Mengwaha Ya Kereke - Kgaolo ya 04 (00-0004)
You can find this sermon at ChurchAges.net
KEREKE YA SMIRNA YA MONGWAHA KGOLO
Tshenolo 2:8-11
"Ho lengeloi la Kereke ya Smirna ngola taba tsena; O re Wa Pele le Wa Morao, Ya neng a shwele, mme Ke ya phela;
Ke tseba mesebetsi ya hao, le matshwenyeho a hao, le bofutsana ba hao, (leha empa ole morui) mme ke tseba le dinyefolo tsa baipitsang Bajuda, mme ese bona, empa ele synagoge sa Satane.
O seke wa tshaba letho la tseo otla tshwenywa ka tsona: bona, diabolose o se a tlaya kenya ba bang teronkong, hore le lekwe; mme letlaba le matshwenyehong ka matsatsi a leshome: o tiye ho isa lefung, mme ketla ofa moqhaka wa bophelo.
Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya ose bolellang dikereke; ya hlolang a ke ke a etswa hampe ke lefu la BOBEDI.”
QALEHO YA TSOHLE
Bakeng sa ya utlwang sena ke rata ho bontsha sena hape ho fumana mabitso a manqosa a mengwaha jwalo. Modimo ka mohau wa Hae one a keke a re tlohela hore histori e seke ya lahleha, jwalo kaha a hlokometse histori ya Israele hore ese lahlehe ka ho e ngola ka hara Bibele a e boloka hore re e fumane ho tloha nakong ya kgale ya makgoba, ditshelo tsa lefatshe artifacts eleng archaeologists diile tsa fumana seo baneng ba sa se fumane. Mme re nale hantle se bontshang ho tsamaya hwa histori ya Bibele ho tloha leqhepheng la pele ho fihlela hona jwale. Hotjho hore histore reka kgona ho e bala monna kapa banna ho ya ka mengwaha jwalo ka ho atamelana le Modimo, ho ya Moapostola Paulose. Ba neng ba sebediswa ke Modimoho kgutlisetsa batho ba Hae Lentsweng la Nnete etlaba bona bao re lokelang ho bahlokomela haholo. E be ho tloha ho bao ka mongwaha ka mong batla ema haholo Lentsweng. Lenqosa leo le le leng. Mengwaha le yona e fumaneha kaho bala histori. Emong o lokela ho bala mengwaha e fumanehang ka hare ho Tshenolo mme e tsamaelana hantle feela le histori jwalo KA NNETE HO HLOKAHALA HORE HOBE JWALO. Jwalo kaha mengwaha e hlaka hantle ho ya ka thato ya Modimo ka Tshenolo, ebe ke ho hlokahalang, histori etlaba hantle jwalo ka Bible e e beha. E bobebe -- mme tse sa bonahaleng ke seo Lentswe le disebedisang. Jwale ka tsohle dietsahala empa nna ka bonna ha ke eso ka ke eba moithuti wa histori, Ke thabetse feela ha kele mobadi wa semoya, mme ene ele ka ho kereke ene e sa hlokomedisi tsa Moya wa Modimo ho ke ileng ka kgetha batho bao keba kgethileng. Hona ke nnete jwalo kaha Modimo a tseba pelo yaka.
LENQOSA
Ho sebedisa Modimo ke ntho ya bohlokwa ho kgetheng lenqosa la mongwaha o mong le o mong, re dumela ntle le qeaqeyo hore Irenaeus o ne a beuwe hantle ke Modimo. Ene ele e mong wa baapostola mosebeletsi le mohlanka wa Modimo, Polycarp. Mme ha ho makatse ha a dutse maotong a monna eo ya ileng ka mohau, Bokreste ho yena bo ileng ba theoha ho yena, bakeng sa Polycarp ene ele e mong wa bahlanka ba nnete ba Modimo ho ya ka mengwaha yohle ha ane a bewa kganyeng ya Lentswe o ne a sena sekoti bophelong. Otla hopola hore mola moo o ithutile ka Polycarp ene ele tsomatsomane. A tsofetse bakeng sa ho baleha, mme ele monna e mong ya neng a nale botshepehi haholo bane ba ye ba mopate mme a fumane mathata haholo ka seo, o ile a fana ka bophelo ba hae ho ka bolawa. Empa pele a etsa seo, o ile a kopa hore a newe hora tse pedi ho ka rapela baena ba hae Moreneng, bakeng sa mmuso, bakeng sa dira tsa hae. Jwalo ka mohlanka wa sebele, mme a lakatsa tsohong, a ema hantle, a hana ho latola Modimo, mme a shwa le seo aneng anale sona. O ne a a eme le mantsweng e meng (a lokolla seo anang le sona) mme one o kgantshitswe. Mollo one o tuka hotswa mmeleng wa hae, a hana ho tshwarwa. O ile a hlajwa lehlakoreng. Ha sena a se etsa, metsi a ile a tswa lehlakoreng la Hae le hlajuweng. Moya wa Hae o ile watswa ole jwalo ka leeba le lesweu hotswa ho yena. Eya ka bopaki bo re bo fumanag, moithuti enwa wa Johanne Mosenole ene ese lesole kgahlano le Banikola, hobane yena ha ane a kena mokgatlong, a sabone hore takatso ya hae bakeng sa tshebeletso jwalo kaha ele leano mosebetsing wa Modimo o neng ole maqalong.
Empa ho ya ka Irenaeus ho ne hose jwalo. O ne ale kgahlano le eng kapa eng eneng e le mokgatlo. Hape, pale ya bophelo ba hae, moo aneng a sebeletsa Modimo, hlahiso e jwalo ene e bonahala ka Moya o Halalelang; mme Lentswe lene le bolelwa ho ya ka moo le leng kateng ho ya moo Le qadileng. Kereke tsa hae mane Fora hoba le dineo tsa Moya hara bona, hobane bahlanka ba ne ba bua ka diteme, a porofeta, a tsosa bafu, mme a fodisa ka tumelo. O ile a bona tsela eo baena ba ne ba ipokella kgahlano le baholo ba bona, baetapele, jwalo jwalo. O ne a eme nneteng, a tletse Moya o Halalelang, ale kerekeng ya hona moo enang le dineo. Mme Modimo oile a morata ka seo mme Modimo a itlhahisa hara bahlanka ba hae.
One anale kutlwisiso e felletseng ka Bomodimo. Mme jwalo ka moapostola wa Polycarp, eo ka hlakoreng le leng e bile morutuwa wa Johanne, re kaba lebonnete ba hore ke nnete sena. Ho Volume 1, qhepheng la 412 la Ante Nicene Fathers re na le mantswe ana hotswa ho yena. "Tsohle tse ding dihlahiso, jwalo ka, ho tlisa maebedi bonngweng, ebe motho ale mong, Matla a Modimo, Morena, Ntate wa tsohle, Modimo ya Matla ohle, Ya phahameng, Mmopi, Moetsi, mme tse jwalo, tsena ha se mabitso le maemedi a tsoho ya sona, empa yena elwa." O hlalosa hantle hore tsena ke ele nngwe jwalo ka Rose ya Sharon, Naledi e Kganyang ya Meso, Nepahalong ya Dikete tse Leshome, jwalo jwalo. Haho ba bangata ke A LE MONG. Lebitso la Morena Jesu Kreste.
Ho bolelang hore ka ho tshepeha ha hae LENTSWENG, kutlwisiso e lokileng ya Lentswe ya hae, mme le kopano ya tshebeletso ya Modimo, ke kgetho e ntle eo a ileng a e etsa. Ke kopano e nepahetseng ho ya yona ba ne ba sena lenqosa jwalo ka tholwana tsa hae, matla, le boetapele ba Moya o Halalelang ho Lentswe.
SMIRNA
Tulo ya Smirna ene ele motse o ka botjhabela ho Efese molomong wa Smirna Gulf. Ka baka la kgwebo ya yona eneng e le mahareng a puisano ka ho neheletsana diphahlo. E ne e le sebaka sa dikolo haholo tsa rhetoric, philosophy, meriana, mahlale, le meaho e metle. Bajuda ba bangata bane ba dula moo, mme hangata bane ba kgalengwa ke Bakreste hobane bale kgahlano le bona, e sita le ho feta moo ho Baroma. Hantle ntle, Polycarp, mobishopo wa pele wa Smirna o ne a emela tumelo hoo ereng Bajuda ba ileng ba etsa tsatsi la bona le Halalelang (Moqebelo) ho nka patsi hoka etsa tebelo ya lepato la hae.
Lentswe lena Smirna lebolela, "hobaba," ho tloha Lentsweng, myrrh. Myrrh ene e sebediswa ho lefu. Ho bolela bobedi-bokopaneng bofumaneha mengwaheng ena. E ne ele mengwaha ya ho baba. Difate tsena tse pedi hara kereke dine dintse diarohana jwalo jwalo e ntse e nyolla ho baba hona ho ya ho sefate sa nnete le se sebe. Lefu ene e se feela peo ya sefate se fosahetseng empa sefate se nepahetseng ho ne hole teng sa nnete hobane ba tlohile hoseo eneng e se se senyehileng mengwaha e mmala ya Pentecost; mme haho modumedi ya matla ho feta ho ka tseba hore a kene Lentsweng la Modimo, jwalo kaha ho bonwa mehlaleng e makgololo e Selekaneng sa Kgale. Mokgatlo o hola ka karohano, ho bontsha le ho hanana le lefu la ditho, bakeng sa boetapele ba Moya o Halalelang mme le bonahala Lentswe le emelwa ke mekgwa, ditlwaelo le diketso.
Ha Israele e ne e kena mekgweng e fosahetseng ya lefatshe, mme ya etsa setswalle le manyalo ka tsela e jwalo, ka tsatsi leo ba kenang Babilona ho ya nka setjhaba sa Modimo se tshwerwe. Jwalo ha bane ba hapuwa bane ba nale mopriesta, tempele le Lentswe. Empa ha ba kgutla ba kgutla ba nale borabbi, theological ka taelo ya BAFARISE, senagoge, Talmud. Mme Jesu atla jwalo ka thetso. O ile a ba bitsa batshwanang le bontata bona, diabolose, mme ha morao mora Abrahama ho ya ka nama. Mengwaheng ena ho etsahala ntho yona ela. Leha ho le jwalo, jwalo ka Israele ese Israele, empa mokgupi moo ya Semoya Israele, jwale kamehla ho tla dula hole jwalo ho Bakreste, monyaduwa wa Kreste, ho fihlela A ba A etla.
Motse ona one o tsebahala ka tse pedi ditempele. E nngwe tempele e ne e rapela Zeus, mme enngwe e rapela Cybele. Mme mahareng a tempele tsena tse pedi dine difumaneha seterateng se setle ka mokgwa o makatsang nakong eo, seneng se bitswa Golden Street. Ho nna sena ke e ka hare tsela ya pagame e neng e qadile mengwaheng ya kgale, ene e tsejwa hara bona. Kopano ya tsena tse pedi ditempele tsa medimo le medingwana ke peo ya Maryolatry moo Maria a bitswang mma Modimo le ho fumana tlotla mme maemedi le matla a ekeditsweng a mofa ho lekana le Jesu Kreste. Golden Street e dikopanyang ka ditshwantso le mekgwa e ileng ya hlola mokgatlo wa Banikola ho kopana le mmuso mme kereke e rata botumo le matla ao e a newang. Jwalo ka Mongwaha wa Efese ene ele peo ya Mongwaha wa Pergame mme ene ele jwale, Mongwaha wa Smirna ene ele mongwaha wa pula, letsatsi, mme seileng sa tiisetsa seo pherekano eneng etla etsa hore kereke eye setshwantshong bohlola ba semoya, moo e ke keng ya tsoha hohang. Lefu le ne le etsa hore ebe karolo ya yona, karolo ya ho baba le lefu.
Sena se ile sa etsahala ho tloha 170 hoisa 312 A.D.
TLHOMPHO
Tshenolo 2:8, "Ho bolela wa Pele le wa Morao, Ya neng a shwele mme ke ya Phela."
"Wa Pele le Wa Morao, Ya neng a shwele mme ke boetse ke ya phela."Jwale ana ohle hase mantswe a motho. Motho feela aka sebue (na aka bua ho tswa lebitleng) are, "Ke wa pele le wa morao ya neng a shwele mme ke boetse ke ya phela." Ntho ya pele e etsahalang ka motho ke hore o ya tswalwa (o ya phela) mme ya ho qetela ke hore o ya shwa. Jwale ya buang hase motho. Hona ke Mohlolo. Monna (Adama) o nkile bophelo mme a bo fetola Lefu. Empa enwa MONNA (Jesu) A NKA lefu a lefetola bophelo. Adama a nka sena a se fetola molato. Enwa Yena a nka bokgopo a bo fetola toka. Adama a nka paradeise mme a e fetola lehwatata la tahleho; empa Enwa yena ya kgutlang a fetola lefatshe a le fetola lefika le ho kgutlisa Eden. Adama a nka bophelo le thabo ya Modimo mme a le fetola lehwatata lefifi la semoya se ileng sa tlisa lefu, tahleho ya sebele, mahloko, matshwenyeho, tahleho, le pherekano hara moya wa motho. Empa Enwa ho tloha lefung lena le tlatsitseng botho, o tlisitse toka le botle, jwalo kaha sebe se buswake lefu, ka tsela e jwalo motho o lokela ho buswa ke toka ya ale Mong, Kreste Jesu; mme eseng jwalo ka nyatso, leha hole jwalo, empa jwale ho feta mpho tsa Hae ho ya bophelong bosa feleng. Mme ke Enwa, a tsamaya hara bao Aba pholositseng, esita le Kereke ya Hae. Ke bo mang bao A ba pholositseng na? Ha ho ba bangata ba jwalo ka Paulose, ba bolai le ba sinye? Ho ne hose ba bangata bao eleng mashodu a shwang? Meqhaka yohle ya Hae ya bophelo. Yohle e kgutlisitswe. Yohle e PHELANG ho Kreste Jesu, Morena.
Ha ke tsebe haeba o hlokometse tharollo ya mongwaha wa pele na mme o hlokomele ya hona jwale. Mme o dikopanye mmoho. "Ho bolela Ya tshwereng dinaledi tse supileng letsohong la Hae le letona Ya tsamayang hara dikereke. Ntho tsena ho bolela Wa pele le wa morao, Ya neng a shwele mme A phela hape." Yena elwa hape ele Motho a le Mong. Mme O ya re tsebisa hore kereke ke ya Hae. Jwalo ka peo ya tholwana e hare, Jwale o jwalo, Peo ya Borena, mahareng a kereke. Jwalo ka peo eleng yona enang le bophelo, ka tsela e jwalo ke Moqapi wa Bophelo ba Kereke. Ho tsamaya hwa Hae hara kereke ho bontsha ho kgathalla. Ke Modisa ya Moholo a lebelletsweng Yena ka Boena. Ke tokelo ya Hae, hobane O rekile Kereke ka madi A Hae. Madi ao a Modimo. Ya leng Mong ya NANG LE KEREKE KE MODIMO, yena Modimo. KE WA HO QALA LE WA HO QETELA.' Mokgwa oo wa maemedi. O ne a shwele mme o ya phela. O lefile ka theko ya tempele ya Modimo. O ya laola. O ya tlotliswa haholo. Ha a dumele Borena ba Hae le tlotla ya Hae. Ha ho taelo kapa lebakayena o itlhahisa ka ho sa feleng ke ho hlokomedisa. O hlokomedisa ka sefate se sa lokang, mme o tiisa Sefate sa nnete. Sena ke MODIMO A LE MONG. Mo utlwe mme o Phele.
MAEMO A MONGWAHA OO
Tshenolo 2:9, "Ke tseba mesebetsi ya hao le matshwenyeho a hao, le bofutsana, (empa o ruile) mme ke ya tseba dinyefolo tsa bao ba ipitsang Bajuda, mme e se bona, empa ele synagoge sa Satane.”
Tharollo ya mongwaha ona ke matshwenyeho. Ha ho ne ho bile le matshwenyeho mengwaheng ya pele, ho ne hole jwalo le mongwaheng wa bobedi ho bile le matshwenyeho. Haho pelaelo ho seo seleng mantsweng a Paulose ho kopano ya Bakreste ka lefatshe lohle ho sa kgathatsehe hore ba ho kae ka mengwaha yohle. Baheberu 10:32-38, "Le nne le hopole mehla ya pele, moo, eo e itseng hobane le bonesetswe, lahla la mamella ntwa e kgolo ya bohloko; Ka nqenngwe, la hoboswa pepeneng ka mahlapa le ka dihlong; ka nqe nngwe, laba balekane ba baentsweng tse jwalo. Hobane le ile la hlomohela ba ditlamong, mme le dumetse ka thabo ha ntho tsa lona ditlatlapuwa, la itsebela le nale moruo o fetisang, o sa tloheng. Ka baka leo, le seka la lahla tshepo ya lona enang le moputso o moholo. Hobane le tshwanetse hoba le mamello, letle le, etse thato ya Modimo, letle lento kotula tseo le ditshepisitsweng. Hobane ho se ho se hokae, mme Ya tlang hotla ose a tlatla, mme a keke a dieha. Mme ya lokileng otla phela ke tumelo: empa ekare ha a kweneha, Moya waka oke ke wa kgahliswa ke yena.”
