Kereke ya Mengwaha - Smyrna, Mongwaha wa Bobedi, 170-312AD

Smyrna ke lentswe letswang ho myrrh, elng ho baba le lefu.

Ona ebile mongwaha osenang tse ntle hohang feela, jwalo kaha banna ba 80 baneng ba bolela hore ke babusi ba Roma kapa karolo ya babusi ba Roma nakong ya lemo tse 142. Lemong tse 23 hotloha ka 247 – 270 AD banna ba mashome amararo ba bolela ele babusi. Ka lemo sa 238 AD banna basupileng bao baneng ba bolela hore ke babusi baile ba bolawa. Sena sa leba ho putlameng ha puso ya mokgwa wa sireletso wa Puso ya Roma, eleng se ileng sa diha moruo. Sena se ile sa isa ntweng ya bana bathari bane ba bolaya bao bareng ke babusi, sena sa siya masoba bakeng bahedene ba German, leho ngatafala ha Persia.

Mmuso wa Roma one onale ketapele engata. Kereke ka nngwe ene eetellwa pele, hoya ka Selekane Sesetjha ka nako tsohle. Mangolo ene ele taba ya taolo, jwalo kaha Jesu A ile A bonahala. Ke lona lebaka leo Jesu Abonahala Atsamaya hara dikandelara. Bakreste ba nako ena bane baqhalane ke diqoso, le ntwa ya semerabe, dibarbariane le MaPersia bafumana monyetla wa hokena hara bona. Ene ele kopano ya badumedi. Lefu lene leleqoleng ya kobo. Bakreste bane bafokotseha dikerekeng ka baka la tshabo.

MATTHEU 18:20 Hobane moo bababedi ba bararo bakopaneng, ke teng hara bona.

Hoqhalana ha bona. Empa kereke ene ehola ka potlako enngwe. Sena "molaong" kereke ene eba kgahlano le bao ba batlang ho dula Mangolong. Sena kapa ona mongwaha one ofanaka botsitso ho dibishopo. Mongwaha ona hao bonahale hantle, eleng ofifetseng haholo paleng ya kereke. Lemo tse mashome amahlano ho tloka ka 235 – 284 ke omong ofutsanehileng haholo. Mongwaha o ileng wa hlola ntswa ka lemo tse 20 ya Germanic barbarians (hoya mane ho 245 – 265 Ad nako ena yaeba mahlonoko haholo. Hape, moetapele wa Persia Shapur, eo eneng ele sera sekotsi sa Rome one alebelletse Hannibal, eileng ya thewa ka 242 - 260 AD kgahlano le Rome. Mahareng a hothaotha, o ile anna a potoloha diprofinsi tsa Roma.

Hoetsa sena hone hole kotsi haholo,dikereke tsa etsa phoso ekgolo haholo "katleho ya apostolic " kgethong eitseng ya boetapele. Bane bare feela kereke tseo tse "qadileng" ka tsela ya boapostola eka bolela nnete. Sena ene ele leshano la dikereke.

249 -260 AD ene ele nako ethata haholo bakeng sa Bakreste. Bongata babeha molato ho Bakreste ka tsohle tse neng dietsahala, mme mmuso wa leka ho bathiba. Ka 266 AD puso ya Roma ya arohana hare ka baka la hose utlwane ha ntwa ya bana bathari. Mme sena sahlola tahlehelo ekgolo, le thabo ya setjhaba, mmusi Aurelian ka boitsebelo ba ntwa le bokgopo, haholo holo kgahlano le Bakreste, kopano ya puso ka 274 AD pele baewa ka thipa ka 275 AD. Ona ene ele mongwaha wa ntwa.

Irenaeus, Bishopo wa Lyons hotswa 178 AD ya ileng ashwa ka 200 AD, (bongata ba dinako tsa fetolwa ke matla) ene ele moruti emoholo wa Bibele mongwaheng oo. O ile afetoha bishopo pele ho tsohle, ka tshenyo, le bobebe Commodus yaeba mmusi ka 180 -192 AD. Bokgopo, lonya, matla, letshabo tsaeba hara mmuso. Botswa, ho rata menate Cleander bakeng sa puso, mme pale erebolella manwenwe a mmuso wa Roma ka dinako tsohle. Ka tsela ya Irenaeus ha afetoha bishopo wa Lyons. One ale bohlale haholo, empa one aphela nakong ya puso ya Roma. Marcus Aurelius, ntata Commodus, one ankuwa ale bohlale haholo Pusong, empa atlisa kgatello ekgolo ho Bakreste. One Aba hlekefetsa pele aba bolaya. Ene ele monna ya ka tsela enngwe ya kgopo. Marcus Aurelius one atshwere bishopo wa Lyons ya ileng a bolawa ka 177 AD nakong ekgopo ya hae. Enwa ene ele bishopo wa Irenaeus ya ileng anka sebaka sa bishopo wa Lyons.

Ka tsela ejwalo mang le mang one abatla hoba bishopo, eleng seneng setla tlisa morusu. Nakong tseo tsa mathata, hobane mmusi wa Roma Commodus one ale mano, mme ntatae Marcus Aurelius ene ele mmolai wa Bakreste, Irenaeus o ile a ithuta hoba bishopo wa Rome, ka matla apuso hofeta pele, mohlala ho sireletsa nnete. Empa onnile abua ka Rome, eseng metse emeng. Sena se utlwahala jwalo ka mobishopo wa Roma ka matla a bodumedi. Eleng hore, kabo madimabe,lenqosa lene lehlokomela matla a bishopo wa Roma “meloko” hotloha ho Moapostle Peterose. Hopola hore ke mongwaha wa pherekano ka boetapele ba batho, ka tlhahiso ya babangata bobishopo bahapang metse le dikereke, ke bona feela batsebang nnete.

Qetellong, Irenaeus obile bonnete ba mongwaha wa kereke ena, leha ene ele hore ene ele bishopo wa motse wa Lyons oneng osena mothei wa boapostola. O ile alatelwa ke Martin wa Tours, Columba wa sehlekehleke sa Iona, Luther wa Wittenburg, Wesley wa England, le William Branham hotswa Jeffersonville hola America bane batla bua ntho ele nngwe eleng ya baapostola, mme ba sena ya tswellang pele bishopo a mengwaha. Irenaeus ene ele motho ahlola pherekano ekgolo. Oseke wa tshepa mohopolo wa motho. Dula ho Bibele.

