Ha ba yaka batloha ebile bona ho hang. ke moya o fosahetseng batho ba Modimo ka mekgwa eo; mme ke, moo, moya o fosahetseng o kenang ho batho ho, tloha ho batho. Ke seo mekgatlo e se etsang ho batho. Ho ipokella ke ho ikarohanya le Lentswe la Modimo, mme ba ikenya ho bohlola ba moya.

Jwale hlokomela Constantine o fane ka kotloloho ka sena. Ene ele mokete wa pagane wa kgale ka a matjha mabitso a nkuwe kerekeng, ka nako tse ding Bakreste bane ba ye ba nkuwe mme bahlokofatswe meketeng ya pagane. O ile a nka thoriso ya letsatsi a etsa eka ke ya Mora Modimo. Ho na le ho keteka Tshitwe 21, leo eneng ele letsatsi la ho keteka, ba le isa ho Tshitwe 25th mme a le bitsa letsatsi la tswalo ya Mora wa Modimo. Empa re ya tseba o ile a tswalwa ka Mmesa, e seng ka Tshitwe. Ba ile banka letsatsi la Astarte mme ba lebitsa la tsatsi la ho ketekwa ke Bakreste bakeng sa lefu le ho tsoha hwa Morena. Hantle ntle ke letsatsi la mokete wa pagane ho Astarte.

Ba beile le dialetare ka hare ho kereke. Ba beha ditshwantsho. Bafa batho seo bareng ke mokgwa wa baapostola' ditlwaelo, leha o ke ke wa e fumana ka hare ho Bibele. Bare ho batho baholo ba bona ba ile ba sebeletsa Roman Catholic Church kereke e kgolo e latolang matla a semoya kereke ya lefatshe. Nonyana e nngwe le e nngwe ene ele serobeng sa yona. Mme o nale Protestante ka mekgatlo ya kopano ya bona ba etsa ntho ele nngwe.

Bane ba ja tse hlajetsweng ditshwantsho. Jwale ha kere bane ba dumelletswe ho ja seo nama e hlajetsweng medingwana. Hobane leha lekgotla la Jerusalema lene le bua kgahlano le seo, Paulose ha a kaba a bua haholo ka tsona jwalo kaha a boletse hore ditshwantsho ha se letho. Ene ele feela mehopolo ya bona feela ntle ho moo eneng e eba moena ya fokolang mme o ne a sa dumellwa. Ho feta moo, Tshenolo ena e ne e lebisitswe ho Baditjhaba e seng Bajuda jwalo kaha sena ele Kereke ya Baditjhaba. Sena ke yona kganya eo ke e boneng Lentsweng la Modimo, "Mme ha le saje nama Yaka le honwa madi Aka ha lena bophelo. Motho a ka se phele feela ka bohobe empa le ka mantswe a mang le a mang a tswang molomong wa Modimo. " Na o ya hlokomela hore ho ja ke ho nka karolo semoyeng na. Jwale ha batho bana ba ne ba inamisa dihlooho, bakgantsha dikerese, basebedisa matsatsi ao a phomolo a pagane, ba bolela le ho ipolela (tsohle tseo eleng tumelo ya satane kaofela, ) ba ne banka karolo meketeng eo e seng ya Modimo. Bane ba le maemong a moya oo wa satane kapa tjhe. Ba ka bua sohle seo base ratang hore aletare mme sena ke ho o hopotsa karolo ya thapelo ya Morena kapa seo ba nahanang hore ke sona; mme leha bakare ha barapela pela ditshwantsho empa ele feela ho ba hopotsa; mme ha ba ipolela pele mopriesta, ke ho Modimo ba etsang seo dipelong tsa bona, le ha bare mopriesta a batshwarele, ke hore ba seetsa bakeng sa Morena; ba ka bua seo ba se ratang empa ba nka karolo ho mokgwa wa Babylona, tumelo ya Satane mme bainehetse ditshwantshong mme ba etsa bofebe ba semoya, ho bolelang lefu. Bashwele.

Jwale mmuso le kereke bane ba nyalane. Kereke e kopane le ditshwantsho. Ka matla a mmuso haufe le bona mme ba utlwa seo jwale, "Mmuso o tlile jwale Modimo o na le matla hodima lefu." Haho makatse ha Roman Catholic Church e sa nahane ho kgutlela ho Modimo eleng Morena Jesu. Hase dimillione tsela. Bana le dimillione tsa bona mona lefatsheng. Mopapa o busa jwalo ka ha a nahana hore Modimo o busa ka ho yena. Jwale kaha A etla, ho lokela hoba lehodimo le lefatshe le itokisa. Empa ba fositse. Mopapa ke hlooho ya kereke e fosahetseng, mme ho tlaba le dimillione, empa nakong eo sena se etsahala o tlabe a le siko. O tlabe ale sebakeng se seng.