Pelo tsa balokileng dika tlisa kgotso bothong. Jwale Modimo o Matla Ohle O re, "KE ATSEBA." Ke eo otsamaya hara batho ba Hae. Ke eo, Modisa ya Moholo wa dinku. Empa na qoso? Na O dumellana le matshwenyeho? Tjhe, Ha a dumellane le oona. O re ka bobebe, "KE YA TSEBA matshwenyeho a lona -- Ha ke wa matshwenyeho." Na sena ke se kgopiso ho batho babangata. Jwalo ka Israele baipotsa hore na efela Modimo a ba rata na. Na Modimo aka re rata jwang a eme a shebile batho ba Hae ba tshwenyeha? Ke seo ba se botsitseng ho Malakia 1:1-3, "Ke bona boporofeta ba Lentswe la Modimo ho Israele ka Malakia. Ke le ratile, ho bolela Jehova. Mme lere, O re ratile jwang? Ha kere Esau ebile ngwanabo Jakobo? ho bolela Jehova: jwale ke ratile Jakobo, athe Esau yena ke mohloile, ke sentse dithaba tsa hae le lefa la hae ke le neile diphokojwe lefella." O ya bona, ba ne ba sa bone lerato la Modimo. Bane ba nahana hore lerato ha le dumelle ho tshwenyeha. Bane ba nahana hore lerato le bolela ho tshwarwa jwalo ka lesea. Empa Modimo o ratile ka "kgetho" o ratile jwalo. Bopaki ba Lerato la Hae KE KGETHO -- eo ho sa kgathaleheng hore ho etsahalang, Lerato la Hae le ile la bonahala ka pholoho (hobane Modimo o kgethile pholoho ka tokafatso ya Semoya le ho dumela nnete). A ka o tlamella lefung jwalo ka Paulose. A KA O TLAMELLA MATSHWENYEHONG JWALO KA Jobo. Eo e ne e le tlhompho ya Hae. O lokile. Empa ke ka mabaka. Ha a ne a sena sebaka, mme o tlabe a le teng e le mohlodi wa moferefere le mohlodi wa kgotso. Lebaka la Hae ke hore kamora matshwenyeho ho fihlela a be a re lokisa, e bonahatswa, e tiisitswe mme o ya re matlafatsa. Jwalo ka ha Jobo a bolela, "O kentse matla ka ho rona." (Jobo 23:6b) O ya bona O, Ka boena, o ile a hlophehaO ithutile tse kgolo ka ho mamella. Hantle ntle o ile a etswa ya lokileng o ile a sotleha. Baheberu 5:8-9, "LEHA ENE ELE MORA, LEHA HOLE JWALO O ILE A mamella ho tshwenyeha; Mme ka ho lokiswa, yaba O FETOHA Moqapi wa pholoso ho bohle ba mamellang." Ka puo e o tlolohileng, sona setshwantsho sa Jesu o ne a lokile mme a tshwenywa. Mme ho ya ka Paulose O ile a tlohella kereke ya Hae mohlala o motle ka ho tshwenyeha, lebona, ka tumelo ho Modimo ka tumelo, ho tlatla nako eo batla lokiswa. Hobaneng ha ane a tlohela sena? Jakobo 1:2-4, "Banabeso, tleke le lekanye hobane ke thabo feela ha le hlahelwa ke meleko e mengata; letseba sena, hore ho lekwa hwa tumelo ya lona ho hlahisa mamello. mme mamello eka kgona hore e phethehe mesebetsing ya tshebetsong ya yona letle lebe ba phethehileng ba hodileng ruri, bao ho sa hlokahaleng letho ho bona.”
Hobaneng ha A eme? Lebaka le ho Baroma 8:17-18, "Mme ha re le bana, re majalefa, majalefa a Modimo, mme majalefa le Kreste; ha re fela re utlwa bohloko le Yena, re tle re newe kganya le Yena. Ke mpa ke lekanya hore mahlomola a jwale ha a lekanngwa le kganya e tlang ho bonahala ho rona." Ha re sa hlophehe le Yena re ka se buse le Yena. O lokela ho tshwenyeha. Lebaka la sena ke hore haho se sakang sa etswa ntle le ho tshwenyeha. ho tshwenyeha ke TLHOLO, ESENG MPHO. Monna ntle ho letshwao a kase buse hobane matla ntle ho letshwao ke Bosatane. Empa matla ka letshwao a kena hohle molao. Mme O rata hape le ho arolelana le rona terone Ya HAE KA YONA TSELA EO A ILENG KA YONA TERONENG YA NTATE, ebe re ya hlola ka Yena re dule le Yena. Mme ho tshwenyeha ha rona nakwana ha ho na ho kgathatsa ha kalo hona le kganya eo A tlang ho e senola ha a tla hape. Oh, ke lefa le lekakang le behetsweng ba ratang ho le fumana ho kena mmusong wa Hae ka matshwenyeho.
"Ha a lekanywa le kganya e re ilong ho e arolelana le Yena." Ke seo Peterose a se boletseng. Ho ya makatsa ha Modimo a rata hore etsa hore re tshwane le Kreste hara matshwenyeho? Tjhe monghadi. Mme re lokela hoba matshwenyehong. Re lekwa kaofela jwalo ka bara. Haho le a mong ya etsang seo. Kereke e sa tshwenyeheng, e sa lekwe, ha e na hona -- ha se ya Modimo. Baheberu. 12:6, "hobane Morena O ye a laye eo a moratang, mme a shape mora e mong le emong a moamohelang. Ekare ha le mamella ho lauwa, Modimo o le etsa jwalo ka bara ba Oona, hobane ke ofe mora eo ntatae a sa molaeng.”
Mme mokgwa ona o ikgethang wa Smirna mme olokela ho kenywa tshebetsong mongwaha le mongwaha. Ha ho mongwaha o lokolohileng bakeng sa tseo. Haho modumedi le e mong ya ka qobang seo. Enwa ke Modimo. Ena ke thato ya Modimo. Eya hlokahala. Re hloka Modimo ho ka re ruta nnete hore re lokela ho sotleha jwalo ka Kreste. "Lerato le sotleha haholo." Mattheu 5:11-12, "Le tlaba lehlohonolo, ha lehlapaolwa, ka baka laka, ba le beha bobe bohle ka baka la bohata thabang ke hona mme lehlasemolohe, ka ho nyakalla hobane moputso wa lona o tlaba moholo lehodimong, hobane ba hlorisitse jwalo baporofeta ba bileng teng pele ho lona.”
Lehodimo lenang lemaru le difefo tsa bophelo hase matshwao a Modimo. Hase le ho hlaka hwa lehodimo le metsi a kgutsitseng ha di bontshe ho hlaka hwa lerato la Hae na. Pontsho e nngwe le e nngwe ya sena e bontsha HORE RE YA RATEHA. Lerato la Hae ho rona ke motheo wa kgale ho tloha lefatshe le eso ho thewe. Na O ya re rata? Aha eya. Empa re ya tseba? Re tla tseba O ITSE JWALO, MME HORE BONTSHA HORE O YA RE RATA OILE A RE ATAMETSA HO YENA MME ARE FA MOYA WA HAE, are etsa bara ba Hae. Mme re ka bontsha jwang lerato la Hae? Ka ho dumela seo Are boleletseng sona, mme ka ho etsa hore Abe mahareng a rona re dumella Yena le bohlale ba Hae ho phetheha.
"Ke tseba bofutsana ba hao (empa ole morui)." Ke eo hape. O Mmona a tsamaya hara Kereke ya Hae. Jwalo ka Ntate O hlokomela lapa la Hae. Ke hloho ya le lapa. Ke mohlodi. Ke mosireletsi. Empa O hlokomela bofutsana ba bona. Oh, ha jwang badumedi ba kgotjwang ke sena. Ha jwang Modimo a sheba ka nako ya Hae mme a hlokomela tsohle-mme a fana mme a bile a bona ho ona?
Ke mona moo o lokelang ho dumela hape ho lerato, mme le ho loka le botshepehi. Sena, mmoho, se ya hlokahala. Hopola o ile a atametsa, "Se nahane ka la hosane, hore o tlajang mme o apareng. Ntata lona O tseba seo lese hlokang. Yena ya apesang dipalesa le ho fepa dinonyana ha ka kang lona. Ntho tsena ha se tsa motheo wa letsatsi, hobane bophelo ba motho ha bo ya itshetleha ho tse bonahalang. Empa ba tlang pele mmuso wa mahodimo le ho loka hwa hona pele mme tsohle ditla kenyeletswa." Batho ba Modimo ha baya itshetleha ho tse bonahalang. Hobane ba nale kelello ya Bomodimo. Ha ba batle leruo la lefatshe; ba batla tse ka hodimo. Sena ke nnete, bongata ba Bakreste HA BA YA PHELA HANTLE. Ba mpa bale lehlakoreng la bahloki. Ho ne hole jwalo nakong ya Jesu. E ne ele nnete matsatsing a Paulose e lokela hoba nnete matsatsing a kajeno. Oh, ha se hore ho nepahetse hofeta matsatsing ana bakeng sa Mongwaha wa Laodisea wa botumo moo bongata ba basemoya ba amohetse tsa lefatshe dintho. Na, kereke e ruile ha kae nthong tsa lefatshe. Empa bofutsana bo bokalo ba Moya. "Ho lehlohonolo bafumanehi, hobane mmuso wa mahodimo ke wa bona. Mmuso wa MAHODIMO HA SE WA NAMA LE DINO." Ha se wa tse bonwang. O ka HARA RONA. Monna ya ruileng O RUILE HO MODIMO, eseng nthong tsa lefatshe.
"Oho," Ho lla Moya, "Ke bona bofutsana ba hao. Ke bona ho hloka hwa hao. Hao na tse ngata, ha se seng, seo o ka ikgantshang ka sona. Seo o se entseng se tlositswe ho wena. O fane ka thabo seo eleng sa hao ho iphumanela tse sa boleng. O ya tsheuwa. O ya songwa. Hao na tseo o ka ikgantshang ka tsona morao jwalo feela. Empa o morui ho tsohle. Tshireletso ya hao e ho Yena ya putsang ka moputso o moholo. Mmuso wa hao ke hona otlang. Empa o tlatla. Mme otlaba o sa feleng. E ho jwalo, ke ntse ke hlokometse seo le mathata ao le leng ho Oona. Ke ya tseba hore ho thata jwang. Empa ke tla hopola ka mehla feela a le mong. Ke kgutlang ketlo batla bao eleng baka, mme ebe ke tla lehlokomela.”
Jwale sena ha se kgahlano le barui hobane Modimo o pholosa barui. Ba bang ba bana ba Modimo ke barui. Empa tjhelete ke sera se seholo, eseng feela hobao banang le yona. Morao kwana lemong tseo, Jakobo o ile a lla ka baneng ba kgathalla barui ho feta, "Na tumelo ya Morena Jesu Kreste ka tlhompho ya batho na." Bafutsana bane ba ikopanya le barui hore batle ba tsebahale, ho nale ho tshepa Modimo. "Se etse seo," hotjho Jakobo. "Se etse seo. Tjhelete hase sohle. Tjhelete hase karabo." Esita le kajeno entse ese karabo. Rena le tjhelete ho feta mme re fokola Semoyeng. Ha se ka tjhelete hoo mosebetsi wa Modimo o ka tsamayang. O tsamaya ka Moya. Mme o tsamaya ka Moya o tla feela bophelong ho ya Lentsweng.
SENAGOGE YA SATANE
Tshenolo 2:9b. "Ke tseba nyefolo ya bona bao ba ipitsang Bajuda mme ese bona, empa e le sinagoge ya Satane.”
Ke e na kgaolo e leng teng, e seng feela hobane e le ya bohlokwa, empa e boetse e ya phethwa mengwaheng e na dilemo tse sekete kamora moo.
Tshenolo 2:9 "Ke tseba mesebetsi ya hao, le matshwenyeho, le bofutsana, (empa o morui) mme ke tseba nyefolo tsa bona bao ba ipitsang Bajuda, mme ese bona, empa ele synagoge ya Satane." Ho qala ka, Lentswe, Bajuda, ha e hlalose tsela ya Bajuda. E lebile feela ho Bajuda sona seo se hlalosa hore ha ne nkare nna ke Moaereshe. Batho bana bane bare bona hantle ntle ke Bajuda, Bajuda ba nnete ka tlhaho. Bane bale leshano. E ne e se Bajuda ka tlhaho mme e bile e se Bajuda ka tumelo.
Ha sena sohle e le nnete, e ne e le eng? E ne e le batho ba thetsuweng empa bale ka hare ho kereke. Ke ba sefate sefosahetseng. E ne e se ba kereke ya sebele, empa ba kereke e sele "el e ba senagoge ya Satane." Jwale Lentswe lena sinagoge ha se lentswe le tshwanang le kereke. Ka hare ho Bibele, kereke, "babitsitsweng", kapa"bakgethuweng". Mopesalema o re ka batho bana ba kgethuweng, "Ho lehlohonolo BAO O BA KGETHILENG, mme WA BAHLATSWA ho atamela ho WENA, hore batle ba tsamaye di taong tsa Hao. " Pesalema 65:4. Empa lentswe lena sinagoge ke "kopanelo kapa ho bokana." Sena se ka loka kapa saba sebe, empa ho lena lebaka ho hobe, hobane bana ba kopanelo e seng ya Modimo ya bona ka bo bona. Isaia o itse ka bona, "Bona, leha ho ka rerwa bobe bakeng sa hao, empa e keke yaba KA NNA: emong le emong ya rerang bakeng sa hao o diuwa ke wena." Isaiah 54:15. MME HA ESA LE sena sele kgahlano le sefate sa nnete, Modimo otla sebetsana le bona ka le leng. Jwale ke hobaneng ha re nale batho ba kopaneng lebitsong la kereke mme ba ipitsa Bajuda? Lebaka ke lena: Jwalo kaha ba bile leshano ba nale hona ho ka rera eng kapa eng mme bakgolwa. Ba ka qala leshano ka seo ba se batlang tmme ba ema ho lona. Mme tabeng ena ba ka qala leshano ho tswa kelellong tsa bona. Ho ne ho se jwalo kerekeng ya pele ya Bajuda, eba maloko a feletseng a mmele wa Hae? Ba apostola ba leshome le metso e mmedi ene ele Bajuda, mme ha morao ha ekaba ehlola e eba Bajuda. Ho bolelang hore batho ba ikane ka hore ke Bajuda e tlaba bafa ho kgutlela morao qalong. Ba bua leshano. Ema ho yona. Sekgathatsehe ka pale. Bolela feela mme o nne o tswelle ka ho bolela ho batho, mme qetellong o tla fumana moputso.
Na o iphumanetse ho hong moo na? Ha se ona moya oo o leng ka hare ho dikereke matsatsing ana? Na haho bao bare; na ke bona ba nnete e bile e le kereke ya nnete le hore pholoho e fumanwa ho bona na? Ha bare ba na le senotlolo sa mmuso e le se ba se fumaneng ho Peterose? Na ha ba bolele Peterose e ne ele mopapa wa bona, mme o ne a dula Roma le ha hole HORE HA HO BOPAKI HOYA KA HISTORI? Mme leha ba rutehile haholo. Sinagoge ya Satane! Mme ha Satane e be ntatae, mme ele ntata ba leshano, Mme haho makatse ha sinagoge ele ya leshano.
Hlokomela dinyefolo. Tsena tsa sinagoge Satane e ne e sa nyefole lebitso la Modimo (leha seo seya kantle hobua) ba ne ba nyefola kereke ya sebele. Hantle tjena. Jwalo ka Kaine a ile a qosa le ho bolaya Abel hobane e le (Kaine) wa ye mobe, jwalo ka ha bafu ba patana (Jesu o boletse hore ba jwalo ka bontata bona, diabolose) a leka ho fedisa Bakreste mengwaheng e mmalwa e qalang, jwale o na mokgupi oo (sefate se fosahetseng) se bile se matla haholo mengwaheng ena se leka ho fedisa badumedi ba sebele mengwaheng ena. Moya wa antikreste o mongata.
Sehlopha se bokaneng ka thuto tsa Kereke DITLWAELO TSA (Banikola) ho se hose tshabo empa ke mokgatlo o bokaneng ka kopano ya bona ho tla kgahlano le kereke ya sebele.
Jwale ha kere hona ke kopano ya kereke ya antikreste ke o neha nnete e senang motswako ho ya ka histori. Kereke ya pele eneng e fumanwe Roma (re tla batla histori ya yona mane Mongwaheng wa Pergame) e se e fetotse Nnete ya Modimo ho le leshano kaho hlahisa tumelo ya pagan ka Bokreste ka mabitso le hore a bolelang. Ka mongwaha wa bobedi wa pagan (leha baipitsa kereke ya sebele) Polycarp yona eo e tlile 1500 miles mongwaheng wa kgale hoba qeka ho kgutla. Ha ba ya ka ba mamela seo. Bane bana le tlwaelo ele nngwe ya mokgatlo, mme ba lahlehele lefifing. Sena ebe, ke sinagoge ya Satane, e tletse dinyefolo le mahlapa, e neng ese ele tholwana ya Baniola, mme etla ba teng haufinyana e dula setulong sa matla a tumelo ya Satane. Mme sena ke seo hantle se leng ho Tshenolo 2:9b ha SE HORE batho bana ke sinagoge ya Satane empa e re KE BA SINAGOGE YA SATANE.
Moya ona wa antikreste ha se moya o motjha. Ena ha se ntho fela e ileng ya kena ka mengwaha. Ebile teng ho tloha kgale. Ho fumana hantle seo o ka se etsang, sena se ya jwang ho dikereke le ho busa hodima kereke, hlokomela selekaneng se setjha mme o bone moo. Ha re hlahlobe moya ona re bone o ne o bonahatswe Israele jwalo ka ha atswa Egepeta hoba kereke lehwatateng.