Neheletsano ya boapostola ene ele tabe etummeng mane Rome, Antioke, le kahong botjha ya Jerusalema, le Alexandria mme aba lesutumo ho Bakreste. Kereke tse nyane dine disa rutehe. Ntho enngwe ene ele kamano ya baapostola. Ntho tsena tse mmalwa dine ditswella jwalo. Empa Muslim Arabs ya qhala leano leo lohle lehwatateng la Arabia ka 634 AD mme bahapa Antioke, Jerusalema, le Alexandria ka 641 AD. Kereke tseo tsa lahlehelwa ke Bakreste, yaba Roma eba le matla bophirima ka baka la boapostola. Greece ene enale kereke tse neng diqadilwe ke baapostola, empa Greece ene ele karolo ya puso ya botjhabela. Lena ke lona lebaka leo re lokelang hoka latela Mangolo. Rekeke ra kgona ho nahana ka bokamoso, ka tsela ejwalo ene ele leano le lokileng haholo. Ka tsela eo ya nnete "katleho ya bobishopo". Ntho ena yohle eile ya atleha.

Irenaeus ongodile, “Moetlo oqadiule ka baapostolaomoholo, ya kgale, le kopano ya hosetsebahale efumanweng ke mokgatlo wa Romaka baapostola babedi,Peterosele Paulose; hape [kaho supa] tumelo ka thero ya bona, e ileng ya theoha ka katleho ya bobishopo. Hobane sena se ile sa theohela hara bona, ka matla amaholo”.

Irenaeusore Peterose o ile atheha kereke ya Roma. Sena ke phoso ekgolo. Peterose ha akaba afihla Roma. Obolela hape hore bahlahlami ba babishopo ba Roma ene ele nnete ya tumelo ya baapostola enale matla amaholo. Empa Roma ene ehlaloswa jwalo ka seotswa ka hare ho Bibele. Obolela kamoo ba bare bareng Peterose o ile afihla Roma o ile aphetha seo ka tumelo. Hoo a ileng a fumana thuso. Esita le baetapele baye bafose. Ka tsela ejwalo seke wa itshetleha mohopolong wa moruti wa hao feela, empa hodima Lengolo.

Irenaeus one abolela hore bobishopo metseng bane bale baapostola morao kwana, Baapostola le bobishopo bane bakgona ho toloka Mangolo. Mangolo ahae, ka Clementle Ignatius, ane ahodisathuto ya kereke ya Roma. Thuto ena ene eetsa hore bobishopo ba Roma ebe baka hodima babang bobishopo kamora tshenyeho.

Irenaeus abolela hape hore kereke ya Roma ke mohlala wa letotoma la matla. Thuto ya bona etla dula ele matla hofeta tse ding. Sena ke senotloloo sa Bonikola, ka bohlokwa ba bobishopo kahodimo ho babang bobishopo. Ka letotoma la bobishopo babang bao Irenaeus aboletseng ka bona, thuto ya bapostola ya simolla ka nako eo.Sena yaba katleho ya nnete. Irenaeus a ikutlwela ale bohlokwa, leha ele hore, one abua ka baetapele (mapresbyterian). Empa taba ena ya seke ya nkelwa hloohong ke bobishopo.

MoCarthage bishopo Cyprian, asusumetsa kereke ka nngwe ka 258 AD, o ile angola ka tshusumetso ya bobishopo. Are, “Haho motho yaka bitsang Modimo Ntate asena mme wa kereke”. Kereke ekaba feela mme haenale bishopo wa kereke. Irenaeus hape abolela hore balatedi ba Nicolas eo eneng ele wa bosupa ho bobishopo ba kereke. Bane baphela ka bonwenwe.Tabeng ena, one afositse haholo. Bakreste bathetswa ke taba eo. Bahlahlami ba bobishopo, ka ponaletso ya baholo bakereke, ene ele Banikola. Ka baka leo kereke ya bobedi ya tloha mongwaheng wa baapostola ba Selekane Sesetjha. Lebone la hqala la baaposta lene leya lefokola. Kandelara ya bobedi ene ese etuka. Kganya ya mongwaha wa baapostola ene ese efokola.

Tlhahiso ya puso ya Roma ene ebonahala jwale kerekeng, ka tsela emakatsang, ehola ka matla atshosang a puso ya Roma efedisa sena. Qoso le bopaki ba sena. Ka polao esehloho ya babusi ba Roma, hoqala ka Nero ka 64 AD, pheletsong ka 312 AD. Bakreste ba kabang millione tse tharo ba ile ba bolawa. Bongata ba sehloho sena sa babusi ba Roma ba ile ba busa nakong ya mongwaha wa bobedi wa kereke. Ka 312 AD Satane one a ithutile thuto ethata haholo: ho hlasela ho sehloho ha Bakreste ntle le qenehelo.

Puso ya Roma e ile ya hlahella Pusong ka matla aho fenetha Kereke, ka tsela eo baseng bahlola ka teng. Kereke ya Roma ene enale tsela ya ho thusa, mme Bakreste bane bahlola ka tebello hotswa ho kereke ya Roma jwalo ka mme wa dikereke.

TSHENOLO 2:8 Ho lengeloi la kereke ya Smyrna ngola ore; ke tsena tse bolelwang ke wa pele le wa morao, ya neng ashwele, mme aphela;

One ene ele mongwaha oneng ole bobebe hoka shwa. Lemo tse mashome amahlano hore bashwe. Lemo tse mashome amabedi tsa kgapo dibarbariene tsa German le mabotho a Persia. Sehloho sa babusi ba Roma.

Lentswe lena Smyrna letswa ho lentswe myrrh – eleng oli ya sefate eneng esebediswa ho tshasa bafu. Kajeno Jesu okgothatsa ba ileng baeshwa. Lefu hale lokele ho tshosa Bakreste hobane le bula monyako wa Lehodimo. Jesu ke wa pele le wa morao ka tsela ejwalo ha lefu lefihla, Jesu ke wa pele hoka kena lefung Ajara mathata a Bakreste, mme Obile wa hoqetela waho oroha. Ka tsela ejwalo haho Mokreste ya lokelang ke hoshwa. Jesu sephiri sa jwale Odula a nale rona kamehla.

Ke wa hoqetela le qalo. Orata ha Bakreste baka tshwana le Bakreste bapele hobane Yena ha Afetohe.

BAHEBERU 13:8 Jesu Kreste ke Yena maobane, kajeno, le ka hosa feleng.

Ho bolelang hore Mongwaha ona wa bobedi one obatleha hore o dumele seo.

TSHENOLO 2:9 Ke tseba mesebetsi ya hao, le matshwenyeho a hao, le bohlophei, (leha o ruile) ke tseba le nyefolo ya hao hotswa hoba ipitsang Bajude, mme ese bona, empa ele ba synagoge sa Satane.