TLHOKOMEDISO


Tshenolo 2:16. "Baka ho seng jwalo ke tla tla kapele ho wena, mme ketla lwana le bona ka sabole ya molomo Waka.”

Na aka reng? Na Modimo aka iphapanya dibe tsa bao ba ileng ba jara lebitso la Hae ka ho sa yeng kae? Ho tsela eleng feela ya ho ka fumana mohau nakong ya sebe, BAKA. Bolela melato ya hao. Etla ho Modimo bakeng sa tshwarelo mme bakeng sa Moya wa Modimo. Ena ke taelo ya Modimo. Ho se mamele lefu la hae, hobane O itse, "Ketla etsa ntwa le bona ka lerumo la molomo wa ka." Sebata sa lwana le bahalaledi, empa Modimo ena o tla etsa ntwa kgahlano le sebata. Bao baileng ba lwana le Lentswe batla fumana hore ba lwana le Modimo. Ke ntho ya nnete ho e nka le ho e etsa, kapa ho kopana le Lentswe la Modimo. Bakeng sa bao ba fetohileng, mme baetsa se mokgotsofatsang, pheletso ya bona etlaba efe etlaba timelo e sa feleng? Empa mohau wa Modimo o sa ntsane o hweletsa, "Baka". Oho, monahano oo wa pako o monate ha ka kang. Ha ho letho leo ke le tshwereng diatleng tsaka leo le ke le tlisang, ke mpa ke itshwarella sefapanong sa Hao. Ke tlisa mahlomola. ke ya baka ho seo keleng sona, le ho seo ke se entseng. Jwale ke madi, haho letho empa madi a Jesu. E tlaba eng? Pako, kapa sabole ya lefu? E hodima hao.

MOPUTSO


Tshenolo 2:17. "Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke. Ho yena ya hlolang ke tla mofa ho ja manna a patilweng, mme ketla mofa lejwe le lesweu, mme lejweng leo ketla ngola lebitso le letjha, leo hoseng motho ya letsebang ntle ho ya lefumaneng.”

Molaetsa ka bonngwe ho kereke ka nngwe wa mongwaha o tshwere se seng bakeng sa badumedi, e mokgothaletsa le moputso wa Morena. Mongwaheng ona Moya o tshepisa kereke manna a patilweng le lebitso le letjha le ngotsweng lejweng.

Jwale ka ha esale molaetsa o ya ho lengeloi ka ho otloloha (lenqosa la motho) boikarebelo bo boholo le toka yohle ke ya hae. Ho banna bana Modimo o etsa tshepiso e itseng, jwalo ka tabeng ya baapostola ba leshome le metso e mmedi ba dutseng teroneng tse leshome le metso e mmedi baahlola meloko e leshome le metso e mmedi ya Israel. Jwale, hopola Paulose one a fuwe tshepiso e ikgethang: eleng e etsang monyaduwa wa Jesu, II Bakorinthe 11:2 "Hobane ke le boulella ka poulelo ya Modimo; ke tswe ke le lebelleditse monna a le mong, ke tle ke le hlahise pela Kreste le le jwalo ka morwetsana." Ho tlaba jwalo ka lenqosa ka nngwe le ileng la tshepeha ho Lentswe la hora le mongwaha wa hae. Ho tlaba jwalo le matsatsing a ho qetela. E tla nne ebe ona moputso oo o ikgethang jwalo ka ho Paulose. Ke kgolwa hore ba bangata ba lona le hopola hore ka moo ke ileng kare ke tshaba lefu ka teng le hore pele nka shwa ke batla ho kopana le Morena mme A ke ke a thaba ke nna hobane ke ile ka mositelwa ka nako e telele. Jwale, ke ne ke nahana ka seo hoseng ho hong ka paqama betheng hang feela ka tshwaseha ponong e makatsang. Kere ke e makatsang hobane ke bile le dipono tseka bang dikete empa hao le enngwe eo nkileng ka bona ke siya mmele waka. Empa moo kene ke tshwasehile; mme ka sheba morao ke sheba mofumahadi waka, mme ka bona mmele waka o robetse pela hae. Mme hang ka ipona kele sebakeng se setle ka mokgwa o makatsang. E ne ele paradise. Mme ka bona batho ba thabileng ka mokgwa o makatsang. Bane ba bonahala bale batjha kaofela ha bona-- lemong tse kabang 18 ho isa ho21. Ho ne ho se moriri o moputswa le ho sosobana ha dinama ho bona moo. Basadi bohle ba batjha ba ne ba nale moriri o fihlang mokokotlong, mme banna ba batjha bale batle mme ba le matla. Oho, ba nkamohela ka thabo. Ba aka le ho mpitsa moena wa bona, mme ba nna ba mpolella hore ba nthata jwang. Ha ke ntse ke maketse hore na bana ke bo mang, e mong pelaka a re, "Ke batho ba hao".