Jwalo kaha kereke ya pele ene ele ya Moya o Halalelangt ka matshwao le mehlolo e jwalo ka boporofeta, diteme, le tlhaloso ya diteme, bohlale, tsebo le phodiso, jwale matsatsing a Israel ha bane batswa Egepeta, bane ba tsamaya ketelong ya Moya o Halalelang o bonahatswa ka matshwao. Modimo ene ele moetapele wa bona. Hantle ntle ene ele molaodi wa bona. Ene ele Ntate - Morena. o ne a hlokometse Israele jwalo kaha monna a hlokomela lelapa la hae. O ne a ba fepa, a lwana ntwa tsa bona, a tswella ka mathata a bona le ho bahlokomela mathateng a bona. O ne a ba kwahela. Ene ele sona feela sehlopha seo eneng ele setjhaba eneng ele Modimo feela hara bona. Empa ka tsatsi le leng bane ba sheba ka mathoko, mme ba bona Bafista le tse ding ditjhaba mme ba batla ho buswa ke marena jwalo ka tsona. Jwale Modimo one a tla nyatseha Yena ka boYena, Ho Botho ba Morena Jesu Kreste, empa ba nna ba tswella jwalo. Satane o tsebile leano la Modimo mme a nna a etsa hore sena se tswelle pelong tsa bona batho ba batla ho etella Modimo pele (Lentswe).
Ha ba ne ba tla ho Samuele le ho kopa Morena, Samuele oile a tshwenyeha hoo pelo ya hae eileng ya batla e ema. Modimo oile a tsamaisa batho ba Hae mathateng, Moporofeta ya emeng Lengolong a ikutlwa eka o lahluwe. A bokella batho mmoho mme a ba kopa hore ba seke ba furalla Modimo ya ba nkileng jwalo ka bana ba Hae, mme aba boloka le ho bahlohonolofatsa. Empa banna ba tswella pele ka qeto ya bona. Bare ho Samuele. "Hao ya ka wa baphoso tsamaisong ya hao. Hao yaka wa hloka botshepehi tsamaisong ya hao ya matlotlo. O entse ka hohle ho re boloka ka Lentswe la Modi mo. Re amohela mehlolo eo o e entseng, bohlale, tiisetso le botshepehi ba Modimo. Re dumela ho tseo. Re ya dirata tseo tsohle. Mme ho feta moo hare rate ho dihloka tseo tsohle. Empa ele hore re batla Morena ya tla re etela pele dintweng. Jwale le kajeno re ntse re tsamaya ntweng ya ho batla bapriesta re tswella ho etsisa Bajuda, mme retla letsa terompeta mme re thole le ho bina. Ha re ya ikemisetsa ho thola. EMPA RE BATLA MORENA EO E TLABA E MONG WA RONA.”
Mme Modimo wa re ho Samuele. "O ya bona, haba ya o lahla, empa balahlile NNA hore kese ba buse.”
Ho tshosa ha ka kang hona. Bane ba sa hlokomele hore kaho etsa jwalo ba etsa hore Ntate Modimo a balese ho tshwana le lefatshe ba ne ba latola Modimo, hobane Modimo o itse o tla sebetsa ho fapana le lefatshe. HA SE BA LEFATSHE MME BA HLOILE LEFATSHE MME HA BA AROLELANE LETHO LA LEFATSHE. Ba thakgisitse lefatshe mme ha bana letho le lefatshe le thakgisitswe. II Corinthians 6:17-18, "Ka tsela e jwalo tswang hara bona, mme le ikgethe, ho tjho Morena, mme le se ame ditshila; mme ketla le amohela. Mme ke tla le amohela, LONA LE BARA LE BARADI BAKA, HO THUALO KE MORENA.”
O ya bona phapang ya Israele le bana ba lefatsheng ene ele setjhaba sa Modimo. Be ha Modimo ka thoko mme Israele o ne a tshwana le tjhaba se seng le se seng. Ha Samsone a ne a kuta moriri wa hae jwalo ka ha Modimo A ile a molaela hore a seke a etsa seo. Beha taolo ya Moya o Halalelang mme o behelle taolo ya kereke ka thoko E LENG NTHO FEELA E NANG LE LEBITSO LA MODIMO FEELA. Lefatshe le kereke kaofela ka mothapo ole mong, jwalo ka Jakobo le Esau e ne e le batswadi ba bona, empa ha Moya wa Modimo e etsa phapang.
Haho kgathatsehe hore na o Mokreste. E mong le emong a ka ipitsa jwalo. Ke hore na ke ntlha ya bona empa ba sena ketello ya Moya o Halalelang, hobane kantle ho Moya o Halalelang; ha o emong e leng wa Hae. Amen.
Eseng kgale ke ile ka botsa mosadi e mong hore na ke Mokreste. O ile a re ho nna, "Ke tla o amohela, monghadi, ke kgantsha kerese mantsibuya a mang le amang." Seo sena le kamano efeng lefatsheng leseo? Ke moMethodist, ke moBaptist, ke moPentecostal. Hahona kamano hohang le seo. Ke Moya o Halalelang kapa o ya timela.
Jwale, re qala mongwaheng wa kereke ya mongwaha wa pele ho nahana le ho beha mabaka ho Modimo. Mekgwa ya Banikola e qala ho itlhahisa. Baqala ho ipokella. Baya thella ho tloha Lentsweng. Ho etsahalang ke ho fetola Lentswe le le leng feela ke tahleho. Eo ya nyatswang ho hlahisa molao o phoso. Eva oile a fetola Lentswe le leng feela. Seo se ile sa etsahala.
Mme ha Satane-ka pokano ya Hae, e ile ya qala hoetsale ho lwana le badumedi, ba bolela hore (baka ba marabele) eneng ele kereke ya Modimo.
Bona ka moo mekgatlo e hloileng ba nnete ka teng. E lahlela ka hare ho dikereke. E etsa hore e babe. Ke seo myrrh ese bolelang. Ke seo Smirna e neng etletse sona. Ho baba. Motso wa ho baba ho kgelosa ba bangata. Jwale ka mokgwa o jwalo hwa ya ka mengwaha ka mengwaha. Mongwaha ka mong o utlwa bothata.
Kereke ya Smirna ene e thelletse ho tloha nneteng. E ne e sinyehile. E ne e tshwana hantle le seo Eva a ileng a se etsa. O tseba hantle hore hybrid ke ntho tse pedi tse kopantsweng. Ditla morao ha di tshwane le tsa pele. Ke ntho enngwe feela o sae fumaneng. E, ha Eva a dumella sebata peo ya sona le ya hae e kopana e ile ya hlahisa Kaine eo e neng e se motho wa pele. E ne e le YE MOBE. Hlokomela hore one a fapane le Abele. Hlokomela hore o tswetswe ka ho fapana jwang le Setha. O ne a hloile Modimo hoo a sakang a rata homamela Lentswe la hae mme a bolaya ya lokileng. A ipeha ya lokileng ka hodimo ho Lentswe la Modimo.
Kereke, le yona, e tlohile ho ya nnete. Ke hybrid. Ke, kereke e tlwaelehileng hybrid. Batho bare, "Ke moBaptist." Ho ne hose jwalo qalong. "Ke moMethodist." Ho ne hose jwalo qalong. Bakeng sa Lentswe le otlolohileng, bakeng sa banna ba tlatsitsweng ka Moya o Halalelang kereke ha e sana ho etellwa pele ke Moya o Halalelang tshenolo haesale yo, Ho se ho na le ditlwaelo, le melao, le dithuto tsa batho. Thuto di se dinkile sebaka. Ho beha mabaka ho se ho nkile sebaka. Program e se e nketse thoriso ya nnete Moyeng o Halalelang. Ho ne hose jwalo qalong. Tsohle di se difetohile. E fetohile kereke ya hybrid.
Jwale ha, kereke eba hybridized, e tla hlahisas bakreste ba sebele? Eka seke. Bophelo kapa peo e hlahisang Bakreste ha eyo ho bona. E hlahisa. Baptists e hlahisa e nngwe Baptists mme e sebetsa jwalo ka Baptists. Methodists e hlahisa Methodists mme ba sebetsa jwalo ka Methodists. Haho le ya mong ya nang le matla a Moya na ekaba ya yona jwang tlhase e le siko. Ba tsejwa feela ke dihopotso tsa ho rorisa Modimo le mekgwa le diketso.
Ha ke bua ka hybrid. Na o tseba hybrid e kgolo lefatsheng? E bile teng ka dilemo. Ke mmoulo. Ke fapano mahareng a tonki le pere. Ke phoofolo e makatsang. Ha e kgone ho itswala. Ha ena bophelo bakeng sa ho ka etsa seo. Leha ho bua ka mosebetsi. O hlola tonki le pere ka mosebetsi. Empa ha o hlokomela tlhaho. E manganga hoo o ka se e tshepeng hohang. Ke setshwantsho sa hybrid hantle ka tumelo. Phapano mahareng a nnete le botho, hobane pere ke setshwantsho se felletseng sa pere mme mmoulo ke setshwantsho hantle sa mosedumele. Dikopanye mmoho le yena, tumelo ya nnete. Ha ena peo hohang bophelo ha boyo. E shwele. E kgona ho bua ka nnete empa ha e kgone ho e hlahisa. Ha ena Modimo mahareng, empa e ya kgona ho kopana le ho bua ka yena, mme kaofela mekgwanyana ya teng. Ba tla hana Lentswe la nnete. Mme haho na tshepo hohang. Na o ya hlokomela ha hona e kopanetsweng e kileng ya hlahisa tsoseletso? Le hoka! Ho ja e kile ya hlahisa e shweleng. Ba ka se kgutle hohang. Tjhe monghadi. Nka o bontsha mofuta oo. Ho Exoda 13:13, "Matsibolo kaofela a diesele u a lopolle ka konyana; ha o sa a lopolle, o a robe molala; matsibolo ohle a batho ba hao o a lopolle." O ya bona esele e ka pholoswa. Moetsadibe emong le emong a ka pholoswa ka madi aJesu Kreste, kapa ho latola pholoso ya hae. Empa esele e ka pholoswa. Empa haho pholoso ho moulo. Haho madi bakeng sa yona. Ho ka se loke hobane moulo o ipatile ka kerekeng ha esele e ipata mading. Moulo ha ona "peo" e ka tsoseletswang, empa esele e nale peo.
Hobaneng, dibekeng tse mmalwa tse fetileng ke badile taba e nngwe. E e, e ne e le taba ya ba sa dumelang kapa ya sa bolokehang rakgwebo; e seng ka mokreste. O itse o maketse ka dikereke. Ha diutlwisise. Dinale diseminaries tse tletseng diprofessors baithutile Lentswe la Modimo ho ka bolaya. Jwale hona hone ho sa kgone ho fumanwa ke monna enwa. Ho ne ho mo makatsa. O ile a re ha a utlwisese mokgwa wa macommunist, kapa motho ya nahanang ka ho otloloha. Empa ha kereke ka boyona e lahla Lentswe la Modimo ho tloha lehloyong ho isa polaong. KE EO HE TUMELO YA HYBRID. TSOHA AMERICA PELE EBA KAMORA NAKO.
Ha kereke e tloha nneteng ya Lentswe etla dumela ho hong. E jwalo ka Eva. Ha Kaine o ne a tswetswe are, "Ke fumane monna ho tswa ho Modimo." Na o ya hlokomela hore o ne a hlile a bua bua? O ne a nahana hore o fumane monna hotswa ho Modimo. O ya bona, hang ha a qetile a thetsuwe ka ho nka lentswe la Satane bakeng sa Lentswe la Modimo o ne a nahana hore o ne a lokile. Jwalo kaha a itse o iphumanetse monna ho tswa ho Modimo, yaba o fumane monna hotswa ho Modimo. Modimo one a beile molao hodima sebaka. Peo e lokileng e hlahisa dimela tse lokileng mme peo e sa lokang e hlahisa tholwana tse sa lokang. Jwalo ka peo, le ha e fapane, etla nne e tswelle ho ntshetsa pele lefatsheng lona leo, lekanya, mongobo, le kganya ya letsatsi, empa e tla hlahisa pele tholwana tsa yona. Hlokomela pale ya Kaine. Hlokomela pale ya Setha. Empa hona le phapang ele nngwe mahareng a peo dikene ka tsela ele nngwe empa bana bafapana. Haho se seng.
Ha o sheba taba ena ya Eva o e shebesisa hantle o fumana kutlwisiso e felletseng. Ha a kaba a kenya mora Satane hobane hoo ho ne ho ka moetsa hore a lekane le Modimo. Ke Modimo fela yaneng a na le ho nontsha lehe ho tswa ka hare popelong ya Maria. Satane o ne a ka se kgone ho etsa seo. Eva o tsebile seo. Satane o fetola feela. O ile a MOSENYA ka peo e fosahetseng. Ene ele peo ya serpent e ileng ya tswala Kaine. E ne ele peo ya Adam e ileng ya tswala Abele le Setha. Peo tseo ditsamaile hantle ka mokgwa o tshwanang, empa bana bane ba fapane hobane ba ne ba tswa peong e fapaneng.
O ile a kgolwa hore Kaine o ne a tswa ho Modimo. O ile a amohela leshano la Satane jwalo ka Lentswe la Modimo. Ke hantle seo re nang le sona hona jwale. Dikereke di ipolela eka ke tsona tsa pele kapa motheo wa nnete empa nnete ha eyo ho tsona; le ha hole jwalo bara ba bona ba bolaya ba bang.
Ha eba o nahana hore ke seo eleng se seng, bala yohle II Timothea 3 temana tse hlano tsa ho qala. II Timothea 4:1-5 "Ke o laela pela Modimo, le pela Morena Jesu Kreste, ya tlilong ho ahlola baphelang le bashweleng Ha a hlaha ka mmuso wa Hae; O bolele Lentswe; o phehelle nako e tshwaneleha, le ha e sa tshwanelehe; o laye, o kgaleme o kgothatse ka mamello yohle le ka thuto. Hobane nako e tlaba teng eo ba ke keng mamella thuto ya pholoho; empa ka baka la ho hlohlona ha ditsebe tsa bona batla ipokella baruti ba dumellanang le ditakatso tsa bona, batla kgelosa ditsebe tsa bona nneteng; ho di isa tshomong. Empa ha ele wena fadimeha nthong tsohle, o mamelle bohloko, o etse mosebetsi wa mmoledi wa Evangedi, o phethise tshebetso ya hao.”
Ha kereke e dumela ho tloha nneteng, jwalo ka Adama le Eva lefu la kena.
HA HO MATLA KA HO YONA. Efetoha ntho e nngwe feela. Motsotso oo kereke e qalang e ya pele ka ketso ya kopano, mme ho ya pele ka ho kopana mesebetsi ya kopano e laela hoba le kopano ka karohano ya Moya o Halalelang le Lentswe la Hae, motsotsong ona oo lefu le ya kena yaba baya qala ho kula, mme a qala ho fellwa ke matla yaba batho ba mmalwa feela bakopaneng ka dikgang. Haho letho seo ba sehlahisang, hobane tshepo ya yona ene ele hodima program eseng tumelong Lentswe la Hae. Ba jala program hore bakotule program. Bajetse thetso mme batla kotula bana ba thetso.
O sokodisana le Modimo mme o tla kotula seo o se jadileng. Monna o lokela ho mamela Modimo ka tlhaho. O ile a sokodisana le tlhaho. O entile kelello ya hae tlhahong mme a qala ho lokisa motsamao jwalo, j.j, mme o kotula seo a se jetseng. Bona ka moo a tswadisitseng ditsuonyana ka teng. Ke ho qhotsisa ho phahameng hoo holeng teng metjhini ya ho qhotsisa. Ha HO YA LOKA HONA BAKENG SA DIJO MME HO YA FOKOLA HO JEWENG LE PHEPONG. Ba entile dikarolo tse itseng nameng eo re e jang ho basadi ba fokolang karolong tsa bona tsa ditlhafu ba eketsehang mahetleng jwalo mme banna ba etsahala hoba kganong. Jwale hao bakgahlanong le tlhaho fumana ho phela ho feta, ho tla etsahalang ha o fetola nnete mme o etsa leshano? Karabo ke, o tla hlahisa antikreste, mokgwa wa tumelo esenang bomodimo hona le ya nnete. Karabo eo Modimo a nang le yona tseleng e jwaloke lelakabe la mollo.
Dikepsele tsela tsa Mongwaha wa Smirna dine dishwa. Ha e shwa, ha e kgutle. Haho mongwaha o ileng wa kgutla. Ha ho sana tsoseletso. E kase kgone hoba le seo hobane Modimo ha o sa leyo ka tlhaho ho yona. Ho nka mengwaha tabeng ena. Mongwaha ona o qadile ka mollo wa tsoseletso ya Pentecostal mme ba e bokella hape. Bakeng sa Lentswe basebedisa mekgwa ya bona mongwaheng o mong le o mong ba ile banna ba tlosa karolo e itseng ya Lentswe la Modimo. Ka ho tlosa karolo e itseng ya tlhaho o ya bona ho etsahalang. O tswile, moena. Mme batla o tlosa ho Modimo. Mme ka mokgwa oo ba ratang mokgatlo wa bona. HA HO MAKATSE. Ke moloko wa Pentecostals ya bobedi hobane Modimo ha ana ditloholo hohang ke bana ba bo ntata bona, batsejwa ka mekgwa ya bona mme ba bopa le ho iketsetsa. Baka kgona ho bua ka seo e neng e le sona, empa ha ba kgone ho ho hlahisa. Pele bane bana le lehadima mme jwale ba se ba setse ka diaduma. Empa ba lese ho bua ka kgalalelo ya motsamao wa bona. Ba tlare, "E monghadi, ke rata hore o tsebe motsamao ona ha ho monna ya qadileng sena ke ntho e itletseng feela. Moya oile wa wela lefatshe lohle. E monghadi, re nale seo baneng ba na le sona nkong ya Pentecost. Tsena e ne e se sa motho e ne e le sa Modimo." JWALE HOBANENG HA BA ILE BA ETSA SEO? HA MODIMO A SE QADILE HOBANENG HA ASAKA A SE BOLOKA LE HO SE QETELA? Hoja Modimo o ne a sa ngola buka ya melao le mekgwa ho tloha ho qaleng, jwale bona ba e nkile kae taelo e jwalo? Modimo oile a tsholla Moya wa hao hodima Baptists, Methodists, Nazarenes, Adventists, Presbyterians, Brethren, Church of God (mabitso a mangatanyana jwalo) j.j. Kaofela baena ba tlisuwe ke mekgwa e fapaneng, ka melao, tsela ya dikereke j.j. Modimo o difielletse ka thoko tsohle; O lahlile dikgopolo tsa bona mme a boloka dineo tsa Moya, ho tiisa hore ke Yena maobane le kajeno leka ho sa feleng. Empa sena se ile sa etsahala ka Pentecostals ba ile baithuta ka sena? Tjhe monghadi. Baile ba kopanela mme ba e ngola dibukeng tsa bona, ka melao ya kereke, kopanelo ka buka jwalo jwalo. ka kgopolong ya bona, ho bontsha hore ba nale sohle, batseba karolo tsohle, mme mosebeletsi wa Modimo a ka bontsha ba bang tsela ya ho ya ho Modimo. Empa ha bana sona seo. Bana le hybridized bo bona jwalo ka mokgatlo oo wa bona batswang ho ona. Ha ba batla hoba monyaduwa ba lokelas hoba jwalo ka bonatata bona.