Bakreste bana bane bafutsanehile nthong tse tshwarehang, empa baruile tumelong. Bophelong bona, basotleha nakwana, empa bophelong botlang, ba nale letlotlo lesa balweng. Ke lona lebaka le etsang hore baseke batshoswa ke lefu. Jwale ka mosadi mahlokong a pelehi, empa seo sea lebaleha ha mahloko ase afedile atshwere thabo matsohong a hae.

Bakreste bane ba nale kelello. Habane baka boloka letlotlo la bona lefatsheng, emeharo puso ya Roma emperors ene etlaba kgothotsa, mme bane batla sala ba sena letho. Ka tsela ejwalo bane baka iphapanya Mangolo. Letlotlo leka hodimo ho tsohle ke Mangolo. Habane ba bolawa, bane batla fumana lefa la bona Lehodimong. Mongwaha one one otseba ho nahana. Bane ba nale ntho enngwe entle, empa banale ho hong ka hare ho bona. Bane bafutsanehile, empa Modimo One Asena pelaelo ka bona. Ho thuto ya bohlokwa moo. Ho nale ya, mongwaha wa hoqetela, Laodisea, erileng, empa esena Modimo. Ka tsela ejwalo re etsang ephoso tshiung tsa hoqetela? Synagoge ke kopano kapa seseng. Kopano ya Satane batho ba kopane kantle ho Mangolo.

ISAIA 54:15 Bona, bafela ba kopane mmoho, empa eseng ka nna:

Ka tsela ejwalo ene ese ka Modimo.

Baapostola bapele ba leshome le metso emmedi ene ele Bajude. Bane ba bolela hore ba nale nnete. Empa Bibele ere bane bale leshano. Ba bolela leshano, mme badula ho lona nako etelele, mme qetellong, batho ba ledumela. Ka tsela eo kereke ya Roman Catholic ene eba le matla ka leshano.

Mongwaha wa pele one ofelletse o nale thuto ya Banikola, peho ya monna ya halalelang, eo eleng moetapele wa kereke. Leshano leo ale bolellang kereke, mme ba nale mobishopo ketellong pele jwalo ka moprista. Leha hole jwalo Irenaeus, mohalaledi emoholo, o ile athetswa afetoha bishopo wa Lyons mane kabo 178 AD. Haho ntho etshwanang le bishopo wa ka hare ho Selekane Sesetjha. Empa moetlo one olokela hoba teng Ignatius o ile a ipitsa bishopo wa Antioke, kamora moo moapostola Johanne ashwa mane kabo 100 AD.

Phoso ya qalella, mme Bakreste badula diphosong ka lentswe "tlhatlhamo ya baapostola ". Tumelo ya Orthodox e ile ya tshwarwa ke bishopo wa metse eo aneng aba kopanya le moapostola ya ileng aqala kereke hara motse. Ntho ena e entsweng ke motho e ile ya tswella jwalo. Metse emengata jwalo ka Lyons le Tours mane France one o etsa nnete ekgolo, leha one otjhakelwa ke moapostola. Roma ene ele moo Moapostola Paulose a ileng a dula nakwana, oo eitseng hamorao wa fetoha mme wa diotswa. Metse emeng, jwalo ka Efese, moo ka 170 AD o ileng watswa mmapeng.

Thuto ya Baapostola ya feela motseng wa Roma (moo Paulose a ileng a fella teng), Antioke, Jerusalema, le Alexandria (baneng ba bolela ha Mareka a ile a leba teng) kereke tsena tse ka hare ho motse tse nang le tjhelete direna hodima tsena tse nyane. Puso ena ka alemong bishopo hodima bishopo hae mangolong. Seo ene ele puso eweleng ya Constantine eneng etla aha motse wa Constantinople. Mobishopowa Constantinople one atlaba matla jwalo ka Roma, Antioke, Jerusalema, le Alexandria hobane ene ele motse moholo wa ya Botjhabela ba Puso ya Roma, ene ele eruileng hofeta Roma, hape leka thuso ya tse ding. Leha hole jwalo hose moapostola one aetetse Constantinople jwalo ka motse oneng o ahuwa 330 AD. Hofeta moo, Ha maArabia atswa sehleke hlekeng sa Arabia ka lemo tsabo 634 AD, kamora lefu la Muhammad, yaba bahapa Antioke, Jerusalema, le Alexandria. Kereke tseo tsa bohlopkwa tsa nyamela ha Muslims enka sebaka seo. Ele feela Roma le Constantinople tse ileng tsa sala. Jwalo bohle bophirima balokela hotadima Rome jwalo kaha ene ele yona feela kereke eneng ehlahlama boapostola. Mathateng ao, kereke ya sebele ya nyamela mme Moya o Halalelang osebetsa ho motho ka mong. Empa sefate sa nna sa hola, Roma ebile sebaka sepholohileng mahlo kaofela alebella ho yona. Kereke ya Roman Catholic ene ele yona feela sekolo sa thupello ya Roman e ileng ya pholoha hoka tswellisa puso ya Roma. Boapostola batswella ka tsela ya Roma mahlong a lefatshe. Mobishopo wa Roma, ya neng ale teng ka lemo tsabo 400 AD afetoha Pope, aba le matla hodima bobishopo. Ka 606 AD o ile a itsebahatsa jwalo ka Mookamedi wa bohle Bobishopo hobane ene ele yena feela monna Bophirima ya neng ale kahodima bohle bobishopo mane Roma, ya neng a itshwantsha lebaapostola baneng bale Roma. Eo ebile thuto ya ketelopele ya boapostola, e ileng ya qala mongwaheng wa kereke wa bobedi ka thuto ebohlale ya bona, ene ese etswetse senatla sena saho hanana le Mangolo. Ka bohlale ba motho. Re lokela ho ithuta ho dula Mangolong. Hare dula mantswe a bohlale a Modimo, harea fapana le Abrahama ha ane ahlahisa Ishmaele. Hotswa ho yena ha hlaha Muslim Arabs, mme pheletsong balwana kamatla Muslim. Phoso didula dile teng. Hantle feela kajeno re nale mekgatlo ekabang 45 000 efapaneng ka mehopolo ya bona. Seo ke bofopfu ba semoya. Ka tsela ejwalo re Mengwaheng e Lefifi, hobane mehopolo emengata ethulanang, ha rentse re nahana jwalo. Nnete efumaneha feela ho Bibele ya King James. Monyetla ke hore balahlehile kaofela 45,000 eo ya mekgatlo. Ho bolokehileho dikereke, hobane ke seo Bibele esebolelang mongwaheng wa Laodisea.