Ke ne ke maketse kare, "Na ke baha Branham?"

Are, "Tjhe, ke balatedi ba hao." Yaba o supa mosadi emong, "Na o bona mosadi eo ha ane a a mohela Jesu nakwana e fetileng. O ne ale lemo tse 90 ha o ne o mohapela Morena.”

Kare, "Oho hle, ho nahana seo keneng ke se tshaba.”

Monna are, "Re phomotse mona ho fihlela Morena a be a fihla.”

Ka araba, "Ke rata ho mmona.”

Are "O ka se Mmone ha jwale; empa O ya tla haufinyana, mme ha A tla pele, mme o tla ahlolwa hoya ka Evangedi eo oileng wa e rera, mme re tlaba batho ba hao.”

Kare, "Na o bolela hore sena sohle ke ka baka laka?"

Are, "Emong le emong. O tswetswe ole moetapele.”

Ka mmotsa, "Na etlaba maikarabelo a motho ka mong? Jwale Paulose yena?"

HA araba are, "O tlaba le boikarabelo nakong ya hae.”

"Tjhe jwale," Kare, "Ke rerile yona Evangedi eneng e rerwa ke Paulose." Mme dimillione tsa lla, "Re dutse feela ho seo.”

Eya, ke ya bona jwale hore Modimo o tlo fana ka moputso ho manqosa A Hae ba ileng ba tshepahala mosebetsing oo a ileng a bafa ona. Ha ba fuwa tshenolo ya Lentswe la mongwaha oo mme batshepehile therong ya tsatsi leo, mme baphela ka seo, batla fumana moputso o moholo.

Mme ka mohopolo oo, sheba karolo ena hape. "ke tla moneha manna a patilweng." Re tseba bohle hore manna ene ele dijo tsa mangeloi; e ne ele Modimo a neng a tlile fatshe hodima jwang bakeng sa BaIsraele nako ya bona ya ho ipotsa ho hongata. E ne ele dijo tse lokileng. ho ne ho makatsa ho bona dijo-nyana tse nyane diba boloka baphetse hantle. Ho ne hose le ya mong ya neng a kula. Ene ele sohle seo ba neng ba sehloka. Ha areka e etswa baile ba kenya amang a manna ka HARE HO YONA. Areka ene eile ya bewa ka mora lesela moo moapriest a ne a ka kena ho yona o ne a lokela hoba le sehlabelo sa madi. Bohobe ho tswa lehodimong bo bontsha manna, ka tsatsi le leng a ile atswa lehodimong mme a fetoha Bophelo hore bohle ba dumelang. O ile are, "Ke nna bohobe ba bophelo. Ke bohobe bophelang botheohileng lehodimong, ha monna emong a kaja bohobe bona o tla phela kaho sa feleng." A tsamaya O ile a re siela Lentswe la Hae, "Motho a ka se phele ka BOHOBE FEELA EMPA le ka Moantswe a tswang molomong wa Modimo.”

Mantswe a Hae ene ele Bophelo. Ene ele manna, ao, motho ha aka phela ka oona, a kase shwe. Empa hantle feela ka mora lefu la bontate, ha ho ya tsebang hantle hore na nnete ke efe jwalo kaha manna a bonahala a patilwe bakeng sa batho. Empa mongwaheng o mong le o mong Modimo o fana ka sena ka tshenolo hore se patilweng ho fihlela tsatsi la ho qetela ho ya ka Tshenolo 10:7, moporofeta o tla sibolla tsohle tse patilweng mme Morena o tla tla. Jwale mongwaheng ka nngwe, kere, lenqosa le leng le leng le fumana tse patilweng. Empa ha baya se fumanela bona feela. Empa e jwalo kaha barutuwa bane ba ile bakotjwa ho fana ka mahobe le hlapi ho dikete; Jesu o bafile mahobe a robehileng, empa bona ha morao ba lokela ho a neha batho. Modimo o fana ka manna ho bahlodi. E ka sebe ka tsela e nngwe. O tla bula letlotlo la Hae ho bao ba fanang ka seo se se senotswe.

Se boletsweng ka lenqosa la mongwaha ka nngwe a amohela ho tswa ho Modimo tse ding tsa dinnete tsa ho qala tsa Pentecosta ke mofuta wa Selekane sa Kgale moo Moshe a neng a laetswe ho nka ha raro le halofo ya manna mme a tshele ka setshelong sa kgauda a se behe kamora lesela bakeng sa Ya Halalelang ho ba halalelang. Moo Mopriesta e moholo ka moloko o ne a ka kena sehalalelong sa sehlabelo sa madi. Mme a nke karolo e nyane ya manna (hobane a ne a sa senyehe) ao eneng ele karolo ya eo e neng ele yaba wa jeleng. Jwale mongwaha ka nngwe lenqosa ka leng Morena ho mongwaha oo o ne a fuwa tshenolo ke Modimo ba keng sa seo. Hang lenqosa le ne le kgantshetswa kennete, o ne a lokela ho tlisa nnete eo ho batho. Mme bao ditsebe tsa bona dineng di bulehetse Moya ba ne ba utlwa nnete, kgolwa sena, mme o phele ka sona.