Ba jwalo ka ba bang. Tsoseletso e fedile. Ba thabela ho bitswa ka lebitso empa ba shwele. Bankile ka kopano tsohle dipuo tsa Moya wa Modimo. Ba buile ka motsamao wa Moya o Halalelang. Empa balebala hore diabolose o kgona ho bua ka ditime le yena. Bopaki bo tletseng ba Babel bo hara bona ba e bitsa Moya o Halalelang. Hang re bona motho hape a rata ho laela Modimo, bakeng sa hore Modimo a mojwetse.
Jwale o ka rata ho ntsotella ka sena seo ke se buileng. Ho lokile. Baipitsa Pentecostal le Full Gospel. Ha ba bontshe seo. Ho Pentecost mollo o theohile lerung o ile wa dula hodima bona jwalo ka malakabe a mollo, a dula hodima e mong le emong ka ho arohana. O kae mollo. Ba bua ka diteme ka Pentecost mme batho baneng ba mametse mme ba utlwisisa. Se kae seo? Bongata boo ba badumedi bone ba sebetsa jwalo ka lelapa. Pentecostals diarohane ho feta dife kapa dife dikereke paleng ya dikereke. Haho monna ya kgonang ho etsa sa kereke ya pele ke Modimo feela. Banale tse ngata haholo dipodi hara bona. Ba bolela haele ba Evangedi e tletseng empa haba kgone ho bontsha seo. Kereke ya bona haena Moya o Halalelang letho ho feta bona. Ha ele ba Evangedi e Tletseng ha ba amohele seo Bibele e reng ke phoso ha ene e fana ka banna ba Evangedi e tletseng ka nako ya Pentakoste. Ba bina "ho bile le phethoho e kgolo ka ho nna." Balokile. Empa phetoho ha esoka e bonahala bo betere. Ke nako ya ho kgutlela ho Modimo. Bana le Lebitso mme ba shwele. Maleme hase bopaki hohang. Ke bopaki ba lefu. Diteme di bontsha tumelo ya tebelo ya Bajuda, hore e ntjha e qadile. Diteme di bontsha hore nako ya Mongwaha wa Kereke ya Baditjhaba le kereke e kgutlela ho Bajuda. Batho ba bona ha diteme ele nako e kgolo ya motsamao wa Moya o Halalelang. Basiilwe ke sekepe. Nnete ke hore ho ngodilwe hohle kelellomg ya motho, programs le mebuso, mme mmuso wa Modimo ha ona sebaka. Tsohang bana ba Modimo. Tsoha ha o sa nahane hore sena ke nnete, mamela feela sena. Hohle lefatsheng Pentecostal le mekgatlonyana e mengata jwalo kaha ho etsahala ho banna ba kgwebo. Ba sefaleng ka ntle ho pitso ya Modimo. Baiphetotse batshwasi ba dihlapi le motsamao wa Modimo, mme bare ba thabela tshebeletso ya Baefese 4:10-13 seo Modimo ase fileng kereke e hlolehile, ba se bainkela jwale. Mona re se rele bohareng ba boporofeta, bona hantle bane ba haba Kora, mme ha ba tsebe hore ke phetheho. Bafoufetse haholo ba rera hoo eleng nnete. Modimo a be le bona. Ha mahlo a bona a bulehe pele eba lata. Oh, mmamele. Ke neng mohla ke kileng ka utlwa ho buuwa ka tjhelete, baetapele ba setjhaba, maitemohelo a rona, kapa ka kelello ya hore re mamele bakeng sa boetapele ba Moya, kapa fana ka Lentswe la Modimo? Mme ka tsela efe kapa efe batho ba rata ho bontsha batho ka Mosebetsi wa Modimo Moya o Halalelang, ebe re lwantshana le Modimo ka tsela e jwalo, eseng ho Yena.
Mme ke rata hore sena se bonahale se ngolwe. Ha ke buwe kgahlano le baetapele ba dikereke. Tjhe monghadi. Mme moetapele eo akaba mofutsana ka tsela e makatsang, kapa morui ya moholo lefatshe le kileng la mmonaha fela a lokile pelong ya hae. Nkese lese ho hlompha motho ya nang le ditshwanelo tse nepahetseng tsa Moya ho sa kgathatsehe hore ke ledikone kapa boemo ba hae ba moruo kapa boemo setjhabeng. Empa ha o bona setjhaba kapa maemo a moruo a kereke a arola ke leloko ho tloha seng ho ya se seng. Ke pontsho ya nako ya borui, empa Mongwaha wa Laodisea eleng moo re phelang teng.
"Ke tseba bofutsana ba hao." Na o ile wa hlokomela hore bofutsana botsamaya mmoho le synagogue sa Satan ho na temaneng eo? Eya, ke seo botsebahalo ba bofutsana seo boleng ho batho ba mmalwa ba Modimo.
Ha Moya wa Modimo o tsamaya hara batho, ke bomang ba lesang meaho le dintho? Mohlatswana ka mehla o lahlehelwa hangata ho mohlape. Mme ebe batho baya kae? Barapella mahae, meahong ya kgale, mme moahong o ka fatshe, jwalo kaha baile baya ho catacombs.
Batho bana bane bale bafutsana ho dintho tsa lefatshe lena. Hantle fela. Empa ene ele barui Moyeng.
"Ke tseba dinyefolo tsa bona." Naha se yona tsela ya ho nyefola Modimo, leha sena seya kantle le seo. Empa ba nyefola kereke ya sebele. Ho jwalo kamehla. Bajuda ba Jerusalema bane ba nyefola kereke pele. Empa baditjhaba haba yaka baetsa jwalo. Leha ho ka bolelwa ho hong ho sa lokang, etlaba peo ya sebele. Matsatsing a Nero bakreste bane ba qoswa ka ho hong le ho hong kaho otloloha -- leha hone hotjha hwa Roma. Tulong ya makomonisi mohlatswana kamehla o lokela hoba haholo holo ka ho lekana. Leha bakreste ele batho ba lokileng, ya etsang hantle, batla dula ba qoswa kamehla batla dula baqoswa ho isa pheletsong hoo bakabang ba fellwa ke tshepho nameng.
Lebaka leka mokgwa o tjena, hobane baya nyatsuwa. Jwalo ka monwana o fokolang wa basa lokang. Leha ele hore ba lokileng ba ka se hlokofatse ba babe empa ba batla ho etsa ho lokileng, ka tlalo ba fumana hore ba wetse jwalo ka Johanne Mokolobetse ho Heroda. Ha Johanne a ne a sa batle ho hlokofatsa le ha e le Herod kapa mosadi wa hae empa e ne e le ho mobalehisetsa bohale ba Modimo. Sena ene ese ntho ya ho bapalamme e ne e lokela ho tsena, empa Johanne one a ahlolelwa lefu ka baka la sona. Hobane ho batho ba lokileng Modimo, bahlahiswa hara setjhaba sa ka ho swabiswa ka hoo. Ka nnete re lokela ho hlokomela sena batho baile ba lahlehelwa ka baka la eng batla kgutlela esita le ba ileng ba loka. E e, ho nale bobe. Ke Satane. Karabo e nngwe ya kgaolo.
MENGWAHA E LESHOME YA MATSHWENYEHO
Tshenolo 2:10 "O seke wa tshaba letho la tseo ho tshwenywa ke tsona; bona diabolose o se a kenya ba bang ho lona teronkong, hore le lekwe; mme letlaba le matshwenyeho a matsatsi a leshome; O tiye ho ya lefung, mme ke tla ofa moqhaka wa bophelo.”
Nako le nako ha Modimo a sebedisa lentswe, "Setshabe," ho nale kopano e kgolo e kotsi le matshwenyeho.
Jwale ha a bue letho, mokgwa o haufi, "Matshwenyeho a yatla." A tla tshosa bongata. Empa jwalo ka mme ya timang lebone mme are ho lesea la hae setshabe, "Mme a seke a tshaba, hobane kganya e kgolo e tswelang pele. Empa hopola hore tsohle." Mme o tjho jwalo Morena, "Setshabe motho kapa a ka se etsang ho motho. Ke nale wena, mme mohau waka o le lekane. Hao tsamaya hara metsi, akase o nke lekgale. Esita lefung o ka se hlolehe. Le bahlodi.”
Moapostola e moholo, Paulose, o ne a tseba seo se ngotsweng ho Baroma 8:35-39, "Ke mang ya ka re arohanyang le lerato la Modimo? na matshwenyeho, kapa, kapa timelo, kapa tlala, kapa botubo, kapa timelo, kapa lerumo? Jwalo kaha ho ngodilwe, re bolawa letsatsi lohle ka baka la hao; re lekantswe le dinku tse hlajwang. Tjhe empa nthong tseo tsohle re hlola ka ya re ratileng. Hobane ke tsebisisa ruri hore, leha ele lefu, kapa bophelo, leha e le mangeloi, leha e le borena, leha e le mmuso e matla, leha e le ntho tse teng, leha e le ntho tse tlang, leha ele bohodimo, leha e le botlase, lehaele sebupuwa se seng haho letho letla re kgaohanya le Lerato la Modimo, le leng ho Kreste Jesu Morena wa rona." Tjhe, ha re ya tshwanela ho tshoha. Lerato la Hae le tlosa tshabo.
Jwale sheba ha a re, "diabolose otla kenya ba bang ba lona teronkong ho ka qoswa." Bajuda bane ba etsa seo ka ho etsa jwalo. Baprista ba pagan bane ba etsa seo. Baahlodi baneng ba rata ho ikgapela setumo bathong hobane ba ne ba rata sebaka seo, bane ba ba nka ka dikete ho ba bolaya, ba baqeta ka ho bafa ditau. Jwale diabolose one a nale eng ka sena? Hobaneng ha re moqosa? Aha, eya, ke lehloyo le leholo la satane. O ka mora tsona tsohle. Moo Modimo a beileng pelo ya Hae, Satan oleka ho senya. Empa hlokomela. Hona le se seng sa ditaba. Satane o kamora tahleho ya Bajuda bao eneng ele Bakreste, jwale Bajuda ha se ba tumelo ya Modimo ke batumelo ya satane. Kopanelo ya bona e masenagogeng ya Satan. Mme ha Kereke ya Roman Catholic ene e bolaya bongata ba badumedi Mengwaheng e lefifi, e ya mengwaheng eo yohle, ebe ke ba Satane.
Ha o nahana hore sena seya tshosa, ema ho fihlela boporofeta bo phetheha ba Tshenolo 13 e tlatsuwe. Ke seo United States ya America ele moo ho kgaolo eo. Yona palo e kana ya dinaledi tse leshome le metso e meraro ke ditjhaba.
E qadile e le leshome le metso e meraro ya ditjhaba. Flaga ya bona e nale dinaledi tse leshome le metso e meraro. Mme ke moo e hlaha e le dinaledi tse leshome le metso e meraro e hlaha kgaolong ya leshome le metso e meraro. Setshwantshong sena se fumanwang temaneng ena ke bobe ba sebata ene ele pele. Jwalo kaha sebata sene se hlaha Nicene Council, mme setshwantsho sa teng setla hlaha ho World Council of Churches kaho hloka bomodimo le matla a satane hodima sefate sa nnete sa Modimo. Etlaba ho iphetha ha sena se sebe.
Bohle ba lwantshanang le boikokobetso bo boholo ba Modimo -- ha baseetse. Mme ho se etsa teng batla se etsa. Mme tsohle Lebitsong la Modimo le bodumedi. Empa ba leshano. Ha se ba Modimo. Ke bantata bona, diabolose. Ba, ka mekgwa HAHO MOTHO, ba ya itlhahisa seo baleng sona. Ha bakopane mohlatswana. Bahlahisa seo baleng sona. Ke ba ntata bona sefate se sa lokang -- sefate se bolayang. Lehloyo la bona lebaka hore ke ba mang. Banikola antikreste kereke ke seo baleng sona.
"Batla lahlelwa teronkong." Ee, ba hulelwa diteronkong mme baqoswa ka seo eseng sona mme bakwallwa. MME TSOHLE DIETSWA KA BODUMEDI mme ka tsohle. Tsohle dietswa ka ho loka. Sena se nkgopotsa ka Lekgotla le Phahameng la Dinyeo letla nka bohato Lentsweng la Modimo le Bibele ho bala sekolong. Ke mang ya pela sena sohle? Ke Satane. Ke ntho e nngwe e halefisang kgahlano le Modimo.
"Mme letla fumana matshwenyeho ka matsatsi a leshome." Boporofeta ke bona. Ka yona ho bolela ho bolelang hore ke sehlopha sa Mengwaha ya Smirna. Diocletian, mmuso o bileng kgopo ka ho fetitisisa, ba ile ba hlahisa bokgopo kgahlano le bahlanka ba Modimo, hore le kantle ho Mohau wa Modimo o ne a ka fedisa badumedi bohle. Ene ele ntwa e madi haholo hoo e nkileng mengwaha e leshome (matsatsi a leshome a Tshenolo 2:10b) ho tloha 302 ho ya ho 312.
"O tiye ho isa lefung." ha are o tshepahale ho ya lefung, empa ho isa lefung. O lokela ho tiisa bopaki ba Hao ka madi a hao. Dikete, dimillione, diile tsa e shwa mengwaheng eo. Bashwele ka baka la tumelo. Jwalo ka Antipas, paki e tshepehang, baile batshwarella ho isa lefung. Ha ngata re nahana ho tlaba bobebe ho emelana le taba eo. Empa re hopola tumelo eo re bileng le yona tlholong ho Kreste Jesu ke yona tumelo e leng ho Polycarps le tsohle martyrs.
Mohau o lokileng o teng ho pholosa ka yona hora ena. Modimo a bokwe kamehla!
"Mme ke tla ofa moqhaka wa bophelo." Esita le kopi ya metsi a batang ha a fuwa Morena o tla hloleha ho fumana moputso, mopotsu ke o moholo ha ka kang ho ya fanang ka bophelo hoba martyr bakeng sa Lebitso la Kreste Jesu. Mme re ka lekanya hore mohlomong ke moqhaka o fumanwang lebelong. Ho I Bakorinthe 9:24, Paulose ore, "Na ha le tsebe hobane, ha ele ka ba mathang lephallong ho matha bohle? Empa ya fumanang moputso o mong feela na. " Moputso o fumanwang bakeng sa Olympic race enele garland ya mahlaku a olive. Empa moputso oo ho buuwang ka ona ho Tshenolo, e neuwa dipaki, ke moqhaka wa bophelo. Jesu ore ke moqhaka wa bophelo. Moqhaka ke wa bao ba o sebeleditseng. Bobedi meqhaka e na ke ya ho tshepeha. Ba kase timele. Mohlodi wa moqhaka wa bophelo o tla lahlehelwa ke thabo ya lefatshe. Thabo ya bona etla hloleha. Empa ba faneng ka bophelo ba bona ho Modimo, kapa ka ho tiya kapa ka madi a bona jwalo ka moqhaka ba fuwa moqhaka wa bophelo.
Kaofela nakwana e tla fela e senywang dilaboratoring bakeng sa moputso o sa feleng wa Modimo. Kopo ya Modimo e mohau haholo. Ha re dumela nneteng ya tsoho ya mmele, mme le mmuso o sa feleng wa dintho, ebe re lokela ho beha lehodimong letlotlo le sa feleng le behetsweng bahlanka ba Morena.
MOPUTSO HO BATLA HLOLA
Tshenolo 2:11, "Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke. Ya tla hlola aka se utlwe bohloko ba lefu labobedi."
Jwale, hang hape Moya o ya bua kamora dilemo tsena tsohle. Molaetsa ona ke ho re kgothatsa haholo jwalo ka baena ba mengwaha ena yohle. Mme ore lefu la bobedi ha le sana matla ho rona.
Re tseba bohle hore lefu la bobedi ke le lakabe la mollo. Tshenolo 20:14, "Mme lefu le dihele ditla lahlelwa hara lelakabe la mollo. Lena ke lefu la bobedi." E ho fela hole jwalo ka hara lelakabe la mollo, tsa lahlelwa ka hare ho lelakabe la mollo. Jwale, ke batla ho o tlisetsa ho hong mona. Haho pelaelo le e nyane e tla etsa hore batho ba belaele tlasa thutonyana ena yaka e sa tlwaelehang. Empa ke eme mona ka ho tiya Lentsweng la Modimo mme leho hana le hore basa dumeleng baya timela le hotjha ka ho sa feleng.