TSHENOLO 3:14 Ho lengeloi la Laodisea ngola taba tsena;

17 Hobane ore, ke manoni, mme ke atetswe ke dintho, mme hake hloke letho; mme hao tsebe hore omadimabe, osoto, omofutsana, mme ofoufetse, mme otsotse:

Babolela ho bishopo wa Roma, mme onale matla hodima bobishopo, ya hola hanyane. Ona ene ele moya wa Roma, hoka busa ka lere la tshepe.

Clement (91 – 100 AD) o ile angolla Bakorinthe ka lebitso la kereke ya Roma ka kelello ya puso ya papal hodima bona.

Bishopo wa Roma Anicetus (154 -168 AD) ha aka a etleha ho sususmetsa Polycarp hoka fetola letsatsi la Paseka hotloha 14 Nisan, tsatsi la kgwedi etletseng.

Bishopo wa Roma Victor I (190 – 202 AD) atshosetsa kereke tsa botjhabela ka tsatsi la Paseka hotloha 14 Nisan. Kereke ya Roma ene ebitsa Bajude hore “ke babolayi ba Kreste”, mme hanana ho kpanela Paseka le Bajude ka tsatsi la 14 Nisan. Bane ba batla ho hatella taba eo. (Esita le kajeno haho bobebe hoba le Paseka ha kgwedi efedile). Empa yaba Bishopo Irenaeus wa Lyons okgalema Victor kaho leka ho laola kereke.

Bishopo wa Roma Stephen I (253 – 257 AD) aleka ho kenella Leboya la Afrika ka qabang ya kolobetso, empa Bishopo Cyprian wa Carthage ammolella hore atswe tabeng ya puso ya bobishopo le madiosese. Ka tsela ena ebile mongwaha wa bobedi wa kereke, mobishopo wa Roma ahlahisa taba ya tlhatlhamo ya Paulose le Peterose. Ka nako ya puso ya bobedi ya Roma, bohle bane badumela leshano leo Peterose obolailwe Roma. Esita Irenaeus o ile atsebahatsa taba ya bobishopo ba Roma ele nnete, seo eneng ele phoso ekgolo. Obile jwalo mongwaha wa bobedi, bishopo wa Roma one asokola hoka hapa ba bang bobishopo.

Empa hang feela kamora 400 AD, dibarbariane tsa Vandals tsa hapa Carthage mane Leboya la Afrika, yaba ka 476 AD puso ya bophirima ba Roma yaeba ka tlasa dibarbariane. Pherekanong eo haeba ka tsela eo, Bakreste bane bathabetse ketelopele ya bishopo wa Roma ka baka la ditjhelete. Ka nako eo bane ba amohela seo. Kereke yohle ya lahlehelwa ke tshepo yohle Selekaneng Sesetjha. Sehlotshwana sa Bakreste, sa hasana ka baka lahose dumele Mangolo, empa bongata basala mane Roma.

Mme le leng hape leshano le ileng lahlaha ka bishopo Roma ka matla aka hodima barbariane ba ileng balahlehelwa ke seo.

Bishopo wa Roma Calixtus I (218 – 223 AD) ebile wa pele waho latela Peterose eleng “Lefika” la kereke ya Roma eleng bishopo. Tertullian, mobishopo ya tsebahalang wa Carthage, yaba ebitswa Calixtus.

Empa moferefere, ka qabano, mme mongwaha ohlokolotsi wa bobedi, ka kereke tse ngata le bobishopo ba ileng bathuswa ke kereke ya Roma, mme bane batadima bohle ho bishopo wa Roma jwalo ka moetapele wa bona.

Kereke ya Roma ya nyolla seo etlabang mashano amaholo -- "Peterose onale dinotlolo tsa Lehodimo, mme o ile anehela bobishopo ba Roma dinotlolo tseo, eleng bona ba laolang Lehodimo ha jwale." Sena sa neha bishopo wa Roma honka qeto. Kereke ya Roma ya aha hodima mohopolo oo wa botumo, hara pagane.

Petr ene ele lentswe la moprista wa Egypeta kapa botoloki "tlhaloso"diphiri tsa bona. Petr Roma ene ele buka ehalalelang eneng esebediswa ho keteka diphiri tsa Eleusinian tsa kgale tsa MaGereke, oneng otsebahala haholo ho pagane. Eleusis ene ele motse o haufi le Athens. Ka tsela ejwalo kereke ya Roman Catholic ya hodisa leshano la hore Peterose ene ele bishopo wa pele wa Roma.

Sena se itshetlehile hodima “Peterose wa Roma” ekare “Petr Roma”. Ka tsela ejwalo pagane hobe bobebe hoka batisetsa hore Peterose ene ele toloko ya diphiri. Peterose oboletse ka boyena ho Kgaolo ya 12 ya Buka ya Diketso. Kamora moo, ha ana pale ya moo a ileng a ngola teng ntle le mangolo a mabedi awa ngolletseng Babylona, jwalo kaha ene ele moapostola Bajude.

Diphir Babylona hone hosa buuwe ka pagane Roma.

Mosadi ka sekareleta, eo eneng ele sephiri Babylona, ene ele kereke ya Roman Catholic hane ephahama ka bishopo alaola hodima Bakreste ka tsela ya Roma. Sena sene setla etsahala feela kamora 250 AD. Ebe hofetoha sephiri Babylona olokela hoka qala diphiri tsa Babylona jwalo ka tumelo ya hae ya pele, eleng seqalang mane Lekgotleng la Nicaea ka 325 AD. Ebe nakong elatelang seo, jwalo ka tswalo ya modingwana wa letsatsi 25 Tshitwe eleng seo bareng ke tswalo ya Mora Modimo, Jesu. Mahe le mebutla ya Hwetla eleng tswadiso ho keteka modingwana wa mosadi eleng Ishtar afetoha mahe a Paseka ka mebutlanyana ya Paseka. Lenyalo lena la pagane le ile lahlahisa Pope Leo I, mane kabo 450 AD, eleng ho nka sekola sa Pontiff – moprista emoholo wa Babylona

Mosadi ya palameng sebata, Pope one a lokela hokaba le matla a dipolotiki hoka hapa Roma eleng yona feela eneng eka thusa ho hapa bophirima ba puso ya Roma e ileng ya fediswa ka 476 AD. Yaeba moo diphiri tsa Roma diebang Sephiri Babylona.