Jwale, hona le kgopolo ya nako e tlang ya ho ja manna a patilweng. Ke nahana hore ho nka karolo ya tshenolo ya Jesu Kreste mongwaheng o sa feleng wa nnete. Re ka tseba jwang kantle le ho hlwela borui bo Ho Yena? Tsohle tseo re di batlang, tsohle dikarabo tsa dipotso tseo disakang tsa arabuwa, tsohle ditla buleha. E tlaba hotswa ho Kreste eo eleng Bophelo hore seo re se fumaneng. Oho, ka nako tse ding re tseba ha nyane ka Yena le Lentswe la Hae mona fatshe, mme ho lokile haholo, ho re etsa hore re thabe; empa ka tsatsi le leng ha nama ena e fetoha, Lentswe leo mme E tlaba seo re esong ho lora ka sona.

Lere le mona o tlafa mohlodi lejwe le lesweu (eseng ho lona) lejwe le lebitso le letjha, leo monga lona a le mong a tsebang. Jwale mohopolo wa lebitso le letjha ke ntho e tlwaelehileng. Abrama o ile a fetoha Abrahama, Sarai ho Sara, Jakobo ho Israel, Simone ho Peterose, le Saule ho Paulose. Mabitso ana atlisa phetoho, kapa a neilwe ka baka la phethoho. E bile feela kamora hore Abram le Sarai ba be le mabitso a fetotsweng ke Modimo bane ba lokisetswa hotla hwa mora wa bona. Tabeng ya Jakobo, o ne a lokela ho hlola hore a bitswe kgosana. Tabeng ya Simone le Saule, ha base ba fumane Morena, mabitso a bona a ile a fetoha. Mme kajeno emong le emong wa rona badumedi ba sebele re fetotse mabitso. Re Bakreste. Ke ntho e tlwaelehileng eo. Empa ka tsatsi le leng re tla a fetola; re tla fela re fumana lebitso le leng. E kanna yaba ke lebitso la nnete leo le neng le ngotswe ho tloha ho qaleng Bukeng ya Bophelo ya Konyana lefatshe le eso ho thewe. O tseba lebitso, empa rona ha re tsebe. Ka tsatsi le leng thabong ya Hae, re tla tseba le rona.

Lejwe le lesweu. Ho hotle jwang. Ke sena setshwantsho se seng ke sena sa mohalaledi ya fumanang moputso hotswa letsohong la Modimo bakeng sa matshwenyeho a hae lefatsheng. O ya tseba, kamora Constantine, kereke e kgelohileng ene ekenya letsoho la yona marui le moo meahong e metle le ho e eketsa meaho e metle e tletseng ditshwantsho. Ditshwantsho tseo, dientswe ka lejwe le lesweu, moo hantle ditshwantsho tsa Roma tse ileng tsa reellwa ka bahalaledi. Dikereke tse kentsweng feneshara tse neng dile ntle, jwalo kaha emong a bona lekajeno. Empa Modimo o ne ale siko ho bona. Modimo one ale kae? O ne a nale bahalaledi ba Hae ka tlung e nyane, kapa lehaheng, kapa thabeng e nngwe hona thoteng eo moo baneng ba ipatetse kereke e fosahetseng. Bane ba sena meaho e metle, dikhwaere tse apereng hantle, aparo tse ntle, le ntho tse ntle. Empa jwale tshepisong ena badumedi ba sebele, Modimo o tshepisitse seo ka botle boboholo. Ha ba ruileng ba shebela bafutsana fatshe. Ha bafane ka thuso e jwalo kereke e hlokang ho ya fana ka sena ka tulo ho beha dintho tsa majwe a mmabole kapa seemahale ka tlhomphong ya hae ho bathong ho bonahatsa seo. Ka tsatsi le leng Modimo a bonang a tsebang hore tsohle ditlatla ka taelo ya mohlolohadi bakeng sa hae, leha ekaba ntho tse pedi, le Yena, Ka Boyena, a baputsa hotswa lehodimong.

Eya, manna a patilweng le lebitso le letjha lejweng le lesweu. Modimo o lokile ha ka kang ho rona a re putsa hantle, mme re newa. Oho, ke batla ho dula ke itokiseditse hotla hwa Hae, le ho iphumanela leruo le leng lehodimong.


“Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona!” — 1 BaKorinthe 16:23