Ntho ya pele, dihele, kapa sebopi sa mollo, kapa eng kapa eng eo o batlang ho e bitsa ha se ya ho sa eng kae. Ekaba jwalo ka mokgwa o jwang ha e nale qalo? Ho Mattheu 25:41, e re "mollo o sa feleng o ne o lokiseditswe diabolose le mangeloi a hae." Jwale haeba o ne o lokiseditswe, hotjhong hore o kantle ho qaleho. Ha o na le qaleho e lokela e be o nale pheletso. Eya o ka batla o sa utlwisese kgopolo eo ya lentswe 'bosafeleng. ' Empa lentswe leo le bolela hore ho "tloha mongwaheng ho isa mongwaheng" le na le ntlha tse pedi ho lona moo. Ho I Samuele 3:13-14, Modimo o ile wa jwetsa Samuele hore O ilo a hlola ntlo ya Eli kaho sa feleng, mme ba ka se hlole ba etsa dihlabelo "ka hosafeleng" jwalo ka moprista wa Hae. Mme ho I Marena 2:27, Solomone o leleka ditloholo tsa Eli ho tloha boprista. E ne e le kamora mengwaha. Jwale o ya hlokomela hore "bosafeleng" ha bo tshwane le ho "saeng kae", kapa e senang ho qaleha kapa qetelo. Tabeng ena bosafeleng bohlalosa "ho ya ntlheng e sa bonahaleng." Ke seo seneng se etsahala. Diya nyamela.
Sheba lentswe, "tahleho" ho II Bathesalonika 1:9, "Bao batla otlwa ka tshenyeho e sa feleng." Ka seGreek, "tahleho" ka ho otloloha. Mme lentswe, "tahleho", ha le BOLELE TAHLEHO. Jwale "ho lahleha" ho bolela ho hong. Na e kaba tahleho e sa feleng le bolelang na? Ha le bolele hore tahleho e sa feleng, kapa etla etsa "ho lahlwa", bakeng sa "tahleho". Ho bolela hore ho lahla ntlha ya ho qetela. Ho e qetela.
O ka ipotsa hore jwale, ke neng moo o ka sebedisang lentswe, "bosafeleng", mme o sa le sebedise jwalo kaha re le rutuwe. Hono ho bobebe. Ha e fihla ho Modimo ho bolelwa hore Ya senang qalo le Qetelo, mme ya dulang ale teng ya sa kgathaleng. Mme hao bua ka kelello eleng bophelo ho Modimo. "Ena ke record, eo Modimo a re fileng yona e leng bophelo bosafeleng, mme bophelo boo ke Mora. Ya nang le Mora o nale Bophelo." Jwale he, ke bara feela ba Modimo banang le bophelo bosafeleng, eleng sona seo eleng bosafeleng, empa kamehla sene sele teng. Ho lokile. O nale se seng ho wena seo eleng -- se senang qaleho le bofelo. Ke Moya wa Modimo. Ke karolo ya Modimo ka boyena. Ke bophelo ba Modimo.
Jwale ha moetsadibe a eya diheleng mme a tshwenyeha jwalo ka ha le wena o ya lehodimong oilo thabela lehodimo, jwale he o nale bona bophelo bona boo ba hao.
Jwale, ho ka nna haeba le ba bangata ba kareng bophelo bo sa feleng boetsetswa bana ba Modimo feela. Ke tshireletso ya bona le monate oo ba o jang ha ba le moo. Ka nqenngwe moetsadibe le yena o kahlolong ya hae, hore re tle re seke era utlwa lefu la bobedi. Bophelo bo sa feleng bo bolela lehodimo, le kahlolo e sa feleng ho bolelwa dihele. O TLA MAKALA HA BANNA BA SAKANG ba tshwana le ditheologians ha ba dumela seo. Na o ya tseba hore seo sehlolwa ke eng? Ho etswa ke bophelo ho ya ka mabaka a geography bakeng sa Motho. Bophelo bo sa feleng ke Modimo, -- Morena Jesu Kreste Ha jwang e mong a ka dumela nthong e jwalo, hore bophelo bosa feleng ke sebaka, ke ho feta ka moo ke tsebang ka teng. Ho ya nthothometsa ha ke nahana ka seo.
Tjhe monghadi. Ke mofuta ole mong fela wa bophelo bosa feleng. Modimo onale sona seo. Ha re nale Modimo, re nale Bophelo bo sa feleng ka Yena.
Jwale o ya bona, lentswe leo bosafeleng, kapa ho sa yeng kae, le ka sebediswa ka mekga e mengata, empa ha ho tluwa lehlakoreng la Modimo, Yena jwalo kaha ele Yena, le nale ho bua ka ntho ele nngwe feela ho Yena. Ke tlhahiso ya Modimo. O ka se le sebedise jwalo ho mang kapa mang kapa nthong efe kapa efe. Modimo ale mong ha a fellwe, mme hobane o ya Phela, re phela ka Yena.
Jwale se dumelle emong hore ho wena ha ke dumele seboping sa mollo le kahlolong. Ke ya dumela. ha ke tsebe hore e tla hlola nako e kae, empa yona etla tloswa. Ho Tshenolo 21:8, ere bao baetsadibe e ya hlalosa hore moo kabelo ya bona e ka diheleng. Empa tlhaloso ya sena ke lentswe le reng `karolo' empa ke 'nako.' O ya bona, ke moo oya bona.
Ba sa lokang ba tla lahlelwa diheleng (Hades kapa lebitleng) mme dihele dilahlelwe seboping sa mollo. O arohile ho ho Modimo. Na etlaba ntho e mpe ha ka kang.
Empa ka balokileng ho ka sebe jwalo. Ha bana letswalo. Balopolotswe ke Modimo. Ba qalehong. Ke bahlodi. Mme ke bomang bana batlang ho hlola? Ya dumelang hore Jesu ke Kreste.
Ke hobaneng ha bahlodi bana, badumedi bana batla lokoloha, mme ho kena ha bona modumong oo? Hobane Jesu o lefile ka boyena dibeng. O ile a tlatsa sekgeo se sa karohano, mme rona ha rene rele hole re atameditswe ka madi a hae.
Mme ba ka se tle kahlolong. Bakasebe ka hara sebopi sa mollo. Ba ka se lahlehe le a mong wa bona. Haho le a mong hara ba lopolotsweng ya ka sebeng moo Jesu Kreste a le teng.
NA O YA TSEBA HORE KE HOBANENG HA SEO SELE JWALO? Ke tla o hlalosetsa hobaneng. Ke nale moshemane e monyane, Joseph. Ke karolo ya ka, ha ho kgathatsehe hore na ho etsahalang. Ha ke ne ke le morui, ntho eneng e fosahetse ka ho fetisa e neng ke tla etsa ho yena, empa haho ntho eo nka e etsang ho mohanela. Haho seo nka se etsang hobane ke karolo yaka. Mona, ha re nkeng tlhatlhobo ya madi. Ha re tshwantshe madi ana. Sena setla tiisa hore Joseph ke mora waka. Ke waka.
Ke tlhatlhobo ya madi e bontshang hore o wa Modimo.
Ha ke kgone hore nka lebala nako eo ke e hlolohela haholo ke ne ke rata ho palama Herefords ntle ho Colorado. Re ne re lokela ho bokella dikgomo tlhatlhobo ya mmuso ha rene re lokela hodi fepa range ya mmuso. Bane ba sa dumelle diphoofolo tse senang madi moyeng. Dine dile tse tswetsweng moo. Rangera ene elokela hodi hlahloba pele. Bane ba sheba pele hore na ke ya madi a teng na a lokileng na. Hallelujah. Ha ele madi a teng a lokela hoba a lokile.
O ya tseba hore Modimo o ya lebella, "Moya o etsang sebe, o tla shwa. O arohane le Nna. O ka setle ho Nna." Re tseba hantle hore bohle basitilwe mme ha ba lokelwe ke kganya ya Modimo. Ho na ho hlalosa hore bohle batla shwa, bohle re ne re arohile ho Modimo, mme ka tsatsi le leng nako eo etla tla eo ka yona retlang ho tswa mme nako etlabe e fedile. Empa Modimo ka lerato la Hae, nka phoofolo mme o lekanye bophelo ba yona le ba moetsadibe.
Selekaneng sa Kgale hone ho tliswa konyana hore e bolawe bakeng sa dibe. O ne a beha letsoho la hae hodima konyana nakong eo mopriesta a e kgaolang kgokgotho. A utlwe ho phutsa ha madi. Autlwa ha mmele oba thata bophelo botswa ho yona. Mme a bona mosi o mong wa madi o nyolohela ho Modimo. O ne a tseba hantle hore konyana e nkile sebaka sa hae. O ne a tseba hantle hore bophelo ba konyana bonketse ba hae sebaka. Empa bophelo ba konyana eo ene ele bophelo baphoofolo bone bo sa kgone hotla ho motho ho hlwekisa bophelo ba hae. Mme o ne a tloha ka yona tsela eo ka sebe. O ne a tloha jwalo ka sebe, mme a kgutla jwalo ka seo a boele a phethe seo hape lemo le selemo.
Empa Selekaneng se Setjha haho jwalo. Konyana ya rona e neng e shwa sefapanong ene ele Jesu Kreste ka Madi a Hae a lokolla ba bangata. Ka tumelo re bea matsoho hodima Konyana -- re Mmona ka maqeba a nang le Madi, bakgutletse morao, meutlwa e kgopo ya kena sefahlehong sa Hae--re utlwa mahloko a Hae le Ha a lla. "Modimo wa ka, Modimo wa ka, O ntahletseng na?" Mme ho etsahalang? Bophelo bo ileng batswa mothapong oo wa Madi ha o kgutlisetsa motho ho Modimo. Bophelo boneng bole ho Yena bo ile ba tla ho rona. Re kgutlela morao re se re sena sebe, mme re se re hloya sebe le mesebetsi ya sona.
Re shebe. Ke eng bophelo ba rona? Mothapo o le mong wa madi oneng otswa ho Modimo. Mosadi ha ana hemoglobin. O hlahisa lehe; o ya kgona ho beleha. Empa madi a hlaha ho monna. Ke lona lebaka leo mosadi a nkang lebitso la monna. Bana ba nka lebitso la ntate. Mme ke mobelehi feela o beleha bana.
Ke se ileng sa etsahala pholosong ya rona. Moya o Halalelang o tlile ho Maria o ile a tswala Mora mme a Mmitsa, Jesu. Mmopi e moholo a theoha ho phetha sehlabelo. Madi a Hae e ne e le ona a neng a re lopolla. KE HANTLE SEO ENENG E LE SONA. Madi ao a Modimo a neng a tshollele Moya hodima Hae ha a ne a e shwa. BONA BOPHELO BOLA (MOYA) o ile wa kena-hara tshwarelo ya moetsadibe le ho molokolla. Moetsadibe eo ha akaba a kgutla mongwaha kamora mongwaha, sehlabelo kamora sehlabelo, ho ne ho sa hlokahale. KA SELE SENG SEHLABELO, hang yaba ho fedile o ile a fedisa sebe sa kopano, mme re fumane pholoho ka Jesu Kreste moo ho nang le tlholo hodima sebe, lefatshe, nama le diabolose.
Modimo o se a entse seo. O se entse sohle. O ile a lla a llela lefatshe la sebe, "Ke tla o neha pontsho. Morwetsana o tlaba le ngwana. Morwetsanarwe o ba le Mora. E tlaba le pontsho. E tlaba letshwao le sa feleng. Ke yena ya ileng a hlahisa Emmanuel, Modimo ona le rona.”
Modimo o tlile ka mothapo wa madi, eseng ka madi a monna, empa ka Moya o Halalelang, mme ho ka popelo ya mosadi wa tabernacle ka baka leo lefu la ema. Peo ya mosadi eo eneng e le Yena e ile ya tlisa pholoso ya rona. Nakong eo Moya o Halalelang o tlang ho Maria, O hlahile ka mothapo wa madi ka makgolo kgolo mmeleng wa Morena. Sele eo ya madi ene e entswe. E ne ele qalo ya Tswalo ya Modimo. Ke seo Jesu aleng sona. Mme eo Ya Halalelang o ile A tswa Mading a Halalelang, e sita le Madi a Modimo. Tabernacle yona eo e ile ya tswalwa. A hola hoba monna. O ile a ya Jordan mme hona moo Sehlabelo se ileng sa hlatswa Johanne ka nokeng ya Jordan. Mme ha Sehlabelo seo sene se etswa ka metsing, Modimo atla mme a tsamaya hodima Hae, wa motlatsa ka Moya wa Hae ntle le ho lekanya. Mme ha a shwa le ho tsholla madi a Hae, Bophelo bo lokileng ba Modimo boile ba tla ho motho ka ho amohela Kreste jwalo ka mopholosi wa Hae.
Oh, sena se otla ha ka kang. Jehova, a tswalwa a lla setaleng. Jehova a tswalletswe setaleng. Ke moo honang le letshwao le tla dula le le teng le sa feleng, pseudo-intellectuals e nang le evolved eo eleng theology mme e hana Nnete ya Modimo. Jehova Modimo, ngwana ya monyane a lla haholo. Jwalo re nahana hantle hoo ka holoka, re lebisitse nneteng, ho nyefola le ho etsa eka re babang baitseng. Ke lena letshwao la Hao la nnete. Lena KE LA NNETE. Jehova, a bapala jwalo ka ngwana. Jehova a sebetsa lebenkeleng la mmetli. Jehova a hlatswa maoto a ba tshwasa dihlapi.
"Ke tla o neha letshwao," ho bolela Modimo. "Eseng letshwao la kholoro e tshweu ya moprista. E seng letshwao la borui. Haho letho leo otlang ho lebatla letshwaong leo, kapa nahana ka ho otloloha. E mpa ke letshwao le sa tlong ho tloha. Ke letshwao le leholo ho feta ohle." Jehova a eme kahara jarete ya lekgotleng mme a nale meutlwa hlohong mme a tswa madi baqosi ba Hae ba motshwela ka mathe mme ba mohlapaola, ba mosoma empa a sa kgathalle letho a thotse feela. Jehova, a nyatswa le ho latolwa, A leketla A hlobotse sefapanong, nakong eo baikaketsi ba tantshang kapa hona ho hobela bare a theohele fatshe. Jehova A eshwa. Jehova A rapela mme ho se letho se etsahalang. Mme Jehova a shwa Ke letshwao la batho bohle. Haho le leng le tshwanang le lona letshwao leo. Ke le leholo leo.
Lefifi la aparela lefatshe. Ba mokenya lebitleng. Moo a ileng a robala matsatsi a mararo le masiu a teng mme lefatshe la tsitsinyeha mme a tswa. Jehova A tswa. Jehova A nyoloha. Ebe Jehova A kgutla ho-tsamaya hara kereke. Jehova A kgutla ka sefefo se seholo le mollo. Jehova a kgutla ho tsamaya hara kereke ya Hae ka matla a maholo ho matlafatsa batho ba Hae. Hang hape Jehova o tlile, mme kgatheng lena O tlile ho dula hara batho ba Hae ka hosa feleng. Mme hape Jehova a fodisa ba kulang, a tsosa bafu mme A iponahatsa ka Moya. Jehova a kgutla hape, A bua ka diteme, mme a fana ka hlaloso ya tsona ka toloko.
Jehova a theoha ho kgalema sehlola hore se sephethe se etsa seo. Mme a tla ho letawa le otluweng sefahlehong le robetse le akgehile. Eya, Jehova ho itlhahisa nameng hape. Jehova o tlile -- Modimo hara rona, tshepo ya thabo.
Eya, Jesu o tlile mme a tsholla madi a Hae ho lokolla batshwaruwa. O tlile ho batla nku tse lahlehileng. O difa Bophelo bo sa feleng dika se timele. A ka se lahlehelwe ke tsona, empa A ditsosa tsatsing la ho qetela.
Hallelujah, lefu la bobedi ha le sana matla ho bona. Ha le sana matla ho hang ho bona. Hobane ke ba Konyana mme ba ya Molatela moo A yang teng.