Rea tseba hore Jesu O ile A porofeta hore Peterose otla bolawa. Batho bakgale bare One A bua ka thakgiso ya Hae. Bang bare o ile athakgiswa a shebile fatshe, empa haho moo ho hlaloswang sena. Ka bomadimabe, hoya ka bophelo ba Peterose hamorao, hare tsebe letho, mme mekaubere hae tsebe. Rahistori John Julius Norwich bukeng ya hae ‘Bopope, pale ya bona’ ore qepheng la 4 “Sohle seka bolelwang mahareng a mengwaha (hoya mane 150 AD) – eleng hantle feela ditloholong batho baneng baphela le yena – baile ba amohela hore Peterose le Paulose bobedi ba bile Roma”.

Haho pale ehlalosang ha Peterose a ile abolawa Roma. Ebile mohopolo feela osenang nnete. Esita le kajeno, Bakreste baphehella hore babohlale ba botjhabela ba fihletse Jesu setaleng. Ha Bibele yona ere ho Mattheu baile ba Mofihlela ntlong. Empa batswella hore setaleng, seo hase nnete. Kaofela ke leshano le iphetang hangata feela, qetellong batla amohela nnete.

MATTHEU 2:11 Mme habase (ba bohlale) kene ka tlung, ba fihlela Ngwana le mmae Maria,

Jwale keng ka taba ena ya leshano la Peterose hore o ile afihla Roma? Haele hantle seo ha sena lebaka. Paulo odumedisa batho bakang 28 qetellong ya Baroma. Leha hole jwalo haho moo ho buang ka Peterose. Ho bolelang hore Peterose one ale siko mo, kapa hob a bishopo. Haho lengolo le bolelang hore Peterose ene ele bishopo.

MATTHEU 8:14 Mme ha Jesu Aleng tlung ya Peterose, A fumana mohwehadi wa hae akula, mme atshwerwe ke feberu.

Peterose one anyetse. Bopope ha baya dumellwa ho nyala. Ka tsela ejwalo Peterose ene ese Pope wa pele. Dira tsa Roma dine dibolawa dilahlelwa nokeng ya Tibere. Menyetla ya “dikebekwa” moapostola, haho motshwasi wa dihlapi emonyane waPalestina, afumana lebato le letle. Esale Peterose ha aka aleba Roma, ha aya shwella Roma. Sena sebolela hore Peterose hase Pope wa pele wa Roma.

Empa hone hole sephiri se ipatileng sa Roma jwalo ka lepato la hae. Mongwaha ona wa kereke ya bobedi puos ya Roma ene esubulla mashano ana ho Bakreste. Kereke ya Roma enale dithuso ho thusa ba bang, mme banka seo ele letshwao.

Kamora ho tiisa Buka ya hoqetela Moapostola Johanne ashwa lemong tsa bo 100 AD, yaba dikereke diqalella hoka tseba ketelopele ya batho. Kereke tsa sebaka tsa kgetha baetapele ba batho, baneng basa ba bolelle nnete ya Selekane Sesetjha ka Baapostola.

Mongodi ya itseng ho Sherpards of Hermas, engodilweng Roma kamora lemo sa 100 AD, obua haholo ka melao ya kereke kapa ‘baholo bakereke’, ka mantswe amang, leha sena sesa bonahale hantle, wa pele bishopo wa Roma ohlahella ele Anicetus ho toha ka 155 – 166 AD. Empa Roma enale hlopha tse ngata tse fapaneng, empa ho bile feela ka lemo sa 250 AD pele ho hlahella bishopo wa wa Roma.

Ka AD 70 bongata ba baapostola bane ba bolailwe moeding ke puso ya Roma, mme Jerusalema ene eheleditswe ke lebotho la Roma le bolaile milione ya Bajude. Hone hose bohare ba Bakreste. Empa matla anna ahlahella haholo.

Kereke ya Roma, ke motse moholo wa puso ya Roma, e ileng ya fumana dikereke.

Kamora 180 AD, hose itshepe ha tota hofeta pele. Mmuso wa Roma wa hlola hodima seo. Keketseho ya mehloo ya German ya hatella Roma ntweng emahlo mafubedu nokeng ya Danube. e ileng ya hlahisa lekgetho. Botjhabela ba sera sa Roma eleng Parthia e ileng ya nka sebaka sa ekotsi haholo Persia. Pestilence le lemo tse 50 tsa ntwa ya bana bathari ya tlisa kgatello ekgolo. Barbariane German ya hapa 240 – 260 AD. Se ileng sa latela ke putlamo ya moruo. Bakreste ba ile baikgetha, ka tsela eo baahlola leho bolaya Bakreste. Mmuso wa arohana koto tse tharo bakeng sa ntwa. Aureliane, molaodi emoholo wa sesole, afetha mmusi mme akopanya mebus. Hoka keteka sena, o ile abeha tsatsi la 25 Tshitwe jwalo ka tsatsi la modingwana wa letsatsi ka lemo sa 274 AD. Modingwana wa letsatsi otlisa tsoseletso ho bahedene. Diocletian o ile afetoha mmusi ka lemo sa 284 AD. O ile a aha sebaka seo se setle, ka boitsebelo ka tsa ditsela, mme aeketsa lebotho. Tsohle tsena dine ditswa lekgethong. Diocletian aetsa sena hape ka sepolotiki, bohareng feela, leka meetlo ya batho. Tsohle tsena, akgetha hore Bakreste baketeke mekete ya bahedene. Mane kabo 303 AD aetsa esehlooho qoso leka polao, leka ho qosa mang le mang ya nang le Bibele. Kamora lemo tse pedi, ka 305 AD, a orohela badimong, empa qoso ya nna ya tswella ka lemo tse robedi 312 AD. Mongwaheng ona osehlooho wa kereke ya Roma bane bathusa bahedene, ntweng tsa semorabe, kapa qosong eo esehlooho. Maemo ana ane akgothaletsa kereke ya Roma hoba tshehetsa, le moetapele wa bona. Haeba motho are neha seo rese hlokang, ebe hoba bobebe hoka fumana seo, mme ebe re hateleha hoka fumana seo.

Mofilasofi wa wa MoGereke ahlahisa “diphiri” sena stheha tumelo ya pagane. Bakreste baqala ho amohela filasofi ya Magerike le thuto ya pagane. Kereke, ho lekeng ho kwala diphoso tsa bona, ya hlahisa ketelopele ya motho, leho pata diphoso. Bonikola ene ele bona boneng bolaola, eleng seo hamorao se ileng sa laola seo. Baprista ba laela hore kereke, le bobishopo balaole baprista. Ka lemo sa 170 AD, ha kereke ya pele efela, ka sibollo ya bishopo ho etellapele kereke motse le motse. Yaba hotla mohopolo wa hlahlamisa hara metse baqale jwalo ka baapostola.