MOYA O HALALELANG MONGWAHENG O MONG LE O MONG
Tshenolo 2:11, "Ya nang le ditsebe, a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke." Haho kereke le e nngwe eo mantswe ana a sa buuwang ho yona. Ngwaha ka mong o na le motho wa mongwaha ka nngwe. "Ya nang le ditsebe, a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke." Empa haho bobebe ho batho ho utlwa seo Moya o se bolelang ho ya mengwaha ka ho fapana. I Bakorinthe 2:6-16, "Empa re bolela bohlale hara ba phethehileng: e seng bohlale ba lefatshe le na, le ba marena a lefatshe lena a felang, empa re bolela bohlale ba Modimo, e leng sephiri, bohlale bo patilweng boo Modimo o bo lokisitseng pele: dilemo diesobe teng: ebe tlotliso ya rona, eleng boo hoseng le a mong wa marena a lefatshe lena ya botsebileng hobane, hojane a botsebile a kabe a saka a thakgisa Morena wa Kganya sefapanong: Empa ho dutse jwalo kaha ho ngodilwe hothwe, Taba tseo Modimo o di lokiseditseng bao baratang, ke tseo leihlo le sakang la dibona, tseo tsebe e sakang ya diutlwa, tse sakang tsa itlhahela pelong ya motho ditaba tseo Modimo o dilokiseditseng bao o ba ratang. Empa Modimo o di senoletse rona ka Moya wa Hae: hobane Moya o batlisisa tsohle, le tse tibileng tsa Modimo. Hobane motho ke ofe ya tsebang tsa motho, haese moya wa motho o ka ho yena? Ka mokgwa o jwalo ditaba tsa Modimo ha ho monna ya ditsebang, ha e se Moya wa Modimo. Jwale re amohetse, e seng Moya wa lefatshe, empa Moya o leng Modimo; re tle re tsebe tseo re di filweng ke feela ke Modimo. Mme re di bolela, e seng ka dipolelo tseo di bolelwang ke batho ka bohlale ba bona; empa e le ka tse rutwang ke Moya o Halalelang; mme re lokisetsa ba moya tsa Moya. Empa motho wa nama ha a amohele ditaba tsee eleng tsa Moya wa Modimo: hobane ho yena ke bohlanya: mme o sitwa hodi tseba, hobane dilemohuwa ka Moya. Empa motho wa moya o a hlola tsohle, mme ha a hlolwe ke motho. Hobane ke mang ya tsebileng kgopolo ya Morena, A tle a morute? Empa rona, re tsebile kgopolo ya Kreste." Mattheu 13:13-16, "Ke kabaka leo ke bua le bona ka ditshwantsho: ka hobane leha ba bona, ha ba bone; le ho utlwa, ha ba utlwa; mme ha ba utlwisese. Ho phethahala ho bona boporofeta ba Isaia, ha are, Ka kutlo le tla utlwa, empa le ke ke la utlwisesa; ka pono le tla bona, empa le keke la bontshisa: Hobane pelo tsa setjhaba sena dinonne, ditsebe tsa bona diutlwa ka thata, mme ba pompaditse mahlo a bona; hore ba seke ba bona ka mahlo a bona ba seke ba utlwa ka ditsebe, ba seke ba utlwisesa ka dipelo, ba seke ba sokoloha, mme ke seke ka bafodisa. Empa mahlo a lona a lehlohonolo, hobane a bona: le ditsebe tsa lona dilehlohonolo, hobane di ya utlwa." Johanne 8: 42-44, "Jesu are ho bona, Holane Modimo ene ele ntata lona, le kabe le Nthata: ka hobane ke tswile ho Modimo: mme Ke tlile, ha ke ya itlisa. Hale utlwisise puo yaka ke eng? Ke hobane le sitwa ho utlwa Lentswe Laka. Lona letswa ho ntata lona, eleng diabolose, mme le phetha mosebetsi wa ntata lona. yena ke mmolai hotloha ho qaleng, ha a dule nneteng, hobane haho nnete ho yena. Ha a bua leshano o ipuela tsa hae feela: hobane ke yena ya leshano, le ntate wa ba leshano." Ke ntho e tlwaelehileng hotswa ho Lengolo lena hore haho motho ya ka kgahlisang Modimo ka boyena. Tetla eo o lokela ho e newa ke Modimo. Mattheu 16:17, "Mme Jesu are ho yena, O lehlohonolo, Simon Mora-jona; hobane hase nama le madi tse o kwaholletseng hoo, empa ele Ntate ya MaHODIMONG." Ho kenya sena kapa ho kopanya sena hotswa kgaolong ena re bona hore ke mofuta ole mong fela wa batho, mme ke mofuta o ikgethileng haholo o mamelang hore na Moya oreng ho ya ka mongwaha jwalo. Ke lebotho lele leng feela le newang tshenolo ho ya jwalo ka mengwaha. Lebotho leo ke la Modimo, hobane lebotho le sa mameleng hase la Modimo. (Johanne 8: 42-44.) Sehlotshwana seo se mamelang seo Moya o se bolelang ke se fumanang tshenolo jwalo kaha lengolo la I Bakorinthe 2:6-16 le hlalosa. Ke bona ba nang le tshenolo ya Modimo. Ke bona ba tswetsweng ke Modimo. Bakolobeditswe mmeleng wa Morena Jesu Kreste ka Moya wa Modimo. Bakolobeditswe ka Moya o Halalelang.
Ho ka tswella ho hlakisa sena seo re qetang ho bua ka sona, le ho sebedisa Lengolo le dumellanang le seo ha re ntse re nahana hore na ke mang ya nang le tokelo ya ho kolobetsa ka Moya o Halalelang, bona seo Jesu a se bolelang ho Johanne 6:45, "Ho ngodilwe mangolong a baporofeta, Batla rutwa bohle ke Modimo." Empa sheba ho Isaia 54:13 seo mona se nkuwe sare, "Bana ba hao bohle ba tla rutwa ke Morena. " Bojohle ba Modimo ke BANA BA MODIMO. Ho tjhong hore kaho otloloha ke ngwana wa Modimo, (eo Moya wa Modimo o tlileng mme watsamaya hara hae) mme e beilwe hape jwalo ka ha emong a rutwa ke Moya wa Modimo.
Jwale ke kgolwa hore o ya bona jwale hore hobaneng ha diteme ese bopaki ba hore o kolobeditswe ka Moya o Halalelang. Ha le bolele hore ka mongwaha o itseng feela "Ya nang le neo ya ho bua ka dipuo a bue seo Moya o se bolelang." Hono ho beha diteme, tlhaloso ya tsona, le boporofeta, j.j. ka thoko jwalo ka bopaki. Bopaki ke HO UTLWA seo Moya o se bolelang. Moya o ya bolela. Eya, Moya o ya ruta. Ke hantle seo Jesu a boletseng hore o tla se etsa ha atla. Johanne 14:26, "Mme o tla leruta tsohle mme otla lehopotsa le tsohle tseo ke le boleletseng tsona." Mme ke seo se etsahalang. Ke ka mokgwa oo Evangedi e ngotsweng ka teng. Banna bana baile ba hopola seo Moya o Halalelang ona Mantswe a neng a bua ke Jesu. Ke ka hoo Evangedi eleng tshopodi. Ba lokile. Empa Moya hao ya tlisa feela kgopolong tsa bona O ile wa ba ruta hape le ka nnete eo baneng ba se ba e tseba. Ke ka mokgwa oo Paulose a ileng a fumana tshenolo. O re ka yona, "Empa ke lebolella hore Evangedi e ke rerang hase ya motho. Hobane ha ke ya e fuwa ke motho, mme ha ke ya e rutwa ke motho (hase ya motho) empa ka tshenolo ya Jesu Kreste." Bagalata 1:11-12. O ruta seo ka Moya o Halalelang.
Ka tsatsi le leng Jesu one a le lefatsheng, monna e mong wa bohlokwa oile a moetela. Monna enwa oile a re, "Rabbi, re ya tseba hore o Moruti ya tswang ho Modimo." Empa o tla hlokomela hore Jesu o ile a mokgaola ka pele. O ile a fetohela ho Nikodemas mme mantswe aileng A bua o buile mohlomong ka tsela esa thabiseng, "Ha KE MORUTI. Ke Konyana e Hlabilweng bakeng sa sebe. Ke etsa hore hobe bobebe Tlhahong ya Moya o Halalelang. Empa ho nale ya tlang Moruti. Ke Moya o Halalelang." Ha Jesu a ne a tloswa lefatsheng O tlile jwalo ka Konyana, mme jwalo ka Moporofeta. Empa ha A kgutlela Kerekeng ya Hae ka Moya o Halalelang A fetoha Moruti.
Mme ho mongwaha ka nngwe a utlwa nnete. "Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolelang dikereke." Empa ke motho ya tletseng Moya o Halalelang feela. Ha ho ya utlwang seo. Tjhe monghadi. Ba ka se kgone ke seo moapostola Paulose a se bolelang ho I Bakorinthe 2:6-16.
Jwale sena se ka o makatsa. Ho nale dithuto tse ngata tseo o ka se diutlwisese hantle le hoba thata. Hobane Basemoya BALOKELA ho bua ka diteme kapa ha oya kolobetswa ka Moya o Halalelang, ba latola banna bale ba baholo bo Knox, Moody, Taylor, Goforth le ba bang bare ha baka ba fumana Moya o Halalelang, kapa ba bua ka diteme sekgukgung mme bane ba sa hlokomele. Jwale seo hase nnete. Tjhe monghadi. Ke pherekano feela eo. Diteme hase bopaki ba hore o kolobeditswe ka Moya o HALALELANG. Empa ele eng ya dimpho tse ho I Bakorinthe 12. Haho Lengolo lereng o fumana Moya o Halalelangka ho bua ka dipuo kapa o amohela Moya o Halalelang ka dipuo. Empa lere "Kamora ho tlatswa ka Moya o Halalelang ba bua ka diteme," mme ha morao lere ba porofeta.
Empa hara mohlape o mongata matsatsing a na ho tletse hore o amohetse Moya o Halalelang hao bua ka ditime hao bua ka puo e tlwaelehileng ya Moya o Halalelang. Empa ha ho jwalo ho batho ba bangata ba ka bua ka diteme empa ba bua ka moya osele. Jwale ha re re utlwile batho bohle ba bua ka diteme. O ka tseba hore na ke Moya o feng o Buang le hore ke ofeng oo eleng wa satane? Ke bile hara bahedene moo baloi ba nwang madi hotswa ka lehateng la motho, ba bua ka diteme le ho ditoloka le ho porofeta. Batseba le ho ngola ka diteme. Jwale ha ele PONTSHO ya hore o amohetse Moya o Halalelang, mme ha hole jwalo he ho tla hlokahala hore diteme tsohle ke tsa Modimo. Empa e bile ka diteme moo batho ba bileng ba sa hlokomele diteme tseo e leng tsa Modimo le tse seng tsona tsa Satan. Jwale potso yaka ke, "Ke mang ya tsebang seo eleng nnete? Ke mang ya utlwisisang seo seneng se buuwa? Ke mang ya nang le Moya wa ho hlwela meya?"Jwale ho fumana karabo tseo re tla fumana se etsahalang, empa ho fihlela neng, empa re lokela ho fumana seo eleng sona ka diteme. O ya bona hantle jwale hore hao dumela taba ya hore ha o dumellana le taba ena mme o sa tsebe se bolelwang, o lokela hotla sebakeng seo moo dipuo e lokelang hoba tsa Modimo. Mme hona ho tla re isa moo re tla dumela hore satane ha a tsebe ho bua ka diteme. Na haho jwalo; tjhe, e seng le ka motsotso. Mosebeletsi e mong le emong wa Modimo o tseba hantle hore satane o ya kgona ho bua ka dipuo lefatsheng le seng la haeno ka puo ya moo, jwalo hantle seka ha ke tseba ka tsebo e kgolo.
Boramahlale ba Pentecostal ba ya dumela hore ha ho Lengolo le bolelang hore ho bua ka diteme ha ba kolobeditswe ka Moya o Halalelang. Baya hlalosa hore sena ba se fumana hotswa fela tsebong ya bona eseng ho ya ka Buka ya Diketso moo babararo ho ba bahlano baileng ba bua ka diteme. Mme ba bile bare kantle ho Lengolo bare ho nale mefuta e mmedi ya dipuo. Bare tse ding ke tseo o buang ka tsona ha o amohela Moya o Halalelang mme ke `bopaki', mme ha nako entse eya hao dumela, o ka newa mpho ena ya ho bua ka diteme ha oa dumela mmo o ka kgonang ho bua jwalo tjena. Leha, bare, hang ha o buile ka diteme, o ka se kgone ho bua ka tsona hape. Hang hape o ya tseba moo sena se fumanwang e lokela hoba Lentsweng. Ha le le siko moo, jwale E TLABA O YA EKETSA HO LENTSWE. Empa ho nale se seng ka Lentswe ka taba ena ka ho fella. I Bakorinthe 13. E hlalosa ka puo tsa batho le mangeloi. Ho tjhong hore ke puo tse tsejwang le tse sa tsejweng. Modern Pentecostals ere o amohela Moya o Halalelang ka dipuo tse sa tsebahaleng tsa mangeloi. Banale se seng ka pele ho pere, bakeng sa Diketso 2 batho ba bua ka dipuo le ba sa dumelang ba utlwa seo le ho se utlwisisa.
Jwale ha Modimo a kgutsitse re lokela ho kgutsa le rona. Empa moo a buileng teng re lokela ho bua le rona, mme re bue seo a se buileng. O re boleleltse bopaki, kapa setla etsahala kamora ho kolobetswa ka Moya o Halalelang jwalo ka re na le Moruti ya re rutang le ho re ruta nnete. Empa Moruti eo o ele MORUTI YA KA HARE, eseng moruti ya kantle. Ha Moya o ne ole siko ka hare, o ne o ke ke wa utlwisisa nnete ka Tshenolo ha o e utlwile letsatsi le letsatsi. E ne e le pontsho e kahare mehleng ya Paulose. Baneng ba kolobeditswe ka Moya ba ile ba utlwa Lentswe, ba le amohela mme baphela ka lona. Bao ba neng ba sena Moya ba ile ba le utlwa feela jwalo ka ha ho bua batho, ba beha botoloko bo fosahetseng mme ba wela sebeng.
Mongwaheng o mong le e mong, (mme mongwaha o mong le o mong Moya o Halalelang o teng bakeng sa badumedi ba nnete) -- ke re, mongwaha ka mongwaha bopaki bone bole teng. Banang le Moya, Moruti, utlwa Lentswe, mme Moya o ile wa baisa Lentsweng le ho le ruta (a le senola) ho bona; mme ke baneng ba utlwa molaetsa wa lenqosa mme banka molaetsa oo ba o phela.
Ke ya tseba hore ha re ka ya matsatsing a na a morao a Pentecost le letsatsi la Moya o Halalelang o ne o wela ntlong ya Cornelius mme ponahatso tseo tse pedi ha di bonahala jwalo ka bopaki ba Kolobetso ka Moya o Halalelang. Empa ketsahalong ka nngwe dipuo tsena dine di utlwisiswa ke batho ba leng moo. Sena se fapane le pherekano e o re e bonang matsatsing ana kopanong tsa Bohalaledi. Mme ha sena se sa tswelle jwalo ka lebaka, re tla reng ha re bolellwa hore ya sakang a kgona ho bua ka diteme honale diponatso tse robedi tse hlahang, jwalo ka mantswe a bohlale, ponahatso ya Moya, lentswe la tsebo, tumelo, phodiso le mehlolo? Mme ponahatso ena ke kganya ya diteme kapa neo tsena tsa dimpho; jwale ha re bona batho, basakang ba bua ka diteme, sebedisa dimpho tse kgolo ho feta ho nale ho bua ka dipuo, mme re lokela ho tlosa kgopolo e jwalo hohang ho rona.
Jwale o ya bona, re ka se bue seo Bibele e sa tjho. Ha Lengolo le re ruta hore mosebetsi wa Moya o Halalelang, mme o bonahala ho Motho ya Hlohonolofaditsweng ke ho tlisa nnete ka peo ya sebele ka mongwaha, mme re tseba nnete hore e dule nneteng ho motho kapa a ka se fumane nnete ka nako. Amen. Ke sona hantle. Mme ha mengwaha ene ele teng e tiisitswe, bafela batla ela ho fumana nnete.
Jwale pele re bea taba ena ke rata ho itlhakola tabeng ya Kolobetso ya Moya o Halalelang ho ya ka Lentswe. Hase ho ya ka nna, mme ha se ho ya ka nna. Ke ho ya ka "Hotjho Morena," kapa re etellwa pele ka tsela e fosahetseng. Amen.
Ho qala feela otla hlokomela hore ha ngata ha ke qeta ho rera Evangedi, kapa molaetsa o mong wa thuto, ke lahlela letloha mme ke lebelle hore na batho ba etsang. Ke bakopa hotla pele ho amohela Moya o Halalelang. Metswalle yaka ya Pentecostal, bankutlwa ha ke bua taba ena batla nka hore ke ba biletsa ka pele ho kolobetswa ka Moya o Halalelang hobane haba bone ka tsela eo. Jwale ha ke bitse seo tlatso ya Moya o tlo sebetsana le batho ka hoo ho Moya, batho bana ba tswela pele mme ba sebetsana le batho ka mokgwa o jwalo ke ho bakgothaletsa hotla ho Modimo le ho dumela ditemeng. Sena se hlotse pherekano e kgolo ke rata ho o hlalosetsa hantle seo ke se bolelang. Ke bolela hore moetsadibe a tle ka pele mme ba tswalwe la bobedi, eleng ho kolobetswa mmeleng wa Kreste ka Moya o Halalelang eleng seo se nkang sebaka ho Pentecost ha kereke ene ele yona. Ka mantswe amang, ho tswalwa ka Moya ke kolobetso ka Moya o Halalelang. Ke ntho ele nngwe e tshwanang.
Jwale ke ya hlokomela ho tlamehileng hore re kopane, jwalo ka batho ba bangata kene ke beilwe moruti wa Baptist mme ke ile kaya mme ke Baptists ba lahlehile ka Moya o Halalelang HA MODUMEDI o dumele, hobane haho jwalo. O moamohela "Ha o dumela." Diketso 19:2-6. "A re ho bona, na lese le amohetse Moya o Halalelang ha e sale le dumela? Mme bare ho yena, ha re so utlwe hore O teng.
Mme a re ho bona, Lekolobeditswe ka kolobetso efeng? Mme ba re ho yena, Ka kolobetso ya Johanne. Yaba Paulose ore, Johanne o ne a kolobetsa pakong a re ho batho, a re batho badumele Ya tlang ka mora hae, e leng Kreste Jesu. ha bautlwa sena, Baile ba Kolobetswa ka Lebitso la Jesu. Mme ha Paulose a ba beile matshoho, Moya o Halalelang wa theohela hodima bona: mme ba bua ka dipuo, le ho porofeta." Ke e o moo e hlahellang. Paulose o botsitse, "Na le amohetse MOYA O HALALELANG HAE SALE, ESENG HA le dumela. " Mme ho nale phapang e kgolo moo, hobane ke KAMORA re dumela hore re amohela. Baefese 1:13 ke bopaki ba se neng se etsahala mane Efese ho ya ka Diketso 19, "Eo le lona le Motshepileng, KAMORA HORE LE UTLWE NNETE, Evangedi ya pholoso; eo e bileng KAMORA hore le dumele (e seng ha le dumela), lene le tiisitswe ka Moya o Halalelang." Jwale ke ena ntlha yaka. Tse ngata dikgopolo tsa rona le ditsebo tsa rona (tse bitswang) dumela ho pholoho ka nako e itseng eo ka tsela tse ngata "ho etsa sena," mme ba bitsitsweng ba tswetsweng la bobedi. Jwale ho amohela Kreste ke ho amohela Moya wa Hae. Ho amohela Moya o Halalelang ke ho tswalwa labobedi. Ho amohela Moya wa Hae ke ho Kolobetswa ka Moya wa Hae. Amen. Sena ke seo mohlape o se dumelang. Hona ke ho hotle. Empa ba ema moo. O amohela Moya o Halalelang KAMORA ho dumela. Ho ne hole jwalo mme ho tla dula hole jwalo. Lentswe la pele ke letshwao le lebisang ka seo Peterose ka Pentecost ha ne a re, "Bakang mme e mong le emong a kolobetswe, ka Lebitso la Jesu Kreste bakeng sa tshwarelo ya dibe mme letla fumana Moya o Halalelang jwalo ka mpho, hobane tshepiso ena e etseditswe lona le ditloholo tsa lona, esita le bangata bao Modimo otlang ho ba bitsa.”