Ka lemo sa 250 AD mehlodi ya kereke ya Roma ya hola. Batshehetsa bahlolohadi ba kabang 1 500 le batho bahlokang, seo ene ele ntho entle haholo. Baile batshehetsa bishopo eo eneng ele hlooho ya kereke, 46 presbyters, 7 madeacone, 7 subdeacone, 42 diacolyte, 52 diexorciste, ba badi le bokosa. Mokgatlo oseng mangolong.

Mmusi Decius, ya ileng abusa hampe, ka 250 AD a ileng. Bongata ba baphaphathei ba bobishopo hotswa metseng kaho fapana ba balehela Roma, moo baneng ba ipatile teng hoka tshehetswa ke kereke ya Roma. Kereke ya Roma enehelane ka monehelo wa lerato ho badumedi le batho basa dumeleng. Sena se ile sa nehelana ka matla ho kereke ya Roma.

Lemo sa 260 AD re ile rabona mmusi Gallienus aetsa kgwehlo ho Bakreste. Tjhelete le lefatshe la qalella hoba taba ho kereke ya Roma ho batho mangolong aho qetela haose o ile. Moruo wa kereke wa nna wa nyoloha. Bane bakgona ho thusa kereke tse ding Mmusong, mme dikereke tsa lebella ho Roma jwalo ka moetapele, haholo ha bale mathateng, qoso, le maemo a ditjhelete tsa fokola. Ka nako eo kereke ya Roma ene ebatla toka ho tsohle. Lengolo lene lele teng leka etsang hore bakgone ho thetsa batho ka hore Peterose o ile afihla Roma.

MATTHEU 16:18 Mme kere ho wena, o Peterose, mme hodima lejwe lena Ketla aha kereke; mme dikgoro tsa dihele dikeke tsa ehlola.

19 Mme Ketla oneha dinotlolo tsa lehodimo: mme seo ose kwalang lefatsheng Ketla sekwala lehodimong: mme seo ose bulang lefatsheng Ketla sebula Lehodimong.

Roma ene ele motse wa pagane. Peterose anale dinotlolo tsa Lehodimo one aka kwale leho bulela pagane. Bane batla thabela ho sebeletsa Peterose ha feela ane aka babulela Monyako wa Lehodimo. Ka phoso ena ya boapostola mohlahlami wa hae ene ele banna ba baholo jwalo ka Irenaeus, mobishopo wa Roma ane aka bolela hore ke mohlahlami wa Peterose, mme anale matla a dinotlolo. Haho moapostola emong ya nang le dinotlolo tsa Lehodimo. Bishopo wa Roma, jwalo ka mohlahlami wa Peterose one ale kahodima ba bang bishopo. Pholoso ene e itshetlehile hodima wa Roma bishopo, ya neng aka bula Monyako wa Lehodimo, eseng Jesu. Sena ke bonokwane.

Petr Roma (eo eutlwahalang jwalo ka “Peterose wa Roma”) ene ele buka ehalalelang eneng esebediswa bakeng sa diphiri Eleusinian, mmoho le Artemis – ya bitswang modingwana Diana. Sena ene ele taba ya kgale ya Greece ho tloha ka 700 BC, hoo hamorao e ileng ya leba Roma. Diphiri tsena tsa tlala hara pagane, mme badumela hore Peterose o ile afihla Roma, bankile taba ena botoloking (kapa Petr) wa diphiri tsa pagane hore obula Lehodimong. Hoeketsa mona, lentswe la Jesu leetsa Peterose monna wa ho bulela Bakreste Lehodimo le bona. Ka tsela eo Peterose aka nkuwa ke kereke ya Roma, sena ekaba lefa le leholo ho bona. Botoloki (hlokomela lentswe ‘peterose’ lepatilwe botoloking ‘tlhalosong’) ya pagane diphiri tsa Greek mane Roma le yena ene ele monna ya nang le dinotlolo tsa Lehodimo.

Filasofi ya Greek ene ele leano le letle. Ka tsela eo hang filasofi ya Greek ene epolesha diphiri tsa pagane, ene ehapa haholo ebile ebonahala ele nnete. Jwale Baroma bane ba nale diphiri tsohle tsa Greek hoka hlalosetsa mapagane. Mme Peterose, monna ale mong paleng wa hoba le dinotlolo tsa Lehodimo, ene ele setoloki seseholo. Hoeketsa tabeng ena, Jupitera ene ele modingwana emoholo wa Roma. Mme lebitso la hae lehlaloswa tjena Ju-peter. Peterose hape.

Ka tsela eo leshano la eketseha. Peterose one ase ashwele asena hona hoka ikarabela. Kamorao ho Diketso Kgaolo 12 Peterose ha asa utlwahala. Moloko olatelang hao kene tabeng eo. Ditloholo haele hantle batseba hanyane ka bophelo ba hae, ha kereke dintse diqoswa ke Roma bakeng sa thuso, Bakreste bao baneng bahl;oka thuso ya Romea bane bahanana le taba eo ya Roma hore Peterose oshwetse Roma. Hoya mane ka selemo sa 250 AD, kereke ya Roman Catholic ene elaola ka bishopo wa bona hara motse. Hang hape motho eo ene ele bishopo ya tshwereng Roma, yaba maemo a Peterose akgutlela hape ho bishopo wa Roma. Pele ho AD 70, ha Peterose asa phela, hone hose leamong bishopo ya tshwereng motseng. Bishopo kapa mookamedi. Kereke ka nngwe enale palo ya baholo – ba bitswang bobishopa. Motseng wa Filipi:

BAFILIPI 1:1 Paulose le Timothea, bahlanka ba Jesu Kreste, ho bahalaledi bohle baleng ho Kreste Jesu baleng mane Filipi, le bobishopo le mateakone:

Hang ha batho badumela Peterose ene ele bishopo wa pele wa Roma, mohopolo wa bobishopo ene ele ho lekanya Peterose one abonahala ho bishopo wa Roma. Ona ene ele mohopolo wa baapostola. Ho teng lethathama la baapostola hoya ka babishopo ba Roma basa dumellane, ka tsela ejwalo bahlahlami ba bobishopo baqala bale fatshe. Empa ha nako entse eleya pele, lethathama lena la bobishopo oqadile Peterose dithutong tsa katleho ho baapostola'. Baleng teng ba bishopo ba Roma ba bolela ha Peterose aka bula mamati a Lehodimo jwalo kaha bahlahlama Peterose, bao eneng ele bobishopo ba Roma.

Mohopolo oo hang feela etsa hore bishopo ba Roma emakatsang. Ene ele yena feela lefatsheng yaka bulang Lehodimo. Empa one akeke a etsa seo ntle lehodumela le boikokobetso. Empa tse mpe dine disatla, ha ane asa dumele, one atla kwala monyako wa Lehodimo. Sena seka kgonahala jwang? Bishopo wa Roma obolela haele mohlahlami wa Peterose lefatsheng, mme sena sebolela hore Peterose okgona ho bula monyako wa Lehodimo ho bao badumellwang ke bishopo wa Roma feela. Bishopo wa Roma jwale onale matla amakatsang. Qeto ya bophelo ba hao ediatleng tsa hae. Ona ke mohopolo otshosang.

Kamora lemo sa 400 AD ha bishopo wa Roma anale matla aho ipitsa Pope, leemedi la Pope ene ele ntho ya kgale, mme Peterose one abitswa Pope wa pele. Ho bolelang hore BoPope ke babusanotsi ba baholo lefatseng.

TSHENOLO 17:8 Sebata seo oseboneng, sele teng; mme setheohetse sekoting se senang bofelelo, mme seleba tahlehong: mme batsamayang lefatsheng ba ipotsa, bao mabitso abona aleng siko Bukeng, haba bona sebata seneng sele teng, mme sele siko, mme sele teng.

Pope ke hlooho ematla ho bodumedi ba dipolotiki tsa Roman Catholic kapa sebata. Leha ekaba neng feela Pope o laoa kereke, ebe ha ashwa, ha asaleo, mme ale teng hobane emotjha wa kgethwa Pope bakeng sa hae. Ka tsela ejwalo katleho ya BoPope eya tswella. Matla kaofela ana aetsetswa Peterose lefatsheng hore aseke akwala Lehodimo.

 

 

Mmala o botala ba lehodimo ho BoPope ho tloha kgale ene ele Pope. Omofubedu o emetse Pope ya leng siko jwalo kaha aqeta hoshwa. Mmala omotsho oemetse Pope eo tlang hobane okgethilwe. Bohlahlami ba DiPopes bojwalo ka Mohlala wa Noha oemetseng hlooho, wa ho qetela ya matla antikreste Pope wa Matshwenyeho a Maholo. Mohlomong otla ipitsa Pope Peterose II. Hlokomela ho tloha Mangolong. Jesu ke Monyako wa Lehodimo, empa Peterose otshwere dinotlolo qeto keya hae hore okenya mang. Mme Peterose otla etsa feela seo asebolellwang ke Pope.

Ka tsela eo Jesu haesale Mopholosi. Peterose omohaung wa hae hobane otshwere dinotlolo. Haele hantle, Pope otshwere mohau wa hao ho bolella hore Peterose aetseng. Satane oentse ekgolo ntho kaho itshwantsh le Jesu jwalo ka Mopholosi. Ka tsela eo Jesu one abolelang ha Ane Aneha Peterose senotlolo saho lokolla Lehodimong?

DIKETSO 2:38 Yaba Peterose ore ho bona, Bakang, mme le kolobetswe emong le emong wa lona Lebitsong la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme letla fumana Moya o Halalelang jwalo ka mpho.

39 Hobane tshepiso ena e etseditswe lona, le bana ba lona, leba hole, esita le bao Modimo Otlang ho babitsa.

Pako ebula Lehodimo. Ebe re kolobetswa ka Lebitso la Jesu Kreste hoba leloko la Monyaduwa hobane monyaduwa onka lebitso la monna wa hae. Peterose akwala kolobetso ya Johanne hobane haesa sebetsa.

Empa, esale pako le kolobetso Lebitsong la Jesu ele Monyako wa Lehodimo, seo setla hlaselwa ke Diabolosi. Kereke dihanela ho rerwa hwa pako elebisang tswalong ya bobedi ka Lebitso la Jesu ho Moamohela jwalo ka Mopholosi, mme ebe Olaola bophelo ba hao. Pako ke senotlolo sa Lehodimo. Empa ho nale Monyaduwa le morwetsana ya robetseng, bobedi ba bolokehile.

Empa ke Monyaduwa ya letileng hotla ha Hae labobedi, hobane ke Monyaduwa ya nkang Lebitso la Jesu Kreste ka kolobetso. Monghadi Jesu Kreste Otla tsamaya le Mofumahadi Jesu Kreste ho leba hae. Monghadi Jesu Kreste Akeke A tsamaya le Mofumahadi Ntate, Mora, le Moya o Halalelang. Ka tsela eo Satane otla hlasela Lebitso la Motho Modimo, eleng Jesu Kreste.Satane oleka ho theola boleng ba Jesu hore ebe Mora feela wa Modimo. Ho bolelang hore Lebitso la Jesu Kreste letla tloswa kolobetsong, mme le emelwe ke maemedi.

Eleng ntho ya kereke ya Roman Catholic ebolelang hore Peterose jwalo ka wa pele Pope, leha hole jwalo latela kolobetso ka Lebitso la Jesu Kreste. Ba bolela hore bare bolella nnete, empa ba leshano. Nnete etswa feela ho dikhoutu tsa Lentswe, eseng tse lokileng tsa Bibele.

JOHANNE 17:17 Oba halaletse Ntate: Lentswe la Hao ke Nnete.

TSHENOLO 2:10 Leseke la tshaba letho ditlhorisong tseo: bonang, satane otla le kwalla teronkong, mme letle le qoswe; mme letlaba matshwenyehong ka matsatsi a leshome: letshepahale hoisa lefung, mme ketla leneha moqhaka wa tlholo.

Mongwaha ona, shebelo peleng ya Modimo ekgolo, o lokela ho hlola. Balokela ho tswellapele badumela Lebitso la Jesu hosa kgathallehe hore na hoetsahalang. Bane base lefatsheng ho thabela bophelo. Thabo ya bona enakong etlang. Balokela ho hanana le Satane hoisa lefung, matshwenyeho, le mathata a Evangedi. Satane okopana hlooho. Otlisa qoso, empa nako le nako Badumedi ba phahamisa Lefika, eleng seo Kreste Jesu ka Bonngwe Aleng sona. Jesu Aphela ka hare ho pelo tsa Bakresteka hare ho Lentswe la Modimo. Jwalo ka mathata ka bonngwe ale jwalo, Satane o ile abona sena. Madi abahalaledi amangata a ileng atsholoha.

Bakreste bana bane bautlwisisa hore Lefu le bula Monyako wa Lehodimo. Bane bakgothala haholo, ka baka la lerato la Jesu le Lentswe la Hae. Matsatsi ao a leshome ahlalosa matla abona Diocletian hotloha ka 303 – 312 AD. Letsatsi leka bolela selemo.