Matshwao ana a hlaha hantle ho Peterose ele se supo sa seo se lokelang ho etsahala ka Pentecost. Se ileng sa etsahala ho ya ka Modimo ho Joele ha ane a tshollela Moya o Halalelang hodima nama yohle. Ha o yaka wa tshollelwa pele ho nako eo eneng e baduwe. Ke sona se ileng sa etsahala. Empa SENA ke seneng setla etsahala kamora ho kolobetso hoya kolobetswa ka Jesu Kreste, mme Modimo o ne a lokela hotla kwala sekgeo sesiuweng ke ya tlileng. Peterose, kapa e mong wa baapostola leka ha a ka are, "Le lokela ho tswalwa labobedi, mme kamora moo ba fumane Moya o Moya o Halalelang.”
O na ke mokgwa o nepahetseng wa ho amohela Moya o Halalelang, hlokomela hantle se etsahalang hore Moya o Halalelang o wele hodima bona. Diketso 8:5-17, "Haele Fillipi a theohela motseng wa Samaria, a bolela Kreste. Bongata ba eba pelo e le nngwe ho mamela tse bolelwang ke Filipi, ha bo utlwa mme bo bona mehlolo eo a e etsang. Hobane meya e ditshila ene e tloha ho bangata ba kenweng ke yona, e howa ka lentswe le leholo, le ba bangata baneng ba omeletse ditho le diritsa ba fodiswa: Mme thabo e kgolo yaeba teng motseng oo. Monna ya bitswang Simone o ba a se ale teng, ya etsang bonohe motseng oo, o ne a thetsa setjhaba sa Samaria ka ho bolela hore yena ke motho e moholo: Bane ba momamela kaofela, ho qala ka e monyane ho isa ho e moholo, bare, Enwa ke matla a Modimo a bitswang a maholo. Bane ba mokgomarela jwalo, ka hobane ka nako e teleltsana a ne a ba makaditse ka bonohe. Empa e itse hoba ba dumele Filipi yaba o ba bolella taba tsa mmuso wa mahodimo, le Lebitso la Jesu Kreste, baile ba kolobetswa, banna le basadi ba kolobetswa. Le yena Simone a dumela; mme a kolobetswa, o ne a kgomarela Filipi, mme o ne a tsota ha a bona mehlolo le meeka e etswang. Jwale baapostola ba setseng Jerusalem yare ha ba utlwa hoba baSamaria ba amohetse Lentswe la Modimo ba roma Peterose le Johanne: Bao, eitse hoba ba fihle, barapella hore ba newe Moya o Halalelang: (Hobane ono o eso hotheohele le ho ya mong wa bona: empa ba ne ba sa kolobeditswe feela ka Lebitso la Morena Jesu Kreste.) Yaba ba ba bea matsoho, mme ba newa Moya o Halalelang. Ho ya ka kgaolo ya 12, BADUMELA LENTSWE. Ba ile ba kolobetswa ka Lebitso la Morena Jesu. Empa ho ya ka kgaolo ya 16, bakeng sa tseo, haba SOKA BA AMOHELA MOYA O HALALELANG. Ene ele KAMORA ho dumela mme ba kolobetswa hantle hore o fumane Moya o Halalelang. Ke mohlala o motle o beilweng ke Peterose ho Diketso 2:38-39.
Lengolo le leng letlisang kganya tabeng tsena ke Bagalata 3:13-14, "Ho rohakwe mang kapa mang ya fehilweng sefateng: hore lehlohonolo la Abrahama letle ho baditjhaba ka Jesu Kreste, hore (hotle ho) mme re amohele pallo ya Moya ka tumelo." Jwale haho ka moo hoka tjhuwang jwalo "tlhohonolofatso ya Abrahama" ke tswalo ya bobedi, mme hore "tshepiso ya Moya" ke Kolobetso ka Moya o Halalelang jwalo kaho arohana. Hobane Lengolo lere: "Jesu o shwele sefapanong, mme haho kamoo lefu le tsoho, tlhohonolofatso ya Abrahama e tla ho baditjhaba, e lesa Bajuda. Sena se hlaha ka taelo Ya Moya o Halalelang taba ena ekatlang ho Baditjhaba.”
Ho utlwisisa sena seo ke sa tswa buwang ka sona ke hobaneng ha barutwana ba soka ba utlwa Paulose a bolela ka nako efe kaefe are, "tswalwang la bobedi EBE LE tlatswa ka Moya o Halalelang." Babolela hore, mme ba bolela taba tsa bona ho etsa hore, EMPA LENGOLO LERE. Jesu HA AKA ARE. Sheba Johanne 7:37-39, mme o e bale hore o e utlwisise. "Ka tsatsi la ho qetelala mokete, Jesu a ema a hoa are, Ekare ha e mong a nyorilwe, a tle ho Nna a nwe. Ya dumelang ho Nna, jwalo kaha Lengolo le bolela lere, dinoka tsa metsi a kollang ditla kolla mpeng ya Hae. (Empa one a BUA KA MOYA, Hore ba dumelang ho Yena; hobane Moya wa Hae one o so fihle: hobane Jesu one a soka hlohonolofatso.)" Jwale mona e hlalosa hantle hore badumedi ba tla nwa ho Jesu ka tumelo dinoka tsa metsi a phallang ditla kolla ka ho yena. MME E BEHA SENA ELE MOHLALA ho Pentecost. Jwale ho lokisa mohopolo ona bala Johanne 4:10 & 14, "Ho ja o tsebile neo ya Modimo, le hore ke mang ya reng ho wena, Mphe metsi kenwe; ke wena ya kabeng a qetse, mme akabe a o file metsi. Empa emong le emong ya nwang metsiao ke Moneang ona a keke a hlola a nyorwa; empa metsi ao ke monehang ona e tlaba ka ho yena sediba sa metsi a phallang bophelong bo sa feleng." Metsi ona ana aya bolela, empa metsi ana ha a bitswe noka; a bitswa sediba. Ke hona moo batho ba etsang phoso. Hobane hothwe ke sediba le noka, ba nahana hore ho nale sebaka bophelo bo sa feleng bo fumaneha ka Moya mme sebakeng se latelang sena se bitswa nokariver (ho tlisa ho se utlwisese) e lokelwa hoba Moya jwale e neuwe jwalo ka Moya. Eseng jwalo. Ke ntho ele nngwe. Ke Moya o fanang ka matla le bophelo, o ileng wa tla ka Pentekosta.
Ke eng se hlolang ho se utlwisise? Karabo ke, "TSEBO". Re ile ka tsebo e seng Lentswe. Tlosa tsebo ha o ntse o lekanya. Ho nale tsebo e le nngwe feela, lere le le leng feela, mme ke LENTSWE. Jwale sheba hantle mme o fumane. Peterose are, "Bakang mme le Kolobetswe ka Lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe mme letla fumana Moya o Halalelang jwalo ka mpho. " Paulose o re,"Na le se le amohetse Moya o HALALELANG E SALE LE dumela?" Sena ke bothata ba rona mona. Batho ba baka melatong ya bona, e be ba ya kolobetswa metsing, EMPA HA BA TSWELLE PELE BANTSE BA AMOHELA MOYA O HALALELANG. O DUMELA HO AMOHELENG MOYA. Ho dumela ho Jesu ke tsela e ntle e lebisang ho Moya o Halalelang. Empa batho ba ema moo. Baya pele ho fihlela metsing e be baema moo. Ba dumela, e be ba ya ema. Bibele ha e re o amohela HA o DUMELA. Ke, "Na lese le amohetse Moya o Halalelang ESALE LE dumela?" Ya nnete le palo e hlalosa: "Na one, bane ba dumetse pele, o amohetse Moya o HALALELANG?" Batho ba dumela ebe o ya ema. Ha o o amohele Moya ha o dumela HO YENA, HA LE bakile. O yaya mme o amohele Moya o Halalelang. Nao ya e bona taba ena? Ke seo se fosahetseng ka menahano ya rona. Ha ba yaka ba ba le matla hobane baile ba ema ka tsatsi la Pentecost.
Ba tshwana le Baiseraele ha ba qeta hotswa Egepeta ba emisa ho nahana ka Lefatshe la Tshepiso. Jwale bana Israel ba siya Egepeta ka matla a kabang millione tse pedi. Bohle ba ne ba le leetong mmoho, bohle bane ba bone mehlolo kaofela, kaofela baile ba nka karolo manneng le dikwekweng lefikeng le ileng la otlwa, bohle bane baile ba latela TOPALLO YA LERU MOTSHEARE LE TOPALO YA MOLLO BOSIU empa BABEDI FEELA BAILENG BA FIHLELA LEFATSHE LA TSHEPISO. BABABEDI FEELA BANENG ELE BADUMEDI BA SEBELE. Ke nnete hobane Lentswe la Modimo le re bolella hore bohle baile ba shwa ka baka la ho se dumele; mme ka baka la ho se dumele haba yaka ba kena (Baheberu 3:19). Jwale haesale hole jwalo, mme feela KE BA BABEDI FEELA BAILENG BAKENA, mme kaofela bana ba bang bane ba sa dumele. Phapang e kae na? Bababedi ba ile ba dula Lentsweng. Ha pelo tsa dihlwela tse leshome dine di fella Kadesh Barnea, Joshua le Kalebe bane ba dumela Lentswe, "Re bangata ho feta ba leng naheng eo." Bane ba tseba hobane baile ba dula Lentsweng, "Ke le neile lona lefatshe leo." Kamora bohle baIsraele ba bona matla le botle ba Modimo ha ba ya ka ba kena, e leng mohlala wa Moya o Halalelang. Jwale o ya bonahantle hore matsatsing ana ke ba mmalwa batla amohela Moya wa Modimo.
Ho lokile, re tsamaile ho fihlela mona. JWALE KE BATLA HO TSWELLA PELE, mme ha ke tseba seo ke tlo se etsa se nyarosang. Empa ke seo ke senang boikarabelo ho sena. Ke na le boikarabelo ho Modimo le Lentswe le hore ke romilwe ke Modimo. Ke lokela hoba ke ho fana ka taba ena.
Ho Johanne 6:37 le 44 e re, "Bao Ntate a nneang bona ba tlatla ho Nna; mme ya tlang ho Nna nkase baleleke. Haho motho ya katlang ho Nna: mme ke tla motsosa ka tsatsi la bofelo." Johanne 1:12-13, "Empa bohle ba leamohetseng bana le tokelo ya ho bitswa bana ba Modimo, eleng badumelang Lebitso la Hae, ke batswetsweng, e seng ka madi, kapa ka thato ya nama, leha ele ka thato ya motho, EMPA KA THATO YA MODIMO." Baefese 1:4-5, "Kamoo a re kgethetseng ho yena ka teng ha o ne oeso thehe lefatshe, hore re tle re halalele mme re hloke sekodi. Hobane leratong la Oona, o ne o re re pele hore bea bana ba Oona ka Jesu Kreste, ka boithatelo ba bona." Jwale ntle leho itshunya haholo kaho kopana le Modimo (hobane seo setla nka ntlha) a kore ke bontshe mona kgaolo tsena, Jesu Kreste o kgetha monyaduwa wa Hae ka motsotso ona. Monyaduwa kajeno o ilo nka monna ya itseng bakeng sa monna. Tjhe monghadi. Tjhe ke monna ya ikgethelang monyaduwa. (Johanne 15:16, "Ha le ya Nkgetha; empa Ke le kgethile.") Jwale ho ya ka Lentswe la Modimo, monyaduwa o kgethuwe pele lefatshe le thewa. Kgetho ena ya monyaduwa ene ele ya Hae. Baefese 1:9. mme ho Baroma 9:11 ere "Hore hotle ho bonahale morero wa Modimo." O ka se e bale ka mokgwa o mong. Lebaka la pelo, morero osa feleng wa Modimo ene ele HO IKGETHELA MONYADUWA wa Hae, mme lebaka kabo yena, mme eleng se sa feleng esale lefatshe le thewa.
Shebisesa hantle o tla bona seseng. Pele hoba le lerole le lenyane; pele Modimo eba Modimo (Modimo ke karolo ya tlhompho ya eo re morapela, Hotjhong hore ene ele Seseng seitseng.) mme one a tsejwa feela ka Moya o sa feleng, Monyaduwa one a se ale kgopolong ya Hae. Eya, o ne ale teng. O ne ale mohopolong wa Hae. Mme ke mohopolo oo wa MODIMO? HABA FELE ha ho jwalo na?
Mohopolo o sa LEKANYWENG WA MODIMO a nke ke botse, "Na mohopolo wa Modimo hao fele na?" Ha o ka bona sena, o tla bona ntho tse ngata. Modimo ha a fetohe le boitshwarong. Re badile le ho ikgodisa Modimo ha a fetohe mme ha a fele. Ha tse sa bonahaleng, hobane ha A phomole, mme ha a hloke kgothatso, Mme ha ho nako eo A ka e ketsang mohopolong wa Hae. Ha a ne a ka e ketsa tsebo ya Hae, e tlabe Ha a eme Lentsweng la Hae. Se molemo seo reka se bolelang ke hore ka nako enngwe o tla. Empa seo ha se Lengolo. Ha a fetohe. Ha a kabe a ba lekgopolo e ntjha ka se seng hobane ha akaba a fetohile le ka mohla, mme o tsibile pheletso esale ho qaleng ke Modimo. KE HORE MOHOPOLO WA MODIMO HA O NA HO FELLA. KE WA NNETE. Hase o bobebe jwalo ka wa motho o ngotsweng hore mohlomong ka tsatsi le leng o fetohe leho etsa, empa ke wa nnete osa fetoheng, mme ke karolo ya Modimo.
Bona kamoo sena seleng ka teng. Modimo o ne a beile mohopolo wa Hae ho Adama. Adama, jwalo ka mohopolo, o ne a sa bonahale. Pesalema 139:15-16 re tla ofa kgopolo e nngwe ka sena, "Mmopo ha o yaka wa pateha pela Hao ha ne ke etswa sephiring, ke lohuwa ditho botebong ba lefatshe. Mahlo a Hao a bone moloho wa tsona, matsatsi a ka a ngodilwe kaofela; hammoho bukeng Ya Hao ana ase a badilwe, a e sobe teng. " Hore, jwalo kaha ke bolela, a ne a sa ngolwa a Adama empa se ofa kgopolo ya tsebo ya hore ane ale kgopolong ya Hae, mme mohopolo oo one o se ole teng. Jwale ha Adama ha ane a itlhahisa, mme ho ne hole mohau.
Mme re tla ya fatshe haholo. Re fumana Moshe, Jeremia, Moapostola Johanne, mme ka bonngwe ene ele mohopolo wa Modimo. Ebe re tla ho Jesu ka MAANO. Ene ele o felletseng MOHOPOLO ITLHAISA mme A tsejwe jwalo ka Lentswe. Ke seo A LENG SONA, mme ka ho sa feleng OTLA DULA ALE JWALO.
Jwale are "Ya re kgethileng ho YENA (Jesu) pele lwefatshe le thewa." Ho bolela hore hantle MMOHO le YENA mohopolo le monahano wa Modimo pele lefatshe le thewa. Efana E SAFELENG TIISO YA HO KGETHWA. O ka se balehele sena.
Ha nke ke kenyeletse sena. Esita le tswalong ya rona ya nama. Popelo ya mosadi e hlahisa, mahe. Empa hobaneng ka nako e nngwe ho hlaha hore lehe le leng hale none? Mme ebe hara setona, hobane haho lebaka le tsebahalang kokwana hloko e etlang ho hlasela lehe ha babang bana le bobebe jwalo feela ho hlasela, kapa ba nale monyetla wa ho etsa seo mme ebe baya shwa. Ho nale se seng ho sena, kapa ho tsebahala hore ngwana ke moshemane kapa ngwanana, blond kapa ya brunette, ya kganyang kapa ya mahlo a matsho, j.j. Ka monahano wa ho nahana ka Joshua le Kalebe. Na Jesu ha are ho Johanne 6:49 "Bontata lona ba jele manna mme bashwele kaofela?" Batswadi bao bashwele mme jwalo ka ha Jesu a boletse. Bashwele, bane bale kgethong ya Modimo Joshua le Kalebe ene ele Semoyeng.