GENESE 29:27 Phethahatso ya veke ele nngwe, mme letla fumana sena hole sebeletsa.

Beke ebolela matsatsi a supileng aho sebetsa. Jakobo o ile asebetsa lemo tse supileng hoka fumana emong kgaitsedi. Jwale asebetsa tse ding tse supileng hoka fumana emonyane. Sena sene sebolelang?

Selekaneng Sakgale Modimo One Aetellapele Bajuda ka lemo tse supileng, ho qala ka Abrahama ya ileng asiya mosadi wa hae Sara hore anyalweke monna emong. Mongwaha wa bobedi wa Josefa o ile arekiswa ke baena ba hae aba akena teronkong. Ntho enngwe le enngwe ele kgahlano le yena.

Yaba Moshe olokela ho kgalema lerato la tjhelete ho moetapele Aarone aentse namane ya gauda(na seo seutlwaha setlwaelehile?). Yaba olokela ho lwantsha thuto ya Balaame ya ileng aferekanya Bajude ka thuto ya Moabe mosadi(otshwantsha dikereke) le seo seetlwaelehile, empa eseng jwalo ka basadi ba Bajude. Balaame o ile abolellwa hore a etseng ke boradipolotiki, morena Balake. Constantine, radipolotiki afetoha mmusi, asenya kereke mane kgotleng la Nicaean ka lemo sa 325 AD, mme aekopanya le dipolotiki le paganism. Pergame ehlalosa ya nyetseng ka sebele. Yaba Elia otswa mengwaheng elefifi ya Israele, ya ileng anyatsa bobe ba morena Akabe ya neng a laolwa ke mosadi wa hae, Jezebele ka sefahleho sepentilweng (abontshang taolo ya kereke ya Catholic Mengwaheng e Lefifi). Thyatira ehlalosa mosadi ya laolang.

Esare abusetsa matlotlo ntlong ya Modimo. Setshwanang le se ileng saetswa ke Martin Luther ha abusetsa tumelo bakeng sa yona, leruo la rona la sebele, ka tumelo ho Jesu Kreste ka Tempeleng ya Modimo, Kereke ya Hae. Eleng lobaka leo Protestanta e ileng ya phonyoha ditlamong tsa kereke ya Roman Catholic. Sarda ebolela ho phonyoha.

Nehemia a aha botjha motse wa Jerusalema hore obe matla. Matla abohalaledi a Bokreste, mme tshebeletso ya rona ya kantle (Filadelfia). John Wesley mane England o ile abeha motheo wa seo. Yaba Johanne Mokolobetsi atla mongwaheng wa bosupa wa kereke, mme ahlahisa Messia Aneng A loketse ho nyala Bajude. Empa ba Molatola leho Mmolaya. Bajude ene ele kgaitsedi ekgolo (mosadi obontsha kereke) moo Modimo Aneng Asebetsa teng. Jwale Olokela hape hoqala fatshe ho batla Monyaduwa wa Hae, kgaitsedi enyane. Modimo Otla kopanya Monyaduwa ka Selekane Sesetjha eleng Lentswe.

TSHENOLO 2:11 Ya nang le ditsebe a utlwe, sebolelwang ke Moya ho dikereke; Ya hlolang akeke a angwa ke lefu labobedi.

Mongwaha omong le omong utlwa sebolelwang ke Lentswe. Oseke wa fetola ditaba ka baka la maemo, hobane seo seetsa phoso tse ngata. Dula feela le Lentswe, hase lebaka maemo ao o iphumanang ole ho ona. Ntho ebohloko eka etsahalang keha re eshwa. Empa kereke ya bobedi ho tletse feela lefu ho yona, empa lebaka ke hore ke leano la Modimo. Jesu Onale dinotlolo tsa lefu le dihele. Haho Mokreste yaka shwang ntle le tumello ya Jesu. Ha Jesu Afana ka tumello, jwale etlaba lefu la rona le tumellong ya Hae, mme ena ke ntho ya bohlokwa haholo.

Lefu labobedi le tshopodi haholo. Ho molemo hoshwa ha jwale ke kene Lehodimong, ho nale ho phela ha jwale ke lebe seboping sa mollo. Tshwantsha seo le sebopi sa mollo, lefu labobedi, re nale tsela ebonolo hoqoba seo ke Jesu bophelong bona. Haeba oshwa mme otswalwa labobedi, ebe oshwel nameng oka bitsa seo lefu labobedi. Jwale okeke wa leba seboping sa mollo ka hobane o lehlotse lefu. Kaofela re lokela ho tswalwa labobedi.

Ka tsela eo hao tswetswe hang, reshwa habedi. Nameng (lefu la pele) seboping sa mollo (lefu labobedi). Haeba re tswetswe, mme reshwa boroneng (lefu lapele) hore retle re tswalwe labobedi, ebe reshwa nameng, lefu labobedi. Mongwaha ona wa kereke wa bobedi one ole ntho tse ngata. Bao bashweleng nameng (lefu la pele) mme batswalwa labobedi bane bashebana le lefu (la nama) baya tseba hore lekeke laba hlokofatsa. Lefu labobedi leba bulela Monyako wa Lehodimo. Ho bolelang hore bakeke bashebana le sebopi sa mollo. Mongwaha ona wa kereke wa bobedi one otshwenywa ke lefu. Hone hose nako ya ho iketla, ho phela hamonate. Ho thata hoba Mokreste. Hone hole thata haholo mongwaheng ona. Empa hlokomela seseng moo. Jesu ha Abanyefola kapa ho banyatsa.

Bakreste bao bane batshwana le rona, ele bang le diphoso jwalo ka rona. Bane baetsa diphoso le bona. Empa ba nale seseng sa bohlokwa. Bane bashwele bo boneng. Borona bothibela ntho tse ngata maphelong arona. Bakreste bana bane basena taba le tshotleho ka baka la Jesu, leha sena sene seka tlisa lefu bane batseba hore ke thato ya Hae. Bane baetsa seo Aneng Abatla hore baseetse, eseng ba batlang hose etsa. Dimillione diile tsaeshwa bakeng sa Hae, mme ha aka abua ka phos tsa bona. Hoetsa thato ya Modimo pele kesa bohlokwa.

Ke mang ya kgathallang bophelo baka, ha feela ke etsa thato ya Modimo. Seo ke sephiri sa Bokreste. Satane ohlolehile hoka fedisa kereke. O ile aithuta ka thata, mme mongwaha olatelang re bona Evangedi efetoha.