Empa tswela pele. Sena e ne e se feela monahano o sa feleng wa Modimo nakong ya mengwaha, empa bona bana bakgethilweng ba bitswa ka bitso le leng. Baroma 4:16. "Hore etle ebe ka mohau, pallo e tiye ho leloko lohle la Abrahama, empa eseng lona feela ka molao feela, ebele le ho leo eleng tumelo ya Abrahama, ntata rona bohle." Baroma 9:7-13, "Hape, le bao e leng leloko la Abrahama, ha se bana ba hae kaofela: empa ho itswe, ba tla biletswa leloko letswang ho Isaka. Ke hore, bao eleng bana ba nama hase bona e leng bana ba Modimo: empa bana ba pallo ke bona ba balwang leloko. Hobane Lentswe la pallo ke lona lena, Ke tlatla ka nako e jwalo ka ya jwale, mme Sara o tlaba le mora. Mme hase hoo fela; empa le yena Rebeka o kile a emola ka ya le mong, eleng ntata rona Isaka; (Hobane mafahla ene ere a eso ho tswalwe, a eso etse botle le bobe, hore hotle ho bonahale hoba morero wa Modimo, ha o kgethile motho, o tiile eseng ka mosebetsi, empa ele ka thato ya ya bitsitseng;) ho kile hathwe ho yena Rebeka, Ya moholo o tla sebeletsa e monyane. Jwalo kaha ho ngodilwe, Jakobo ke moratile, empa Esau ke ile ka mohloya." Bagalate 3:16, "Mme jwale dipallo di etseditswe Abraham le le loko la hae Hahothwe, Meloko, jwalo kaha ho bolelwa e mengata; empa ka ho lekanya le le leng feela, Le ho leloko la hao, eleng Kreste." Bagalata 3:29, "Mme ha le le ba Kreste, ke moo le leng leloko la Abrahama le majalefa." Ho ya ka Baroma 4:16 re fumana hore ho fana ka Tshepiso ya Nnete ho bohle bao eleng leloko la Abrahama, mme Paulose a ipeha le hoba tlasa badumedi hobane o itse "Abrahama eo eleng NTATA RONA BOHLE." Yaba ke moo a atamelang tlhakisong ena, le ho e qetella ho Bagalata 3 o ile a hlalosa PEO (bonngwe) ka Jesu, mme a ballwa "peo eleng bana" jwalo ka bana ba tshepiso, mme a tshepisa "kgethong", kapa "kgethong ya Modimo". Mme ke seo hantle ke neng ke se bolelang. Bana ba leng peong ya sebele ya Modimo; ke ba tiiseditsweng, tsebong ya Modimo, mme bane bale mohopolong wa Modimo le monahanong wa Hae. Ka kelello e phethahetseng Monyaduwa wa KRESTE ONE A LE MOHOPOLONG WA MODIMO KA HO OTLOLOHA ka ho sa yeng kae, leha ene e so hlahiswe kapa ho bonahatswa kapa ho ralwa, ka mongwaha. Ha leloko le leng le le leng lehlaha KABOTLALO mme le nka sebaka sa lona mmeleng. Ho bolelang hore monyaduwa enwa ke setho sa PEO YA LENTSWE LE BUILWENG. Mme o entswe ka tsela hore ke "mmele wa Kreste". ho hlakile hore a bitswe ka mokgwa o jwalo ka Yena, hobane a tswa ka mothapo o le mong, ke wa seo a hlahileng teng, mme jwale ke ho hlahisa Modimo ka tsela tse ngata a iketsa LELOKO LE LENG, e sita le Morena Jesu Kreste.
Jwale, ke rona bana re tla qetong. Jwalo ka Maemedi (Modimo) o ne a le jwalo ka Mora, eleng Jesu a tsamaya ka botlalo Bomodimo, le Ya sa feleng Ntate ya matla a itlhaisa nameng, mme a fumana leemedi la Mora, leha hole jwalo re, ka ho sa feleng re dula re nale ho hong mme re lokela ho inehela hoba Peo ya Lentswe le Builweng, bonahatswa nameng, le mohopolo oo osa feleng nameng jwalo ka mora wa Modimo, le jwalo kamoo re bitsitsweng ka teng. HA RE YABA PEO KA HO TSWALO, RE BILE PEO KA TSELA E JWALO REKA TSWALWA LABOBEDI. Hobane rene RELE PEO ke lebaka la peo eo. Ho BAO ESENG PEO haho tsela enngwe.
Boloka sena ka pelong ya hao. Jwale nka bohato bolatelang. Ho pholoswa ho hlalosa ho reka. E boloka monga wa nnete. Modimo, ka lefu la Hae, madi a tsholohileng A ILE A RE REKA. Oile a reka hape Monyaduwa wa Lentswe le Builweng. "Nku tsaka diutlwa Lentswe Laka (Lentswe) mme di Nlatele." Kamehla o bile nku. Ha o yaka wa tloha o bile kolobe kapa ntja e fetoletsweng nkung. Haho kgonahale ho ka hlahisa ntho ele nngwe kamehla haho na phethoho hohang. Jwalo kaha re bile mohopolong wa Modimo mme wa re hlahisa nameng, Hotla letsatsi moo re tla utlwa Lentswe la Hae (Lentswe) , mme ho utlwa Lentswe leo ke ho hopola Ntata rona, le ho hlokomela hore re bana ba Modimo. Re utlwile Lentswe la Hae jwalo ka mora ya lehlaswa, "Mpholose, Oh, Ntate. Ke ya kgutlela ho Wena.”
Mora wa Modimo a ka tsamaya sebaka se se le le le pele a ka hlokomela hore ke mora wa Modimo. Hantle feela Mokreste pale ya hae e tshwana le pale ya ntsu e nnyane e qhotseditsweng tlasa kgoho. O ya tseba hore ntsu e hlalosa mokreste wa sebele. Ho lokile, molemi o ile a fumana lehe la ntsu robeng sa ntsu mme a fihla a leqhotsisa tlasa kgoho. Ha nako entse e tsamaya kgoho ya qhotsa. Ditsuonyana tsa tswa tsa tsamaya hantle feela le mma tsona dintse difata fata bakeng sa dijo. Mme ya kgona ho ipatlela dijo empa e ne e ferekane ka se etsahalang ka yona. Empa ka tsatsi le leng, ho tloha ka tsela ya mma yona wa ntsu ya ileng a behela lehe. Mme a theoha ka potlako a hweletsa hodimo ka lentswe la hae hore a fofe a tle ho yena. E ne eso utlwe ntsu e lla, empa ha e utlwa lentswe leo se seng sa etsahala ka ho yena mme ya mamedisa lentswe leo. Empa ene ele boi ho ka leka. Hape mma yona a hweletsa hore a nyolohe ho yena sebakeng. Yaba e ya araba e re eya tshaba. Hang hape ya hweletsa, hore e leke. Ya o tlanya mapheo a yona, mme ya araba mma yona, ya fofela hodimo ho mma yona. O ya bona e ne entse ele ntsu. E ne eleka hoba tsuonyana empa ena le pelaelo. Empa re utlwile pitso ya Ntsu e kgolo. MME HANG HA MORA WA SEBELE WA MODIMO A UTLWA LENTSWE KA MOYA, le yena, o tla hlokomela hore a balehele Ntsung e kgolo Moporofeta le hoba le Yena ka ho sa yeng kae ya dutseng tulong tse phahameng le Kreste Jesu.
JWALE HOTLA TLHOLO YA RONA CAPSTONE ho Kolobetso ka Moya o Halalelang Bagalata 4:4-7, "Empa nako ha di phethehile, Modimo o romile Mora oona, Ya tswetsweng ke mosadi, a hlahetse pusong ya molao, atle a lopolle batho tlasa molao, retle rebe bana. Mme ereka ha le le bana, Modimo o rometse dipelong tsa lona Moya wa Mora wa oona, o howang ore, Abba, Ntate. Ke moo le sa hloleng le le bahlanka, empa mora; mme ha ole mora, hape u mojalefa wa Modimo ka Kreste." Ke eo he. Jesu Kreste a hlahella, o shwele sefapanong, mme a kopana Pholosong (ho kgutlisetsa ho monga teng, kapa a lefa ka theko) mme ke moo RE BEILWENG BARA. Ha aka a rera, hobane re ne re se rele bara le pele ho moo, empa a re bea jwalo ka bara; leha re sale lefatsheng, nameng, re ka se tsebahale rele bana ba Hae. Rene re tshwerwe ke diabolose. Empa re ne re le bara, haho tika tiko. Mme utlwa sena: MME HOBANE LE LE BARA BA HAE, MODIMO O ROMILE MOYA WA MORA WA HAE DIPELONG TSA RONA O LLA ORENG, NTATE, NTATE." Moya o wetse ho bomang ka Pentecost? Bara. Kwana Korinthe? Hodima bara ha ba UTLWILE LENTSWE.
Ke eng Kolobetso ena ya Moya o Halalelang? Ke kolobetso ya Moya o Halalelang Mmeleng wa Jesu Kreste. Ke tswalo e ntjha. Ke Moya wa Modimo ka tswalo entjha ha o se o bakile, (o utlwile Lentswe) mme o kolobeditswe ka bopaki ba Moya wa nnete wa Modimo.
Se re sa tswa sebuwa sekaba molemo haholo ha re ka latela thuto ya bonngwe ya Bomodimo. Hobane haho ba bararo ba Modimo empa A LE MONG. HO TJHO HORE HASE ho tswalwa la bobedi ka Moya wa Modimo ka Jesu a etla, mme a bolela ka Moya o Halalelang o tlile ho re neha matla. Ha seo ene ele nnete, ke hobaneng ha re sa mamele Ntate ka ho sa mofe karolo ya pholoso ka botlalo, hobane haebe pholoso ele ya Modimo bale bararo, jwale O (Ntate) o lokela hoba le se seng, le yena. Empa ho ya bonahala hore Jesu o hlakisitse sena Yena le Yena ale Mong ke Modimo na Yena ale mong ya TLANG KAHARA BADUMEDI. Johanne 14:16 ere Ntate o tla romela Moemedi. Empa kgaolo ya 17 ere ke ha O (Jesu) a tsamaya hara bona NAKONG YA ho qetela. ho kgaolo 18 O re o tlatla ho bona. Ho kgaolo ya 23 ha a bua lebarutuwa ore, "Rona (Ntate le Mora o tla tla ho yena." Ho bolelang hore ke Ntate, Mora le Moya o Halalelang kaofela batla mmoho KE MOTHO ALE MONG A BONAHATSA BOMODIMO. Seo seile sa etsahala ho Pentecost. Ho nale tse ngata tse tlang ka Moya o Halalelang, ale mong feela. Bothata ke hore batho ha ba tsebe nnete, mme badumela feela ho Jesu bakeng sa tshwarelo ya dibe empa haba amohele Moya o Halalelang.
Pele ke kwala taba e na ke ya tseba hore ho na le potso dikelellong tsa lona. O tla rata ho tseba le ho dumela ho thuto ya tlhahiso. Ha ke dumele ho thuto eo ya Mamona ho itlhahisa meya ho feta moo kamohelong le tiisong ya seo. Hlokomela mona le seo. Ha se motho ya tlang kapa ya tlohang ka ho sa feleng ho Modimo, KE LENTSWE, KAPA PEO. Ke sona seo. Nakong e fetileng hona moo, hole mola morao mohopolong wa motho, Modimo ka Mohopolo o sa feleng le ka Monahano osa feleng, thuto le tsebo, "JAKOBO KE MORATILE, EMPA ESAU KE MOHLOILE, (Baroma 9:13) MME HA HO YA TSWETSWENG MME HAHO YA ENTSENG BOTLE KAPA BOBE. " O ya bona, e ne e le MOHOPOLO, mme monahano wa hlahella, mme Modimo wa tlisa Jakobo, hobane Jakobo ale mong ENE ELE PEO. Jakobo, a le mong o ne a nale peo; KE LONA LEBAKA LENENG LE ETSA TLHAHO YA HAE EBE YA MOHLANKA WA MODIMO. Ha o le peo ya sebele, o tla utlwa Lentswe; Moya o tla o kolobetsa mmeleng wa Kreste, o otlatsa le ho apesa, mme o tla amohela Lentswe la mongwaha wa tsatsi leo. O ya bona hore na Lentswe le e senola jwang taba ena? Hape, hlokomela, Jesu ene ele Peo ya Borena O ile a phela mmeleng. HA MOYA O MMITSA (Lentswe le Bonahaditsweng mohopolong) , O ile Jordan mme O ile a kolobetswa metsing. Ka ho dumela Lentswe, Moya o Halalelang wa theohela hodima Hae ware, "Enwa ke Mora waka, Mo utlweng." Lentswe ha le yare, "Enwa o bile Mora waka," Jesu E NE E LE MORA. MOYA O Halalelang o, ile wa mmea ele Mora pela bohle. Kamora ho tlatswa (mme yona tsela ela e ileng ya etsahala ka Pentecost mme ka ho sa feleng kamora moo), O ile a ya hlahisa matla ao, bafumana ka botlalo tshenolo ya Modimo le hotswa ho Modimo, bakeng sa tsatsi leo.
Jwale re boile bopaki ba nnete ba kolobetso ya Moya o Halalelang ke ya badumedi ba dumetseng Lentswe bakeng sa mongwaha oo a phelang ho ona. Ere ke o bontshe hantle.
Kereke tse supileng ho ya ka Tshenolo 2 le 3 e nka Botlalo Bohle ba baditjhaba, kapa nako kaofela eo Modimo a sebetsang ka teng ho pholosa baditjhaba. Ho mongwaha ka nngwe, empa haho le a mong, e bolela ntho ele nngwe ka mongwaha. "Ho lenqosa la (Ephesus, Smyrna, Pergamos, Thyatira, Sardis, Philadelphia, Laodicea) ngola; Taba tsena ho tjho Ya, j.j., j.j." ... Ya nang le ditsebe, ha a (bonngwe) a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke." Hlokomela mona Jesu (ka Moya) ho MONGWAHA KA NNGWE O itlhahisistse A LE MONG KAMANO YA LENTSWE KA MONGWAHA. A le mong morumua bakeng sa mongwaha ka Moya o Halalelang o lokela hore, mme LE LE LENG JWALO LENQOSA LEO ke lenqosa la kereke ya nnete. O buella Modimo Tshenolong ya "dikereke", bobedi le nnete. Lenqosa le naletsohle tse hlokwang ke Moya. Leha le lokela ho bolela tse tlang ka lenqosa, molaetsa oo oya lenqoseng ka ho otloloha kopano ka tsela e itseng. Ka bonngwe maloko a lokela ho utlwa seo Moya o se bolelang ka ho otloloha ka lenqosa BAO BA UTLWANG HA BA HLAHISE TSHENOLO TSA BONA, kapa sehlopha se itseng se bokeleditse ditshenolo, EMPA MOTHO KAMONG HA UTLWILE LENQOSA OSE A FUMANE SEO HOTSWA HO MODIMO.
Nahana hore sena hase makatse, hobane Paulose o ile a tsamaya ka letsoho la Modimo. Paulose ale mong o nale tshenolo e tletseng bakeng sa mongwaha wa hae jwalo ka baapostola ba bang baneng ba amohela Paulose ene ele Moporofeta - Lenqosa ho Baditjhaba bakeng sa tsatsi leo. Mme mmoho hlokomela hantle taelo ya Lentswe, hore ha Paulose ane ana le takatso ya ho ya Asia, Modimo wa mohanela, hobane nku (bana ba Hae) bane bale Masedonia mme bale (Masedonia) bane batla utlwa seo Moya o se bolellang Pauose, ha batho ba Asia bane baka seke.
KA MENGWAHA JWALE RE NTSE RENALE YONA NTHO EO. Ke ka hoo kganya e hlahang hara ba bang ba Manqosa ao Modimo a wa romileng ho dibaka tse ding, mme ebe e etsa lenqosa le ho kganya hara tshebelotso ba bang ba rutilweng ka ho otloloha. Empa kannete sere ka mehla wa ithuta hore ho bohlokwa jwang ho bua FEELA seo lenqosa le se buileng. (Hopola, Paulose o hlokomedisitse ho bolela seo a neng ase bolela, I Bakorinthe 14:37, "Ha motho a nahana hore ke moporofeta kapa ke wa semoya, ha ake a tsebe hore dintho tseo ke dingotseng ke MOLAO WA MODIMO. Ke eng? ho tla Lentswe la Modimo ho tswa ho yena? kapa hotla feela?") Ba eketsa mona, kapa ho tlosa mona, mme nakwana lenqosa ha le saleyo, mme tsoseletso le yona eya shwa. Re lokela hoba hlokolotsi ho utlwa LENTSWE LE LENG, hobane Lentswe lena ke la Moya ole mong wa Modimo Paulose o ba hlokomedisitse are, e sita jwalo ka Peterose o entse jwalo. O ile a ba laela hore LEHA E LE YENA (PAULOSE) O NE A SA KGONE HO FETOLA ELENNGWE TABA. mohlomong o ka utlwisisa hore hobaneng jwale ha ke itshwarelle nthong tse sa bonahaleng ho Pentecostals. Ke lokela ho itshwarella Lentsweng tsela ya Modimo e ya senola. Jwale ha ke ya fumana tsohle tse tla nka buka e nngwe esele, empa ka thuso ya Modimo re tla fumana tshebeletso le ditapes le melaetsa dintlheng ho ka bontsha sena.
"YA NANG LE DITSEBE A UTLWE SEO MOYA O SE BOLELLANG DIKEREKE KA MONGWAHA." HO mongwaha ka mong ke sello sona seo. Utlwa seo Moya o se bolelang. Ha ole mokreste, o tla kgutlela ho seo Moya o se rutang, eleng, Lentswe la mengwaha. Lenqosa ka nngwe mongwaha le mopngwaha. tsoseletso e nngwe le enngwe e ntjha ele e kgutlisetsang morao ho Lentswe la Modimo mongwaheng ona. Sello sa mongwaha ka mong sa kgalemelo, "O lahlile Lentswe la Modimo. Baka, mme o kgutlele ho Lentswe." Ho tloha ho buka ya pele ya Bibele (Genese) ho isa ho la ho qetela (Tshenolo) ho nale tsela ele nngwe -- ya ho lesa Lentswe la Modimo; mme ho nale ele nngwe feela tsela ya ho kgutlela ho Yena -- ho kgutlela Lentsweng.
Mongwaheng wa Efese, mme mongwaheng ona, mme le mengwaheng yohle sena ke nnete. Mme mongwaheng wa ho qetela eleng wa rona, re tla fumana lefifi la Lentswe la Modimo, e felletseng qetelo ya matshwenyeho.
Ha ol peo ya sebele, ha feela o kolobeditswe ka nnete Moyeng wa Hae o tla utlwa Lentswe nama ya hao ya nnete, mme o phela ka LENTSWE LE LENG LE LE LENG la Modimo letswang molong wa Modimo.
Ena ke thapelo yaka ho rona bohle; ha re utlweng se Moya ose tlisang hotswa Lentsweng kajeno.